Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 March maq. 20-25
  • Bontša Temoho ’me u “Tla Atleha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Temoho ’me u “Tla Atleha”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • IKOKOBETSE HO E-NA LE HO IKHOHOMOSA
  • LULA U KHOBILE MATŠOAFO HO E-NA LE HO HALEFA
  • TŠEPA JEHOVA HA U TŠOENYEHILE
  • TSOELA PELE HO BA LE TEMOHO LE HO E SIRELETSA
  • O Ile a Bua ka Molimo oa Hae Naheng ea Balichaba
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O ne a Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 March maq. 20-25

LA 25-31 MAY 2026

PINA EA 135 Jehova oa Kopa: “Mora oa ka, Hlalefa”

Bontša Temoho ’me u “Tla Atleha”

“Ea bontšang hore o na le temoho o tla atleha.”—LIPROV. 16:20.

NTLHA-KHOLO

Kamoo ho bontša temoho ho ka re thusang kateng ho sebetsana le mathata ka katleho.

1, 2. Temoho ke eng, hona e ka re thusa joang?

NA U kile oa utloa eka motho e mong ha aa u bontša tlhompho e u tšoanelang? Na u kile oa utloa eka motho e mong o na le maikutlo a fosahetseng ka uena kapa a u etsa ntho e u utloisang bohloko? Kapa na u kile oa tobana le boemo bo ileng ba u tšosa? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba oa tseba hore na ho thata hakae ho ba le maikutlo a nepahetseng maemong a joalo. Re thaba haholo hore ebe Mangolo a re ruta ka tšobotsi e ka re thusang maemong ana le a mang a mangata, e leng temoho.

2 Temoho ke bokhoni ba ho bona ka nģ’ane ho boemo. E re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ntho e itseng e etsahala kapa ke hobane’ng ha motho a entse lintho ka tsela e itseng. Kahoo, temoho e ka re thusa hore re etse lintho ka bohlale. Ka mohlala, e ka re thusa hore re ‘laole lipuo’ tsa rona le ho tseba hore na ke neng moo re lokelang ho ‘khutsa.’ (Liprov. 10:19; Pes. 4:4) E ka re thusa hore re lule re ipehile leihlo hore re se ke ra halefa le hore re tlolise phoso mahlo. E boetse e ka re thusa ho amohela keletso le khalemelo. (Liprov. 19:20) Ha re bontša temoho, re tla thabisa Jehova ebile lintho tseo re li etsang le tseo re li buang li tla tsoela ba bang molemo. Hape ha re tobana le boemo bo thata bo re utloisang bohloko, re ke ke ra halefa hoo re sa khoneng ho laola maikutlo a rona. A re hlahlobeng litlaleho tse tharo tsa Bibele tse bontšang kamoo temoho e re thusang kateng ho lula re ikokobelitse, re khobile matšoafo le ho itšetleha ka Jehova ka ho felletseng.

IKOKOBETSE HO E-NA LE HO IKHOHOMOSA

3. Naamane e ne e le mang?

3 E le hore re atlehe e le kannete, re lokela ho ikokobetsa. (1 Pet. 5:5) Temoho e ka re thusa hore re etse joalo. Joang? Nahana ka mohlala oa Naamane. O ne a lula Siria, e leng naha e pel’a Iseraele. Naamane e ne e le monna ea hlomphehang haholo, hape e le molaoli oa masole a Siria. Leha ho le joalo, o ile a kula haholo. O ne a tšoeroe ke lepera.—2 Mar. 5:1.

4. Naamane o ile a bontša joang hore o nahana ka seo ngoanana oa Moiseraele a se buileng?

4 Ngoanana e monyenyane oa Iseraele o ne a sebeletsa mosali oa Naamane, ’me o ile a mo bolella hore ho na le moprofeta Iseraele ea neng a ka folisa monna oa hae. (2 Mar. 5:​2, 3) Naamane a ka be a ile a nahana a re, ‘Na ebe ngoananyana eo oa lekhoba ea tlase ea tsoang naheng ea lireng a ka mpolella ntho e molemo?’ Empa Naamane o ile a nahana ka seo ngoanana eo a se buileng. Ho e-na le hore a ikhohomose ’me a se ke a mamela seo ngoanana eo a se buileng, o ile a ikokobetsa ’me a nka mantsoe a hae ka ho teba. Morena oa Siria o ile a lumella Naamane ho ea Iseraele ho e’o batla pheko ea bokuli ba hae.—2 Mar. 5:​4, 5.

5. Naamane o ile a etsahalloa ke eng ha a fihla Iseraele?

5 Naamane o ile a fihla lebaleng la Morena Jorame oa Iseraele, a tšepile hore lepera la hae le tla folisoa. Leha ho le joalo, Jorame o ile a nahana hore morena oa Siria o ne a mpa a batla ho mo khoatha ka leihlong. Ha moprofeta Elisha a utloa ka sena, o ile a kopa Jorame hore a romele Naamane ho eena. (2 Mar. 5:​6-9) Lintho ha lia ka tsa etsahala ka tsela eo Naamane a neng a e lebelletse. Le ho tsoa ka tlung feela Elisha ha aa ka a tsoa ho e’o kopana le Naamane kapa ho e’o bua le eena. Ho e-na le hoo, Elisha o ile a romela mohlanka oa hae ho ea bolella Naamane hore na o hloka ho etsa’ng e le hore a fole.—2 Mar. 5:10.

6. (a) Ke hobane’ng ha Naamane a sa ka a mamela molaetsa oa mohlanka oa Elisha? (b) Bahlanka ba Naamane ba ile ba bontša temoho joang, hona liphello e ile ea e-ba life? (2 Marena 5:​13, 14)

6 Qalong, Naamane ha aa ka a mamela seo mohlanka oa Elisha a ileng a mo bolella sona. O ile a ‘halefa ’me a tsamaea’ a halefile. (2 Mar. 5:​11, 12) Hobane’ng? Mohlomong o ne a utloa eka haa fuoa tlhompho e mo tšoanetseng joaloka molaoli oa lebotho la sesole ea phahameng. Ho ekelletsa moo, e ka ’na eaba Naamane o ile a utloa eka litaelo tsa Elisha li bontša hore haa hlomphe Siria. Ho sa tsotellehe lebaka, Naamane o ne a ikemiselitse hore o tla tela ho folisoa ’me a khutlele hae. Leha ho le joalo, bahlanka ba hae ba ile ba bontša temoho ha ba ne ba mo kopa hore a inahane habeli. Ka bohlale, Naamane o ile a qhelela ka thoko boikhohomoso ba hae ’me ka boikokobetso a mamela litaelo tsa Elisha. Kahoo, qetellong o ile a fola.—Bala 2 Marena 5:​13, 14.

7. Re ka ithuta eng phihlelong ea Naamane? (Liproverbia 22:4) (Sheba litšoantšo.)

7 Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Re bontša temoho ha re sheba ka nģ’ane ho boemo, eseng feela lintho tseo re li bonang. Re boetse re bontša temoho ha re sa lumelle maikutlo a rona ho re laola. Temoho e ka re susumelletsa hore re ikokobetse. Motho ea ikokobelitseng oa hlokomela hore ho na le lintho tseo a sa li tsebeng. Ka linako tse ling re ka hloka thuso ea batho ba bang e le hore re utloisise boemo hantle, haholo-holo e tsoang ho Jehova. Naamane e ne e e-s’o be morapeli oa Jehova. Leha ho le joalo, o ile a bontša temoho ka tsela e itseng ka hore ka boikokobetso a mamele batho ba bang, e leng ngoanana oa Moiseraele ea neng a sebeletsa mosali oa hae, bahlanka ba hae ’me habohlokoa le ho feta a mamele Elisha moprofeta oa Jehova. Naamane o ile a khaotsa ho nahana ka tsela eo a neng a utloile bohloko ka eona. Qetellong, o ile a etsa qeto e bohlale e ileng ea etsa hore a atlehe. Kahoo, pele re bua kapa re etsa ntho e itseng, re lokela ho ema hanyenyane ’me re nahane. Ka mohlala, motho e mong a ka re fa keletso e tsoang ka Bibeleng eo re sa lumellaneng le eona. Ha seo se etsahala, re lokela ho nahana ka hloko ka hore na tsela eo re itšoarang ka eona ha re eletsoa e bontša hore re ikokobelitse kapa rea ikhohomosa?—Bala Liproverbia 22:4.

Litšoantšo: Mor’abo rona o bontša temoho ha a mametse ba bang ka boikokobetso. 1. O mametse ka hloko ha mor’abo rona e mocha a mo fa keletso a sebelisa bukana ea “Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta.” 2. O mametse ha morali oa bo rona ea holileng a buisana le eena ka litokisetso tsa bopaki ba phatlalatsa ba literoli. 3. O mametse ka hloko ha a shebelletse Broadcasting ka tablet ea hae.

Joalokaha Naamane a ile a mamela ba bang ka boikokobetso, le rona re lokela ho mamelaha re fuoa keletso, ha ba bang ba re bolella bothata ba bona kapa ha re fuoa tataiso ke mokhatlo oa Molimo (Sheba serapa sa 7)


LULA U KHOBILE MATŠOAFO HO E-NA LE HO HALEFA

8. Ke maemong afe moo re ka thatafalloang ke ho lula re khobile matšoafo?

8 Ho ba le temoho ho ka re thusa hore re lule re khobile matšoafo le ho qoba ho halefa ha re tobana le maemo a ferekanyang. Ke ’nete hore ha se ka linako tsohle ho leng bonolo hobane batho ba bang ba ka bua le ho etsa lintho tse re utloisang bohloko ’me tsa re halefisa. (Baef. 4:26) Nahana kamoo Davida le Abigaile ba ileng ba bontša hore ba na le temoho kateng nakong eo ba neng ba tobane le boemo bo boima.

9. Nabale o ile a tšoara Davida joang?

9 Nahana ka boemo bona: Davida le banna ba hae ba lula lefeelleng la Parane e le baphaphathehi. (1 Sam. 25:1) Ha ba ntse ba le moo, ba ile ba sireletsa balisa le mohlape oa monna ea ruileng ea bitsoang Nabale. (1 Sam. 25:​15, 16) Ha nako ea ho kuta e fihla, Davida o ile a romella banna ba hae ho Nabale hore ba mo lumelise ’me ka boikokobetso ba mo kope hore a ba fe lijo. (1 Sam. 25:​6-8) Empa Nabale ha aa ka a bontša hore o ananela lintho tseo Davida le banna ba hae ba mo etselitseng tsona. O ile a hana kopo ea Davida a ba a mo rohaka hammoho le banna ba hae.—1 Sam. 25:​10, 11.

10. Davida le Abigaile ba ile ba bontša hore ba na le temoho joang? (1 Samuele 25:​32, 33) (Sheba setšoantšo.)

10 U ne u tla itšoara joang haeba u ne u le boemong ba Davida? Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Davida a ile a halefa haholo. E ne e le monna ea sa pateng hore na o ikutloa joang, ’me boemong bona o ile a halefa hoo a neng a batla ho bolaea Nabale. (1 Sam. 25:​13, 21, 22) Ha e le hantle, o ne a le tseleng a e’o bolaea Nabale ha a kopana le mosali oa Nabale ea bohlale, Abigaile. Abigaile o ile a bontša joang hore o na le temoho? O ile a lemoha hore Davida e ne e le monna ea lokileng ho sa tsotellehe ho halefa ha hae. Kahoo, o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho mo thusa hore a laole bohale ba hae. O ile a mo fa limpho ka seatla se bulehileng ’me ka boikokobetso a mo fa le keletso e bohlale. (1 Sam. 25:​18, 23-31) Davida o ile a bontša hore o na le temoho ka ho mamela seo Abigaile a mo bolellang sona. O ile a lemoha hore mantsoe a hae a bontša hore o bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. Kahoo, Davida o ile a khoba matšoafo ’me a qoba ho etsa phoso e kholo e neng e tla beha kamano ea hae le Jehova kotsing.—Bala 1 Samuele 25:​32, 33.

Davida o mametse ka hloko ha Abigaile a khumame a ntse a mo kopa ka tieo. Banna ba Davida ba shebelletse ba le haufi. Basebeletsi ba Abigaile ba eme ka mor’a hae ba tšoere limpho tse ngata.

Davida le Abigaile ba ile ba qoba ntho e mpe e neng e ka etsahala, ka hore ba bontše temoho nakong ea boemo bo boima (Sheba serapa sa 10)


11. Ho bontša temoho ho ka re thusa joang ha ho e-na le maemo a re halefisang? (Liproverbia 19:11)

11 Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Ho bontša hore re na le temoho ho ka re thusa hore re khobe matšoafo ha re tobana le boemo bo re halefisang le haeba re e-na le lebaka la ho halefa ka nako eo. Ho ka re thusa hore re nahane ka litla-morao tsa mantsoe le liketso tsa rona. (Bala Liproverbia 19:11.) Ha Davida a ne a hopotsoa hore na monahano oa Jehova ke ofe tabeng eo, o ile a khona ho laola bohale ba hae. Haeba ho e-na le ntho e u halefisang kapa e u ferekanyang, u se ke oa etsa lintho u sa nahana. (Jak. 1:19) Rapela Jehova ’me u iphe nako ea ho batla monahano oa hae ka taba eo, e leng se tla u thusa hore u khobe matšoafo.

12. Batho ba bang ba ka re thusa joang hore re lule re khobile matšoafo le ho ba le temoho?

12 Joalokaha Jehova a ile a sebelisa Abigaile ho thusa Davida hore a bone ka nģ’ane ho boemo, a ka sebelisa batho ba bang ho re thusa ho ba le monahano oa hae mabapi le taba e itseng. Kahoo, pele u sebetsana le boemo bo itseng bo u halefisang, bua le Mokreste ea holileng moeeng ea tla u thusa hore u shebe lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. (Liprov. 12:15; 20:18) Ka lehlakoreng le leng, etsisa Abigaile haeba u e-na le monyetla oa ho thusa motsoalle ea boemong bo tšoanang. Thusa motsoalle oa hao ho ba le pono ea Jehova mabapi le taba eo. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho thusa batho ba bang hore ba be le temoho le hore ba lule ba khobile matšoafo.

TŠEPA JEHOVA HA U TŠOENYEHILE

13. Ho ba le temoho ho ka re thusa joang hore re bone ka nģ’ane ho boemo bo re tšosang?

13 Ka linako tse ling, re tla tobana le maemo a tla re tšosa. Ho ba le temoho ho ka re thusa hore re bone ka nģ’ane ho boemo bo re tšosang ka hore re hopole hore maemo leha e le afe a tšosang a lefatše lena ha se letho ha a bapisoa le matla a maholo a Jehova. (Pes. 27:1) Jehova a ka re thusa boemong bo bong le bo bong, le boo ho bonahalang eka ha ho na tšepo. Thuto eo e bonahala ka ho hlaka bophelong ba moprofeta Jonase. E ne e le monna oa moea empa o ne a hloka ho ba le temoho e eketsehileng e le hore a atlehe ho phetha kabelo ea hae e thata.

14. Ke hobane’ng ha Jonase a ne a ka tšaba ho amohela kabelo eo Jehova a mo fileng eona?

14 Jehova o ile a fa Jonase kabelo e neng e tšosa, e leng ea ho ea Ninive ho ea phatlalatsa molaetsa oa kahlolo. (Jon. 1:​1, 2) U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u fuoe kabelo e joalo? Jonase o ile a tsamaea leeto le boima ho ea motseng oa Ninive o Asiria ’me leeto leo e ka ’na eaba le mo nkile khoeli. Baasiria e ne e le batho ba bohale ebile e le bo-ntoa-lumela. Ninive e ne e bitsoa “motse o tletseng tšollo ea mali.” (Nah. 3:​1, 7) Ho e-na le hore Jonase a amohele kabelo ena e tsoang ho Jehova, o ile a tšola tlhako morong.—Jon. 1:3.

15. Jonase o ile a thusoa ke eng hore a tšepe Jehova haholoanyane? (Jonase 2:​6-9)

15 Jonase o ne a ntse a le tseleng e balehang ha Jehova a mo hopotsa hore o matla hakae ka hore a pholose bophelo ba hae ka mohlolo. (Jon. 1:​15, 17) Jonase o ile a ithuta thuto ea bohlokoa. O ile a qala ho bona ka nģ’ane ho maemo a neng a tšosa a kabelo ea hae ea ho ea Ninive ’me a tsepamisa kelello tabeng ea hore Jehova a ka mo sireletsa kotsing leha e le efe. (Bala Jonase 2:​6-9.) Ha Jehova a mo fa monyetla o mong oa ho amohela kabelo ea hae, Jonase ha aa ka a baleha. O ile a ea Ninive ’me a phetha tšebeletso ea hae a ba a atleha.—Jon. 3:5.

16. Ho bontša temoho ho ka re thusa joang ha re tobana le maemo a tšosang? (Liproverbia 29:25) (Sheba litšoantšo.)

16 Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Ha re batle ho lumella letho, haholo-holo ho tšaba batho, ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. (Bala Liproverbia 29:25.) Ho bontša temoho ho ile ha thusa Jonase hore a bone ka nģ’ane ho mathata ao a neng a tla tobana le ’ona kabelong ea hae. Hape ho ile ha mo thusa hore a tsepamise kelello tabeng ea hore Jehova o tla mo tšehetsa. Le rona re batla ho sheba ka nģ’ane ho maemo a ka re tšosang, ’me re hopole hore na Jehova o ile a re thusa le ho re sireletsa joang nakong e fetileng. Re ka boela ra nahanisisa ka mehlala ea bara le barali ba bo rona ba ileng ba atleha ho tobana le maemo a tšosang kapa ba ileng ba itšetleha ka Jehova ha ba phetha likabelo tse tšosang. (Baheb. 13:6) E se eka re ka bontša temoho ka ho tšepa Jehova ka ho felletseng le ho thusa ba bang hore le bona ba mo tšepe.

Litšoantšo: 1. Moprofeta Jonase o ea a lebile likeiti tsa motse oa Ninive. 2. Mor’abo rona e mocha o tsamaea phasejeng ea sekolo ’me o pata-potiloe ke lintho tse ngata tse sa thabiseng Jehova. Lifolakha tse nang le mebala ea mookoli li behiloe hohle phasejeng. Moshanyana o tšoaroa ka mabifi ke moshanyana e mong.

Mohlala oa Jonase o re ruta hore ho bontša temoho ho ka re thusa ho amohela tataiso ea Molimo ’me ra atleha le maemong a thata (Sheba serapa sa 16)


TSOELA PELE HO BA LE TEMOHO LE HO E SIRELETSA

17. Re ka ba le temoho e eketsehileng joang?

17 Joalokaha re se bontšitse, ho bontša temoho ho ka re thusa hore re sebetsane le maemo a thata ka katleho. Re ka ba le temoho e eketsehileng joang? Jehova ke Mohloli oa bohlokoa ka ho fetisisa oa temoho, ’me o e fa barapeli ba hae a sebelisa Lentsoe la hae le moea oa hae o halalelang. (Neh. 9:20; Pes. 32:8) O re fa keletso eo re ka e sebelisang ho tataisa mehato ea rona le ho laola maikutlo a rona. (Pes. 119:​97-101) Kahoo, re tla ba le temoho ha re nahana ka hloko ka seo Bibele e se buang ’me re rapela Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang o matla. Sena se re thusa hore re be le setšoantšo se hlakileng ka boemo boo re tobanang le bona, ’me re tsebe hore na ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa ea ho sebetsana le bona e le hore seo re se buang le seo re se etsang se bonahatse monahano oa Jehova.—Liprov. 21:​11, nal.

18. U ikemiselitse ho etsa eng?

18 E se eka re ka tsoela pele ho batla le ho ananela temoho eo Jehova a re fang eona. (Pes. 14:2) Haeba re etsa joalo, re ke ke ra ‘kheloha tsela ea temoho.’ (Liprov. 21:16) Empa re tla ikemisetsa le ho feta hore re bontše temoho ka linako tsohle le maemong ’ohle. Ha re etsa joalo re “tla atleha.”

RE KA BONTŠA TEMOHO JOANG JOALOKA . . .

  • Naamane?

  • Davida le Abigaile?

  • Jonase?

PINA EA 42 Thapelo ea Mohlanka oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela