Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 4-10 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 58-59
U ka Etsa’ng Hore Jehova a u Hlohonolofatse?
“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
9 Ha ho sa hlokahala hore batho ba Molimo ba boloke Sabatha ea lihora tsa sebele tse 24, empa tokisetso ena ea sabatha e ntse e se taba feela e thahasellisang ea histori. (Bakolose 2:16) Na ebe ha e re hopotse hore le rōna re lokela ho etelletsa pele mesebetsi e ka ntlafatsang kamano ea rōna le Molimo? Mesebetsi ea borapeli ha ea lokela ho etelloa pele ke ho batla lintho tse bonahalang kapa ho ikhatholla. (Baheberu 4:9, 10) Kahoo, re ka ipotsa: “Ntho ea pele ke eng bophelong ba ka? Na ke etelletsa pele ho ithuta, thapelo, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso? Kapa na mesebetsi e meng e nka nako ea lintho tsee?” Haeba re etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ba rōna, Jehova o re tšepisa hore re ke ke ra haelloa ke lintho tse hlokahalang bophelong.—Matheu 6:24-33.
U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
5 A re re u batla mosebetsi. Haeba u lula naheng eo ho eona ho nang le leqeme la mosebetsi, u ka ’na ua lekeha hore u amohele mosebetsi ofe kapa ofe o hlahang. Leha ho le joalo, u tla etsa’ng haeba mosebetsi oo o le khahlanong le melao-motheo ea Bibele? U tla etsa’ng haeba kemiso ea hao kapa nako eo u tla e qeta u le tseleng e tla u sitisa mesebetsing ea hao ea Bokreste kapa e etse hore u be hōle le lelapa la hao? Na u tla amohela mosebetsi oo o nang le mathata, u nahana hore o molemo ho feta ho se sebetse? Hopola hore ho khetha tsela e fosahetseng ho ka u suthisetsa hōle le Jehova. (Baheb. 2:1) Ho sa tsotellehe hore na u batla mosebetsi kapa u ntse u nahana ka ho fetola mosebetsi, u ka etsa qeto e bohlale joang?
6 Joalokaha ho boletsoe pejana, hopola hore na sepheo sa hao ke sefe. Ipotse, ‘Ke batla ho finyella’ng ka mosebetsi oo?’ Haeba lebaka le ka sehloohong la hore u sebetse ke ho hlokomela lelapa la hao e le hore le ka tsoela pele le sebeletsa Jehova—Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. (Mat. 6:33) Jehova ha a tsielehe ha u thulana le bothata ba ho felloa ke mosebetsi kapa ba ho oa ha moruo ka tšohanyetso. (Esa. 59:1) “O tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Pet. 2:9.
it-E “Ho Itima Lijo” ¶3
Ho Itima Lijo
Esaia khaolo ea 58 e bua ka nako eo Bajuda ba neng ba etsa libe tse tebileng. Le hoja ba ne ba etsa eka ba rapela Jehova, ba ne ba sa bakela libe tsa bona e le kannete. Ba ne ba etsa le ho bua lintho tse amanang le borapeli hore feela ba bonoe ke batho. E ’ngoe ea lintho tseo ba neng ba li etsa tse amanang le borapeli, e ne e le ho itima lijo ’me ba ne ba nahana hore ho tla etsa hore Molimo a ba amohele. Taba ena ha ea ka ea ba sebeletsa, kahoo ba ile ba botsa Jehova ba re: “Ke hobane’ng ha u sa bone ha re itima lijo? Ke hobane’ng ha u sa hlokomele ha re ikutloisa bohloko?” Jehova o ile a ba bolella hore le hoja ba ntse ba itima lijo, ba batla hore a ba ahlole ka toka ebile ba etsa eka ba rata lintho tse lokileng, ba ne ba ntse ba iketsetsa borata ka ho kenella linthong tse mpe tse kang liqabang, ho hatella batho le lintoa. Ba ne ba sa bontše Molimo hore ba soabetse lintho tseo ba neng ba li etsa le hore ba li baketse, e leng se neng se etsoa ke batho ba neng ba itima lijo. Ho itima lijo ha bona e ne e se hore Jehova a ba tšoarele empa e ne e le hore ba etse mponeng. Jehova o ile a bontša hore haa thabele boikaketsi ba bona, eaba o re: “Na tsela eo ke le laetseng ho itima lijo ka eona e lokela ho ba tjee? Na e lokela ho ba letsatsi la hore motho a itlhokofatse, a inamise hlooho ea hae joaloka loli, a robale holim’a lesela le hoashang le molora? Na ee ke ntho eo le e bitsang ho itima lijo le letsatsi le thabisang Jehova?”—Esa 58:1-5.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Bere” ¶6
Bere
Ha libere li lapile ebile li nkhella monko oa liphofu tsa tsona, lia rora. Kahoo, ha moprofeta Esaia a re Baiseraele ba ne ba “rora joaloka libere,” o ne a bolela hore ba ne ba lebelletse toka le poloko empa ba soetseha hangata. (Esa 59:11) Bere e futuhang e boetse e tšoantšoa le ’musi ea khopo ea ratang ho hatella bafutsana ba tlas’a puso ea hae.—Pr 28:15.
LA 11-17 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 60-61
“Tsoha, Uena Mosali, Khantša Leseli”
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Esaia 60:1 e re: “Tsoha, uena Jerusalema, khantša leseli kaha leseli la hao le tlile. Khanya ea Jehova e khanya holim’a hao.” Motse oa “Jerusalema” kapa Sione e ne e le motse-moholo oa Juda ea ka nako eo. (Esa. 60:14; 62:1, 2) Motse oa Jerusalema o ne o emela sechaba sohle sa Iseraele. Mantsoe a Esaia a phahamisa lipotso tse peli tse latelang: Ea pele, ke neng hona ke joang Jerusalema e ileng ea “tsoha” ’me ea khantša leseli? Ea bobeli, na mantsoe a Esaia aa phethahala mehleng ee ea rona?
Jerusalema e ile ea “tsoha” neng hona joang hore e khantše leseli la moea? Jerusalema le tempele ea eona e ile ea lula e le lithako ha Bajuda ba ntse ba le botlamuoeng Babilona ka lilemo tse 70. Empa ka mor’a hore Babilona e hloloe ke Bamede le Bapersia, Baiseraele bohle ba neng ba tsoa hohle ’Musong oa Babilona ba ne ba lokolohile ho khutlela naheng ea habo bona le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. (Esdr. 1:1-4) Ho tloha ka selemo sa 537 B.C.E., masala a tšepahalang a tsoang melokong eohle e 12 a ile a tsosolosa tempele. (Esa. 60:4) A ile a qala ho etsetsa Jehova mahlabelo, a e-ba le mekete le ho tsosolosa tempele. (Esdr. 3:1-4, 7-11; 6:16-22) Khanya ea Jehova e ile ea boela ea khantšetsa Jerusalema e leng batho ba Molimo. Ba ile ba fetoha mohloli oa leseli ho batho ba neng ba sa tsebe Molimo.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Leha ho le joalo, ke karolo e itseng feela ea boprofeta ba Esaia e ileng ea phethahala ka nako eo. Boholo ba Baiseraele ha boa ka ba tsoela pele bo mamela Molimo. (Neh. 13:27; Mal. 1:6-8; 2:13, 14; Mat. 15:7-9) Hamorao, ba ile ba latola Mesia e leng Jesu Kreste. (Mat. 27:1, 2) Jerusalema e ile ea felisoa hape ka selemo sa 70 C.E.
Jehova o ile a bolela esale pele hore seo se ne se tla etsahala. (Dan. 9:24-27) Ho hlakile hore e ne e se morero oa hae hore Jerusalema e phethahatse boprofeta bohle bo hlahang ho Esaia khaolo ea 60.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na mantsoe a Esaia a phethahala haholoanyane mehleng ee? E, ho joalo empa a phethahala ho“Jerusalema e leholimong.” Moapostola Pauluse o ile a re ka eona: “Ke ’mè oa rona.” (Bagal. 4:26) Jerusalema e leholimong, ke karolo ea mokhatlo oa Molimo o entsoeng ka mangeloi a tšepahalang. Bana ba eona ke Jesu le Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba nang le tšepo ea ho ea leholimong joaloka Pauluse. Bakreste ba tlotsitsoeng ke “sechaba se halalelang” e leng “Iseraele ea Molimo.”—1 Pet. 2:9; Bagal. 6:16.
Jerusalema e leholimong e ile ea “tsoha” le ho “khantša leseli” joang? E ile ea etsa joalo e sebelisa bana ba eona ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. Bapisa le se ileng sa etsahalla bana ba eona le boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 60.
Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba lokela ho “tsoha” hobane ba ne ba le lefifing la moea ka lebaka la bokoenehi bo bileng teng ka mor’a hore baapostola bohle ba hlokahale. (Mat. 13:37-43) Ka nako eo, ba ile ba e-ba tlas’a puso ea Babilona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Batlotsuoa e ile ea e-ba batšoaruoa ho fihlela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’, e qalileng ka selemo sa 1914. (Mat. 13:39, 40, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Nakoana ka mor’a moo, ka selemo sa 1919, ba ile ba lokolloa ’me hang-hang ba ile ba qala ho khantša khanya ka hore ba bolele litaba tse monate tsa ’Muso. Ho theosa le lilemo batho ba tsoang lichabeng tsohle le bona ba ile ba khantšetsoa leseli ho akareletsa le batlotsuoa ba neng ba ntse ba le teng ba Iseraele ea Molimo e leng “marena” ao ho buuoeng ka ’ona ho Esaia 60:3.—Tšen. 5:9, 10.
Nakong e tlang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla khantša leseli le tsoang ho Jehova haholoanyane. Joang? Ha ba se ba hlokahetse, e tla ba karolo ea “Jerusalema e Ncha” kapa monyaluoa oa Kreste e leng ba 144 000 bao e tla ba marena le baprista.—Tšen. 14:1; 21:1, 2, 24; 22:3-5.
Jerusalema e Ncha e tla phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatsa lengolo la Esaia 60:1. (Bapisa Esaia 60:1, 3, 5, 11, 19, 20 le Tšenolo 21:2, 9-11, 22-26.) Joalokaha Jerusalema e neng e le lefatšeng e ne e le ’muso oa Iseraele ea khale, Jerusalema e Ncha le Kreste e tla ba ’muso o mocha oa lefatše le lecha. Ke joang Jerusalema e Ncha e tla “theoha leholimong [e] tsoa ho Molimo”? Ka ho lebisa tlhokomelo ea eona lefatšeng. “Khanya ea eona e tla khantša litsela” tsa batho ba hlomphang Molimo ba tsoang lichabeng tsohle. Ba ke ke ba hlola ba e-ba le sebe kapa ba e-shoa. (Tšen. 21:3, 4, 24) Seo se tla fella ka hore “ho nchafatsoe lintho tsohle” joalokaha Esaia le baprofeta ba bang ba boletse. (Lik. 3:21) Mosebetsi oa ho nchafatsa lintho o qalile ha Kreste e qala ho ba Morena ’me o tla fela ha Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete e fela.
Matlotlo a Patiloeng
Jehova o Etsa Hore re be le Tokoloho
10 Mora oa Molimo o ile a thusa batho hore ba be le tokoloho kapa bolokolohi ka litsela tse peli. Ea pele, Jesu o ile a thusa batho hore ba lokolohe lithutong tse hatellang tsa baeta-pele ba bolumeli. Mehleng eo, Bajuda ba bangata ba ne ba qobelloa hore ba etse meetlo le ho lumela lithuto tse fosahetseng. (Mat. 5:31-37; 15:1-11) Batho ba neng ba re ba thusa sechaba hore se sebeletse Molimo, ba ne ba sa mo sebeletse hantle ’me ka tsela e itseng ba ne ba foufetse. Kaha batho bao ba ile ba hana ho lumela ho Mesia le thutong ea hae, ba ile ba lula ba le lefifing la ho se tsebe Molimo hape libe tsa bona ha lia ka tsa tšoareloa. (Joh. 9:1, 14-16, 35-41) Jesu o ile a bontša batho ba ikokobelitseng hore na ba ka lokolloa lithutong tse fosahetseng joang, ka mohlala oa hae le lithuto tse nepahetseng tseo a neng a ba ruta tsona.—Mar. 1:22; 2:23–3:5.
11 Tsela ea bobeli eo Jesu a ileng a fana ka tokoloho ka eona e ne e akareletsa ho ntša batho bokhobeng ba sebe seo ba se futsitseng. Kaha Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo, Jehova o ne a tla e sebelisa ho tšoarela batho ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu le linthong tseo Jesu a neng a li etsa. (Baheb. 10:12-18) Jesu o ile a re: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” (Joh. 8:36) Tokoloho eo e ne e le molemo ho feta eo Baiseraele ba neng ba e fumana ka selemo sa Jubile. Mohlala, Moiseraele o ne a ka lokolloa ka Jubile empa e ne ntse e ka ba lekhoba hape kapa mohlomong a shoe.
LA 18-24 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 62-64
Sebopi se Lerato le se Nang le Qenehelo
‘Molimo o Mohau’
7 Mohau oa Jehova o bonahala ka ho hlaka tseleng eo a ileng a sebetsana le sechaba sa Iseraele ka eona. Ka mor’a lefu la Josefa, Baiseraele ba limilione ba ne ba le bokhobeng Egepeta ea boholo-holo, moo ba neng ba hateletsoe ka thata. Baegepeta ‘ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba fa mosebetsi o boima oa ho etsa seretse ka letsopa, litene le ho etsa mesebetsi eohle ea bokhoba masimong.’ (Exoda 1:11, 14) Mahlomoleng a bona, Baiseraele ba ile ba hoeletsa ho Jehova hore a ba thuse. Molimo ea mohau o ile a arabela joang?
8 Pelo ea Jehova e ile ea ameha. O ile a re: “Ke bone hore batho ba ka baa sotleha Egepeta ’me ke utloile sello sa bona se bakoang ke batho ba ba qobellang ho sebetsa. Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utloang.” (Exoda 3:7) Jehova o ne a ke ke a bona mahlomola a sechaba sa hae kapa a utloa sello sa sona feela eaba ha a se utloele bohloko. Joalokaha re bone Khaolong ea 24 ea buka ena, Jehova ke Molimo ea nang le kutloelo-bohloko. Kutloelo-bohloko ke ho utloa bohloko boo ba bang ba bo utloang ’me e amana haufi-ufi le qenehelo. Empa Jehova ha aa ka a utloela sechaba sa hae feela, o ile a susumelletseha ho nka khato molemong oa sona. Esaia 63:9 e re: “Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla.” Jehova o ile a lopolla Baiseraele Egepeta ka “letsoho le matla.” (Deuteronoma 4:34) Ka mor’a moo, o ile a ba fa lijo ka mohlolo le ho ba kenya naheng ea bona e behang litholoana.
9 Mohau oa Jehova ha oa ka oa fella moo. Ha Iseraele e se e kene Naheng e Tšepisitsoeng, khafetsa e ne e oela ho se tšepahaleng ebe e utloa bohloko ka lebaka leo. Empa hamorao ebe sechaba sea hlaphoheloa ’me se hoeletsa ho Jehova. Nako le nako o ne a se lopolla. Hobane’ng? “Hobane a utloela batho ba hae bohloko.”—2 Likronike 36:15; Baahloli 2:11-16.
U se ke oa Ikimetsa ka Lintho Tseo u Lokelang ho li Lahla
8 Rea ikarabella ka liqeto tseo re li etsang. Jehova o re lumella hore re iketsetse liqeto ebile o batla hore re thabe ha re etsa liqeto tse nepahetseng. Empa ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke litla-morao tsa liqeto tse mpe tseo re li entseng. (Bagal. 6:7, 8) Kahoo, rea ikarabella ka liqeto tse mpe tseo re li etsang, lintho tse fosahetseng tseo re li buang le lintho tse mpe tseo re li etsang. Letsoalo la rona le ka ’na la re tšoenya ka lebaka la ntho e itseng eo re e entseng empa ha re tseba hore rea ikarabella ka liqeto tseo re li entseng, seo se ka etsa hore re bolele libe tsa rona, re lokise liphoso tseo re li entseng ’me re qobe ho li pheta. Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re lule re le peisong ea bophelo.
9 U ka bontša joang hore u ikarabella ka liqeto tseo u li entseng? U ka etsa’ng haeba u sa khone ho fetola qeto e mpe eo u e entseng? Amohela hore u ke ke oa fetola lintho tseo u li entseng nakong e fetileng. U se ke oa ikimetsa ka ho ipeha molato le ho beha batho ba bang molato ka qeto eo u e entseng kapa oa ipehela mabaka a hore na ke hobane’ng ha u e entse. Amohela liphoso tseo u li entseng ’me u leke ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng hona joale. Haeba u ikutloa u le molato ka ntho e mpe eo u e entseng, rapela Jehova, u lumele hore u entse phoso ’me u mo kope hore a u tšoarele. (Pes. 25:11; 51:3, 4) Kopa tšoarelo ho batho bao u ba utloisitseng bohloko ’me haeba ho hlokahala, bua le baholo u kope hore ba u thuse. (Jak. 5:14, 15) Ithute liphosong tseo u li entseng ’me u leke hore u se ke oa li pheta. Haeba u etsa joalo u ka kholiseha hore Jehova o tla u hauhela a be a u thuse.—Pes. 103:8-13.
Na U Fetohile?
15 Bala Esaia 64:8. Papiso eo moprofeta Esaia a e sebelisitseng e re ruta thuto ea bohlokoa. Jehova e leng Sebōpi, o re bōpa joang rōna bao re leng letsopa? Ho hlakile hore ha a fetole tsela eo re shebahalang ka eona ho etsa hore re be le litšobotsi tse ntle kapa re be seemo se setle. Jehova ha a re koetlise nameng empa o re koetlisa moeeng. Haeba re lumela hore a re bōpe, re tla fetoha ka hare kapa moeeng—e leng sona seo re hlileng re se hlokang e le hore re hlōle tšusumetso ea lefatše. Re bōptjoa ka tsela efe?
16 E le hore sebōpi se bōpe lipitsa tse ntle, se sebelisa letsopa la boleng bo botle. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse peli tseo se lokelang ho li etsa. Ea pele, letsopa le lokela ho hloekisoa. Ka mor’a moo, le lokela ho kopanngoa le metsi a lekaneng ebe lea khojoa e le hore le tsebe ho bōpeha hantle.
17 Hlokomela hore metsi a sebelisetsoa ho hloekisa letsopa le ho etsa hore le be bonolo hantle hoo le ka sebelisetsoang ho etsa sejana esita le se pshoatlehang habonolo. Na rea hlokomela hore na Lentsoe la Molimo le ka etsa mosebetsi o tšoanang le oo joang bophelong ba rōna? Le ka re thusa hore re lahle mokhoa oo re neng re nahana ka oona pele re tseba Molimo ’me re fetohe batho ba bohlokoa mahlong a hae. (Baef. 5:26) Nahana hore na ke hangata hakae re ’nileng ra phehelloa hore re bale Bibele letsatsi le letsatsi le hore re be teng kamehla libokeng tsa Bokreste moo ho tšohloang Lentsoe la Molimo. Ke hobane’ng ha re ’nile ra khothalletsoa hore re etse lintho tsee? Ke hobane ha re etsa joalo re lumela hore Jehova a re bōpe.—Pes. 1:2; Lik. 17:11; Baheb. 10:24, 25.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Mohau” ¶11
Mohau
Ha rea lokela ho nka monyetla ka oona. Le hoja Jehova a bontša batho ba mo ratang e le kannete mohau, a ke ke a tlohela batho ba etsang sebe ba sa bake ba sa fuoe kotlo. (Ex 34:6, 7) Re ke ke ra lebella hore Molimo a lule a re bontša mohau. Re ke ke ra etsa sebe ebe ha re fuoe kotlo ka lebaka la sebe seo kapa hona ho se khole litholoana tsa liketso tsa rona tse mpe. (Gal 6:7, 8; bapisa le Nu 12:1-3, 9-15; 2Sa 12:9-14.) Jehova a ka re bontša mohau le mamello e le ho re fa monyetla oa hore re lokise liphoso tsa rona. Le hoja a sa lumellane le lintho tseo re li etsang, haa re lahle empa o re bontša mohau ka ho tsoela pele a re thusa le ho re tataisa. (Bapisa le Ne 9:18, 19, 27-31.) Empa haeba re sa mo mamele, mamello le mohau oa hae lia fela ’me o tla re fa kotlo molemong oa lebitso la hae.—Esa 9:17; 63:7-10; Jer 16:5-13, 21; bapisa le Lu 13:6-9.
LA 25-31 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 65-66
Re Rata Paradeise ea Rona ea Moea!
“O Molemo Haholo”
12 Jesu o ile a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.’” (Matheu 4:4) Ha e le hantle, mantsoe a Jehova a ka Bibeleng a ka re tsoela molemo ho feta lijo hobane a ka re thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. Khaolong ea 8 ea buka ena, re ile ra hlokomela hore Jehova o sebelisa matla a hae a ho tsosolosa kapa ho nchafatsa matsatsing ana a ho qetela ho tlisa paradeise ea moea. Tšobotsi ea bohlokoa ea paradeise ena ke matletsetletse a lijo tsa moea.
14 Pono eo ea tempele e ne e bolela hore Jehova o tla tsosolosa borapeli ba ’nete, bo neng bo tla lumellana le melao ea hae e lokileng. Joaloka noka eo ea ponong, lintho tse molemo tseo Jehova a neng a tla li fa batho ba hae e le hore ba phele ka ho sa feleng li ne li tla eketseha. Haesale Jehova a ba hlohonolofatsa ka lintho tsena ho tloha ha ho ne ho tsosolosoa borapeli ba ’nete ka 1919. O fane ka eng? Libibele, lingoloa tsa Bibele, liboka le likopano kaofela li thusitse ho tlisetsa ba limilione linnete tsa bohlokoa. Jehova o sebelisitse lintho tseo ho ruta batho ka tokisetso ea bohlokoa ka ho fetisisa e phelisang, e leng sehlabelo sa Kreste sa tefo ea topollo, se fanang ka boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova le tšepo ea bophelo bo sa feleng ho bohle ba ratang Molimo e le kannete le ba mo tšabang. Kahoo, matsatsing ana a ho qetela, ha lefatše le le tlaleng ea boja-likata moeeng, batho ba Jehova ba ’nile ba thabela nala ea moea.—Esaia 65:13.
U se ke oa Tlohela ho Sebeletsa Jehova
9 Ba khobile matšoafo. Esaia 65:14 e re batho ba khethang ho tlohela ho sebeletsa Jehova baa ‘lla ka lebaka la lipelo tse bohloko ebile baa bokolla hobane ba oele moea.’ Ho tla etsahala’ng ka lintho tse utloisang bahlanka ba Molimo bohloko le mathata a ba hlahelang? Lintho tseo li tla be li “lebetsoe [’me li] tla tlosoa ka pel’a mahlo a [Molimo].” (Bala Esaia 65:16, 17.) Jehova o tla felisa mathata a rona ’me o tla etsa hore re lebale lintho tse re utloisang bohloko ka ho feletseng.
10 Re ikutloa re khatholohile ha re le libokeng hobane ho ba libokeng ho re thusa hore re se ke ra nahana ka lintho tse re tšoenyang tse etsahalang lefatšeng lena le khopo. Hape re thusa bara le barali ba bo rona hore ba lule ba khobile matšoafo ka hore re be le lerato, thabo, khotso, mosa le bonolo e leng litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Ke tlhohonolofatso e kholo hore ebe re karolo ea mokhatlo oa Molimo. Batho bohle ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ba tla bona ha tšepiso ea Molimo ea hore ho tla ba le “maholimo a macha le lefatše le lecha” e phethahala.
U se ke oa Tlohela ho Sebeletsa Jehova
13 Ba na le khotso ebile ba sireletsehile. Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, batho ba bangata ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse mpe ba entse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Bala Esaia 65:25.) Ba sebelitse ka thata hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa. (Bar. 12:2; Baef. 4:22-24) Kaha re baetsalibe, re tla lula re ntse re etsa liphoso. Leha ho le joalo, Jehova o entse hore “batho ba mefuta eohle” ba momahane ka hore ba bontšane lerato le hore ba phele ka khotso. (Tite 2:11) Ke Molimo ea matla ’ohle feela ea ka etsang ntho ena.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Gehena” ¶6-7
Gehena
E Tšoantšetsa ho Felisa ka ho Felletseng. Jesu o ile a sebelisa lentsoe Gehena ho tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng e tlisoang ke kahlolo ea Molimo. Kahlolo ena e bolela hore ha ho na monyetla oa hore motho a ka phela hape. (Mat 10:28; Lu 12:4, 5) Jesu o ile a re bangoli le Bafarisi ba ne ba le khopo hoo ba neng ba ‘tšoaneloa ke Gehena.’ (Mat 23:13-15, 33) E le hore balateli ba Jesu ba se ke ba timetsoa ka tsela ena, ba ne ba lokela ho qoba lintho tse neng li silafatsa borapeli ba bona. Ha ho thoe motho a khaole leoto kapa letsoho le ho honya leihlo la hae, ho ne ho tšoantšetsa ho tlohela lintho tse neng li etsa hore motho a etse sebe.—Mat 18:9; Mar 9:43-47; Kol 3:5; bapisa le Mat 5:27-30.
Jesu o ile a bua mantsoe a ho Esaia 66:24 ha a ne a hlalosa Gehena, a reke moo liboko li sa shoeng le moo mollo o sa timeng. (Mar 9:47, 48) Sebaka sena e ne e se moo batho ba hlokofatsoang teng empa e ne e le moo lintho li felisoang ka ho felletseng. Bopaki ba sena re bo bona mantsoeng a Esaia hobane o ne a sa bue ka batho ba phelang empa o ne a bua ka ‘litopo tsa batho ba neng ba fetohetse’ Molimo. Joalokaha bopaki bo bontša, Khohlong ea Hinome e ne e le moo ho lahleloang matlakala le litopo ’me li chesoa ka moloo o tukang haholo o nang le sebabole (bapisa le Esa 30:33), o neng o etsa hore lintho tse chesoang li che ka ho felletseng. Lintho tse neng li sa chesoa ke mollo oo, li ne li jeoa ke liboko ho fihlela li fela ka ho felletseng. Kahoo, mantsoe a Jesu a ne a bolela hore kahlolo ea Molimo e tla phethahala ho fihlela a felisitse batho ba mo fetosetseng ka ho felletseng.
LA 1-7JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 1-3
“U se ke oa ba Tšaba Kaha ‘ke na le Uena’”
Ho ba Batho ba Jehova ke Mosa o sa Tšoanelang
7 Kamehla Jehova o tla re khothatsa ha ho hlokahala, hafeela re tšepile hore ke eena ea tla re fa matla. Ka mohlala, ho hlakile hore Jeremia e ne e se motho ea sebete ka tlhaho. Kahoo, ha Jehova a ne a mo fa mosebetsi oa hore e be moprofeta oa Hae, Jeremia o ile a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” Hamorao o ile a re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.” (Jer. 1:6; 20:9) Leha ho le joalo, Jehova o ile a khothatsa Jeremia ’me ka lilemo tse 40 o ile a khona ho bolela molaetsa har’a batho ba neng ba sa o rate. Khafetsa Jehova o ile a mo khothatsa ka mantsoe ana: “Ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla.”—Jer. 1:8, 19; 15:20.
8 Feela joalokaha Jehova a ile a matlafatsa Moshe le Jeremia, le rōna a ka re thusa hore re etse seo a lebeletseng hore Bakreste ba se etse kajeno. Taba ea bohlokoa ke ho tšepa Molimo. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Re bontša hore re tšepa Jehova ha re sebelisa thuso eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le ka phutheho. Haeba re lumella Jehova hore a re tataise bophelong, ha ho letho le tla re thibela ho tšepahala ho eena.
Matlotlo a Patiloeng
Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
3 Boholo ba Bajuda bo ne bo bontšitse hore lipelo tsa bona li ne li le boemong bo hlobaetsang. Ba ile ba furalla Molimo a le mong feela oa ’nete ka lebaka la melimo ea Bakanana, ’me ba ile ba etsa seo ka matsoalo a khutsitseng. Jehova o ile a botsa barapeli bao a re: ‘Melimo ea lōna eo le iketselitseng eona e hokae? E ke e tsohe haeba e ka le pholosa nakong ea tlokotsi ea lōna. Etsoe melimo ea lōna e lekana le palo ea metse ea lōna.’ (Jer. 2:28) Ho totobetse hore rōna ha re nahane hore re ka rapela melimo ea litšoantšo. Leha ho le joalo, tlas’a sehlooho se reng “molimo,” dikishinari e ’ngoe e re: “Ke motho kapa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Ntho e tlang pele bophelong ba batho ba bangata lefatšeng ke mosebetsi oa bona, bophelo, lelapa esita le liphoofolo tsa lapeng. Ba bang ba nka hore lipapali, batho ba hlaheletseng, theknoloji, ho eta kapa meetlo ea bona, ke lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ba bangata ba phehella lintho tsena le haeba ho etsa joalo ho senya kamano ea bona le ’Mōpi. Na Bakreste ba ’nete ba ka angoa ke taba ee joalokaha e ile ea ama batho ba Juda ba mehleng ea Jeremia?
LA 8-14 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 4-6
U se ke oa Tšoana le Bajuda ba Neng ba sa Mamele
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
8 Re fumana leseli la hore na ho se ‘bolle pelong’ ho bolela’ng ho seo Molimo a ileng a khothalletsa Bajuda hore ba se etse ha a ne a re: “Le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna, lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa . . . ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.” Empa mesebetsi ee ea bona e mebe e ne e simolohile hokae? E ne e simolohile ka hare, lipelong tsa bona. (Bala Mareka 7:20-23.) A sebelisa Jeremia, Molimo o ile a bolela hore na mesebetsi e mebe ea Bajuda e ne e simolohile hokae. Lipelo tsa bona li ne li le manganga li tletse borabele. Merero ea bona le menahano ea bona e ne e sa mo khahlise. (Bala Jeremia 5:23, 24; 7:24-26.) Molimo o ile a re ho bona: “Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna.”—Jer. 4:4; 18:11, 12.
9 Kahoo, Bajuda ba mehleng ea Jeremia ba ne ba hloka ho etsoa opereishene ea pelo ea tšoantšetso—ba ‘bolle lipelong’—feela joalokaha batho ba mehleng ea Moshe ba ile ba etsa. (Deut. 10:16; 30:6) Ho ‘bolotsa matlalo a lipelo tsa bona’ ho ne ho bolela hore ba lokela ho tlosa lintho tse neng li etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa mamela—e leng menahano ea bona, lintho tseo ba neng ba li rata kapa merero ea bona e neng e le khahlanong le ea Molimo.—Lik. 7:51.
Na Letsatsi le Letsatsi Ua Botsa, “Jehova o Hokae?”
2 Leha ho le joalo, batho ba Juda ba neng ba rata ho utloa ha baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ntse ba re, ‘lintho li tsamaea hantle,’ ba ne ba hlile ba se na taba le hore na Jehova o nka boitšoaro ba bona joang. (Jer. 5:31; 6:14) Ba ne ba tšoana le bakuli ba batlang ngaka e tla ba bolella mantsoe a khothatsang empa e iphapanyetsa matšoao a bontšang hore ehlile baa kula. Haeba u ne u kula haholo, na u ne u ke ke ua batla hore ngaka e nepe hore na u tšoeroe ke lefu lefe e le hore u tsebe ho fumana pheko kapele? Ka tsela ea moea, Bajuda ba mehleng ea Jeremia ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba batla hore boemo ba bona ba moea bo sekasekoe ka botšepehi. Ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba botsa ba re: “Jehova o hokae?”—Jer. 2:6, 8.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jeremia
4:10; 15:18—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a thetsa sechaba sa hae sa marabele? Mehleng ea Jeremia, ho ne ho e-na le baprofeta ba ‘profetang leshano.’ (Jeremia 5:31; 20:6; 23:16, 17, 25-28, 32) Jehova ha aa ka a ba thibela hore ba phatlalatse melaetsa ea thetso.
LA 15-21 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 7-8
Ba ne ba sa Hlomphe Tempele ea Jehova
Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
12 Qalong ea puso ea Jojakime, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a ee tempeleng ’me a nyatse Bajuda pepenene ka lebaka la bokhopo ba bona. Ba ne ba nka eka tempele ea Jehova ke seroala se neng se tla ba sireletsa. Leha ho le joalo, haeba ba ne ba sa tlohele “ho utsoa, ho bolaea le ho feba le ho hlapanya ka bohata le ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng,” Jehova o ne a tla furalla tempele ea hae. O ne a tla furalla le baikaketsi ba neng ba rapela ho eona, feela joalokaha a ile a furalla tabernakele e neng e le Shilo mehleng ea Moprista ea Phahameng Eli. Naha ea Juda e ne “e tla fetoha sebaka se ripitliloeng.” (Jer. 7:1-15, 34; 26:1-6) Nahana hore na Jeremia o ne a hloka sebete se sekaakang hore a phatlalatse molaetsa oo! Ho ka etsahala hore ebe o ne a o phatlalatsa pontšeng, ka pel’a batho ba hlaheletseng le ba nang le tšusumetso. Ka tsela e tšoanang, kajeno bara le barali babo rōna ba ’nile ba utloa hore ba hloka sebete e le hore ba be le seabo mosebetsing oa ho fana ka bopaki seterateng kapa ha ba buisana le barui kapa batho ba bohlokoa. Leha ho le joalo, re ka kholiseha ka sena: Molimo o tla re tšehetsa joalokaha a ile a tšehetsa Jeremia.—Baheb. 10:39; 13:6.
it-E “Jehova” ¶78
Jehova
Haesale Jehova a bolella sechaba sa Iseraele kamoo lebitso la hae le halalelang kateng. Thaba ea Sione e motse-moholo oa Jerusalema, e ne e le sebaka seo Jehova a ileng a khetha “ho beha lebitso la hae ho sona le ho lula teng.” (De 12:5, 11; 14:24, 25; Esa 18:7; Jer 3:17) Tempele e neng e le motseng oo, e ne e le bakeng sa lebitso la Jehova. (1Kr 29:13-16; 1Ma 8:15-21, 41-43) Haeba batho ba ne ba etsa lintho tse ntle kapa tse mpe tempeleng kapa motseng oo, seo se ne se ama lebitso la Jehova ’me o ne a tla nka bohato. (1Ma 8:29; 9:3; 2Ma 21:4-7) Ha batho ba ne ba hlompholla lebitso la Jehova, ba ne ba tla etsa hore motse le tempele li felisoe ka ho felletseng. (1Ma 9:6-8; Jer 25:29; 7:8-15; bapisa mantsoe le liketso tsa Jesu tse ho Mat 21:12, 13; 23:38.) Ke ka hona Jeremia le Daniele ba ileng ba kopa Jehova ka tieo molemong oa batho ba hae le motse oo, hore a ba bontše mohau le ho ba thusa e le hore lebitso la hae le tlotlisoe.—Jer 14:9; Dan 9:15-19.
it-E “Shilo” No. 2 ¶4
Shilo
Boholo ba lintho tseo buka ea Baahloli e li buang, ke tse etsahetseng ha tabernakele e ntse e le Shilo. (Bhl 18:31; 1Sa 1:3, 9, 24; 2:14; 3:21; 1Ma 2:27) Nakoana pele Moprista ea Phahameng Eli a shoa, Baiseraele ba ne ba loana le Bafilista ’me ba ile ba tlosa Areka tabernakeleng, ba e isa ntoeng ba tšepile hore e tla etsa hore ba hlole. Empa Jehova o ile a lumella Bafilista hore ba hape Areka. Taba ea hore areka ha ea ka ea khutlela Shilo, e ne e bontša hore Jehova o lahlile motse oo kaha bo teng ba eona bo ne bo bontša hore Jehova o teng motseng oo. (1Sa 4:2-11) Ha mopesaleme a ne a bua ka ho lahloa ha Shilo le ha (Ps 78:60, 61; bapisa le 1Sa 4:21, 22) Jeremia a ne a profeta ka taba ena, ba ne ba bontša seo Jehova a neng a tla se etsa ka tempele e Jerusalema.—Jer 7:12, 14; 26:6, 9.
Matlotlo a Patiloeng
“Balisa ba Tumellanong le Pelo ea Ka”
14 Ruri re lokela ho leboha thuto eo re e fuoang ke balisa ba Bakreste! Mehleng ea hae, Jeremia o ile a bona hore ho ne ho hlokahala hore batho ba habo ba folisoe moeeng. O ile a botsa a re: “Na ha ho na balsame Gileade? Kapa na ha ho na mofolisi moo?” (Jer. 8:22) Ho ne ho e-na le balsame ea sebele Gileade, e leng karolo ea Iseraele e ka bochabela ho Jordane. Oli ena ea litlama e nkhang hamonate e ne e tsebahala ka hore e ne e folisa, ’me hangata e ne e tlotsetsoa ho kokobetsa bohloko maqebeng le ho a folisa. Leha ho le joalo, ho ne ho se na pholiso ea moea. Hobane’ng? Jeremia o ile a re: “Baprofeta ba profeta leshano; ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona. Sechaba sa ka se ratile ha ho le joalo.” (Jer. 5:31) Kajeno teng ho etsahala’ng? Na ha u lumele hore joang kapa joang ho na le “balsame Gileade”—e, hore e teng phuthehong ea heno? Re ka tšoantša balsame e kokobetsang bohloko le khothatso eo balisa ba Bakreste ba lerato ba fanang ka eona ha ba tataisa barab’abo bona ka lerato hore ba latele melao-motheo ea Mangolo, ha ba ba matlafatsa le ha ba ba rapella ba bile ba rapela le bona.—Jak. 5:14, 15.
LA 22-28 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 9-10
U Ithorisa ka Lintho Life?
U se ke oa Inahana Haholo ho Feta Kamoo ho Hlokahalang
13 Lipatlisiso li bontša hore batho ba qetang nako e ngata ba sheba melaetsa le lifoto tseo batho ba bang ba li behileng mecheng ea puisano ba ikutloa e le metoaitoai hape ba nyahame. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane batho ba khetha ho beha lifoto tse bontšang hore na ba finyeletse’ng bophelong hape ba khetha ho beha tse ntle feela, tsa bona le metsoalle ea bona le tsa libaka tse ntle tseo ba kileng ba e-ba ho tsona. Hangata batho ha ba bona lifoto tseo ba ka etsa qeto ea hore ha ba ipapisa le mong’a lifoto tseo, bona bophelo ba bona ke bo tloaelehileng feela kapa bo bolutu. Morali’abo rona e mong ea lilemo li 19 o re: “Ke ile ka qala ho utloa ke sa thaba ha ke bona kamoo lithaka tsa ka li ithabisang kateng mafelo a beke ha ’na ke lutse hae ho se na ntho eo ke e etsang.”
14 Ke ’nete hore re ka sebelisa mecha ea puisano hantle joaloka ho bua le ba lelapa la rona le metsoalle. Empa na u hlokometse hore hangata ha batho ba beha lifoto kapa livideo mecheng ea puisano, ba li beha ka morero oa hore batho ba bang ba ba rate kapa ba ba nke e le ba bohlokoa? Ho bonahala hore sepheo sa bona ke hore feela batho ba ba bone. Batho ba bang bona ebile ba sebelisa puo e tala ho araba melaetsa lifotong tsa bona kapa lifotong tseo batho ba bang ba li behileng. Empa Bakreste bona ba khothaletsoa hore ba ikokobetse le hore ba utloelane bohloko, kahoo ba ke ke ba sebelisa mecha ea puisano ka tsela ena.—Bala 1 Petrose 3:8.
15 Haeba u sebelisa mecha ea puisano, ipotse: ‘Na lintho tseo ke li ngolang kapa lifoto le livideo tseo ke li behang li fa batho ba bang boikutlo ba hore kea ikakasa? Na ke tl’o etsa hore batho ba bang ba be mona?’ Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng, takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso, ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Joh. 2:16) Bibele e ’ngoe e hlalosa poleloana ena ea “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” e le ho batla ho nkoa u le oa bohlokoa. Bakreste ha baa lokela ho ba le boikutlo ba hore ke ba bohlokoahali kapa ho batla ho ratoa ke batho ba bang ka tsela e feteletseng. Ba mamela keletso ena ea Bibele e reng: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlholisano, ba honohelanang.” (Bagal. 5:26) Boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena ba ikhohomosang le ba ratang ho nkoa e le ba bohlokoa ho feta tekano.
Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolela’ng ho Rona?
14 Re ikotla sefuba ka lebitso la Jehova. (Bala Pesaleme ea 105:3.) Jehova o thaba haholo ha re ithorisa ka lebitso la hae. (Jer. 9:23, 24; 1 Bakor. 1:31; 2 Bakor. 10:17) ‘Ho ithorisa ka Jehova’ ho bolela ho ba motlotlo ka hore ke Molimo oa rona. Re nka e le tlotla ho hlompha lebitso la hae le ho emela botumo ba hae. Ha rea lokela ho soabela ho joetsa basebetsi-’moho le rona, baithuti-’moho, baahisani le batho ba bang hore re Lipaki Tsa Jehova. Diabolose o batla hore re khaotse ho bua ka lebitso la Jehova ho batho ba bang. (Jer. 11:21; Tšen. 12:17) Ha e le hantle, Satane le baprofeta ba hae ba bohata ba batla ho etsa hore batho ba lebale lebitso la Jehova. (Jer. 23:26, 27) Empa re batla ho lula re halaletsa lebitso la Jehova “letsatsi lohle” hobane re le rata.—Pes. 5:11; 89:16.
it-E “Bohlale” ¶25-26
Bohlale
Batho ba neng ba ithorisa ka lintho tseo ba neng ba khona ho li etsa (bapisa Jer 9:23, 24) ho e-na le ho ithorisa ka seo ba leng sona ka hare, ba ne ba nka boteng ba Pauluse bo sa khahle ebile a bua lintho tse se nang thuso. (2Ko 5:12; 10:10) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a qoba ho bua mantsoe a thata kapa ho sebelisa bohlale ba batho bo susumetsang. O ne a batla hore batho ba mo mametseng ba thehe tumelo ea bona ho Kreste ba thusoa ke matla a moea oa Molimo, ho e-na le “bohlale ba batho.” (1Ko 1:17; 2:1-5; 2Ko 5:12) Moea o halalelang o ile oa thusa Pauluse hore e be “setsebi sa mehaho.” Eseng mehaho ea sebele empa o ne a haha batho tumelong a bile a sebetsa le Molimo ho thusa barutuoa hore ba be le makhabane a Bokreste.—1Ko 3:9-16.
Kahoo, ho sa tsotellehe hore na motho o ne a le bohlale hakae ho tsa khoebo, tsa lichelete, mosebetsing oa ofisi kapa ho tsa saense le filosofi, molao o ne o re: “ Ea nahanang hore o bohlale lefatšeng lena e ke e be sethoto e le hore a be bohlale.” (1Ko 3:18) O ne a lokela ho ithorisa ka hore ‘o na le temoho ebile o tseba Jehova ea nang le lerato, toka le ea lokileng lefatšeng.’ Jehova o thabisoa ke sena.—Jer 9:23, 24; 1Ko 1:31; 3:19-23.
Matlotlo a Patiloeng
“Balisa ba Tumellanong le Pelo ea Ka”
11 Seo baholo ba se rutang phutheho se lokela ho thehoa Bibeleng; kahoo, e tla ba lijo tsa moea tse matlafatsang. Ka lebaka leo, u tla hlokomela hore e le hore baholo ba phutheho e be mesuoe e atlehang, e lokela ho ba liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo. Bapisa sena le seo Jeremia a boletseng hore ke lebaka leo ka lona baeta-pele ba batho ba habo ba neng ba sa atlehe, o ile a re: “Balisa ba itšoere ka mokhoa o sa nahaneng, ’me ha baa batla Jehova. Ke ka lebaka leo ba sa etsang ka temohisiso, ’me liphoofolo tsohle tsa bona tse fulang lekhulong li hasane.” (Jer. 10:21) Batho bao e neng e lokela hore ebe ke mesuoe ba ne ba sa latele melao-motheo ea Mangolo ’me ba ne ba sa ikhathatse ka hore ba batle Molimo. Ka lebaka leo, ba ne ba ke ke ba bontša bohlale ba ’nete ha ba etsa lintho. Jeremia o ile a phatlalatsa molaetsa oa kahlolo o matla le ho feta ho batho ba neng ba bitsoa baprofeta.—Bala Jeremia 14:14, 15.
12 Ho fapana le balisa bao ba bohata, balebeli ba Bakreste ba ithuta mohlala oa Jesu ebile baa o latela. Kahoo, ba ka sebeletsa joaloka balisa ba mohlape ba bohlale. Kaha ho na le lintho tse fapa-fapaneng tse hlokang nako le tseo ba lokelang ho li hlokomela, ho ka ’na ha e-ba boima hore ba be le kemiso e joalo ea ho ithuta kamehla. Empa haeba u sebeletsa u le moholo, na u fela u kholisehile hore thuto eo u fanang ka eona e ka ba molemo eaba ea e-ba ea ’nete ’me ea bontša tsebo le temohisiso haeba feela u e thehile Lentsoeng la Molimo le tataisong e fanoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene? Haeba u hlokomela hore ha u sa ikakhetse ka setotsoana lenaneong la thuto ea botho joaloka pele, u tla etsa’ng e le hore u tsoele pele u fapane le balisa ba bohata ba mehleng ea Jeremia?
LA 29 JUNE–LA 5 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 11-12
Ke’ng e Tla re Thusa ho Mamella Mathata?
Baa Hlorisoa Empa ba Thabile
12 Kajeno, re le Lipaki Tsa Jehova, hangata rea hlorisoa kahobane re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Lira tsa rōna li re qosa ka hore re “sokolla batho ka likhoka,” empa rea tseba hore barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba tlileng pele ho rōna le bona ba ile ba qosoa ka tsela e tšoanang. (Jeremia 11:21; 20:8, 11) Re ho nka e le tlotla ho utloa bohloko ka lebaka le tšoanang le la baprofeta ba boholo-holo. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Barab’eso, nkang baprofeta ba ileng ba bua ka lebitso la Jehova e le mohlala oa ho utloisoa bohloko ke bobe le ho se fele pelo. Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile.”—Jakobo 5:10, 11.
Lula U Falimehile Joaloka Jeremia
19 Ena ha se nako ea ho khoehlisa tšebeletsong ea ’Muso empa ke nako ea ho nahana ka bohlokoa ba mantsoe ana a ho Jeremia 12:5. (E bale.) Kaofela ha rōna re thulana le liteko tseo re lokelang ho li mamella. Liteko tsena tsa tumelo ea rōna li ka ’na tsa bapisoa le “batho ba tsamaeang ka maoto” bao re tlamehang ho matha le bona. Ho ntse ho le joalo, ha “matšoenyeho a maholo” a ntse a atamela, re ka lebella hore mathata a rōna a eketsehe. (Mat. 24:21) Ho loana le mathata a boima ao e leng hona re tla thulana le ’ona ho ka ’na ha tšoantšoa le ho matha “peisong le lipere.” Ho ne ho tla hlokahala hore motho a be le matla a mangata a ho mamella e le hore a ka matha le lipere tse khemang. Kahoo, ke habohlokoa hore re mamelle liteko tseo re thulanang le tsona hona joale, kaha li ka ’na tsa re thusa hore re itokisetse ho mamella tseo e leng hona re tla thulana le tsona.
Na U Itokiselitse Mahlomola a Maholo?
15 Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Morali oa bo rona Vanessa ea lulang New Zealand, o ne a utloa ho le thata hore a utloane le ba bang ba Bakreste-’moho le eena ka phuthehong. Empa o ile a etsa qeto ea hore o tla qeta nako e ngata a e-na le ba bang ba bana ba bo rona bao a neng a utloa ba mo tena ka lebaka la botho ba bona ho e-na le hore a ba qobe. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a bone hore na ke hobane’ng ha Jehova a ba rata. O re: “Haesale mohatsa oa ka e e-ba molebeli oa potoloho, re se re lula re e-na le bana ba bo rona ba bangata le ho feta ba nang le botho bo sa tšoaneng ’me ke utloa ho se ho le bonolo hore ke tloaelane le bona. Ke se ke rata hore ebe ha re tšoane. Jehova le eena oa rata ha ho le joalo hobane o re huletse ho eena re ntse re sa tšoane joalo.” Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona.—2 Bakor. 8:24.
16 Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. E ka ’na eaba ‘likamore tse ka hare’ ke liphutheho tsa habo rona. Nakong ea mahlomola a maholo, haeba re lula re momahane le Bakreste-’moho le rona, re tla sireletseha feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona joale ho rata bana ba bo rona ho e-na le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona.
Matlotlo a Patiloeng
Na Letsatsi le Letsatsi Ua Botsa, “Jehova o Hokae?”
11 Ha Jeremia a bona hore batho ba khopo ba ne ba atleha, o ile a tšoenyeha. (Bala Jeremia 12:1, 3.) Le hoja e se hore o ne a belaella ho loka ha Jehova, moprofeta Jeremia o ne a batla hore ‘pelaelo’ ea hae e arabeloe. Taba ea hore ebe o ile a bua ka bolokolohi e bontša ka ho hlaka hore o ne a e-na le kamano e matla le Molimo, e batlang e tšoana le eo ngoana a bang le eona le ntate oa hae eo a mo ratang. Jeremia o ne a mpa a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba ne ba atleha le hoja ba ne ba le khopo. Na Jeremia o ile a fumana karabo e khotsofatsang? Jehova o ile a mo tiisetsa hore O ne a tla fothola batho ba khopo. (Jer. 12:14) Ha Jeremia a bona hore na litaba tseo a neng a li rapeletse ho Molimo li ne li tsamaea joang, e tlameha ebe tšepo ea hae ea hore Molimo o na le toka e ile ea tiea. Ka lebaka leo, e tlameha ebe Jeremia o ile a lula a rapela Molimo le ho feta, a tšollela pelo ea hae ho Ntate oa hae.