Pale ea Bophelo
Ho Tsoela Pele Tseleng e Eang Lefatšeng le Lecha
Joalokaha ho boletse Jack Pramberg
Lipaki Tsa Jehova li na le ofisi ea lekala e nang le baithaopi ba fetang 80 ka ntle ho Arboga, e leng toropo e hlollang ka botle e Sweden bohareng. Mona ke moo ’na le mosali oa ka Karin re lulang le moo re sebetsang teng. Ho tlile joang hore re tl’o lula moo?
HO ELLA qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ngoanana oa Sweden ea lilemo li 15 o ile a fallela United States. O ile a kopana le mosesisi oa likepe oa Sweden sebakeng seo bajaki ba neng ba lula ho sona New York City. Ba ile ba ratana, hamorao ba nyalana ’me qetellong ba ba le mora—’me mora eo e ne e le ’na. Litaba tsena li etsahetse Bronx, New York, U.S.A., ka 1916, nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.
Kapele ka mor’a moo, re ile ra fallela Brooklyn, sebakeng se haufi le Brooklyn Heights. Hamorao ntate o ile a mpolella hore ’na le eena re ile ra sesisa sekepe se senyenyane haufi le Brooklyn Bridge, e bonahalang hantle ha motho a le ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke sa hlokomele hore na mosebetsi o etsoang moo o ne o tla ama bophelo ba ka hakae.
Ka 1918, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea lala, ’me ho bolaoa ho se nang kelello ha batho Europe ho ile ha emisa. Joale masole a ile a khutlela hae moo a ileng a tobana le sera se secha—tlhokahalo ea mesebetsi le bofutsana. Ntate o ile a bona ho le molemo hore re khutlele Sweden, ’me ka 1923 re ile ra fela ra khutlela teng. Re ile ra qetella re lula Erikstad, motsana o haufi le seteishene sa terene, tikolohong ea Dalsland. Ntate o ile a bula sebaka seo ho lokisoang mechine ho sona moo, ’me ke hona moo ke hōletseng teng ka ba ka kena sekolo teng.
Ho Ile ha Jaloa Peō
Khoebo ea Ntate ha ea ka ea atleha. Ka lebaka leo, mathoasong a bo-1930, o ile a boela ea e-ba mosesisi oa likepe. Re ile ra sala re le bang—’Mè o ile a sala a touta ’na ka sala ke hlokometse sebaka seo ho lokisoang mechine ho sona. Ka letsatsi le leng ’Mè o ile a chakela Ntate-moholo Johan, monna oa ausi oa hae. A khathatsehile ke maemo a lefatše, o ile a mo botsa: “Johan, na ho tla lula ho le tjee?”
O ile a re: “Che, Ruth.” Eaba o tsoela pele ka ho mo bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bokhopo le ho tlisa puso e lokileng lefatšeng ka ’Muso oo Morena oa oona e leng Jesu Kreste. (Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44) O ile a mo hlalosetsa hore ’Muso oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle, ke puso e lokileng kapa ’muso o tla tlisa paradeise lefatšeng.—Matheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3, 4.
Litšepiso tseo tsa Bibele li ile tsa khahla ’Mè haholo. O ile a khutlela hae a ntse a leboha Molimo. Leha ho le joalo, ’na le Ntate ha rea ka ra thabela taba ea hore joale ’Mè o ne a thahasella bolumeli. Nakong eona eo, bohareng ba bo-1930, ke ile ka fallela Trollhättan, Sweden leboea, moo ke ileng ka fumana mosebetsi sebakeng se seholo seo ho etsoang thepa ho sona. Hamorao ’Mè le Ntate le bona ba ile ba fallela sebakeng sena ha Ntate a se a khutlile mosebetsing oa hae oa likepeng. Lelapa leso le ile la e-ba ’moho hape.
’Mè o ile a batla Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo e le hore a tsebe ho tsoela pele a ithuta ka Molimo. Nakong eo li ne li kopanela malapeng a batho feela joalokaha Bakreste ba pele ba ne ba etsa. (Filemone 1, 2) Ka letsatsi le leng, e ne e le nako ea hore seboka se tšoareloe lapeng. Ka lebaka leo, ’Mè o ile a botsa Ntate a tšohile hore na a ka memela metsoalle ea hae lapeng. Ntate o ile a araba, “Metsoalle ea hao ke metsoalle ea ka.”
Batho ba ile ba amoheloa ka liatla tse peli lapeng. Ha batho ba ntse ba kena, ke ile ka itsamaela. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae e ile eaba ha ke sa tsamaea. Botsoalle boo Lipaki li neng li e-na le bona le tsela e bonolo eo li neng li beha mabaka ka eona, li ile tsa hlaola maikutlo a fosahetseng ao ke neng ke e-na le ’ona ka tsona. Ka pelong ea ka ho ile ha qala ho mela peō—e leng tšepo bakeng sa bokamoso.
Ho Sebetsa Likepeng
E tlameha ebe ke futsitse Ntate ka ho rata ho sesisa likepe kaha le ’na ke ile ka ea sebetsa likepeng. Ke ile ka boela ka hlokomela hore ho hlokahala hore ke ikatametse ho Molimo. Ha re ne re fihla koung ea likepe, kamehla ke ne ke leka ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ha ke ne ke le Amsterdam, Holland (e bitsoang Netherlands hona joale), ke ile ka ea posong ho botsa hore na nka li fumana hokae. Ka mor’a puisano e ileng ea nka nakoana, ke ile ka fuoa aterese eo ke ileng ka ea ho eona hang-hang. Ha ke fihla monyako ke ile ka amoheloa ka mofuthu ke ngoananyana ea lilemo li 10. Le hoja re ne re sa tsebane, hang-hang setsoalle se matla se ile sa e-ba teng lipakeng tsa ka le ngoananyana enoa ’moho le lelapa labo—ke ile ka utloa monate o tsotehang oa mokhatlo oa bara ba motho oa machaba!
Le hoja re ne re sa bue puo e le ’ngoe, eitse ha lelapa leo le ntša almanaka le lethathamo la linako tsa terene ’me le qala ho toroea ’mapa, ke ile ka utloisisa hore ho ne ho il’o tšoaroa kopano toropong e haufinyane ea Haarlem. Ke ile ka ea, ’me le hoja ke ne ke sa utloisise letho, ke ile ka e thabela. Ha ke bona Lipaki li ntse li fana ka limemo tsa puo ea phatlalatsa e neng e tla fanoa ka Sontaha, le ’na ke ile ka utloa ke khalla ho fana ka tsona. Kahoo ke ile ka thonaka limemo tseo batho ba neng ba li lahlile eaba ke fana ka tsona hape.
Ka lekhetlo le leng, re ile ra emisa sekepe Buenos Aires, Argentina, moo ke ileng ka fumana ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ka hare ho ne ho e-na le ofisi le setoro. Ho ne ho e-na le mosali ea neng a lutse ka mor’a deske a ntse a loha ka mamao, ’me ngoananyana eo mohlomong e neng e le morali oa hae o ne a ntse a bapala ka popi. E ne e se e le bosiu haholo, ’me ho ne ho e-na le monna ea neng a ntse a tlosa libuka shelefong, har’a libuka tseo ho ne ho e-na le buka ea Creation ea Seswedishe. Ha ke bona lifahleho tsa bona tse khanyang khotso, ke ile ka utloa hore ke batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Ha re le leetong le khutlelang hae, sekepe sa rōna se ile sa palamisa basebetsi ba sefofane sa sesole sa Canada se neng se soahlamane haufi le lebōpo la Newfoundland. Matsatsi a seng makae hamorao, re ile ra fihla haufi le Scotland, moo batho ba neng ba tsamaea ka seketsoana sa ntoa sa Manyesemane ba ileng ba re tšoara. Re ile ra isoa Kirkwall e Lihlekehlekeng tsa Orkney moo re neng re il’o hlahlojoa. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qalile ho kupa, ’me ka September 1939, masole a Hitler a Manazi a ne a hlasetse Poland. Ka mor’a matsatsi a seng makae, re ile ra lokolloa ’me ra khutlela Sweden ntle ho mathata.
Ke ne ke khutletse hae ka litsela tse peli—ka tsela ea sebele le kamanong ea ka le Molimo. Joale ke ne ke hlile ke batla ho ba karolo ea batho ba Molimo ’me ke sa batle ho tlohela ho bokana hammoho le bona. (Baheberu 10:24, 25) Kea thaba ha ke hopola hore ha ke ntse ke le mosesisi oa likepe, kamehla ke ne ke pakela basesisi ba bang ’me e mong oa bona le eena e ile ea e-ba Paki.
Tšebeletso e Khethehileng
Mathoasong a 1940, ke ile ka etela ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Stockholm. Ke ile ka amoheloa ke Johan H. Eneroth, eo ka nako eo e neng e le mohlanka oa lekala Sweden. Eitse ha ke mo bolella hore ke batla ho etsa mosebetsi oa boboleli ka nako e tletseng ke le pula-maliboho, o ile a nkenya mahlo eaba o re, “Na ua lumela hore oo ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo?”
Ke ile ka re, “E.” Seo se ile sa etsa hore ke qetelle ke kolobelitsoe ka la 22 June, 1940, ’me ke ile ka qala ho sebetsa lekaleng, tikolohong e ntle ’me basebetsi-’moho le ’na e ne e le batho ba molemo. Re ne re qeta mafelo-beke re le tšimong. Hangata nakong ea lehlabula re ne re palama libaesekele re ea masimong a hōle moo re neng re qeta mafelo-beke re ntse re bolela, bosiu re ne re robala liboteng tsa furu.
Leha ho le joalo, boholo ba nako re ne re bolela ka ntlo le ntlo Stockholm le libakeng tse haufi. Ka lekhetlo le leng ke ile ka bona monna e mong a le mokatong o ka tlaase oa ntlo ea hae, a sebetsa ka lehlaphahlapha tankeng e bolokang metsi a chesang. Kahoo ke ile ka kena khabong ka mo thusa. Ha re se re thibile tanka eo e lutlang, o ile a ncheba eaba ka thabo o re: “Ke lumela hore u tlile mona ka lebaka le leng. Kahoo, ha re nyolohele ka holimo re hlape matsoho re nt’o phoka kofi.” Re ile ra nyoloha, ’me ha re ntse re phoka kofi ke ile ka mo pakela. O ile a qetella e le Mokreste-’moho le ’na.
Le hoja ka molao naha ea Sweden e ne e bolela hore ha e jele paate ntoeng, batho ba Sweden ba ile ba angoa ke ntoa eo. Banna ba bangata ba ne ba bitsetsoa sesoleng ’me le ’na ke ile ka bitsoa. Ha ke hana ho kopanela koetlisong ea bosole, ka makhetlo ke ile ka hlahleloa ntloana-tšoana ka nako e khutšoanyane. Hamorao ke ile ka ahloleloa ho ea kampong ea chankana. Hangata rōna bacha ba Lipaki re ne re bitsetsoa ho hlaha ka pel’a baahloli, kahoo re ne re fana ka bopaki ka ’Muso oa Molimo. Sena e ne e le phethahatso ea boprofeta ba Jesu bo reng: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.”—Matheu 10:18.
Bophelo ba ka Boa Fetoha
Ka 1945 lithunya li ile tsa khaotsa ho khabola Europe. Hamorao hona selemong seo, Nathan H. Knorr, ea neng a eteletse pele mosebetsing oa lefatše lohle, o ile a re etela a tsoa Brooklyn a tsamaea le mongoli oa hae, Milton Henschel. Leeto la bona le ile la thusa haholo hore mosebetsi oa boboleli o hlophisoe bocha Sweden ’me le ’na le ile la nthusa haholo. Ha ke ne ke utloa hore ke ntho e ka etsahalang hore ke ee Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ke ile ka etsa kōpo hang-hang.
Selemong se latelang, ke ne ke lutse ka phaposing ea ho rutela ea sekolo seo, seo ka nako eo se neng se le ka ntlenyana ho South Lansing, New York. Nakong ea thupelo eo ea likhoeli tse hlano, ke ile ka fumana koetliso e ileng ea etsa hore ke ananele Bibele le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le ho feta. Ke ile ka fumana hore ba neng ba eteletse pele mosebetsing oa ho bolela lefatšeng lohle e ne e le batho ba atamelehang le ba nahanelang. Ba ne ba sebetsa ka thata hammoho le rōna. (Matheu 24:14) Le hoja sena se sa ka sa ’makatsa, ke ile ka thaba ha ke iponela sona ka mahlo.
Qetellong nako ea hore sehlopha sa borobeli sa Sekolo sa Gileade se fumantšoe mangolo e ile ea fihla ka la 9 February, 1947. Mor’abo rōna Knorr o ile a phatlalatsa linaha tseo liithuti li neng li tla ea ho tsona. Ha nako ea ka e fihla ea hore ke fumantšoe lengolo, o ile a re, “Mor’abo rōna Pramberg o khutlela Sweden ho ea sebeletsa barab’abo moo.” Ho bua ’nete, ke ne ke sa thabela ho khutlela hae hakaalo.
Ho Etsa Mosebetsi o Thata
Ha ke khutlela Sweden, ke ile ka fumana hore ho na le mosebetsi o mocha o neng o tla qalisoa linaheng tse ngata lefatšeng ho pota—mosebetsi oa setereke. Ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa setereke oa pele Sweden, ’me mosebetsi oa ka e ne e le ho potoloha naha eo eohle. Ke ile ka hlophisa le ho hlokomela likopano tse qeteletseng li tsejoa e le likopano tsa potoloho, tse neng li tšoaroa metseng e meholo le litoropong ho potoloha Sweden. Kaha tokisetso ena e ne e le ncha, ke ne ke fuoa litaelo tse fokolang. ’Na le Mor’abo rōna Eneroth re ne re lula fatše ebe re hlophisa lenaneo kahohle kamoo re ka khonang. Ke ile ka tšoha haholo ha ke fuoa mosebetsi ona, ’me ke ne ke rapela Jehova ka makhetlo-khetlo. Ke bile le tokelo ea ho sebeletsa ke le molebeli oa setereke ka lilemo tse 15.
Nakong eo, ho ne ho le thata ho fumana libaka tse loketseng tsa ho tšoarela likopano. Re ne re tlameha ho khotsofalla ho sebelisa liholo tsa litantši le libaka tse tšoanang le tsona tseo hangata mokhoa oo li neng li futhumatsoa ka oona o neng o sa sebetse hantle li bile li sa hlokomeloa hantle. Mohlala ke kopano e neng e tšoaretsoe Rökiö, Finland. Ho ile ha sebelisoa holo ea khale ea sechaba e neng e qetile nako e telele e sa sebelisoe. Ho ne ho puputla sefefo se tsamaeang le lehloa, mohatsela e le likhato tse 20 ka tlaase ho ntlha ea khoamo. Kahoo, re ile ra besa mollo ka har’a litofo tse khōlō tse entsoeng ka meqomo ea oli. Leha ho le joalo, re ne re sa tsebe hore linonyana li ne li hahetse ka har’a chomela. Mosi o ile oa re pupetsa! Leha ho le joalo, bohle ba ile ba lula fatše ba itšophile ka lijase mahlo a lla ke mosi. Sena se ile sa etsa hore kopano eo e be e sa lebaleheng.
E ’ngoe ea litaelo tsa ho hlophisa likopano tsena tsa potoloho tsa matsatsi a mararo e ne e le hore batho ba tlileng kopanong ba pheheloe lijo. Qalong, re ne re se na thepa le tsebo ea ho etsa mosebetsi oa mofuta oo. Empa ho ne ho e-na le bara le baralib’abo rōna ba molemo bao ka thabo ba neng ba ikemiselitse ho kena khabong. Letsatsing la pele ho kopano, u ne u tla ba bona ba iname likotlolong ba ebola litapole ha ba ntse ba phetelana liphihlelo, ba thabetse ho ba ’moho. Bara le baralib’abo rōna ba bangata ba bile le metsoalle ea nako e telele eo setsoalle sa bona se qalileng hona linakong tseo ha ba ne ba sebetsa ka thata hammoho.
Mosebetsi o mong oo re neng re o etsa nakong eo, e ne e le ho macha re tšoere liplakate tse neng li phatlalatsa likopano tseo tsa potoloho. Re ne re tsamaea re entse mokoloko ka har’a toropo kapa motse, re memela baahi ba motse puong ea phatlalatsa. Hangata batho ka kakaretso ba ne ba le mosa ba bile ba re hlompha. Ka lekhetlo le leng toropong ea Finspång, seterateng ho ne ho e-na le basebetsi ba neng ba entse mohoula ba tsoa ka femeng. Ka tšohanyetso, e mong oa bona o ile a hooa a re: “Bashan’a ba heso, sena ke sehlopha seo Hitler a sa kang a se hlōla!”
Ketsahalo ea Bohlokoa Bophelong ba Ka
Bophelo ba ka ba ho ba molebeli ea tsamaeang bo ile ba fetoha ka mor’a hore ke kopane le Karin, moroetsana ea tsotehang. Bobeli ba rōna re ne re memetsoe ho ea kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York City, ka July 1953. Milton Henschel o ile a re nyalisa hona kopanong eo nakong ea khefu ea lenaneo ka Mantaha oa la 20. Ena e ne e le ketsahalo e sa tloaelehang lebaleng leo le neng le tumme ka papali ea baseball. Ka mor’a hore re sebetse ’moho mosebetsing oa ho tsamaea ho fihlela ka 1962, re ile ra memeloa ho ea sebetsa lelapeng la Bethele la Sweden. Qalong ke ile ka sebetsa Lefapheng la Limakasine. Hamorao ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho hlokomela mechine e hatisang le mechine e meng lekaleng moo kaha ke ne ke koetlisitsoe ke le setsebi sa mechine. Ka lilemo tse ’maloa Karin o ile a sebetsa lefapheng le hlatsoang liaparo. Hona joale o se a sebelitse Lefapheng la ho Hlahloba Lingoliloeng Liphoso ka lilemo tse ngata.
Ho bile le liketsahalo tse monate haholo bophelong ba rōna, re thabetse bophelo bo nang le morero le bo thabisang hakaakang ka lilemo tsee tse fetang 54 tseo re sebelelitseng Jehova ka tsona re le banyalani! Ruri Jehova o hlohonolofalitse mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa bahlanka ba hae ba lerato le ba sebetsang ka thata. Khale koana ka 1940 ha ke ne ke qala ho sebetsa lekaleng, ho ne ho e-na le Lipaki tse 1 500 feela Sweden. Empa hona joale ho na le tse fetang 22 000. Keketseho e bile khōlō le ho feta likarolong tse ling tsa lefatše, hoo hona joale lefatšeng ka bophara re seng re feta limilione tse tšeletseng le halofo.
Moea oa Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rōna, ’me litholoana tsa oona li ntse li eketseha. Ka tumelo e matla, ha re talima leoatle le loebehlanang la moloko oa batho, ha re tšohe. Ka pele ho rōna re bona lefatše le lecha la Molimo ka ho hlaka. ’Na le Karin re leboha Molimo ka molemo oa hae ’me letsatsi le leng le le leng re rapella hore a re fe matla a hore re lule re tšepahala ho fihlela re finyella sepheo sa rōna—ho amoheloa ke Molimo le ho fumana bophelo bo sa feleng!—Matheu 24:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
’Mè o ntšikile
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Moo ke ileng ka tsamaea ka sekepe se senyenyane teng le Ntate mathoasong a bo-1920
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke na le Herman Henschel (Ntate oa Milton) Gileade, ka 1946
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Re ile ra nyalana Yankee Stadium ka la 20 July, 1953