Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Hagai le ea Zakaria
KE SELEMO sa 520 B.C.E. Ho se ho fetile lilemo tse 16 Bajuda ba tsoang kholehong Babylona ba ralile motheo oa tempele ea Jehova Jerusalema. Leha ho le joalo, tempele ha e e-s’o fele ’me mosebetsi oa kaho o thibetsoe. Jehova o khetha moprofeta Hagai ’me likhoeli tse peli hamorao o khetha moprofeta Zakaria hore ba bolele lentsoe la Hae.
Hagai le Zakaria ba ne ba e-na le sepheo se le seng: Ba susumetsa sechaba hore se boele se qalise mosebetsi oa ho tsosa tempele. Mosebetsi oa baprofeta bana oa atleha, ’me ka mor’a lilemo tse hlano tempele ea phethoa. Molaetsa oo Hagai le Zakaria ba ileng ba o phatlalatsa o tlalehiloe libukeng tsa Bibele tse reheletsoeng ka bona. Hagai o ile a qeta buka ea hae ka 520 B.C.E. ’me Zakaria a qeta ea hae ka 518 B.C.E. Joaloka baprofeta bao, le rōna Molimo o re file mosebetsi oo re lokelang ho o phetha pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea hona joale ea lintho. Ke mosebetsi oa ho ruta ka ’Muso le ho etsa barutuoa. A re ke re boneng hore na buka ea Hagai le ea Zakaria li ka re khothatsa joang.
“BEHANG LIPELO TSA LŌNA LITSELENG TSA LŌNA”
Nakong ea matsatsi a 112, Hagai o fana ka melaetsa e mene e susumetsang. Oa pele ke o reng: “‘Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna. Nyolohelang thabeng, ’me le tlise lifate tse remiloeng. Le hahe ntlo, e le hore ke khahlisoe ke eona le hore ke tlotlisoe,’ ho boletse Jehova.” (Hagai 1:7, 8) Sechaba se ile sa mamela. Molaetsa oa bobeli o fana ka tšepiso ena: “[’Na Jehova] ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.”—Hagai 2:7.
Ho ea ka molaetsa oa boraro, ho se tsotelle mosebetsi oa bona oa ho tsosa tempele ho silafalitse ‘sechaba le mosebetsi oohle oa matsoho a sona’ mahlong a Jehova. Leha ho le joalo, ho tloha letsatsing leo ka lona ba qalang mosebetsi oa ho lokisa tempele, Jehova o ‘tla ba hlohonolofatsa.’ Joalokaha ho boletsoe molaetseng oa bone, Jehova o tla “felisa matla a mebuso ea lichaba” ebe o etsa hore ’Musisi Zorobabele a be joaloka “lesale la tiiso.”—Hagai 2:14, 19, 22, 23.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:6—Polelo e reng “hoa nooa, empa eseng ho fihlela ho tahiloe,” e bolela’ng? Polelo ena e mpa e bontša feela hore ho tla ba le khaello ea veine. Kaha Jehova o tla be a sa fana ka tlhohonolofatso, veine e tla fokola—ho ke ke ha e-ba le veine e lekaneng ho etsa hore batho ba tahoe.
2:6, 7, 21, 22—Ke mang kapa ke eng e tla sisinya lichaba, ’me ho tla etsahala’ng ka lebaka la ho sisinya hoo? Jehova o “sisinya lichaba tsohle” ka ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso ho etsoang lefatšeng ka bophara. Mosebetsi oa ho bolela o etsa hore “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li tle ka ntlong ea Jehova, ’me li e tlatsa khanya. Ha nako e ntse e e-ea, “Jehova oa mabotho” o tla “sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng,” o tla etsa hore tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho ea hona joale e sisinngoe hore e fele.—Baheberu 12:26, 27.
2:9—‘Khanya ea ntlo ea morao e tla ba khōlō ho feta ea ea pele,’ ka tsela efe? Sena se ne se tla etsahala ka bonyane litsela tse tharo: lilemo tseo tempele e neng e tla ba teng ka tsona, hore na ke bo-mang ba neng ba tla ruta ho eona le hore na e ne e le bo-mang ba tla bokana moo ho rapela Jehova. Le hoja tempele ea Solomone e khanyang e ile ea e-ba teng ka lilemo tse 420, ho tloha ka 1027 B.C.E. ho fihlela ka 607 B.C.E., “ntlo ena ea morao” e ile ea sebelisoa ka lilemo tse fetang 580, ho tloha ha e ne e phethoa ka 515 B.C.E. ho fihlela ha e ne e timetsoa ka 70 C.E. Ho feta moo, Mesia—Jesu Kreste—o ile a ruta ‘ntlong ena ea morao’ ’me batho ba ileng ba tla ho eona ho rapela Molimo ba ne ba le bangata ho feta ba ileng ba ea ho “ea pele.”—Liketso 2:1-11.
Seo re Ithutang Sona:
1:2-4. Ha mosebetsi oa rōna oa boboleli o hanyetsoa ha rea lokela ho fetola lintho tse tlang pele bophelong ba rōna ka hore ebe ha re sa ‘batla ’muso pele’ empa re se re batla lintho tse hlokoang ke rōna pele.—Matheu 6:33.
1:5, 7. Ke hantle hore re ‘behe lipelo tsa rōna litseleng tsa rōna’ le hore re nahane hore na seo re se etsang ka bophelo ba rōna se ama kamano ea rōna le Molimo joang.
1:6, 9-11; 2:14-17. Bajuda ba mehleng ea Hagai ba ne ba sebetsa ka thata ho fumana lintho tseo ba li batlang empa ba ne ba sa thabele litholoana tsa mosebetsi oa bona. Ba ne ba hlokomolohile tempele, ka lebaka leo Molimo ha aa ka a ba hlohonolofatsa. Lintho tsa moea li lokela ho tla pele bophelong ba rōna, re sebeletse Molimo ka moea oohle, re ntse re hopola hore, ho sa tsotellehe hore na lintho tse bonahalang tseo re nang le tsona li ngata kapa lia fokola, ‘tlhohonolofatso ea Jehova ke eona e ruisang.’—Liproverbia 10:22.
2:15, 18. Jehova o ile a khothalletsa Bajuda hore ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ba nahane ka mosebetsi oa ho tsosa tempele, ho e-na le lohotha ka hore ba ile ba hlokomoloha mosebetsi nako e fetileng. Ka tsela e tšoanang, ho tloha hona joale ho ea pele, le rōna re lokela ho tsepamisa maikutlo a rōna borapeling ba Molimo.
‘ESENG KA MATLA, EMPA KA MOEA OA KA’
Zakaria o qala mosebetsi oa hae oa boprofeta ka ho ipiletsa ho Bajuda hore ba ‘khutlele ho Jehova.’ (Zakaria 1:3) Lipono tse robeli tse latelang li bontša hore Molimo o tšehetsa mosebetsi oa ho tsosa tempele. (Bona lebokose le reng, “Lipono Tsa Zakaria Tsa Tšoantšetso Tse Robeli.”) Mosebetsi oa ho haha o tla phethoa, “eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa [Jehova].” (Zakaria 4:6) Monna ea bitsoang Lehlōmela “ka sebele o tla haha tempele ea Jehova” ’me “e tla ba moprista holim’a terone ea hae.”—Zakaria 6:12, 13.
Bethele e romela moifo ho baprista ho ba botsa ka ho itima lijo ho neng ho lokela ho etsoa e le sehopotso sa ho timetsoa ha Jerusalema. Jehova o bolella Zakaria hore ho siama ho neng ho tla ba teng nakong ea ho itima lijo ka makhetlo a mane ho neng ho tla etsoa e le ho hopola tlokotsi e ileng ea oela Jerusalema ho ne ho tla fetoha ‘thabo e khaphatsehang le nyakallo le linako tse monate tsa mokete.’ (Zakaria 7:2; 8:19) Liphatlalatso tse peli tse latelang li akarelletsa molaetsa o mabapi le ho ahloloa ha lichaba le baprofeta ba bohata, boprofeta bo amanang le Mesia le molaetsa oa ho tsosolosa batho ba Molimo.—Zakaria 9:1; 12:1.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:1—Ke hobane’ng ha monna e mong a ne a lekanya Jerusalema ka ropo? Ho ka etsahala hore ebe ketso ena e ne e bontša hore ho ne ho hahoa lerako le potang motse ho o sireletsa. Lengeloi le bolella monna eo hore Jerusalema e ne e tla hōla le hore Jehova o ne a tla e sireletsa.—Zakaria 2:3-5.
6:11-13—Na ho roesoa moqhaka ha Moprista ea Phahameng Joshua ho ile ha mo etsa hore e be moprista le morena? Che, Joshua o ne a sa tsoe lelokong la borena la Davida. Leha ho le joalo, ho roesoa moqhaka ha hae ho ne ho tšoantšetsa Mesia. (Baheberu 6:20) Boprofeta bo buang ka “Lehlōmela” bo phethahalitsoe ke Jesu Kreste, Morena le Moprista ea leholimong. (Jeremia 23:5) Joalokaha Joshua a ile a sebeletsa e le moprista ea phahameng tempeleng e tsosolositsoeng bakeng sa Bajuda ba khutlileng, Jesu le eena ke Moprista ea Phahameng oa borapeli ba ’nete tempeleng ea moea ea Jehova.
8:1-23—Liphatlalatso tse leshome tse boletsoeng litemaneng tsee li phethahala neng? Phatlalatso ka ’ngoe e latela poleloana e reng, “sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng” ’me ke tšepiso ea khotso eo Molimo a e fang batho ba hae. Tse ling tsa liphatlalatso tsena li phethahetse lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., empa kaofela ha tsona li phethahetse ho tloha ka 1919 C.E. kapa ke hona li ntseng li phethahala.a
8:3—Ke hobane’ng ha Jerusalema e bitsoa “motse oa ’nete”? Pele e timetsoa ka 607 B.C.E., Jerusalema e ne e le “motse o hatellang,” o neng o tletse baprofeta le baprista ba bolileng le batho ba sa tšepahaleng. (Sofonia 3:1; Jeremia 6:13; 7:29-34) Leha ho le joalo, ha tempele e se e tsositsoe le batho ba ikemiselitse ho rapela Jehova, joale sebakeng seo ho ne ho tla buuoa ka linnete tsa borapeli bo hloekileng, ’me Jerusalema e ne e tla bitsoa “motse oa ’nete.”
11:7-14—Ke eng e tšoantšetsoang ke hore ebe Zakaria o ile a roba lere le bitsoang “Thabo” le le leng le bitsoang “Kopano”? Zakaria o bontšoa e le ea rometsoeng ho “lisa mohlape o reretsoeng polao”—e leng batho ba tšoanang le linku ba neng ba tlatlapuoa ke baeta-pele ba bona. Karolong eo a neng a e phetha e le molisa, Zakaria o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste, ea ileng a romeloa ho batho ba neng ba kene selekaneng le Molimo empa batho bao ba ile ba mo lahla. Ho rojoa ha “Thabo” ho ne ho tšoantšetsa hore Molimo o ne a tla khaotsa selekane sa Molao le Bajuda ’me a khaotse ho sebelisana le bona ka thabo. Ho rojoa ha “Kopano” ho ne ho bolela ho felisa tlamahano ea barapeli ba Jehova ea bara ba motho eo Juda le Iseraele li neng li e-na le eona.
12:11—“Ho bokolla ha Hadadrimone thoteng ea Megido” ke eng? Morena Josiase oa Juda o ile a bolaoa ha ba ne ba loana le Faro Neko oa Egepeta “thoteng ea Megido,” ’me o ile a lleloa ka lilemo tse ngata ka “lipina tsa koli-ea-malla.” (2 Likronike 35:25) Ka lebaka leo, ho ka ’na ha etsahala hore ebe “ho bokolla ha Hadadrimone” ho bolela ho lla ka lebaka la lefu la Josiase.
Seo re Ithutang Sona:
1:2-6; 7:11-14. Jehova o khahloa ke batho ba bakang, ba amohelang taeo le ba khutlelang ho eena ka ho mo rapela ka moea oohle ebile o khutlela ho bona. Ka lehlakoreng le leng, ha a arabele mohoo o kōpang thuso oa ‘ba hanang ho ela hloko, ba manganga, ba etsang hore litsebe tsa bona li se ke tsa utloa’ molaetsa oa hae.
4:6, 7. Ho ne ho se na tšitiso e ka hlōlang moea oa Jehova, e neng e ka etsa hore mosebetsi oa ho haha tempele o se ke oa phethoa ka katleho. Mathata afe kapa afe ao re ka thulanang le ’ona tšebeletsong ea Molimo re ka a hlōla ka ho ba le tumelo ho Jehova.—Matheu 17:20.
4:10. Zorobabele le batho ba hae ba ile ba phetha tempele Jehova a ntse a hlahloba mosebetsi oa bona ’me ba ile ba etsa mosebetsi oa boemo bo phahameng ho ea kamoo Molimo a neng a batla kateng. Hase ntho e thata haholo hore batho ba sa phethahalang ba phele ka tsela eo Jehova a e lebeletseng.
7:8-10; 8:16, 17. E le hore re amoheloe ke Jehova, re lokela ho sebelisa toka, re etsetsane mosa o lerato, re be mohau re be re bolellane ’nete.
8:9-13. Jehova oa re hlohonolofatsa ha ‘matsoho a rōna a le matla’ ha re etsa mosebetsi oo a re fileng oona. Litlhohonolofatso tsena li akarelletsa khotso, tšireletso le ho tsoela pele moeeng.
12:6. Ba leng boemong ba bolebeli har’a batho ba Jehova ba lokela ho ba joaloka “serumula sa mollo”—ba ipabole ka ho bontša cheseho.
13:3. Botšepehi ba rōna ho Molimo oa ’nete le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, bo lokela ho feta botšepehi ba rōna ho motho ofe kapa ofe, ho sa tsotellehe hore na re haufi le eena hakae.
13:8, 9. Bakoenehi bao Jehova a ileng a ba lahla e ne e le batho ba bangata, e ne e le likarolo tse peli tsa sechaba. Ke karolo e le ’ngoe feela ho tse tharo ea sechaba e ileng ea hloekisoa joalokaha eka ke ka mollo. Mehleng ea rōna, Bokreste-’mōtoana boo e leng bona karolo e khōlō ea batho ba ipitsang Bakreste, bo lahliloe ke Jehova. Ke batho ba fokolang feela ka palo, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘ipilelitseng lebitsong la Jehova’ eaba ba lumela ho hloekisoa. Bona hammoho le balumeli-’moho le bona hase Lipaki Tsa Jehova ka lebitso feela.
Re Lokela ho Cheseha
Molaetsa o phatlalalitsoeng ke Hagai le Zakaria o re ama joang kajeno? Ha re nahana ka tsela eo molaetsa oa bona o ileng oa susumetsa Bajuda kateng hore ba shebane le mosebetsi oa ho tsosa tempele, na ha re susumeletsehe hore re kopanele ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa?
Zakaria o ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tla a “palame esele,” hore o ne a tla ekoa ka “likotoana tse mashome a mararo tsa silevera” le hore o ne a tla otloa ebe ‘mohlape oa hasanngoa.’ (Zakaria 9:9; 11:12; 13:7) Ruri ho thuisa ka ho phethahala ha boprofeta ba Zakaria bo mabapi le Mesia ho re matlafatsa tumelo haholo! (Matheu 21:1-9; 26:31, 56; 27:3-10) Ho tšepa Lentsoe la Jehova le litokisetso tseo a li etselitseng ho re pholosa hoa matlafatsoa.—Baheberu 4:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Lebokose leqepheng la 11]
LIPONO TSA ZAKARIA TSA TŠOANTŠETSO TSE ROBELI
1:8-17: E tiisa hore tempele e tla phethoa ebile e bontša hore Jerusalema le metse e meng ea Juda li tla hlohonolofatsoa.
1:18-21: E tšepisa hore ‘linaka tse ’nè tse ileng tsa qhalakanya Juda,’ e leng mebuso eohle e neng e le khahlanong le borapeli ba Jehova, li tla felisoa.
2:1-13: E bontša hore Jerusalema e tla hōla le hore Jehova e tla ba “lerako la mollo le [e] pota-potileng ka hohle”—e leng tšireletso.
3:1-10: E bontša hore Satane o ne a kentse letsoho ho hanyetsa mosebetsi o neng o etsoa tempeleng le hore Moprista ea Phahameng Joshua oa lopolloa ebile oa hloekisoa.
4:1-14: E fana ka tiisetso ea hore litšitiso tse kang lithaba li tla tlosoa le hore ’Musisi Zorobabele o tla phetha mosebetsi oa ho hahuoa ha tempele.
5:1-4: E phatlalatsa thohako bakeng sa baetsi ba bobe ba sa kang ba ahloloa.
5:5-11: E bolela esale pele ka ho fela ha bokhopo.
6:1-8: E tšepisa hore mangeloi a tla fana ka tlhokomelo le tšireletso.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Sepheo sa molaetsa oa Hagai le oa Zakaria e ne e le sefe?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ba leng boemong ba bolebeli ba tšoana le “serumula sa mollo” joang?