SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 49
PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng
Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u Fana ka Keletso
“Jobo ke kopa u ’mamele.”—JOBO 33:1.
NTLHA-KHOLO
Buka ea Jobo e tla re ruta hore na re re’ng le hore na re bue joang ha re fana ka keletso.
1, 2. Elihu le metsoalle ea Jobo e meraro ba ile ba tobana le bothata bofe?
JOBO, e leng monna ea neng a tsebahala ka ho rua, o ile a lahleheloa ke lintho tsohle. Litaba tsena tse bohloko li ile tsa fofa ’me tsa tsebahala karolong e ka Bochabela. Ha metsoalle ea hae e meraro e leng Elifaze, Bildade le Tsofare e utloela ka se etsahalletseng Jobo, e ile ea ea Utse ho ea mo khothatsa. Empa ha ea ka ea kholoa mahlo a eona ha e fihla e bona Jobo.
2 Nahana ka boemo ba Jobo. O ne a lahlehetsoe ke hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Mehlape ea hae e meholo ea linku, likhomo, likamele le litonki e ile. Bana ba hae le boholo ba bahlanka ba hae ba hlokahetse. Ntlo eo bana ba Jobo ba hlokahalletseng ka ho eona e senyehile. Tseo e ne e le linyane, Jobo le eena o ile a kula haholo. ’Mele oa hae o ile oa tlala mathopa a bohloko. Ha metsoalle ea hae e meraro e fihla e le sebakanyana e mo bona a lutse moloreng a nyahame, e ile ea etsa’ng? E ile ea qeta matsatsi a supileng e thotse tu! e sa re letho ho monna enoa ea opeloang. (Jobo 2:12, 13) Mohlankana ea bitsoang Elihu le eena o ile a fihla, eaba o lula pel’a bona. Qetellong, Jobo o ile a qala ho bua eaba o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe le hore ekare a ka be a shoele. (Jobo 3:1-3, 11) Ho hlakile hore Jobo o ne a hloka thuso. Lintho tseo banna bana ba tl’o li bua le tsela eo ba buang ka eona, li tla bontša hore na ke metsoalle ea ’nete ea Jobo e mo tsotellang kapa che.
3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
3 Jehova o ile a re Moshe a ngole lintho tseo Elihu le metsoalle e meraro ea Jobo ba ileng ba li bua le ho li etsa. U tla hopola hore lintho tseo Elihu a ileng a li bua, ke tseo Jehova a neng a batla hore a li bue. Empa Elifaze o ile a bua lintho tseo e ka ’nang eaba o ne a susumetsoa ke modemona hore a li bue. (Jobo 4:12-16; 33:24, 25) Kahoo, ha se feela buka ea Jobo e nang le likeletso tse molemo ka ho fetisisa le tse mpe ka ho fetisisa. Ntho ea bohlokoa eo re ka ithutang eona bukeng ea Jobo ke hore na e ka re thusa joang ha re lokela ho eletsa motho e mong. Re tla qala ka ho hlahloba mehlala e mebe ea metsoalle e meraro ea Jobo. Ka mor’a moo, re tla hlahloba mohlala o motle oa Elihu. Mehlaleng ena e ’meli, re tl’o ithuta hore na Baiseraele ba ka be ba ile ba rua molemo joang bukeng ea Jobo le hore na rona re ka rua molemo joang ho eona mehleng ena.
METSOALLE E MERARO EA JOBO E ILE EA MO ELETSA JOANG?
4. Ke hobane’ng ha metsoalle e meraro ea Jobo e ile ea hloleha ho finyella sepheo sa eona? (Sheba setšoantšo.)
4 Bibele e re metsoalle e meraro ea Jobo e ile ea ea ho Jobo ho ‘e’o mo tšelisa le ho mo khothatsa’ ka mor’a ho utloa lintho tse mo hlahetseng. (Jobo 2:11) Leha ho le joalo, banna bana ba ile ba hloleha ho finyella morero oo. Hobane’ng? Bonyane ka mabaka a mararo. La pele, ba ile ba potlakela ho etsa liqeto tse fosahetseng. Ka mohlala, ba ile ba nahana hore Jehova o otla Jobo ka lebaka la libe tsa hae.a (Jobo 4:7; 11:14) La bobeli, boholo ba likeletso tseo banna bana ba ileng ba li fa Jobo li ne li se na thuso, li se mosa ebile li utloisa bohloko haholo. Ka mohlala, banna bana ba bararo ba buile lintho tse neng li utloahala eka li molemo, empa ha e le hantle li se na thuso. (Jobo 13:12) Ka makhetlo a mabeli, Bildade o ile a bolella Jobo hore o bua haholo. (Jobo 8:2; 18:2) Tsofare a fana ka maikutlo a hore Jobo ha ‘a na kelello.’ (Jobo 11:12) La boraro, le hoja ba ne ba sa omane ha ba bua le Jobo, hangata tsela eo ba neng ba bua ka eona e ne e mo theola seriti, e mo phoqa ebile e etsa hore a ikutloe a le molato. (Jobo 15:7-11) Ha e le hantle, banna bana ba ne ba batla ho paka hore Jobo o fositse, ho e-na le hore ba mo khothatse le ho mo matlafatsa.
Ha u fana ka keletso, leka ka matla hore u se ke oa bua ka tsela e nyenyefatsang. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho thusa motho (Sheba serapa sa 4)
5. Keletso eo metsoalle ea Jobo e ileng ea mo fa eona, e ile ea e-ba le liphello life?
5 Ha ho makatse hore ebe keletso eo metsoalle ea Jobo e ileng ea mo fa eona, ha ea ka ea atleha. Mantsoe a banna bao a ile a utloisa Jobo bohloko le ho feta. (Jobo 19:2) Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jobo a ile a utloa ho hlokahala hore a ikemele le hore na ke hobane’ng ha ka makhetlo a ile a bua lintho tseo a neng a sa lokela ho li bua. (Jobo 6:3, 26) Metsoalle ea Jobo ha ea ka ea bua lintho tse tumellanong le maikutlo a Jehova le ho tšoara Jobo ka mosa. Kahoo, Satane o ile a e sebelisa e le hore e nyahamise Jobo. (Jobo 2:4, 6) Tlaleho ee e ka be e ile ea thusa Baiseraele joang, hona e ka re thusa joang mehleng ee?
6. Baholo ba Baiseraele ba ka be ba ile ba ithuta eng mohlaleng o mobe oa metsoalle e meraro ea Jobo?
6 Baiseraele ba ka be ba ile ba rua molemo joang mohlaleng oa metsoalle e meraro ea Jobo? Ka mor’a hore Jehova a fe Baiseraele melao, o ile a khetha baholo e le hore ba ahlole sechaba le ho se thusa hore se mamele melao ea hae. (Deut. 1:15-18; 27:1) Banna bana ba ne ba lokela ho mamela ka hloko pele ba ka fana ka keletso kapa kahlolo. (2 Likron. 19:6) Ba ne ba boetse ba lokela ho botsa motho lipotso ho e-na le ho nahana hore ba tseba lintlha kaofela. (Deut. 19:18) Baeletsi bana ba Baiseraele ba ne ba lokela hore ba bue ka mosa ho batho ba neng ba tlile ho bona ho tl’o kopa thuso. Hobane’ng? Hobane motho o ne a ka khona hore a ntše maikutlo a hae ka bolokolohi haeba baholo ba ne ba le mosa. (Ex. 22:22-24) Tsena ke tse ling tsa lintho tseo baholo ba Baiseraele ba ka beng ba ile ba ithuta tsona paleng ea Jobo.
7. Ntle ho baholo ba Baiseraele, ke bo-mang hape ba neng ba ka fana ka keletso, hona tlaleho ea Jobo e ka be e ile ea ba thusa joang? (Liproverbia 27:9)
7 Ke ’nete hore ha se baholo ba Baiseraele feela ba neng ba ka fana ka keletso. Ha e le hantle, Moiseraele e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na o lilemo li kae, ke ’mè kapa ke ntate, o ne a ka eletsa motsoalle oa hae ea hlokang ho ntlafatsa kamano ea hae le Molimo kapa boitšoaro ba hae. (Pes. 141:5) Keletso e joalo e hlokang boikaketsi e ne e bontša hore motho ke motsoalle oa ’nete. (Bala Liproverbia 27:9.) Mohlala o mobe oa metsoalle e meraro ea Jobo o ka be o ile oa thusa Baiseraele hore ba tsebe hore na ha baa lokela ho re’ng le ho etsa’ng ha ba fana ka keletso.
8. Re lokela ho qoba eng ha re eletsa batho ba bang? (Sheba litšoantšo.)
8 Re ka rua molemo joang mohlaleng oa metsoalle e meraro ea Jobo? Joaloka Bakreste, re batla ho thusa bara le barali ba bo rona ha ba e-na le mathata. Leha ho le joalo, e le hore re atlehe, ha rea lokela ho etsisa metsoalle e meraro ea Jobo. Re lokela ho qala pele ka ho fumana lintlha kaofela pele re eletsa motho ho e-na le ho potlakela ho etsa liqeto. Ka mor’a moo, ha rea lokela ho eletsa motho re itšetlehile feela ka boiphihlelo ba rona, feela joalokaha Elifaze a ile a etsa ka makhetlo, empa re lokela ho eletsa motho re itšetlehile ka ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. (Jobo 4:8; 5:3, 27) Qetellong, re lokela ho qoba ho bua mantsoe a hlabang kapa a seng mosa. Hopola hore lintho tse ling tseo Elifaze le metsoalle ea hae ba ileng ba li bua e ne e le ’nete, ’me hamorao mongoli e mong oa Bibele o ile a qotsa mantsoe a Elifaze. (Bapisa Jobo 5:13 le 1 Bakorinthe 3:19.) Leha ho le joalo, boholo ba lintho tseo ba ileng ba li bua li ile tsa hlahisa Molimo hampe le ho utloisa Jobo bohloko. Kahoo, Jehova o ile a re lintho tseo ba li buileng e ne e se ’nete. (Jobo 42:7, 8) Ha ho le ka mohla keletso e molemo e hlahisang Jehova e le motho ea khopo kapa ea sa rateng bahlanka ba hae. Hona joale a re hlahlobeng hore na re ka ithuta eng mohlaleng oa Elihu.
Ha u fana ka keletso, (1) theha lintho tseo u li buang ’neteng, (2) sebelisa Lentsoe la Molimo ’me (3) u bue ka tsela e lerato (Sheba serapa sa 8)
ELIHU O ILE A ELETSA JOBO JOANG?
9. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jobo a ne a hloka thuso ka mor’a hore metsoalle ea hae e khaotse ho ngangisana le eena le hore na Jehova o ile a mo thusa joang.
9 E tlameha ebe ho ne ho se monate ka mor’a hore Jobo le metsoalle ea hae ba khaotse ho ngangisana. Banna bao ba buile hoo mantsoe a bona a nkileng likhaolo tse 28 tsa Bibele, ’me boholo ba lintho tseo ba li buileng ba li buile ba halefile ebile ba koatile. Ha se feela Jobo a ileng a sala a utloile bohloko. O ne a ntse a hloka ho khothatsoa le ho eletsoa. Jehova o ile a thusa Jobo joang? O ile a sebelisa Elihu hore a mo eletse. Ke hobane’ng ha Elihu a sa ka a bua pejana? O ile a re: “Ke monyenyane, lona le baholo. Ke ile ka thola hobane ke le hlompha.” (Jobo 32:6, 7) Elihu o ile a hlokomela seo batho ba bangata ba se hlokomelang mehleng ena, e leng hore batho ba holileng ba phetse nako e telele ebile ba ithutile lintho tse ngata, ’me seo se etsa hore ba be le bohlale le phihlelo tseo batho ba bacha ba se nang tsona. Empa ka mor’a hore Elihu a mamele Jobo le metsoalle ea hae ka mamello, o ile a utloa hore a ke ke a lula a thotse feela. O re: “Ho ba le lilemo tse ngata ha se eona feela ntho e etsang hore motho a be bohlale le batho ba holileng ha se bona feela ba utloisisang hore na ke ntho efe e lokileng.” (Jobo 32:9) Elihu o ile a re’ng ka mor’a moo, hona o ile a bua joang?
10. Elihu o ile a etsa’ng pele a eletsa Jobo? (Jobo 33:6, 7)
10 Pele Elihu a eletsa Jobo, o ne a batla hore Jobo a khobe matšoafo le ho ikemisetsa ho mamela seo a tl’o se bua. O ile a etsa seo joang? Elihu o ile a qala ka ho theola maikutlo. Re tseba sena hobane Bibele e re qalong Elihu o ne a halefile. (Jobo 32:2-5) Leha ho le joalo, ha ho mohla Elihu a ileng a bua le Jobo hampe. Ho fapana le hoo, o ile a bua le eena a ikokobelitse joaloka motsoalle oa ’nete. Ka mohlala, o ile a re ho Jobo: “’Na le uena rea tšoana ho Molimo oa ’nete.” (Bala Jobo 33:6, 7.) Ka mor’a moo, Elihu o ile a hlakisa hore o ne a mametse Jobo ka hloko. Ha e le hantle, pele a eletsa Jobo, o ile a bua ka lintho tse ling tseo Jobo a ileng a li bua. (Jobo 32:11; 33:8-11) Elihu o ile a etsa se tšoanang ha a ne a eletsa Jobo ka lekhetlo le leng.—Jobo 34:5, 6, 9; 35:1-4.
11. Elihu o ile a eletsa Jobo joang? (Jobo 33:1)
11 Ha Elihu a eletsa Jobo, ha aa ka a etsa hore a ikutloe a se na thuso, empa o ile a bua le monna eo ea tšepahalang ka tsela e hlomphang. Ka mohlala, Elihu o ile a sebelisa lebitso la Jobo ha a bua le eena, e leng seo ho bonahalang eka metsoalle ea hae e meraro ha ea ka ea se etsa. (Bala Jobo 33:1.) Mohlomong Elihu o ile a hopola kamoo a neng a batla ho bua kateng nakong eo Jobo le metsoalle ea hae e ntseng e ngangisana. Kahoo, seo se ile sa etsa hore Elihu a batle ho fa Jobo monyetla oa hore a bue ha a ntse a mo eletsa. (Jobo 32:4; 33:32) Elihu o ile a boela a hlokomelisa Jobo ka ho hlakileng hore lintho tseo a ileng a li bua li ne li fosahetse ’me ka mosa a mo hopotsa hore Jehova o bohlale, o matla, o na le toka ebile o lerato. (Jobo 36:18, 21-26; 37:23, 24) Ha ho pelaelo hore keletso e molemo ea Elihu e ile ea thusa Jobo hore a amohele keletso e tsoang ho Jehova eo a ileng a e fumana hamorao. (Jobo 38:1-3) Mohlala oa Elihu o ka be o ile oa thusa Baiseraele joang, hona o ka re thusa joang mehleng ee?
12. Jehova o ile a sebelisa baprofeta joang ho thusa batho ba hae, hona Baiseraele ba ka be ba ile ba rua molemo joang mohlaleng o motle oa Elihu?
12 Baiseraele ba ka be ba ile ba rua molemo joang mohlaleng oa Elihu? Hangata Jehova o ne a sebelisa baprofeta ho ruta Baiseraele le ho ba eletsa. Ka mohlala, nakong ea Baahloli, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Debora ho fa batho ba hae tataiso ’me Samuele o ile a sebeletsa e le ’muelli oa Jehova ho tloha bocheng. (Baahl. 4:4-7; 5:7; 1 Sam. 3:19, 20) Hape nakong ea marena, Jehova o ne a lula a fana ka baprofeta hore ba thuse Baiseraele ho tsoela pele ba mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng le ho ba eletsa ha ba tsoa tseleng. (2 Sam. 12:1-4; Lik. 3:24) Mohlala oa Elihu o tlalehiloeng bukeng ea Jobo, o ka be o ile oa thusa banna le basali ba tšepahalang hore ba utloisise hore na ba lokela ho re’ng le hore na ba bue joang ha ba fana ka keletso.
13. Mehleng ee, Bakreste ba ka khothatsa barapeli-’moho le bona joang?
13 Re ka rua molemo joang mohlaleng oa Elihu? Joaloka Bakreste, le rona re bolella batho thato ea Molimo e hlahang ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo, ke ka ho bua mantsoe a hahang le a khothatsang ho barapeli-’moho le rona. (1 Bakor. 14:3) Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho elelloa bohlokoa ba ho bua ka tsela e tšelisang ho bara le barali ba bo rona, esita leha ba bua le bara le barali ba bo rona ba halefileng kapa ba ka ’nang ba bua “puo e hlaha.”—1 Bathes. 5:14; Jobo 6:3.
14, 15. Fana ka mohlala oa kamoo moholo a ka etsisang mohlala oa Elihu ha a eletsa motho.
14 Nahana ka boemo bona. Moholo o utloela hore morali oa bo rona ka phuthehong o nyahame. O tsamaea le mor’abo rona e mong ho ea khothatsa morali oa bo rona eo. Ha ba ntse ba bua le eena, morali oa bo rona oa hlalosa hore le hoja a ntse a ea libokeng le tšimong, ha aa thaba. Moholo eo o tla etsa’ng?
15 Ntlha ea pele, o tla leka ho utloisisa hore na ke eng e utloisitseng morali oa bo rona bohloko. E le hore a finyelle seo, o lokela hore a mo mamele ka hloko a sa fele pelo. Na morali oa bo rona o utloa a sa tšoaneloe ke ho ratoa ke Molimo kapa na o imetsoe ke “mathata a bophelo”? (Luka 21:34) Ntlha ea bobeli, o tla batla menyetla ea hore a babatse morali oa bo rona, etsoe morali oa bo rona o ntse a tsoela pele ho ea libokeng le tšimong ho sa tsotellehe tsela eo a ikutloang ka eona. Ntlha ea boraro, hang ha moholo a utloisisa boemo ba morali oa bo rona le hore na ke hobane’ng ha a utloa a nyahame, o tla sebelisa Bibele ho mo kholisa hore Molimo oa mo rata.—Bagal. 2:20.
TSOELA PELE HO RUA MOLEMO BUKENG EA JOBO
16. Re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele re rua molemo bukeng ea Jobo?
16 Ho hlakile hore ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Jobo. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, buka ea Jobo ea re ruta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore re hlaheloe ke mathata le hore na re ka etsa’ng hore re mamelle. Joalokaha re ithutile sehloohong sena, kaofela ha rona re lokela ho fana ka keletso e molemo ka hore re etsise mohlala o motle oa Elihu, ho e-na le ho etsisa mohlala o mobe oa metsoalle e meraro ea Jobo. Hlahloba lintho tseo re ithutileng tsona bukeng ea Jobo pele u fana ka keletso nakong e tlang. Haeba u qetetse khale ho bala buka ea Jobo, iphe nako ea ho e bala hape ’me u tla e thabela. U tla hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo u ka ithutang tsona bukeng ena.
PINA EA 125 “Ho Thaba ba Mohau”
a Ho bonahala eka modemona o ile oa susumelletsa Elifaze ho etsa qeto ea hore Jehova ha a nke batho ba lokile ’me ha ho na motho ea ka thabisang Molimo. Elifaze o ne a lumela leshano leo, kahoo nako le nako ha a bua le Jobo, o ile a tsoela pele ho le pheta.—Jobo 4:17; 15:15, 16; 22:2.