Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 October maq. 12-17
  • Ananela Monyetla oa ho ba Karolo ea Mehlolo ea Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Monyetla oa ho ba Karolo ea Mehlolo ea Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO EKETSEHA HA BAKRESTE KE MOHLOLO
  • HO MOMAHANA HA BAKRESTE KE MOHLOLO
  • HO RATANA HA BAKRESTE KE MOHLOLO
  • NKA KAROLO EA HAO E LE EA BOHLOKOA
  • Ho ba Metsoalle e Haufi le Bakreste-’moho ho re Tsoela Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
  • ‘Jehova o Tla Etsa Hore re Thabe Haholo’
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
  • “Ea Tšepang Jehova oa Thaba”
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Molebeli oa Potoloho
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 October maq. 12-17

LA 14-20 DECEMBER 2026

PINA EA 143 Lulang le Sebetsa le Bile le Letile

Ananela Monyetla oa ho ba Karolo ea Mehlolo ea Kajeno

“Bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.”—JOH. 13:35.

NTLHA-KHOLO

Ho re thusa ho ananela tokelo ea ho ba karolo ea mehlolo e meraro eo Jehova a e etsang mehleng ena.

1, 2. (a) Mehlolo e meng e hlahang ka Bibeleng ke efe? (b) Mohlolo ke eng, hona re ka kenya letsoho joang ho oona? (1 Bakorinthe 3:9)

NAHANA hore na u ka be u hlolletsoe hakae ha u eme lebopong la Leoatle le Lefubelu ’me u bona Jehova a arola metsi a leoatle e le hore batho ba hae ba phonyohe lebotho la Baegepeta. Hape nahana hore na u ka be u ile oa thaba hakae ha u bona Jesu a folisa batho ba kulang a bile a tsosa bafu. Ena ke e meng ea mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng. Motho ofe kapa ofe ea pelo e ntle ea ileng a bona mehlolo ena a ka be a ile a kholiseha hore Molimo ke eena ea entseng hore e etsahale. (Mat. 15:31) Empa mehlolo ena e etsahetse khale haholo. Na le mehleng ee mehlolo e ntse e etsahala? E! Ke hobane’ng ha re ka cho joalo?

2 Mohlolo ke ntho eo motho a ke keng a khona ho e etsa ka matla a hae kapa ho e utloisisa ka ho felletseng. Ke ntho eo Jehova a e etsang ka matla a hae. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mehlolo e meraro eo Jehova a e etsang ka mokhatlong oa hae mehleng ena. Re ka re ke mehlolo hobane ke Jehova feela ea khonang ho e etsa. Ha re bua ka mohlolo ka mong, re tla bona hore na re ka ba “basebetsi-’moho” le Jehova joang ha a etsa mehlolo ena.—Bala 1 Bakorinthe 3:9.

HO EKETSEHA HA BAKRESTE KE MOHLOLO

3. Ke hobane’ng ha re ka re batho ba Jehova ba fetohile “sechaba se matla”? (Esaia 60:22) (Sheba setšoantšo.)

3 Lilemo tse ngata tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore bahlanka ba Molimo ba ne ba tla eketseha mehleng ena. (Bala Esaia 60:22.) Na boprofeta boo bo se bo phethahetse? Nahana ka sena: Ka 1914, batho ba sebeletsang Jehova ba ne ba ka ba 5 000. Empa ho tloha ka nako eo, “e monyenyane” o ile a fetoha batho ba ka holimo ho limilione tse robong ba sebeletsang Jehova. Palo eo e kholo ho feta ea batho ba lulang linaheng tse ka holimo ho 130. Ha ho e-s’o ka ho e-ba le batho ba bangata hakana ba tsebang le ho rata Jehova, ’me ba fumaneha linaheng tse 240 lefatšeng lohle. Le hoja batho ba Jehova ba le banyenyane ha ba bapisoa le ba malumeli a mang, ho hlakile hore boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 60:22 bo phethahetse. Kannete “e monyenyane” o fetohile “sechaba se matla.”

Litšoantšo: Kerafo e nang le litšoantšo e bontšang keketseho e bileng teng ea Lipaki Tsa Jehova ho tloha ho tse ka bang 5 000 ka 1914 ho ea ho tse ka holimo ho 9 000 000 ka 2026. 1. Senepe sa bara le barali ba bo rona ka 1914, ba eme ka ntle sebakeng seo ho neng ho tl’o bontšoa “Photo-Drama of Creation” ho sona. 2. Letšoele la batho kopanong ea machaba le shebelletse karolo ea “Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae.” 3. Mora le morali oa bo rona ba etsa bopaki ba teroli. 4. Morali oa bo rona oa kolobetsoa. 5. Sehlopha sa barali ba bo rona ba tsoang merabeng e fapaneng sea bososela ha se nka senepe kopanong ea setereke ea 2017 ea “Mamellang!

Ho tloha ka 1914, barapeli ba Jehova ba ile ba eketseha ka mohlolo (Sheba serapa sa 3)


4. Ke hobane’ng ha ho eketseha ha bahlanka ba Jehova e le ntho e makatsang?

4 Ho fapana le malumeli a mang a mangata, a eketsang lipalo tsa ’ona ka ho kolobetsa masea, rona ha re etse joalo. Hape ha re eketse lipalo tsa rona ka ho nyehlisa melao ea Molimo ea boitšoaro. Ho fapana le hoo, re ile ra ithuta Bibele ’me ra etsa hore bophelo ba rona bo lumellane le lithuto tsa eona. Taba eo e bolela hore ba bangata ba rona, re ile ra tlameha ho etsa liphetoho tse ngata tseleng eo re nahanang le ho itšoara ka eona. (1 Bakor. 6:​9-11) Ka mor’a ho etsa liphetoho tseo, re ile ra tšoaneleha ho ba baboleli ba ’Muso eaba re memela batho ba bang borapeling ba ’nete. Ha nako e ntse e ea, re ile ra inehela ho Jehova, ra mo tšepisa ho etsa thato ea hae ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng ’me ra kolobetsoa.—Mat. 28:​19, 20.

5. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lebelle eng?

5 Ho eketseha ha rona ke mohlolo hobane ke Jehova ea etsang hore ho khonehe. Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore motho e be morutuoa oa hae. O ile a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso ’me a ’ne a ntatele.” (Mat. 16:24) Taba ena e bolela hore balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho ikemisetsa ho hlorisoa kapa ho shoa ka lebaka la ho lumela ho eena. Ka mohlala, Jesu o ile a bolella balateli ba hae esale pele hore ba ne ba tla isoa ka pel’a babusi le marena. (Mat. 10:​17, 18) O ile a boela a ba lemosa hore ba ne ba tla hanyetsoa ke baeta-pele ba matla ba bolumeli. (Joh. 16:2) Jesu o ile a re ka linako tse ling ba bang ba ne ba tla hlorisoa ke ba malapa a bobona ka lebaka la borapeli bo hloekileng.—Mat. 10:​34-36.

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba sa ka ba khaotsa ho bolela le hoja ba ne ba hanyetsoa?

6 Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, batho ba ile ba hlorisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka sehloho. Nakoana ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba leka ho emisa mosebetsi oa boboleli o neng o etsoa ke barutuoa ba hae. Baapostola ba ile ba tšoaroa eaba ba isoa Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda. Baeta-pele bao ba bolumeli ba ile ba leka ‘ho bolaea’ baapostola. Leha ho le joalo, Mofarisi ea bitsoang Gamaliele o ile a ba lemosa a re: “Le se ke la kena-kenana le banna bana, le ba tlohele. Haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke oa batho, o ke ke oa atleha empa haeba ke oa Molimo, le ke ke la khona ho ba hlola, ho seng joalo le ka iphumana le loantša Molimo.” (Lik. 5:​33, 34, 38, 39) Ho ka etsahala hore ebe Gamaliele o ne a sa hlokomele hore o buile ’nete e tsoileng matsoho. Ka mor’a hore baapostola ba lokolloe, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ’na ba ba loantša. Empa barutuoa bao ba tšepahalang ha baa ka ba khaotsa ho bolela, ho e-na le hoo Bakreste ba ile ba e-ba bangata le ho feta. (Lik. 6:7) Lebaka e ne e le lefe? Molimo o ne a thusa batho ba hae ho mamella le ho eketseha ho sa tsotellehe khanyetso.—Lik. 1:8.

7. Barutuoa ba Jesu ba etsisa mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo joang mehleng ee? (Sheba lebokose le reng “Keketseho ho sa Tsotellehe Mahloriso.”)

7 Kajeno batho ba likete ba thabela ho ithuta ’nete ka Jehova le ho mo sebeletsa, le hoja ba lahloa le ho hlorisoa ke ba malapa, basebetsi-’moho le batho ba bang. Ke hobane’ng ha barutuoa baa ba bacha ba khetha “ho mamella mahloriso”? (Mat. 16:24) Ke hobane ba rata Jehova ebile ba tšepa tšepiso ea hae ea hore o tla ba hlokomela. Kahoo, Jehova o ba fa “matla a sa tloaelehang” e le hore ba mamelle. (2 Bakor. 4:​7-9) Ha ba hanyetsoa ke ba malapa, ba ikutloa joaloka mopesaleme ha a ne a re: “Leha ’Mè le Ntate ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pes. 27:10) Taba ea hore batho ba bangata hakana e ba barutuoa ba Jesu ho sa tsotellehe mathata ao ba kopanang le ’ona, kannete ke mohlolo.

Keketseho ho sa Tsotellehe Mahloriso

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa eketseha ka mohlolo nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše le hoja li ne li hlorisoa. Ofisiri e ’ngoe ea Manazi e ile ea re: “Ha u hlorisa Lipaki, li eketseha le ho feta.”

Nahana ka se ileng sa etsahala Netherlands hona nakong eo. Buka ea Selemo (ea Senyesemane) ea 1986 e re: “Ho sa tsotellehe ho tšoaroa, ho kenngoa literonkong, ho isoa likampong tsa mahloriso le ho le ho bolaoa ke ba lireng, palo ea baboleli ba ’Muso e ile ea eketseha ka liphesente tse 115 ka lilemo tse peli feela, ’me ea finyella palo e ncha ea bahoeletsi ba 1 379 ka 1943. . . . Jehova o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ka ho etsa hore ba eketsehe tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa.”

8. Re kenya letsoho joang mohlolong oa keketseho?

8 Nako le nako ha re bua ka Jehova, re sebetsa le eena le Jesu ha ba etsa hore ho be le keketseho ka mohlolo. Ba lula ba re tšehelitse. Jesu o re file tšepiso ena: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.” (Mat. 28:20) Ho ekeletsa moo, mangeloi aa re thusa ha re bolela litaba tse monate.—Tšen. 14:​6, 7.

HO MOMAHANA HA BAKRESTE KE MOHLOLO

9, 10. Boprofeta bo ho Mikea 2:12 bo phethahala joang mehleng ee?

9 Moprofeta Mikea o ile a bolela esale pele ka mohlolo o mong oo re o bonang mehleng ena, e leng tsela e hlollang eo batho ba Molimo ba momahaneng ka eona. Jehova o ile a mo susumetsa ho bua ka batho bao a neng a tla ba bokella ’me ba momahane. (Bala Mikea 2:12.) Kajeno, batho ba Molimo ba phethahatsa boprofeta boo ka hore ebe ba momahane le hoja ba na le botho bo fapaneng ebile ba tsoa libakeng tse fapaneng. Ba ikutloa joaloka mopesaleme Davida, ha a ne a re: “Ho hotle ebile ho monate ha bana ba motho ba lutse hammoho ba momahane.”—Pes. 133:1.

10 Mehleng ena, ho momahana ha rona ho bonahala ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, re thabela ho fumana thuto e tšoanang libokeng, likopanong tsa potoloho le tsa setereke. Lipaki Tsa Jehova tse tsoang libakeng tse fapaneng le merabeng e fapaneng li sebetsa mahetla a bapile liprojekeng tsa kaho le makaleng a Bethele lefatšeng lohle. Re momahane e le kannete, ha re aroloe ke setso, maemo a lichelete kapa lipolotiki. Nahana ka taba ena: Lelapa labo rona le lerato le lula le ikemiselitse ho re tšehetsa moeeng le ho re thusa ka lintho tseo re li hlokang, ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ha ho e-s’o ka ho e-ba le batho ba bangata hakana ba tsoang libakeng tse fapaneng ba lekang ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona le ho etsa lintho ka tsela e tla mo thabisa.

11. Ke hobane’ng ha re ka re ho momahana ha rona ke mohlolo?

11 Ho momahana ha rona ke mohlolo hobane re phela lefatšeng le tletseng likarohano. Lefatšeng lohle, batho ba arohane ka litsela tse ngata tse fapaneng. Litlaleho tsa litaba li tletse ka lintoa, merusu, mehoanto le borabele. ’Nete ke hore lefatše le tletse ka mathata a mangata. Joalokaha Bibele e bontšitse esale pele, batho e tla “ba sa tšepahaleng, . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle . . . ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang.” (2 Tim. 3:​2-4) Le hoja “lefatše lohle le busoa ke Satane” le bademona ba hae, rona re tsoela pele ho momahana le ho feta. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:9) Kannete, ona ke mohlolo!

12. Re ka kenya letsoho joang hore batho ba Molimo ba lule ba momahane?

12 Re ka kenya letsoho hore mokhatlo oa Jehova o tsoele pele o momahane. Joang? Ka hore re mamele ka hloko le ho sebelisa lintho tseo Jehova a re rutang tsona. Lithuto tseo re li fumanang ka Lentsoeng la hae li re thusa hore re bontše mamello, ho tšoarela ba bang, ho qoba ho ngangisana le ho ba mosa. (Baef. 4:​2, 31, 32) Nako le nako ha re iphapanyetsa phoso ea Mokreste-’moho, re ithiba hore re se ke ra seba le ha re tšoarela ba bang, re sebetsa hammoho le Jehova ho finyella mohlolo ona ka hare ho mokhatlo oa hae.

HO RATANA HA BAKRESTE KE MOHLOLO

13. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša joang hore baa ratana? (Johanne 13:35)

13 Jesu o ile a re batho ba ne ba tla bona barutuoa ba hae ka tsela eo ba ratanang ka eona. (Bala Johanne 13:35.) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bonahatsa lerato lena ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ba ne ba arolelana lintho tsa bona le batho ba hlokang. (Lik. 2:​44, 45) Ba ne ba tšehetsa ba hlorisoang. (Lik. 12:5) Ba hlokomela likhutsana le bahlolohali. (Jak. 1:27) Hape le hoja ba ne ba futsanehile, ba ile ba romela chelete ho Bakreste ba bang ba hlokang. (2 Bakor. 8:​1-4) Mongoli e mong oa lekholong la bobeli la lilemo ea bitsoang Tertullian o ile a qotsa mantsoe ana ao batho ba bang ba ileng ba a bua ka Bakreste ba mehleng ea baapostola: “Bonang . . . kamoo ba ratanang kateng [le] kamoo ba ikemiselitseng ho shoa bakeng sa Bakreste ba bang.”

14. Batho ba Molimo ba bontša lerato ka litsela life mehleng ee? (Sheba litšoantšo.)

14 Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, batho ba Molimo mehleng ena ba ratana haholo. Re boetse re bontša hore re rata batho bao eseng Lipaki ka ho ba bolella litaba tse monate. E le ho tšehetsa mosebetsi ona, re ntša monehelo. Ha ho na motho ea re kopang kapa ea re qobellang hore re etse joalo, ebile ha rea lebelloa ho ntša karolo ea leshome. Lerato le boetse le re susumelletsa ho thusa bara le baralib’abo rona ha ba hloka thuso.a Ho ekelletsa moo, re etsa sohle seo re ka se khonang ho thusana, e le hore re lule re khobile matšoafo, re thabile ebile re le haufi le Jehova. Taba ena e lumellana le keletso eo moapostola Pauluse a ileng a fana ka eona, e reng: “Le tšelise ba nyahameng, le tšehetse ba fokolang le be le mamelle bohle.” (1 Bathes. 5:14) Jehova o re huletse ka har’a lelapa la lefatše lohle la bara le barali ba bo rona ba ratanang e le kannete ba bileng ba ratang le batho ba bang.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba bonahatsa lerato. 1. Banyalani ba fa mong’a ntlo makasine ea “Molula-Qhooa” ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. 2. Ntate o thusa mora oa hae ho tšela chelete ka lebokoseng la monehelo Holong ea ’Muso. 3. Mor’abo rona o fa morali oa bo rona ea hlokang metsi.

Batho ba Molimo ba ratana e le kannete ebile ba rata batho ba bang (Sheba serapa sa 14)


15. Ke hobane’ng ha re ka re tsela eo re ratanang ka eona ke mohlolo?

15 Lerato la batho ba Molimo ke mohlolo hobane ba le bontša lefatšeng le tletseng boithati. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore mehleng ena, batho ba ne ba tla ‘icheba bobona, ba rate chelete ba be ba rate menate.’ Ba ne ba ke ke ba rata Molimo, ’me ba ne ba ke ke ba ba le lerato, esita le ho ba malapa a bona. (2 Tim. 3:​2-4) Jesu o ile a bolela esale pele hore batho ba ne ba ke ke ba tšepahallana le hore ba ne ba tla hloeana. O ile a boela a re: “Batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:​10, 12) Ha u sheba boemo ba lefatše lee, na ha u lumellane le mantsoe aa? Lerato le teng har’a batho ba Jehova le susumetsoa ke matla a hae. Kannete ke mohlolo!

16. Re ka bontša ka litsela life hore rea ratana?

16 Re bontša lerato ha re babatsa batho ba bang ho tsoa pelong ha ba re behela mohlala o motle, le ha re sebetsa ka thata ho etsa hore re lule re e-na le khotso le bona. (Mar. 9:50) Ha re lula re bontša lerato ka lipuo le ka liketso, re bonahatsa tšobotsi e re khethollang hore re batho ba Molimo. Hape ha re bontša lerato, re sebetsa le Jehova ha a etsa mohlolo ka hare ho mokhatlo oa hae.

NKA KAROLO EA HAO E LE EA BOHLOKOA

17. Ke eng e u kholisang hore Jehova o etsa mehlolo mehleng ee?

17 Keketseho, momahano le lerato tse teng ka hare ho mokhatlo li bontša hore Jehova o etsa mehlolo mehleng ena. Le hoja batho ba bangata lefatšeng ba re hanyetsa, palo ea rona e ntse e eketseha. Lefatšeng lena leo batho ba arohaneng ka litsela tse ngata, rona re momahane. Hape le hoja re phela lefatšeng le se nang lerato, tsela eo re ratang Jehova ka eona le batho ba bang ea re khetholla hore re barutuoa ba ’nete ba Kreste. (Joh. 13:34) Ha re bashebelli feela, empa “re basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakor. 3:9.

18. Mehlolo eo Jehova a e etsang e lokela ho etsa hore re ikutloe joang?

18 Ke mang ea neng a ka nahana hore ho na le nako eo ka eona, batho ba tsoang linaheng tsohle tsa lefatše ba neng ba tla momahana, ba eketsehe ba be ba ratane le hoja ba phela lefatšeng lee le tletseng mathata? Ke eona ntho e etsahalang mehleng ena. Mehlolo ena e re kholisa le ho feta hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae nakong e tlang. (2 Pet. 3:13) Lula o ananela tokelo eo u nang le eona ea ho kenya letsoho mehlolong eo Jehova a e etsang.

RE KA ETSA’NG HORE RE BE KAROLO EA MEHLOLO EE E LATELANG . . .

  • ho eketseha ha Bakreste?

  • ho momahana ha Bakreste?

  • ho ratana ha Bakreste?

PINA EA 154 Lerato la ’Nete

a Ka mohlala, sheba sehlooho se reng, “Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—‘Rea Bona Hore Jehova oa re Rata’” ho jw.org/st.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela