Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 2-8 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 41-42
“U se ke oa Tšoha”
Mantsoe a Tšelisang a Boprofeta bo u Amang
10 Ha a talima lilemong tse ka bang 200 tse tlang, Jehova o hlahloba boemo ba lefatše. Mabotho a matla a laoloang ke Cyruse a lebelo, a hlola bahanyetsi bohle. Batho esita le baahi ba lihlekehleke, ba libakeng tse hole ka ho fetisisa baa thothomela ha a atamela. Ka ho tšoha ba iketsa ngatana-’ngoe e le hore ba loantše eo Jehova a mo bitsitseng ho tsoa bochabela ho tla liha kahlolo. Ba leka ho khothatsana, ka ho re: “E-ba matla.”
ijwbv sehlooho sa 5 ¶4-7
Esaia 41:10—“U se ke oa Tšoha Kaha ke na le Uena”
“Ke na le uena.” Jehova o bolella bahlanka ba hae hore ba se ke ba tšoha hobane ha ba bang. Kaha o bona lintho tse ba etsahallang ebile o utloa lithapelo tsa bona, ho tšoana leha eka o na le bona.—Pesaleme ea 34:15; 1 Petrose 3:12.
“Ke ’na Molimo oa hao.” Jehova o khothatsa bahlanka ba hae ka ho ba hopotsa hore e ntse e le Molimo oa bona ’me o ba nka e le barapeli ba hae. Ba ka kholiseha hore ha ho maemo leha e le afe a ka thibelang Molimo hore a ba thuse.—Pesaleme ea 118:6; Baroma 8:32; Baheberu 13:6.
“Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.” Jehova o sebelisitse lipolelo tsena tse tharo ho hatisa hore o tla lula a tšehetsa bahlanka ba hae. O etsa hore re utloisise ka ho hlaka hore na o etsa’ng ha bahlanka ba hae ba hloka thuso. Haeba motho a oa, Molimo o mo tšoara ka letsoho la hae le letona la tšoantšetso ho mo phahamisa.—Esaia 41:13.
Tsela e ka sehloohong eo Molimo a matlafatsang le ho thusa bahlanka ba hae ka eona, ke ka Lentsoe la hae e leng Bibele. (Joshua 1:8; Baheberu 4:12) Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le fana ka likeletso tse bohlale tse ka thusang batho ba nang le mathata a kang bofutsana, ho kula kapa ho hlokahalloa ke motho eo ba mo ratang. (Liproverbia 2:6, 7) Molimo a ka boela a sebelisa moea oa hae o halalelang ho fa bahlanka ba hae matla a ho mamella mathata.—Esaia 40:29; Luka 11:13.
“U se ke ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”
Na mantsoe aa ha a u fe tšepo? Ak’u thuise ka mantsoe ana ao Jehova aa sebelisitseng mona. Litemaneng tsena, ha ho thoe u tsamaea le Jehova le tšoarane ka matsoho le hoja ho etsa joalo e le ntho e ntle. Haeba le ne le tsamaea le tšoarane ka matsoho, letsoho la hae le letona le ne le tla be le tšoere la hao le letšehali. Empa, Jehova o otlolla “letsoho la [hae] le letona la ho loka” ’me o tšoara “letsoho la hao le letona,” joalokaha eka o u hula ka har’a matšoenyeho a bophelo. Ha a ntse a u hula, o bua mantsoe ana a khothatsang: “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.”
Na u nka Jehova e le Ntate le Motsoalle ea lerato ea tla u thusa ha u e-na le mathata? Oa u thahasella, ’me o amehile ka uena, ebile o batla ho u thusa. Jehova o batla hore u ikutloe u sireletsehile le ha u e-na le mathata, kaha o u rata haholo. Ka sebele ke “thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.”—Pes. 46:1.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Tšepahala ho Bolela Eng?
Jehova o ile a re ho motsoalle oa hae Abrahama: “Ke ’na thebe ea hao.” (Genese 15:1; Esaia 41:8) Mantsoe ana e ne e se puo ea molomo feela. Jehova o ile a sireletsa le ho lopolla Abrahama le ba ntlo ea hae ho Faro le ho Abimeleke. O ile a thusa Abrahama hore a pholose Lota ho marena a mane a selekane. Jehova o ile a tsosa matla a ho etsa bana a Abrahama ea lilemo li 100 le Sara ea lilemo li 90 e le hore ka bona ho ka hlaha Peo e tšepisitsoeng. Nako le nako Jehova o ne a buisana le Abrahama ka lipono, litoro le manģosa a mangeloi. Ha e le hantle, Jehova o ile a bontša botšepehi ho Abrahama ha a sa ntse a phela le nako e telele ka mor’a lefu la hae. Ka makholo a lilemo, Jehova o ile a boloka litšepiso tsa hae ho bana ba Abrahama, e leng sechaba sa Iseraele, ho sa tsotellehe borabele ba bona. Kamano ea Jehova le Abrahama e ne e le pontšo ea seo botšepehi ba ’nete bo leng sona e leng lerato le bontšoang ka liketso.—Genese, khaolo ea 12 ho ea ho khaolo ea 25.
LA 9-15 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 43-44
Boprofeta bo Ileng ba Ngoloa Lilemo Tse 200 Pele bo Phethahala
16 Ka 539 B.C.E., nako ea ho busa ha Babylona e le ’muso oa lefatše o tummeng e ile ea fela ha ’musi Cyruse ea matla oa Persia, a e-na le lebotho la Media, a futuhela motse. Leha ho le joalo, seo Cyruse a ileng a se fumana se ne se le boima haholo. Babylona e ne e potiloe ke marako a maholo ’me e ne e bonahala eka e ke ke ea kenoa. Noka e kholo ea Eufrate le eona e ne e phalla pakeng tsa motse ’me e tlatsetsa ka tsela ea bohlokoahali liqhobosheaneng tsa oona.
17 Rahistori oa Legerike Herodotus o hlalosa kamoo Cyruse a ileng a sebetsana le bothata boo kateng: “O ile a beha karolo ea lebotho la hae sebakeng seo noka e kenang motseng ho sona, le sehlopha se seng ka mor’a sebaka seo e hlahang ho sona, ka litaelo tsa ho kena motseng ba tsamaea ka har’a molatsoana, hang feela ha metsi a fokotsehile ho lekana . . . O ile a khelosa Eufrate ka molatsoana o kenang letamong [letša le iketselitsoeng le neng le chekiloe ke ’musi oa pele oa Babylona], leo joale e neng e se e le mokhoabo, leo noka e ileng ea phallela ka ho lona ho fihlela boholeng boo sebaka sa tlhaho seo molatsoana o phallang ho sona se neng se ka tšeloa ka maoto. Eaba Bapersia ba neng ba siiloe ka morero Babylona ka thoko ho noka, ba kena ka har’a molatsoana, oo joale metsi a oona a neng a se a le tlaase hoo a neng a fihla bohareng ba serope sa monna, ’me ba kena motseng joalo.”4
it-E “Saeruse” ¶7
Saeruse
Ho hloloa ha Babilona. E ne e le nako ea hore Saeruse a hlasele motse o matla oa Babilona ’me ka ho etsa joalo o ne a phethahatsa boprofeta ba Bibele. Boprofeta ba Esaia bo buang ka ho tsosolosoa ha Jerusalema le tempele e ho eona, bo ile ba re ho na le molaoli oa Persia ea ileng a khethoa ke Jehova Molimo hore a hlasele Babilona le ho etsa hore Bajuda ba neng ba le botlamuoeng teng ba lokolloe. (Esa 44:26–45:7) Le hoja boprofeta bona bo ile ba boleloa lilemo tse ka bang 150 pele Saeruse e ba morena ’me ho lihuoa ha Juda ho etsahetse pele Saeruse a e-ba teng, Jehova o ile a re Saeruse e ne e tla ba “molisa” oa hae molemong oa Bajuda. (Esa 44:28; bapisa le Bar 4:17.) Ka lebaka la sena, Saeruse o ile a bitsoa “motlotsuoa” oa Jehova (e leng lentsoe la Seheberu ma·shiʹach le bolelang mesia le la Segerike khri·stosʹ le bolelang kreste). (Esa 45:1) Hore e be Molimo o ile a ‘mo bitsa ka lebitso’ (Esa 45:4) esale pele, ha ho bolele hore Molimo ke eena ea fileng Saeruse lebitso ha a ne a hlaha. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tseba hore ho ne ho tla ba le monna ea tla hlaha ea nang le lebitso leo ’me o ne a tla mo bitsa ka lona ka ho toba.
it-E “Saeruse” ¶17
Saeruse
Saeruse o ne a sa tšoare Bajuda ka tsela eo balaoli ba bang ba sa rapeleng Jehova ba neng ba ba tšoara ka eona. O ile a khutlisa lintho tse neng li sebelisoa ntlong ea Jehova tseo Nebukadnezare II a neng a li isitse Babilona, a lumella hore ho tlisoe lifate tsa kedare tse tsoang Lebanone a ba a lumella hore ho pataloe chelete e tsoang ntlong ea morena e tla sebelisetsoa ho tsosolosa tempele. (Esd 1:7-11; 3:7; 6:3-5) Ho ea ka moqolo oa Saeruse (SETŠOANTŠO, Vol. 2, leq. 332), molaoli enoa oa Persia o ne a bontša botho tseleng eo ka eona a neng a tšoara batho ba botlamuoeng ba tlas’a bolaoli ba hae. Mongolong o moqolong oo, Saeruse o re: “Ke ile ka khutlela libakeng tse neng li bitsoa metse e halalelang e ka lehlakoreng le leng la noka ea Tigris e leng metse e neng e e-na le nako e telele e senyehile, ka khutlisa le litšoantšo tsa bona tseo ba neng ba li sebelisa le ho ba etsetsa libaka tse halalelang. Ke ile ka boela ka re baahi ba teng ba khutlele libakeng tsa bona.”—Ancient Near Eastern Texts, leq. 316.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mohlala oa bobeli ke boprofeta bo buang ka Saeruse ea neng a tla lokolla Bajuda botlamuoeng e le hore ba ka tsosolosa tempele ea Jehova. (Esa. 44:26–45:4) Morena Saeruse oa Persia o ile a phethahatsa boprofeta boo. (Esdr. 1:1-4) Leha ho le joalo, Saeruse o ne a sa sebeletse Molimo oa ’nete. Jehova o ile a sebelisa Saeruse ho phethahatsa boprofeta bona empa ha aa ka a mo qobella hore a mo sebeletse.—Liprov. 21:1.
LA 16-22 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 45-47
“Ke ’Na Molimo ’Me ha ho ea Tšoanang le ’Na”
“Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe”
14 Satane o lekile kahohle hore a sitise Jehova ho phethahatsa thato ea hae. Empa ha ho le ka le baliloeng a ileng a atleha. Bibele ea re bolella hore na Jehova o ile a etsa’ng ’me taba ena ea re bontša hore ha ho na motho ea tšoanang le Jehova. Ho bua ’nete taba ea hore ebe Satane le mahlahana a hae ba fetohetse Jehova e mo utloisitse bohloko haholo. (Pes. 78:40) Leha ho le joalo, o ile a sebetsa litaba ka bohlale, mamello le toka. Jehova o boetse o bontšitse ka litsela tse ngata hore o matla ’ohle. Empa ka holimo ho tsohle, o bontšitse hore o lerato linthong tsohle tseo a li etsang. (1 Joh. 4:8) Ha ho mohla Jehova a kileng a emisa ho halaletsa lebitso la hae.
“Jehova o Matla Haholo”
14 Joalokaha re tla bona, Molimo o sebelisa matla ho bopa, ho timetsa, ho sireletsa, ho tsosolosa ha e le hantle, ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lumellanang le merero ea hae e phethahetseng. (Esaia 46:10) Maemong a mang, Jehova o sebelisa matla a hae ho senola litšobotsi tsa bohlokoa tsa botho ba hae le litekanyetso tsa hae. Ka holim’a tsohle, o sebelisa matla a hae ho phetha thato ea hae, ho tlosa qoso bobusing ba hae le ho halaletsa lebitso la hae le halalelang ka ’Muso oa Bomesia. Ha ho letho le ka nyopisang morero oo le ka mohla.
it-E “Bajuda ba Khutla Botlamuoeng Babilona” ¶1
Bajuda ba Khutla Botlamuoeng Babilona
KA SELEMO sa 607 B.C.E. motse o neng o ruile oa Juda o ile oa fetoha lithako ’me oa hloka le baahi, kaha Bajuda ba ile ba isoa botlamuoeng Babilona ha ba bang bona ba ile ba balehela Egepeta. (Jer 9:11) Leha ho le joalo, Molimo ea lerato le ea nang le mosa o ne a ke ke a tlohela batho ba hae hore ba be botlamuoeng ka ho sa feleng. O ile a re ba “tla lokela ho sebeletsa morena oa Babilona ka lilemo tse 70” ’me ka mor’a moo o ne a tla pholosa ba ileng ba lula ba tšepahala. (Jer 25:11, 12; 29:10-14) Le hoja ’muso oa Babilona o ne o le matla lefatšeng ka nako eo, o ne o ke ke oa thibela Molimo ho phethatsa morero oa hae. Ho khutla ha Bajuda botlamuoeng ho bontša hore boprofeta bo tla lula bo phethahala feela joalokaha Jehova a boletse.
Re Thabela Hore Ebe Jehova o re Bontša Tsela ea Hae
18 Joaloka mehleng e fetileng, le kajeno ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka botšepehi bo sa sekisetseng—ho ikemisetsa ho sebeletsa eena a ’notši. Ho hloka tšepo—tumelo e feletseng ea hore litšepiso tsa Jehova ke tsa ’nete ’me li tla phethahala. Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka kutlo—ho latela melao ea hae ntle le ho kheloha le ho boloka litekanyetso tsa hae tse phahameng. “Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng.”—Pesaleme ea 11:7.
19 Akaze o ile a talima ho melimo ea Syria bakeng sa tšireletso. Baiseraele ba neng ba le Egepeta ba ne ba tšepile hore “mofumahali oa leholimo,” molimotsana ea neng a rapeloa ka ho pharaletseng Bochabela bo Hare ba boholo-holo, o tla ba tlisetsa katleho ea lintho tse bonahalang. Kajeno, melimo e mengata ha se ea litšoantšo tsa sebele. Jesu o ile a eletsa khahlanong le ho sebeletsa “Maruo” ho e-na le ho sebeletsa Jehova. (Matheu 6:24) Moapostola Pauluse o buile ka “ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) O ile a boela a bua ka bao ‘molimo oa bona e leng limpa tsa bona.’ (Bafilippi 3:19) E, chelete le lintho tse bonahalang ke e meng ea melimo e ka sehloohong e rapeloang kajeno. Bonneteng, batho ba bangata ho kopanyelletsa le ba bangata bao e leng litho tsa bolumeli ‘ba behile tšepo ea bona maruong a sa tsitsang.’ (1 Timothea 6:17) Ba bangata ba sebetsa ka thata ho sebeletsa melimo ena, ’me ba bang ba fumana litholoana—ho phela matlong a matle ka ho fetisisa, ho ba le lintho tse theko e boima le ho ja lijo tsa maemo. Leha ho le joalo, ha se bohle ba nang le matlotlo a joalo. Esita le ba nang le ’ona, qetellong ba fumana hore lintho tsena ha li ba khotsofatse. Ha lia tsitsa, ke tsa nakoana ’me ha li khotsofatse litlhoko tsa moea.—Matheu 5:3.
Matlotlo a Patiloeng
Na Molimo o ne a Tseba Hore Adama le Eva ba Tla Etsa Sebe?
Mangolo a boetse a bontša hore Jehova ke “ea bohlale a le mong.” (Baroma 16:27) Mangeloi a Molimo leholimong a ile a bona lintho tse ngata tse bonahatsang bohlale bona bo sa lekanngoeng. A ile a “hlaba litlatse” ha Jehova a bopa lintho tse lefatšeng. (Jobo 38:4-7) Ha ho pelaelo hore libopuoa tsena tse bohlale tsa moea li ile tsa shebella liketsahalo tsa serapeng sa Edene ka thahasello e kholo. Na joale e ne e tla ba ntho e nang le kelello hore Molimo ea bohlale a bope bokahohle bo hlollang hammoho le lintho tse ling lefatšeng, ebe ka mor’a moo, bara ba hae ba mangeloi ba ntse ba shebile, o bopa batho ba babeli ba ikhethang bao a tsebang hantle hore ba ne ba sa tl’o atleha? Ho hlakile hore e ne e tla ba ho sa utloahaleng ho rera koluoa e joalo.
Leha ho le joalo, ba bang ba ntse ba ka hana, ba re, ‘Ho tla joang hore ebe Molimo ea nang le bohlale bohle o ne a sa tsebe?’ Ke ’nete hore tšobotsi e ’ngoe ea bohlale bo boholo ba Jehova ke ea hore o na le matla a ho tseba “qetello ho tloha tšimolohong.” (Esaia 46:9, 10) Leha ho le joalo, ha ho ntho e mo tlamang ho sebelisa matla ana a hae, etsoe ha se kamehla a sebelisang matla a hae a maholo ka ho feletseng. Ka bohlale, Jehova oa khetha hore na ke neng moo a batlang ho sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele. O a sebelisa ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore a etse joalo, le ha boemo bo loketse.
LA 23-29 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 48-49
Rua Molemo ka ho Mamela Jehova
it-E “Morupeli, Ho Ruta” ¶2
Morupeli, Ho Ruta
Jehova Molimo e leng ’Mopi, ke Morupeli e Moholo kapa Mosuoe oa bahlanka ba hae. (1Ma 8:36; Ps 27:11; 86:11; 119:102; Esa 30:20; 54:13) Popo e bontša ka ho hlaka hore ho na le Molimo ea bohlale ea e entseng. Ha re ntse re etsa lipatlisiso le ho ithuta linthong tse bopiloeng, rea hlokomela hore lintho tseo re li tsebang ke linyane ha li bapisoa le bohlale ba Molimo. (Job 12:7-9) Ho ekelletsa moo, Jehova Molimo o ile a sebelisa mekhoa e fapaneng ho bolella batho lebitso la hae, merero ea hae le melao ea hae. (Bapisa le Ex 4:12, 15; 24:12; 34:5-7.) Re ithuta lintho tsena ka Lentsoeng la Molimo e leng Bibele ’me ke tsona tse re thusang ho tseba seo e leng ’nete ka thato ea hae. (Bar 15:4; 2Ti 3:14-17) Molimo o boetse o sebelisa moea oa hae o halalelang ho re ruta.—Joh 14:26.
Bibele e Re’ng ka Bolokolohi ba ho Ikhethela? Na Molimo o Laola Qetello ea Hao?
● Molimo o bopile batho ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26) Ho fapana le liphoofolo, tse etsang lintho ho ea ka tšekamelo ea tsona ea tlhaho, rona re bontša seo ’Mopi oa rona a leng sona ka bokhoni ba rona ba ho bontša litšobotsi tse kang lerato le toka. Joaloka ’Mopi oa rona, re na le bolokolohi ba ho ikhethela.
● Ka linako tse ling, tsela eo re etsang lintho ka eona e ka bontša hore na re tla ba le bokamoso ba mofuta ofe. Bibele e re khothalletsa hore re ‘khethe bophelo ka hore re mamele lentsoe la Molimo,’ e leng se bolelang ho khetha ho mamela litaelo tsa hae. (Deuteronoma 30:19, 20) Khothalletso eo e ne e ke ke ea thusa ka letho ebile e ne e tla bontša sehloho haeba re ne re se na bolokolohi ba ho ikhethela. Ho e-na le hore Molimo a re qobelle ho etsa seo a reng re se etse, o ipiletsa ho rona ka mofuthu o re: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka.”—Esaia 48:18.
‘Le Ntse le Ikaha Tumelong ea Lona e Halalelang ka ho Fetisisa’
8 Litemaneng tsena Jehova o re hopotsa hore re itsoela molemo ha re mo mamela. O re tšepisa melemo e ’meli haeba re ka mo mamela. Molemo oa pele, khotso ea rona e tla tšoana le noka e be e ngata, e be e nang le khutso le e sa khaotseng. Molemo oa bobeli, ho loka ha rona ho tla tšoana le maqhubu a leoatle. Ha u eme lebopong la leoatle ’me u shebeletse maqhubu ha a ntse a khahlela lebopong, ha ho pelaelo hore u ba le maikutlo a hore a tla ’ne a etse joalo kamehla. Ua tseba hore maqhubu ao a tla ’ne a khahlele lebopong leo ka ho sa feleng. Jehova o re ho loka ha hao le hona ho ka ba joalo. Hafeela u ntse u leka hore u tšepahale ho eena, a ke ke a u tlohela hore u hlolehe! (Bala Pesaleme ea 55:22.) Na litšepiso tse joalo tse thabisang ha li matlafatse tumelo ea hao ho Jehova le linthong tse lokileng tseo a li hlokang?
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Nako ea ho Bontša Mosa” ¶1-3
Nako ea ho Bontša Mosa
Ho 2 Bakorinthe 6:2 moapostola Pauluse o qotsa boprofeta bo ho Esaia 49:8, bo reng: “Jehova o re: ‘Ke ile ka u araba ka nako ea mosa oa ka ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko. Ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena u le selekane bakeng sa batho hore u etse hore naha e boele e be le baahi, ho etsa hore ba je mafa a bona a lahliloeng kherehloa.’” Qalong mantsoe ana a ne a buuoa ho Esaia ’me o ne a tšoantšetsa sechaba sa Iseraele. (Esa 49:3) Ho hlakile hore bona e ne e le boprofeta bo buang ka ho tsosolosa ’me bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha batšoaruoa ba Baiseraele ba utloa mantsoe a reng “Tsoang!” ’me ba lokolloa Babilona. Ka mor’a moo, ba ile ba khutlela naheng ea habo bona eaba naha e ba le baahi hape.—Esa 49:9.
Leha ho le joalo, mantsoe a temaneng ea borobeli a reng “e le hore ke fane ka uena u le selekane bakeng sa batho” le a temaneng ea botšelela a reng “mohlanka” enoa oa Jehova e ne e tla ba “leseli la lichaba e le hore poloko ea [Molimo] e ka fihla likhutlong tsa lefatše,” e tlameha ebe ke boprofeta bo neng bo bua ka Mesia ’me bo ile ba phethala ho Kreste Jesu joaloka “mohlanka” oa Molimo. (Bapisa le Esa 42:1-4, 6, 7 le Mat 12:18-21.) Kaha “nako ea mosa” e ne e le nako eo Jehova a neng a tla “araba” le ho “thusa” mohlanka oa hae ka eona, e tlameha ebe mantsoe ana a ne a bua ka Jesu ha a ne a le lefatšeng nakong eo a neng a “etsa lithapelo tse matla le likopo tse tsoang pelong tse eang ho Molimo ea neng a khona ho mo pholosa lefung. O ile a etsa lithapelo le likopo tseo a hoelelitse a bile a lla ’me lithapelo tsa hae li ile tsa utluoa hobane o ne a hlompha Molimo.” (Heb 5:7-9; bapisa le Joh 12:27, 28; 17:1-5; Lu 22:41-44; 23:46.) Kahoo, lena e ne e le “letsatsi la poloko” bakeng sa Mora oa Molimo, kaha o ile a bontša botšepehi ka ho phethahetseng ’me “ka lebaka la hae, batho bohle ba mo mamelang ba na le monyetla oa ho pholosoa le ho fumana bophelo bo sa feleng.”—Heb 5:9.
Ho ekelletsa moo, mantsoe ao Pauluse aa buileng ha a ne a qotsa boprofeta bona, a boetse a sebetsa le ho Bakreste bao a ileng a re ba “se ke [ba] amohela mosa oa Molimo ebe ha [ba] etse letho ka oona” le ho bao a ileng a re ho bona (ka mor’a ho qotsa Esa 49:8): “Hona joale ke nako ea hore a re bontše mosa, ke letsatsi la poloko.” (2Ko 6:1, 2) Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Bakreste bana e ile ea e-ba “Iseraele ea Molimo” (Gal 6:16) empa ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba bontše hore ba tšoaneloa ke mosa oa Molimo, e le hore “nako ea hore a [ba] bontše mosa” e ka ba “letsatsi la poloko” ho bona.
LA 6-12 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 50-51
Mamela eo Molimo a mo Rutileng
Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso
5 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ka tšebeletso eo a neng a tla e etsa lefatšeng. Nahana ka boprofeta bo hlalosang kamano e pakeng tsa Morupeli e Moholo le Mora oa hae oa letsibolo. (Bala Esaia 50:4, 5.) Boprofeta bo bolela hore Jehova o ne a tsosa Mora oa hae “hoseng ho hong le ho hong.” Papiso ena e bua ka mosuoe ea tsosang morutoana oa hae esale hoseng e le hore a mo rute. Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele, e re: “Jehova . . . o mo [Jesu] ruta joalokaha mosuoe a ruta ngoana sekolong ’me o mo ruta seo a lokelang ho se ruta le hore na o lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli joang.” “Sekolong” seo sa leholimo, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ‘seo a tla se bolela le seo a tla se bua.’ (Joh. 12:49) Ntate o ile a boela a fa Mora oa hae litaelo tsa hore o lokela ho ruta joang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa kamoo a neng a koetlisitsoe kateng, eseng feela ka ho etsa tšebeletso ea hae empa hape le ka ho koetlisa balateli ba hae hore ba phethe tšebeletso ea bona.
“Ke Rata Ntate”
13 Pele e e-ba motho oa nama, Mora o ne a khothaletse ho ithuta ho Ntate oa hae. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 50:4-6 bo senola hore Jehova o ile a rupela Mora oa hae ka tsela e khethehileng mabapi le karolo eo a neng a tla e phetha e le Mesia. Le hoja thupelo eo e ne e akarelletsa ho ithuta ka a mang a mathata a neng a tla hlahela Motlotsuoa oa Jehova, Mora o ile a khothalla ho ithuta. Hamorao, ha Jesu a se a tlile lefatšeng ’me a se a holile, o ile a ’na a khothalla ho ea tlung ea Ntate oa hae ho kopanela borapeling moo le ho ithuta seo Jehova a neng a batla hore se rutoe moo. Kahoo Bibele e tlaleha hore Jesu o ne a tšepahalla ho ea tempeleng le synagogeng. (Luka 4:16; 19:47) Haeba re batla ho boloka lerato la rona ho Jehova le phela le bile le tiile, re lokela ho khothalla ho ba teng libokeng tsa Bokreste, moo re rapelang Jehova teng re be re tebise tsebo ea rona ka eena le kananelo ea rona.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Koari” ¶2
Koari
Jehova o ile a sebelisa Esaia ho fana ka mokhabo-puo o hlakileng oa koari le tsela eo e sebelisitsoeng ka eona. (Esa 51:1) Joalokaha temana e qalang e bontša, ho ka etsahala hore “lefika” e ne e le Abrahama, kaha lichaba tsohle li ne li tla tsoa ho eena ’me “koari” e ne e le Sara, eo popelo ea hae e neng e tšoana le sekoti eaba o tsoala moholo-holo oa Iseraele e leng Isaka. (Esa 51:2) Leha ho le joalo, kaha Jehova o ile a kenella ka tsela e hlollang hore Isaka a be teng, mokhabo-puo koari o ka boela oa hlalosa matla a hlollang ao Jehova aa sebelisang. Ke kahoo Deuteronoma 32:18 (Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) e reng Jehova ke ‘Lefika le ileng la tsoala’ Iseraele le “Ea [e] tsoetseng [leetsi lena le sebelisitsoe ha ho ne ho buuoa ka Sara ho Esa 51:2] ka bohloko ba pelehi.”
LA 13-19 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 52-53
Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!
Bacha—Hlolang Khatello ea Lithaka
2 Na lithaka tsa hao li u susumetsa haholo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng? Na ebe mohlomong ke hobane u batla hore li u amohele? Ha se hore kamehla ho ba le takatso e joalo ho fosahetse. Ha e le hantle, le batho ba baholo ba ntse ba batla ho amoheloa ke lithaka tsa bona. Ha ho na motho ea ratang ho khesoa ebang ke motho e moholo kapa ke mocha. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha se kamehla batho ba tla u rorisa ha u emela se nepahetseng. Jesu le eena o ile a tobana le seo. Ho ntse ho le joalo, kamehla Jesu o ne a etsa se nepahetseng. Ba bang ba ile ba latela Mora oa Molimo ’me ea e-ba barutuoa ba hae, empa ba bang ba ile ba mo khesa ’me ba “mo nka e se oa bohlokoa.”—Esa. 53:3.
Jehova o Phahamisa Mohlanka oa Hae Mesia
25 Na Mesia o ne a ikemiselitse ho utloa bohloko le ho shoa? Esaia o re: “O ile a ba tsietsing, ’me a itumella hore a hlorisoe; leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong; ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.” (Esaia 53:7) Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae, Jesu o ne a ka bitsa “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi” ho tla mo thusa. Empa o ile a re: “Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho tla etsahala ka tsela ee?” (Matheu 26:53, 54) Ho e-na le hoo, “Konyana ea Molimo” ha ea ka ea hana. (Johanne 1:29) Ha baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba mo qosa ka bohata ka pel’a Pilato, Jesu “ha aa ka a araba.” (Matheu 27:11-14) Ha aa ka a batla ho bua letho le neng le ka ’na la sitisa ho phethahala ha thato ea Molimo ka eena. Jesu o ne a ikemiselitse ho shoa e le Konyana ea sehlabelo, a tseba hantle hore lefu la hae le ne le tla lopolla moloko oa batho o bontšang kutlo sebeng, ho kuleng le lefung.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Lijana” ¶2
Lijana
Hangata lentsoe keliʹ le sebelisoa ha ho buuoa ka lijana tse fapaneng tse neng li sebelisoa ka sehalalelong. Lijana tsena li akarelletsa lintho tse kang lijana, lijeke, likharafu, likotlolo, lifereko, lipane tsa mollo, lintho tse timang mollo, litong, libeisine le likopi. (Ex 25:29, 30, 39; 27:3, 19; 37:16, 23; 38:3; 1Ma 7:40-50; 2Kr 4:11-22) Lijana tsena e ne e le tse “halalelang” hobane li ne li sebelisetsoa merero e halalelang. (1Ma 8:4) Kaha Bajuda ba ileng ba tloha Babilona ka selemo sa 537 B.C.E. ba ne ba e-na le tokelo ea ho jara lijana tsena tse halalelang tseo Morena Nebukadnezare a ileng a li nka Jerusalema, ba ne ba lokela ho lula ba hloekile tseleng eo ba rapelang Molimo ka eona le eo ba itšoarang ka eona. Ba ile ba fuoa taelo e reng: “Lona ba jarang lijana tsa ntlo ea Jehova, tlohang, tlohang, tsoang [Babilona], le se ke la tšoara letho le sa hloekang. Tsoang har’a eona, le ipoloke le hloekile.” (Esa 52:11) Sena se ne se sa bolele hore ba lokela ho hloeka ’meleng feela empa le lipelo tsa bona li ne li lokela ho hloeka. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakorinthe lengolo, o ile a sebelisa mantsoe a ho Esaia 52:11 ho bontša Bakreste hore le bona ba lokela ho hloeka ’meleng le kelellong.—2Ko 6:14-18; 7:1.
LA 20-26 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 54-55
U Ikemiselitse ho Patala Bokae?
Bohlokoa bo Fetisisang ba Thuto ea Molimo
3 Kaha Jehova o molemo, o ikemiselitse ho ruta batho ba sa phethahalang. Ha Esaia 54:13 e profeta ka Bakreste ba tlotsitsoeng, e re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.” Mantsoe ao a sebetsa ka tsela e sa tobang le ho “linku tse ling” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Sena se totobala boprofeteng bo phethahalang mehleng ea rona. Esaia o ile a bona ka pono batho ba tsoang lichabeng tsohle ba phallela borapeling ba ’nete. O hlalosa hore ba bolellana se latelang: “[A] re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.” (Esa. 2:1-3) Ke tlotla e kaakang ho rutoa ke Molimo!
“Reka ’Nete ’Me U se ke oa e Rekisa”
6 Bala Esaia 55:1-3. Mantsoe ana a Jehova a re thusa ho utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe re reke ’nete. Litemaneng tsena Jehova o tšoantša lentsoe la hae le metsi, lebese le veine. Ha motho a bala Bibele ho joalokaha eka o noa metsi a hloekileng le a pholileng kaha lea khatholla. Hape kaha lebese lea re matlafatsa ebile le thusa bana hore ba hole le Bibele ea re matlafatsa ebile e re thusa hore re tsebe thato ea hae. Lentsoe la Jehova le boetse le tšoana le veine kaha le lona lea thabisa. (Pes. 104:15) Ha Jehova a re re “reke veine” o re tiisetsa hore ha re etsa thato ea hae re tla thaba. (Pes. 19:8) Lipapiso tsena li re thusa ho utloisisa hantle hore na ho ithuta Bibele ho molemo hakae. Le hoja Molimo a sa rekise Lentsoe la hae, ha re sebetsa ka thata hore re le tsebe ho tšoana le ha eka rea le reka. Kahoo, a re ke re hlahlobeng lintho tse hlano tseo ka tsona re ka rekang ’nete.
U TETSE’NG HORE U REKE ’NETE?
7 Nako. Motho e mong le e mong o hloka ho tela nako e le hore a reke Lentsoe la Molimo. Re hloka ho ipha nako ea ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng ho eona, ho lokisetsa liboka le ho ea ho tsona. Re hloka ho tlohella mabaka a mang e le hore re be le nako ea ho ithuta Bibele. (Bala Baefese 5:15, 16.) Kaha ha re utloisise lintho ka tsela e tšoanang, nako eo re e hlokang ea ho utloisisa hore na Bibele e na le molaetsa ofe e ke ke ea tšoana. Ha ho mohla re tla ke re qete ho ithuta ka Jehova, ka lebaka leo re lokela ho lula re ithuta Bibele. (Bar. 11:33) Ha Molula-Qhooa o qala ho lokolloa o ile oa bapisa ’nete le lipalesa. Eaba o re ha rea lokela ho khotsofalla ho ba le palesa e le ’ngoe feela empa re sebeletse ho ba le serapa sa tsona. Hoja e le ’ngoe e ne e lekane ho ka be ho se na mefuta e mengata tjena. Re lokela ho ipotsa hore na serapa sa rona se seholo hakae. Re tla lula re ithuta ntho e ncha ka Jehova ho sa tsotellehe hore na re phela nako e telele hakae. Ha rea lokela ho senya nako re etsa lintho tse se nang thuso empa re lokela ho ithuta ka Molimo. Serapeng se latelang re tla bona mohlala oa motho ea ileng a reka ’nete.
‘Ela Hloko Kamoo U Mamelang Kateng’
Ho na le lintho tse ngata tse ka re sitisang ho mamela ka hloko. Likelello tsa rona li ka ’na tsa tlala matšoenyeho. Re ka ’na ra sitisoa ke lerata le batho ba ntseng ba tsamaea ka har’a bamameli kapa ka ntle ho sebaka seo ho kopanetsoeng ho sona. Ho se ikutloe hantle ’meleng ho ka ’na ha re thatafalletsa ho tsepamisa mohopolo. Hangata ba nang le bana ba banyenyane ba fumana hore ba sitoa ho tsepamisa tlhokomelo nthong e le ’ngoe. Ke eng e ka re thusang ho boloka tlhokomelo ea rona e tsepame lenaneong?
Mahlo ke ’ona a nang le tšusumetso e matla mabapi le hore na re lebisa tlhokomelo ea rona hokae. Sebelisa mahlo a hao hore a u thuse ho tsepamisa mohopolo tabeng ka ho lula u shebile sebui. Ha se qotsa temana ea Bibele esita le eo u e tloaetseng e phetle ’me u tsamaisane le sona ha se ntse se e bala. Ithibe hore u se ke ua hetla ha u utloa molumo o mong le o mong kapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sisinyehang. Haeba mahlo a tlatsa kelello ea hao ka boitsebiso bo u sitisang, u tla lahleheloa ke boholo ba se buuoang sethaleng.
Haeba ‘menahano leha e le efe e hlokisang botsitso’ e u thatafalletsa ho lebisa tlhokomelo lenaneong, rapela Jehova hore a u thuse ho ba le kelello le pelo e khutsitseng hore u tsebe ho mamela ka hloko. (Pes. 94:19; Bafil. 4:6, 7) Etsa joalo khafetsa haeba ho hlokahala. (Mat. 7:7, 8) Liboka tsa phutheho ke tokisetso e tsoang ho Jehova. U ka kholiseha hore o batla hore u rue molemo ho tsona.—1 Joh. 5:14, 15.
Matlotlo a Patiloeng
“U se ke oa Talima Koana le Koana, Etsoe ke ’Na Molimo oa Hao”
14 Ea pele, kaha re balateli ba Jesu, re ke ke ra lebella hore batho ba re rate. (Mat. 10:22) Jesu o ile a bontša hore batho ba tla re hloea matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:9; Joh. 15:20) Ea bobeli, boprofeta bona bo ile ba bolela hore lira tsa rona li tla re hloea li be li re loantše ka libetsa. Libetsa tsena li akarelletsa ho re khelosa, ho re etselletsa le ho re hlorisa ka sehloho. (Mat. 5:11) Jehova ha a thibele lira tsa rona ho re hlasela. (Baef. 6:12; Tšen. 12:17) Joale ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha?
15 A re bueng ka ntho ea boraro eo re lokelang ho e hopola. Jehova o re: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” Joalokaha ntlo e re sireletsa lifefong tse matla, Jehova le eena oa re sireletsa ha lira tsa rona li re hatella. (Bala Esaia 25:4, 5.) Lira tsa rona li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng.—Esa. 65:17.
LA 27 APRIL–LA 3 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 56-57
Re Thabela Hore e be Jehova ke Molimo oa Rona
Jehova o Hlasimolla Moea oa ba Ikokobelitseng
14 Leha ho le joalo, nako ea mamello ea Molimo e tla fela. Ha a bua ka nako eo, Jehova oa phatlalatsa: “Ke tla bolela ho loka ha hao le mesebetsi ea hao, hore e ke ke ea u ruisa molemo. Ha u hoeletsa ho kopa thuso lintho tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u lopolla, empa moea o tla li fefola kaofela. Pululo e tla li nka.” (Esaia 57:12, 13a) Jehova o tla pepesa ho loka ha Juda ha boikaketsi. Mesebetsi ea eona ea boikaketsi ha e na ho e ruisa molemo. “Lintho tseo [e] li bokeletseng,” melimo e mengata ea litšoantšo eo e nang le eona, ha e na ho e lopolla. Ha tlokotsi e fihla, melimo eo e e tšepileng e tla fefoleloa hole ke setsokotsanenyana feela se sa reng letho.
15 Mantsoe a Jehova a phethahala ka 607 B.C.E. Ke nakong ea ha Morena Nebukadnezare oa Babylona a timetsa Jerusalema, a chesa tempele le ho isa batho ba bangata botlamuoeng. “Kahoo Bajuda ba ea kholehong ho tloha naheng ea bona.”—2 Marena 25:1-21.
16 Ka ho tšoanang, melimo e mengata ea litšoantšo eo Bokreste-’motoana bo nang le eona ha e na ho bo lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova. (Esaia 2:19-22; 2 Bathesalonika 1:6-10) Hammoho le likarolo tse ling tsohle tsa “Babylona e Moholo” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata Bokreste-’motoana bo tla felisoa. Sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta le linaka tsa sona tse leshome se ‘tla ripitla [Babylona e Moholo] le ho e hlobolisa, se tla ja linama tsa eona ’me se tla e chesa ka ho feletseng ka mollo.’ (Tšenolo 17:3, 16, 17) Re thaba hakaakang hore ebe re mametse taelo e reng: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae”! (Tšenolo 18:4, 5) E se eka le ka mohla re ke ke ra khutlela ho eona kapa litseleng tsa eona.
“’Muso oa ka ha se Karolo ea Lefatše Lena”
16 Liphetoho tsena li bohlokoa haholo. Bibele e tšoantša batho le leoatle le se nang khotso, le ntseng le loebehlana. (Esa. 17:12; 57:20, 21; Tšen. 13:1) Ha litaba tsa lipolotiki li ntse li halefisa batho, li ba arohanya li bile li etsa hore ba loane, rona re lula re e-na le khotso le bonngoe. Ha Jehova a ntse a shebile lefatše lena le arohaneng, e tlameha ebe oa thaba ha a bona bonngoe bo teng har’a batho ba hae.—Bala Sofonia 3:17.
it-E “Lefatše” ¶21
Lefatše
Lentsoe lefatše le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ha ho buuoa ka maemo a tsitsitseng a batho. Ka lehlakoreng le leng, leoatle le loebehlanang le sebelisoa ha ho buuoa ka maemo a sa thabiseng le a sa tsitsang a batho.—Esa 57:20; Jak 1:6; Ju 13; bapisa le Tše 12:16; 20:11; 21:1.
it-E “Khotso” ¶3
Khotso
Ho ba le Khotso. Jehova ke Molimo oa khotso (1Ko 14:33; 2Ko 13:11; 1Th 5:23; Heb 13:20) ebile ke Mohloli oa eona (Nu 6:26; 1Kr 22:9; Ps 4:8; 29:11; 147:14; Esa 45:7; Bar 15:33; 16:20), kaha ke e ’ngoe ea litholoana tse behoang ke moea oa hae. (Gal 5:22) Kahoo, khotso ea sebele e fumanoa feela ke batho ba nang le khotso le Molimo. Ha motho a etsa sebe se tebileng o senya kamano ea hae le Molimo ’me seo se etsa hore a se ke a e-ba le khotso. Mopesaleme o ile a re: “Ha ke na khotso ka lebaka la sebe sa ka.” (Ps 38:3) Batho ba batlang ho ba le khotso ba lokela ho “tlohela lintho tse mpe, [ba] etse tse ntle.” (Ps 34:14) Ha motho a sa etse lintho tse lokileng, a ke ke a e-ba le khotso. (Ps 72:3; 85:10; Esa 32:17) Ke ka hona batho ba khopo ba ke keng ba fumana khotso. (Esa 48:22; 57:21; bapisa le Esa 59:2-8.) Ka lehlakoreng le leng, batho ba sebeletsang Jehova ka ho felletseng, ba ratang melao ea hae (Ps 119:165) le ho e mamela, ba na le khotso.—Esa 48:18.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esaia—II
56:6—“Basele” ke bo-mang, hona ke ka litsela life ba “tšoarellang selekaneng sa [Jehova]”? “Basele” ke “linku tse ling” tsa Jesu. (Johanne 10:16) Ba tšoarella selekaneng se secha ka ho mamela melao e amanang le selekane seo, ba hlompha ka botlalo litokisetso tse entsoeng ka sona, ba ja lijo tse tšoanang tsa moea le Bakreste ba tlotsitsoeng ’me ba ba tšehetsa mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa.
Ho Bontša Tlhompho Bakeng sa Lipokano Tsa Rona Tse Halalelang
JEHOVA o bokeletse batho ba hae, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona hore ba mo rapele ‘thabeng ea hae e halalelang.’ O ba fa thabo ka hare ho “ntlo ea [hae] ea thapelo,” tempele ea hae ea moea, e leng “ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.” (Esaia 56:7; Mareka 11:17) Liketsahalo tsena li bontša hore borapeli ba Jehova boa halalela, bo hloekile ebile bo phahame. Ka ho bontša tlhompho e loketseng bakeng sa liboka tsa rona tsa ho ithuta le ho rapela, re paka hore re talima lintho tse halalelang ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona.