Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w23 November maq. 20-25
  • Na Jehova o Tla Araba Lithapelo Tsa Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jehova o Tla Araba Lithapelo Tsa Ka?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA O TLA ETSA’NG?
  • JEHOVA O BATLA HORE RE ETSE’NG?
  • KE HOBANE’NG HA RE KA LOKELA HO RAPELLA LINTHO TSE LING?
  • Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • U ka Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
w23 November maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 49

Na Jehova o Tla Araba Lithapelo Tsa Ka?

“Le tla mpitsa le nthapele ’me ke tla le mamela.”—JER. 29:12.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

SEO RE TL’O ITHUTA SONAa

1, 2. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra utloa eka Jehova ha a arabe lithapelo tsa rona?

“JEHOVA o tla etsa hore u thabe haholo, o tla u fa lintho tseo pelo ea hao e li batlang.” (Pes. 37:4) Eo ke tšepiso e thabisang haholo. Empa na re lokela ho nahana hore Jehova o tla re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re mo kopang eona hang-hang? Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ipotsa potso eo? Nahana ka mehlala e latelang. Morali oa bo rona ea sa nyaloang o rapella hore a mengoe Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Empa ho feta lilemo tse ngata a e-s’o mengoe. Mor’abo rona e mocha o kula haholo ’me o kopa Jehova hore a mo folise e le hore a ka etsa lintho tse ling ka phuthehong empa ha a fole. Batsoali ba Bakreste ba rapella hore ngoana oa bona a lule a sebeletsa Jehova empa ngoana oa bona o khetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova.

2 Mohlomong le uena ho na le ntho eo u kileng oa e kopa Jehova empa ha u e-s’o e fumane. U ka ’na oa nahana hore Jehova o araba lithapelo tsa batho ba bang empa tsa hao ha a li arabe. Kapa u ka ’na oa nahana hore ho na le ntho e fosahetseng eo u e entseng. Morali oa bo rona Janiceb o ile a ikutloa ka tsela eo. Eena le monna oa hae ba ne ba batla ho ea Bethele ’me ba ile ba rapela Jehova ka taba eo. O re: “Ke ne ke kholisehile hore re tla ea Bethele ka mor’a nako e seng kae.” Empa ho ile ha feta lilemo tse ngata ba e-s’o mengoe hore ba ee Bethele. Morali oa bo rona Janice o boetse o re: “Ke ne ke utloile bohloko ebile ke ferekane. Ke ne ke ipotsa hore na ke’ng eo ke e entseng e utloisitseng Jehova bohloko. Ke ile ka rapela haholo ka taba ena ea ho ea Bethele empa ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa araba thapelo ea ka.”

 3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa hore na ebe Jehova o araba lithapelo tsa rona. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba nakong e fetileng ba ne ba e-na le ho ipotsa potso e tšoanang. (Jobo 30:20; Pes. 22:2; Hab. 1:2) Ke’ng e ka u kholisang hore Jehova o tla araba lithapelo tsa hao? (Pes. 65:2) E le hore u fumane karabo ea potso ena, re tla qala ka ho araba lipotso tse latelang: (1) Jehova o tla etsa’ng? (2) Jehova o batla hore re etse’ng? (3) Ke hobane’ng ha re ka lokela ho rapella lintho tse ling?

JEHOVA O TLA ETSA’NG?

 4. Ho ea ka Jeremia 29:​12, Jehova o tšepisa ho etsa’ng?

4 Jehova o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rona. (Bala Jeremia 29:12.) Molimo oa rona oa re rata hobane re mo sebeletsa ka botšepehi. Kahoo, o tla lula a mamela lithapelo tsa rona. (Pes. 10:17; 37:28) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore o tla re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e kopang. Re ka ’na ra tlameha ho emela lefatše le lecha pele re ka fumana tse ling tsa lintho tseo re mo kopileng tsona.

 5. Hlalosa hore na Jehova o nahana ka eng ha a mamela lithapelo tsa rona.

5 Jehova o lula a nahana ka morero oa hae ha a mamela lithapelo tsa rona. (Esa. 55:​8, 9) Morero oa hae o akareletsa hore batho bohle ba mo mamele le hore ba thabele ho busoa ke eena. Empa Satane o re batho ba ka thaba ha ba ipusa. (Gen. 3:​1-5) Jehova o lumeletse hore batho ba ipuse e le ho bontša hore ntho eo Diabolose a e buileng ke leshano. Ho e-na le hoo, taba ea hore batho baa ipusa e entse hore ho be le mathata a mangata lefatšeng. (Moek. 8:9) Rea tseba hore Jehova a ke ke a felisa mathata ’ohle ao batho ba nang le ’ona hona joale. Haeba a ne a ka a felisa, batho ba bang ba ne ba ka nahana hore batho ba ka khona ho ipusa hobane ba khona ho felisa mathata ao ba nang le ’ona.

 6. Ke hobane’ng ha re lokela ho kholiseha hore Jehova o lula a etsa lintho ka tsela e bontšang hore oa re rata le hore o na le toka?

6 Jehova a ka araba lithapelo tse tšoanang ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, Morena Ezekiase o ne a kula haholo ’me o ile a rapela Jehova a mo kopa hore a fole. Jehova o ile a mo folisa. (2 Mar. 20:​1-6) Ha moapostola Pauluse a ne a kopa Jehova hore a tlose “moutloa nameng” ea hae, oo ho ka etsahalang hore e ne e le boloetse boo a neng a e-na le bona, Jehova ha aa ka a mo folisa. (2 Bakor. 12:​7-9) Hape, nahana ka moapostola Jakobo le moapostola Petrose. Morena Heroda o ne a batla ho ba bolaea. Phutheho e ile ea rapella Petrose ’me ho ka etsahala hore e ile ea rapella le Jakobo. Leha ho le joalo, Jakobo o ile a bolaoa ’me Petrose o ile a pholosoa ke lengeloi ka mohlolo. (Lik. 12:​1-11) Re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a pholosa Petrose feela eseng le Jakobo. Bibele ha e fane ka lebaka.c Empa ntho eo re ka kholisehang ka eona ke hore Jehova ha a “leeme.” (Deut. 32:4) Rea tseba hore Jehova o ne a rata Petrose le Jakobo ka bobeli. (Tšen. 21:14) Ka linako tse ling, Jehova a ka araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re sa e lebella. Ha re belaelle tsela eo Jehova a khethang ho araba lithapelo tsa rona ka eona hobane rea tseba hore o lula a etsa lintho ka tsela e bontšang hore oa re rata le hore o na le toka.—Jobo 33:13.

 7. Re lokela ho qoba ho etsa’ng, hona hobane’ng?

7 Re qoba ho bapisa maemo a rona le a batho ba bang. Ka mohlala, re ka ’na ra kopa Jehova hore a re thuse ka ntho e itseng ebe ha a arabe thapelo ea rona ka tsela eo re neng re e batla. Hamorao re ka utloa hore motho e mong o kopile ntho e tšoanang ’me ho bonahala Jehova a arabile thapelo ea hae. Morali oa bo rona Anna o ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang. Monna oa hae Matthew o ne a e-na le kankere ’me morali oa bo rona o ile a rapella hore a fole. Barali ba bo rona ba babeli ba holileng le bona ba ne ba e-na le kankere. Morali oa bo rona Anna o ile a rapella monna oa hae Matthew le barali bao ba bo rona haholo. Barali bao ba bo rona ba ile ba fola empa Matthew o ile a hlokahala. Qalong Morali oa bo rona Anna o ne a ipotsa hore na ebe barali ba bo rona ba ile ba fola hobane Jehova a ile a ba thusa hore ba fole. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha a sa araba lithapelo tsa hae tsa hore monna oa hae a fole? Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha barali bao ba bo rona ba ile ba fola empa rea tseba hore Jehova o tl’o felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko ebile o batla ho tsosa metsoalle ea hae e hlokahetseng.—Jobo 14:15.

 8. (a) Ho ea ka Esaia 43:​2, Jehova o re thusa joang? (b) Ho rapela ho ka re thusa joang ha re e-na le mathata a boima? (Sheba video ea Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle.)

8 Jehova o tla lula a re thusa. Kaha Jehova ke Ntate oa rona ea lerato, ha a batle ho bona re utloa bohloko. (Esa. 63:9) Leha ho le joalo, ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata ’ohle a tšoanang le linoka kapa malakabe. (Bala Esaia 43:2.) Empa o re tšepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a lumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra khona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re mamelle le hore re lule re mo tšepahalla.d

JEHOVA O BATLA HORE RE ETSE’NG?

 9. Ho ea ka Jakobo 1:​6, 7, ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa hore Jehova o tla re thusa?

9 Jehova o batla hore re mo tšepe. (Baheb. 11:6) Ka linako tse ling, re ka bona eka mathata a re hloele setha. Re ka ’na ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ka re fa matla a hore re khone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Kahoo, ho e-na le hore re be le lipelaelo re lokela ho rapela Jehova ’me re tšepe hore o tla araba lithapelo tsa rona.—Bala Jakobo 1:​6, 7.

10. Fana ka mohlala oa hore na re lokela ho etsa’ng ka mor’a hore re kope Jehova hore a re thuse.

10 Jehova o batla hore re etse lintho tse lumellanang le lithapelo tsa rona. Ka mohlala, mor’abo rona a ka kopa hore Jehova a mo thuse hore a se ke a theohela ka letsatsi le itseng e le hore a ka khona ho ea kopanong. Jehova a ka araba thapelo ea hae joang? A ka ’na a fa mor’abo rona eo sebete e le hore a bue le mohiri oa hae. Leha ho le joalo, mor’abo rona o ntse a hloka ho bua le mohiri oa hae ’me a ka hloka ho bua le eena ka makhetlo a ’maloa. A ka boela a kopa hore a sebetse ka nako e ’ngoe ’me haeba ho hlokahala, a ka kopa hore a se ke a patalloa letsatsi leo a sa theohelang ka lona.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella lintho tse re tšoenyang ka makhetlo a mangata?

11 Jehova o batla hore re lule re mo bolella lintho tse re tšoenyang. (1 Bathes. 5:17) Jesu o ile a bontša hore lintho tse ling tseo re li rapellang re ke ke ra li fumana hang-hang. (Luka 11:9) Kahoo, u se ke oa khaotsa ho rapela. Rapela ka tieo ’me u rapele ka makhetlo a mangata. (Luka 18:​1-7) Ha re tsoela pele re rapella ntho e itseng, re bontša Jehova hore ntho eo re e rapellang ke ea bohlokoa ho rona. Hape re bontša hore re na le tumelo ea hore o tla re thusa.

KE HOBANE’NG HA RE KA LOKELA HO RAPELLA LINTHO TSE LING?

12. (a) Re lokela ho ipotsa potso efe ha re rapela Jehova, hona hobane’ng? (b) Re ka etsa’ng e le hore lithapelo tsa rona li bontše hore re hlompha Jehova? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Na Lithapelo Tsa ka li Bontša Hore ke Hlompha Jehova?”)

12 Haeba lithapelo tsa rona li sa arajoe ka tsela eo re neng re e batla, re ka ’na ra ipotsa lipotso tsena tse tharo. Ea pele: ‘Na ke rapella ntho e nepahetseng?’ Hangata re nahana hore rea tseba hore na ke’ng e re loketseng. Empa lintho tseo re li kopang li ka ’na tsa se ke tsa re tsoela molemo ha nako e ntse e ea. Haeba ho na le bothata boo re bo rapellang, ho ka ’na ha e-ba le tsela e molemo ea ho rarolla bothata boo ho feta eo re neng re e batla. Hape e ka ’na eaba lintho tse ling tseo re li kopang ha li lumellane le thato ea Jehova. (1 Joh. 5:14) Ka mohlala, nahana ka batsoali bao re buileng ka bona qalong. Ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse hore ngoana oa bona a lule a mo sebeletsa. Ho ne ho bonahala eka ba kopa ntho e nepahetseng. Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a re qobella hore re mo sebeletse. O batla hore kaofela ha rona ho akareletsa le bana, re ikhethele ho mo sebeletsa. (Deut. 10:​12, 13; 30:​19, 20) Kahoo, batsoali ba ka kopa Jehova hore a ba thuse hore ba rute ngoana oa bona hore a rate Jehova le hore e be motsoalle oa hae.—Liprov. 22:6; Baef. 6:4.

Na Lithapelo Tsa ka li Bontša Hore ke Hlompha Jehova?

Jehova ke Ntate ea lerato ’me o batla ho araba likopo tsa rona. Empa ke ’Mopi oa rona ’me re lokela ho mo hlompha. (Tšen. 4:11) U ka bontša joang hore u hlompha Ntate oa hao ea leholimong ha u kopa lintho ho eena?

  • Etsa bonnete ba hore lintho tseo u li kopang li lumellana le thato ea Molimo le hore ha u li kope ka morero o fosahetseng. (1 Joh. 5:14) Ha rea lokela hore re bontše boithati ka hore re rapelle lintho tseo re li hlokang feela kapa tseo re li batlang. Jakobo o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena hore lithapelo tsa bona li ke ke tsa arajoa haeba ba li etsa ka “morero o fosahetseng” e leng ka mabaka a boithati.—Jak. 4:3.

  • U se ke oa lebella hore Jehova a arabe lithapelo tsa hao ka tsela e batloang ke uena. (Mat. 4:7) Tšepa hore Jehova o tseba tsela e molemo ea ho araba lithapelo tsa hao. Ka linako tse ling a ka u araba ka tsela eo u neng u sa e lebella.—Baef. 3:20.

  • Hopola ho mo leboha ka lintho tseo a u fang tsona letsatsi le letsatsi. Nahana feela hore na o thaba joang ha u mo bolella hore u ananela kamoo a u thusang kateng.—Bakol. 3:15; 1 Bathes. 5:​17, 18.

13. Ho ea ka Baheberu 4:​16, hlalosa hore na Jehova o tla re thusa neng.

13 Potso ea bobeli eo re ka ipotsang eona ke e reng: ‘Na ke nako e loketseng ea hore Jehova a arabe kopo ea ka?’ Re ka ’na ra ikutloa re hloka hore lithapelo tsa rona li arajoe hang-hang. Empa Jehova oa tseba hore ke nako efe e nepahetseng ea hore a re thuse. (Bala Baheberu 4:16.) Haeba re sa fumane ntho eo re e kopang hang-hang, re ka ’na ra nahana hore karabo ea Jehova ke ‘Che.’ Empa karabo ea Jehova e ka boela ea bolela hore ‘Ha e-s’o be nako e nepahetseng ea hore a re etsetse ntho eo re e kopileng.’ Ka mohlala, nahana ka mor’abo rona e mocha ea ileng a rapella hore Jehova a mo folise. Haeba Jehova a ne a ka mo folisa ka mohlolo, Satane o ne a ka re mor’abo rona eo o sebeletsa Jehova hobane a mo folisitse. (Jobo 1:​9-11; 2:4) Hape Jehova o se a ntse a behile nako eo ka eona a tla folisa maloetse ’ohle. (Esa. 33:24; Tšen. 21:​3, 4) Kahoo, ho fihlela nako eo e fihla, re ke ke ra lebella hore Jehova a re folise ka mohlolo. Mor’abo rona o ne a ka ’na a kopa Jehova hore a mo fe matla le khotso ea kelello hore a khone ho mamella ho kula le hore a tsoele pele ho mo sebeletsa ka botšepehi.—Pes. 29:11.

14. U ithuta’ng mohlaleng oa Morali oa bo rona Janice?

14 A re bueng ka Morali oa bo rona Janice, ea ileng a rapella ho sebeletsa Bethele. Ka mor’a lilemo tse hlano o ile a utloisisa hore Jehova o ile a araba thapelo ea hae empa ka tsela eo a neng a sa e lebella. O re: “Jehova o ile a sebelisa nako eo ho nthuta lintho tse ngata le ho nthusa hore ke be Mokreste ea molemo. Ke ne ke hloka ho mo tšepa haholoanyane. Ke ne ke lokela ho ntlafatsa tsela eo ke ithutang Bibele ka eona. Hape ke ne ke lokela ho ithuta hore ke thabe ho sa tsotellehe hore na ke sebeletsa Jehova ka tsela efe.” Hamorao Morali oa bo rona Janice le monna oa hae ba ile ba mengoa hore ba etse mosebetsi oa potoloho. Ha Morali oa bo rona Janice a nahana ka lilemo tse fetileng, o re: “Ha e le hantle Jehova o ile a araba lithapelo tsa ka, le hoja a sa ka a li araba ka tsela eo ke neng ke e lebeletse. Ke ile ka nka nako ho hlokomela hore o nkarabile ka tsela e molemo. Empa ke ananela hore ebe ke ile ka ba le monyetla oa ho bona kamoo a nthatang kateng le kamoo a leng mosa kateng.”

Litšoantšo: 1. Barali ba bo rona ba babeli ba tlatsa foromo ea ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Baa rapela pele ba li tsamaisa. 2. Morali oa bo rona e mong o bontša metsoalle ea hae lengolo le mo memelang sekolong ho akareletsa le morali oa bo rona e mong ea neng a tlatsitse foromo. 3. Morali oa bo rona ea sa kang a mengoa sekolong o rapela Jehova ’me o ngola lengolo. Hamorao o etsa mosebetsi oa boboleli naheng e ’ngoe hape o sebetsa projekeng ea kaho.

Haeba u bona eka Jehova ha a e-s’o arabe thapelo ea hao, leka ho rapella lintho tse ling (Sheba serapa sa 15)f

15. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ka ba molemo hore re se ke ra rapella lintho tse tobileng? (Sheba litšoantšo.)

15 Potso ea boraro e ka ba e reng: ‘Na nka rapella ntho e ’ngoe?’ Le hoja ho se phoso ho rapella lintho tse itseng ka ho toba empa ka linako tse ling ho ka ba molemo hore re se ke ra rapella lintho tse tobileng e le hore re bone hore na Jehova o re batlela’ng. Nahana ka mohlala oa morali oa bo rona ea sa nyaloang eo esale a ntse a rapella ho mengoa Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. O batla ho ea sekolong sena e le hore a ka ea moo ho se nang bahoeletsi ba bangata. Ha a ntse a rapella ho mengoa sekolong sena, a ka rapella hore Jehova a mo thuse ho fumana litsela tse ling tsa ho mo sebeletsa ka ho eketsehileng. (Lik. 16:​9, 10) Ka mor’a moo a ka botsa molebeli oa potoloho hore na ho na le phutheho e haufinyane e hlokang bo-pula-maliboho ba eketsehileng. Kapa a ngolla ofisi ea lekala, a botsa hore na ho na le moo ho hlokehang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng.e

16. Re ka kholiseha ka eng?

16 Re ithutile hore re ka kholiseha hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ka tsela e lerato le e nang le toka. (Pes. 4:3; Esa. 30:18) Ka linako tse ling a ka ’na a araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Empa Jehova o tla lula a mamela lithapelo tsa rona. O re rata haholo ebile a ke ke a re lahla. (Pes. 9:10) Kahoo, lula u ‘mo tšepa ka linako tsohle’ ’me u mo bolelle lintho tsohle tse ka pelong ea hao.—Pes. 62:8.

U KA RE’NG?

  • Jehova o tla etsa’ng?

  • Jehova o batla hore re etse’ng?

  • Ke hobane’ng ha re ka rapella lintho tse ling?

PINA EA 43 Re Leboha Jehova

a Sehlooho sena se tla fana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a araba lithapelo tsa rona ka tsela e bontšang hore oa re rata le hore o na le toka.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c Sheba sehlooho se reng “Na U Kholisehile Hore Tsela eo Jehova a Etsang Lintho ka eona e Nepahetse?” ho Molula-Qhooa oa February 2022, ser. 3-6.

d E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka hore na Jehova o re thusa joang hore re mamelle mathata a boima, shebella video ea Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle ho jw.org/st.

e Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova khaolong ea 10, ser. 6-9, e le hore u bone hore na u ka etsa’ng haeba u batla ho sebetsa tšimo ea lekala le leng.

f TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Barali ba bo rona ba babeli ba rapela pele ba kenya kopo ea ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Hamorao, e mong o mengoa hore a ee sekolong seo empa e mong ha a mengoe. Ho e-na le hore morali oa bo rona ea sa fumanang memo a nyahame, o rapela Jehova hore a mo thuse hore a batle menyetla e meng eo ka eona a ka eketsang tšebeletso ea hae. O ngolla ofisi ea lekala lengolo la hore o batla ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi teng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela