Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 8 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea May. Pontšong e ’ngoe, lokisetsa hore mohoeletsi a tsamaise Molula-Qhooa oa May 1 le oa May 15 le Tsoha! ea May ho motho ea tselaneng ea hae ea limakasine ea sa kang a fumana Molula-Qhooa oa May 1. Ha u tsamaisa limakasine tsena tse tharo, buella e le ’ngoe feela. Bahoeletsi ba ka ’na ba etela batho ba tselaneng ea bona ea limakasine hang kapa habeli ka khoeli.
20 mets: “Ntatele U sa Khaotse.”a Hakhutšoanyane buisana le mohoeletsi ea behang mohlala ea loanelang hore bophelo ba hae bo lule bo itekanetse le ea lekanyetsang lintho tseo a ikemiselitseng ho li finyella e le hore a etelletse pele lintho tse amanang le ’Muso le ho sebeletsa ba bang. Totobatsa mahlohonolo ao a a fumanang ka ho etsa joalo.
15 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Kōpa bamameli hore ba bolele mahlohonolo ao ba a fumaneng ha ba ntse ba ikitlaetsa tšebeletsong ka March le April. Totobatsa liphello tse molemo tsa ho qalisa lithuto tsa Bibele le tsa ho thusa ba bacha ’neteng hore ba be teng Sehopotsong. Ho ka etsoa pontšo e bontšang se etsahetseng phihlelong e le ’ngoe kapa tse peli tse ikhethang.
Pina ea 91 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 15 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle ho shebella video ea Noah—He Walked With God ha ba lokisetsa Seboka sa Tšebeletso sa beke e qalang ka la 29 May.
10 mets: Ho Sebetsa ’Moho Bonngoeng Tlas’a Boeta-pele ba Kreste. Puo e thehiloeng boitsebisong bo sehloohoaneng se reng “Se Boleloang ke ho Ela Hloko Mosebetsi oa Hae” leqepheng la 13-15 la buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.
25 mets: “Kaho ea Liholo Tsa ’Muso—Karolo ea Bohlokoa ea Tšebeletso e Halalelang.”b Ha u tšohla serapa sa 2, bontša bamameli foromo ea Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82) ’me u hlalose kamoo likopi tsa eona li ka fumanoang kateng. Buisana le ba bang ba kileng ba kopanela kahong kapa nchafatsong ea Liholo Tsa ’Muso.
Pina ea 133 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 22 May
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June. Boemo boo lipontšo li etsoang ho bona e be ba lelapa le itlhakisang.
15 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Mosa.”c Ha u tšohla serapa sa 4, ka bokhutšoanyane hlahloba lebokose la sehlooho se reng “U ka Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Fono?” leqepheng la 7 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea December 2005.
18 mets: Ponahalo e Ntle ea Botho. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 131-3. Hlahloba melao-motheo e mehlano e thathamisitsoeng e amanang le moaparo oa rōna le boitlhopho. Bolela hore re ka sebelisa boitsebiso bona ka bohlale ho thusa liithuti tsa Bibele ho utloisisa kamoo li ka aparang ka tsela e loketseng ha li ea libokeng tsa phutheho.
Pina ea 215 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 29 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa May.
10 mets: Tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka June. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4-5 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha nako e lumela, kōpa bahoeletsi ho bolela liphello tse molemo tse bileng teng tšimong kapa malapeng a bona ha ba sebelisa buka eo.
25 mets: “Mohlala Bakeng sa Batho ba Lilemo Tsohle.” Ka mor’a kenyelletso e sa feteng motsotso, buisana le bamameli ka lipotso tsa video ea Noah, u sebelisa lipotso tsohle tse thathamisitsoeng serapeng sa bobeli. Ebe u kōpa malapa ho bolela kamoo a ruileng molemo kateng ka ho etsa lintho tse boletsoeng tlas’a sehlooho sa “Learning Activities” joalokaha DVD eo e khothalelitse. Ka mor’a moo, tšohla potso le mangolo a serapeng sa boraro.
Pina ea 9 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Kamoo U ka Atlehang Kateng ha U Etsa Maeto a ho Boela. Puisano le bamameli e thehiloeng lebokoseng le leqepheng la 16 la Molula-Qhooa oa November 15, 2003. Hlahloba tlhahiso ka ’ngoe ho tse supileng, ’me u kōpe bamameli ho bolela kamoo li ka sebelisoang kateng tšimong ea phutheho. Khothalletsa bahoeletsi ho etsa maeto a ho boela ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele le bohle ba amohelang lingoliloeng kapa ba bontšang thahasello. U sebelisa e ’ngoe ea litlhahiso tse leqepheng la 3 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka buelloang thuto ea Bibele leetong la ho boela.
Pina ea 57 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.