LA 6-12 JULY 2026
PINA EA 98 Mangolo a Tsoa ho Molimo
Ke Hobane’ng ha Melao-motheo ea Bibele e le Bohlokoa?
“Le mo fe ’mele ea lona . . . joalokaha eka ke sehlabelo se halalelang . . . le be le mo sebeletse ka kelello eohle.”—BAR. 12:1.
NTLHA-KHOLO
Ho hlalosa hore na melao-motheo ea Bibele ke eng le hore na re ka e fumana joang ha re bala Bibele.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho thoe Bibele ke buka ea khale? (b) Ke hobane’ng ha Bibele e ntse e le molemo le mehleng ee?
HA SE kajeno Bibele e le teng. E qalile ho ngoloa hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, ’me e ile ea qetoa hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng. Ho ntse ho le joalo, “lentsoe la Molimo” lea phela ebile le na le matla le mehleng ena. (Baheb. 4:12; 2 Tim. 3:16, 17) Batho ba limilione kajeno ba latela keletso ea Bibele, ’me e ba thusa hore ba etse liqeto tse bohlale le ho thaba haholoanyane bophelong.
2 Empa ke hobane’ng ha buka ea khale tjee e ntse e le molemo le mehleng ee? Ho na le mabaka a mabeli a ka sehloohong. La pele, molaetsa oa Bibele o tsoa ho “Molimo ea phelang,” e leng ’Mopi ea bohlale ka ho fetisisa. (1 Tim. 4:10; Bar. 16:26, 27) La bobeli, tsela eo e ngotsoeng ka eona e re thusa ho fumana melao-motheo e sa felloeng ke nako. Melao-motheo ena e re tsoela molemo ho sa tsotellehe hore na re phela mehleng efe kapa hore na re tobana le mathata afe.
3. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?
3 Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse latelang. Melao-motheo ea Bibele ke eng? Ke hobane’ng ha e le bohlokoa hakaale bakeng sa rona mehleng ee? Re ka fumana melao-motheo joang ha re bala Bibele? Re tla boela re bone kamoo lithuto tsa Jesu li bontšang bohlokoa ba melao-motheo.
MELAO-MOTHEO EA BIBELE KE ENG?
4. Melao-motheo ea Bibele ke eng?
4 Melao-motheo ea Bibele ke linnete tse sa fetoheng tseo melao ea Molimo e thehiloeng ho tsona. E ka boela ea hlalosoa e le mabaka a entseng hore melao e be teng. Kahoo, melao-motheo e phahametse melao. E re thusa ho utloisisa haholoanyane tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Hape ha e fetohe ebile e tšoarella ka ho sa feleng. (Esa. 40:8) Empa melao e ka ’na ea lokela ho fetoha. E ka sebetsa maemong a itseng feela, e leng hore e ka behoa bakeng sa boemo bo itseng kapa nako e itseng. Jehova o na le lebaka le utloahalang la ho re fa melao. Empa melao-motheo e fumanoang melaong eo, e ka sebelisoa ka litsela tse ngata tse fapaneng le maemong a fapaneng ebile ha e felloe ke nako. (Pes. 119:111) Ka linako tse ling, molao ka booona e ka ba molao-motheo.—Mat. 22:37.
5. Re ka etsa mohlala ofe ho hlalosa phapang pakeng tsa melao le melao-motheo? (Sheba litšoantšo.)
5 Mohlala o latelang o ka re thusa hore re utloisise ka ho hlaka phapang pakeng tsa melao le melao-motheo. ’Mè a ka re ho ngoana oa hae ea monyenyane, ‘U se ke oa tšoara setofo.’ Ona ke molao kapa taelo. Molao-motheo kapa lebaka le etsang hore molao oo o be teng, ke hore ngoana a se ke a tšoara lintho tse chesang hobane o tla cha. Molao-motheo ona ha o felle feela tabeng ea setofo. O ka boela oa sebetsa le tabeng ea aene, hitara kapa ntho leha e le efe e chesang e ka lematsang motho. Hape ha o felle feela linthong tse sebelisoang ka lapeng. Ke ’nete hore ha ngoana a ntse a hola, o tla sebelisa setofo. Leha ho le joalo, o tla lokela ho ela hloko hore a se ke a se tšoara ka tsela e tla etsa hore a che. Kahoo, molao oo a o fileng ngoana o ka fetoha empa molao-motheo oona o ke ke oa fetoha.
Molao o ka fetoha, empa molao-motheo o molaong oo ha o fetohe (Sheba serapa sa 5)
KE HOBANE’NG HA MELAO-MOTHEO EA BIBELE E LE BOHLOKOA?
6. (a) Jehova o re fa eng ka Lentsoeng la hae? (b) Jehova o bontša joang hore o re siela seriti?
6 Kaha Jehova oa re rata, o re fa tataiso e tobileng a sebelisa melao e le hore re ka qoba lintho tse ka re lematsang. (Jak. 2:11) Ho ekelletsa moo, o re thusa hore re utloisise melao-motheo, kapa mabaka ao melao eo e thehiloeng ho ’ona. Jehova haa re fa melao bakeng sa boemo bo bong le bo bong, empa o sebelisa Lentsoe la hae ho re fa tataiso maemong a mangata a fapaneng bophelong. Melao-motheo ea Bibele e re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng e le hore re etse se nepahetseng leha ho se na molao. Jehova o re file melao-motheo ho bontša hore o re siela seriti ebile o re fa bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto tse bontšang hore rea mo rata ebile re rata le melao ea hae.—Bagal. 5:13.
7. Fana ka mohlala o bontšang bohlokoa ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele? (Sheba setšoantšo.)
7 Ho bontša kamoo melao-motheo ea Bibele e ka re tsoelang molemo kateng, nahana ka mohlala ona. Linaheng tse ling, ho na le matšoao litseleng tse kholo. Boholo ba matšoao ana ke melao e ka etsang hore re fuoe kotlo haeba re sa e latele. Matšoao ana a ka bontša lebelo leo mokhanni a sa lokelang ho le feta kapa hore na o lokela ho emisa koloi neng. Leha ho le joalo, boholo ba matšoao a mang a lemosa mokhanni ka likotsi tse ka hlahang. Ka mohlala, a ka mo lemosa hore tsela ea thella kapa ho na le liphoofolo tse ka fetang. Mokhanni ea nang le boiphihlelo o sebelisa temoho ha a bona matšoao a mo lemosang ka kotsi e ka mo hlahelang ’me o khanna ka tsela e sireletsehileng. Ka mohlala, haeba pula e na kapa lehloa le khetheha, o tla khanna ka tsela e bolokehileng maemong ana a kotsi. Ka tsela e tšoanang, le hoja Bakreste ba qoba ka ho felletseng boitšoaro boo Lentsoe la Molimo le bo hanelang, ba boetse ba qoba menahano leha e le efe kapa liketso tse ka etsang hore ba tlole melao ea Molimo. E le hore ba etse liqeto tse nepahetseng, ba lokela ho utloisisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona ka boemo boo ba leng ho bona.
Matšoao a mangata a tsela a lemosa mokhanni ka likotsi tseo a ka kopanang le tsona. Melao-motheo ea Bibele e ka re thusa ka tsela e tšoanang (Sheba serapa sa 7)
8. Ha re bala Bibele re lokela ho batla eng, hona seo se re ruta ho etsa eng? (Baroma 12:1, 2)
8 Ho na le melemo e meng e tlisoang ke ho batla melao-motheo ea Bibele le ho phela ka eona. Ka mohlala, re ithuta ho utloisisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona maemong a fapaneng. Ha re bala litlaleho tsa Bibele, re batlana le lithuto tseo re ka li sebelisang bophelong. Re ipotsa lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ile a kenyelletsa lithuto tsee ka Lentsoeng la hae? Li ka re tsoela molemo joang?’ Ha re etsa sena, re ithuta ho sebelisa “kelello [ea rona] eohle” ho sebeletsa Jehova. Re ipakela ka borona hore “thato ea Molimo e molemo, ea amoheleha hape e phethahetse.”—Bala Baroma 12:1, 2.a
9. Ke melemo efe e meng eo re e fumanang ha re phela ka melao-motheo ea Bibele? (Baheberu 5:13, 14)
9 Ho ithuta ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho re thusa hore re be Bakreste ba holileng moeeng. Ha re phela ka melao-motheo ea Bibele, kamano ea rona le Jehova ea matlafala. (Bala Baheberu 5:13, 14.) Bana ba banyenyane ba ka hloka lethathamo le lelelele la melao e le hore ba khone ho tseba hore na ba lokela ho etsa’ng maemong a fapaneng. Ba ka latela melao eo hobane feela ba tšohile hore ba tla fuoa kotlo. Empa Jehova o re tšoara joaloka batho ba baholo eseng joaloka bana. O tšepa hore re tla etsa liqeto tse tumellanong le thato ea hae ’me re thabise pelo ea hae.—Pes. 147:11; Liprov. 23:15, 26; 27:11.
RE KA FUMANA MELAO-MOTHEO EA BIBELE JOANG?
10. Re ka fumana melao-motheo ea Bibele joang?
10 Re fumana melao-motheo e etsang hore re utloisise tsela eo Jehova a nahanang le ho ikutloa ka eona ka boemo bo itseng ha re ithuta Bibele. Re ka boela ra fumana melao-motheo ha re nahana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha Jehova a entse melao e itseng. Ha re utloisisa mabaka ao haholoanyane, re tla utloisisa Jehova haholoanyane. Empa re lokela ho mo kopa hore a re thuse ho utloisisa tsela eo a nahanang ka eona. Hape re lokela ho ithuta ho nahanisisa ka ho teba ka seo re se balang. (Liprov. 2:10-12) Re ka ipotsa lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a fane ka molao oo? Haeba Jehova ha a amohele boitšoaro boo, o tla ikutloa joang ka boitšoaro bo tšoanang le bona? Ke ithuta’ng tlalehong ee ea Bibele, hona nka e sebelisa joang bophelong ba ka?’ Haeba feela re utloisisa mabaka le hore na re ithuta’ng melaong le litlalehong tsa Bibele, re tla khona ho etsa liqeto tse nepahetseng bophelong, e leng liqeto tse lumellanang le thato ea Jehova.
11. Thutong ea hae ea Thabeng, ke joang Jesu a ileng a bontša kamoo re ka fumanang melao-motheo ea Bibele? (Sheba setšoantšo.)
11 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a bontša kamoo re ka fumanang melao-motheo ea Bibele kateng. A re hlahlobeng mehlala e meraro. Boemong bo bong le bo bong, Jesu o ile a qala ka ho bua ka molao. Ka mor’a moo, o ile a hlalosa lebaka kapa molao-motheo o entseng hore molao oo o be teng. Ha re ntse re nahanisisa ka seo Jesu a se rutileng, re tla ithuta hore na re ka sebelisa melao-motheo ena joang mehleng ena. Ka nako e tšoanang, re tla hlokomela melemo e tlisoang ke ho sebelisa lithuto tseo bophelong ba rona.
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a bontša kamoo re ka fumanang melao-motheo ea Bibele e melaong eo Molimo a re fileng eona (Sheba serapa sa 11)
12. U fumana molao-motheo ofe ho Matheu 5:21, 22? (Sheba setšoantšo.)
12 Bala Matheu 5:21, 22. “U se ke oa bolaea.” Ho na le molao-motheo ofe molaong oo? Jehova ha a batle hore re hloee ba bang ebang ke ka liketso, ka mantsoe kapa ka monahano. Jesu o ile a bontša hore le hoja motho a ke ke a bolaea, o tla be a sa etse lintho tumellanong le lebaka le entseng hore molao oo o be teng haeba a hloile ngoan’abo. Haeba motho a ‘lula a halefetse ngoan’abo’ kapa a mo hlorisa ka mantsoe, motho eo ea hlorisang ngoan’abo o tla nkoa a le molato, ’me o tla lokela ho “ikarabella.” Ha e le hantle, boitšoaro le liketso tsena ke tsona tse ka qetellang li entse hore motho a bolaee.—1 Joh. 3:15.
13. Re ka sebelisa molao-motheo o ho Matheu 5:21, 22 joang bophelong ba rona? (Sheba setšoantšo.)
13 Re ka sebelisa molao-motheo o ho Matheu 5:21, 22 joang mehleng ee? Re lokela ho qoba ho jara ba bang ka pelo. (Lev. 19:18; Jobo 36:13) Hobane’ng? Hobane maikutlo ana a ka etsa hore re be le lehloeo le ka etsang hore re bue kapa re etse lintho tse ka utloisang ba bang bohloko. (Liprov. 10:12) Lintho tsena li akarelletsa ho seba le ho etselletsa motho, e leng se ka senyang botumo ba hae. (Liprov. 20:19; 25:23) Le pele ho ba le mecha ea puisano, li-blog, Inthanete, kapa li-app tse ling tsa melaetsa, Jesu o ile a fana ka molao-motheo o neng o lemosa Bakreste ka likotsi tse ka bang teng ha ba sebelisa mecha ena ea marang-rang mehleng ena. Leha ho le joalo, re lokela ho qoba ho bua batho ba bang hampe maemong ’ohle, kaha seo se ka senya seriti sa bona sa ba sa etsa hore batho ba bang ba ba hloee.
(Sheba serapa sa 12 le 13)
14. Ho na le molao-motheo ofe ho Matheu 5:27, 28? (Sheba setšoantšo.)
14 Bala Matheu 5:27, 28. “U se ke oa feba.” Ho na le molao-motheo ofe molaong oo? Jehova o hloile boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. O boetse o hloile le menahano e ka etsang hore motho a oele boitšoarong bo bobe. Jesu o ile a hlalosa hore haeba monna a sheba mosali eo eseng oa hae ka tsela e etsang hore a be le takatso bakeng sa hae, o se a entse sebe. Kahoo, re lokela ho qoba ho nahana ka boitšoaro bo bobe ka litsela tsohle, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata. (Mat. 5:29, 30) Molao-motheo ona o boetse oa sebetsa le ho Bakreste ba seng lenyalong.
15. Re ka sebelisa molao-motheo o ho Matheu 5:27, 28 joang mehleng ee? (Sheba setšoantšo.)
15 Re ka sebelisa molao-motheo o ho Matheu 5:27, 28 joang mehleng ee? Re lokela ho qoba ho lula re nahana ka boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (2 Sam. 11:2-4; Jobo 31:1-3) Ho hlakile hore Mokreste o tla qoba mefuta eohle ea pornography. A ke ke a re ha ho na phoso ho sheba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano hafeela a sa bo etse. Hape ha a leke ho ipehela lebaka la hore ho na le mefuta e meng ea pornography e seng kotsi eo a ka e shebang. Mehleng ea Jesu, ho ne ho se na lisebelisoa tsa elektronike, li-movie kapa lifoto. Leha ho le joalo, Jesu o ile a fana ka molao-motheo o re rutang kamoo Jehova a ikutloang kateng ka lintho tsena tseo re khonang ho li fumana lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike. Sena se re thusa ho utloisisa hore Jehova a ke ke a thaba ha re romellana melaetsa, livideo le litšoantšo tse litšila kapa re bua ka tsona fonong. Ho mamela molao-motheo ona ho thusa motho ea lenyalong ho qoba ho etsetsa molekane oa hae bolotsana. (Mal. 2:15) Ho boetse ho thusa Bakreste bohle ebang ke ba lenyalong, kapa ba seng lenyalong ho qoba ntho leha e le efe e ka etsang hore ba oele boitšoarong bo bobe bo amanang le thobalano.—Liprov. 5:3-14.
(Sheba serapa sa 14 le 15)
16. Ho na le molao-motheo ofe ho Matheu 5:43, 44? (Sheba setšoantšo.)
16 Bala Matheu 5:43, 44. “U rate moahisani oa hao.” Ho na le molao-motheo ofe molaong oo? Jehova o batla hore re nke batho bohle e le baahisani ba rona ’me re ba bontše lerato. Ka masoabi, Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ile ba sebelisa molao ona hampe. Ba ne ba nka hore o bolela hore ba ka hloea lira tsa bona. Empa Jesu o ne a tseba hore sena ha se sona se boleloang ke molao ona. O ne a tseba hore Ntate oa hae ea lerato ea leholimong o lebelletse hore re nke batho bohle e le baahisani ba rona, ho sa tsotellehe merabe kapa setso sa bona.—Mat. 5:45-48.
17. Ho sebelisa molao-motheo o ho Matheu 5:43, 44 ho ka re tsoela molemo joang bophelong? (Sheba setšoantšo.)
17 Re ka sebelisa molao-motheo o hlahang ho Matheu 5:43, 44 joang mehleng ee? Ho rata baahisani ho tla re susumetsa hore re qobe ho kenella lintoeng tsa lefatše lena. (Esa. 2:4; Mik. 4:3) Ho tla re thusa hore re tšoare batho ba bang ka mosa le hoja e le ba morabe, setso kapa ba bolumeli bo fapaneng. (Lik. 10:34, 35) Ho boetse ho tla re thusa hore re tšoarele ba bang ha ba re utloisitse bohloko kapa ba utloisitse batho bao re ba ratang bohloko.—Mat. 18:21, 22; Mar. 11:25; Luka 17:3, 4.
(Sheba serapa sa 16 le 17)
IKEMISETSE HO PHELA KA MELAO-MOTHEO EA BIBELE
18. (a) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?
18 Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o ikemiselitse ho re tšoara joaloka batho ba baholo, eseng joaloka bana! O batla hore re sebelise melao-motheo ea Bibele e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng kamehla. (1 Bakor. 14:20) Ha re ntse re etsa liqeto tseo, a re ikemisetseng ‘ho lula re utloisisa hore na thato ea Jehova ke efe.’ (Baef. 5:17) Re tla etsa liqeto tse tumellanong le thato ea Jehova hobane re mo rata eseng hobane re tšaba hore o tla re fa kotlo. Empa ho na le ntho e ’ngoe e tla re thusa ho etsa liqeto tse thabisang Jehova. Ke matsoalo a rona. Ke sona seo re tla bua ka sona sehloohong se latelang.
PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha
a Hangata Bakreste ba lokela ho hlahloba lintho ka hloko ha ba sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ho na le maemo a mangata bophelong moo Jehova a sa re fang melao eo re lokelang ho e latela. Re lokela ho utloisisa hore na melao-motheo ea Bibele e amana joang le boemo boo re leng ho bona le qeto eo re lokelang ho e etsa boemong boo. Re ka sebelisa bokhoni ba ho nahana boo Molimo a re fileng bona ho etsa liqeto tse leka-lekaneng tseo Jehova a tla li amohela le ho li hlohonolofatsa. Sena ke seo Bakreste ba bangata ba mehleng ea pele ba ileng ba tlameha ho ithuta sona. Pele e ba Bakreste, Bajuda ba ne ba latela melao e mengata e amanang le bolumeli, eo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba e behile.