Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 February maq. 8-13
  • Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO KOLOBETSOA HA HAO HO BOLELA’NG?
  • KOLOBETSO EA BOKRESTE E AKARELLETSA’NG?
  • “KA LEBITSO LA NTATE LE LA MORA LE LA MOEA O HALALELANG”
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Kolobetso e Bolela’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 February maq. 8-13

LA 13-19 APRIL 2026

PINA EA 52 Re Tla Phelela Molimo

Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

“Le etse batho . . . barutuoa, le ba kolobetse.”—MAT. 28:19.

NTLHA-KHOLO

Seo kolobetso e se bolelang, bohlokoa ba eona le hore na e akarelletsa eng.

1. Ke eng e bontšang hore kolobetso ke thuto ea bohlokoa ea Bibele?

RE THABA haholo ha re bona barutuoa ba bacha ba kolobetsoa. Na u ne u tseba hore sebokeng sa pele sa phutheho ea Bokreste ho ile ha e-ba le thabo e tšoanang? Sebokeng seo, ho ne ho e-na le batho ba kolobetsoang le puo e neng e hlalosa thuto ea bohlokoa mabapi le kolobetso. (Lik. 2:​38, 40, 41) Moapostola Pauluse o ile a ngola hore “lithuto tsa motheo tse mabapi le Kreste” li akarelletsa “thuto ea likolobetso tse fapaneng.” (Baheb. 6:​1, 2) Kahoo, kolobetso ke e ’ngoe ea lithuto tsa motheo ’me re lokela ho e utloisisa hantle. Hobane’ng?

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa ka ho felletseng hore na kolobetso e bolela eng?

2 Feela joalokaha motheo o tsitsitseng o ka thusa ntlo hore e eme e tiile, ho utloisisa ka ho felletseng hore na kolobetso e bolela’ng ho ka re thusa hore re be le tumelo e matla. Re hloka ho ba le kutloisiso ena ho sa tsotellehe hore na re mothating oa ho kolobetsoa kapa e se e le lilemo re kolobelitsoe. Kahoo, sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse latelang: Kolobetso e bolela’ng? Kolobetso ea Bokreste e akarelletsa’ng? Hobane’ng ha re lokela ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang?

HO KOLOBETSOA HA HAO HO BOLELA’NG?

3. Ho kolobetsoa ho bontša eng?

3 Ha u kolobetsoa, u bontša phatlalatsa hore u amohetse ’nete ka Jehova Molimo le Kreste Jesu, u baketse libe tsa hao, u fetotse bophelo ba hao e le hore u ka sebeletsa Jehova, u hlokometse hore Molimo o re pholosa a sebelisa Jesu ebile u tsebisitse Molimo ka thapelo hore u batla ho etsa thato ea hae hammoho le mokhatlo oa hae. Ha u etsa tšepiso e joalo kapa boinehelo boo ’me u kolobetsoa, u qala tsela e ncha e lebisang bophelong bo sa feleng.

4. Ho qoelisoa ka ho felletseng ka metsing ho bontša eng? (Sheba setšoantšo.)

4 Ha u kolobetsoa, u qoelisoa ka ho felletseng ka metsing ebe oa ntšoa,a joalokaha eka u ne u shoele ebe oa tsosoa. (Bapisa le Bakolose 2:12.) Kolobetso e bontša liphetoho tse kholo tseo u ileng oa li etsa bophelong ba hao. Joang? Ha u kenngoa ka metsing, u bontša hore u khaolitse tsela eo u neng u phela ka eona pele. Ha u ntšoa ka metsing, u qala bophelo bo bocha ’me ho etsa thato ea Molimo e ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao.

Litšoantšo: Ntate oa kolobetsoa ka mor’a ho hlola mathata a mangata. 1. O thabetse ho shebella litebele thelevisheneng. 2. O tsuba sakerete. 3. O noa joala haholo. 4. Hamorao oa kolobetsoa ka letamong.

Ha u kolobetsoa, u khaotsa tsela eo u neng u phela ka eona ’me u qala bophelo bo bocha bo tumellanong le thato ea Molimo (Sheba serapa sa 4)


5. Lintho tseo u li etsang e le hore u tšoanelehe ho kolobetsoa li ka bapisoa le eng, hona hobane’ng? (1 Petrose 3:​18-21)

5 Bala 1 Petrose 3:​18-21. Ka tsela e itseng, re ka tšoantša lintho tseo u li etsang e le hore u tšoanelehe ho kolobetsoa le mosebetsi oo Noe a ileng a o etsa oa ho haha areka. Haeba ke hona u qalang ho ithuta ka Jehova, lintho tseo u lokelang ho li etsa li ka bonahala li le ngata ebile li le thata, joaloka mosebetsi oo Noe a neng a lokela ho o etsa oa ho haha areka. Na boiteko boo bohle boa hlokahala? E. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nahana ka Noe. Molimo ka boeena o ile a etsa moralo oa areka ’me Noe o ne a lokela ho o latela haufi-ufi e le hore a pholohe Moroallo. Noe o ile a mamela Jehova ’me a haha areka ka thuso ea hae hobane a ne a e-na le tumelo. Joaloka Noe, u ka atleha ho “etsa lintho tsohle tseo Molimo a [u] laetseng tsona.”—Gen. 6:22.

6. Ke ka tsela efe kolobetso e ka u pholosang?

6 Temaneng ea 21, moapostola Petrose o ile a ngola hore kolobetso ea “le pholosa.” Empa ketso ea ho qoelisoa ka metsing feela ha e etse hore u pholohe ebile ha e etse hore libe tsa hao li hlakoloe. Ke mali a Jesu feela a ka re hloekisang sebeng. (1 Joh. 1:7) Leha ho le joalo, kolobetso ke karolo ea bohlokoa ea ho etsa lintho tsohle tseo Molimo a li laetseng. Hape ha u kolobetsoa, u “kopa Molimo hore a [u] thuse ho ba le letsoalo le khutsitseng.” Jehova o tla thabela ho u fa lintho tseo u mo kopang tsona. Ka tsela eo, kolobetso ea ‘u pholosa,’ kapa e u lebisa bophelong bo sa feleng.

KOLOBETSO EA BOKRESTE E AKARELLETSA’NG?

7. Kolobetso e lokela ho etsoa joang?

7 Bibele ha e fane ka lintlha tse ngata mabapi le kolobetso ntle le hore ho hlokahala hore u qoelisoe ka ho felletseng ka metsing. Leha ho le joalo, Mangolo a re thusa ho tseba hore na ke’ng e hlokahalang. Ka mohlala, melao-motheo ea Bibele e thusa batho ba e’o kolobetsoa ho tseba hore na ba lokela ho apara joang ’me e boetse e thusa le batho ba shebelletseng hore na ba lokela ho itšoara joang. (1 Bakor. 14:40; 1 Tim. 2:9) Mehleng ena, hangata kolobetso e etsoa ke moholo ’me re qoba ho nkela bara ba bo rona ba nang le tokelo ena holimo. (1 Bakor. 1:​14, 15) Kolobetso e bohlokoa ho sa tsotellehe hore na ke batho ba bakae ba e shebelletseng.—Lik. 8:36.

8. Ke lipotso life tse botsoang ba e’o kolobetsoa, hona hobane’ng? (Liketso 2:​38-42) (Sheba setšoantšo.)

8 Bibele e bontša hore re lokela ‘ho bolella ba bang ka tumelo ea rona e le hore re pholohe.’ (Bar. 10:​9, 10) Kahoo, ho loketse hore re etse joalo ha re kolobetsoa, e leng ketso ea bohlokoa bakeng sa hore re pholohe. Ka lebaka leo, ba e’o kolobetsoa ba botsoa lipotso tsena tse peli. Ea pele, “Na u baketse libe tsa hao, u inehetse ho Jehova le ho amohela tsela ea hae ea poloko ka Jesu Kreste?” Potso ena e bua ka lintho tseo motho a li entseng e le hore a kolobetsoe, ’me e tšoana le keletso eo Petrose a ileng a e fa letšoele ka Pentekonta. Potso ea bobeli e re, “Na oa utloisisa hore kolobetso ea hao e u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ea mokhatlo oa Jehova?” Potso ena e re hopotsa hore re lokela ho phela tumellanong le boinehelo ba rona ka hore re etse lintho tumellanong le tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae ’me re sebeletse Molimo hammoho le Bakreste-’moho, joaloka Bakreste ba mehleng ea baapostola. (Bala Liketso 2:​38-42.) Batho ba arabang lipotso tsena ka e, e tsoang botebong ba lipelo, baa tšoaneleha hore ba ka kolobetsoa.

Batho ba tl’o kolobetsoa ba lilemo tse sa tšoaneng ba bolella ba bang ka tumelo ea bona ba le litulong tse ka pele kopanong ea potoloho.

Ho kolobetsoa ha hao ho akarelletsa ‘ho bolella ba bang ka tumelo ea hao e le hore u pholohe’ (Sheba serapa sa 8)d


9. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa eng e le hore Molimo a mo amohele?

9 Le pele u ithuta ’nete, e ka ’na eaba u ne u leka ho etsa lintho hantle ’me ha oa ka oa etsa libe tse tebileng. Mohlomong u holisitsoe ke batsoali ba Bakreste ba ileng ba u thusa ho rata Jehova. Haeba ho joalo, na u ntse u hloka ho baka ’me u kolobetsoe e le hore Molimo a u amohele? E. Ho sa tsotellehe hore na re holisitsoe joang, kaofela re lokela ho hlokomela hore re futsitse sebe se re arohantseng le Molimo. (Pes. 51:5) Leha ho le joalo, ha re ntse re ithuta ka Jehova, re khetha hore thato ea hae e be eona e tlang pele bophelong ba rona. Re bakela tsela eo re neng re phela ka eona pele ’me rea fetoha ebe re qala ho phela bophelo bo thabisang Ntate oa rona ea leholimong. Ka mor’a moo re ka kolobetsoa.—Lik. 3:19.

10. U lokela ho etsa eng haeba u ile oa kolobetsoa bolumeling boo u tsoang ho bona?

10 Haeba u ile oa kolobetsoa bolumeling boo u tsoang ho bona, u ntse u lokela ho kolobetsoa e le hore u be Paki ea Jehova. Hobane’ng? Hobane ka nako eo, u ne u sa utloisise ka botlalo ’nete e mabapi le Jehova Molimo le Jesu. Le haeba u ne u inehetse ho Molimo ka thapelo, tšepiso eo u ileng oa e etsa e ne e sa thehoa kutloisisong e nepahetseng ea thato ea hae. Ha moapostola Pauluse a ne a kopana le banna ba Efese bao pele ba neng ba kolobelitsoe ba se na kutloisiso e hlokahalang ea lithuto tsa Bokreste, o ile a lokisetsa hore ba kolobetsoe hape.b (Lik. 19:​1-5) Ka ho tšoanang le mehleng ena, Jehova o amohela kolobetso hafeela e thehiloe tsebong e nepahetseng ea thato ea hae.

“KA LEBITSO LA NTATE LE LA MORA LE LA MOEA O HALALELANG”

11. Ho bolela eng ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang”? (Matheu 28:​18-20)

11 Jesu o ile a laela hore barutuoa ba bacha ba kolobetsoe “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Bala Matheu 28:​18-20.) O ne a bolela’ng? Ka Bibeleng, hangata lentsoe “lebitso” le bolela botumo ba motho. Le ka boela la bolela boemo le matla a emeloang ke lebitso leo. Kahoo, ha re etsa ntho e itseng “ka lebitso la” motho kapa ntho e itseng, re ela hloko matla a lebitso leo. A re boneng kamoo re ka elang hloko boemo le matla a Ntate, a Mora le karolo e phethoang ke moea o halalelang oa Molimo.

12. Re kolobetsoa ka lebitso Ntate joang? (Tšenolo 4:11) (Sheba setšoantšo.)

12 Ka lebitso la Ntate. Re nka Jehova e le Ntate oa rona ea leholimong, kapa Mofani oa Bophelo. Ke Molimo ea matla ’ohle, ’Mopi oa lintho tsohle. (Bala Tšenolo 4:11.) Re ela hloko hore ke Ea Utloang thapelo, ’me re sebelisa lebitso la hae ka tlhompho le ka bolokolohi ha re mo rapela le ha re bua le ba bang ka eena. (Pes. 65:2) Leha ho le joalo, ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate ho akarelletsa ho hongata. Batho ba neng ba mametse Petrose ka Pentekonta ba ne ba se ba ntse ba tseba ka Jehova, empa ba ne ba lokela ho ela hloko hore ke Mofani ea lerato oa bophelo bo sa feleng a sebelisa Jesu Kreste.—Bar. 5:8.

E mong oa barali ba bo rona ea sa tsoa kolobetsoa ea hlahileng setšoantšong se fetileng oa rapela ka ha hae.

Ka mor’a ho kolobetsoa, tsoela pele u ela hloko boemo le matla a Ntate (Sheba serapa sa 12)


13. Re kolobetsoa ka lebitso la Mora joang? (Sheba setšoantšo.)

13 Ka lebitso la Mora. Re nka Jesu e le Mora oa Molimo ea mong. Jesu ke “tsela,” kaha ke ka eena feela re ka bang le kamano e ntle le Jehova. (Joh. 14:6) Hape Jesu ke Molopolli oa rona kaha o ile a re shoela e le hore re ka fumana bophelo. Tsebo eo e re susumelletsa ho latela mohlala oa hae letsatsi le letsatsi, eseng feela mohlang re kolobetsoang. (1 Joh. 2:6) Kahoo, re paka ka cheseho joalokaha a ile a etsa ’me ha re lumelle letho ho re sitisa. (Luka 4:43) Re boetse re ikemiselitse ho mamella mahloriso hobane re sebeletsa Molimo ka botšepehi. (2 Tim. 3:12) Re hlompha Jesu joaloka “hlooho ea phutheho.” Kahoo, re thabela ho ikokobelletsa bao a ba fileng boikarabelo ba ho etella pele le ho hlokomela balateli ba hae.—Baef. 4:​8, 11, 12; 5:23.

E mong oa bara ba bo rona ea sa tsoa kolobetsoa ea hlahileng setšoantšong se fetileng o balla ntate eo a kopaneng le eena ha a le mosebetsing oa ntlo le ntlo Bibele.

Ka mor’a ho kolobetsoa, tsoela pele u ela hloko boemo le matla a Mora (Sheba serapa sa 13)


14. (a) Re kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang joang? (Sheba setšoantšo.) (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba kolobetsoa ka likolobetso life tse ling? (Sheba lebokose le reng “Likolobetso Tse Ling Bakeng sa Bakreste ba Tlotsitsoeng.”)

14 Ka lebitso la moea o halalelang. Re amohela ’nete e mabapi le moea o halalelang. Moea o halalelang ha se motho kapa karolo ea Boraro-bo-bong empa ke matla a sebetsang a Molimo. Rea hlokomela hore moea o halalelang o ile oa tataisa baprofeta le bangoli ba Bibele, kahoo re bala Bibele kamehla le ho latela lithuto tsa eona. (2 Pet. 1:​20, 21) Re boetse re qoba ho etsa libe tse tebileng, kaha boitšoaro bo joalo bo ka re sitisa ho ba le moea o halalelang oa Molimo le ho o sitisa hore o phalle ka har’a phutheho.—Baef. 4:30.

E mong oa barali ba bo rona ea sa tsoa kolobetsoa ea hlahileng setšoantšong se fetileng o ntse a bala Bibele ka ha hae.

Ka mor’a ho kolobetsoa, tsoela pele u ela hloko karolo eo moea o halalelang o e phethang (Sheba serapa sa 14)


Likolobetso Tse Ling Bakeng sa Bakreste ba Tlotsitsoeng

Ho ekelletsa ho kolobetsoeng ka metsi, Bakreste ba tlotsitsoeng ba kolobetsoa ka likolobetso tsena tse latelang.

  • Ba kolobetsoa ka moea o halalelang ha ba khethoa ho ea sebeletsa le Kreste leholimong. (Mat. 3:11)

  • Ba “kolobetsoa . . . bonngoeng le Kreste” ka tsela ea hore ba momahana le Kreste hoo ba ka bitsoang ’mele oa Kreste. (Bagal. 3:​27, 28; 1 Bakor. 12:27)

  • Ba kolobetsoa bonngoeng le lefu la Kreste, e leng se bolelang hore ka botšepehi ba latela mohlala oa hae ho fihlela ba phetha tšebeletso ea bona lefatšeng ’me ba tsosetsoa ho ea phela leholimong. (Bar. 6:​3-5)

15. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

15 Haeba u Mokreste ea kolobelitsoeng, ikemisetse ho utloisisa likarolo tsohle tsa “thuto ea likolobetso”c ’me u phele tumellanong le tšepiso eo u ileng oa e etsetsa Jehova ha u ne u inehela le ho kolobetsoa. Empa ho thoe’ng haeba ha u e-s’o kolobetsoe? Na ho na le ntho e u sitisang? Sehloohong se latelang re tla hlahloba hore na u ka etsa’ng e le hore u sebeletse ho kolobetsoa.

U KA RE’NG?

  • Kolobetso ea Bokreste e bontša eng?

  • Batho ba e’o kolobetsoa ba botsoa lipotso life, hona hobane’ng?

  • Ho bolela eng ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang”?

PINA EA 161 “Ke Thabela ho Etsa Thato ea Hao”

a Lentsoe la Segerike ba’pti-sma, le fetoletsoeng e le “kolobetso,” le bolela “ho qoelisa,” kapa “ho ina.” Kahoo, kolobetso e bolela ho qoelisoa ka ’mele kaofela ka metsing, eseng ho fafatsoa feela ka metsi joalokaha malumeli a mang a ruta.

b Banna bao ba Efese ba ne ba kolobelitsoe ka “kolobetso ea Johanne.” (Lik. 19:3) Johanne Mokolobetsi o ile a khothalletsa Bajuda hore ba bakele lintho tseo Molao oa Moshe o neng o re li fosahetse, ’me Johanne o ile a kolobetsa ba ileng ba mamela. (Mar. 1:​4, 5) Leha ho le joalo, kolobetso ea Johanne e ile ea khaotsa ho sebetsa ha Molao o felisoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Molimo o ile a amohela “kolobetso e [le] ’ngoe” e lebisang polokong.—Baef. 4:5.

c Sheba sehlooho se reng “Kolobetso e Bolela’ng?” ho jw.org/st le ho JW Library® tlas’a karolo ea “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa.”

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Kopanong ea potoloho, batho ba e’o kolobetsoa ba eme e le hore ba bolelle ba bang ka tumelo ea bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela