Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp26 no. 1 maq. 7-9
  • Na Bolumeli bo ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?
  • NAHANA KA SENA
  • SEO BIBELE E SE BUANG
  • Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na ’Muso o Molemo o ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
wp26 no. 1 maq. 7-9
Batho ba litumelo tse fapaneng, ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng ba rapela ho ea ka litloaelo tsa bona. Ba bang ba sebelisa matšoao a bolumeli kapa libano.

Na Bolumeli bo ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?

Ba lumela hore baeta-pele ba bolumeli ba ka tlisa khotso. Hangata baruti ba ruta batho hore ba phelisane ka khotso. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba nahana hore ba ka rarolla mathata.

Ba lumela hore ha batho ba mamela lithuto tseo ba li rutoang ke baruti, seo se tla thusa hore ho be le khotso. E mong oa bafuputsi o ile a fumana hore batho ba bangata ba lekang hore ho be le khotso lefatšeng, “ba nahana hore ba sebeletsa Molimo.” Ka lebaka leo, ba sebetsa ka thata ho tlisa khotso lefatšeng ’me ba lumela hore ba tla atleha.

NAHANA KA SENA

Baeta-pele ba bolumeli ba ruta batho hore ba phelisane ka khotso empa hangata batho baa loantšana ka lebaka la bolumeli.

  • Na batho ba nang le litumelo tse fapaneng ba ka tlisa khotso lefatšeng?

  • Ha u nahana kamoo batho ba malumeli a fapaneng ba loantšanang kateng, na u nahana hore bolumeli bo ka thusa batho hore ba be le khotso?

    Litšoantšo: Malumeli a kenella lintoeng. 1. Moruti oa kereke ea Orthodox o hlohonolofatsa lithunya. 2. Lesole le tšoere sethunya se haretsoeng ka rosari. 3. Moruti o hlohonolofatsa masole ka metsi a rapelletsoeng.

    Left: Danil Semyonov/​AFP via Getty Images; bottom right: Dmytro Smolyenko/​Ukrinform/​Future Publishing via Getty Images

    Malumeli a khothalletsang litho tsa kereke ho loantšana kapa ho hloeana a ke ke a tlisa khotso lefatšeng

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ho [bolumeli ba bohata] ho ile ha fumanoa mali a . . . bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšenolo 18:24.

Buka ea Tšenolo e sebelisa poleloana “Babilona e Moholo”, ha e bua ka malumeli a sa pheleng tumellanong le seo Lentsoe la Molimo le se rutang.a (Tšenolo 17:5) Batho ba bangata ba ile ba qetella ba shoele ka lebaka la lintho tseo malumeli ana a li entseng.

Le mehleng ena, hangata bolumeli ke bona bo hlohlelletsang hore ho be le lintoa. Baeta-pele ba bolumeli ba khothalletsa litho tsa kereke hore li loantše batho ba malumeli a mang kapa batho ba lihlopha tse fapaneng hona bolumeling ba bona. Malumeli a khothalletsang litho tsa kereke ho loantšana kapa ho hloeana a ke ke a tlisa khotso lefatšeng.

Ho fapana le hoo, Bibele e re bohle ba tsoelang pele ho mamela Lentsoe la Molimo “ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,” e leng se bontšang hore ba ke ke ba kenella lintoeng. (Esaia 2:​2-4) Ho ekelletsa moo, ba loanela ho ba le makhabane a kang lerato, mosa le boitšoaro.—Bagalata 5:​22, 23.

Bibele e thusitse Lipaki Tsa Jehova ho phela ka khotso le hoja li tsoa linaheng le litsong tse fapaneng. Haeba u sa lumele taba ena, u ka etela Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova u il’o iponela ka mahlo.

Karolo e hlahang videong ea “Lerato la ’Nete le Tla Hlola Bobe Neng?” Lipaki Tsa Jehova tse peli lia qoqa ha li ntse li etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele ’marakeng o phetheselang.

Shebella video ea: Lerato la ’Nete le Tla Hlola Bobe Neng? ho bona kamoo Bibele e ileng ea fetola bophelo ba Mojuda le Lepalestina ba neng ba hloeane.

HO FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG

Ithute Bibele kapa u kope e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etele.

a Ho ithuta ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng: “Babilona e Moholo ke Eng?”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela