SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 1
Kholiseha Hore Lentsoe la Molimo ke ’Nete
TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2023: “Lentsoe la hao kaofela ke ’nete.”—PES. 119:160.
PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa tšepe Bibele mehleng ee?
BATHO ba bangata mehleng ena ha ba tsebe hore na ba ka tšepa mang. Baa ipotsa hore na batho bao ba ba hlomphang ba kang bo-ralipolotiki, bo-rasaense le bo-rakhoebo ehlile ba etsa sohle ho ba etsetsa lintho tse molemo ka linako tsohle. Ho feta moo, ha ba hlomphe baeta-pele ba bolumeli ba reng ke Bakreste. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ha ba tšepe buka eo baeta-pele ba bolumeli ba reng baa e sebelisa e leng Bibele.
2. Pesaleme ea 119:160 e etsa hore re kholisehe ka eng?
2 Batho bohle ba Jehova ba kholisehile hore ke “Molimo oa ’nete” le hore o re batlela se molemo. (Pes. 31:5; Esa. 48:17) Rea tseba hore re ka tšepa Bibele hobane “Lentsoe la [Molimo] kaofela ke ’nete.” (Bala Pesaleme ea 119:160.) Re lumellana le seo setsebi se seng sa Bibele se ileng sa se bua ha se re: “Ha ho mohla Molimo a buang leshano ebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang ea phethahala. Batho ba Molimo ba tšepa seo a se buang hobane baa mo tšepa.”
3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
3 Re ka thusa batho ba bang joang hore ba tšepe Lentsoe la Molimo joaloka rona? A re hlahlobeng mabaka a mararo a hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa Bibele. Re tla hlahloba hore molaetsa oa eona ha o e-s’o fetohe, boprofeta ba eona bo ile ba phethahala le hore e na le matla a ho fetola bophelo ba batho.
MOLAETSA OA BIBELE HA O E-S’O FETOLOE
4. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba nahana hore molaetsa oa Bibele o fetotsoe?
4 Jehova Molimo o ile a sebelisa banna ba 40 ba tšepahalang ho ngola Bibele. Leha ho le joalo, ha ho na meqolo eo ba ileng ba e ngola e ntseng e le teng mehleng ena.b Seo re nang le sona mehleng ena ke likopi tsa meqolo eo. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na molaetsa oo re o balang ka Bibeleng mehleng ena o tšoana hantle le o neng o ngotsoe qalong. Na u kile oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ho fela ho le joalo?
5. Mangolo a Seheberu a ile a kopitsoa joang? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)
5 E le hore Jehova a ka sireletsa molaetsa oa Bibele, o ile a laela batho ba hae hore ba etse likopi tsa oona. O ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse likopi tsa Molao a ba a khetha Balevi hore ba rute sechaba Molao oo. (Deut. 17:18; 31:24-26; Neh. 8:7) Ka mor’a hore Bajuda ba hapuoe ke Bababilona, sehlopha sa bakopitsi ba rupetsoeng hantle se ile sa qala ho etsa likopi tse ngata tsa Mangolo a Seheberu. (Esdr. 7:6, linal.) Bakopitsi bana ba ne ba le hlokolosi. Ba ile ba qetella ba bala mantsoe le litlhaku ho etsa bonnete ba hore lintho tsohle li kopilitsoe hantle. Empa kaha le bona ba ne ba sa phethahala, ho ne ho ntse ho e-ba le liphoso tse nyenyane likoping tsa bona. Leha ho le joalo, kaha ho ne ho entsoe likopi tse ngata, liphoso tse joalo, li ile tsa bonoa hamorao. Li ile tsa fumanoa joang?
6. Liphoso tse teng likoping tsa meqolo ea Bibele li ka fumanoa joang?
6 Litsebi tsa Bibele tsa morao tjena li se li e-na le tsela e ntle ea ho fumana liphoso tse ileng tsa etsoa ke bakopitsi bao. Ka mohlala, a re nke hore banna ba lekholo ba fuoe mosebetsi oa ho kopitsa. E mong oa banna bao o etsa phoso e nyenyane ha a kopitsa. Tsela eo re ka fumanang phoso eo ke ka ho bapisa kopi ea hae le tsa ba bang. Ka ho tšoanang, ka ho bapisa meqolo e ’maloa, litsebi tsa Bibele li khona ho hlokomela liphoso kapa lintho tse neng li siiloe ke e mong oa bakopitsi.
7. Batho ba bangata ba kopilitseng meqolo ea Bibele ba ne ba le hlokolosi hakae?
7 Batho ba kopilitseng meqolo ea Bibele, ba sebelitse ka thata hore ba kopitse ka tsela e nepahetseng. Mohlala o latelang o paka taba ena. Kopi e feletseng ea Mangolo a Seheberu ea khale ka ho fetisisa e entsoe ka selemo sa 1008 kapa 1009. E bitsoa Leningrad Codex. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena ho fumanoe likopi tsa meqolo ea Bibele kapa likaroloana tsa eona tse ngotsoeng lilemo tse ka bang 1 000 pele ho Leningrad Codex. Motho e mong a ka nahana hore ka mor’a hore meqolo ena e kopitsoe ka lilemo tse ngata, ho ka etsahala hore ebe lintho tse ngotsoeng ka har’a Leningrad Codex li fapane haholo le tse ka har’a meqolo e ngotsoeng lilemo tse ka bang 1 000 pele ho eona. Empa ha ho joalo. Ha litsebi li bapisa meqolo ea khale le e mecha, li fumane hore e fapane hanyane ka ho se tšoane ha mantsoe empa molaetsa oona o ntse o tšoana.
8. Ho na le phapang efe pakeng tsa Mangolo a Segerike a Bakreste le likopi tsa libuka tse ling tse ngotsoeng mehleng ea khale?
8 Bakreste ba mehleng ea khale le bona ba ile ba kopitsa Mangolo a Seheberu. Ba ile ba kopitsa libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike ka hloko ’me ba ne ba a sebelisa libokeng le ha ba ruta batho ba bang. Setsebi se seng se ileng sa bapisa likopi tsa meqolo ea Mangolo a Segerike le libuka tse ling tse neng li ngotsoe ka nako e tšoanang, se ile sa re: “Likopi tsa meqolo ea Mangolo a Segerike tse teng hona joale, li ngata ho feta tsa libuka tse ling tse ngotsoeng khale, . . . hape boholo ba tsona li feletse.” Buka ea Anatomy of the New Testament e re: “Re ka kholiseha hore litaba tseo re li balang Mangolong a Segerike a mehleng ena a fetoletsoeng hantle, li fetisa molaetsa o tšoanang le oa bangoli ba qalong.”
9. Ke’ng seo e leng ’nete ka molaetsa oa Bibele ho latela Esaia 40:8?
9 Bakopitsi ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ba bile ba le hlokolosi ho etsa likopi tsa Bibele ka lilemo tse makholo. Ke kahoo mehleng ena re nang le Bibele e nepahetseng eo re ka e balang le ho ithuta eona.c Rea tseba hore ke Jehova ea entseng bonnete ba hore re fumana Lentsoe la hae mehleng ena le bile le nepahetse. (Bala Esaia 40:8.) Ke ’nete hore batho ba bang ba ka ’na ba re taba ea hore molaetsa oa Bibele ha oa fetoha ha e tiise hore Bibele e tsoa ho Molimo. Hona joale, a re hlahlobeng bopaki ba hore Bibele e tsoa ho Molimo.
BOPROFETA BO KA BIBELENG BOA TŠEPAHALA
10. Fana ka mohlala oa boprofeta bo ileng ba phethahala bo tiisang hore litaba tseo re li balang ho 2 Petrose 1:21 ke ’nete. (Sheba litšoantšo.)
10 Ka Bibeleng ho na le boprofeta bo bongata bo ileng ba phethahala. Bo bong ba boprofeta bona bo ile ba ngoloa lilemo tse makholo pele bo ka phethahala. Histori ea paka hore boprofeta bona bo ile ba phethahala. Taba ena ha e makatse hobane rea tseba hore boprofeta bohle bo ka Bibeleng bo tsoa ho Jehova. (Bala 2 Petrose 1:21.) Nahana ka boprofeta bo buang ka ho oa ha Babilona. Lipakeng tsa selemo sa 778 le 732, Jehova o ile a susumeletsa moprofeta Esaia hore a bolele hore motse oa Babilona o neng o le matla ka nako eo o ne o tla haptjoa. O ile a ba a bolela lebitso la monna ea neng a tla hapa motse oo e leng Saeruse, a ba a hlalosa hore na o ne a tla hapa motse oo joang. (Esa. 44:27–45:2) Hape Esaia o ile a bolela hore Babilona e ne e tla felisoa le hore e ne e ke ke ea hlola e e-ba le baahi. (Esa. 13:19, 20) Ho ile ha fela ha etsahala joalo. Bamede le Bapersia ba ile ba hlola Babilona ka 539 ’me sebaka seo Babilona e neng e le ho sona ha se sa na baahi hona joale.—Sheba video e reng Bibele e ile ea Bolela Esale Pele ka ho oa ha Babylona e fumanehang bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! khaolong ea 3, ntlheng ea 5.
11. Hlalosa hore na boprofeta bo ho Daniele 2:41-43 bo phethahala joang mehleng ena.
11 Boprofeta ba Bibele ha boa ka ba phethahala mehleng ea khale feela, le mehleng ena ho na le boprofeta boo re bo bonang ha bo phethahala. Ka mohlala, nahana ka tsela e ikhethang eo boprofeta ba Daniele bo buang ka ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika bo phethahalang ka eona. (Bala Daniele 2:41-43.) Boprofeta boo bo ile ba bolela hore ’muso ona o ne o tla ba le karolo e “thata” joaloka tšepe le e “fokolang” joaloka letsopa. Rea bona hore taba ena ke ’nete. Brithani le Amerika li bontšitse hore li matla joaloka tšepe. Li ile tsa bapala karolo e kholo tlholong ea lintoa tse peli tsa lefatše ebile li na le sesole se matla. Leha ho le joalo, matla a tsona a fokolisoa ke baahi ba tsona ba ipelaetsang khahlanong le likhoebo le ’muso. Haufinyane tjena setsebi se seng sa lipolotiki tsa lefatše se ile sa re: “Ha ho na ’muso oa puso ea sechaba ka sechaba oa mehleng ena o arohaneng ho feta Amerika matsatsing ana.” Ka lehlakoreng le leng, Brithani le eona e arohane morao tjena ka lebaka la hore baahi ba eona ha ba lumellane hore na e lokela ho ba le litšebelisano life le linaha tseo e leng karolo ea Mokhatlo oa Linaha Tsa Europe. Likarohano tsena li sitisa linaha tsena tse peli ho etsa liqeto.
12. Boprofeta ba Bibele bo etsa hore re kholisehe ka eng?
12 Boprofeta bo bongata bo hlahang ka Bibeleng bo seng bo phethahetse, bo etsa hore re kholisehe hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tse e-s’o ka li phethahala. Re ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a rapela Jehova a re: “Ke labalabela ho pholosoa ke uena hobane ke tšepetse lentsoeng la hao.” (Pes. 119:81) Ka Bibeleng, ka mosa Jehova o re file “tšepo le bokamoso bo chabileng.” (Jer. 29:11) Tšepo eo re nang le eona bakeng sa bokamoso e itšetlehile ka litšepiso tsa Jehova eseng ka boiteko ba batho. E se eka re ka matlafatsa tšepo eo re nang le eona Lentsoeng la Molimo ka hore re khothalle ho ithuta boprofeta ba Bibele.
LIKELETSO TSA BIBELE LI THUSA BATHO BA LIMILIONE
13. Ho ea ka Pesaleme ea 119:66, 138, ke lebaka lefe hape le etsang hore re tšepe Bibele?
13 Lebaka le leng leo re ka tšepang Bibele ka lona ke hobane e thusa batho ha ba sebelisa likeletso tsa eona. (Bala Pesaleme ea 119:66, 138.) Ka mohlala, banyalani ba bangata ba neng ba se ba ikemiselitse ho hlalana, hona joale ba thabile hobane ba ile ba sebelisa likeletso tsa Bibele. Bana ba bona ba thabile hobane ba holisoa ke batsoali ba Bakreste ba ba ratang le ba ba tsotellang.—Baef. 5:22-29.
14. Fana ka mohlala o bontšang hore ho sebelisa likeletso tsa Bibele ho ka thusa motho hore a fetohe.
14 Ka lebaka la ho sebelisa likeletso tsa Bibele, esita le litlokotsebe tse kotsi li ile tsa fetoha. Nahana hore na keletso ea Bibele e ile ea thusa motšoaruoa ea bitsoang Jackd joang. E ne e le setlokotsebe se ratang ntoa ebile o ne a tsebahala ka hore ke e mong oa batšoaruoa ba kotsi ka ho fetisisa ba neng ba ahloletsoe lefu. Empa ka letsatsi le leng Jack o ile a ba teng ha ho khannoa thuto ea Bibele. Jack o ile a khahloa ke mosa oa bara ba bo rona ba neng ba khanna thuto ’me le eena o ile a qala ho ithuta. Ha Jack a se a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng, boitšoaro ba hae bo ile ba qala ho fetoha a ba a ba mosa. Ha nako e ntse e e-ea, Jack o ile a tšoaneleha hore e be mohoeletsi a ba a kolobetsoa. Ka mafolofolo o ile a bolella batšoaruoa ba bang ka ’Muso oa Molimo a ba a thusa ba ka bang bane ba bona ho ithuta Bibele. Ha letsatsi la hore Jack a bolaoe le fihla, o ne a se a fetohile. E mong oa liakhente tsa hae o ile a re: “Jack ha a sa le kamoo ke neng ke mo tseba kateng lilemo tse 20 tse fetileng. Lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li mo rutileng tsona li mo fetotse.” Le hoja Jack a ile a qetella a bolailoe ho latela kahlolo ea hae, mohlala oa hae oa bontša hore Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola batho le hore re ka le tšepa.—Esa. 11:6-9.
15. Ho sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona ka Bibeleng ho etsa hore batho ba Jehova ba fapane joang le ba bang mehleng ee? (Sheba setšoantšo.)
15 Batho ba Jehova ba momahane hobane ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona ka Bibeleng. (Joh. 13:35; 1 Bakor. 1:10) Khotso le bonngoe tseo re nang le tsona li bonahala haholo hobane hona joale batho ba bangata ba arotsoe ke lipolotiki, merabe le maemo sechabeng. Mohlankana e mong ea bitsoang Jean o ile a hlolloa ha a bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li momahaneng kateng. O holetse naheng e ’ngoe Afrika. Ho ile ha qhoma ntoa naheng eo ’me o ile a kena sesoleng empa hamorao o ile a balehela naheng e ’ngoe ea boahelani. Ha a le moo o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Jean o re: “Ke ile ka ithuta hore barapeli ba ’nete ha ba kenelle lipolotiking ebile ba momahane. Hape baa ratana.” Jean o ile a boela a re: “Ke ne ke iteletse ho loanela naha. Empa ha ke ithuta Bibele, ke ile ka etsa qeto ea ho itella ho sebeletsa Jehova.” Jean o ile a fetoha ka ho feletseng. Ha pele a ne a loantša batho ba sa tšoaneng le eena, hona joale o bolella motho e mong le e mong eo a kopanang le eena molaetsa oa Bibele oa khotso. Taba ea hore likeletso tsa Bibele li thusa batho ba bangata ba tsoang litsong tse sa tšoaneng ke bopaki bo matla ba hore re ka tšepa Lentsoe la Molimo.
LENTSOE LA MOLIMO KE ’NETE, U LULE U LE TŠEPA
16. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re matlafatse tsela eo re tšepang Lentsoe la Molimo ka eona?
16 Ha lintho li ntse li mpefala le ho feta lefatšeng lena, ho tla ba thata le ho feta ho tšepa Lentsoe la Molimo. Batho ba ka ’na ba leka ho etsa hore re belaele hore Bibele ke ’nete le hore Jehova o khethile mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale hore a tataise batho ba mo sebeletsang mehleng ena. Empa haeba re kholisehile hore kamehla Lentsoe la Jehova ke ’nete, re ke ke ra lumella lintho tse joalo ho senya tumelo ea rona. Re tla ‘ikemisetsa ho mamela melao ea Jehova ka linako tsohle ho fihlela qetellong.’ (Pes. 119:112) Re ke ke ra “hlajoa ke lihlong” ho bolella ba bang ka ’nete ea Bibele le ho ba khothaletsa ho e sebelisa bophelong ba bona. (Pes. 119:46) Re tla khona ho mamella maemo a thata ka ho fetisisa ho akareletsa le mahloriso ‘re tiiselitse ebile re thabile.’—Bakol. 1:11; Pes. 119:143, 157.
17. Temana ea rona ea selemo e tla re hopotsa eng?
17 Re leboha haholo hore ebe Jehova o re senoletse ’nete. ’Nete ena e re thusa hore re lule re khobile matšoafo re bile re tsitsitse. Hape ea re ruta hore na re lokela ho phela joang lefatšeng lena le ntseng le ferekana le ho feta. E etsa hore re be le tšepo ea bokamoso bo molemo tlas’a ’Muso oa Molimo. E se eka temana ea rona ea selemo ea 2023 e ka re thusa hore re lule re kholisehile hore Lentsoe la Molimo kaofela ke ’nete.—Pes. 119:160.
PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo
a Ho khethiloe temana e matlafatsang tumelo bakeng sa 2023 e reng: “Lentsoe la hao kaofela ke ’nete.” (Pes. 119:160) Ha ho pelaelo hore u lumellana le mantsoe ao. Batho ba bangata ha ba lumele hore molaetsa oa Bibele ke ’nete le hore e ka re fa keletso e molemo. Sehloohong sena, re tl’o ithuta lintho tse tharo tseo re ka li sebelisang ho kholisa batho ba lipelo li ntle hore ba ka tšepa Bibele le likeletso tsa eona.
b Ha re bua ka “moqolo” re bua ka tokomane ea khale e neng e ngotsoe ka letsoho.
c Ho fumana lintlha tse eketsehileng tabeng ea hore na Bibele e ile ea sireletsoa joang, kena ho jw.org/st ebe u ngola “Histori le Bibele” karolong ea batla.
d Mabitso a mang a fetotsoe.
e LITŠOANTŠO: Molimo o ile a bolela esale pele hore motse oa Babilona o ne o tla felisoa.
f LITŠOANTŠO: Litšoantšo tsa se kileng sa etsahala: Mohlankana ea neng a loantša batho ba bang, hona joale o se a ithutile hore na Bibele e re o lokela ho phela joang ka khotso ebile o thusa batho ba bang hore le bona ba etse se tšoanang.