Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/1 maq. 8-9
  • Ho Ithuta ’Nete ka Lihele ho U Ama Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta ’Nete ka Lihele ho U Ama Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Susumetsoa Ke’ng​—Ke ho Tšaba Lihele Kapa ke ho Rata Molimo?
  • Ke Bo-mang ba Eang Liheleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Etsahetse’ng ka Mollo oa Lihele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tumelo e Teng Hohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/1 maq. 8-9

Ho Ithuta ’Nete ka Lihele ho U Ama Joang?

BA RUTANG hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso ba senya Jehova Molimo lebitso ’me ba mo etsa motho e mobe. Ke ’nete hore Bibele e re Molimo o tla felisa ba khopo. (2 Bathesalonika 1:6-9) Empa khalefo e lokileng hase tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong.

Molimo ha a khopo ebile ha a na moea oa boiphetetso. O bile o botsa potso ena: “Na ’na ke thabela lefu la ea khopo?” (Ezekiele 18:23, Bibele​—Phetolelo e Ncha) Haeba Molimo a sa thabele lefu la motho ea khopo, ke joang a neng a ka thabela ho shebella batho baa ha ba hlokofatsoa ka ho sa feleng?

Tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong ke lerato. (1 Johanne 4:8) Ka sebele “MORENA o molemo ho bohle; o qenehela lintho tsohle tseo a li entseng.” (Pesaleme ea 145:9, The Holy Bible—New International Version) Ka ho tšoanang, Molimo o batla hore re mo rate ka lerato le tlohang pelong.—Matheu 22:35-38.

U Susumetsoa Ke’ng​—Ke ho Tšaba Lihele Kapa ke ho Rata Molimo?

Thuto ea hore meea e hlokofatsoa liheleng e etsa hore batho ba tšabe Molimo ka tsela e fosahetseng. Empa motho ea ithutang ’nete ka Molimo ’me a mo rata o tla mo tšaba ka tsela e nepahetseng. Ho ea ka Bibele​—Phetolelo e Ncha, Pesaleme ea 111:10, e re: “Qaleho ea bohlale ke ho tšaba Morena, bohle ba seli ba phela joalo.” Ho tšaba Molimo ka tsela ena ha ho etse hore re tlakasele ke tšabo, empa ho etsa hore re hlomphe ’Mōpi ka tsela e tebileng. Ho etsa hore re mo tšabe ka tsela e nepahetseng e le hore re qobe ho mo halefisa.

Hlokomela hore na ho ithuta ’nete ka lihele ho ile ha ama Kathleen ea lilemo li 32, ea neng a sebelisa lithethefatsi joang. E ne e le motho oa liphathi tse sa feleng, a le mabifi, a inyonya a bile a le boitšoaro bo bobe. O ile a re: “Ke ne ke ee ke shebe morali oa ka ea neng a le selemo ebe kea nahana, ‘Ak’u bone sehlōhō seo ke se etsang. Ruri ke tla cha liheleng.’” Kathleen o ile a leka ho tlohela lithethefatsi, empa a hlōleha. O ile a re: “Ke ne ke batla ho etsa lintho tse ntle empa ho ne ho se letho le ntsamaelang hantle bophelong. Ke ne ke bona eka ha ho lebaka la hore ke etse lintho tse ntle.”

Eaba Kathleen o kopana le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ile ka ithuta hore ha ho na mollo oa lihele. Bopaki ba Mangolo bo ne bo utloahala hantle. Ho tseba hore ha ke n’o cha liheleng ho ile ha ikimolla haholo.” Empa o ile a boela a ithuta hore ho na le tšepiso ea hore batho ba ka phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang bokhopo. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Luka 23:43) O ile a re: “Joale ke ne ke fumane tšepo ea sebele​—ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng!”

Na Kathleen o ne a tla khona ho tlohela lithethefatsi ha a se a sa tšabe hore o tla cha liheleng? O re: “Ha ke ne ke fihleloa ke takatso e matla ea ho sebelisa lithethefatsi, ke ne ke rapela Jehova Molimo, ke mo kōpa ka tieo hore a nthuse. Ke ne ke nahana ka tsela eo ka eona a talimang mekhoa e joalo e silafatsang ’me ke ne ke sa batle ho mo soabisa. O ile a araba lithapelo tsa ka.” (2 Bakorinthe 7:1) Kaha Kathleen o ne a tšaba ho halefisa Molimo, seo se ile sa mo susumelletsa hore a tlohele lithethefatsi tseo a neng a li lemaletse.

Ka sebele, ho rata Molimo le ho mo tšaba ka tsela e nepahetseng​—eseng ho tšaba ho hlokofatsoa liheleng—​ho ka re susumelletsa ho etsa thato ea Molimo e le hore re thabe ka ho sa feleng. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho lehlohonolo motho ka mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.”—Pesaleme ea 128:1, Bibele ea Sesotho.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

KE BO-MANG BA TLA NTŠOA LIHELENG?

Libibele tse ling li jala pherekano ka ho fetolela mantsoe a mabeli a sa tšoaneng a Segerike​—e leng Geʹen·na le Haiʹdes—​ka lentsoe le le leng feela, e leng “lihele.” Ka Bibeleng lentsoe Geʹen·na le bolela timetso ea ka ho sa feleng, eo ho eona ho se nang tšepo ea tsoho. Ho fapana le hoo, batho ba Haiʹdes, kapa Hadese, bona ba na le tšepo ea ho tsosoa bafung.

Kahoo, ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsohe, moapostola Petrose o ile a kholisa bamameli ba hae hore Jesu “ha aa ka a tloheloa liheleng.” (Liketso 2:27, 31, 32; Pesaleme ea 16:10; King James Version) Lentsoe le fetoletsoeng e le “lihele” temaneng ena ke lentsoe la Segerike Haiʹdes. Jesu ha aa ka a ea moo ho nang le mollo o tukang. Hadese, kapa “lihele,” e ne e le lebitla. Empa Jesu hase eena feela eo Molimo a mo ntšang Hadese.

Ha Bibele e bua ka tsoho e re: “Lefu le lihele tsa ntša bafu ba neng ba le ho tsona.” (Tšenolo 20:13, 14, KJ) Ho horula “lihele” ho tla bolela ho tsosa bohle bao Molimo a etsang qeto ea hore ba lokela ho tsoha. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ruri tšepo ea ho bona baratuoa ba rōna ba shoeleng ba ntšoa mabitleng ke tšepo e babatsehang! Jehova, Molimo ea lerato le sa feleng, o tla etsa sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela