Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
LA 5-11 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | | ESAIA 17-20
“Kabelo ea ba re Nkelang Thepa ka Mahahapa”
“Muso oa ka ha se Karolo ea Lefatše Lena”
16 Liphetoho tsena li bohlokoa haholo. Bibele e tšoantša batho le leoatle le se nang khotso, le ntseng le loebehlana. (Esa. 17:12; 57:20, 21; Tšen. 13:1) Ha litaba tsa lipolotiki li ntse li halefisa batho, li ba arohanya li bile li etsa hore ba loane, rona re lula re e-na le khotso le bonngoe. Ha Jehova a ntse a shebile lefatše lena le arohaneng, e tlameha ebe oa thaba ha a bona bonngoe bo teng har’a batho ba hae.—Bala Sofonia 3:17.
Lula u sa Nke Lehlakore Lefatšeng Lena le Arohaneng
4 Mohlomong re lula libakeng tseo batho ba se nang taba le hore na re nka hlakore lipolotiking kapa che. Empa ha bofelo ba tsamaiso ena ea Satane bo ntse bo atamela, ho tla ba thata le ho feta hore re lule re sa nke lehlakore. Batho ba bangata kajeno ke “ba sa bulehelang tumellano” le “ba hlooho li thata,” ’me boemo bona bo tla mpefala le ho feta. (2 Tim. 3:3, 4) Barab’abo rona ba bang ba se ba ntse ba angoa ke liphetoho tsa lipolotiki tse etsahalang linaheng tsa habo bona. Ke kahoo hona joale re lokelang ho itlhomella e le hore re tle re lule re sa nke lehlakore esita le maemong a thata joalo. A re tšohleng lintlha tse ’nè tse ka re thusang tabeng ena.
Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
20 Phello e tla ba efe? Esaia o re: “Ka shoalane, bonang! ho na le tšabo ea tšohanyetso. Pele e e-ba hoseng ha e sa le eo. Ena ke kabelo ea ba re nkelang thepa ka mahahapa, le karolo ea ba re tlatlapang.” (Esaia 17:14) Ba bangata ba tlatlapa batho ba Jehova, ba ba tšoara ka thata le ka tsela e hlokang tlhompho. Kaha Bakreste ba ’nete ha se karolo ea malumeli a lefatše a ka sehloohong ebile ha ba lakatse ho ba karolo ea ’ona batho ba nyatsa-nyatsang ba leeme le bahanyetsi ba chesehang ka ho feteletseng ba ba talima e le ba ka hlaselehang habonolo. Empa batho ba Molimo ba kholisehile hore “hoseng” hoo ka hona matšoenyeho a bona a tla fela ho atamela ka potlako.—2 Bathesalonika 1:6-9; 1 Petrose 5:6-11.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esaia—I
20:2-5—Na kannete Esaia o ile a tsamaea a hlobotse ka ho feletseng ka lilemo tse tharo? Mohlomong Esaia o ile a hlobola seaparo sa hae sa ka ntle feela eaba o tsamaea a “apere liaparo tse fokolang.”—1 Samuele 19:24, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
LA 12-18 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | | ESAIA 21-23
Re Ithuta’ng ho se Etsahalletseng Shebna?
Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
7 E le ho utloisisa bohlokoa ba ho khalemeloa, re tla hlahloba mehlala e ’meli ea batho bao Jehova a ileng a ba khalemela. Oa pele ke oa Shebna oa Moiseraele ea phetseng mehleng ea Morena Ezekiase. Oa bobeli ke oa mor’abo rona Graham. Kaha Shebna e ne e le monna “ea okametseng ntlo” ea Ezekiase, o ne a e-na le matla a itseng. (Esa. 22:15) Shebna o ile a iphahamisa ’me a batla hore batho ba mo nke e le motho oa bohlokoa. O ile a iketsetsa lebitla le majabajaba ’me a palama “likoloi tsa khanya.”—Esa. 22:16-18.
8 Kaha Shebna o ne a batla hore ho rorisoe eena, Jehova o ile a mo ‘liha sebakeng sa hae sa bolaoli’ eaba boikarabelo ba hae bo fuoa Eliakime. (Esa. 22:19-21) Taba ena e etsahetse nakong ea ha Morena Sankeribe oa Moassyria a itokisetsa ho hlasela Jerusalema. Hamorao Sankeribe o ile a romela lebotho le leholo la sesole hore le tšose Bajuda e le hore Ezekiase a inehele. (2 Mar. 18:17-25) Ezekiase o ile a romela Eliakime le banna ba babeli ho ea kopana le ba boholong pusong ea Sankeribe. E mong oa banna bao e ne e le Shebna eo e neng e se e le mongoli. Tlalehong ena rea bona hore Shebna ha aa ka a ikutloela bohloko kapa a khopeha empa o ile a ithuta liphosong tsa hae ’me a ikokobetsa. Ho na le lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona ho Shebna.
9 Shebna o ile a lahleheloa ke boemo ba hae. Mohlala oa hae o re hopotsa hore “boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liprov. 16:18) Haeba u e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong, batho ba bang ba ka u nka u le motho oa bohlokoa. Kahoo, na u tla lula u ikokobelitse? Na u tla lula u hopola hore lintho tse ntle tseo u li finyelletseng ke ka thuso ea Jehova? (1 Bakor. 4:7) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Bar 12:3.
Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
10 Ntlha ea bobeli, ha Jehova a khalemela Shebna, o ne a lumela hore a ka mamela ’me a fetoha. (Liprov. 3:11, 12) Ke mohlala o motle ho batho ba seng ba se na boikarabelo ka phuthehong. Ho e-na le hore ba koate, ba ka tsoela pele ba sebeletsa Jehova. Ba lokela ho utloisisa hore Jehova o ba khalemela hobane a ba rata. Lula u hopola hore Ntate oa rona o hlohonolofatsa ba ikokobelletsang eena. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Khalemelo ea Jehova e ka re thusa haeba re ikokobelitse ’me re tšoana le letsopa le bonolo, re lumele ha Jehova a re bopa.
Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
11 Ntlha ea boraro, re ithuta taba ea bohlokoa tseleng eo Jehova a ileng a sebelisana le Shebna ka eona. Le hoja Jehova a hloile sebe, o ntse a rata motho ea entseng sebe. Jehova o sheba makhabane a rona. Haeba u motsoali kapa u moholo phuthehong, na u tla etsisa Jehova ha u khalemela?—Juda 22, 23.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esaia—I
21:1—Sebaka se bitsoang “lefeella la leoatle” ke eng? Le hoja Babylona e ne e se haufi le leoatle leha e le lefe, e bitsoa joalo. Ke hobane metsi a phallang a noka ea Eufrate le ea Tigris a ne a baka meroallo sebakeng seo selemo le selemo, ’me seo se ne se fetola sebaka sena “leoatle” le mokhoabo.
LA 19-25 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 24-27
“Enoa ke Molimo oa Rona.”
“Bonang! Enoa ke Molimo oa Rona”
21 Na u kile oa bona ngoana e monyenyane a supisa metsoalle ea hae ntate oa hae ’me ka thabo e tsoang pelong le ka ho ikotla sefuba a re, “Ke ntate oa ka eno”? Barapeli ba Molimo ba na le mabaka ’ohle a ho ikutloa ka tsela eo ka Jehova. Bibele e bolela esale pele nako eo ka eona batho ba tšepahalang ba tlang ho hooa: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rona.” (Esaia 25:8, 9) Ha u utloisisa litšobotsi tsa Jehova ka ho eketsehileng, u tla ba le boikutlo bo matla haholoanyane ba hore u na le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo u ka mo nahanang.
Re Ithuta’ng Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa oa Bohobe?
14 Ha Jesu a ne a re re rapelle “bohobe ba letsatsi lena,” o ile a boela a re re rapelle hore thato ea Molimo “e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Mat. 6:9-11) U nahana hore lefatše le tla ba joang ka nako eo? Bibele e bontša hore thato ea Molimo ke hore ho be le lijo tse monate le tse ngata lefatšeng. Esaia 25:6-8 e re ha ’Muso oa Jehova o se o busa, ho tla ba le matletse-tletse a lijo tse monate lefatšeng. Pesaleme ea 72:16 le eona e re “ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.” Na u tatetse nako eo u tla beng u pheha mefuta e fapaneng ea lijo le ho leka mefuta e meng e mecha? U ka ’na oa boela oa lema lirapa tsa morara le ho thabela litholoana tsa tsona. (Esa. 65:21, 22) Batho bohle ba tla thabela lintho tseo tse hlollang.
Re Fumana Litlhohonolofatso Life ha re Ratoa ke Jehova?
11 Nahana hore na u tla phela joang Paradeiseng lefatšeng. U ke ke oa hlola u tšoenyeha ka ho kula kapa ho shoa. (Esa. 25:8; 33:24) Jehova o tla u fa lintho tsohle tse molemo tseo u li batlang. U batla ho ithuta’ng? Na u ka thabela ho ithuta ka liphoofolo, ho bapala liletsa kapa ho toroea? Ha ho pelaelo hore paradeiseng re tl’o hloka lihoai, batho ba tsebang ho etsa meralo ea matlo le lihahi. Hape ho tla hlokeha batho ba phehang, ba etsang lisebelisoa, ba lemang lirapa le ba li hlokomelang. (Esa. 35:1; 65:21) Ha u se u phela ka ho sa feleng u tla ba le nako ea ho etsa lintho tsena kaofela le tse ling tse ngata.
12 E tla ba ntho e thabisang hakaakang ho amohela ba tla tsosoa. (Lik. 24:15) Hape nahana kamoo u tla thabela ho ithuta ka Jehova kateng linthong tse ngata tseo a li bopileng. (Pes. 104:24; Esa. 11:9) Ho thabisang le ho feta ke hore u ke ke oa hlola u etsa sebe. Kahoo, u tla khona ho sebeletsa Jehova ’me ho ke ke ha hlokahala hore u kope tšoarelo. Na u ka tela litlhohonolofatso tsee hore feela u “thabele ho etsa sebe ka nakoana”? (Baheb. 11:25) Ho hang. Lintho tseo re lokelang ho li tela hona joale, ha se letho ha li bapisoa le bophelo boo re tla bo phela ka nako eo. Hopola hore Paradeise e ke ke ea lula e le ntho feela eo re e letetseng. Qetellong e tla ba sebaka seo re phelang ho sona letsatsi le letsatsi. Lintho tsena kaofela li tla etsahala hobane Jehova o re ratile haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae hore a re shoele.
Matlotlo a Patiloeng
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha e Ntlafalitsoeng ea 2013
Ke hobane’ng ha hona joale likhaolo tse ngata li ngotsoe ka mokhoa oa thothokiso? Qalong likarolo tse ngata tsa Bibele li ne li ngotsoe ka mokhoa oa thothokiso. Lipuong tsa mehleng ena re bona thothokiso ka ho phetoa-phetoa ha mantsoe, athe thothokiso ea Seheberu eona e bonahala ka lipapiso le ka mantsoe a hanyetsanang. Ka Seheberu, ha ho hlokahale hore thothokiso e be ea mantsoe a pheta-phetoang empa e hloka tatellano e nepahetseng ea seo ho buuoang ka sona.
Liphetolelo tse fetileng tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha li ne li ngotse buka ea Jobo le ea Pesaleme ka tsela e bontšang hore qalong e ne le lipina kapa lithothokiso. Tsela ena ea ho ngola litemana ka mokhoa oa thothokiso e ne e hatisa taba ebile e thusa babali hore ba hopole lintho tseo ba li balang. Phetolelong ea 2013 e ntlafalitsoeng, Mangolo a mangata a kang Liproverbia, Sefela sa Lifela le a mang a buang ka boprofeta a ngotsoe ka tsela ena e le ho bontša hore qalong libuka tsena e ne e le lithothokiso ho hatisa lipapiso le ho se tšoane. Mohlala oa sena ke oa Esaia 24:2. Mola ka mong o bua ka batho ba sa tšoaneng ha o latelang o ntse o hatisa taba e builoeng ka holimo ho bontša hore ha ho na motho ea sa tl’o ahloloa ke Molimo. Taba ea hore bangoli ba Bibele ba ne ba sebelisa mokhoa oa thothokiso ha ba ne ba ngola ha e bolele hore ba ne ba pheta-pheta ntho e le ’ngoe feela hangata empa e ne e le hobane ba batla ho hatisa molaetsa oa Molimo.
Ka linako tse ling ha ho bonolo ho bona phapang pakeng tsa mongolo oa Seheberu o tloaelehileng le oa thothokiso, ke kahoo ho nang le ho se tšoane liphetolelong tse ngata tsa Bibele ka hore na ke likarolo life tse ngotsoeng ka mokhoa oa thothokiso. Bafetoleli ba ne ba lokela ho etsa qeto ea hore na ke litemana life tse tla ngoloa ka mokhoa oa thothokiso. Litemana tse ling li ngotsoe ka mokhoa oa thothokiso, tse ling ka tsela ea tšoantšetso, tse ling ho bapetsoe ka mantsoe ha tse ling tsona e le lipapiso ho hlalosa seo ho buuoang ka sona.
LA 26 JANUARY–LA 1 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 28-29
Hlompha Jehova ka Molomo le ka Pelo ea Hao
Esaia o Bolela ‘Ketso e Makatsang’ ea Jehova Esale Pele
23 Baeta-pele ba Juda ba bolumeli ba ipolela hore ba seli moeeng, empa ba furaletse Jehova. Ho e-na le hoo ba ruta likhopolo tsa bona tse sothehileng mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng, ba lokafatsa mesebetsi ea bona e hlokang tumelo le ea boitšoaro bo litšila ’me ba etsa hore batho ba se ke ba amoheloa ke Molimo. Ka “ho hong ho hlollang” ‘ketso ea hae e makatsang’ Jehova o tla ba bitsetsa ho tla ikarabella ka boikaketsi ba bona. O re: “Ka lebaka la hore batho bana ba atametse ka melomo ea bona, ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela, ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hole le ’na, ’me tšabo ea bona ho ’na e fetohile taelo ea batho e rutoang, ka hona ke ’na enoa, Ea tla boela a sebetsane le sechaba sena ka ho hlollang, ka mokhoa o hlollang le ka ho hong ho hlollang; bohlale ba banna ba bona ba bohlale bo tla timela, ’me kutloisiso ea banna ba bona ba masene e tla ipata.” (Esaia 29:13, 14) Bohlale le kutloisiso tseo Juda e ipolelang hore e na le tsona li tla fela ha Jehova a tsamaisa lintho e le hore tsamaiso eohle ea eona ea bolumeli ba bokoenehi e felisoe ke ’Muso oa Lefatše oa Babylona. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang lekholong la pele la lilemo ka mor’a hore baeta-pele ba Bajuda ba neng ba ipolela hore ba bohlale ba khelose sechaba. Ho tla etsahala ntho e tšoanang ka Bokreste-’motoana mehleng ea rona.—Matheu 15:8, 9; Baroma 11:8.
Ha ho Letho le ka Etsang Hore Motho ea Lokileng a Khoptjoe
7 Jesu o ile a pepesa lithuto tsa boikaketsi tsa bolumeli mehleng ea hae. Ka mohlala, o ile a bontša hore Bafarisi ke baikaketsi kaha ba ne ba amehile haholo ka tsela eo ba hlatsoang matsoho a bona ka eona ho feta ho hlokomela batsoali ba bona. (Mat. 15:1-11) E ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba ile ba makatsoa ke mantsoe ao a hae. Ha e le hantle, ba ile ba mo botsa ba re: “Na oa tseba hore Bafarisi ba ile ba khoptjoa ha ba utloa seo u se buileng?” Eaba Jesu o re: “Semela se seng le se seng seo Ntate oa ka oa leholimo a sa kang a se lema se tla fotholoa. Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.” (Mat. 15:12-14) Jesu ha aa ka a lumella hore ho hanyetsoa ke baeta-pele bao ba bolumeli ho mo sitise ho bua ’nete.
Lula u le Moeti oa Jehova ka ho sa Feleng
8 Batho ba ‘buang ’nete ka lipelong tsa bona’ ha ba mamele Molimo feela ha batho ba bang ba ba shebile ebe ba etsa lintho tse mpe moo ba leng bang. (Esa. 29:13) Ba qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Motho ea bolotsana a ka ’na a belaella hore e meng ea melao ea Jehova e molemo. (Jak. 1:5-8) A ka ’na a khetha ho se mamele Jehova linthong tseo a li nkang e se tsa bohlokoa hakaalo. Haeba a sa fumane litla-morao tsa liketso tsa hae, a ka ’na a etsa lintho tse mpe le ho feta. Jehova a ke ke a amohela borapeli ba hae le hoja a nahana hore o ntse a mo sebeletsa. (Moek. 8:11) Kahoo, re batla ho tšepahala linthong tsohle.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Ariele” ¶1; it-E “Ariele” No. 3
Ariele
(Arʹi·el) [Leifo la Aletare ea Molimo; kapa, Tau ea Molimo].
3. Ariele ke lebitso le ikhethang le neng le sebelisoa ha ho buuoa ka Jerusalema ho Esaia 29:1, 2, 7. Jerusalema e ne e le sebaka seo tempele ea Molimo e nang le aletare ea ho etsa mahlabelo e neng e le ho sona. Kahoo, motse ona o ne o bitsoa leifo la aletare ea Molimo. O ne o boetse o lokela ho ba moo borapeli ba ’nete bo fumanoang teng. Leha ho le joalo, Esaia 29:1-4 e bua ka ntho e mpe e neng e tla etsahalla motse oa Jerusalema ha Bababilona ba ne ba timetsa motse oo ka selemo sa 607 B.C.E. Kahoo, Jerusalema e ne e tla ba “leifo la aletare” ka tsela e fapaneng, hobane e ne e tla tlala tšollo ea mali, e chesoe e be e tlale litopo tsa batho ba bolailoeng ha Bababilona ba ne ba e timetsa. Sesosa sa masisa-pelo ana se boletsoe temaneng ea 9 ho ea ho ea 16. Leha ho le joalo, Esaia 29:7, 8 e bontša hore lichaba tse neng li tla baka tšenyo ena Jerusalema, li ne li ke ke tsa atleha ho e felisa ka ho felletseng.
LA 2-8 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 30-32
Batla Tšireletso Tlas’a Mapheo a Jehova
Jehova ke Setšabelo sa Rona
7 Kaha Jehova ke setšabelo sa rona, re tšelisoa ke mantsoe ana: “Ka masiba a hae o tla thibela hore u se ke oa atameloa, u tla tšabela tlas’a mapheo a hae. ’Nete ea hae e tla ba thebe e kholo le lerako la tšireletso.” (Pesaleme ea 91:4) Molimo oa re sireletsa, feela joalokaha nonyana e okaokela malinyane a eona ho a sireletsa. (Esaia 31:5) ‘O thiba tsela e eang ho rona ka masiba a hae.’ Ka kakaretso, “masiba” a nonyana ke mapheo a eona. Nonyana e koahela malinyane a eona ka ’ona, e a sireletsa ho tse jang nama. Joaloka malinyane, re sireletsehile ka tlas’a masiba a tšoantšetso a Jehova kahobane re tšabetse mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng oa ’nete oa Bokreste.—Ruthe 2:12; Pesaleme ea 5:1, 11.
Jehova o Tla u Thusa ha ho le Boima
13 Re lokela ho etsa’ng? Leka ka thata hore u se ke oa ikarola ho batho ba bang. Ha re ikarola ho batho ba bang, re ka ’na ra nahana ka rona feela le ka mathata ao re leng ka har’a ’ona. Ho nahana ka tsela ena ho ka etsa hore re se ke ra etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 18:1) Ke ’nete hore kaofela ha rona re hloka ho ba bang ka linako tse ling, haholo-holo ha re hlahetsoe ke lintho tse bohloko. Empa haeba re ikarola ho batho ba bang nako e telele, re tla be re hana tsela eo Jehova a e sebelisang ho re tšehetsa. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na u imetsoe hakae, amohela thuso ea ba lelapa, metsoalle le baholo. Ba nke e le tsela eo Jehova a u tšehetsang ka eona.—Liprov. 17:17; Esa. 32:1, 2.
Jehova o Tla u Matlafatsa Joang?
19 U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. U bona bo-mang? U utloa melumo efe? U ikutloa joang? E le hore u khone ho ipona u le lefatšeng le lecha, sheba litšoantšo tse hlahang lingoloeng tsa rona tse bontšang Paradeise kapa u shebelle livideo tsa lipina tse kang Lefatšeng le Lecha, Ho Haufi Moo re Eang kapa Nahana ka Lefatše le Lecha. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa.
Matlotlo a Patiloeng
it-E“Bohobe” ¶6
Bohobe
Bo Sebelisitsoe ka Tsela ea Tšoantšetso. Ka Bibeleng, lentsoe “bohobe” le sebelisoa ha ho buuoa ka lintho tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala, ha Joshua le Kalebe ba ne ba bolella sechaba sa Iseraele hore baahi ba Kanana ‘ke bohobe ho bona,’ ho ka etsahala hore ba ne ba bolela hore ba ka khona ho ba hlola ha bonolo ’me seo se ne se tla matlafatsa Baiseraele. (Nu 14:9, nal.) Leha ho le joalo, ha Pesaleme ea 80:5 e bua ka bomalimabe le ho halefa ha Molisa oa Iseraele e leng Jehova, e re: “O ba jesa meokho ea bona joalokaha eka ke bohobe.” Hape, ha Bibele e bua ka maemo ao Baiseraele ba neng ba tla tobana le ona ha ba hlaseloa, e re maemo ana e ne e tla ba a tloaelehileng joalokaha eka Jehova o ba fa “bohobe ba mahlomola le metsi a khatello.”—Esa 30:20.
LA 9-15 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 33-35
“O Etsa Hore Bophelo ba Lona bo Tsitse”
Jehova o Tla u Thusa ha ho le Boima
7 Bothata. Ha re e-na le bothata bo boima, re ka ikutloa kapa ra nahana le ho itšoara ka tsela e sa tloaelehang. Feela joalokaha sekepe se ka tsukutloa kapa sa sisinngoa ke maqhubu a leoatle nakong ea sefefo, le rona re ka tsukutloa ke maikutlo a matla a fapaneng. Morali oa bo rona Ana eo re sa tsoa bua ka eena, o ile a re o ne a tleloa ke maikutlo a mangata a fapaneng ka mor’a hore Luis a hlokahale. O ile a re: “Ka linako tse ling ke ne ke nyahama ebe ke ipona ke le sono. Hape ke ne ke halefisoa ke hore ebe Luis o ntšiile.” Ho feta moo, Morali oa bo rona Ana o ne a bona eka ha ho sa tla ba le motho ea mo thusang hape o ne a ikutloa a ferekane hobane a tlameha ho etsa liqeto tse neng li etsoa ke Luis. Ka linako tse ling o ne a utloa eka o ka har’a sekepe se leoatleng le befileng le nang le sefefo se matla. Jehova o re thusa joang ha re imetsoe ke maikutlo a tjee?
8 Jehova o re thusa joang?. O tšepisa hore o tla re thusa hore re lule re tsitsitse leha re e-na le mathata. (Bala Esaia 33:6.) Ha leoatle le befile ka lebaka la sefefo se matla, sekepe se ka tsukutleha eaba se beha bophelo ba batho kotsing. Likepe tse ngata li na le lintho ka mahlakoreng karolong e ka tlase ea sekepe tse li thusang hore li tsitse boemong bo joalo. Lintho tsena tse tsitsisang sekepe li se thusa hore se se ke sa tsukutleha haholo. Ha se sa tsukutlehe haholo, batho ba se palameng ba ka khona ho mamella boemo bona ebile ba tla bolokeha. Leha ho le joalo, lintho tsena tse thusang sekepe hore se tsitse li sebetsa hantle haholo ha sekepe se ntse se tsamaea. Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla re thusa hore re lule re tsitsitse haeba re tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi le linakong tse thata.
U ka Lula u E-na le Khotso Joang ha u Mamelletse Mathata?
10 Tharollo: Kopa Jehova hore a u fe bohlale. Haeba re batla ho mamella liteko tsa rona ka thabo, re lokela hore re kope Jehova ka thapelo pele hore a re fe bohlale e le hore re tle re etse liqeto tse nepahetseng. (Bala Jakobo 1:5.) Re lokela ho itšoara joang haeba re bona eka Jehova ha a arabele thapelo ea rona hang-hang? Jakobo o itse re ’ne re kope Molimo. Jehova ha aa tenehe ha re lula re kopa hore a re fe bohlale. A ke ke a re halefela. Jehova o re fa bohlale “ka seatla se bulehileng” ha re mo kopa bona e le hore re mamelle liteko. (Pes. 25:12, 13) O bona mathata a rona, o re utloela bohloko hape o ikemiselitse hore re thusa. Kannete ntho eo e re thabisa haholo. Empa Jehova o re fa bohlale joang?
11 Jehova o re fa bohlale a sebelisa Lentsoe la hae. (Liprov. 2:6) E le hore re be le bohlale boo, re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse thehiloeng ho lona. Empa ha rea lokela ho ipokeletsa ka tsebo feela. Re lokela ho sebelisa bohlale boo Molimo a re fang bona bophelong ba rona ka hore re mamele keletso ea hae. Jakobo o ile a re: “Le be baphethi ba Lentsoe eseng bautloi feela.” (Jak. 1:22) Ha re sebelisa keletso ea Molimo, re ba le khotso, re ba mohau hape re ba le kahlolo e molemo. (Jak. 3:17) Makhabane ao a re thusa hore re mamelle teko leha e le efe kantle le hore re felloe ke thabo.
“Ha ho Moahi ea Tla re:‘Kea Kula’”
21 Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo na le phethahatso e ’ngoe ea kajeno. Batho ba Jehova kajeno le bona ba thabetse pholiso ea moea. Ba lokolotsoe lithutong tsa bohata tse kang ea ho se shoe ha moea, Boraro-bo-bong le mollo oa lihele. Ba fumana tataiso boitšoarong, e ba lokollang mekhoeng ea boitšoaro bo litšila le e ba thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng. ’Me ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, ba boemong bo hloekileng ka pel’a Molimo ’me ba thabela ho ba le letsoalo le hloekileng. (Bakolose 1:13, 14; 1 Petrose 2:24; 1Johanne 4:10) Pholiso ena ea moea e na le melemo nameng. Ka mohlala, ho qoba boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le ho qoba ho sebelisa lihlahisoa tsa koae ho sireletsa Bakreste mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le mefuteng e meng e itseng ea kankere.—1 Bakorinthe 6:18; 2 Bakorinthe 7:1.
22 Ho feta moo, ho tla ba le phethahatso e kholoanyane ea mantsoe a Esaia 33:24 ka mor’a Armagedone, lefatšeng le lecha la Molimo. Tlas’a puso ea ’Muso oa Bomesia, batho ba tla fumana pholiso e kholo ’meleng hammoho le moeeng. (Tšenolo 21:3 4) Nakoana ka mor’a ho timetsoa ha tsamaiso ea lintho ea Satane, ntle ho pelaelo mehlolo e kang eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng e tla etsahala lefatšeng ka bophara. Lifofu li tla bona, ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa, lihlotsa li tla tsamaea! (Esaia 35:5, 6) Sena se tla fa bohle ba phonyohileng matšoenyeho a maholo monyetla oa ho kopanela mosebetsing o hlollang oa ho etsa lefatše paradeise.
Matlotlo a Patiloeng
Lula u Tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’
8 Batho ba bang ba ka ’na ba re: ‘Taba ena ea thahasellisa empa lintho tse etsahaletseng Bajuda khale koaa rona li re ama joang mehleng ee?’ Lia re ama hobane le rona ka tsela e itseng, re tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Ebang re batlotsuoa kapa karolo ea “linku tse ling,” re lokela ho lula re tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Ho etsa joalo ho tla re thusa ho lula re rapela Jehova hona joale le ka moso ha ’Muso oa hae o se o re tliselitse lintho tse molemo lefatšeng. (Joh. 10:16) Ho tloha ka 1919, batho ba limilione ba ile ba tsoa Babilona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata eaba ba tsamaea tseleng ena ea tšoantšetso. E ka ’na eaba u e mong oa bona. Batho ba qalile ho tsamaea tseleng ena lilemo tse ka bang lekholo tse fetileng. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba e lokisa lilemo tse ngata haholo pele ho moo.
LA16-22 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 36-37
“U se ke oa Tšosoa ke Mantsoe ao u [a] Utloileng”
it-E“Ezekiase” No. 1 ¶14
Ezekiase
Sankeribe o Hloleha ho Hapa Jerusalema. Ezekiase o ne a lebelletse hore Sankeribe a hlasele Jerusalema. Ha Sankeribe le lebotho la hae ba ntse ba hlasela motse o sirelelitsoeng ka thata oa Lakishe, o ile a roma lebotho le leng hammoho le banna ba laolang lebotho leo hore ba eo tšosa morena oa Jerusalema. ’Muelli oa lebotho lena e ne e le Rabshake (lena e ne e se lebitso la hae empa e ne e le tlotla eo ofisiri e kholo ea sesole e neng e bitsoa ka eona), ea neng a tseba ho bua Seheberu hantle. O ile a soma Ezekiase a ba a rohaka Jehova ’me a re Jehova a ke ke a khona ho sireletsa Jerusalema feela joalokaha melimo ea linaha tse ling e hlolehile ho sireletsa baahi ba eona ho morena oa Asiria.—2Ma 18:13-35; 2Kr 32:9-15; Esa 36:2-20.
Tumelo ea Morena ea Putsoa
10 Ho latelang Rabshake o hopotsa Bajuda hore ba na le sesole se fokolang ka tsela e nyahamisang. Ka boikakaso o etsa phephetso ena: “[E-re] ke u fe lipere tse likete tse peli ho bona hore na u khona ho beha bapalami holim’a tsona.” (Esaia 36:8) Leha ho le joalo, na ho hlile hoa tsotelleha hore na bapalami ba koetlisitsoeng ba lipere ba Bajuda ba bangata kapa baa fokola? Che, kaha poloko ea Juda ha ea itšetleha ka bonatla ba sesole. Liproverbia 21:31 e hlalosa litaba ka tsela ena: “Pere ke ntho e lokisetsoang letsatsi la ntoa, empa poloko ke ea Jehova.” Joale Rabshake o bolela hore Jehova o hlohonolofatsa Baassyria, eseng Bajuda. O bolela hore ho seng joalo Baassyria ba ka be ba sa kenella hare joalo naheng ea Juda.—Esaia 36:9, 10.
Tumelo ea Morena ea Putsoa
13 Rabshake o boetse o ntša sebetsa se seng sa mantsoe lethaleng la lintho tseo a phehang khang ka tsona. O lemosa Bajuda hore ba se ke ba kholoa Ezekiase ha a ka re: “Jehova o tla re lopolla.” Rabshake o hopotsa Bajuda hore melimo ea Samaria e sitiloe ho thibela Baassyria ho hlōla meloko e leshome. ’Me ho thoe’ng ka melimo ea lichaba tse ling tseo Assyria e li hlotseng? Oa botsa: “Melimo ea Hamathe le Arpade e hokae? Melimo ea Sefarvaime e hokae? Na e lopolotse Samaria letsohong la ka?”—Esaia 36:18-20.
14 Ke ’nete hore Rabshake, eo e leng morapeli oa melimo ea bohata, ha a utloisise hore ho na le phapang e kholo pakeng tsa Samaria e koenehileng le Jerusalema e busoang ke Ezekiase. Melimo ea bohata ea Samaria e ne e se na matla a ho sireletsa ’muso oa meloko e leshome. (2 Marena 17:7, 17, 18) Ka lehlakoreng le leng, Jerusalema e busoang ke Ezekiase e furaletse melimo ea bohata ’me e boetse e sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, baemeli ba Juda ba bararo ha ba leke ho hlalosetsa Rabshake sena. “Ba khutsa ’me ha baa ka ba mo araba ka lentsoe, etsoe taelo ea morena e ne e re: ‘Le se ke la mo araba.’” (Esaia 36:21) Eliakime, Shebna le Jooa ba khutlela ho Ezekiase ’me ba mo tlalehela mantsoe a Rabshake.—Esaia 36:22.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Tomo” ¶4
Tomo
Jehova o ile a re ho Morena Sankeribe oa Asiria: “Ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tomo ea ka pakeng tsa molomo oa hao. Ke tla u khutlisa ka tsela eo u tlileng ka eona.” (2Ma 19:28; Esa 37:29) Jehova o ile a etsa hore Sankeribe a tlohele ho hlasela motse oa Jerusalema empa a khutlele Ninive moo hamorao a ileng a bolaoa ke bara ba hae. (2Ma 19:32-37; Esa 37:33-38) Taba ea hore Jehova o kentse tomo melomong ea lira tsa batho ba hae, e bontša hore o ne a tla laola lira tsena joalokaha motho a laola liphoofolo tseo a li kentseng tomo melomong.—Esa 30:28.
LA 23 FEBRUARY–LA 1 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 38-40
“O Tla Hlokomela Mohlape oa Hae Joaloka Molisa”
Bibele e re Ruta’ng ka Mongoli oa Eona?
3 Bala Esaia 40:8. Ka lilemo tse ngata, Lentsoe la Molimo le ile la tataisa banna le basali ba tšepahalang. Seo se ile sa etsahala joang? Ena ke potso e ntle hobane qalong Mangolo a ne a ngotsoe meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ha nako e ntse e e-ea ebile ha a sa le eo hona joale. Empa Jehova o ile a etsa bonnete ba hore Mangolo ao a neng a ngotsoe qalong aa kopitsoa. Le hoja bakopitsi ba ne ba sa phethahala, ba ne ba le hlokolosi haholo ha ba kopitsa. Ka mohlala, ha setsebi se seng se bua ka Mangolo a Seheberu se ile sa re: “Re kholisehile hore ha ho na buka e ’ngoe ea khale e ileng ea kopitsoa ka tsela e nepahetseng joaloka Bibele.” Le hoja Bibele e ile ea ngoloa khale meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ebile e kopitsoa ke batho ba sa phethahalang, re ka kholiseha hore seo re se balang Bibeleng mehleng ena se tsoa ho Mongoli oa eona e leng Jehova.
4 Jehova o re file “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jak. 1:17) Bibele ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona. Mpho e re bontša hore na motho ea re fileng eona o re tseba hakae le hore o tseba lintho tseo re li hlokang. Ho joalo le ka Bibele. Ha re e bala, re ithuta haholoanyane ka Jehova. Re ithuta hore o re tseba hantle ebile o tseba lintho tseo re li hlokang. Sehloohong sena re tl’o ithuta ka makhabane a mararo a Jehova e leng bohlale, toka le lerato la hae. A re qaleng pele ka ho bua ka hore na Bibele e bontša joang hore Molimo o bohlale.
cl 70 ¶7
Matla a ho Sireletsa—‘Molimo ke Setšabelo sa Rona’
7 Ka ho itšoantša le molisa, Jehova o re tiisetsa takatso ea hae e tiileng ea ho re sireletsa. (Ezekiele 34:11-16) Hopola kamoo Jehova a hlalosoang kateng ho Esaia 40:11, e tšohliloeng Khaolong ea 2 ea buka ena: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng.” Ho tla joang hore konyana e nyenyane e be “sefubeng” sa molisa mamenong a liaparo tsa hae tsa ka holimo? Konyana e ka ’na ea ikatametsa ho molisa, esita le ho ikhohla ka eena maotong. Leha ho le joalo, ke molisa ea lokelang ho inama, a nke konyana ’me a e behe ka mosa moo ho sireletsehileng sefubeng sa hae. Ke papiso e lerato hakaakang e bontšang boikemisetso ba Molisa oa rona e Moholo ba ho re sireletsa!
“O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”
4 Bala Esaia 40:26. Ha ho motho ea kileng a khona ho bala linaleli tsohle tse teng sepakapakeng. Bo-rasaense ba re sehlopheng sa linaleli se bitsoang Milky Way, ho na le linaleli tse ka bang libilione tse 400. Empa Jehova o li tseba kaofela esita le ka mabitso. Taba ee e re ruta’ng? Haeba Jehova a thahasella linaleli e leng lintho tse sa pheleng, nahana hore na o ikutloa joang ka uena motho ea mo sebeletsang ka ho rata eseng hobane u tlamehile. (Pes. 19:1, 3, 14) Jehova o u tseba hantle. Ha Bibele e bua ka Jehova e re: “Moriri oa lihlooho tsa lona o baliloe kaofela.” (Mat. 10:30) Re boetse re tšelisoa ke Pesaleme ea 37:18 e reng: “Jehova o hlokomela matsatsi a ba se nang molato,” e leng hore o hlokomela mathata a hlahelang bahlanka ba hae. Kahoo, a ka u fa matla a hore u khone ho a mamella kaofela.
5 Bala Esaia 40:28. Kaha Jehova ke ’Mopi, ke eena mohloli oa matla. Mohlala, nahana ka matla a letsatsi. Rasaense e mong o re: “Matla ao letsatsi le a ntšang motsotsoana o mong le o mong, a lekana le a libomo tse libilione tsa athomo.” Setsebi se seng sona se re matla ao letsatsi le fanang ka ’ona ka motsotsoana o le mong feela, a ka sebelisoa ke baahi bohle ba lefatše ka lilemo tse 200 000. Kahoo, kaha Jehova ke eena ea bopileng letsatsi, a ka khona ho re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle mathata afe kapa afe.
6 Bala Esaia 40:29. Ha re sebeletsa Jehova re tla thaba. Jesu o ile a re: “Jarang joko ea ka.” A boela a re: “Le tla fumanela meea ea lona khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Mantsoe ao ke ’nete. Ka linako tse ling re ikutloa re khathetse ha re lokela ho ea libokeng kapa tšimong. Empa ha re khutla, re ikutloa re khatholohile re bile re e-na le matla a ho sebetsana le mathata a rona. Joko ea Jesu e mosa e le kannete.
Matlotlo a Patiloeng
“Tšelisang Batho ba Ka”
7 Tsosoloso ea lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. e ne e se eona feela phethahatso ea boprofeta bona. Bo ile ba boela ba phethahala lekholong la pele la lilemo C.E. Johanne Mokolobetsi e ne e le lentsoe la e mong ea ‘hoeletsang lefeelleng,’ phethahatsong ea Esaia 40:3. (Luka 3:1-6) A le tlas’a pululelo, Johanne o ile a bontša hore mantsoe ana a Esaia a sebetsa ho eena. (Johanne 1:19-23) Ho qala ka 29 C.E., Johanne o ile a qala ho lokisetsa Jesu Kreste tsela. Phatlalatso ea Johanne ea selelekela e ile ea susumelletsa batho ho batla Mesia ea tšepisitsoeng e le hore ba ka mo mamela le ho mo latela. (Luka 1:13-17, 76) A sebelisa Jesu, Jehova o ne a tla tataisetsa ba bakileng tokolohong eo e leng ’Muso oa Molimo feela o ka fanang ka eona tokoloho bokhobeng ba sebe le lefu. (Johanne 1:29; 8:32) Mantsoe a Esaia a ile a phethahala ka tsela e kholoanyane ha masala a Iseraele ea moea a lopolloa Babylona e Moholo ka 1919 le ha a tsosolosetsoa borapeling ba ’nete.