Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 December maq. 2-7
  • Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u E-⁠na le Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u E-⁠na le Mathata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLIMO O LUMELLA HORE JOBO A HLAHELOE KE MATHATA
  • TLALEHO EA JOBO E RE THUSA JOANG HORE RE MAMELLE?
  • SEBELISA BUKA EA JOBO HO THUSA BATHO BA BANG
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jobo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 December maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 48

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u E-na le Mathata

“Kannete Molimo ha a etse bokhopo.”—JOBO 34:12.

NTLHA-KHOLO

Lintho tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Jobo ka hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mathata le hore na re ka a mamella joang.

1, 2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bala buka ea Jobo?

NA U sa tsoa bala buka ea Jobo morao tjee? Le hoja e ngotsoe lilemo tse 3 500 tse fetileng, buka ena ea khale ke e ’ngoe ea tse ngotsoeng hamonate ka ho fetisisa. Batho ba rorisa mongoli oa eona hobane o sebelisitse mantsoe a bonolo, a monate le a susumetsang. Le hoja Moshe e le eena ea ngotseng buka ena, Jehova Molimo ke eena eo ehlileng e leng Mongoli oa eona.—2 Tim. 3:16.

2 Buka ea Jobo ke ea bohlokoa haholo ka Bibeleng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane e bontša ka ho hlaka taba ea bohlokoa e amang mangeloi le batho, e leng ea ho halaletsa lebitso la Jehova. E boetse e re ruta ka makhabane a babatsehang a Jehova, a kang lerato, bohlale, toka le matla. Ka mohlala, buka ea Jobo e bitsa Jehova “Ea Matla ’Ohle” ka makhetlo a 31. Palo ena e feta makhetlo ao poleloana ena e hlahang ka ’ona libukeng tsohle tsa Bibele li kopane. E boetse e araba lipotso tse ngata tsa bohlokoa bophelong, ho akarelletsa le e tšoenyang batho ba bangata, e reng: Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re hlaheloe ke mathata?

3. Re ka ithuta eng bukeng ea Jobo?

3 Feela joalokaha motho a ka khona ho bona tikoloho hantle ha a le ka holim’a thaba, buka ea Jobo e re thusa ho bona mathata a rona ka tsela eo Jehova a a bonang ka eona boemong ba hae bo phahameng. Re tl’o ithuta hore na Baiseraele ba ka be ba ruile molemo joang paleng ea Jobo le hore na rona re ka rua molemo joang ho eona kajeno. Re tla boela re ithute hore na re ka sebelisa tlaleho ea Jobo joang ho thusa batho ba bang.

MOLIMO O LUMELLA HORE JOBO A HLAHELOE KE MATHATA

4. Jobo o ne a fapane joang le Baiseraele ba neng ba le Egepeta?

4 Jobo o ne a lula naheng e bitsoang Utse, nakong eo Baiseraele e neng e le makhoba Egepeta. Ho ka etsahala hore Utse e ne e le ka bochabela ho Naha e Tšepisitsoeng ’me e le ka leboea ho Arabia. Ha Baiseraele ba ne ba le Egepeta, ba bang ba ne ba rapela litšoantšo, empa Jobo eena o ne a sebeletsa Jehova ka botšepehi. (Josh. 24:14; Ezek. 20:8) Jehova o ile a re ka Jobo: “Ha ho motho ea tšoanang le [eena].”a (Jobo 1:8) Jobo e ne e le monna ea ruileng le ea hlomphuoang haholo ho feta motho leha e le ofe karolong eo e ka Bochabela. (Jobo 1:3) E tlameha ebe Satane o ile a loloma ke bohale ha a bona monna enoa ea tummeng le ea hlomphuoang a sebeletsa Molimo ka botšepehi.

5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Jobo a hlaheloe ke mathata? (Jobo 1:​20-22; 2:​9, 10)

5 Satane o ile a qosa Jobo ka hore o tla tlohela borapeli ba ’nete ha a ka hlaheloa ke mathata. (Jobo 1:​7-11; 2:​2-5) Le hoja Jehova a ne a rata Jobo haholo, lintho tseo Satane a li buileng ka Jobo li phahamisitse lintlha tse ngata tsa bohlokoa. Kahoo, Jehova o lumelletse Satane hore a leke ho paka hore na liqoso tseo ke ’nete kapa ha se ’nete. (Jobo 1:​12-19; 2:​6-8) Satane o ile a bolaea liphoofolo tsohle tsa Jobo, a bolaea bana ba hae ba leshome, a ba a otla Jobo ka mathopa a bohloko ho tloha hloohong ho ea leotong. Empa lintho tsena tse bohloko ha lia ka tsa etsa hore Jobo a tlohele ho tšepahalla Jehova. (Bala Jobo 1:​20-22; 2:​9, 10.) Hamorao Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka hore a mo folise, a etsa hore a rue le hore a boele a hlomphehe. O ile a ba a mo hlohonolofatsa ka bana ba bang ba leshome. Jehova o ile a boela a hlohonolofatsa Jobo ka hore a mo ekelletse lilemo tse ling tse 140, hoo Jobo a ileng a bona ha litloholo le litloholoana tsa hae li atleha. (Jobo 42:​10-13, 16) Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ka be ba ruile molemo joang tlalehong ee, hona rona re ka rua molemo joang ho eona kajeno?

6. Haeba Baiseraele ba ile ba tseba ka pale ea Jobo, e tlameha ebe ba ile ba rua molemo joang? (Sheba setšoantšo.)

6 Baiseraele ba ka be ba ruile molemo joang tlalehong ea Jobo? Bophelo ba Baiseraele bo ne bo le thata Egepeta. Ka mohlala, Joshua le Kalebe ba ile ba qeta bocha ba bona e le makhoba. Ka mor’a moo, ba ile ba lelera lefeelleng ka lilemo tse 40 ka lebaka la liphoso tsa Baiseraele ba bang. Haeba Baiseraele ba ile ba tseba ka liteko tsa Jobo le hore na bophelo ba hae bo ile ba fella joang, e tlameha ebe seo se ile sa ba thusa ’me sa ba sa thusa le meloko e meng ea Baiseraele ho utloisisa hore ke Satane ea re bakelang mathata. Ba ne ba boetse ba utloisisa haholoanyane hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba hlahleloe ke mathata le hore na o nka batho ba tšepahalang e le ba bohlokoa hakae.

Ha monna oa Moiseraele a ntse a paka litene Egepeta, o ntse a nahana. Pel’a hae, Baegepeta ba ntse ba otla Baiseraele ba sebetsang ka thata ka melamu.

Ha nako e ntse e ea, Baiseraele bao e neng e le makhoba Egepeta ka lilemo tse ngata, ba ka be ba ile ba ithuta ka Jobo. Mohlala oa hae o ka be o ile oa ba thusa (Sheba serapa sa 6)


7, 8. Buka ea Jobo e ka thusa batho ba hlaheloang ke mathata joang? Fana ka mohlala.

7 Re ka rua molemo joang? Ka masoabi, batho ba bangata kajeno ba lahlile tšepo ho Molimo hobane ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko. Nahana ka mohlala oa Hazelb oa Rwanda. Ha a sa le monyenyane, o ne a lumela ho Molimo. Empa lintho li ile tsa fetoha. Batsoali ba hae ba ile ba hlalana, eaba o holisoa ke ntate oa bobeli ea ileng a nyala ’mè oa hae. Ntate eo o ne a mo sotla. Ha e se e le mocha, Hazel o ile a betoa. Ka mor’a moo, o ile a ea kerekeng ea hae ho ea batla matšeliso, empa ha aa ka a a fumana. Hamorao Hazel o ile a ngolla Molimo lengolo, a re: “Molimo, ke ile ka u rapela, ka leka ho etsa lintho tse lokileng empa u ntse u etsa hore ke hlaheloe ke lintho tse bohloko. Hona joale kea u tlohela, ke il’o phela bophelo ba ka ka tsela eo ke e batlang e le hore ke thabe.” Ha re utloa lipale tsa batho ba tšoanang le Hazel, ba ileng ba rutoa mashano a hore Molimo ke eena ea ikarabellang ka mathata a ba hlahelang, lipelo tsa rona li utloa bohloko haholo.

8 Leha ho le joalo, bukeng ea Jobo re ithutile hore ha se Molimo ea ikarabellang ka mathata a re hlahelang empa ke Satane. Re boetse re ithutile hore re se ke ra etsa qeto ea hore nako eohle ha motho a hlaheloa ke mathata, ke hobane a kotula seo a se jetseng. Mangolo a re bolella hore ‘kaofela re hlaheloa ke lintho ka tšohanyetso ka nako eo re sa e lebellang.’ (Moek. 9:11; Jobo 4:​1, 8) Re ile ra ithuta hore ha re mamella liteko ka botšepehi, re etsa hore Jehova a khone ho arabela liqoso tsa Satane. (Jobo 2:3; Liprov. 27:11) Ha re khelle fatše lintho tseo re ithutileng tsona, tse re thusang ho tseba hore na ke hobane’ng ha rona le batho bao re ba ratang, re hlaheloa ke mathata. Hamorao, Hazel o ile a ithuta le Lipaki Tsa Jehova ’me a utloisisa hore ha se Molimo ea mo baketseng mathata. O re: “Ke ile ka rapela Molimo hape ho tsoa botebong ba pelo. Ka mo bolella hore ha ke ne ke re kea mo tlohela, ha se hore ke ne ke hlile ke batla ho mo tlohela, etsoe le ho mo tseba ke ne ke sa mo tsebe. Hona joale kea utloisisa hore Jehova oa nthata. Ke thabile ebile ke khotsofetse.” Re ananela haholo ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re hlaheloe ke mathata. Hona joale, a re hlahlobeng hore na tlaleho ea Jobo e ka re thusa joang ha re tobana le liteko.

TLALEHO EA JOBO E RE THUSA JOANG HORE RE MAMELLE?

9. Hlalosa boemo ba Jobo ha a ne a lutse moloreng. (Jakobo 5:11)

9 Ak’u nahane ka Jobo a lutse a le mong moloreng, a tletse mathopa hohle ’meleng a bile a finahane ke ho opeloa. Letlalo la hae le le letšo, le ebohile a bile a fokotse haholo ka lebaka la ho kula. Jobo o ne a se na matla, a lula a ikhoabitla ka leqhetso la sejana sa letsopa se pshatlehileng a bile a lla ka ho opeloa. Empa ha se hore Jobo o ne a se a tlenetse pele feela, ha e le hantle o ne a mamelletse. (Bala Jakobo 5:11.) Ke eng e ileng ea thusa Jobo hore a mamelle?

10. Jobo o ne a e-na le kamano e joang le Jehova? Hlalosa.

10 Jobo o ile a bolella Jehova hore na o ikutloa joang. (Jobo 10:​1, 2; 16:20) Ka mohlala, khaolo ea boraro e re Jobo o ile a tletleba ka litsietsi tse neng li mo hlahlela tseo ka phoso a ileng a nahana hore o li bakeloa ke Jehova. Metsoalle ea hae e meraro e ne e lula e mo bolella hore Molimo ke eena ea mo otlang ka lebaka la libe tsa hae, empa Jobo o ne a lula a e bolella hore o tšepahalla Jehova. Ho na le nako eo mantsoe a Jobo a neng a bontša hore o ne a inka a lokile ho feta Molimo. (Jobo 10:​1-3; 32:​1, 2; 35:​1, 2) Empa ha e le hantle, Jobo o ile a lumela hore lintho tseo a neng a li bua ho paka hore oa tšepahala e ne e le “puo e hlaha.” (Jobo 6:​3, 26) Khaolong ea 31, Jobo o ne a batla hore Molimo a mo arabe a be a cho hore ha a molato. (Jobo 31:35) Empa Jobo o ne a fositse ka ho batla hore Molimo a mo fe karabo e tobileng ea hore na ke hobane’ng ha a hlaheloa ke mathata.

11. Jehova o ile a etsa’ng ha a utloa lintho tseo Jobo a ileng a li bua?

11 Ha re nahana ka se ileng sa etsahala, rea hlokomela hore tsela eo Jobo a buileng le Jehova ka eona, e ne e bontša hore o na le kamano e matla le Molimo le hore o mo tšepa ka ho felletseng hore o tla mo ahlola ka toka. Qetellong ha Jehova a araba Jobo a le har’a sefefo, ha aa ka a mo hlalosetsa lintlha tsohle tsa hore na ke hobane’ng ha a hlaheloa ke mathata. Hape ha aa ka a mo ahlola ka lebaka la ho ntša maikutlo a hae kapa hore a mo bolelle hore ho na le ntho e mpe eo a e entseng. Ho e-na le hoo, joaloka ntate ea molemo, Jehova o ile a ruta Jobo tsela e nepahetseng ea ho nahana ’me eo e ne e le tsela e ntle haholo ea ho mo thusa. Qetellong, ka boikokobetso Jobo o ile a hlokomela hore ha a bapisoa le Molimo, ha a tsebe letho ’me o ile a ikoahlaela mantsoe ao a ileng a a bua ka lepotlapotla. (Jobo 31:6; 40:​4, 5; 42:​1-6) Baiseraele ba ka be ba ruile molemo joang tlalehong ee ’me rona re ka rua molemo joang ho eona kajeno?

12. Baiseraele ba ka be ba ruile molemo joang tlalehong ea Jobo?

12 Baiseraele ba ka be ba ruile molemo joang tlalehong ea Jobo? Baiseraele ba ka be ba ithutile ho se ileng sa etsahalla Jobo. Nahana ka mohlala oa Moshe. O ile a lokela ho mamella mathata a mangata, ho soetseha le ho nyahama ha e ne e e-ba moeta-pele oa sechaba sa Iseraele. Ho fapana le Baiseraele ba marabele, ba neng ba lula ba korotlela Jehova, Moshe eena o ile a bolella Jehova lintho tse neng li mo tšoenya. (Ex. 16:​6-8; Num. 11:​10-14; 14:​1-4, 11; 16:​41, 49; 17:5) Moshe o ne a boetse a hloka ho mamella ha Jehova a ne a mo khalemela. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba hlomme litente Kadeshe, mohlomong selemong sa bo40 ba ntse ba lelera lefeelleng, Moshe o ile a “bua a sa nahana” le Baiseraele ’me a hloleha ho halaletsa lebitso la Jehova. (Pes. 106:​32, 33) Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a lumella Moshe ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Deut. 32:​50-52) E tlameha ebe khalemelo eo e ile ea utloisa Moshe bohloko haholo. Leha ho le joalo, ka boikokobetso o ile a e amohela. Tlaleho ea Jobo e ka be e thusitse meloko e tlang ea Baiseraele hore e mamelle liteko. Ho nahanisisa ka tlaleho ena, ho ka be ho ile ha thusa batho ba tšepahalang hore ba ithute hore na ke joang ba ka bolellang Jehova maikutlo a bona le ho qoba ho etsa eka ba lokile ho feta Jehova. Ba ka be ba boetse ba ithutile ho amohela khalemelo ea Jehova ka boikokobetso.

13. Tlaleho ea Jobo e ka re thusa joang hore re mamelle? (Baheberu 10:36)

13 Re ka rua molemo joang? Le rona joaloka Bakreste, re hloka ho mamella. (Bala Baheberu 10:36.) Ka mohlala, ba bang ba rona re kula ’meleng kapa maikutlong, re na le mathata a malapa, re lahlehetsoe ke batho bao re ba ratang, kapa re na le mathata a mang a tebileng. Ka linako tse ling, lipuo le liketso tsa batho ba bang li ka etsa hore ho be thata ho mamella maemo a rona. (Liprov. 12:18) Leha ho le joalo, buka ea Jobo e re ruta hore re ka phetlela Jehova sefuba, re kholisehile hore o tla re utloa. (1 Joh. 5:14) Joaloka Jobo, a ke ke a re ahlola le haeba lintho tseo re li buang ka linako tse ling eka ke “puo e hlaha.” Ho e-na le hoo, Molimo o tla re fa matla le bohlale ba ho mamella. (2 Likron. 16:9; Jak. 1:5) A ka boela a re khalemela haeba ho hlokahala, joalokaha a ile a khalemela Jobo. Buka ea Jobo e boetse e re ruta hore na re ka mamella joang ha re khalemeloa ke Lentsoe la Jehova, mokhatlo oa hae kapa metsoalle e holileng moeeng. (Baheb. 12:​5-7) Joalokaha Jobo a ile a rua molemo ha a ne a amohela khalemelo ka boikokobetso, le rona re tla rua molemo haeba re itumella ho khalemeloa. (2 Bakor. 13:11) Tsena ke lithuto tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona bukeng ea Jobo. Hona joale a re hlahlobeng hore na re ka sebelisa tlaleho ea Jobo joang ho thusa batho ba bang.

SEBELISA BUKA EA JOBO HO THUSA BATHO BA BANG

14. Re ka hlalosetsa motho joang hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata?

14 Na u kile oa kopana le motho tšimong ea ileng a u botsa hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata? U ile oa araba potso eo joang? E ka ’na eaba u ile oa mo bolella hore na Bibele e re ho ile ha etsahala’ng serapeng sa Edene. Ho ka etsahala hore u ile oa mo hlalosetsa hore Satane, e leng lengeloi le khopo, o ile a thetsa banyalani ba pele e leng se ileng sa etsa hore ba fetohele Molimo. (Gen. 3:​1-6) Mohlomong u ile oa mo hlalosetsa hore ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, batho ba ile ba hlaheloa ke mathata le ho shoa. (Bar. 5:12) Qetellong, e ka ’na eaba u ile oa hlalosa hore Molimo o fane ka nako e lekaneng ea hore batho bohle ba bone hore seo Satane a se buileng ka eena ke leshano. Nako ena eo Molimo a faneng ka eona ea ho rarolla qoso ena, e fa batho ba bang monyetla oa ho utloa litaba tse monate tsa hore nakong e tlang o tla felisa mathata ’ohle lefatšeng ho akarelletsa le lefu ’me re tla phela ka ho sa feleng. (Tšen. 21:​3, 4) Ena ke tsela e ntle ea ho araba potso ena, ’me e ka thusa batho ba bangata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata.

15. Re ka sebelisa tlaleho ea Jobo joang ho araba motho ea botsang hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata? (Sheba litšoantšo.)

15 Tsela e ’ngoe ea ho hlalosetsa batho hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata ke ka ho ba bolella ka Jobo. U ka qala ka ho babatsa motho ea botsitseng potso ena ea bohlokoa. Ebe ka mor’a moo, u mo bolella hore Jobo, e leng monna ea tšepahalang ea neng a e-na le mathata a mangata le eena o ile a ipotsa potso e tšoanang. O ne a bile a lumela hore ka tsela e itseng Molimo ke eena ea mo bakelang mathata. (Jobo 7:​17-21) Motho eo a ka ’na a khahloa ke ho tseba hore ka Bibeleng, ho na le motho ea kileng a ikutloa joaloka eena. Ka mor’a moo, ka bohlale u ka mo hlalosetsa hore e ne e se Molimo ea bakelang Jobo mathata empa e ne e le Diabolose. Diabolose o ne a leka ho bontša hore batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati. U ka boela oa hlalosa hore le hoja Molimo e ne e se eena ea bakelang Jobo mathata, o ile a a lumella e leng se bontšang hore Molimo o tšepa hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba tla paka hore Satane o leshano. Qetellong, u ka mo hlalosetsa hore hamorao Molimo o ile a hlohonolofatsa Jobo ka lebaka la ho lula a tšepahala. Kahoo, re ka tšelisa ba bang ka ho ba kholisa hore ha se Jehova ea re bakelang mathata.

Litšoantšo: 1. ’Mè ea utloileng bohloko o tšoere foto eo a e fumaneng ka mor’a hore a shebe har’a maloanlahla a ntlo ea hae e chesitsoeng ke mollo oa hlaha. 2. Hamorao, ’mè eo o ema pel’a mora le morali oa bo rona ba ntseng ba paka ka teroli pel’a moo ho fanoang ka thuso ho ba anngoeng ke koluoa, ’me o mametse ha morali oa bo rona a ntse a mo balla temana ea Bibele.

Re ka sebelisa buka ea Jobo joang ho kholisa ba bang hore “Molimo ha a etse bokhopo”? (Sheba serapa sa 15)


16. Pheta phihlelo e bontšang hore na buka ea Jobo e ka thusa motho ea nang le mathata joang.

16 Nahana kamoo buka ea Jobo e thusitseng Mario kateng. Ka letsatsi le leng ka 2021, morali oa bo rona o ne a ntse a paka ka fono. Motho oa pele eo a ileng a mo letsetsa ke Mario. O ile a mo balla lengolo la Jeremia 29:​11, 12 ’me a mo hlalosetsa hore Molimo o re tšepisa bokamoso bo babatsehang le hore o mamela lithapelo tsa rona. Ha a botsa Mario hore na o nahana eng ka temana ena, Mario o ile a mo bolella hore nakong eo a neng a letsa, o ne a ntse a ngola lengolo le bontšang hore o batla ho ipolaea. O ile a re, “Ke lumela ho Molimo, empa hoseng hona ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ebe o ntahlile na.” Hamorao morali oa bo rona o ile a letsetsa Mario ’me ba buisana ka mathata a Jobo. Mario o ile a etsa qeto ea ho bala buka ea Jobo kaofela. Kahoo, morali oa bo rona o ile a mo romella link ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Qetellong, Mario o ile a amohela thuto ea Bibele ’me o ile a thabela ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo ea lerato le ea mo tsotellang.

17. Ke hobane’ng ha re thabela hore ebe Jehova o ile a etsa hore buka ea Jobo e be karolo ea Lentsoe la hae? (Jobo 34:12)

17 Ho hlakile hore Lentsoe la Molimo le na le matla a babatsehang a ho thusa batho, ho akarelletsa le ba nang le mathata. (Baheb. 4:12) Re thaba haholo hore ebe Jehova o ile a etsa hore pale ea Jobo e ngoloe ka Bibeleng. (Jobo 19:​23, 24) Buka ea Jobo e re kholisa hore “kannete Molimo ha a etse bokhopo.” (Bala Jobo 34:12.) E boetse e re ruta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore re hlaheloe ke mathata le hore na re ka a mamella joang. Hape e re thusa hore re tšelise ba nang le mathata. Sehloohong se latelang, re tla bua ka kamoo buka ea Jobo e ka re thusang kateng ha re fana ka keletso.

U KA RE’NG?

  • Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore Jobo a hlaheloe ke mathata ho re thusa joang?

  • Tlaleho ea Jobo e ka re thusa joang hore re mamelle liteko?

  • Re ka sebelisa buka ea Jobo joang ho thusa batho ba bang?

PINA EA 156 Ka Tumelo

a Jobo o phetse ka mor’a hore Josefa a hlokahale, le pele Moshe a khethoa hore a etelle sechaba sa Iseraele pele. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe puisano ea Jehova le Satane ho akarelletsa liteko tsa Jobo, li etsahetse pakeng tsa selemo sa 1657 le 1514 pele ho mehla ea Jesu.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela