Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 December maq. 14-19
  • Etsisa Boikokobetso ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Boikokobetso ba Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA OA ATAMELEHA
  • JEHOVA OA TENYETSEHA
  • JEHOVA HA A FELE PELO
  • JEHOVA O TLOTLA BATHO BA MAEMONG A TLASE
  • Etsisa Tsela eo Jehova le Jesu ba Nahanang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Eketsa Thabo ea Hao ka Hore u be Motho ea Fanang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 December maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 50

PINA EA 48 Re Tsamaee le Jehova Kamehla

Etsisa Boikokobetso ba Jehova

“Le etsise Molimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.”—BAEF. 5:1.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta litsela tse ’nè tseo re ka etsisang boikokobetso ba Jehova ka tsona.

1. Ke eng e u khahlang ka boikokobetso ba Jehova?

HA U nahana ka babusi ba mehleng ee, na u ka re ba ikokobelitse? Ha ho joalo. Le hoja Jehova a le matla ’ohle, o ikokobelitse. (Pes. 113:​5-8) Ha ho na motho ea ikokobelitseng ho feta Jehova. Ha ho na mohla a ikhohomosang. Re tla rua molemo ha re hlahloba litsela tse ’nè tseo Jehova a etsang lintho ka tsona tse bontšang kamoo a ikokobelitseng kateng. Re tla boela re ithute hore na Jesu o ile a etsisa boikokobetso ba Ntate oa hae joang. Ho hlahloba lintho tsena ho tla re thusa hore re atamele haufi le Jehova le hore re etsise boikokobetso ba hae haholoanyane.

JEHOVA OA ATAMELEHA

2. Pesaleme ea 62:8 e re bolella eng ka Jehova? (Sheba setšoantšo.)

2 Hangata batho ba ikhohomosang ha ba atamelehe. Ba tšoara batho ba bang hampe hobane ba nka hore ba betere ho ba feta. Kahoo, batho baa ba qoba. Jehova eena o fapane hole le bona. Kaha Ntate oa rona ea leholimong o ikokobelitse, o batla hore re mo atamele ’me re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang le tse re imelang. (Bala Pesaleme ea 62:8.) Joalokaha ntate a ikemiselitse ho mamela lintho tse tšoenyang ngoana oa hae, Jehova le eena o ikemiselitse ho mamela lithapelo tsa barapeli ba hae. Ha e le hantle, o ile a etsa hore lithapelo tse ngata tsa bona li ngoloe ka Bibeleng. Ntho eo e bontša hore oa atameleha. (Josh. 10:​12-14; 1 Sam. 1:​10-18) Empa re ka etsa’ng haeba ka linako tse ling re utloa eka ha re tšoanelehe ho atamela Jehova ka thapelo?

Ntate o mametse ka mamello ha moshanyana oa hae a ntse a mo hlalosetsa hore o pshatlile vase ea lipalesa ka phoso ha a ntse a bapala ka sefofane sa hae.

Ka boikokobetso, ntate o etsisa Jehova ka hore a mamele mora oa hae ea pshatlileng vase ha a ntse a bapala (Sheba serapa sa 2)


3. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o batla hore re lule re mo rapela?

3 Re ka atamela Jehova ka thapelo esita leha re utloa eka ha re tšoaneloe ke lerato la hae. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Papisong ea mora ea lahlehileng, Jesu o tšoantša Jehova le ntate ea lerato eo mora oa hae a entseng liphoso tse ngata hoo a nahanang hore ntate oa hae a ke ke a batla hore a khutlele lapeng. Ntate oa hae o ile a etsa’ng ha a bona mora oa hae a khutla? Jesu o re hang ha ntate eo a bona mora oa hae, o ile “a matha a ea ho eena a mo haka eaba oa mo suna.” (Luka 15:​17-20) Jehova o tšoana le ntate eo. Hang feela ha a utloa lithapelo tsa bahlanka ba hae bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko ka lebaka la ho ikutloa ba le molato, boikokobetso ba hae bo mo susumelletsa hore a ba mamele. (Lillo 3:​19, 20) Jehova o ba utloela bohloko ’me ho ba joalokaha eka o mathela ho bona hore a ba tšelise le ho ba kholisa hore oa ba rata. (Esa. 57:15) Jehova o ‘mathela’ ho rona joang kajeno? Hangata o sebelisa baholo, ba lelapa bao e leng Lipaki le balumeli-’moho le rona. (Jak. 5:​14, 15) Jehova o fana ka thuso ena hobane a batla hore re atamele haufi le eena.

4. Jesu o ile a bontša joang hore oa atameleha?

4 Jesu o etsisa Ntate oa hae. Jesu o ikokobelitse joaloka Ntate oa hae. Kahoo, ha a ne a le lefatšeng, batho ba ne ba sa tšabe ho mo atamela. Ba ne ba phutholoha hore ba mo botse lipotso. (Mar. 4:​10, 11) Ha a ne a ba botsa hore na ba nahana’ng ka taba e itseng, ba ne ba mo phetlela sefuba ka bolokolohi. (Mat. 16:​13-16) Ha ba etsa liphoso, ba ne ba sa tšohe hobane ba ne ba tseba hore Jesu o mosa, o mohau ebile o na le mamello. (Mat. 17:​24-27) Kaha Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae hantle, balateli ba hae ba ile ba khona ho tseba Jehova haholoanyane. (Joh. 14:9) Ba ile ba ithuta hore Jehova ha a khopo, ha a ikhohomose kapa hona ho ikakasa joaloka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo. Ho e-na le hoo, o ne a ikokobelitse a bile a atameleha.

5. Boikokobetso bo tla re thusa joang hore re be batho ba atamelehang?

5 Re ka etsisa Jehova joang? Haeba re ikokobelitse, re tla ba batho ba atamelehang. Boikokobetso bo tla etsa hore re se ke ra ba mona, ra ikhohomosa le ho ba batho ba sa tšoareleng ba bang, e leng mekhoa e etsang hore batho ba tsamaelle hore le rona. Ho e-na le hoo, bo tla re thusa hore re be mosa, re be le mamello, re be re tšoarele batho ba bang e leng makhabane a tla etsa hore batho ba atamele haufi le rona. (Bakol. 3:​12-14) Baholo ba tlameha ho sebetsa ka thata hore e be ba atamelehang. E le hore ba etse sena, ba tlameha ho lula ba e-na le bara le barali ba bo rona. Sena se bolela hore ba loanela ho ba teng libokeng ka seqo ’me ba qoba ho kena liboka ka marang-rang ho sa hlokahale. Ha maemo a bona a lumela, ba etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo le bara le barali ba bo rona. Ha bara le barali ba bo rona ba tloaelana le baholo, ba tla ikutloa ba phutholohile hore ba bue le bona nako le nako ha ba hloka thuso.

JEHOVA OA TENYETSEHA

6, 7. Fana ka mehlala e bontšang hore Jehova oa tenyetseha ha bahlanka ba hae ba mo kopa thuso.

6 Batho ba bangata ba ikhohomosang, ba nahana hore ba tseba lintho tsohle ’me ha ba tenyetsehe ha ba sebetsa le batho ba bang. Le hoja Jehova a tseba lintho tsohle, oa nahanela kapa hona ho tenyetseha kaha o ikokobelitse. Nahana kamoo a ileng a sebetsana le Miriame kateng e leng ausi oa Moshe. Miriame le Arone ba ile ba korotla ka Moshe eo e neng e le ’muelli oa Jehova. Ka ho etsa joalo, ha e le hantle Miriame o ne a bontša ho se hlomphe Jehova. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo halefela a ba a mo otla ka lepera. Ha Arone a kopa hore Moshe a thuse Miriame, Moshe o ile a kopa Jehova hore a folise Miriame. Jehova o ile a etsa’ng? Molimo ha aa ka a hana ho fetola kahlolo ea hae ka Miriame. Kaha Jehova o ikokobelitse, o ile a tenyetseha ’me a mo folisa.—Num. 12:​1-15.

7 Jehova o ile a boela a bontša boikokobetso ha a ne a sebetsana le Morena Ezekiase. O ile a romela moprofeta Esaia hore a il’o bolella morena eo hore o tl’o shoa. Ezekiase o ile a llela ho Jehova a mo kopa hore a mo folise. Jehova o ile a mo hauhela ’me a mo ekelletsa bophelo ka lilemo tse 15. (2 Mar. 20:​1, 5, 6) Kannete boikokobetso bo susumelletsa Jehova hore a be le kutloelo-bohloko a be a tenyetsehe.

8. Fana ka mehlala e bontšang hore Jesu oa tenyetseha. (Mareka 3:​1-6)

8 Jesu o etsisa Ntate oa hae. Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a etsetsa batho lintho tse ntle ha maemo a mo lumella. Ka mohlala, o ile a folisa batho ka Sabatha le hoja bahanyetsi ba hae ba lipelo li thata ba ne ba nka hore ho fosahetse ho etsa joalo. (Bala Mareka 3:​1-6.) Joaloka hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu o tsoela pele ho tenyetseha le maemo. Ka mohlala, ha motho ka phuthehong a etsa sebe se tebileng, ha a mo felle pelo ebile o mo fa menyetla e mengata ea hore a bake.—Tšen. 2:​2-5.

9. Re ka nahana le ho etsa lintho joang ka tsela e bontšang hore rea tenyetseha? (Sheba litšoantšo.)

9 Re ka etsisa Jehova joang? Re lokela ho ithuta ho nahana le ho etsa lintho ka tsela e bontšang hore rea tenyetseha joaloka Jehova. (Jak. 3:17) Ka mohlala, batsoali ba tenyetsehang ha baa lebella hore bana ba bona ba etse lintho tse ka holimo ho matla a bona. Tlaleho ea Jakobo e ho Genese 33:​12-14 e bontša sena hantle. Batsoali ba ikokobelitseng le ba tenyetsehang ba qoba ho bapisa bana ba bona. Baholo le bona ba lokela ho tenyetseha. Ka mohlala, moholo a ke ke a tsitlella maikutlong a hae haeba baholo ba bangata ba lumellana ka qeto e itseng, ha e sa hanyetsane le melao-motheo ea Bibele. (1 Tim. 3:​2, 3) Kaofela ha rona re ka leka ho utloisisa maikutlo a batho ba bang le hoja re sa lumellane le bona. (Bar. 14:1) Motho e mong le e mong ka phuthehong o lokela ho sebetsa ka thata hore ‘batho bohle ba bone hore ha se motho ea tsitlellang maikutlong a hae.’—Bafil. 4:5.

Litšoantšo: Ntate o thabela ho sebetsa le bana ba hae tšimong ka ntlo le ntlo. 1. Oa bososela ha moshanyana oa hae a fa ntate bukana ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” 2. Hamorao, oa bososela ha moralinyana oa hae a fa ’mè karete ea jw.org.

Ntate ea tenyetsehang haa lebella hore bana ba hae ba etse lintho tse ka holimo ho matla a bona ha ba le tšimong (Sheba serapa sa 9)


JEHOVA HA A FELE PELO

10. Jehova o ile a bontša ka litsela life hore haa fele pelo?

10 Ho ka etsahala hore u hlokometse hore batho ba ikhohomosang ha ba rate ho emisoa. Boikhohomoso bo etsa hore ba fele pelo. Ba fapane hole le Jehova. Jehova o na le mamello ho feta motho leha e le ofe. Ka mohlala, mehleng ea Noe, Jehova o ile a re o tla leta lilemo tse 120 pele a felisa batho ba khopo. (Gen. 6:3) Noe o ile a ba le nako ea hore a holise bana ba hae le ho haha areka a thusoa ke lelapa la hae. Hamorao lengeloi la Jehova le ile la mamela Abrahama le sa mo felle pelo ha a ntse a le botsa lipotso mabapi le ho felisoa ha Sodoma le Gomora. Motho ea ikhohomosang a ka be a ile a nka hore Abrahama oa mo nyatsa ka lipotso tseo. Kaha lengeloi leo le ne le etsisa Jehova, ha lea ka la fella Abrahama pelo.—Gen. 18:​20-33.

11. Ho ea ka 2 Petrose 3:​9, ke hobane’ng ha Jehova a sa fele pelo le mehleng ee?

11 Le mehleng ena Jehova o ntse a bontša ho se fele pelo. O emetse nako eo a e behileng ea ho felisa lefatše lena. Ke hobane’ng ha a sa fele pelo? “Hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (Bala 2 Petrose 3:9.) Na ke halefeela hore ebe Jehova o ntse a mamelletse? Che! Batho ba limilione ba lipelo li ntle e se e le metsoalle ea hae, ’me re tšepa hore ba bang ba limilione le bona e tla ba metsoalle ea Jehova. Leha ho le joalo, mamello ea Jehova ea fela. Jehova o rata batho empa a ke ke a ba lumella hore ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. A ke ke a lumella hore bokhopo bo tsoele pele ka ho sa feleng.—Hab. 2:3.

12. Jesu o etsisa mamello ea Jehova joang?

12 Jesu o etsisa Ntate oa hae. Haesale Jesu a etsisa mamello ea Jehova ka lilemo tse likete. Haesale a shebelletse Satane a etselletsa Jehova le batho ba tšepahalang. (Gen. 3:​4, 5; Jobo 1:11; Tšen. 12:10) Hape o ile a bona ha batho ba bangata ba hlaheloa ke lintho tse bohloko. Nahana feela hore na o labalabela hakae “hore a senye mesebetsi ea Diabolose.” (1 Joh. 3:8) Ke eng e thusang Jesu hore a letele Jehova ka mamello hore a mo fe tumello ea ho senya mesebetsi ea Diabolose ka ho felletseng? Lebaka le leng ke hore Jesu o ikokobelitse. Kahoo, o tlohella lintho matsohong a Jehova hobane a tseba hore Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na o tla tlisa bofelo neng.—Lik. 1:7.

13. Jesu o ile a bontša joang hore ha aa ka a fella baapostola ba hae pelo, hona hobane’ng?

13 Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ne a sa felle baapostola ba hae pelo. Ka mohlala, nako le nako ha ba ne ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, Jesu ha aa ka a ba qhalla matsoho. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho se ba felle pelo. (Luka 9:46; 22:​24-27) O ne a tšepa hore ka nako e nepahetseng ba tla etsa liphetoho. Na u kile oa pheta phoso e tšoanang ka makhetlo? Haeba ho joalo, na ha u thabe hore ebe u na le Morena ea ikokobelitseng le ea sa feleng pelo joaloka Jesu?

14. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra fela pelo?

14 Re ka etsisa Jehova joang? E le hore re nahane le ho etsa lintho joaloka Jehova, re lokela ho ithuta ho “nahana joaloka Kreste.” (1 Bakor. 2:16) Ke eng e ka re thusang hore re nahane joaloka Kreste? Tsela e ’ngoe e ka sehloohong e ka re thusang ke ho bala Likosepele, ebe re ipha nako ea ho nahana ka lintho tseo Jesu a ileng a li etsa le hore na ke hobane’ng ha a ile a li etsa. Hape re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho ikokobetsa le ho se fele pelo joaloka Jesu. Ha re ntse re ikitlaelletsa ho nahana joaloka Kreste, seo se tla re thusa hore re khone ho etsisa Jehova ka hore re se ke ra fella ba bang pelo le hore re se ke ra iphella pelo.—Mat. 18:​26-30, 35.

JEHOVA O TLOTLA BATHO BA MAEMONG A TLASE

15. Fana ka mehlala e bontšang hore Jehova o tlotla batho ba maemong a tlase. (Pesaleme ea 138:6)

15 Bala Pesaleme ea 138:6. Nahana ka taba ena: Jehova ’Musi oa lintho tsohle o ela hloko batho ba ikokobelitseng. Nahana ka mehlala e ’maloa ea batho ba maemong a tlase bao Jehova a ileng a ba tlotla ho theosa le lilemo. Ho ka etsahala hore ba bang ha re ba tsebe hakaalo, empa Jehova o entse hore litlaleho tsa bona li be teng ka Bibeleng. Jehova o ile a susumelletsa Moshe hore a ngole lebitso la mohlokomeli oa Rebeka e leng Debora. O ile a sebeletsa lelapa la Isaka le Jakobo ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 125 kaofela! Le hoja re sa tsebe lintho tse ngata ka mosali enoa ea tšepahalang, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore ka Bibeleng ho ngoloa ntho e bontšang hore o ne a rateha. (Gen. 24:59; 35:​8, nal. ho Alone-bakuthe.) Lilemo hamorao, Jehova o ile a khetha Davida e leng moshanyana oa molisana ’me a mo etsa morena oa sechaba sa Iseraele. (2 Sam. 22:​1, 36) Hang ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Molimo o ile a romela mangeloi ho balisa ’me a ba tlotla ka hore e be bona ba pele ba ho tseba hore Mesia o se a tsoetsoe Bethlehema. (Luka 2:​8-11) Ha Josefa le Maria ba tlisa Jesu tempeleng, Jehova o ile a tlotla Simeone le Anna ba neng ba se ba holile ka monyetla oa hore ba bone Mora oa hae. (Luka 2:​25-30, 36-38) Kannete “le hoja Jehova a phahame, o ela hloko ba ikokobelitseng.”

16. Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae joang ka tsela eo a neng a tšoara batho ka eona?

16 Jesu o etsisa Ntate oa hae. Jesu o ne a tlotla batho ba maemong a tlase joaloka Ntate oa hae. O ne a ruta “batho feela ba tloaelehileng ba sa rutehang” ’nete ka ’Muso oa Molimo. (Lik. 4:13; Mat. 11:25) O ne a boetse a folisa batho ba kulang ’me a ba tšoara ka tsela e neng e ba siela seriti. (Luka 5:13) Bosiung ba ho qetela pele a shoa, Jesu o ile a hlatsoa maoto a baapostola ba hae e leng mosebetsi o neng o etsoa ke mohlanka. (Joh. 13:5) Pele a nyolohela leholimong, o ile a fa balateli bohle ba hae tlotla ea hore ba etse mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho thusa batho ba bang hore ba be le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Mat. 28:​19, 20.

17. Re ka bontša joang hore re rata batho ba bang le ho ba hlompha? (Sheba setšoantšo.)

17 Re ka etsisa Jehova joang? Re bontša hore re rata batho bohle ebile rea ba hlompha ka ho ba bolella litaba tse monate ho sa tsotellehe hore na ba tsoa hokae, ke ba ’mala ofe kapa hore na ba rutehile hakae. Re boetse re tlotla bara le barali ba bo rona ka hore re ba nke ba re phahametse ho sa tsotellehe bokhoni ba rona kapa litokelo tseo re nang le tsona. (Bafil. 2:3) Jehova oa thaba ha a bona ka boikokobetso re ‘e-ba ba pele’ ba ho bontša hore re hlompha batho ba bang ka litsela tsena le tse ling.—Bar. 12:10; Sof. 3:12.

Barali ba bo rona ba babeli ba ntse ba ithuta Bibele le ’mè ea setsing sa tlhabollo ea batšoaruoa.

Re etsisa boikokobetso ba Jehova ha re bolella batho ba mefuta eohle litaba tse monate (Sheba serapa sa 17)a


18. Ke hobane’ng ha u batla ho etsisa boikokobetso ba Jehova?

18 Ha re sebetsa ka thata ho etsisa boikokobetso ba Ntate oa rona ea lerato ea leholimong, re tla ba batho ba lerato, ba tenyetsehang le ba sa feleng pelo. Joalokaha Jehova a tlotla batho ba bang, le rona re tla ba tlotla le ho ba rata. Hopola hore ha re etsa sohle seo re ka se khonang hore re etsise Molimo oa rona ea ikokobelitseng, re tla ba batho ba bohlokoa mahlong a hae.—Esa. 43:4.

BOIKOKOBETSO BO TLA U THUSA JOANG HORE U BE MOTHO EA . . .

  • atamelehang?

  • tenyetsehang?

  • sa feleng pelo?

PINA EA 159 Rorisang Jehova

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka boikokobetso, barali ba bo rona ba etsisa Jehova ha ba ntse ba ruta batho ba teronkong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela