Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba tšehetse ka botlalo mosebetsi oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng ka Moqebelo ona oa la 19 April. Bolela litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho paka ka limakasine. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April.
15 mets: “Le Iponahatse le le ba Lebohang.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.
20 mets: “Tšelisang ba Shoetsoeng.”b Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba tšelisa motho ea shoetsoeng.
Beke e Qalang ka la 21 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bamameli ho tla le Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang ’me ba itokisetse ho tla tšohla linehelano tse loketseng tšimo ea phutheho.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
25 mets: Re Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo. Ka mor’a kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, moholo o fana ka puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 1, 2005, leqepheng la 18-19, serapeng sa 10-14. Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ba ileng ba tšeliseha kateng ’me ba tlala tšepo ha ba utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele.
Beke e Qalang ka la 28 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Sebelisa Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May ’me u akaretse makasine ka ’ngoe ka bokhutšoanyane ebe u botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse tla ipiletsa haholo ho batho tšimong le lebaka la seo. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ho ka sebelisoa linehelano life ba sebelisa lihlooho tseo ba rerileng ho li buella. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe sehloohong seo? Lengolo leo le ka sebelisoa joang ho araba potso eo? U sebelisa e ’ngoe ea linehelano tseo bamameli ba li boletseng kapa tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso, etsa pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano le bamameli.
20 mets: “Le Latele Mehato ea Hae Haufi-ufi.”c Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.
Beke e Qalang ka la 5 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bua ka lethathamo la lingoliloeng le leqepheng la 4 bakeng sa batho bao e seng Bakreste le bao mohlomong ba nang le litlhoko tse khethehileng. Bahoeletsi ba lokela ho kōpa lingoliloeng tsena lefapheng la lingoliloeng.
15 mets: Ho Hang Jehova a ke ke a le Tlohela. Puo e khothatsang e thehiloeng Molula-Qhooeng oa October 15, 2005, leqepheng la 8-11.
20 mets: “E-ba ’Moleli ea Hatelang Pele.”d Ha le tšohla serapa sa 3, kopanyelletsa lintlha tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 6-8, tlas’a sehloohoana se reng “Kamoo U ka Ruang Molemo ka Botlalo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.