Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 April maq. 20-25
  • Ithute ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ithute ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BIBELE E HLALOSA HO TŠELISA JOANG?
  • RE KA TŠELISA BATHO BA BANG JOANG?
  • U LOKELA HO ETS’ANG HA U HLOKA HO TŠELISOA?
  • Tlhophiso e Entsoeng ho Khothatsa ba Sebeletsang Bethele
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ha ho Mohla re Leng Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Re ka Tšelisa Batho ba Kileng ba Hlekefetsoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 April maq. 20-25

LA 22-28 JUNE 2026

PINA EA 90 Le Khothatsane

Ithute ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

“Tšelisang [ba bang] . . . ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.”—2 BAKOR. 1:4. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka tšelisang batho ba bang kateng ka ho latela mohlala oa Jehova le oa batho ba mo etsisang.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšelisa batho ba bang?

KAOFELA ha rona re “utloisoa bohloko ke liteko tse fapaneng.” Kahoo, ka linako tse ling re hloka ho tšelisoa le ho khothatsoa. (1 Pet. 1:6) Re lokela hore re potlakele ho tšelisa batho ba hlahetsoeng ke mathata, feela joalokaha le rona re ananela ho tšelisoa ke batho ba bang. (Mat. 7:12) Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” o re bontša kamoo re ka ‘tšelisang ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe’ kateng. Re ka latela mohlala oa hae ka hore re “tšelisane.” (2 Bakor. 1:​3, 4; 1 Bathes. 4:18) Ha re etse sena hobane re tlamehile, empa hobane re rata Bakreste-’moho le rona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na (1) Bibele e hlalosa ho tšelisa joang, (2) re ka tšelisa batho ba bang joang, le (3) hore na re lokela ho etsa’ng ha re hloka ho tšelisoa.

BIBELE E HLALOSA HO TŠELISA JOANG?

2. Ka Bibeleng, “ho tšelisa” ho bolela eng?

2 Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšelisa” le ka bolela lintho tse fapaneng ho latela hore na le sebelisitsoe joang. Le ka bolela “ho khothatsa,” “ho phehella ka matla” kapa “ho susumetsa.” (Bar. 12:8) Tlhaloso e tobileng ea lentsoe lena ke “ho bitsa motho e mong hore a be ka lehlakoreng la hao e le ho u thusa.” Kahoo, re ka nahana ka motsoalle ea tlang ka potlako ho tl’o re thusa ha re le mathateng ka ho re fa eng kapa eng eo re e hlokang le ho re tšehetsa. Ho sa tsotellehe hore na motsoalle eo o re thusa joang, ho tšelisa motho e le kannete ho na le liphello tse tšoanang, e leng hore motho ea tšelisoang oa matlafatsoa le ho khothatsoa.

3. Barnabase o ile a beha mohlala o motle joang oa ho tšelisa batho ba bang? (Sheba setšoantšo.)

3 Nahana ka mohlala o hlahang ka Bibeleng oa Mokreste ea bitsoang Josefa. O ile a bontša bokhoni bo tsotehang ba ho khothatsa le ho tšelisa ba bang, hoo baapostola ba bang ba ileng ba mo bitsa Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.” (Lik. 4:36) Lebitso lena le ne le mo tšoanela hoo ho seng mohla a bitsoang Josefa hape ka Bibeleng. Maemong a fapaneng, ho ile ha hlaka hore Barnabase o phelela seo lebitso la hae le se bolelang, kaha o ne a lula a thusa balumeli-’moho le eena ha ba ne ba hloka thuso. Ka mohlala, ka mor’a hore morutuoa Saule ea neng a sa tsoa sokoloha a fihle Jerusalema, o ile a batla ho kopana le barutuoa ba moo. Leha ho le joalo, ba ne ba mo tšaba ka lebaka la botumo ba hae ba ho hlorisa Bakreste. Empa Barnabase o ne a tšepa Saule ’me o ile a mo tsebisa baapostola ba bang.—Lik. 9:​26-28.

Ka mosa Barnabase o isa Saule hore a il’o kopana le baapostola ba bang ha moapostola e mong. Baapostola ba sheba Saule ka ho mo belaella ha a ba atamela.

Barnabase o ile a phelela seo lebitso la hae le se bolelang (Sheba serapa sa 3)


RE KA TŠELISA BATHO BA BANG JOANG?

4. Ke mekhoa efe e meng e molemo ka ho fetisisa ea ho khothatsa batho ba bang? (Baroma 1:​11, 12)

4 Ba etele ha ho khoneha. Jehova o sebelisa bahlanka ba hae hore ba tšelise batho ba bang. Ka mohlala, ha moprofeta Elia a ne a nyahame, Jehova o ile a sebelisa lengeloi hore le mo khothatse. (1 Mar. 19:​4-7) Moapostola Pauluse le eena o ile a hlokomela matla a ho etela bana babo ka seqo e le hore a il’o ba khothatsa. (Bala Baroma 1:​11, 12.) Ha u etela motho, qeta nako le eena e le hore u ka mo tšelisa. (1 Bakor. 16:7) Haeba u sa khone ho etela motho ea hlokang thuso, u se ke oa khella fatše matla a ho mo letsetsa, ho mo ngolla lengolo, karete kapa molaetsa o tla mo matlafatsa. Lumella Jehova hore a u sebelise hore u khothatse batho ba bang.

5. Re ka lebella ho hlaheloa ke mathata afe?

5 Ha mehla ea bofelo e ntse e ba thata le ho feta, re ka lebella ho kopana le mathata a mangata ha re leka ho khothatsa bara le barali ba bo rona ka seqo. Ha Pauluse a ntse a tšoeroe Roma, Onesiforase ea neng a tsoa Efese, o ile a mo batla le hoja seo se ne se ka mo beha kotsing ea hore a tšoaroe kapa a bolaoe. (2 Tim. 1:​16-18) Lipaki tsa Russia li bontšitse moea o tšoanang ha bara le barali ba bo bona ba hlorisoa ka lebaka la tumelo ea bona. Ha Lipaki li isoa lekhotleng la linyeoe, bara le barali ba bo rona ba ba teng ka lekhotleng ho li tšehetsa, le hoja ho etsa joalo ho ka etsa hore ba tšoaroe. Mohlomong u ka latela mohlala oa bona oa ho ba sebete ka hore u ithute kamoo batho ba Molimo ba mehleng ea khale le ba mehleng ena ba ileng ba tšehetsana kateng le ho thaba ho sa tsotellehe ho hlorisoa.

6. Re ka etsisa Jehova joang ha re khothatsa batho ba bang? (Sheba setšoantšo.)

6 Ba mamele. Ha moprofeta Elia a utloa hore bophelo ba hae bo kotsing, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova. Molimo oa rona ea lerato o ile a mamela Elia ha a itlhalosa le hoja a ne a se a ntse a tseba hore na o tšoenngoa ke’ng. Jehova o ile a ba a mamela Elia ka mamello ha a ntse a pheta-pheta tsela eo a ikutloang ka eona. (1 Mar. 19:​9, 10, 14) Hape, Jehova o ile a lumella moprofeta Habakuke hore a hlalose lintho tse neng li mo tšoenya ka tsela e neng e ka bonahala eka o leka ho belaella matla a Molimo. (Hab. 1:​2, 3) Mehleng ena, Jehova o re mamela ka hloko ha re mo rapela le hoja a se a ntse a tseba hore na re hloka’ng. Re ka etsisa Jehova ka hore re mamele ka hloko le ka tlhompho ha bara le barali ba bo rona ba bua. Re lokela ‘ho potlakela ho utloa’ ha ba bua ’me re qobe ho ba kena hanong kapa ho lekeha, le haeba ba bua ntho e fosahetseng kapa ba ntse ba pheta-pheta ntho e le ’ngoe hangata.—Jak. 1:19; Moek. 7:9.

Morali oa bo rona o mametse ka mamello ha morali oa bo rona e mong ea tšoenyehileng a mo phetlela sefuba mantsiboea ho fihlela e ba bosiu.

Etsisa Jehova ka hore u mamele bara le barali beno ka hloko ha ba bua (Sheba serapa sa 6)


7. Re ka lemoha seo motho eo re mo tšelisang a se hlokang joang?

7 Lemoha hore na motho eo u mo tšelisang o hloka’ng. Re ke ke ra khona ho bona lipelo tsa batho joaloka Jehova, empa ntho feela eo re ka khonang ho e etsa ke ho lemoha hore na motho eo re mo tšelisang o hloka’ng haeba re mo mamela ka hloko. U se ke oa etsa qeto ea hore oa tseba hore na motho eo o hloka’ng hobane u tseba hore na uena u ne u tla hloka’ng ha u ne u le boemong ba hae. Kaofela ha re tšoane. Kahoo, nka nako, mamela ka hloko ’me u botse lipotso ka bohlale tse tla u thusa hore u utloe hore na ha e le hantle o ikutloa joang.—Liprov. 20:5.

8. Jesu o ile a tšelisa Maretha le Maria joang ka mor’a hore Lazaro a shoe? (Sheba litšoantšo.)

8 Nahana ka hore na Jesu o ile a tšelisa Maretha le Maria joang ka mor’a lefu la abuti oa bona Lazaro. Basali bana ba ne ba utloile bohloko haholo ka lebaka la lefu la abuti oa bona. Empa Jesu o ile a ba tšelisa ka litsela tse fapaneng. Ka mor’a hore Maretha a bue le Jesu, Jesu o ile a mo bolella ’nete ka tsoho ’me a mo thusa hore a matlafatse tumelo ea hae tokisetsong eo e lerato. Empa ha Maria a tla ho Jesu a ntse a lla, ho bonahala eka Jesu ha aa ka a bua ka tsoho. Ho e-na le hoo, o ile a lla le Maria ’me a mo botsa hore na Lazaro o patiloe hokae. (Joh. 11:​20-35) Re ithuta’ng? Ha re tšelisa batho ba utloileng bohloko, re lokela ho lemoha hore na ntho eo ba e hlokang ke efe, ho e-na le hore re tšelise motho e mong le e mong ka tsela e tšoanang.

Litšoantšo: Moholo o etela bara ba bo rona ba babeli ba hlokahalletsoeng ke balekane malapeng a bona. 1. Moholo o behile letsoho lehetleng la mor’abo rona ea ntseng a lla. 2. Moholo o balla mor’abo rona ea holileng lengolo ha ba ntse ba lutse ’moho ba shebile linepe.

Ha u tšelisa batho ba bang, loanela hore u hlokomele hore na ba hloka eng (Sheba serapa sa 8)a


9. Re ka sebelisa Bibele joang ho tšelisa batho ba bang? (Baroma 15:​4, 5)

9 Sebelisa Bibele. Ha u bua le motho ka ‘Mangolo a tšelisang,’ u ka mo thusa hore a boele a be le tšepo. (Bala Baroma 15:​4, 5.) Tšepo eo e ka mo khothatsa ea ba ea mo tšelisa. (Esa. 40:31) U ka fumana litemana kapa mangolo ao u ka tšelisang motho ka ’ona joang? Batho ba bang ba na le lethathamo la litemana tseo ba eang ho tsona ha ba li hloka, joaloka tse hlahang tlas’a sehlooho se reng “Ho Tšelisa” bukeng ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste. Kopa Jehova hore a u thuse hore u sebelise Lentsoe la hae ka tsela e molemo ka ho fetisisa eo u ka e khonang e le hore u khothatse motho. Moea oa hae o ka u thusa hore u hopole mangolo a loketseng ha u hloka ho tšelisa motho.—Joh. 14:26.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ka mosa ha re leka ho khothatsa batho ba bang?

10 Bua ka mosa. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšelisa” le ka boela la bolela “ho phehella ka matla,” kapa “ho susumetsa.” Ka linako tse ling, u ka ’na oa lokela ho phehella ka matla kapa ho susumetsa motho eo u mo tšelisang hore a lokise tsela eo a nahanang ka eona. Haeba ho hlokahala hore u etse joalo, nahana ka hloko e le hore mantsoe a hao a mo thobe maikutlo ho e-na le hore a mo utloise bohloko. (Liprov. 12:18) Jehova o re behetse mohlala o phethahetseng oa sena ha a ne a bua le Elia, ea neng a e-na le monahano o fosahetseng ka bohlokoa ba mosebetsi oa hae le hore na Baiseraele ba fetohetse Molimo hakae. Ka mosa, Jehova o ile a thusa Elia hore a lokise tsela eo a nahanang ka eona, ntle le hore a pepese phoso ea hae. (1 Mar. 19:​15-18) Le uena u ka etsa se tšoanang, empa u bua ka mosa le ka hloko. Haeba u fana ka puo kapa u arabela libokeng, lula u bua ka mosa le ka tsela e hahang ba bang ha u leka ho ba khothatsa le ho ba matlafatsa.

11. Hangata batho ba nang le mathata ba hloka eng? (1 Johanne 3:18)

11 Fana ka thuso e hlokahalang. Ha metsoalle ea rona e na le mathata, re ka ’na ra lokela hore re etse ho hong ho e thusa, ho e-na le hore re e bolelle lintho tse khothatsang feela. (Bala 1 Johanne 3:18.) Barnabase o re behetse mohlala o motle ha a ne a rekisa thepa ea hae ’me a nehela chelete eo hore e thuse bana ba bo rona ba neng ba sa tsoa kolobetsoa ba neng ba hloka thuso. (Lik. 4:​36, 37) Boholo ba Bakreste-’moho le rona mehleng ena ba etsisa mohlala ona o motle ka hore ba thuse batho ba hlokang. Morali oa bo rona Gabriela oa Poland, o ile a tšoenyeha a ba a utloa bohloko ha moroallo o senya ntlo ea hae. O re: “Ke ne ke tšohile haholo ke bile ke tšoenyehile. Le batsoali ba ka ba neng ba lula le ’na ba ne ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ke ne ke ipotsa hore na ke tl’o etsa’ng ho mamella boemo boo. Empa bana beso ba liphuthehong tse haufi ba ile ba tla ’me ba etsa mosebetsi o mongata oa ho lokisa ntlo ea rona ka letsatsi le le leng feela. Phihlelo eo e ile ea matlafatsa tumelo ea ka ea hore Jehova o tataisa batho ba hae e le hore ba tšelise ba nang le mathata.”

12. U ka thusa Bakreste-’moho le uena joang ka hore u mamelle ka botšepehi ha u hlaheloa ke liteko?

12 Mamella liteko. Moapostola Pauluse o ile a bolella Bathesalonika hore o ile a tšeliseha a ba a matlafala ha a utloa hore ba ile ba mamella ka botšepehi. O ne a tseba hore mosebetsi oa hae e ne e se oa lefeela. (1 Bathes. 3:​5-8) Pauluse le eena o ne a e-na le tšepo ea ho tšelisa bana babo ka liteko tse ileng tsa mo hlahela, esita le bao a neng a e-s’o kopane le bona. (Bakol. 2:​1, 2) Ka tsela e tšoanang, ha Bakreste-’moho le rona ba bona kamoo Jehova a re thusang kateng hore re mamelle mathata ka katleho, seo se ba khothatsa haholo.

13. Re lokela ho tsoela pele re etsa eng ha re khothatsa batho ba bang?

13 E ba le mamello. Bakreste-’moho ba nyahameng ba ka ’na ba se ke ba khothala hang-hang ha re ba tšelisa. Empa Mangolo a re bolella hore re “tsoele pele ho khothatsana.” (1 Bathes. 5:11) E-ba le mamello ha u ntse u tsoela pele ho tšelisa batho ba hlokang tšehetso. (1 Bathes. 5:14) Ke ’nete hore ka linako tse ling, kaofela ha rona re tla hloka hore re tšelisoe. Re ka etsa’ng haeba re hloka ho tšelisoa?

U LOKELA HO ETS’ANG HA U HLOKA HO TŠELISOA?

14, 15. Re lokela ho etsa eng haeba re tobane le mathata a re tšoenyang?

14 Rapela Jehova. Kopa Jehova hore a u tšelise ha u tšoenyehile kapa ha u e-na le mathata. (Pes. 94:19) Toba taba ha u rapela ’me u tšollele pelo ea hao ho Jehova. (Pes. 62:8) Ke ’nete hore Jehova o se a ntse a tseba hore na u ikutloa joang le pele u rapela. Empa ho mo bolella maikutlo a hao a ka hare-hare ho bontša hore u na le tumelo ’me Jehova a ke ke a hloleha ho arabela thapelo eo ea hao. (Mar. 11:24) Bafilipi 4:​6, 7 e re phehella hore ‘re mo kope ka tieo. Ha re etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa rona le menahano ea rona ka ho re fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.’

15 Kopa batho ba bang hore ba u thuse. Bolella motsoalle kapa moholo eo u mo tšepang hore na u ikutloa joang. Bara le barali beno e ka ba mohloli oa matšeliso empa ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na u ikutloa joang kapa hore na u hloka’ng ntle le hore u ba bolelle. (Liprov. 14:10) U ka ba kopa hore ba u mamele ha u ntse u hlalosa hore na u ikutloa joang kapa hore ba u fe lengolo kapa sehlooho se ka u tšelisang.

16. Bara le barali beno ba ka ’na ba etsa eng ha ba leka ho u khothatsa, empa u lokela ho hopola eng?

16 E ba le mamello ’me u tšoarele. Bara le barali beno ba ka ’na ba etsa liphoso ha ba leka ho u khothatsa. Ka mohlala, ba ka ’na ba bua kapa ba etsa ntho e u tetebetsang le ho feta, ho e-na le ho etsa hore u be betere. Haeba seo se etsahala, ba mamelle. (1 Bakor. 13:​4, 7) Hape hopola mantsoe a hlahang ho Jakobo 3:2 a reng: “Haeba motho a sa khopise batho ba bang ka seo a se buang, motho eo o phethahetse.” Tsepamisa kelello ea hao tabeng ea hore sepheo sa bara le barali beno ke ho u thusa. Hopola hore “pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.”—Mat. 26:41.

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

17 Kaofela ha rona re hloka ho tšelisoa le ho khothatsoa, ’me re tla hloka ho tšelisoa le ho khothatsoa le ho feta ha mehla ea bofelo e ntse e ba thata haholo le ha lira tsa Molimo li ntse li re hanyetsa ka matla. E se eka re ka ikemisetsa ka matla hore re khothatsane.

U KA RE’NG?

  • Ka Bibeleng, “ho tšelisa” ho bolela eng?

  • Re ka tšelisa batho ba bang joang?

  • Re ka etsa eng haeba re hloka ho tšelisoa?

PINA EA 130 Tšoarelanang

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Moholo o mametse ka qenehelo ha mor’abo rona ea sa tsoa hlokahalloa ke mosali a ntse a bua. Hamorao, moholo eo o etetse mor’abo rona ea hlokahalletsoeng ke mosali khale ’me ba hopola linako tse monate tseo ba bileng le tsona le eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela