Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 13-15
Re Lokela ho Lula re Mamela Jehova
Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
17 Mosebetsi oa Jeremia o ne o hloka hore a mamele tataiso ea Molimo. Haeba u ne u le Jeremia, na u ka be u ile ua mamela litaelo tse joalo tseo u li fuoang? Ka nako e ’ngoe Jehova o ile a bolella Jeremia hore a batle lebanta la line ’me a itlame ka lona. Ka mor’a moo, Molimo o ile a mo laela hore a tsamaee a ee Eufrate. Ha u sheba ’mapa u tla hlokomela hore seo se ne se bolela hore o ne a tla lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 500. Ha a fihla moo, Jeremia o ne a lokela ho pata lebanta leo lefarung la lefika ebe o khutlela Jerusalema. Hamorao Molimo o ile a re a khutlele morao a e’o nka lebanta leo. (Bala Jeremia 13:1-9.) Ka kakaretso, Jeremia o ne a tla be a tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 1 900. Batho ba tšoaeang Bibele liphoso ha ba lumele hore o ne a ka tsamaea sebaka se selelele hakaalo, ebe o nka likhoeli a ntse a tsamaea. (Esdr. 7:9) Leha ho le joalo, ke sona seo Molimo a ileng a se bolela ’me ke sona seo Jeremia a ileng a se etsa.
18 Nahana ka moprofeta eo a phunyeletsa lithabeng tsa Juda, ’me ho itšetlehile ka hore na o ne a nkile tsela efe, hamorao a haola lehoatateng a e-ea a lebile Eufrate. O entse sena sohle hore feela a e’o pata lebanta la line! Ho ka etsahala hore ebe ho ba sieo ha hae nako e telele ho ile ha etsa hore baahelani ba hae ba ipotse lipotso. Ha a khutla o ne a se a sa nka lebanta leo la line. Joale Molimo o ile a mo bolella hore a boele a nke leeto le lelelele ho ea lata lebanta ’me ka nako eo, le ne le se le bolile ’me “le sa lokela letho.” Nahana feela hore na ho ne ho ka ba bonolo hakaakang hore a re: ‘Joale ena ntho e boima. Ha ke bone molemo oa eona.’ Leha ho le joalo, kaha o ne a bōpiloe ke Molimo ha aa ka a nahana joalo. Ho e-na le hore a koma-kome, o ile a etsa seo a neng a laeloa hore a se etse!
Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
19 Ke feela ka mor’a hore a nke leeto la bobeli moo Molimo a ileng a mo hlalosetsa litaba. Seo Jeremia a neng a se entse e ne e le mohlala oo a neng a ka o sebelisa ha a phatlalatsa molaetsa o matla: “Sechaba sena se sebe se hanang ho mamela mantsoe a ka, se tsamaeang ka manganga a lipelo tsa sona le se ntseng se latela melimo e meng e le hore se e sebeletse le ho e inamela, le sona se tla ba feela joaloka lebanta lena le sa lokelang letho.” (Jer. 13:10) Ke tsela e hlollang hakaakang eo Jehova a ileng a ruta sechaba sa hae ka eona! Taba ea hore ebe Jeremia o ile a mamela Jehova ka pelo eohle ho se neng se bonahala eka ke ntho e nyenyane, e ile ea phetha karolo ea bohlokoa matsapeng ao Jehova a ileng a a etsa a hore a finyelle lipelo tsa bona.—Jer. 13:11.
U ka ba le Khotso Nakong ea Tlokotsi
16 Ha mosebetsi oa rona o thibetsoe, re ka ’na ra fumana litaelo tse tsoang ofising ea lekala le ho baholo. Litaelo tsena lia re sireletsa, li re thusa hore re ’ne re fumane lingoloa le livideo ebile li re thusa hore re ’ne re rute batho Bibele. Leka kahohle hore u mamele litaelo tseo u li fuoeng le haeba u sa utloisise hore na hobane’ng ha u li fuoe. (Jak. 3:17) Re se ke ra fana ka boitsebiso ba bara le barali ba bo rona kapa ra bua ka mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong ho batho ba sa tšoanelang ho tseba.—Moek. 3:7.
Amohela Bolaoli ba Jehova
7 Re amohela bolaoli ba Jehova ebile rea mo mamela esita le ha re sa utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha Lentsoe la hae le re ho hlokahala re etse ntho e itseng. Seo ha se ho lumela feela ka hlooho e ntšo empa se bontša hore rea mo tšepa. Se bontša hore re kholisehile ka pelo eohle hore Jehova o tseba se molemong oa rōna. Hape ha re mamela re bontša lerato hobane moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Joh. 5:3) Empa ho na le tšobotsi e ’ngoe ea ho mamela eo re sa lokelang ho iphapanyetsa eona.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jeremia
15:16, 17. Le rōna re ka loantša ho nyahama, joaloka Jeremia. Re ka ho loantša ka ho thabela thuto ea botho ea Bibele e etsoang ka tieo, ka ho phahamisa lebitso la Jehova mosebetsing oa ho bolela le ho ruta le ka ho qoba metsoalle e mebe.
LA 13-19 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 16-17
Na u Tšepa Motho ea Nepahetseng?
it-E “Junipere” No. 2
Junipere
2. [Ka Seheb., ʽaroh·ʽerʹ kapa ʽar·ʽarʹ]. Lentsoe la Searabia ʽarʽar le hlalosa hore sefate sena e ka ’na eaba ke sefate se bitsoang Juniperus phoenicia, e leng sefate se senyenyane se fumanehang libakeng tsa Sinai le libakeng tse Lehoatateng la Edomo. Lentsoe la Seheberu leo lebitso la sefate sena le nkiloeng ho lona, le fana ka moelelo oa “ho hlobola” kapa “ho se be le letho” (bapisa le Ps 102:17). Sefate sena se senyenyane sa junipere se holela libakeng tse majoe tsa lehoatata le mapatsong ’me ha u se sheba se bonahala eka se tla oa. Tlhaloso ea sefate sena e sebelisitsoe bukeng ea Jeremia, moo ho bapisoang motho ea seng a tlohetse ho sebeletsa Jehova le “sefate se emeng se le seng [ʽar·ʽarʹ] lehoatateng,” leha ho ne ho lemosoa Bamoabe hore ba balehe ’me ba be “joaloka sefate sa junipere [ka·ʽaroh·ʽerʹ] lefeelleng.”—Jer 17:5, 6; 48:1, 6.
Sefate “Seo Makhasi a Sona a sa Poneng”
Mehleng ea boholo-holo, lifate tse khōlō tsa popoliri li ne li mela mabōpong a linōka le a melatsoana Syria le Palestina. Ka Bibeleng, hangata popoliri e amahanngoa le metsi kapa “liphula tsa melapo.” (Levitike 23:40) Lifate tsa moluoane, tse oelang sehlopheng sa lipopoliri, le tsona li rata ho mela haufi le moo ho nang le metsi a mangata. (Ezekiele 17:5) Lifate tsena tse khōlō tse tlokomang ke papiso e nepahetseng ea molaetsa oo mopesaleme le Jeremia ba neng ba batla ho o fetisa: Ba batlang ho latela molao oa Molimo le ba mo tšepang ka ho feletseng ba tla lula ba phetse hantle moeeng ’me ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e tla atleha.’ Na ho atleha bophelong ha se eona ntho eo re e batlang?
Matlotlo a Patiloeng
Na U Kholisehile Hore Tsela eo Jehova a Etsang Lintho ka Eona e Nepahetse?
7 Re lumela ka ho feletseng hore kamehla Jehova o etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, bothata boo re ka kopanang le bona ke ho tšepa batho bao a ba khethileng. Re ka ’na ra ipotsa hore na ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova ehlile ba mamela tataiso ea hae kapa ba iketsetsa liqeto tsa bona. E ka ’na eaba batho ba bang mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ba ne ba nahana ka tsela eo. Nahana ka mohlala o hlahang serapeng sa boraro. E ka ’na eaba motho ea amanang le monna ea ileng a tlola molao oa Sabatha o ile a ipotsa hore na Moshe o botsitse Jehova pele a ka ahlolela monna eo lefu. E ka ’na eaba motsoalle oa Uria Mohethe eo Davida a ileng a etsa bofebe le mosali oa hae, o ile a nahana hore Davida o sebelisitse matla a hae joaloka morena ho qoba hore a se ke a bolaoa. Jehova o tšepa batho bao a ba khethileng hore ba etelle pele ka mokhatlong le ka phuthehong. Kahoo, haeba re sa ba tšepe re ke ke ra re re tšepa Jehova.
8 Mehleng ena Jehova o etella pele mokhatlo oa hae o lefatšeng a sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Joaloka sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola, lekhoba lena le etella pele batho ba Molimo lefatšeng lohle le ho fa baholo ba liphutheho tataiso. (Bala Liketso 16:4, 5.) Baholo bona ba etsa bonnete ba hore ba latela tataiso eo liphuthehong. Re ka bontša hore re tšepa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona ka hore re mamele tataiso eo re e fuoang ke mokhatlo le baholo.
LA 20-26 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 18-19
Re ka Khona ho Khutlela ho Jehova
it-E “Baale” No. 4 ¶23
Baale
Borapeli ba Baale bo ile ba lula bo le teng Juda, ho sa tsotellehe boiteko boo Morena Asa a bo entseng ho tlosa mesaletsa ea bona. (2Kr 14:2-5) Ha Akabe le Jezebele ba nyalisa morali oa bona Athalia le morena oa bosupa oa Juda e leng Jorame, Athalia o ile a susumelletsa lelapa leo la borena la Juda hore le lona le rapele Baale. Boiteko boo setloholo sa Athalia e leng Morena Joase a ileng a bo etsa ha a qala ho busa, ba ho tlosa borapeli ba Baale ka ho felletseng le boo hamorao Morena Ezekiase a ileng a bo etsa, ha boa ka ba atleha. (2Ma 11:18; 18:4) Mora oa Ezekiase e leng Manase, o ile a haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae a neng a li sentse. (2Ma 21:3) Ke ’nete hore marena a mangata a Juda a ne a rapela Baale empa Manase eena o ne a se a fetelletse borapeling bona bo nyonyehang. (2Ma 21:9-11) Le hoja Morena Manase a ile a fetoha ’me setloholo sa hae Morena Josiase sa tiisa letsoho ho tlosa borapeli bona bo nyonyehang, seo ha sea ka sa etsa hore batho ba khutlele borapeling bo hloekileng e le ka ’nete. Bajuda ba ile ba isoa botlamuoeng ’me naha ea habo bona ea senngoa hobane ho ne ho se ho tletse borapeli ba bohata.—2Kr 33:10-17; 2Ma 23:4-27; Jer 32:29.
Seo re ka se Etsang ho Hlola Litakatso Tse Fosahetseng
11 Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra ikutloa re se na matla, eka re ke ke ra atleha ho loantša litakatso tse fosahetseng. Ho ba joalokaha eka re utloa lentsoe ka lihloohong tsa rona le re bolellang hore re ke ke ra khona ho loantša litakatso tse fosahetseng, empa ha rea lokela ho le mamela. Hobane’ng? Hobane Bibele e re ruta hore ha rea lokela ho lumella sebe hore se tsoele pele ho re ‘busa.’ (Bala Baroma 6:12.) Sena se bolela hore re ka khona ho khetha ho se etse lintho tse fosahetseng tseo re lakatsang ho li etsa. (Bagal. 5:16) Jehova o kholisehile hore re ka khona ho hlola teko, ho seng joalo o ne a ke ke a re bolella hore re e hlole. (Deut. 30:11-14; Bar. 6:6; 1 Bathes. 4:3) Ho hlakile hore re na le matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Sebopi” ¶8
Sebopi
Matla ao sebopi se nang le ’ona ho letsopa, a tšoantšetsa bobusi ba Jehova ho batho le lichaba. (Esa 29:15, 16; 64:8) Kaha Molimo ke Sebopi se Seholo, ho eena Baiseraele ba ne ba le “joaloka letsopa letsohong la sebopi.” (Jer 18:1-10) Batho ba ke ke ba phehisana khang le Molimo, feela joalokaha letsopa le ke ke la botsa sebopi lintho li hana ho fela. (Esa 45:9) Sebopi se ka pshatla sejana seo se se bopileng. Ka ho tšoanang, Jehova le eena a ka fa batho kotlo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba li etsang.—Jer 19:1-11.
LA 27 JULY–LA 2 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 20-21
O ne a Bolela ka Sebete
Lula U Falimehile Joaloka Jeremia
9 Ha Jehova a ne a qala ho bua le eena, Jeremia o ile a leka ho ikhula. Sena se bontša hore sebete le ho tiea tseo a ileng a li bontša hamorao e ne e se lintho tseo a neng a e-na le tsona ka tlhaho. Ha e le hantle, Jeremia o ile a bontša matla a fetang a tloaelehileng ha a ne a etsa mosebetsi oa boprofeta hobane o ne a itšetlehile ka Molimo ka botlalo. Ka sebele, Jehova o ne a e-na le moprofeta Jeremia “joaloka senatla se tšabehang” ka hore ebe o ile a mo tšehetsa a ba a mo matlafatsa e le hore a phethe mosebetsi oa hae. (Jer. 20:11) Jeremia o ne a tumme ka ho ba sebete le ho ba matla hoo nakong eo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng batho ba bang ba ileng ba nahana hore e ne e le Jeremia ea tsohileng bafung!—Mat. 16:13,14.
“Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
8 Hape, nahana ka se ileng sa thusa moprofeta Jeremia hore a be sebete. Ha Jehova a ne a khetha Jeremia hore e be moprofeta lichabeng, Jeremia o ile a araba a re: “Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:4-6) Leha ho le joalo, ka mor’a nako Jeremia o ne a phehella a bile a le matla mosebetsing oa hae oa boboleli hoo batho ba bangata ba neng ba nka hore e ne e le motho ea phatlalatsang tlokotsi feela. (Jer. 38:4) Ka lilemo tse fetang 65, o ile a bolela likahlolo tsa Jehova ka sebete. O ne a tsebahala haholo Iseraele ka ho bolela a sa tšabe le ka sebete hoo lilemo tse ka bang 600 hamorao ha Jesu a ne a bua ka sebete, batho ba bang ba neng ba nahana hore Jeremia o tsohile bafung. (Mat. 16:13, 14) Moprofeta Jeremia eo qalong a neng a tsilatsila, o ile a hlōla lihlong tsa hae joang? O re: “Ka pelong ea ka [lentsoe la Molimo] la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka; ka khathala ke ho le tiisetsa, ’me ke ne ke sa khone ho le mamella.” (Jer. 20:9) Ka sebele, lentsoe la Jehova le ile la matlafatsa Jeremia ’me la mo susumelletsa hore a bue.
9 Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena lengolong leo a neng a le ngoletse Baheberu: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Molaetsa kapa lentsoe la Molimo le ka re susumetsa ka tsela eo le ileng la susumetsa Jeremia ka eona. Hopola hore le hoja ho sebelisitsoe batho hore ba ngole Bibele, Bibele ha se pokello ea bohlale ba batho, kaha e bululetsoe ke Molimo. Petrose oa Bobeli 1:21, e re: “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” Ha re ipha nako ea ho ithuta Bibele ka tsela e molemo, likelello tsa rōna li tlala molaetsa o bululetsoeng ka moea o halalelang. (Bala 1Bakorinthe 2:10.) Molaetsa oo o ka ba “joaloka mollo o tukang” ka hare ho rōna, hoo re ke keng ra khona ho o mamella.
Matlotlo a Patiloeng
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
11 Jehova o batla hore e mong le e mong oa rōna a be boemong boo A bo amohelang a be a lule a le ho bona. Mabapi le motho ea lokileng, Jeremia o ile a re: “Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng; u bona liphio le pelo.” (Jer. 20:12) Haeba ea Matla ’Ohle o hlahloba le lipelo tsa batho ba lokileng, na rōna ha rea lokela ho itlhahloba ka botšepehi? (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ha re ntse re etsa joalo, re ka hlokomela boikutlo, sepheo kapa boikutlo bo tebileng boo re lokelang ho nka bohato ka bona. Re ka ’na ra hlokomela ntho e ka ’nang eaba e etsa hore lipelo tsa rōna li se ke tsa mamela, seo re ka reng ke ‘matlalo a lipelo tsa rōna,’ ao re hlokomelang hore a lokela ho tlosoa. Seo e tla be e le ho etsa opereishene ea pelo ea tšoantšetso. Haeba u lumela hore e ka ba hantle hore u hlahlobe pelo ea hao ea tšoantšetso, ke eng eo u ka e shebang? Hona u ka etsa liphetoho tse hlokahalang joang?—Jer. 4:4.
LA 3-9 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 22-23
Balisa ba Lokela ho Lisa Mohlape Hantle
Kahlolo ea Jehova Khahlanong le Matichere a Bohata
4 E, baprofeta bana, kapa matichere, ba ne ba beha mehlala e mebe haholo ea boitšoaro e le bona, ’me ka hona, ba khothaletsa batho ho etsa se tšoanang. Sheba maemo Bokreste-’mōtoaneng kajeno! Na ha a tšoane hantle le a mehleng ea Jeremia? Kajeno baruti ba lumella bafebi le basodoma ho lula boruting esita le ho ba lumella ho tšoara litšebeletso tsa kereke. Na hoa makatsa hore litho tse ngata hakaale tse ingolisitseng kerekeng ebe li itšoere hampe le tsona?
it-E “Bokoenehi” ¶4
Bokoenehi
Marena a mangata a Iseraele le Juda a kang Saule (1Sa 15:11; 28:6, 7), Jeroboame (1Ma 12:28-32), Akabe (1Ma 16:30-33), Akazia (1Ma 22:51-53), Jorame (2Kr 21:6-15), Akaze (2Kr 28:1-4) le Amone (2Kr 33:22, 23), a ile a qetella e le bakoenehi. Ha nako e ntse e-ea, bokoenehi bo ile ba tlala sechabeng hobane batho ba ne ba mamela baprista le baprofeta ba bakoenehi (Jer 23:11, 15) ’me banna ba bang ba se nang boitšoaro, ba leleme le monate le ba leshano ba ile ba susumelletsa batho hore ba itšoare hampe le ho furalla Jehova, e leng eena “mohloli oa metsi a bophelo.” (Esa 10:6; 32:6, 7; Jer 3:1; 17:13) Ho ea ka Esaia 24:5, naha e ne e “silafalitsoe [cha·nephahʹ] ke baahi ba eona kaha ha ba natse melao, ba fetotse molao oa tsamaiso, ba tlotse selekane sa khale-khale.” Feela joalokaha ho ile ha boleloa esale pele hore naha e tl’o felisoa, ha baa ka ba bontšoa mohau.—Esa 9:17; 33:11-14; Sof 1:4-6.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jeremia
23:33—“Moroalo oa Jehova” ke eng? Mehleng ea Jeremia, seo e neng e le moroalo ho batho ba habo e ne e le liphatlalatso tsa bohlokoa tseo moprofeta a ileng a li etsa mabapi le timetso ea Jerusalema. Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba sa amohele molaetsa e ne e le moroalo ho Jehova hoo a neng a tla ba lahla. Ka ho tšoanang, molaetsa oa Mangolo o buang ka timetso e tlang ea Bokreste-’mōtoana ke moroalo ho Bokreste-’mōtoana, ’me batho ba sa mameleng molaetsa oo ke moroalo o tenang Molimo.
LA 10-16 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 24-25
Ke’ng e Neng e Etsa Hore “Lifeie” li be Ntle kapa li be Mpe?
Litholoana—Tse Molemo le tse Mpe
6 Jekonia, kapa Jojakine, e ne e bile morena oa Juda ka likhoeli tse tharo feela le matsatsi a leshome pele a ithaopela ho nehelana ka Jerusalema ho Morena Nebukadnezare. Har’a ba ileng ba isoa kholehong le eena e le batšoaruoa e ne e le Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu Hanania, Mishaele, le Azaria hammoho le Ezekiele. Bophelo ba bona bo ile ba bolokoa ke morena oa Babylona, kahoo ho ne ho ka thoe Jehova o ile a nka batšoaruoa bana bohle joalokaha eka ba isitsoe hantle lefatšeng la ba-Kalde. Na u hlokometse hore Jehova o ile a boela a tšepisa ho “ba talima ka leihlo le letle”? See se ile sa phethahatsoa joang? Ka 537 B.C.E., lilemo tse 80 hamorao, Jehova o ile a etsa hore Morena Cyruse a fetise molao o lumellang masala a litloholo tsa bona ho khutlela naheng ea Juda. Bajode bana ba tšepahalang ba ile ba tsosolosa motse oa Jerusalema; ba ile ba haha tempele e ncha bakeng sa borapeli ba Molimo oa bona, Jehova; ’me ba ile ba khutlela ho eena ka lipelo tsa bona tsohle. Kahoo ho sena sohle, ho Jehova batšoaruoa bana le litloholo tsa bona e ne eka lifeiga tsa pele tse monate haholo.
Litholoana—Tse Molemo le tse Mpe
10 Kahoo ka sebele Tsedekia o ile a fetoha ‘feie e mpe’ mahlong a Jehova. Ha se feela hore o ile a fetohela Morena Nebukadnezare ka ho roba kano ea botšepehi eo a neng a e entse ho morena eo ka lebitso la Jehova empa o boetse a qhela ka ho feletseng mohau oa Jehova o neng o fetisetsoa ho eena ka Jeremia. Ha e le hantle, o ile a ba a ea bohōleng ba ho etsa hore Jeremia a koalloe teronkong! Ha ho makatse ha Esdrase a bolela ka bokhutšoaane boikutlo ba morena joalokaha a etsa ho 2 Likronike 36:12: “A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Molimo oa hae; ha a ka a ikokobetsa.” Mahlong a Jehova Tsedekia le ba neng ba setse Jerusalema ba ne ba tšoana le seroto sa lifeiga tse mpe, tse bolileng!
it-E “Egepeta, Moegepeta” ¶74
Egepeta, Moegepeta
Ho sa tsotellehe hore na Jeremia o ile a lemosa Bajuda ba neng ba setse naheng ea Juda hangata hakae (Jer 42:7-22), ba ile ba ’na ba balehela Egepeta moo Bajuda ba bang ba neng ba se ba ntse ba le teng. (Jer 24:1, 8-10) Libaka tseo ba ileng ba balehela ho tsona e ne e le Takpanese, hape ho ka etsahala hore ba ile ba ea le motseng oa setšabelo moo noka e kopanang le leoatle teng (Jer 43:7-9), Migdole le Nofe e tsebahalang e le Memfise, eo e neng e le motse-moholo oa Egepeta e ka Tlase (Jer 44:1; Eze 30:13). Kahoo, “puo ea Kanana” (eo e leng Seheberu) e ne e se e buuoa Egepeta ke baphaphathehi bana. (Esa 19:18) Ka booatla ba ile ba boela ba rapela litšoantšo ha ba le Egepeta, e leng eona ntho e ileng ea etsa hore Jehova a ahlole Juda. (Jer 44:2-25) Empa mantsoe ao Jehova aa buileng a ile a phethahala ho baphaphathehi bana ba Baiseraele, ha Nebukadnezare a ne a hlasela Egepeta le ho e hapa.—Jer 43:8-13; 46:13-26.
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
10 Ruri rea thaba hore ebe Molimo o re thusa hore re utloisise pelo ea tšoantšetso! Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Empa ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova kajeno li lokela ho khathatseha ka seo?’ Ha se hore Bakreste ba bangata liphuthehong ba etsa bobe kapa hore ke “lifeiga tse mpe” joaloka Bajuda ba bangata ba mehleng ea boholo-holo. Ho e-na le hoo, bahlanka ba bangata ba Molimo kajeno ke batho ba itelang, ba hloekileng. Leha ho le joalo, nahana ka kōpo e tiileng eo Davida a ileng a e etsa ho Jehova, ha a ne a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na.”—Pes. 17:3; 139:23, 24.
11 Jehova o batla hore e mong le e mong oa rōna a be boemong boo A bo amohelang a be a lule a le ho bona. Mabapi le motho ea lokileng, Jeremia o ile a re: “Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng; u bona liphio le pelo.” (Jer. 20:12) Haeba ea Matla ’Ohle o hlahloba le lipelo tsa batho ba lokileng, na rōna ha rea lokela ho itlhahloba ka botšepehi? (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ha re ntse re etsa joalo, re ka hlokomela boikutlo, sepheo kapa boikutlo bo tebileng boo re lokelang ho nka bohato ka bona. Re ka ’na ra hlokomela ntho e ka ’nang eaba e etsa hore lipelo tsa rōna li se ke tsa mamela, seo re ka reng ke ‘matlalo a lipelo tsa rōna,’ ao re hlokomelang hore a lokela ho tlosoa. Seo e tla be e le ho etsa opereishene ea pelo ea tšoantšetso. Haeba u lumela hore e ka ba hantle hore u hlahlobe pelo ea hao ea tšoantšetso, ke eng eo u ka e shebang? Hona u ka etsa liphetoho tse hlokahalang joang?
Matlotlo a Patiloeng
it-E “’Muso oa Molimo” ¶36
’Muso oa Molimo
Linaha tse kang Asiria le Babilona, li ile tsa felisa bokoenehi bo neng bo le ’musong oa Iseraele le Juda. Ha Molimo a ne a re o tla li ‘romela’ hore li hlasele mebuso eo (De 28:49; Jer 5:15; 25:8, 9; Eze 7:24; Amo 6:14), ho tšoana leha a ne a re o tla etsa hore Faro a be ‘manganga.’ (Sheba sehlooho se reng FOREKNOWLEDGE, FOREORDINATION [Concerning individuals].) Kahoo, Molimo o ile a ‘romela’ linaha tsena ho hlasela batho ba hae ka ho li lumella hore li etse seo li neng li se li ntse li rerile ho se etsa (Esa 10:7; Lil 2:16; Mik 4:11). Molimo ha aa ka a hlola a sireletsa batho ba hae hobane ba ne ba ikhohomosa ba bile ba le meharo. (De 31:17, 18; bapisa Esd. 5:31 le Esd 5:12; Ne 9:28-31; Jer 34:2.) Baiseraele ba bakoenehi ba ile ba hana ho mamela melao ea Jehova le ho etsa thato ea hae, kahoo ba ile ba ‘bolaoa ka sabole, lefu la seoa le tlala.’ (Jer 34:17) Leha ho le joalo, ha se hore Molimo o ne a thabisoa ke seo linaha tsena tse rapelang melimo ea litšoantšo li se entseng ha li ne li hlasela mebuso e ka leboea le e ka boroa, motse-moholo oa Jerusalema hammoho le tempele ea eona e halalelang. Ke kahoo Jehova, Moahloli oa lefatše lohle, a neng a ka li ahlolela ho nka lefa la hae ka mahahapa le ho etsa hore li hlaheloe ke lintho tse bohloko tseo li ileng tsa li etsa ho sechaba sa hae seo a entseng selekane le sona.—Esa 10:12-14; 13:1, 17-22; 14:4-6, 12-14, 26, 27; 47:5-11; Jer 50:11, 14, 17-19, 23-29.
LA 17-23 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 26-28
U se ke oa Thetsoa ke Baprofeta ba Bohata
Na u Khona ho Hlokomela ’Nete?
13 “U nke thuto e molemo.” (2Tim. 1:13) “Thuto e molemo” e bolela lithuto tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng. (Joh. 17:17) Lithuto tsena ke motheo oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang. Mokhatlo oa Jehova o etsa bonnete ba hore lintho tseo re li lumelang li thehiloe thutong eo. Haeba re lumela thuto e molemo, re tla hlohonolofatsoa.
14 Ho ka etsahala’ng haeba re khaotsa ho theha lintho tseo re li lumelang ‘thutong e molemo’? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea baapostola, ho bonahala hore har’a Bakreste ho ile ha e-ba le mabare-bare a reng letsatsi la Jehova le se le fihlile. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le lengolo leo e kang le ngotsoe ke moapostola Pauluse le neng le bua mantsoe ao. Bakreste ba bang ba Thesalonika ba ile ba lumela mabare-bare ao ntle le hore ba hlahlobisise hore na litaba tseo ke ’nete kapa che, eaba baa li jala. Hoja ba ile ba hopola lintho tseo Pauluse a neng a ba rutile tsona ha a ntse a e-na le bona, ba ka be ba sa ka ba thetsoa. (2 Bathes. 2:1-5) Pauluse o ile a eletsa bara babo hore ba se ka ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang. E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo nakong e tlang, Pauluse o ile a qetella lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika ka mantsoe ana: “’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka. Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.”—2 Bathes. 3:17.
15 Re ka ithuta eng mantsoeng ao Pauluse a ileng a a ngolla Bathesalonika? Haeba re utloa ntho e sa lumellaneng le seo re ithutileng sona ka Bibeleng kapa ha re utloa mabare-bare a makatsang, re lokela ho ba le temoho. Lira tsa rona tsa Soviet Union ea pele, li ile tsa fa bara ba bo rona lengolo leo e neng eka le tsoa ntlo-kholo. Lengolo leo le ne le khothaletsa ba bang ba bara ba bo rona hore ba iketsetse mokhatlo o mong o ikemetseng. E ne eka lengolo leo le tsoa ntlo-kholo empa bara ba bo rona ba tšepahalang ha baa ka ba thetsoa. Ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa lengolo leo o ne o sa lumellane le lintho tseo ba li rutiloeng. Mehleng ena, ka linako tse ling batho ba sa rateng ’nete ba sebelisa marang-rang ho re ferekanya le ho re arola. Ho e-na le hore ‘re lumelle likelello tsa rona hore li ferekanngoe habonolo,’ re ka itšireletsa ka hore re nahanisise ka hloko hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang li lumellana le ’nete eo re ithutileng eona kapa che.—2 Bathes. 2:2; 1 Joh. 4:1.
Matlotlo a Patiloeng
Na Letsatsi le Letsatsi Ua Botsa, “Jehova o Hokae?”
18 Nakong eo Jeremia a neng a sebetsa joaloka moprofeta, e tlameha ebe ho na le seo a ileng a ithuta sona ha a bona hore na baprofeta ba mehleng ea hae ba ne ba etsa lintho joang maemong a itseng. E mong oa bona ke moprofeta Uria, ea ileng a profeta khahlanong le Jerusalema le Juda nakong ea puso ea Jojakime. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho tšaba Morena Jojakime, Uria o ile a balehela Egepeta. Ka mor’a moo, morena o ile a romela banna hore ba e’o mo lata Egepeta, eaba oa mo bolaea. (Jer. 26:20-23) Na u nahana hore ho na le seo Jeremia a ileng a ithuta sona ho see se ileng sa hlahela Uria? Taba ea hore ebe Jeremia o ile a tsoela pele a lemosa Bajuda ka timetso e neng e ba tlela—a bile a ba lemosa le ka tempeleng—e bontša hore e tlameha ebe ho na le seo a neng a ithutile sona. Jeremia o ile a lula a le sebete, ’me Jehova ha aa ka a mo lahla. E tlameha ebe Molimo o ile a susumetsa Akikame, e leng mora oa Shafane, hore a sireletse Jeremia ea sebete.—Jer. 26:24.
LA 24-30 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 29-30
Jehova o Khalemela Bahlanka ba Hae ka Tsela e Nepahetseng
Na Letsatsi le Letsatsi Ua Botsa, “Jehova o Hokae?”
3 Haeba Bajuda ba ne ba ka botsa ba re, “Jehova o hokae?” seo se ne se tla be se bolela hore ba ne ba batla hore Molimo a ba tataise ha ba lokela ho etsa liqeto, ebang ke tse khōlō kapa tse nyenyane. Ka nako eo, Bajuda ba ne ba sa etse joalo. Empa ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe le ka mor’a hore ba khutle Babylona, ba ne ba lokela ho ‘batla Jehova.’ Ha ba etsa joalo, ba ne ba tla mo fumana ’me ba tsebe litsela tsa hae. (Bala Jeremia 29:13, 14.) Seo ba ne ba ka se etsa joang? Tsela e ’ngoe e ne e le ka hore ba buisane le Molimo ka thapelo e tsoang botebong ba pelo, ba kōpe hore a ba tataise. Morena Davida o ne a e-na le maikutlo a joalo. O ile a kōpa Molimo a re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao.” (Pes. 25:4) Hlokomela hore na Ea Utloang thapelo o ile a fana ka memo efe ka Jeremia selemong sa leshome sa puso ea Morena Tsedekia. “Hoeletsang ho ’na, ke tla le araba ’me ke le bolelle hang-hang lintho tse khōlō le tse ke keng tsa utloisisoa tseo le sa kang la li tseba.” (Jer. 33:3) Haeba morena le sechaba seo sa bakoenehi ba ne ba ka kōpa thuso ho Molimo, o ne a ka ba bolella lintho “tse ke keng tsa utloisisoa,” e leng ho timetsoa ha Jerusalema le ho tsosolosoa ha eona ka mor’a lilemo tse 70.
U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
2 Hore ebe Jeremia o ile a phatlalatsa molaetsa oa tsosoloso ho ne ho sa bolele hore Molimo o ne a tla lumella batho ba hae hore ba etse borata kapa a bebofatse toka ea hae. Ho e-na le hoo, o ne a tla ahlola Bajuda bao ba neng ba sa laolehe. (Bala Jeremia 16:17, 18.) Mehleng ea Jeremia, ke batho ba seng bakae ba Jerusalema ba neng ba ‘etsa toka’ kapa ba ‘batla botšepehi,’ ’me ho ne ho fihlile moo Jehova a neng a feletsoe ke mamello. O ile a re: “Ke khathetse ke ho ikutloa ke soabile.” (Jer. 5:1; 15:6, 7) Bajuda bao ba ne ‘ba khutletse liphosong tsa baholo-holo ba bona, ba pele, ba neng ba hanne ho mamela’ mantsoe a Jehova. Ho feta moo, ba ne ba halefisa Molimo ka kamano ea bofebe eo ba neng ba e-na le eona le melimo ea bohata. (Jer. 11:10; 34:18) Jehova o ne a tla khalemela batho ba hae, a be a ba shape, “ka tekanyo e loketseng.” Ka lebaka leo, batho ba bang ba ne ba ka ’na ba hlaphoheloa ebe ba khutlela ho eena.—Jer. 30:11; 46:28.
Sebelisa Kelello ea Hao Hantle ha Botšepehi ba Hao bo Lekoa
6 Re ka utloa bohloko ha re khalemeloa. Haeba re lula re nahana ka bohloko boo re bo utloileng, re ka qetella re nahana hore re khalemetsoe ka ho hloka toka le hore re ne re sa lokela ho khalemeloa kapa ha rea khalemeloa hantle. Sena se ka etsa hore re se ke ra bona ntho ea bohlokoa e leng hore Jehova o re khalemela hobane a re rata. (Bala Baheberu 12:5, 6, 11.) Haeba re itumella hore re nkoe ke maikutlo, re fa Satane monyetla oa hore a re hlasele. O batla hore re se ke ra mamela ha re khalemeloa ’me ho hobe le ho feta ke hore o batla hore hanyane ka hanyane re tlohele ho sebeletsa Jehova le hore re furalle mokhatlo oa hae. U ka sebelisa kelello ea hao hantle joang ha u khalemeloa?
Matlotlo a Patiloeng
U ka Laea Bana ba Hao Joang?
Taeo e tsoang ho Jehova kamehla e fanoa “ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 30:11; 46:28) O sheba taba ka mahlakore ’ohle, ho akarelletsa le a sa bonahaleng. Batsoali ba ka Mo etsisa joang? Stephen, ea qotsitsoeng qalong, o re: “Le hoja re ile ra utloa bohloko ’me re ne re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Natalie a ile a phehella ho hana reng, re ile ra leka ho nahana ka lilemo tsa hae le hore na o se a hōlile hakae kelellong.”
Monna oa Nicole, e leng Robert, le eena o ile a leka ho sheba lintho ka mahlakore ’ohle. Ha ngoana a fosa, kamehla oa ipotsa: ‘Na ntho’e e etsahetse ka seoelo kapa e se e le tloaelo? Na ngoana o khathetse kapa oa kula? Na phoso ee ke pontšo ea bothata bo bong?’
Batsoali ba bohlale ba boetse ba ela hloko hore bana ha e-s’o be batho ba baholo. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a lumellana le ntlha eo ha a ne a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Robert o re: “Ntho e ’ngoe e nthusang hore ke be le pono e loketseng ke hore ke qobe ho phahamisa matšoafo ’me ke ikhopotse hore na ke ne ke le joang ha ke sa le moshanyana.”
Ke habohlokoa hore u se ke ua lebella mohlolo ’me ka nako e tšoanang ua lokafatsa kapa ua buella lintho tse mpe kapa boitšoaro bo bobe. Ha u nahana ka bokhoni ba ngoan’a hao, lintho tseo a sitoang ho li etsa le maemo a mang, u tla etsa bonnete ba hore taeo ea hao ke e loketseng le e utloahalang.
LA 31 AUGUST–LA 6 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 31
“Ke Tla Etsa Selekane se Secha”
U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
4 E le hore re utloisise selekane se secha, re tlameha hore pele re utloisise morero oa selekane sa pele, e leng selekane sa Molao. Se ne se tla finyella merero e ’maloa e tsotehang molemong oa sechaba se neng se letetse Peō e tšepisitsoeng, eo batho ba bangata ba neng ba tla itlhohonolofatsa ka eona. (Gen. 22:17, 18) Ha Baiseraele ba ne ba amohela selekane sa Molao, ba ile ba fetoha “thepa ea [Molimo] e khethehileng.” Tlas’a selekane seo, moloko oa Levi ke oona o neng o tla hlahisetsa sechaba baprista. Ha Jehova a ne a etsa selekane seo pakeng tsa hae le sechaba sa Iseraele Thabeng ea Sinai, o ile a bua ka “’muso oa baprista le sechaba se halalelang” empa a se ke a bolela hore na se ne se tla ba teng neng kapa ka tsela efe. (Ex. 19:5-8) Ho fihlela seo se etsahala, selekane seo se ile sa bontša hore Baiseraele ba ne ba ke ke ba boloka Molao ka ho phethahetseng. Kahoo o ile oa bonahatsa libe tsa bona. Ka lebaka leo, tlas’a Molao, Baiseraele ba ne ba lokela ho nyehela mahlabelo kamehla bakeng sa ho koahela libe tsa bona. Empa, ho hlakile hore ho ne ho hlokahala ho fetang hoo, e leng sehlabelo se phethahetseng seo ho neng ho ke ke ha hlokahala hore se phetoe. Ka sebele, ho ne ho hlile ho hlokahala hore batho ba tšoareloe sebe ka ho sa feleng.—Bagal. 3:19-22.
U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
9 Mohlomong u kile ua bona batsoali ba tefisang bana ba bona, ba sa ba laeeng. Na u ne u ka lebella hore Jehova a be joalo? Le hanyenyane! Sena se hlakisoa ke tsela eo selekane se secha se ileng sa qala ho sebetsa ka eona. Ho e-na le ho hlakola libe feela tjee, Molimo o ile a iphaphatha ka hloko le toka ea hae ka ho rala motheo oa molao bakeng sa ho tšoarela libe, a etsa joalo le hoja ho ne ho hlokahala hore a itele haholo. U ka utloisisa taba ena hantle ha u ka hlahloba seo Pauluse a se ngotseng ha a ne a tšohla selekane se secha. (Bala Baheberu 9:15, 22, 28.) Pauluse o ile a bua ka ‘ho lokolloa ka thekollo’ eaba o re, “ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” Tabeng ea selekane se secha, o ne a sa bue ka mali a sehlabelo a lipoho kapa lipōli tse neng li bolaoa tlas’a Molao. Che, selekane se secha se ile sa thakholoa ka mali a Jesu. Motheong oa sehlabelo seo se phethahetseng, Jehova o ne a ka ‘tšoarela liphoso le libe’ ka ho sa feleng. (Lik. 2:38; 3:19) Empa ke bo-mang ba neng ba tla ba selekaneng see se secha ba be ba tšoareloe? E ne e ke ke ea e-ba sechaba sa Bajuda. Jesu o ile a re Molimo o ne a tla lahla Bajuda, ba neng ba nyehela mahlabelo a liphoofolo tlas’a Molao, ’me O ne a tla ea sechabeng se seng. (Mat. 21:43; Lik. 3:13-15) Sechaba seo e ile ea e-ba “Iseraele ea Molimo,” eo litho tsa eona e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Ka mantsoe a mang, selekane sa Molao se ne se le pakeng tsa Molimo le Baiseraele ba tlhaho, athe selekane se secha se pakeng tsa Jehova Molimo le Iseraele ea moea, ’me Jesu ke Mokena-lipakeng oa sona.—Bagal. 6:16; Bar. 9:6.
Mohlape o Mong, Molisa o Mong
14 14 Ho thoe’ng ka ba tla phela lefatšeng ’Musong oa hae? Ba rua molemo selekaneng se secha. (Bagal. 3:8, 9) Le hoja ba se na seabo ho sona, ba ‘tšoarella’ selekaneng sena se secha ka ho ikokobelletsa lintho tseo li se hlokang, feela joalokaha moprofeta Esaia a ile a profeta a re: “Batho basele ba ikopantseng le Jehova hore ba mo sebeletse le hore ba rate lebitso la Jehova, e le hore e be bahlanka ba hae, bohle ba bolokang sabatha e le hore ba se ke ba e silafatsa le ba tšoarellang selekaneng sa ka, ke tla boela ke ba tlise thabeng ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.” Ka mor’a moo Jehova o re: “Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”—Esa. 56:6,7.
U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
18 Ka lebaka leo, selekane se secha se totobatsa tsela e tsotehang eo Jehova a sebelisanang ka eona le batho ba baetsalibe, e leng batlotsuoa ba selekaneng se secha le batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. U ka kholiseha hore hang ha Jehova a se a tšoaretse libe tsa hao, a ke ke a li tsosa hape. Kahoo, e mong le e mong oa rōna a ka ithuta ho hong tšepisong ea Molimo ea selekane se secha. Ipotse, ‘Na ke leka ho etsisa Jehova ka hore ke se ke ka tsosa litšito tsa batho ba bang, e leng tseo ke itseng ke se ke li tšoaretse?’ (Mat. 6:14, 15) Taba ena e sebetsa litšitong tse nyenyane hammoho le ho tse khōlō haholo, joalokaha molekane oa Mokreste a etsa sebe sa bofebe. Haeba molekane ea se nang molato a lumela ho tšoarela mofebi ea bakileng, na e ke ke ea e-ba ho loketseng hore a se ke a ‘hlola a hopola sebe seo’? Ke ’nete hore ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore re lebale litšito, empa ke tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Jehova ka eona.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Rama” No. 1 ¶3
Rama
Litsebi tse ling tsa Bibele li ile tsa etsa qeto ea hore mantsoe ana a reng: “Lentsoe le utloahala Rama, seboko le sello se bohloko. Ragele o llela bana ba hae. O hanne ho tšeliseha hobane bara ba hae ha ba sa le eo,” (Jer 31:15) a ne a lebisitsoe ho Bajuda ba neng ba bokane Rama pele ba isoa botlamuoeng (ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba bolaeloa teng). Ragele e leng mosali oa Jakobo, o ne a batla ho ba le bana hoo a neng a nka hore o shoele ha a ne a ka se be le bona. (Ge 30:1) E ka ’na eaba ho buuoa ka Ragele ka tsela ea tšoantšetso a llela Bajuda ba bolailoeng le ba hapuoeng. Hape, kaha Ragele ke ’mè oa Benjamine, ho ka etsahala hore ebe mantsoe a Jeremia a mo tšoantšetsa a llela Babenjamine ba neng ba lula Rama. Jeremia o ile a re ho na le tšepo ea hore batho ba isitsoeng botlamuoeng ba tla khutla. (Jer 31:16) Matheu 2:18, e qotsitse boprofeta bo ho Jeremia 31:15, ha e bua ka nako eo Heroda a ileng a laela hore bana ba banyenyane ba Bethlehema ba bolaoe ka sehloho.—Sheba sehloohong se reng RACHEL.