Albania
ALBANIA ke naha e nyenyane e nang le pale e telele. Ke naha eo ho eona ho ’nileng ha lula merabe le lichaba tse fapa-fapaneng, ea tsekoa ke mebuso e meholo ea lefatše, ’me ea qeta lilemo tse mashome e khaotse maqhama le linaha tse ling. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tobana le mathata le mahlomola a mangata mona, Jehova Molimo o ile a li hlokomela le ho li hlohonolofatsa ka hore borapeli ba tsona bo atlehe ka tsela e thabisang. Sehloohong sena re tla pheta ka bokhutšoanyane pale ea tsona e monate re be re bontše kamoo “letsoho la Jehova” le ileng la tšehetsa bahlanka ba hae ba ikokobelitseng naheng ena.—Lik. 11:21.
Linaha tse ling li ’nile tsa tseka Albania ka lilemo tse makholo, ka lebaka leo, ha e-ba le liqhoebeshano tsa bolumeli. Mathoasong a lilemo tsa bo-1500 ho ne ho e-na le malumeli a sa tšoaneng sebakeng sena, batho ba bang ba re ke Mamosleme, ba bang ba re ke Maorthodox, ’me ba bang ba re ke Mak’hatholike.
Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1800 batho ba bangata ba Albania ba ne ba batla hore naha ea habo bona e ipuse, kahoo ha thehoa mekhatlo e mengata ea batho ba nang le moea oa bochaba. Batho ba bangata ba Albania ba ne ba le kojoana li mahetleng, ’me ba bangata ba re bofutsana bona bo bakiloe ke hore ebe linaha tse ling li ile tsa itšunya-tšunya litabeng tsa Albania ka lilemo tse ngata. Lilemong tsa bo-1900, batho ba bangata ba ne ba lapetse tokoloho le boipuso e leng se ileng sa etsa hore Albania e loane le Greece, Serbia le Turkey. Albania e ile ea qetella e ipusa ka 1912.
Hamorao leano la ’muso la ho felisa bolumeli le ile la bonahala le atleha. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ’muso oa Makomonisi o ile oa thibela malumeli ’ohle ’me oa phatlalatsa hore Albania ke naha ea pele eo batho ba eona ba sa lumeleng ho Molimo.
‘HO AMOHELA ’NETE KA THABO’
Pele ho 56 C.E., moapostola Pauluse o ile a bolela hore eena le bo-mphato’a hae ba ile ba bolela litaba tse molemo ka ho phethahetseng “ho ea fihla Ilyrikame,” e leng profinse ea Roma e neng e akarelletsa sebaka seo kajeno e leng Albania. (Bar. 15:19) Ho ka etsahala hore batho ba bang ba sebaka seo e ile ea e-ba Bakreste ba ’nete ka nako eo, hobane ho latela libuka tsa histori, batho ba Albania e ile ea qala ho ba Bakreste lekholong la pele la lilemo.
Ka 1921 ho ile ha utloahala ka lekhetlo la pele hore ho na le barapeli ba ’nete sebakeng sena ha John Bosdogiannis a ngolla Bethele e Brooklyn a le Kreta ka taba ea ho etela sehlopha sa liithuti tsa Bibele se Ioannina, eo hona joale e leng karolo ea Greece leboea. Ka nako eona eo, Maalbania a mangata a ile a lula New England, United States, ’me a ne a akarelletsa Thanas (Nasho) Idrizi le Costa Mitchell. Hang ka mor’a hore ba ithute ’nete, ba ile ba kolobetsoa. Mor’abo rōna Idrizi o ile a khutlela Gjirokastër, Albania ka 1922, ’me ke eena Moalbania oa pele ea ileng a khutlela naheng ea habo a tseba linnete tsa Bibele. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hobane a ile a itela, ’me batho ba amohela molaetsa oa hae. Maalbania a mang a lulang Amerika a amohetseng linnete a ile a mo sala morao. Ho sa le joalo, Costa Mitchell o ile a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tšimong ea Maalbania e Boston, Massachusetts, U.S.A.
Sokrat le Thanas Duli (Athan Doulis) ba hlahetse Albania empa ba ile ba isoa Turkey esale bashanyana. Sokrat o ile a khutlela Albania ka 1922. Selemong se latelang Thanas le eena o ile a khutlela hae a le lilemo li 14 ho ea batla moholoane oa hae. O re: “Ha ke fihla hae, ha kea ka ka fumana moholoane oa ka hobane o ne a sebetsa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 200. Empa ke ile ka fumana Molula-Qhooa, Bibele le libuka tse supileng tsa Studies in the Scriptures, hammoho le lipampitšana tsa lihlooho tsa Bibele. Ha ho potang hore esita le sebakeng seo sa mahaeng se lithaba, ho ne ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tse mafolofolo tse kileng tsa ea Amerika eaba li khutlela hae li e-na le tsebo ea Bibele li bile li e rata.” Ha ba qetella ba kopane, Sokrat—eo ka nako eo e neng e se e le Seithuti sa Bibele se kolobelitsoeng—o ile a ruta moen’ae, Thanas, ’nete.
Ka 1924, ofisi ea Romania e ile ea abeloa hore e tsamaise mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tšimong ea Albania e neng e sa tsoa qala ho sebetsoa. Le hoja mosebetsi oa boboleli o ne o e-s’o name, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1925, o ile oa re: “Buka ea The Harp of God, bukana ea The Desirable Government le ea The World Distress li ile tsa fetoleloa ka Sealbania tsa ba tsa hatisoa . . . Ho ile ha tsamaisoa libukana tse ngata ’me Maalbania a amohela ’nete ka thabo.”
Ka nako eo, Albania e ne e tsekolotsoe ke liqhoebeshano tsa lipolotiki. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ka bahlanka ba Jehova? Thanas o re: “Ka 1925 ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo Albania, hammoho le Liithuti Tsa Bibele tse qalikaneng.” O ile a boela a hlokomela hore kamoo ba ratanang kateng, ba fapane hōle le baahelani ba bona ba loantšanang, ba iphahamisang le ba hlōlisanang. Le hoja batho ba bangata ba Albania ba ne ba tloha naheng ea habo bona, ba bang ba neng ba ithutile ’nete ba ne ba khutla ba ikemiselitse ho ruta beng ka bona ka ’Muso oa Kreste o neng o sa tsoa hlongoa.
Ka nako e tšoanang, ka Sontaha hoseng ho ne ho fanoa ka lipuo tsa phatlalatsa ka Sealbania motseng oa Boston, ’me li mameloa ke batho ba ka bang 60. Batho ba neng ba e-ba teng e ne e e-ba liithuti tse nkang lintho ka ho teba, li bala le ho hlahloba Studies in the Scriptures. Li ne li ithuta ka hloko buka ea The Harp of God ho sa tsotellehe liphoso tse itseng tse bileng teng ha e fetoleloa. (Ka mohlala, qalong sehlooho sa eona se ne se fetoletsoe e le Katara ea Molimo.) Leha ho le joalo, buka ena e ile ea thusa Maalbania a mangata hore a ithute ’nete ea Bibele ’me a be le tumelo e matla.
“LE SE KE LA BA TŠOENYA!”
Ka 1926, Molula-Qhooa o ile oa bolela hore Albania ho bile le batho ba 13 Sehopotsong sa lefu la Kreste. Buka ea Selemo ea 1927 (ea Senyesemane) e ile ea re: “Ho na le baena ba leshome le metso e mehlano feela Albania ba inehetseng, ’me ba etsa sohle se matleng a bona hore ba hase molaetsa oa ’muso.” Ha e tsoela pele e re: “Ho na le baena ba Maalbania ba ka bang mashome a mararo Amerika ba inehetseng, ’me ba amehile ka ho ruta batho ba habo bona ’Nete.” Barab’abo rōna ba 15 ba Albania ba ile ba thaba ha Sehopotsong sa 1927 ho e-ba le batho ba 27, e leng palo e menang ea ba bileng teng selemong sa 1926 ka makhetlo a fetang a mabeli.
Ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1920, ho ne ho ntse ho e-na le merusu e mengata ea lipolotiki Albania. ’Muso oa mobishopo oa Moorthodox ea bitsoang Fan Noli o ile oa e-ba litulong ka nakoana, eaba Mopresidente Ahmed Bey Zogu o ketola ’muso oo. O ne a re ’musong oa Albania ke eena ea nang le tokelo ea ho etsa liqeto hobane ke eena Morena Zog I.
Ka 1928, Lazar Nasson, Petro Stavro, le bara ba bang babo rōna ba babeli ba ile ba tloha United States ba ea Albania ho ea bontša batho “Photo-Drama of Creation.” Ka nako eona eo, moprista e mong oa K’hatholike le oa Orthodox ba neng ba tsoa United States le bona ba ne ba le Albania, ba etetse Morena Zog I.
Moprista oa K’hatholike o ile a lemosa Zog a re, “Hlokomela! Ho na le batho ba tsoang Amerika ba tlil’o u bakela mathata.”
Leha ho le joalo moprista oa Orthodox o ile a mo hanyetsa. O ne a tseba barab’abo rōna hobane ho e-na le ba neng ba sa tsoa itokolla kerekeng ea hae e Boston. O ile a re ho Zog: “Haeba Maalbania ’ohle a ne a ka tšoana le batho bana, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore u notlele ntlo ea hao ea borena!”
Eaba Zog o re: “Ba tloheleng, ’me le se ke la ba tšoenya!”
Selemong sona seo, buka ea Songs of Praise to Jehovah e ile ea hatisoa ka Sealbania, Boston. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba Albania ba ile ba qetella ba tseba morethetho oa lipina tseo le mantsoe a tsona. Lipina tse peli tseo ba neng ba li rata haholo e ne e le e reng, “Mohlatsoana, le se ke la Tšaba” le e reng “A re Eeng Mosebetsing!”—’me li ile tsa matlafatsa barab’abo rōna lilemong tse mahlonoko tse ileng tsa latela.
Maalbania a mangata a toba taba ha a bua, ’me a rata motho ea buang a sa hlathe koana le koana. Seo batho ba bang ba ka ’nang ba nka hore ke ho hlabana ka mantsoe, hangata Maalbania a nka e le moqoqo o tloaelehileng le o monate. Ha Moalbania a hlile a kholisehile ka taba e itseng, o ba sehlahlo ha a bolella batho ba bang ka eona, empa ha a felle moo hobane tsela eo a buang ka eona le eo a etsang lintho ka eona e bontša hore o lumela hore seo ke ’nete. Ka sebele botho bona bo susumelitse tsela eo ba itšoarang ka eona ha ba utloa litaba tse molemo.
HA HO SENYEHA KE HA HO LOKA
Maalbania a mangata a ile a tsoa ka har’a naha ka lebaka la mathata a lipolotiki le a moruo a neng a ntse a e-hloa mekoalaba, ’me a mang a ’ona a ne a ithuta ’nete ha a le New England le New York. Hohle moo Maalbania a neng a le mangata, boholo ba ’ona bo ne bo amohela ’nete. Kaha barab’abo rōna ba ne ba labalabela ho ba le lingoliloeng tse eketsehileng, ba ile ba thaba ha ba fumana bukana ea Kingdom le ea The Crisis ka Sealbania.
Ka nako eona eo, ba boholong Albania ba ne ba nkile lingoliloeng tse ling tsa rōna ka mahahapa. Leha ho le joalo, ka 1934, ha Bulletin (eo hona joale e leng Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) e bua ka Albania e ile ea re: “Re le ngolla ka thabo e khōlō ho le bolella hore Letona la Toka le sa tsoa ntša taelo e eang liprofinseng tsohle ea hore ho tloha hona joale re ka aba lingoliloeng tsa rōna ka bolokolohi . . . Libuka le libukana tsohle tse ileng tsa nkoa ka mahahapa ke bo-’maseterata ba fapa-fapaneng li khutliselitsoe ho baena . . . Joale baena ba supileng ba hirile koloi ’me ba isa libuka metseng e hōle ha baena ba bang ba sebetsa libakeng tse haufi.” Ka lebaka leo, ka 1935 le 1936, barab’abo rōna ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse fetang 6 500!
“HO LUMELOA HORE HA HO NA PUO E KILENG EA HASOA LIBAKENG TSE NGATA HAKAALO”
Mathoasong a 1936, koranta ea Brithani e bitsoang Leeds Mercury e ile ea re: “Moevangeli ea bitsoang Judge Rutherford o tla fana ka puo Los Angeles ’me ho lumeloa hore ha ho na puo e kileng ea hasoa libakeng tse ngata hakaalo.” J. F. Rutherford, eo ka nako eo a neng a etella pele mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne a le mothating oa ho fana ka puo e neng e tla hasoa United States eohle le Great Britain ka lirojaroja ’me e ne e tla boela e hasoe linaheng tse ’maloa tsa Europe. Koranta eo e ile ea phetha ka ho re: “Ho na le Naha e le ’ngoe feela ea Europe eo ho hang baahi ba eona ba ke keng ba khona ho utloa puo eo. Naha eo ke Albania, hobane ha e na lithelefono.”
Leha ho le joalo, libeke tse ’maloa ka mor’a puo eo, Nicholas Christo oa phutheho ea Sealbania e Boston o ile a ngolla ntlo-khōlō lengolo le reng: “Re lakatsa ho le tsebisa hore morao tjena ha re ntse re buisana le barab’abo rōna ba Albania ba re boleletse hore ba utloile puo ea Judge Rutherford ea sehlooho se reng ‘Ho Arola Lichaba,’ e leng se eketsang palo ea linaha tseo puo eo e ileng ea mameloa ho tsona. E ne e utloahala libakeng tse peli . . . , ’me kamoo ho bonahalang kateng, e le hobane e hasoa seea-le-moeeng. . . . Baena ba ne ba thabile haholo ha ba utloa lentsoe la Judge Rutherford.”
Bahoeletsi ba Maalbania ba ne ba tšoara liboka joang pele Molula-Qhooa o hatisoa ka Sealbania? Boholo ba Maalbania a ileng a amohela ’nete ke batho ba neng ba kene likolo tsa Segerike Albania boroa. Kahoo ba ne ba sa thatafalloe ho ithuta Molula-Qhooa oa Segerike. Ba bang ba ne ba ithuta oa Setaliana kapa oa Sefora. Liboka li ne li tšoaroa ka Sealbania, ’me barab’abo rōna ba fetolela lingoliloeng ha liboka li ntse li tsoela pele.
Le Boston Thuto ea Molula-Qhooa ea Sealbania e neng e e-ba ka Mantaha mantsiboea e ne e tšoaroa ka makasine oa Segerike. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba ruta bana ba bona hantle, ’me hamorao bara le barali ba bona, bachana, litloholo le litloholoana tsa bona e ile ea e-ba basebeletsi ba nako e tletseng. Ha e le hantle barab’abo rōna ba Maalbania ba ile ba tuma ka ho paka ka cheseho hoo batho ba ileng ba ba bitsa ungjillorë, e bolelang “baevangeli.”
HO PAKELOA BA BOHOLONG
Ka 1938, e leng selemo pele ’muso oa Morena Zog o ketoloa, likhaitseli tsa hae tse peli li ile tsa ea Boston. Ka December, makasine ea Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!) e ile ea re: “Ha likhosatsana tsa Albania li fihla Boston, re ile ra ea hoteleng eo ba neng ba fihletse ho eona re tsoa phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova ea Sealbania e Boston, ho ea ba bolella molaetsa oa ’muso oa Molimo. Ba ile ba re amohela ka mosa.”
Lipaki tseo tse peli e ne e le Nicholas Christo le khaitseli ea hae Lina. Ntle le hore ba ile ba kopana le likhosatsana tsena ba ile ba boela ba kopana le bahlomphehi ba akarelletsang moemeli oa Albania United States, e leng Faik Konitza [Konica]. Pele ba kopana le sehlopha sena, se ile sa balloa karete ea molaetsa oa litaba tse molemo ea Sealbania e hlalosang kamoo ’nete e boleloang kateng libakeng tse ngata tsa Albania. Karolo e ’ngoe ea molaetsa e ne e re: “Re thabela ho le tsebisa hore molaetsa ona o se o boletsoe Albania ka lilemo tse ngata ’me batho ba Albania esita le ba boholong ba fuoe libuka tse likete tse mashome e le hore ba fumane tsebo le matšeliso.”
Ha Monghali Konitza a bua le likhosatsana tsena o ile a re: “Batho bana ba lakatsa hore le sebelise matla a lōna e le hore mosebetsi oa bona oa ho bolela evangeli o tsoele pele ntle ho tšitiso Albania. Bolumeli ba bona ‘bo bocha,’ ’me ba lumela hore haufinyane lefatše [e leng mebuso ea lefatše ea lipolotiki ea kajeno] le tla tloha le fela ebe ho latela ’muso oa Kreste, ’me ka nako eo esita le bafu ba tla tsoha.”
Ho tlile joang hore Monghali Konitza a be le tsebo e ngata hakaale ea molaetsa oa ’Muso? Consolation e ile ea re “ke hobane ho e-na le motho e mong eo a neng a tloaelane le eena lilemo tse ngata pele motho eo e e-ba paki . . . ’me o ile a tšohla Bibele le eena ka makhetlo a mangata.”
LITEKO TSE BAKILOENG KE NTOA EA II EA LEFATŠE
Lilemong tsa bo-1930, Italy e ile ea busa Albania, eaba ka 1939 Morena Zog le lelapa la hae ba tsoa ka har’a naha ka ntšoe li sa fohloa. Lebotho la Mafascista le tsoang Italy le ile la hapa Albania eaba le thibela lingoliloeng tsa rōna ka molao ’me la re bahoeletsi ba 50 ba Albania ba tlōla molao ha ba bolela litaba tse molemo. Lehlabuleng la 1940, lingoliloeng tse ka bang 15 000 li ile tsa nkoa ka mahahapa. Ka la 6 August, Mafascista a ile a tšoara barab’abo rōna ba robong motseng oa Këlcyrë, ’me a ba koalla seleng e bolelele ba limithara tse peli le bophara ba limithara tse ’nè. Hamorao ba ile ba isoa chankaneng ea Tiranë. Ba ile ba qeta likhoeli tse robeli ba koaletsoe empa ba sa qosoa, eaba ba ahloleloa ho hlola chankaneng nako ea likhoeli tse leshome ho ea ho lilemo tse peli le halofo.
Litho tsa malapa a barab’abo rōna li ne li lokela ho ba tlisetsa lijo chankaneng. Empa ho ne ho koaletsoe bona batho ba rekelang malapa lijo. Joale ba ne ba tla li fumana hokae?
Nasho Dori o re: “Ka mor’a matsatsi a 15, re ne re fuoa bohobe bo omeletseng bo boima ba ligrama tse 800, mashala a boima ba lik’hilograma tse tharo le sesepa sa ho hlapa. ’Na le Jani Komino re ne re e-na le chelete ea ho reka linaoa tse boima ba k’hilograma. Re ne re pheha linaoa ka mashala ao, ’me re li rekisetsa batšoaruoa ba bang re ba methela tsona ka khaba. Ka mor’a nako e khutšoanyane ke ha re se re pheha linaoa ka lipitsa tse hlano tse khōlō. Qetellong re ile ra ba le chelete ea ho reka nama.”
Mariheng a 1940/1941, lebotho la Bagerike le ile la futuhela Albania boroa ’me la qobella banna ho kena sesoleng. Motsaneng o mong ho na le mor’abo rōna ea ileng a hana, a bolela hore ha a jele paate lintoeng, eaba masole a mo hula ka moriri ’me a mo khakhatha ho fihlela a akheha.
Ha mor’abo rōna a hlaphoheloa, molaoli oa masole o ile a mo kharuma a re: “U sa ntse u le manganga?”
Eaba mor’abo rōna o re: “Ke sa ntse ke sa jele paate lintoeng!”
Masole ao a ile a teneha eaba a re a tsamaee.
Ka mor’a matsatsi a ’maloa molaoli eo o ile a etela mora enoa oabo rōna eo a neng a ile a mo khakhatha eaba o re o tsota sebete sa hae. O ile a re: “Matsatsing a seng makae a fetileng ke ile ka bolaea Mataliana a 12 ’me ka fumana khau. Empa letsoalo le ntšetšetha hoo ke bileng ke hlajoang ke lihlong ha ke lokela ho e roala. Ke e kentse ka pokothong hobane e nkhopotsa hore ke tlōtse molao.”
MEBUSO EA FETOHA EMPA LITEKO LIA TŠOANA
Har’a lintoa tsena le meferefere, Mokha oa Makomonisi oa Albania, ka bolotsana o ne o ntse o batla ho laola lintho ho sa tsotellehe hore na ’muso oa Bofascista o leka ka matla hakae ho lula o le litulong. Ka 1943, masole a loantšang Makomonisi a ile a nka mor’abo rōna e mong ka mahahapa, a mo lahlela ka terakeng, a mo isa moleng oa ntoa a ba a mo fa sethunya. Empa o ile a se hana.
Molaoli oa sesole o ile a mo kharuma a re: “Lekomonisi tooe! U Mokreste ea joang ea sa loaneng, hobane le baruti ke bane ba ntse ba loana?”
O ile a laela masole hore a bolaee mora enoa oabo rōna. Ha sehlopha sa masole a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu se le haufi le ho mo thunya, ofisiri e ’ngoe e ile ea tla ’me ea botsa hore na ho etsahala’ng. Ha e utloa hore mor’abo rōna ha a jele paate lintoeng, e ile ea fana ka taelo ea hore a se ke a thunngoa, eaba mor’abo rōna oa lokolloa.
Ka September 1943, Mafascista a ile a tsoa Albania eaba e haptjoa ke mabotho a Jeremane, a ileng a bolaea batho ba 84 ka bosiu bo le bong feela, Tiranë. Ba bangata ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso. Nakong ena, barab’abo rōna ba ile ba thaepa melaetsa ea Bibele e tšelisang le e khothatsang. Ha motho a ne a qeta ho bala molaetsa ona, o ne a lokela ho o khutlisa e le hore o fetisetsoe ho e mong. Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ba bolela ba sebelisa libukana tse seng kae tseo ba neng ba li patile. Ba ne ba sebelisa likarolo tse seng kae feela tsa Bibele ha ba paka ’me ba ile ba qala ho ba le Bibele e feletseng bohareng ba lilemo tsa bo-1990.
Ka 1945, barab’abo rōna ba 15 ba ne ba qetile nako e itseng ba le chankaneng. Ba babeli ba ne ba isitsoe likampong tsa mahloriso, ’me e mong o ile a khakhathoa ho fihlela a shoa. Ho makatsang ke hore, ha barab’abo rōna ba Albania ba hlorisetsoa ho se tšehetse mabotho a ikopantseng a Jeremane, Italy le Japane, bara ba bang babo rōna ba Maalbania ba United States ba ne ba kenngoa chankaneng hobane ba sa loantše mabotho ao.
Naheng ea Albania e tsekolotsoeng ke ntoa, lingoliloeng li ne li tšoaroa ha li fihla mohahong oo ho oona ho lefelloang lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha. Mohaho oo o ile oa oa ka lebaka la ntoa e mahlo-mafubelu e neng e kupa haufi le moo, e leng se ileng sa etsa hore boholo ba lingoliloeng tsa rōna bo hasa-hasane hohle seterateng. Ka mor’a moo, batho ba fetang ka tsela ba ile ba ithonakela libuka le libukana eaba ba qala ho bala! Kapele feela barab’abo rōna ba ile ba phutha tse setseng.
Ka 1944, mabotho a Jeremane a ile a checha ka santhao a tsoa Albania, eaba lebotho la Makomonisi le theha ’muso oa nakoana. Hang-hang barab’abo rōna ba ile ba kōpa tumello ea ho hatisa libukana, empa ’muso o ile oa hana ka le reng: “Molula-Qhooa o nyefola baruti, empa rōna mona Albania re sa ntse re ba hlompha.”
MAHLORISO A TSOELA PELE LE HOJA NTOA E FELILE
’Muso o mocha oa Makomonisi o ne o lefisa batho makhetho a holimo, o ba nkela litša, lifeme, likhoebo, mabenkele le libaka tseo ho shebelloang lifilimi ho tsona. Motho o ne a sa lumelloe ho reka setša, ho se rekisa kapa ho se hirisa, ’me a lokela ho isa chai eohle ea hae ’Musong. Ka la 11 January, 1946, Albania e ile ea ipitsa People’s Republic of Albania. Mokha oa Makomonisi o ile oa hlōla likhetho eaba o theha ’muso, ’me hlooho ea naha ea e-ba Enver Hoxha.
Ho ile ha buloa likolo tse ngata, ’me bana ba rutoa ho bala, le hoja ’muso o ne o sa batle hore mang kapa mang a bale buka leha e le efe e sa tšehetseng Bokomonisi. Libuka tsa rōna li ile tsa nkoa ka mahahapa, ’muso oa ba oa amoha barab’abo rōna pampiri e nyenyane eo ba neng ba e-na le eona hammoho le mechine ea ho thaepa.
Neng le neng ha barab’abo rōna ba kōpa ho hatisa lingoliloeng, ba ne ba tjolietsoa ba bile ba sokeloa. Empa seo se ne se sa ba tšose. Ba ile ba re ho ba boholong: “Jehova o re file boikarabelo ba ho tsebisa batho ba Albania morero oa hae o lokileng, empa lōna lea re thibela. Joale, le tla ikarabella ho eena.”
Ho bonahala ’muso o ne o e-na le boikutlo bona: ‘Mona Albania ke rōna marena! Ha re batle ho busoa ke Molimo, ebile ha re batle hore le re tene kapa re tenoe ke Molimo oa lōna Jehova, hobane ha re lumele ho eena!’ Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo neng kapa neng, kae kapa kae, ba sa tšabe letho.
Likhethong tsa 1946 ho ile ha qobelloa batho bohle hore ba khethe, ’me mang kapa mang ea neng a sa khethe o ne a nkoa e le sera sa ’Muso. Ho ile ha thehoa melao e thibelang liboka, ’me ha nkoa e le tlōlo ea molao hore barab’abo rōna ba bolele litaba tse molemo. Ba ile ba etsa joang?
Ka 1947 barab’abo rōna ba 15 ba Tiranë ba ile ba hlophisa letšolo la ho bolela litaba tse molemo. Hang-hang ba ile ba tšoaroa. Libibele tsa bona tsa taboloa, ’me ba khakhathoa. Ha ba lokolloa ba ile ba laeloa hore ba se ke ba ea kae kapa kae ntle ho tumello ea mapolesa. Likoranta li ne li nyefola Jesu le Jehova.
Barab’abo rōna ba Maalbania ba lulang Boston ba ile ba utloela ka mathata ana, eaba ka la 22 March, 1947, ba ngolla Enver Hoxha lengolo le bontšang tlhompho le maqephe a mabeli lebitsong la Lipaki Tsa Jehova tsa Albania. Ba ile ba bolela hore Lipaki Tsa Jehova ha li khahlanong le ’muso, eaba ba bontša hore ho na le batho ba bolumeli ba re hanyetsang, bao ka mano ba ntseng ba rera ho re qosa ka bohata kaha ka nepo lingoliloeng tsa rōna li pepesa mesebetsi ea bona e khahlanong le Bokreste. Lengolo leo le ile la phetha ka ho re: “Ha moifo oa Albania o neng o rometsoe Machabeng a Kopaneng o neng o eteletsoe pele ke Monghali Kapo o fihla Boston, re ile ra ea hoteleng eo a neng a fihletse ho eona. O ile a re amohela ka liatla tse peli a bile a thabile, ’me a mamela molaetsa oa rōna ka moea o motle.” Hysni Kapo o qetile lilemo tse ngata a le boemong bo phahameng ’musong oa Albania. Ho sa tsotellehe boipiletso bona, mathata a ile a ’na a tōta Albania.
Ka 1947, Albania e ile ea hlaba selekane le Soviet Union le Yugoslavia ’me ea e-ba le likhohlano le Greece. Selemong se hlahlamang, ea khaola maqhama le Yugoslavia ’me ea a tiisa le Soviet Union. Mang kapa mang ea neng a sa tšehetse leano la ’muso o ne a khesoa. Barab’abo rōna ba ile ba hanyetsoa ’me ba hlouoa ka lebaka la ho se jele paate litabeng tsa lipolotiki.
Ka mohlala, ka 1948, bara le barali babo rōna ba tšeletseng ba ne ba tšoere Sehopotso motseng o monyenyane ha mapolesa a itšohlometsa sebokeng seo. A ile a nka lihora tse ngata a teteka bahoeletsi bana ’me hamorao a ba lokolla. Libeke tse ’maloa hamorao mapolesa a ile a tšoara mor’abo rōna ea neng a fana ka puo ea Sehopotso eaba a mo emisa ka maoto ka lihora tse 12. Har’a mp’a bosiu mookameli oa mapolesa o ile a mo kharuma a re, “Lōna le iketsetsa borata, hantle-ntle ke hobane’ng ha le tlōla molao?”
Mor’abo rōna o ile a re: “Ho rōna molao oa Naha hase oa bohlokoa ho feta molao oa Morena!”
Mookameli eo o ile a betoa ke pelo eaba oa mo jabela, eare ha a bona mor’abo rōna a retelletsa sefahleho a re: “U etsa’ng?”
Mor’abo rōna a re: “Ke u boleletse hore rōna re Bakreste, ’me Jesu o re rutile hore ha motho a u jabela lerameng, u mo fe le leng.”
Mookameli oa mapolesa o ile a mo ja ka bohale a re, “Haeba ke Morena eno oa hao ea itseng u etse joalo, ’na nke ke ka mo mamela eaba ke u jabela lerama le leng! Tsoa u tsamaee!”
“NKE KE KA KHAOTSA HO RUTA BATHO BIBELE”
Sotir Ceqi e ne e le Moorthodox oa popota ea neng a lula Tiranë. Ha a sa le monyenyane, o ile a tšoaroa ke TB ea masapo ’me maoto a hae a ne a opa habohloko. Ha a le lilemo li 17 o ile a tetebela maikutlo hoo a ileng a etsa qeto ea ho ipolaea ka ho itahlela seporong sa terene. Nakoana pele a etsa joalo, o ile a eteloa ke mong ka eena ea bitsoang Leonidha Pope. Le hoja Leonidha a ne a sa tsebe hore Sotir o rerile ho ipolaea, o ile a mo bolella kamoo Jesu a neng a folisa ba kulang kateng le hore lefatše e tla ba paradeise. Hape o ile a mo fa Bibele ea Mangolo a Segerike, ’me Sotir a qala ho e bala hang-hang.
Sotir o re: “E ile eaka ke fuoa metsi a pholileng hamonate. Ke ne ke fumane ’nete!”
Ho ile ha feta matsatsi a seng makae Sotir a sa kopane le Leonidha, empa a ipolella ho re: ‘Bibele e re Jesu o ne a bolela litaba tse molemo. Baapostola le barutuoa kaofela ba ne ba bolela litaba tse molemo. Ho hlakile hore ke seo le ’na ke lokelang ho se etsa.’
Kahoo, Sotir o ile a qala ho bolela litaba tse molemo. O ne a tšoara Bibele ea Mangolo a Segerike ka letsohong le leng, ’me ka le leng a tšoara molamu oo a ikokotlelang ka oona, ebe ka sebete o ea ka ntlo le ntlo.
Lilemong tseo ho ne ho e-na le Lefapha la Tšireletso ea Naha le neng le bitsoa Sigurimi. Kaha litho tsa eona li ne li behile lira tsa Bokomonisi leihlo, ha ho potang hore li ile tsa lemoha hore Sotir o paka ka sebete. Li ile tsa mo koalla ka lihora tse ngata, tsa mo khakhatha tsa ntan’o mo laela hore a khaotse ho bolela litaba tse molemo.
Ha Sotir a lokolloa, o ile a ikopanya le Leonidha, ea ileng a mo isa ho Spiro Karajani, e leng ngaka e neng e ile ea ithuta ’nete lilemo tse seng kae pele ho moo. Spiro o ile a alafa Sotir a ba a mo thusa hore a be le kutloisiso e batsi ea ’nete.
Spiro o ile a eletsa Sotir a re: “Haeba u ka tšoaroa hape, pele u saena eng kapa eng, u bale lentsoe le leng le le leng, le mola o mong le o mong. Qetellong ea lipolelo tseo ba li ngotseng, u sehe mola hore ho se ke ha sala sekheo seo ho sa ngoloang letho ho sona. Balisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Etsa bonnete ba hore seo u se saenang, ke sona seo u se buileng.”
Ka mor’a matsatsi a mabeli feela, mapolesa a ile a boela a tšoara Sotir a ntse a bolela litaba tse molemo. Eaba ha ba fihla sepoleseng, a mo laela hore a saene tokomane e itseng. Eare moo a reng oa saena, a hopola keletso ea Spiro. Le hoja mapolesa a ne a mo qobella hore a saene ka potlako, Sotir o ile a ipha nako ea ho bala lentsoe le leng le le leng.
O ile a re: “Che, nke ke ka saena. Hase mantsoe a ka ana. Haeba nka saena tokomane ena, ke tla be ke bua leshano, ’me nke ke ka bua leshano.”
Mapolesa a ile a loha sephali, eaba a shapa Sotir ka sona ka lihora tse ngata. Ha Sotir a ntse a hana ho saena, a ile a mo qobella hore a tšoare lithapo tsa motlakase ’me a mo chouka ka makhetlo-khetlo.
Hamorao Sotir o ile a re: “Ha bohloko bona bo se bo sa mamellehe, ke ile ka rapela ke sekisitse meokho. Ka tšohanyetso lemati la buleha. Ha hlaha mookameli oa mapolesa. A ncheba, eaba o sheba koana ka potlako. O ile a laela mapolesa ao a re: ‘Tlohelang motho eo! Ntho eo le e etsang ha ea loka!’” Kaofela ba ne ba tseba hantle hore ba tlōla molao ka ho mo hlokofatsa ka tsela eo. Mapolesa ao a ile a khaotsa ho mo hlokofatsa, empa ha aa ka a tlohela ho qobella Sotir hore a saene tokomane eo. Empa o ile a hana ho e saena.
Qetellong mapolesa a ile a re: “U re hlōtse!” Eaba ka monyebe a ngola mantsoe ao Sotir a a buileng ao ho ’ona Sotir a faneng ka bopaki ka tsela e ikhethang. A ile a mo fa tokomane eo. Leha a se a mo khakhathile le ho mo chouka ka nako e telele hakaalo, Sotir o ile a bala lentsoe le leng le le leng la eona ka hloko. Haeba polelo e fella bohareng ba leqephe, o ne a seha mola qetellong ea polelo eo.
Liofisiri tsa mapolesa li ile tsa hlolloa, eaba li re: “Ekaba u ithutile lintho tsee hokae?”
Sotir a re: “Ke Jehova ea nthutileng hore ke se ke ka saenela mantsoe ao ke sa a buang.”
Lepolesa le leng le ile la fa Sotir bohobe le chisi, eaba le re ho eena: “Kea utloa, empa ke mang ea u fileng lijo tsee? Ke Jehova? Che hase eena, ke rōna.” E ne e se e le hora ea borobong mantsiboea, ’me Sotir a shoele ke tlala kaha o ne a qetile letsatsi lohle a sa ja.
Sotir a re: “Jehova o na le litsela tse ngata tsa ho hlokomela batho. O entse hore le nkhauhele.”
Lepolesa lena le khathetseng matla le ile la re: “Re tla u tlohela u tsamaee, empa haeba u tsoela pele ho ruta batho Bibele, u tla kopana le pela li falla.”
“Ha ho le joalo, le se ke la ntokolla, hobane nke ke ka khaotsa ho ruta batho Bibele.”
Eaba lepolesa leo le re: “U se ke ua bolella mang kapa mang hore na ho etsahetse’ng mona.”
Sotir a re, “Haeba ba mpotsa, nke ke ka bua leshano.”
Lepolesa leo la tlakoloha la re, “Tsoa, ke se ke ka hlola ke u bona!”
Sotir ke e mong oa ba bangata ba ileng ba hlokofatsoa ka tsela ena. O ile a kolobetsoa ka mor’a hore tumelo ea hae e lekoe ka tsela ena.
Ka nako e telele, mangolo a ne a hlahlojoa ka hloko, kahoo, ho ne ho se na litlaleho tse qaqileng tse neng li tsoa Albania. Kaha batho ba nkang maeto le ba tšoarang liboka ba ne ba sa sireletseha, barab’abo rōna ba ile ba qala ho lahlehelana. Ha mokhatlo o se o sa khone ho kenella litabeng tsa barab’abo rōna ba Albania, ho ile ha e-ba thata ho tseba se etsahalang. Leha ho le joalo, palo ea ba ileng ba amohela ’nete e ile ea ’na ea eketseha. Ka 1940, ho ne ho e-na le bara le barali babo rōna ba 50, ’me ka 1949 ba ne ba se ba le 71.
BAHOELETSI BA EKETSEHA LE HAR’A TSITSIPANO EA LIPOLOTIKI
Ka bo-1950 ba boholong ba ne ba etsa ka hohle hore ba itšunya-tšunye nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo baahi ba e etsang. Ho ne ho rena tsitsipano pakeng tsa Albania le Greece. Albania e ne e se na likamano tse ntle le Engelane le United States. E ne e bile e se na likamano tse ntle le Soviet Union. Albania e ile ea khaola maqhama le linaha tse ling, ’me ba boholong ba ne ba batla ho tseba litaba tsohle tseo batho ba ka hare ho naha ba li buang le ba ka ntle ho naha.
Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba khona ho ngolla barab’abo rōna ba Switzerland mangolo le liposkarete tse seng kae. Barab’abo rōna ba Switzerland ba ne ba araba ka Sefora kapa Setaliana, ba sebelisa puo e utloisisoang ke barab’abo rōna feela. Liposkarete tsena li ile tsa thusa barab’abo rōna ba Albania hore ba tsebe hore ho ile ha tšoaroa kopano Nuremberg ka 1955. Ha barab’abo rōna ba Albania ba utloa hore barab’abo rōna ba Jeremane ba ile ba lokoloha ha puso ea Hitler e oa, ba ile ba tsoha molota ’me ba tiea tumelong.
Ka 1957, Albania e ile ea tlaleha hore ho na le bahoeletsi ba 75. Le hoja ho ne ho sa tsejoe palo e nepahetseng, Buka ea Selemo ea 1958 (ea Senyesemane) e ile ea bolela hore Sehopotsong “ho ile ha e-ba le batho ba bangata, ’me barab’abo rōna ba Albania ba sa ntse ba bolela litaba tse molemo.”
Buka ea Selemo ea 1959 (ea Senyesemane) e ile ea re: “Lipaki tsena Tsa Jehova tse tšepahalang li tsoela pele ho etsa sohle seo li ka se khonang. Li ’nile tsa bolella ba bang ’nete phatlalatsa tsa ba tsa leka ho hatisa lingoliloeng tse ling. Li thabela hore ebe ka linako tse ling li fumana nama ka nako ea teng, empa ka sebele babusi ba makomonisi ba li sitisa ho buisana le mang kapa mang ea kantle ho naha.” Ha e phethela e re: “Le hoja babusi ba ka arola barab’abo rōna ba Albania mokhatlong oa Lefatše le Lecha, ba ke ke ba sitisa moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ho bona.”
HA BAA KA BA BEHA MEJA FATŠE
Ka nako eo motho e mong le e mong o ne a lokela ho tsamaea a nkile karete ea boitsebahatso e tsoang sesoleng. Ba neng ba hana ho etsa joalo ba ne ba lelekoa mesebetsing kapa ba koalloa chankaneng. Ka lebaka leo, Nasho Dori le Jani Komino ba ile ba boela ba ahloleloa ho hlola chankaneng ka likhoeli tse ngata. Le hoja ba ’maloa ba neng ba tšaba ho felloa ke mosebetsi ba ile ba koenehela tumelo ea bona, ho ne ho ntse ho e-na le barab’abo rōna ba tšepahalang ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong ka 1959, ’me bara le barali babo rōna ba bangata ba ne ba ntse ba bolela litaba tse molemo ka sebete.
Ka 1959 Lekala la Toka le ile la felisoa, eaba liakhente li felloa ke mosebetsi. Mokha oa Makomonisi o ne o iketsetsa melao o bile o tiisa hore ea phethoa. Ba neng ba hana ho vouta ba ne ba nkoa e le lira tsa ’muso. Batho ba ne ba aparetsoe ke tšabo ’me ba sa tšepane.
Barab’abo rōna ba Albania ba ile ba romela mangolo a bontšang hore hoa nyolosetsa empa ba bolela hore ba ikemiselitse ho lula ba tšepahala. Ka nako eo barab’abo rōna ba ntlo-khōlō e Brooklyn ba ile ba ’na ba leka ho buisana le barab’abo rōna ba Albania. John Marks, ea hlahetseng Albania boroa empa a se a lula United States, o ile a kōptjoa hore a leke ho fumana lengolo la tumello ea ho kena Albania.
Ka mor’a selemo le halofo, John o ile a atleha ho fumana tumello ea ho kena Albania, le hoja mofumahali oa hae Helen a sa ka a atleha. John o ile a fihla Durrës ka February 1961 eaba o leba Tiranë. Ha a le moo o ile a kopana le khaitseli ea hae Melpo, ea neng a thahasella ’nete. O ile a thusa John hore a fumane barab’abo rōna letsatsing le hlahlamang.
John o ile a nka nako e telele a buisana le barab’abo rōna ba Albania, eaba o ba fa lingoliloeng tseo a neng a li patile karolong e poteletseng ea sutuk’heise. Barab’abo rōna ba ile ba nyakalla. Ba ne ba qetile lilemo tse 24 ba sa eteloe ke barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling.
John o ile a fumana hore ho na le barab’abo rōna ba 60 metseng e mehlano hammoho le metsaneng e seng mekae. Barab’abo rōna ba Tiranë ba ne ba leka ho kopana ka lekunutu hang ka beke ka Sontaha ho tla tšohla lingoliloeng tseo esaleng ba li pata ho tloha ka 1938.
Kaha ho ne ho fetile nako e telele hakaalo ho le thata hore ba fumane litaelo tse tsoang mokhatlong, ho ne ho e-na le lintho tse ngata tsa morao-rao tseo barab’abo rōna ba Albania ba lokelang ho ithuta tsona tse amanang le tlhophiso le lithuto tsa Bokreste. Ka mohlala, barab’abo rōna hammoho le baralib’abo rōna ba ne ba tšoara liboka, ebile baralib’abo rōna ba rapela. Hamorao John o ile a re: “Barab’abo rōna ba ne ba ipotsa ntho li hana ho fela. Ba ne ba amehile ka hore na baralib’abo rōna ba tla amohela liphetoho tsena, kahoo ba ile ba nkōpa hore ke hlalosetse baralib’abo rōna moo ba leng bang, ’me ka fela ka etsa joalo. Ke ile ka thaba ha ke bona ba lumellana le liphetoho tseo.”
Le har’a bofuma, bahlanka bana ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka cheseho. Ka mohlala, John o ile a hlokomela hore bara ba bang babo rōna ba babeli ba hōlileng ba motseng oa Gjirokastër “ba ile ba nka chelete e ’ngoe cheleteng ea bona e nyenyane eaba baa e boloka e le hore ba tle ba ntše monehelo o eang Mokhatlong.” E mong le e mong o ne a bolokile chelete ea tšepe e fetang liranta tse 800.
Barab’abo rōna ba Tiranë ba ile ba thaba ha ba fumana bukana ea Preaching and Teaching in Peace and Unity, e neng e fana ka tataiso ea hore na liphutheho li lokela ho sebetsa joang le hoja mosebetsi oa rōna o thibetsoe. Eaba ka March, John o fana ka puo ea Sehopotso Tiranë lapeng ha Leonidha Pope ’me ha e-ba le batho ba 37. Ha John a qeta ho fana ka puo eo, o ile a kena sekepeng a khutlela Greece.
Ka mor’a hore barab’abo rōna ba ntlo-khōlō ba hlahlobe tlaleho ea leeto la John la Albania, ba ile ba fa Leonidha Pope, Sotir Papa le Luçi Xheka boikarabelo ba ho hlokomela Phutheho ea Tiranë hammoho le mosebetsi oa boboleli naheng ea Albania. Spiro Vruho o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho. O ne a lokela ho etela liphutheho ’me a kopane le barab’abo rōna mantsiboea a mang le a mang, a fane ka lipuo a be a tšohle lingoliloeng. Mokhatlo o ne o leka ka hohle ho thusa barab’abo rōna ba Albania hore ba be le kamano e matla le Molimo ’me ba behoe leseling mabapi le liphetoho tse etsahalang mokhatlong oa Jehova.
Ho hlakile hore mokhatlo o ne o ke ke oa ba romela mangolo a tloaelehileng a fanang ka tataiso hobane mangolo a ne a hlahlobisisoa. Ho e-na le hoo, John o ne a beha barab’abo rōna ba Albania leseling hanyane ka hanyane, a sebelisa puo e neng e utloisisoa ke barab’abo rōna feela ’me a re ba shebe maqephe a itseng a lingoliloeng tseo ba seng ba ntse ba e-na le tsona. Ka mor’a nakoana ho ile ha fihla litlaleho tse bontšang hore barab’abo rōna ba utloisisa lintlha tseo hantle. Bara bana babo rōna ba bararo ba Tiranë e ne e le litho tsa Komiti ea Naha, ’me Spiro a etela liphutheho kamehla.
Barab’abo rōna ba Albania ba ne ba lokela ho qapa mekhoa e sa tloaelehang ea ho romela litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ntlo-khōlō. Tsela e ’ngoe e ne e le ho romela barab’abo rōna ba itseng ba linaheng tse ling liposkarete. Ba ne ba ngola litlaleho ka pene e motsu o mosesaane tlas’a setempe, ba sebelisa puo e tsejoang ke barab’abo rōna feela. Ka mohlala, ba ne ba ngola leqephe la bukana ea Preaching and Teaching moo ho tšohloang taba e buang ka “bahoeletsi.” Ebe pel’a lona ba ngola palo ea bahoeletsi ba tlalehileng khoeling eo. Barab’abo rōna ba linaheng tse ling ba ile ba qeta lilemo tse ngata ba buisana le barab’abo rōna ba Albania ka tsela eo.
BA QALILE HANTLE—EMPA JOALE LINTHO LIA SENYEHA
Le hoja Komiti ea Naha e ne e sebetsa ka thata ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng, mathata a ne a tla tloha a qala. Ka 1963, Melpo Marks o ile a ngolla khaitseli ea hae John a mo tsebisa hore barab’abo rōna ba babeli ho ba bararo bao e neng e le litho tsa Komiti ea Naha, e leng Leonidha Pope le Luçi Xheka, ba isitsoe “hōle le malapa a bona” le hore ha ho sa tšoaroa liboka. Hamorao ho ile ha fihla molaetsa oa hore Spiro Vruho o sepetlele ’me Leonidha Pope le Luçi Xheka baa kula, eaba ho bontšoa lengolo la Liketso 8:1, 3, moo ho thoeng Saule oa Tarsase o entse hore Bakreste ba kenngoe chankaneng. Ho ne ho etsahala’ng?
Leonidha Pope, Luçi Xheka le Sotir Ceqi ba ne ba sebetsa fekthering eo ho eona litho tsa Mokha oa Makomonisi li neng li phutha basebetsi bohle, ebe li ba ruta likhopolo tsa Bokomonisi. Ka letsatsi le leng ha li ntse li ruta batho khopolo ea ho iphetola ha lintho, Leonidha le Luçi ba ile ba ema eaba ba re: “Ha ho joalo! Motho ha a tsoe tšoeneng!” Letsatsing le latelang ba ile ba isoa botlamuoeng metseng e hōle le malapa a bona, e leng kotlo eo Maalbania a neng a re ke internim (ho ba litlamong ka mabaka a lipolotiki). Luçi o ile a isoa lithabeng tsa Gramsh. Leonidha a isoa lithabeng tse batang tsa Burrel tse matsutla-tsutla, hobane ho ne ho thoe ke eena “ea li hulang pele.” O ne a tla khutlela ha hae Tiranë ka mor’a lilemo tse supileng.
Ho ka boleloa hore ka August 1964, liboka li ne li se li sa tšoaroe. Barab’abo rōna ba linaheng tse ling ba ile ba utloela hore Sigurimi e behile barab’abo rōna leihlo le nchocho. Molaetsa o mong o ngotsoeng ka tlas’a setempe o ne o re: “Re rapelleng ho Morena. Ba boholong ba tsamaea ka ntlo le ntlo ba re amoha libuka. Ba re hanela ho ithuta. Batho ba bararo ba internim.” Qalong ho ne ho nahanoa hore Mor’abo rōna Pope le Mor’abo rōna Xheka ba lokolotsoe, hobane ke bona feela ba neng ba tseba ho ngola melaetsa ka tlas’a setempe. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha fumanoa hore molaetsa oo o ngotsoe ke mofumahali oa Luçi, e leng Frosina.
Barab’abo rōna ba etellang pele, ba ne ba lelekiloe hahabo bona. Sigurimi e ne e behile barab’abo rōna ba bang leihlo le nchocho hore ba se ke ba buisana. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba internim ba ne ba pakela e mong le e mong eo ba kopanang le eena ka tsela e hlollang. Batho ba Gramsh ba ne ba ee ba re: “Ho na le ungjillorë [baevangeli] mona. Ha ba kene sesoleng, empa ba re hahela marokho ebile ba re lokisetsa lijenereithara.” Bara bana babo rōna ba tšepahalang ba ile ba e-ba le botumo bo botle bo sa kang ba fela le ka mor’a lilemo tse mashome.
HO HLAHA SECHABA SE SA LUMELENG HO MOLIMO
Albania e ile ea khaola maqhama a lipolotiki le Soviet Union ’me ea imatahanya ka ho feletseng le Chaena. Maalbania a ne a hahlametsoe ke Bokomonisi hoo a mang a neng a apara joaloka Mao Tse-tung, e leng moeta-pele oa Mokha oa Bokomonisi oa Chaena. Ka 1966, Enver Hoxha o ile a felisa maemo sesoleng ’me nakong eo ea ho se tšepane, ho ne ho sa mamelloe batho ba nang le maikutlo a sa tšoaneng le a hae.
Likoranta tse neng li hatisoa ke ’muso li ile tsa qala ho hatisa lihlooho tse khahlanong le bolumeli, tse bo bitsang “ntho e kotsi ka ho fetisisa.” Ke moo sehlopha sa liithuti motseng oa Durrës se ileng sa heletsa kereke ka katakata. Ka mor’a nako e khutšoanyane, mehaho ea bolumeli e ile ea heletsoa metseng ka ho fapana. Ka 1967, kaha ’muso o ne o thoholetsa moea oa ho ba khahlanong le bolumeli, Albania e ile ea e-ba naha ea pele eo ka ho feletseng e neng e sa lumele ho Molimo. Ke ’nete hore linaha tse ling tsa Bokomonisi li ne li laola bolumeli, empa Albania eona e ne e se na nako ea bona ho hang.
Baprista ba bang ba Mamosleme, ba Maorthodox le ba Mak’hatholike ba ile ba koalloa hobane ba ne ba ameha lipolotiking. Baprista ba bangata ba ile ba tsoa le botleng hobane ba ile ba khaotsa ho hanyetsa ’muso ’me ba lahla bolumeli. Mehaho e ’maloa ea bolumeli e tummeng e ile ea etsoa litsi tsa pokello ea lintho tsa bohlokoa. Matšoao a bolumeli a ile a thibeloa—ho ne ho sa lumelloa lifapano kapa litšoantšo, mehaho ea borapeli ba Mamosleme kapa liemahale tsa eona. Batho ba ne ba sebelisa lentsoe “Molimo” ha ba nyefola feela. Liphetoho tsena li ile tsa etsa hore barab’abo rōna ba hule ka thata.
Lilemong tsa bo-1960 barab’abo rōna ba bang ba ile ba robala lefung. Bahoeletsi ba qhalakaneng ba setseng ba ile ba tsoela pele ho etsa sohle se matleng a bona e le hore ba emele ’nete. Empa esita le batho ba thahasellang ba ne ba tšaba Makomonisi hoo ba neng ba sitoa ho mamela.
BARAB’ABO RŌNA BA ILE BA LULA BA RATA ’NETE
Ka 1968, Gole Flloko o ile a ngolla John le Helen Marks a ba tsebisa hore oa kula. Ho bolela litaba tse molemo e ne e le tlōlo ea molao ’me liboka li thibetsoe. Empa Gole, eo ka nako eo a neng a le lilemong tsa bo-80, o ile a bolela kamoo a neng a atisa ho bua le metsoalle le batho ba bang bao a neng a tloaetse ho kopana le bona ’marakeng, serapeng sa boikhathollo le mabenkeleng ao ho noelloang kofi ho ’ona. Ka mor’a nako e seng kae, Gole o ile a shoa a tšepahala. Joaloka Maalbania a mang a mangata, ha ho letho le neng le ka tapisa lerato le matla leo a neng a rata Jehova le ’nete ka lona.
Kaha Spiro Vruho o ne a se a hōlile, o ne a se a sa khone ho etela liphutheho e le molebeli oa potoloho. Mathoasong a 1969, o ile a fumanoa a shoeletse ka har’a seliba. Litho tsa Sigurimi li ile tsa re o ipolaile. Empa na li ne li bua ’nete?
Le hoja ho ne ho thoe Spiro o siile lengolo le bontšang hore o ipolaile hobane a tepeletse maikutlo, mongolo o lengolong leo e ne e se oa hae. Hape ho na le bopaki ba hore pele a e-shoa, o ne a ntse a thabile. Ho feta moo, o ne a e-na le metopa molaleng e bontšang hore e ka ’na eaba o fenethiloe. Ha hoa ka ha fumanoa lithapo selibeng tseo ho neng ho ka etsahala hore o iphanyehile ka tsona, ebile matšoafo a hae a ne a se na metsi.
Ka mor’a lilemo tse ngata, ho ile ha hlahella hore Spiro o ne a ile a bolelloa hore haeba a sa voute, eena le lelapa la hae, ba tla hlahleloa teronkong, ’me ha ba sa tla hlola ba fuoa lijo. Barab’abo rōna ba Tiranë ba ile ba fumana hore Spiro o bolailoe letsatsi pele ho likhetho, eaba o lahleloa ka selibeng. Lena e ne e se lekhetlo la ho qetela ho boleloa mashano a hore Lipaki Tsa Jehova li ipolaile.
ALBANIA E ITŠEHLA THAJANA KA LILEMO TSE LESHOME
Ka 1971, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li ile tsa thaba ha ho eketsoa litho tsa Sehlopha se Busang Brooklyn, New York. Batho ba ile ba thaba haholo ha ho etsoa tsebiso ea hore ho tla khethoa baholo le bahlanka ba sebeletsang. Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo tse ’maloa pele barab’abo rōna ba Albania ba utloela ka liphetoho tsena tse entsoeng tseleng eo lintho li hlophisoang ka eona. Ba ile ba tseba litaba tsena ha bahahlauli ba tsoang United States ba kopana hakhutšoanyane le Morali’abo rōna Llopi Bllani oa Tiranë. Bahahlauli bao ba ile ba fumana hore ha ho tšoaroe liboka, ’me ba bolelloa hore ho na le Lipaki tse tharo feela tse mafolofolo motseng oo, le hoja bonneteng li ne li le ngata ho feta moo.
Kosta Dabe o bile Greece ho tloha ka 1966 ’me o ne a ntse a leka ho fumana visa e mo lumellang ho khutlela naheng ea habo ea Albania. O ne a le lilemo li 76, ’me a batla ho ruta bana ba hae ’nete. Kaha ha aa ka a fumana visa, eitse ha a fihla lelibohong la Albania, a hlahisa phasepoto ea hae ea United States ’me a kena ka har’a naha a tseba hore ho ka etsahala hore a se hlole a khutla.
Ka 1975, banyalani ba Maalbania ba tsoang United States ba ile ba etela Albania e le bahahlauli. Lengolong la bona ba ile ba bolela hore batho ba lisitsoe ‘ka thata-thata’ ’me Lipaki Tsa Jehova li behiloe leihlo le nchocho. Hohle moo batho ba tsoang linaheng tse ling ba eang teng, ba ne ba tsamaisoa ke batho ba ’muso ba bontšang bahahlauli sebaka, ’me boholo ba bona e ne e le litho tsa Sigurimi. Ka mor’a hore batho ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaee, litho tsa Sigurimi li ne li beha batho bao ba kopaneng le bona leihlo. Bahahlauli ba ne ba sa tšeptjoe ba bile ba sa thabeloe. Maalbania a ne a sa phutholohe ha a kopana le batho ba tsoang linaheng tse ling.
Ka November 1976, Kosta Dabe o ile a ngola lengolo le bontšang hore batho ba bahlano ba bile teng Sehopotsong motseng oa Vlorë. O ne a tseba hore ho na le Paki e ileng ea itšoarela Sehopotso motseng oa Përmet ’me e ’ngoe ea itšoarela sona motseng oa Fier. Motseng oa Tiranë, ho na le Lipaki tse peli tse ileng tsa tšoara Sehopotso sebakeng se seng ’me tse ling tse ’nè tsa se tšoarela ho se seng. Kahoo, ho ea kamoo a tsebang kateng, ho bile le batho ba ka bang 13 Sehopotsong ka 1976.
Lilemo hamorao, ha Morali’abo rōna Kulla Gjidhari a hopola kamoo a ileng a itšoarela Sehopotso kateng, o re: “Hoseng ke ile ka baka bohobe ’me ka ntša veine. Mantsiboeeng ao ka koala likharetene eaba ke ntša Bibele eo ke neng ke e patile ka mor’a ntloana. Ke ile ka bala Matheu khaolo ea 26 e bontšang kamoo Jesu a ileng a theha Sehopotso kateng. Ka rapela, eaba ke nka bohobe, ka mor’a moo ka bo beha fatše. Ka boela ka bala litemana tse eketsehileng tsa Matheu, ka rapela hape, eaba ke nka veine, ka mor’a moo ka e beha fatše, ka ntan’o bina. Le hoja ke ne ke le mong, ke ne ke tseba hore ke na le barab’eso lefatšeng lohle!”
Kulla o ne a e-na le beng ka eena ba seng bakae. Spiro Karajani o ne a ile a mo thola a sa le monyenyane, ’me a mo hōlisa hammoho le morali oa hae ea bitsoang Penellopi motseng oa Tiranë. Spiro o ile a hlokahala hoo e ka bang ka 1950.
ALBANIA E TSOELA PELE HO ITŠEKA THAJANA
Ka 1978, Albania e ile ea boela ea itšeka thajana ha e khaola maqhama le Chaena. Molao oa motheo o mocha o ne o reretsoe hore Albania e be naha e ikemetseng ka ho feletseng, ’me o ne o e-na le litaelo tse thata tse amang likarolo tsohle tsa bophelo, ho akarelletsa le lipapali tsa kalaneng, tantši ea ballet, lingoliloeng le bonono. ’Mino oa classic o neng o nkoa e le oa mahlaba-phio o ile oa thibeloa. Ke bangoli ba lumeletsoeng ka molao feela ba neng ba ka ba le mechine ea ho thaepa. Haeba mang kapa mang a ne a fumanoa a shebeletse lenaneo la thelevishene la linaha tse ling, litho tsa Sigurimi li ne li mo hloma lipotso.
Le hoja Albania e ne e busoa ka lere la tšepe, barab’abo rōna ba Austria, Jeremane, Sweden, Switzerland le United States ba ile ba leka ho ikopanya le barab’abo rōna ba Albania ka hore ba kene e le bahahlauli. Ba ile ba kopana le methoaela ea Lipaki tse ileng tsa ananela boiteko ba bona haholo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba sa kopane, kahoo, ke ba ’maloa feela ba neng ba tseba ha moeti a e-tla.
Ka 1985, naha ea Albania e ile ea siama ha Enver Hoxha ea nkileng nako e telele a busa ka lere la tšepe, a e-shoa. Ho ne ho tla tloha ho e-ba le liphetoho ’musong le sechabeng. Selemong se latelang, John Marks o ile a hlokahala ’me mofumahali oa hae, e leng Helen, eo e neng e se e le mohlolohali ea neng a ka ba lilemo li 65, o ile a etsa qeto ea ho etela Albania. Ha a il’o lata visa, ba boholong ba ile ba re ho eena: “Haeba u ka hlaheloa ke eng kapa eng, u se ke ua lebella thuso ea linaha tse ling.”
Leeto la Helen le ileng la nka libeke tse peli e ile ea e-ba la bohlokoa haholo ho bahoeletsi ba Albania. Qetellong Helen o ile a kopana le Melpo, khaitseli ea John, ea neng a ile a rutoa ’nete ke khaitseli ea hae lilemong tse 25 pele ho moo. Le hoja Melpo a ne a ntse a e-s’o kolobetsoe, ka lilemo tse ngata mokhatlo o ’nile oa mo sebelisa haholo ho fetisetsa melaetsa ho barab’abo rōna ba Albania.
Helen o ile a boela a kopana le Leonidha Pope le Vasil Gjoka, ea ileng a kolobetsoa ka 1960. O ile a utloela hore ho na le Lipaki tse ka bang tse supileng likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha. O ile a beha barab’abo rōna ba Albania leseling ka lintlha tse ling tse mabapi le mokhatlo oa Jehova le ho ba tsebisa hore na mosebetsi o tsoela pele joang linaheng tse ling tsa Makomonisi. Helen o ne a le hlokolosi ha a pakela batho bao a kopanang le bona. Leha ho le joalo, o ile a lemoha hore mathata a moruo a ntse a hloa mekoalaba Albania.
O re: “Batho ba ne ba lokela ho ema moleng ho tloha ka hora ea boraro hoseng e le hore ba fumane lebese le lenyenyane. Mabenkele a mangata a ne a omme.”
Ka 1987, lekala la Austria le ile la ikopanya le la Greece ho romela bara le barali babo rōna ba bang Albania. Ka 1988, banyalani ba bang ba tsoang Austria, e leng Peter Malobabic le mosali oa hae, ba ile ba etela Albania e le bahahlauli ’me ba fa Melpo hempe, eo a ileng a e thabela haholo. Leha ho le joalo, o ile a thaba le ho feta ha a fumana hore ba ne ba patile buka ea “Ntho Tseo Molimo O Nong O Ke Ke Oa Etsa Leshano Ho Tsona” ka har’a hempe eo.
Hamorao selemong seo, banyalani ba bang ba ile ba kopana le Melpo ba nkile lingoliloeng tse eketsehileng, empa ba ne ba lokela ho ba masene hobane litho tsa Sigurimi li ne li ba hlahletse mahlo. Ba ile ba fumana monyetla oa hore ba kopane le eena ka metsotso e se mekae ha batho bao ho neng ho thoe ba ba bontša sebaka ba potela. O ile a ba bolella hore Leonidha oa kula le hore barab’abo rōna ba bangata ba Albania ba se ba tsofetse ’me ha ba khone ho tsamaea.
MAEMO AA FETOHA
Lintho li ile tsa qala ho fetoha lipolotiking ka 1989. Ho ile ha felisoa molao oa hore batho ba balehang Albania ba ahloleloe lefu. Helen o ile a boela a etela Albania lehlabuleng leo. O ile a nka nako e telele a bolella barab’abo rōna melaetsa le litaelo tseo a li fuoeng. Neng le neng ha ho khoneha, Vasil Gjoka o ne a etela barab’abo rōna ka nako e khutšoanyane.
Litho tsa Sigurimi li ile tsa utloa hore Helen o teng eaba lia mo etela. Ho e-na le hore li bake moferefere, li ile tsa re li kōpa mofaho o tsoang Amerika. Ruri ho robala ke ho fetoha!
Ka la 9 November, 1989, Lebota la Berlin le ile la oa, ’me ha hoa ka ha feta nako e telele pele batho ba Albania ba angoa ke seo. Ka March 1990, batho ba khahlanong le Bokomonisi ba ile ba etsa merusu Kavajë. Batho ba likete ba ile ba subuhlellana liofising tsa boemeli ba linaha tse ling Tiranë, ba leka ho baleha Albania. Liithuti li ne li batla hore ho etsoe liphetoho ’me li ngalile lijo.
Ka February 1991, letšoele le leholo le ile la liha seemahale sa Enver Hoxha se bophahamo ba limithara tse leshome, se qetileng lilemo tse ngata se totobetse sebakeng se bitsoang Skanderbej Square se Tiranë. Batho ba ne ba lumela hore mohatelli ha a sa le eo. Ka March, Maalbania a ka bang 30 000 a ile a koetela likepe tse tsoang Durrës le Vlorë eaba a balehela Italy ka tsona. Khoeling eo, ho ile ha tšoaroa likhetho tsa mekha e fapa-fapaneng ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ngata. Le hoja Mokha oa Makomonisi o ile oa hlōla likhetho, ho ne ho hlakile hore batho ha ba sa khotsofalletse ’muso oo.
Helen Marks o ile a etela Albania ka lekhetlo la ho qetela ka August 1991, empa lekhetlong lena o ile a fumana lintho li fetohile. Khoeli feela pele ho moo, ’muso o ile oa theha lefapha la litaba tsa bolumeli, ’me oa boela oa amohela bolumeli ka molao ka mor’a ho bo thibela ka lilemo tse 24. Hang-hang barab’abo rōna ba ile ba ithukhubetsa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo le ho hlophisa liboka tsa phutheho.
Vasil Gjoka o ile a ea Greece, ’me a qeta nako e itseng ofising ea lekala a ithuta ho hlophisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Kaha o ne a sa tsebe Segerike hantle barab’abo rōna ba neng ba batla ba tseba Sealbania ba ile ba leka ka hohle ho mo ruta. Ha Vasil a khutlela Tiranë, o ile a ikitlaelletsa ho sebelisa seo a ithutileng sona ’me a leka ho ntlafatsa tsela eo liboka tse peli tsa beke le beke li neng li tšoaroa ka eona. Se seng sa liboka tseo e ne e le Thuto ea Molula-Qhooa o neng o sa tsoa fetoleloa ka Sealbania.
Ha mora e mong oabo rōna a hopola se neng se etsahala mehleng eo o re: “Pele liboka li ne li buloa ka pina le thapelo; re ne re bina lipina tseo re li rutiloeng ke barab’abo rōna ba hōlileng. Ha re phetha liboka tseo tse monate, re ne re bina pina e le ’ngoe kapa tse peli kapa tse tharo esita le ho feta moo! Ka mor’a moo re qetella ka thapelo.”
Ka October 1991 le February 1992, Thomas Zafiras le Silas Thomaidis ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse tsoang Greece ba li isa Albania. Ba ile ba kopana le barab’abo rōna Tiranë le bahoeletsi ba sa kolobetsoang Berat ’me ba ngola lethathamo la batho ba bangata ba thahasellang ba hlokang ho thusoa. Batho ba ne ba lapile moeeng ka lebaka la ho se fumane lijo tsa moea ka lilemo tse mashome. Ka mohlala, motseng oa Berat, batho ba thahasellang ba ne ba tšoara liboka le hoja ho ne ho se na barab’abo rōna ba kolobelitsoeng. Ba ne ba tla thusoa joang?
BA FUOA MOSEBETSI OO BA NENG BA SA O LEBELLA
Michael le Linda DiGregorio ke baromuoa ba neng ba sebeletsa Dominican Republic. Nkhono oa Michael le ntate-moholo oa hae, ke a mang a Maalbania a ileng a kolobetsoa Boston ka bo-1920, ’me Michael o ne a batla a tseba Sealbania. Kahoo, ha Michael le Linda ba rera ho etela beng ka bona Albania ka 1992, ba ile ba bolella Sehlopha se Busang hore ba il’o qeta matsatsi a mararo Albania, ’me ba botsa hore na ba ka kopana le barab’abo rōna ha ba le moo. Ba ile ba makala ha Sehlopha se Busang se ba kōpa hore ba lule Albania likhoeli tse tharo e le hore ba thuse ka ho hlophisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo.
Ha Michael le Linda ba le lekaleng la Roma, barab’abo rōna ba tsoang Greece le Italy ba ile ba re qaa-qaa ka boemo ba litaba Albania ’me ba ba bontša litšoantšo tsa bara ba bang babo rōna ba Maalbania, ho akarelletsa le sa Vasil Gjoka. Ha ba leba Tiranë ka sefofane ka April 1992, Maalbania a tsoang linaheng tse ling a ne a boetse a amoheloa ka har’a naha. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-na le merusu ea lipolotiki ’me batho ba tšoenyehile ka se tla etsahala.
Ha Michael le Linda ba le boema-fofaneng, lelapa labo Michael le ile la ba mathela. Ka oona motsotso oo, Michael o ile a bona Vasil Gjoka, eo le eena a neng a boleletsoe hore Michael le Linda ba tla fihla hona letsatsing leo.
Michael o ile a re ho Linda, “Tsamaea le bona, kea tla.”
Ka mor’a hore beng ka bona ba hake Linda, ba ile ba nka lithoto tsa bona ’me ba potlakela likoloing ha Michael a ea ho Vasil ka potlako.
Hang ha Michael a fihla ho Vasil o ile a re: “Ke tla u bona ka Sontaha ha ke tla Tiranë.”
Mong ka Michael oa Albania ea bitsoang Koço, ea neng a sa tsebe hore Michael le Linda ke Lipaki Tsa Jehova, o ile a ea ho eena ka potlako a re: “U etsa’ng? Ha re bue le batho bao re sa ba tsebeng mona!”
Ha Michael le Linda ba le tseleng e eang Korçë, ba ile ba elelloa hore naha ena e fapane hōle le linaha tsa Caribbean. Michael o re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tsofetse, ho le ho thokoa, ho le marōle. Hohle ho teratetsoe ka terata e hlabang. Batho ba nyahame. Ho itse soa! litseleng, ho se na likoloi. Lifensetere li pshatlehile. Balemi ba lema ka matsoho. Ho itšoanela le mehleng ea bo-ntate-moholo! E ne eka re khutletse mehleng ea khale!”
“MOLIMO O LE BULETSE LITSELA”
Ho na le ntho eo Koço a qetileng lilemo-lemo a e patile, ’me o ne a batla ho e bontša Michael. Ha nkhono oa Michael a hlokahala, lelapa labo le Boston le ile la ngolla lelapa le Albania lengolo le lelelele. Maqephe a qalang a leshome a ne a ipuela feela ka litaba tsa lelapa, empa lengolo leo le ile la phetha ka tsoho ea bafu.
Koço o ile a re ho Michael: “Mapolesa a ile a hlahloba lengolo lena, empa ka mor’a ho bala maqephe a ’maloa a qalang, a teneha eaba a re: ‘Nkang lengolo lena! Ke litaba tsa lelapa!’ Eitse ha ke fihla qetellong ea lona, ka thaba hona hoo ha ke utloa litaba tse itseng ka Molimo!”
Eaba Michael o bolella Koço hore eena le Linda ke Lipaki Tsa Jehova a ba a mo bolella litaba tse molemo ka botlalo.
Maalbania a tšoana le batho ba mehleng ea Bibele hobane ba ikutloa ba tlamehile ho hlokomela baeti ba bona le ho ba sireletsa. Kahoo, Koço o ile a tsitlella hore a felehetse Michael le Linda ha ba ea Tiranë.
Ha Michael a hopola se ileng sa etsahala o re: “Ha re fihla Tiranë ha rea ka ra fumana ntlo ea Vasil hobane literata li ne li sa ngoloa mabitso. Kahoo, Koço o ile a re re ke re botse posong hore na o lula hokae.”
Ha Linda a ntšetsa pele moqoqo o re: “Ha Koço a tsoa ka posong, o ile a bonahala a hloletsoe, eaba re toba ha Vasil.”
Hamorao Koço o ile a re: “Ha ke fihla posong ’me ke ba botsa hore na Vasil o lula hokae, ba ile ba re: ‘Ua mo tseba motho eo? Ke motho ea halalelang hampe! Mona Tiranë ha ho na motho ea lokileng joaloka eena!’ Ha ke utloa seo, ke moo ke ileng ka lemoha hore Molimo o le buletse litsela! Nke ke ka khona ho le ema pele!”
HO HLOPHISA MOSEBETSI TIRANË
Vasil o ile a thaba haholo ha a kopana le Michael le Linda, ’me ba qoqa ka nako e telele. Ka shoalane Vasil o ile a ba bolella hore Jani Komino, ea neng a kentsoe chankaneng le Nasho Dori, o hlokahetse hoseng hoo. Ke hobane’ng ha Vasil a ne a sa ea lepatong la mora eo oabo rōna ea ratehang eo e neng e bile e le motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo? Ha a bolela lebaka le entseng hore a se ke a ea, o ile a re: “Ke hobane ke ne ke letetse motho ea rometsoeng ke Sehlopha se Busang.”
Ho ne ho hlokahala hore Michael le Linda ba lule Tiranë, empa ka nako eo ’muso o ne o sa lumelle batho ba tsoang linaheng tse ling hore ba lule motseng oo. Ebe bothata boo bo ne bo ka rarolloa joang?
Michael o re: “Re ile ra tsebisa Jehova taba ena, ’me qetellong ra fumana kamore e nyenyane eo re ileng ra lula ho eona.”
Linda o re: “Linotlolo li ne li lula ho beng ba ntlo eo, ’me ba kena neng le neng ha ba batla. Ntle ho moo, re ne re feta kamoreng ea motho e mong ha re ea ho ea rōna. Empa bonyane kamore ea rōna e ne e le khocheletsaneng, ’me re ne re sa batle hore batho ba tsebe moo re lulang teng.”
Michael le Linda ba ile ba qeta nako e telele ba mametse ha barab’abo rōna ba hōlileng ba Tiranë ba ba bolella liteko tseo ba li mameletseng. Leha ho le joalo, bothata bo bong e ne e le hore ba bang ba bara bao babo rōna ba ne ba sa tšepane.
Michael o re: “Bona ba ne ba tšepahala, empa ba ne ba se na bonnete ba hore na ba bang ba ile ba lula ba tšepahala. Le hoja ba bang ba ne ba koekoetlana, rōna ba ne ba sa re koekoetle. Ka mor’a hore ka mosa ke buisane le bona ka taba ena, ba ile ba lumela hore ntho ea bohlokoa ke ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Kaofela ba ne ba rata Jehova ’me ba labalabela ho bona hore na lintho li tla tsamaea joang.”
Ho ne ho totobetse hore Albania ha ho na phutheho e hlophisitsoeng hantle. Ka mohlala, ha Kulla Gjidhari le Stavri Ceqi ba bona bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ka lekhetlo la pele, ba ile ba e phetla ba sa utloisise hore na ke ea eng.
Eaba Stavri o re: “Be! ke Manna,” ha a rialo o ne a bolela buka e bitsoang Daily Heavenly Manna for the Household of Faith, e neng e sebelisoa khale ha a ithuta ’nete.
Kulla o ile a re: “Ekaba mopresidente oa rōna Mor’abo rōna Knorr o ntse a phela joang? Ebe motsoalle oa hae Fred Franz eena o ntse a e-ea joang?” Seo e bile bopaki ba hore ho ne ho fetile lilemo tse ngata ba arohantsoe le mokhatlo oa Jehova.
SEHOPOTSO HAR’A LIHOPOTSO!
Kamore ea Vasil Gjoka e bolelele ba limithara tse tharo le bophara ba tse ’nè, eo barab’abo rōna ba neng ba tšoarela liboka ho eona e ne e le nyenyane haholo hore Sehopotso se ka tšoareloa ho eona. Kahoo, batho ba 105 ba ile ba bokana kamoreng e kileng ea e-ba ntlo-khōlō ea khatiso ea koranta ea Mokha oa Makomonisi. E ne e le lekhetlo la pele Sehopotso se sa tšoareloe lapeng motseng oa Tiranë. Le hoja ka 1992 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 30 feela Albania, ba ile ba thabela ho bona batho ba 325 ba tlile Sehopotsong.
Palo ea batho ba ratang ’nete Tiranë e ne e eketseha e sa khaotse, ’me ba neng ba e-ba teng libokeng ha Vasil ba ne ba fihla ho 40. Ba bang ba bacha ba ne ba batla ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ’me ba bang ba batla ho kolobetsoa. Barab’abo rōna ba ile ba nka nako e telele ba hlahloba ba batlang ho kolobetsoa. Kaha buka ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e ne e e-s’o hatisoe ka Sealbania, motho ea botsang lipotso tsa kolobetso o ne a li fetolela. Ba bacha ba ne ba hlalosetsoa lithuto hantle e le ho etsa bonnete ba hore ’nete ea ba hlakela. Le hoja ho se ba kileng ba khanneloa thuto ea Bibele, e ile ea e-ba ntho e hlollang hore ebe ba ne ba tseba Bibele hantle.
MOSEBETSI O QETELLA O NGOLISITSOE KA MOLAO!
Ho ile ha feta libeke tse ’maloa barab’abo rōna ba qeta nako e telele ba buisana le liakhente le ba boholong, moo ba lekang ho ngolisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka molao. Moifo oa barab’abo rōna le batho ba thahasellang Tiranë o ne o se o ile oa romela lengolo le kōpang hore mosebetsi o ngolisoe ka molao, empa kaha ’muso o ne o sa tsoa lula litulong, ba ne ba lokela ho ba leqoophe.
Mor’abo rōna e mong o re: “Motho e mong le e mong o ne a phetha mabaka a tsamaea ka maoto. E ne e re ha re ntse re tsamaea motseng, re be re se re kopana le letona la litokelo tsa botho, letona la litaba tsa lehae, letona la toka, mookameli oa sepolesa, litho tsa lekhotla la molao oa motheo, le batho ba bang ba hlaheletseng ka mahetla. Ba ne ba le mosa ’me ba thabela hore ebe lintho lia loka. Boholo ba bona ba ne ba se ba ntse ba tseba baevangeli kapa ungjillorë. Ho ne ho se potang hore Lipaki Tsa Jehova li mahlahahlaha ebile li mafolofolo Albania.”
Ho ile ha feta libeke ba boholong ba ntse ba bolela hore ba tla ngolisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka molao, empa ke ha ho thōtse ho itse tu! Leha ho le joalo, lintho li ile tsa loka ha mor’abo rōna e mong oa Moalbania ea tsoang United States ea bitsoang Angelo Felio, a etetse beng ka eena Tiranë. Ha Angelo a le Albania, o ile a tsamaea le barab’abo rōna ho ea bona moeletsi oa molao oa letona le neng le e-na le matla a ho ngolisa mosebetsi oa rōna ka molao. Moeletsi eo o ile a thaba ha a utloa hore lelapa labo Angelo le tsoa motseng oa habo.
O ile a re ho Angelo: “Haeno ke kae?” Ntho e hlollang ke hore ba ne ba tsoa motseng o le mong.
Eaba o re: “U oa ha mang?”
Ba ile ba hlolloa ha ba fumana hore baa amana, le hoja malapa abo bona a ile a lahlehelana khale.
O ile a re: “Ke ile ka khahloa ke tokomane e hlalosang mosebetsi oa lōna ’me ka ikutloa ke batla ho le thusa. Empa joale ke se ke tlameha ho le thusa hobane u ngoan’eso!”
Ka mor’a matsatsi a ’maloa, moeletsi eo o ile a fa barab’abo rōna tokomane e bontšang hore Lipaki Tsa Jehova tsa Albania li ngolisitsoe ka molao tlas’a Molao oa 100. Barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova, ba ile ba qetella ba lokolohile ba bile ba lumeletsoe ka molao hore ba etse mosebetsi oa bona, ka mor’a hore ba thibeloe ho tloha ka 1939! Michael le Linda ba ile ba re: “Ha re tsebe hore na re qale ka ho re’ng ha re hlalosa thabo eo re ileng ra ba le eona letsatsing leo.”
Libeke tse ’maloa hamorao, lekala la Greece le neng le tsamaisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo Albania, le ile la romela Robert Kern, Tiranë. Robert o ile a tsebisa barab’abo rōna ba Albania hore mosebetsi o ngolisitsoe ka molao le hore ho thehiloe Phutheho ea Tiranë. O ile a ba a ba bolella hore tšimo ea phutheho ea habo bona ke “naha eohle ea Albania.” Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho khothalla ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo ka tsela e hlophisitsoeng. Motseng oa Tiranë ho ile ha hiroa ntlo e nang le likamore tse tharo e le hore e ka ba lehae la baromuoa le ofisi, ’me ntlo eo e ne e e-na le kamore e khōlō e neng e ka sebelisoa e le Holo ea ’Muso ea pele.
HO FUMANOA NKU E LULANG HŌLE
Ha barab’abo rōna ba ntse ba bolela kamoo mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o tsoelang pele kateng Albania ba ile ba re: “Na ho na le Lipaki Vlorë?” Ba bang ba ne ba tseba nkhono e mong eo ho neng ho thoe o lahlehetsoe ke kelello. Ka mor’a moo mosali e mong o ile a fihla ofising a bolela hore eena le lelapa la hae ke ungjillorë e bolelang baevangeli ’me ba rutiloe ’nete Vlorë ke motho ea bitsoang Areti. Kahoo barab’abo rōna ba Tiranë ba ile ba leba Vlorë ho ea batla Areti.
Ha ba fihla ha nkhono e mong e mokhutšoanyane ea bitsoang Areti Pina, o ile a re ba kene ka tlung le hoja a ne a bonahala a sa phutholoha. Ha ba mo bolella hore ke bara babo ba moea, ha ho moo ho ileng ha re teke! ho eena.
Ka mor’a metsotso e seng mekae, Areti o ile a be a se a re: “Ho na le lipotso tseo ke batlang ho le botsa tsona.” Eaba o qala ho ba hloma lipotso: “Na le lumela Boraro-bo-bong? Lebitso la Molimo ke mang? Na le lumela hore batho ba tla chesoa liheleng? Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Ho tla etsahala’ng ka lefatše? Ke batho ba bakae ba tla ea leholimong?”
Barab’abo rōna ba ile ba araba potso e ’ngoe le e ’ngoe.
Eaba Areti o re: “Na le bolela litaba tse molemo?”
Mora e mong oabo rōna a re: “E, re bolela litaba tse molemo.”
Areti a re: “Kea utloa. Empa le li bolela joang?”
Mor’abo rōna a re: “Re li bolela ka ntlo le ntlo.”
Areti o ile a itšela ka likhapha, a re rao! a haka mora enoa oabo rōna.
Eaba o re: “Joale kea tseba hore le barab’eso! Ke batho ba Jehova feela ba bolelang litaba tse molemo ka ntlo le ntlo!”
Litho tsa likereke tsa Maprostanta tsa Vlorë li ne li utloetse hore Areti ke motho ea ratang bolumeli ’me li lekile ho mo hoka-hoka hore a tle likerekeng tsa tsona. Areti o ile a re ho barab’abo rōna, “Empa ho hang ke ne ke sa batle ho ikamahanya le Babylona e Moholo! Ke kahoo le lōna ke neng ke batla ho etsa bonnete ba hore le fela le le barab’eso!”
Areti o ne a kolobelitsoe ka 1928 a le lilemo li 18. O ne a tsamaea lithabeng ka maoto a bolela litaba tse molemo a tšoere Bibele ka letsoho. Le hoja ho ile ha feta lilemo tse ngata Areti a sa kopane le barab’abo rōna, o ile a lula a bolela litaba tse molemo ka botšepehi a le mong.
Areti o ile a bua likeleli li ntse li keleketla marameng a re: “Ha ho Molimo ea tšoanang le Jehova. Ha ho mohla a kileng a ntebala!”
Batho ba ne ba nahana hore Areti o fapane hlooho hobane o ile a lula a e-na le tumelo ho Molimo nakong ea puso ea bohatelli Albania. Empa ho hang Areti o ne a sa fapana hlooho. Kelello ea hae e ne e ntse e le chatsi!
HASE MOSEBETSI, KE TLOO U TL’O BONA!
Kaha mosebetsi oa rōna o ne o se o ngolisitsoe ka molao, ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oa ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova Albania. Ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba behoe leseling ka liphetoho tse ’nileng tsa etsoa le hore ba matlafatsoe tumelong. Barab’abo rōna le batho tšimong ba ne ba hloka lingoliloeng tsa Sealbania. Ho ne ho boetse ho hlokahala hore baboleli ba eketsehileng ba litaba tse molemo ba tle ka potlako. Ke mang ea neng a tla thusa?
Ka 1992 ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Italy le Greece, ’me ba rutoa Sealbania. Ka nako eona eo, bafetoleli ba seng bakae ba ile ba qala ho fetolela lingoliloeng tsa rōna. Le hoja ka linako tse ling motlakase o ne o e-ba sieo ka matsatsi a 21 a latellanang, barab’abo rōna ba ne ba lula ba thabile ’me ba phathahane mosebetsing oa bona.
Ho ne ho boetse ho e-na le mosebetsi o mongata oo batho ba o khesang. Ha ho bata, ho ne ho hlokahala hore ho besoe lehaeng la baromuoa. Empa ho ne ho le thata ho fumana moo ho rekisoang patsi Albania. Barab’abo rōna ba ne ba tla etsa joang hore ba se ke ba bolaoa ke serame? Barab’abo rōna ba Greece ba ile ba ba phallela ka likoqo le sakha ea motlakase. Leha ho le joalo, bothata bo ne bo ntse bo sa raroloha hobane lesoba la setofo le ne le le lenyenyane, ’me ba ke ke ba sebelisa sakha eo hobane motlakase o le sieo. Ka lehlohonolo mora e mong oabo rōna o ne a e-na le motsoalle hona Tiranë ea nang le selepe, empa o ne a lula hōjana. Kaha ho ne ho se na libese, motho ea neng a il’o lata selepe seo, o ile a fihla lehaeng la baromuoa ka mor’a lihora tse peli, ’me a lokela ho se khutlisa pele shoalane e tšoara. Ha e mong oa baromuoa a hopola ketsahalo ena o re: “Re ile ra chenchana ka ho ratha likoqo selepe se sa le teng, empa bonyane re ile ra khona ho futhumala!”
Ke hona nakong ena moo Nick le Amy Ahladis ba tsoang Lefapheng la Litšebeletso Tsa Phetolelo leo hona joale le leng Patterson, New York ba ileng ba qala ho etela bafetoleli ba Sealbania. Kaha ba ne ba le mosa ba bile ba nahanela, sena se ile sa thusa bafetoleli ba bacha haholo ’me ba ile ba ithuta mosebetsi ka potlako ba ba ba o etsa hantle. Lekala la Italy le ne le hatisa lingoliloeng le bile le li romela Albania.
Ha ho motho ea neng a ka ikoahlaela hore ebe o sebelitse ka thata ha a bona kamoo bahoeletsi ba neng ba thabela tšebeletso ea tšimo kateng. Bahoeletsi ba bacha le bona ba ne ba tuka ke cheseho. Ka mohlala, Lola o ne a sa tsoa qala ho bolela litaba tse molemo empa ka khoeli o ne a qeta lihora tse 150, 200, le tse fetang tseo tšebeletsong ea tšimo! Ha a eletsoa hore a ke a hate butle, Lola o ile a re: “Ke sentse nako ke etsa lintho tse se nang thuso! Ha ho na ntho e molemo ho feta ena eo nka e etsang.”
MOSEBETSI OA NTLAFALA
March 1993 e bile khoeli ea bohlokoa Albania. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba qala ho ea likabelong tsa bona, ba bang ba ea Berat, Durrës, Gjirokastër, Shkodër, Tiranë le Vlorë; ho ile ha lokolloa Molula-Qhooa oa March 1 e le makasine oa pele oa Sealbania o ileng oa fetoleloa ke bafetoleli ba Sealbania; barab’abo rōna ba ile ba qala ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, kahoo, ka lekhetlo la pele ha tšoaroa liboka tsohle tse hlano; ho ile ha lokolloa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea Sealbania ka lekhetlo la pele; ’me ka lekhetlo la pele ha tšoaroa kopano e khethehileng ea letsatsi Tiranë, Skanderbej Square, Ballet-Opera Theater.
Ho ile ha fihla baeti ba tsoang Greece le Italy ba tlile kopanong ena ea bohlokoa. Nasho Dori o ile a bula ka thapelo, a leboha Jehova ka mahlohonolo ao a ba fileng ’ona. Kopanong eo ho ne ho e-na le batho ba 585, ’me ba 41 ba kolobetsoa! Ba bang ba batho ba ileng ba kolobetsoa ke bana le litloholo tsa barab’abo rōna ba neng ba sebelelitse Jehova ka botšepehi Albania.
Ka 1993, e ne e le thabo feela kopanong ea setereke e ileng ea tšoaroa ka lekhetlo la pele Albania. Kopanong eo ho ne ho e-na le batho ba fetang 600 ba neng ba akha baeti ba tsoang Austria, Fora, Greece, Italy le Switzerland. Barab’abo rōna ba Maalbania ba ne ba nyakaletse hore ebe ka mor’a ho qeta nako e telele hakaalo ba arohantsoe le mokhatlo oa Molimo, joale ba ne ba ka kopana ka bolokolohi le barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ngata hakaalo!
E le hore lintho li ka hlophisoa hantle, Sehlopha se Busang se ile sa khetha Komiti ea Naha eo litho tsa eona e neng e le Nasho Dori, Vito Mastrorosa le Michael DiGregorio, ’me e ne e tataisoa ke lekala la Italy. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ba neng ba lokela ho li etsa, e ne e le ho fumana sebaka seo ho sona ho tla ba le ofisi esita le moo bafetoleli ba neng ba ntse ba eketseha ba tla sebeletsa teng.
Stefano Anatrelli ea tsoang Italy, o ne a le sehlopheng sa bobeli sa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ileng ba ithuta Sealbania. Ka mor’a libeke tse hlano a ntse a ithuta Sealbania, barab’abo rōna ba ile ba mo bitsetsa ofising eaba ba re: “Re ka lakatsa hore u etele bo-pula-maliboho ba khethehileng esita le lihlopha u le molebeli oa potoloho.”
Ha Stefano a utloa sena o ile a re: “Empa ha ke tsebe Sealbania!” Leha ho le joalo, o ile a nka mosebetsi ona oa hae e le tlotla e khōlō. Ka mor’a hore Stefano a thusoe ho lokisetsa lipuo tse ’maloa, o ile a qala ho etela libaka tse hōle tsa Albania. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang 30 esale Spiro Vruho a etela barab’abo rōna e le molebeli oa potoloho nakong eo mosebetsi o neng o ntse o thibetsoe. Ka 1995, Stefano o ile a khethoa hore e be setho sa Komiti ea Naha.
Ka 1994, sehlopha sa boraro sa bo-pula-maliboho se ile sa fihla Albania se tsoa Italy. Cheseho ea bo-pula-maliboho bao kaofela e ile ea etsa hore bahoeletsi ba bacha ba Albania ba be morolo. Ha selemo sa tšebeletso sa 1994 se fela, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 354 ba neng ba bolela litaba tse molemo.
Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bangata ba ne ba sa ntse ba e-na le tšabo. Ho ne ho se bonolo hore batho ba tsoe tlas’a puso ea bompoli ’me e be sechaba se lokolohileng ka ho feletseng. Nakong ea puso ea bohatelli, ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba phetlela mang kapa mang maikutlo a bona, haholo-holo batho ba tsoang ka ntle ho naha. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba utloisisa boemo ba bona, ’me ba ile ba sebetsa ka thata hore qetellong batho bana ba sa tsoa amohela ’nete ba ba tšepe.
Selemong sona seo, bara le barali babo rōna ba seng ba hōlile haesita le bahoeletsi ba bacha ba ile ba thabela ho kopana le Theodore Jaracz, e leng setho sa pele sa Sehlopha se Busang se ileng sa etela Albania. Batho ba fetang 600 ba ile ba mamela puo eo a ileng a fana ka eona Tiranë.
Ka nako eo ho ne ho se ho rekiloe mohaho Tiranë, o neng o tla sebelisoa e le ofisi. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, sehlopha se sebetsang ka thata sa barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling se ile sa nchafatsa mohaho oa khale eaba se o etsa liofisi tse ntle sa ba sa haha sebaka sa bolulo seo ho sona ho ka lulang batho ba 24. Mohaho ona o ile oa neheloa ka la 12 May, 1996 ha Milton Henschel oa Sehlopha se Busang a etetse Albania.
BA ILE BA BOLELA LITABA TSE MOLEMO BA LE BANG
Mohlankana ea bitsoang Arben ea lulang motseng oa Korçë, o ile a bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tseo a neng a li rometsoe ke khaitseli ea hae, ’me a lemoha hore li bua ’nete. O ile a ngolla ofisi ea Albania, ’me a qeta nako e itseng a ntse a ithuta ’nete ka ho ngollana le barab’abo rōna. Barab’abo rōna ba babeli ba ile ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho mo etela e le hore ba mo thuse ka ho eketsehileng. Ha ba ntse ba buisana le Arben, ho ile ha totobala hore oa tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Eaba bara bao babo rōna ba babeli ba ea le eena moo ho hlileng ho phetheselang motseng oa Korçë, ’me ba re a ba shebelle ha ba ntse ba bolella batho ba fetang ka tsela litaba tse molemo.
Arben o re: “Ka mor’a moo ba ile ba mpha limakasine eaba ba re: ‘U ka tsoela pele.’ Ba ile ba re ke bolele litaba tse molemo ke le mong, ’me ka fela ka etsa joalo.”
Le hoja ho ile ha feta likhoeli tse ’maloa pele bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tlil’o mo thusa, batho ba ne ba mo mamela. Nakoana ka mor’a hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fihle, ho ile ha thehoa sehlopha.
Ho ella bofelong ba selemo, bo-pula-maliboho ba Vlorë ba ile ba letsetsa ofising ba bolela hore Areti Pina oa kula ’me o batla ho buisana le e mong oa barab’abo rōna ba etellang pele. Ha mor’abo rōna a fihla, Areti o ile a re bohle ba tsoe ka kamoreng e le hore a ka buisana le eena a le mong.
O ne a hema ka thata ha a re: “Litšiu tsa ka li baliloe. Ho na le ntho e ntšoenyang eo ke lakatsang ho u botsa eona. Le hoja nke ke ka hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe, nka rata ho tseba hore na buka ea Tšenolo e se e phethahetse.”
Eaba mor’abo rōna o re: “E, Areti, boholo ba eona bo phethahetse.” Ka mor’a moo a bolela lintho tse seng kae tseo e leng hona li tla phethahala. Areti o ne a mametse ka hloko.
Areti o ile a re “Joale nka ichoella ka khotso. Ke ne ke batla ho tseba hore na re haufi hakae.”
Areti e bile mohoeletsi ea chesehang ka lilemo-lemo—ebang o ne a bolela litaba tse molemo a le mong lithabeng kapa a le betheng nakong ea ha a ntse a kula. Nakoana ka mor’a puisano eo, bophelo ba Areti mona lefatšeng bo ile ba fela a ntse a tšepahala.
O BILE MATLA TUMELONG HO FIHLELA LEFUNG
Nasho Dori ea neng a le lilemong tsa bo-80, o ile a kula ’me a fokola ’meleng. Empa ho ne ho e-na le sehlopha se itseng sa barab’abo rōna ba tšeletseng ba neng ba hlile ba hloka khothatso—bara bana babo rōna ba bacha ba ne ba thaotheloa sesoleng. Moruti oa Orthodox oa Berat, ea neng a le mōna hore ebe batho ba ntse ba phallela ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova, o ile a phehella ba boholong hore ba qose bahlankana bao.
Bacha bao ba ile ba hana ho kena sesoleng, ’me ho ne ho ka etsahala hore ba koalloe teronkong ka likhoeli tse ’maloa. Nasho o ile a hlokomela hore ba hloka khothatso, eaba o lula betheng, o ba rekotela molaetsa ka video.
Nasho o ile a re ho bahlankana bana: “Le se ke la tšoha. Le rōna re fetile moo. Jehova o tla le tšehetsa. Leha le ka kena teronkong, le se ke la tšoenyeha. Seo se tla etsa hore lebitso la Jehova le tlotlisoe.”
Ha bokuli ba Nasho bo ntse bo tota, o ile a re barab’abo rōna ba tle moo a robetseng teng, ’me a re ho bona: “Ke ile ka tlameha ho rapela Molimo hore a ntšoarele. Bekeng e fetileng ke ne ke opeloa hoo ke ileng ka rapella hore ke shoe. Eaba ke re ka pelong, ‘Jehova, ke uena Ea fanang ka bophelo. Ha ho mohla u kileng ua batla hore re shoe. Ke ne ke rapella ntho e sa lumellaneng le thato ea hao. Ke kōpa hore u ntšoarele!’”
Ha Nasho a utloa hore bahoeletsi ba Albania ba se ba le 942, o ile a re: “Qetellong ho se ho e-na le bongata bo boholo Albania!” Ka mor’a matsatsi a seng makae, o ile a hlokahala, ’me bophelo ba hae mona lefatšeng ba fela.
TRAZIRA—NAKO EA MERUSU
Ka 1997 batho ba bangata ba ne ba tšoaroa hampe, ho tloaelehile hore batho ba nke tjotjo ho bile ho e-na le bobolu bo bongata. Maalbania a mangata a ne a rekisitse lintho tsohle tsa ’ona ’me a entse matsete ka chelete ea ’ona kaofela mekhatlong eo ho eona batho ba nyollanang e le hore ba rue kapele. Ha matsete a bona a nyopa, Maalbania a halefileng a ile a hoanta literateng.
Ka nako eo, ho ne ho ntse ho tšoeroe kopano e khethehileng ea letsatsi ha morali’abo rōna ea sebetsang ha motho e mong ea boholong a tsebisa barab’abo rōna hore tona-khōlō o mothating oa ho itokolla. O ne a utloetse hore ho tl’o qhoma merusu e e-s’o ka e e-ba teng ka har’a naha. Ho ile ha khutsufatsoa lenaneo la kopano, eaba barab’abo rōna baa itlhahanela ho leba malapeng. Lihora tse peli ka mor’a hore lenaneo le fele, ho ne ho lubehile ka har’a naha ’me ha phatlalatsoa qomatsi.
Ha ho motho ea neng a tseba hore na ha e le hantle ho etsahala’ng. Ho ne ho e-na le litaba tse ngata tsa bo-bare. Ebe ho ne ho kene batho ba tsoang ka ntle ho naha kapa e ne e le liqhoebeshano tsa ka har’a naha? Mekhatlo ea ho nyollana e ne e oele ’me batho ba bangata ba lahlehetsoe ke chelete eohle eo ba neng ba e tsetetse. Ho ile ha tsoha merusu Vlorë. Batho ba ile ba kena sebakeng sa polokelo ea libetsa ’me ba li utsoa kaofela. Ha litabeng ho ntse ho tlalehoa hore na ho etsahala’ng, batho ba metse e fapa-fapaneng ba ne ba ntse ba loana. Naha e ne e tletse merusu e hlōlang le mapolesa. Maemo a ile a mpefala haholo Albania ka lebaka la marabele a hlometseng ’me ha tlala meferefere.
Albania ho ne ho e-na le bahlanka ba nako e tletseng ba 125 ba tsoang linaheng tse ling. Boholo ba bona bo ile ba tšabela Tiranë. Maalbania a mangata a ne a beha batho ba tsoang ka ntle ho naha molato, kahoo, ho ne ho le molemo hore bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaee. Kaha boema-fofane bo ne bo koetsoe, bo-pula-maliboho ba bang ba tsoang Italy ba ile ba isoa Durrës, moo boema-kepe bo neng bo laoloa ke batho ba hlometseng. Ka mor’a hore bo-pula-maliboho bana ba lete moo ba tšohile ka lihora tse 12, ba ile ba palama sekepe se eang ha habo bona.
Komiti ea Naha e ile ea lula e letsetsa barab’abo rōna ba likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha. Nakong ea hoseng ho ne ho e-ba ngoese ka tsela e tšosang literateng. Empa ha thapama e fihla lithunya li ne li qala ho ruthutha ho fihlela ka meso. Ba bang ba ne ba bile ba e-na le libetsa tse qhomisang lifofane. Nako ena e mabifi e ile ea bitsoa trazira, e bolelang merusu.
“HORE LEBITSO LA JEHOVA LE TLOTLISOE”
Arben Merko ke e mong oa barab’abo rōna ba tšeletseng ba Berat ba ileng ba kenngoa chankaneng ka lebaka la ho se jele paate. O re: “Ka seleng ea ka ho ne ho e-na le lesoba le lenyenyane leboteng. Monna ea neng a le ka seleng e haufi le ea ka o ile a mpotsa hore na ke mang.” Arben o ile a mo pakela ka libeke tse ngata. Eaba ka letsatsi le leng Arben ha a sa utloa lentsoe la monna eo.
Ka mor’a hore Arben a lokolloe chankaneng, mohlankana e mong o ile a kokota monyako. Le hoja Arben a ne a sa mo tsebe, o ne a tseba lentsoe la hae—e ne e le la monna ea neng a koaletsoe ka seleng e haufi le ea hae.
O ile a re ho Arben: “Ke u tliselitse thepa ena.” Eaba o mo fa sehōlisa-molumo.
A boela a re: “Nakong ea trazira ke ile ka utsoa sehōlisa-molumo sena Holong ea lōna ea ’Muso. Empa seo u mpoleletseng sona chankaneng se ile sa etsa hore ke fetohe. Ke batla ho ba le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo, ke kahoo ke se khutlisetsang ho uena.”
Arben o ile a hopola molaetsa oa ho qetela oo Nasho Dori a ileng a o romela sehlopha sa bacha ba tšepahalang o reng: “Seo se tla etsa hore lebitso la Jehova le tlotlisoe.”
HO HLOKOMELA LINKU TSA JEHOVA
Ha baholo ba tsoang ka ntle ho naha ba tsamaea, liphutheho tse ngata le lihlopha tse khōlō li ile tsa hlokomeloa ke bahlanka ba sebeletsang ba lilemo li 19 ho isa ho 20. Ka letsatsi le leng, bahlankana ba bararo ho bana ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka hore ba tlohe Vlorë ba ee Tiranë. Kaha Komiti ea Naha e ne e amehile ka hore barab’abo rōna baa lapa, e ile ea botsa bara bana babo rōna hore na ba hloka lintho life tseo ba iphelisang ka tsona.
Bahlankana bana ba ile ba re: “Re feletsoe ke liforomo tsa tlaleho ea tšimo.” Ba ne ba tšoana le bahlanka ba tšepahalang ba hōlileng ba lilemong tse fetileng, ba neng ba amehile haholo ka lintho tsa moea ho feta tsa nama. Eaba ba bolela hore batho ba bangata ba thabela litaba tse molemo ka lebaka la tšabo le meferefere.
Morali e mong oabo rōna o ile a letsetsa ofising kapele ka mor’a Sehopotso. A re: “Re sehlopha sa baralib’abo rōna sa Kukës, ’me re ’nile ra tšoara liboka re le bang haesale bo-pula-maliboho ba tsamaea.”
Kaha ho ne ho e-na le merusu, barab’abo rōna ba Tiranë ba ne ba sa khone ho buisana le bahoeletsi ba Kukës. Leha ho le joalo, sehlopha sa bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba supileng se ile sa tšoara Sehopotso libakeng tse peli. Le hoja ba ne ba amehile ka hore ha baa se tšoara ka tsela e loketseng hantle, ba ile ba thabela ho tlaleha hore libakeng tseo tse peli ho bile le batho ba 19. Hoa hlolla hore ebe le har’a qomatsi le maemo a thata, ka 1997 ho bile le ba 3 154 Sehopotsong Albania. ’Me ho sa tsotellehe merusu, bahoeletsi ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo, ba fana ka matšeliso le hoja ba ne ba le hlokolosi.
Ha Komiti ea Naha e hlokomela hore barab’abo rōna ba Gjirokastër ba hloka lijo le lingoliloeng, ba ile ba buisana ka hore na ebe ho ka ba molemo ho romela lintho tse hlokahalang moo ka teraka. Leha ho le joalo, puisano ea bona e ile ea khaoletsoa ke morali’abo rōna ea ileng a re motlalehi oa litaba eo ho ka etsahalang hore o na le litaba tsa bohlokoa o kōpa ho bua le bona.
Le hoja motlalehi enoa oa litaba a ne a sa tsebe hore na komiti e bua ka eng, o ile a eletsa barab’abo rōna a re: “Le se ke la mpa la ea ka boroa hosane. Re fumane litaba tse reng ho na le batho ba rerileng ho etsa ntho e se kaa-ka-letho Tepelenë.” Kaha teraka e eang Gjirokastër e ne e tla tlameha ho feta Tepelenë, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea hore e se hlole e tsamaea.
Letsatsing le latelang, nakoana ka mor’a hora ea 11:00 hoseng, ho ile ha etsoa tsebiso e khethehileng litabeng ea hore ho bile le ntoa e mahlo-mafubelu Tepelenë ’me borokho ba motse oo bo phatlotsoe ka seqhomane. Barab’abo rōna ba ile ba leboha Jehova hakaakang hore ebe o ba thibetse ho ea moo letsatsing leo!
Ho ile ha feta libeke tse ’maloa lelapa la Bethele le ntse le utloa melumo ea lithunya bosiu, le nakong ea borapeli ba hoseng ho ne ho ntse ho utloahala morathatha o khabolang le libomo. Hangata batho ba ne ba thunya moeeng, ’me batho ba ne ba ka ’na ba otloa ke likulo ka phoso. Litho tsa lelapa la Bethele li ne li sa tsoele ka ntle e le hore li se ke tsa tsoa kotsi, ’me bafetoleli ba sebetsa ba lutse fatše hōle le lifensetere.
Ka April 1997, lebotho la Machaba a Kopaneng la masole a 7 000 le ile la fihla hore le tl’o busetsa lintho setloaeling. Ka August, lebotho lena le ne le tsoile Albania, ’me barab’abo rōna ba se ba ka lokisetsa kopano ea setereke. Bahoeletsi ba ne ba thabile; ba ile ba khona ho tšoara liboka ka lihlotšoana ka likhoeli tse ’maloa.
Masholu a hlometseng a ile a emisa libese tse ling tseo barab’abo rōna ba neng ba li hirile ha ba ea kopanong. Leha ho le joalo, ha a hlokomela hore batho ba palameng libese tseo ke Lipaki Tsa Jehova, a ile a re: “Lōna ha le tšoane le batho ba bang! Re ke ke ra le ntša kotsi.”
Trazira e bile le phello efe mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo Albania? Ho e-na le hore e sitise keketseho, ho ile ha bonahala hore ha batho ba tšoenyehile ba bile ba le tsietsing, ba ela hloko tlhoko ea bona ea moea. Ka lebaka leo, ho ile ha feta likhoeli tse 15 feela, ’me bahoeletsi ba bacha ba 500 ba qala ho ea tšebeletsong ea tšimo, kahoo, palo ea bahoeletsi ba Albania e ile ea feta 1 500.
KOSOVO E HLAHELLA LITABENG
Ka mor’a trazira, molumo oa lithunya o ile oa re khoe! ’me liphutheho tsa ’na tsa ata. Leha ho le joalo, ho ile ha qhoma mathata naheng ea boahelani ea Kosovo. Batho ba Albania ba ile ba utloa liphello tsa ntoa e neng e kupa moo hobane baphaphathehi ba ne ba tšela leliboho ba e-ea Albania. Hang-hang bahoeletsi ba Albania ba ile ba phallela baphaphathehi bao ka molaetsa o ba fang tšepo le ka lingoliloeng tse ba tšelisang. Ba ile ba boela ba hlokomela sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova tse 22 le bana ba bona ba banyenyane.
Ntoa e ile ea lala ka August, ’me barab’abo rōna ba Kosovo ba khutlela hae, empa joale ba se bang. Ba ile ba tsamaea le barab’abo rōna ba Maalbania le ba Mataliana ba neng ba akha bo-pula-maliboho ba leshome ba khethehileng, ba neng ba labalabela ho ba tšehetsa borapeling ba Jehova. Bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 1999, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1 805 Albania le ba 40 Kosovo.
LINTHO LIA NTLAFALA BORAPELING BA JEHOVA
Pele Nasho Dori a hlokahala o ile a re: “Ke thabela ho bona lingoliloeng tse ngata hakana tseo re li fetolelang, leha ho le joalo, ka sebele re hloka Phetolelo ea Lefatše le Lecha—e leng Bibele ea boleng bo phahameng, eo re ka thehang tumelo ea rōna ho eona!” Ka 1999, lilemo tse tharo feela ka mor’a hore Nasho a hlokahale, Sehlopha se Busang se ile sa lumella bafetoleli ba Sealbania hore ba fetolele Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.
Maalbania a neng a tlile kopanong ka selemo sa 2000 a ile a thaba ha ho etsahala ntho eo a sa e lebellang e leng ho lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste! ka puo ea habo bona. Bafetoleli ba sebetsang ka thata ba ile ba ithukhubetsa mosebetsing ona ’me ba o phetha ka nako e ka tlaase ho selemo. Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho oa kamehla eo e kileng ea e-ba setho sa paramente ea Makomonisi o ile a re: “E monate hakaakang! Ke ka mor’a ho bala phetolelo ena moo ke ileng ka lemoha kamoo Bibele e leng monate kateng kaha e ngotsoe ka puo e bonolo, ’me e na le lithoko le litlaleho tse ngotsoeng ka puo e monate. Ke ile ka ameha maikutlo ka tsela e sa tloaelehang ha ke bala kamoo Jesu a ileng a etsa mehlolo kateng le kamoo a ileng a jajabetsoa ka bohale le ho songoa. E ne eka ke bona hantle ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e amang maikutlo!”
Ka nako eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 2 200 Albania, ’me litho tsa lelapa la Bethele li se li le 40. Ho ne ho hiriloe lifolete, empa ho ntse ho hlokahala mehaho e eketsehileng. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho rekoe setša se boholo ba lihekthere tse tharo motseng oa Mëzez o mathōkong a Tiranë. Ka selemo sa 2000, Komiti ea Naha e ile ea fetoha Komiti ea Lekala e le hore e hlokomele tšimo e ntseng e hōla ea Albania le ea Kosovo.
Ka September 2003, ha mehaho e mecha ea lekala e qala ho hahoa, bahoeletsi ba 3 122 ba ile ba tlaleha tšebeletso ea tšimo Albania. Ka eona nako eo, mosebetsi oa ho fetolela Mangolo a Seheberu ka Sealbania o ne o ntse o tsoela pele. Mosebetsi oa boboleli o ne o tsoela pele ka potlako ebile bahoeletsi ba ne ba hatela pele moeeng ka tsela e babatsehang. Ka August 2004 ho ile ha tšoaroa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ka lekhetlo la pele Albania, ’me boholo ba bahlankana ba 20 ba neng ba le sehlopheng seo ba ile ba hlokomela liphutheho e sa ntse e le bacha lilemong tse seng kae pele ho moo ha ho ne ho e-na le merusu. Ka sebele ba ile ba thaba ha ba koetlisetsoa mesebetsi e amanang le borapeli!
‘DIABOLOSE O NE A HALEFILE’
Ka February 2005, sehlooho se seng sa koranta se ne se re: “Jehova o Ruta Batho Hore ba Ipolaee!” Litabeng tsa thelevishene le likoranteng ho ile ha phatlalatsoa menyenyetsi ea bohata ea hore ngoanana ea ipolaileng e ne e le Paki ea Jehova. Ha e le hantle, ha ho mohla ngoanana eo a kileng a ithuta kapa a ea libokeng. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba ile ba sebelisa ketsahalo ena hore ba hlasele Lipaki ka matla.
Matichere a ne a soma bana ba Lipaki. Barab’abo rōna ba felloa ke mesebetsi. Batho ba ikeme ba re mosebetsi oa rōna o thibeloe. Le hoja barab’abo rōna ba ile ba leka ho buisana le bo-ralitaba, ho ile ha senyeha le ho feta.
Ho ne ho hlakile hore bahlanka ba Jehova ba hloka ho tataisoa le ho tšehetsoa e le hore ba tobane le tlhaselo ena e ncha. Ka hona, ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore ho be le puo e khethehileng, e bontšang hore ke habohlokoa hore barab’abo rōna ba tsoele pele ho bolela litaba tse molemo e le hore ba pepese mashano ana a mabe. Barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa hore ba buisane le batho ’me ba se ke ba ba tšaba. Ha thoe ba bolelle batho ba thahasellang hore palo ea Lipaki Tsa Jehova e eketsehile haholo lilemong tse seng kae tse fetileng, ’me ho ne ho ke ke ha e-ba joalo haeba Lipaki li ipolaea. Lipaki li ne li sa qale ho hlaseloa ka tsela ena. Barab’abo rōna ba ile ba hopotsoa hore lilemong tsa bo-1960, ho ile ha tlalehoa mashano a hore Spiro Vruho o ipolaile. Beng ba litlaleho tsena ba ne ba tla soetseha, ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo!
Likhoeli tse seng kae feela hamorao, ka August, David Splane oa Sehlopha se Busang o ne a le har’a batho ba 4 675 ba Albania le Kosovo ba neng ba le kopanong ea setereke. Ba ile ba sitoa ho itšoara ke thabo ha Mor’abo rōna Splane a lokolla Bibele e feletseng ea Sealbania ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang!
Mor’abo rōna e mong eo e leng khale a li bona, o ile a re: “Hase feela Satane a neng a leka ka matla hakana ho re sitisa! O ne a halefile hobane batho ba Jehova ba hlohonolofalitsoe haholo.”
Le hoja baphatlalatsi ba litaba ba ne ba bua bahlanka ba Molimo ba Albania hampe, ba ile ba tsoela pele ho ba matla. Banna ba bangata ba nyetseng baralib’abo rōna le batho ba bang ba amanang le Lipaki ba ileng ba bona hore litlaleho tsena ke mashano, ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ea e-ba bahoeletsi. Le har’a litlhaselo tsena tse mabifi tsa Satane, thato ea Jehova e ne e ntse e phethoa. Litho tsa lelapa la Bethele li ile tsa fallela lekaleng le lecha ’me ha tšoaroa sehlopha sa bobeli sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.
LEKALA LEA NEHELOA
Ka June 2006, ho ile ha neheloa mehaho e mecha ea lekala ’me har’a baeti ba 350 ba tsoang linaheng tse 32, ho ne ho boetse ho e-na le Theodore Jaracz le Gerrit Lösch, bao e leng litho tsa Sehlopha se Busang. Hape ho ne ho e-na le Sotir Ceqi, eo lilemong tsa bo-1940 mapolesa a ileng a mo chouka ka lithapo tsa motlakase. O ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka thabo le hoja a se a habile ho ba lilemo li 80.
Frosina Xheka, ea neng a ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi le hoja a qetile lilemo tse mashome a phela ka thata, o ile a re: “Ke ne ke lakatsa eka letsatsi lena le ka fihla, empa ke sa kholoe hore le tla fihla.” Polikseni Komino, mofumahali oa mofu Jani, o ne a le teng ’me a bolela hore barali ba hae le litloholo tsa hae ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Ho ne ho boetse ho e-na le Vasil Gjoka, ea seng a kotlobane ka mor’a ho sotleha ka lilemo-lemo. O ile a seka meokho ha a hopola mohla a etelang Leonidha Pope ’me a kolobetsoa ka lekunutu ka 1960.
Lekala le neng le le Tiranë le ile la etsoa Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa ba 14. Ho se ho tšoeroe lihlopha tse tšeletseng tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ’me seo se entse hore ho be le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tšepahalang le ba itetseng ba khathang tema ea bohlokoa tšimong ea Albania. Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba fetang 950 ba Maalbania le bona ba chesehela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo.
THOTA E SA NAMME
Ruri bara le barali babo rōna ba Albania ba ananela Bibele le lingoliloeng tse fetoletsoeng ka puo ea habo bona. Mosebetsi oa Jehova tšimong ena o tsoela pele hantle. Ho phaella ho banna ba mafolofolo le ba nang le bokhoni ba ntseng ba koetlisetsoa mesebetsi e amanang le borapeli, ho boetse ho na le “basali ba bolelang litaba tse molemo [bao e leng] lebotho le leholo.”—Pes. 68:11.
Lipaki Tsa Jehova tsa Albania li bontšitse hore Bibele e bua ’nete ha e re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova.” (Esa. 54:17) Ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova le matla a hae, ba ile ba lula ba tšepahala nakong ea puso ea bohatelli, ha ba khakhathoa, ha ba sa khone ho kopana le bara ba bang babo rōna, ha bo-ralitaba ba ba neta ka mashano le har’a mathata a mang.
Batho ba Jehova Albania ba kholisehile hore le ka moso o tla ’ne a ba bontše lerato le tšepahalang a be a ba hlohonolofatse. Ho sa tsotellehe mathata ao ba fetileng ho ’ona, ba thabela tlotla ea ho thabisa pelo ea Ntate oa bona ea leholimong ebile ba thabela tšepo e behiloeng ka pel’a bona. (Liprov. 27:11; Baheb. 12:1, 2) Taba ea bohlokoa e ’nileng ea totobala paleng ea borapeli ba Molimo Albania ke ena: Le ka mohla Jehova a ke ke a lebala boitelo ba bahlanka ba hae ba tšepahalang, ebang ke ba baholo kapa ba banyenyane, ba bontšitseng boitelo linthong tse khōlō kapa tse nyenyane.—Baheb. 6:10; 13:16.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 130]
Qalong sehlooho sa eona se ne se fetoletsoe e le Katara ea Molimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 140]
“U Mokreste ea joang ea sa loaneng, hobane le baruti ke bane ba ntse ba loana?”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 189]
“Re feletsoe ke liforomo tsa tlaleho ea tšimo”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 132]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea Albania
Naha
Albania e Europe boroa-bochabela, ka leboea ho Greece, ka bochabela ho hloahloa ea Italy e bōpehileng joaloka serethe sa seeta sa buti. E boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 28 750, ’me e lebōpong le bolelele ba lik’hilomithara tse 362 le iphaphathileng ka leoatle la Adriatic le la Ionian. Libaka tse pel’a leoatle tseo batho ba ratang ho phomola ho tsona Albania, tse tlohang Vlorë ho ea Sarandë li khabisitsoe ke mabōpo a lehlabathe le lesoeu a okametsoeng ke lithaba tse telele. Karolong e ka leboea le e bohareng ba naha ho na le mokoloko oa lithaba tse matsutla-tsutla, empa ka boroa-bophirimela ke libaka tse mobu o nonneng tse ntle bakeng sa temo.
Batho
Ho hakanngoa hore Albania e na le baahi ba 3 600 000 ’me boholo ba bona ke matsoalloa a Albania, ba seng bakae ke Baroma, Bagerike le Maserbia.
Boemo ba Mohatsela le Mocheso
Tikolohong e ka boroa e bataletseng e haufi le lebōpo la leoatle, mocheso oa lehlabula o tsamaela likhatong tse 26 tsa Celsius. Leha ho le joalo, mariha lithabeng tse ka leboea tsa Dibër, mohatsela o fihla ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 25 tsa Celsius.
Lijo
Byrek ke bohobe kapa pie, bo kentsoeng sepiniche, chisi, tamati le hanyanese kapa meroho e meng kapa nama. Tava e kosit, ke nama ea khoho kapa ea nku e phehiloeng ka moro o letsoai o entsoeng ka yokate e kopantsoeng le dille. Maalbania a rata ho ja ka khaba, kaha a ja sopho le sechu haholo. Hangata lijong tse khethehileng, moeti oa bohlokoa o fuoa hlooho ea nku. Tse ling tsa lijo tsa Maalbania tse tsoekere tse theolelang, ke baklava (e setšoantšong se ka ho le letona) le kadaif, e leng bohobe bo bakuoeng bo tšetsoeng ka sirapo kapa mahe a linotši le linate. Bohobe ke lijo tsa letsatsi le letsatsi Albania. Haeba u batla ho bolella motho hore u se u jele, u tla re feela, “Hëngra bukë,” e leng se bolelang “Ke jele bohobe.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 134]
Likopano Tsa Mathomo
Kantle ho Liboka Tsa Phatlalatsa tsa Sealbania tsa Sontaha, Maalbania a mangata a New England, U.S.A., a ne a kopanela le liphutheho tsa Senyesemane kapa tsa Segerike. Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, Maalbania a ne a e-ea likopanong tsa Segerike. Leha ho le joalo, ba ne ba thabela ho qhoaela libeche tse ngotsoeng ka puo ea habo bona, tse reng: “Kopano ea Matsatsi a Mararo ea Liithuti Tsa Bibele Tsa Albania.”
[Litšoantšo]
Beche (e ka ho le letona) e neng e qhoaetsoe ke barab’abo rōna ba Albania (ba ka tlaase mona) ha ba le kopanong Boston bofelong ba lilemo tsa bo-1920
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 151, 152]
“Ha ho Mohla Jehova a Kileng a re Lahla!”
FROSINA XHEKA
O HLAHILE KA 1926
O KOLOBELITSOE KA 1946
PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete e sa le mocha. Le hoja batsoali ba hae ba ne ba mo hanyetsa, ’me ba boholong ba ile ba mo etsa motho ea khesehang sechabeng, kamehla o ne a ikutloa a le haufi le Jehova le mokhatlo oa hae. O ile a hlokahala ka 2007 a ntse a tšepahala.
◼ FROSINA o rutiloe ’nete ke bo-abuti ba hae lilemong tsa bo-1940. Batsoali ba hae ba ile ba mo leleka lapeng ha a hana ho nyaloa ke monna eo ba mo khethetseng eena. Mor’abo rōna Gole Flloko o ile a itholla eena ’me a mo hōlisa joaloka morali oa hae.
Frosina o re: “Ka lekhetlo le leng ke ile ka tšoaroa hobane ke hanne ho vouta. Ke ne ke koaletsoe phaposing ha ho kena mapolesa a ka bang 30 ’me a nketsetsa sakana-la-nkope. Le leng le ile la nkharuma la re: ‘Ua tseba hore na re ka u etsa’ng?’ Ke ile ka utloa ke e-na le matla a tsoang ho Jehova eaba ke re, ‘Ha ho letho leo le ka nketsang lona haese seo ’Musi Morena Jehova a le lumellang hore le se etse!’ Mapolesa ana a ne a nahana hore ke fapane hlooho eaba a re, ‘Mo ntšeng ka mona!’ Ka sebele ke ne ke nepile. Jehova o ne a e-na le ’na!”
Ka 1957, Frosina o ile a nyaloa ke Luçi Xheka, ’me ba e-ba le bana ba bararo. Mathoasong a bo-1960, Luçi e ile ea e-ba setho sa Komiti ea Naha, e neng e sa tsoa thehoa, ’me e lokela ho hlokomela mosebetsi Albania. Nakoana ka mor’a moo, o ile a ahloleloa lilemo tse hlano botlamuoeng hōle le Frosina le bana ba hae (internim) motseng oa Gramsh. Ha Luçi a le moo o ile a tsoela pele a bolela litaba tse molemo le ho bua ka mokhatlo oa Jehova. Le kajeno batho ba Gramsh ba sa ntse ba mo hopola.
Ha Luçi a le botlamuoeng, Mokha oa Bokomonisi o ile oa kenya Frosina lethathamong la batho ba sa amoheleheng, kahoo o ne a sa lumelloa ho reka lijo. Frosina o re: “Ke ne ke se na taba. Barab’abo rōna ba seng bakae ba ne ba mpha lijo. Ha rea ka ra bolaoa ke tlala hobane ha ho mohla Jehova a kileng a re lahla!”
Ka mor’a lefu la Luçi, ho ile ha e-ba thata hore Frosina a kopane le barab’abo rōna. Empa ha aa ka a khaotsa ho bolela litaba tse molemo. Ha a hopola nako eo o re: “John Marks o ile a re etela lilemong tsa bo-1960. Ha ke qetella ke kopane le mofumahali oa hae, e leng Helen, ka 1986, e ile ea ka ke khale re tsebana! ’Na le Luçi re ne re romela ba ha Marks melaetsa ka sekhukhu, ’me ba e fetisetsa ho barab’abo rōna ba Brooklyn.”
Ka 1992 ha ’muso o amohela Lipaki ka molao, Frosina ke e mong oa Lipaki tse robong tse kolobelitsoeng tse neng li ntse li lula Albania. O ne a e-ba teng libokeng kamehla, ’me a e-ea tšebeletsong ea tšimo letsatsi le leng le le leng ho fihlela lefung la hae ka 2007. Nakoana pele a hlokahala, Frosina o ile a re: “Ke rata Jehova ka pelo ea ka eohle! Ha ho mohla nkileng ka nahana ho lahla tumelo ea ka. Ke ne ke tseba hore lelapa leso le leholo lefatšeng lohle, empa kajeno kea hlolloa ha ke bona kamoo bana ba Jehova ba leng bangata kateng Albania. Ha ho mohla Jehova a kileng a re lahla, ’me o sa ntse a re tšoere ka matsoho a hae a tletseng lerato!”
[Setšoantšo]
Frosina Xheka ka 2007
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 159, 160]
Qalong ho ne ho E-na le Leqeme la Lingoliloeng, Kajeno ke Matletsetletse
VASIL GJOKA
O HLAHILE KA 1930
O KOLOBELITSOE KA 1960
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a emela ’nete ka tieo tlas’a puso ea bohatelli. Kajeno ke moholo motseng oa Tiranë.
◼ KE HOPOLA ke bona Molula-Qhooa oa Segerike motseng oa heso oa Barmash ka bo-1930. Ntate o ile a supa makasine oo ’me a re, “Batho bana ba tseleng e nepahetseng!” Ho ile ha feta lilemo tse ngata pele ke utloisisa hore na o bolela’ng. Ke ne ke rata ho bala Bibele, le hoja motho a ne a ka kena mathateng haeba a e-na le eona. Ha ke le lepatong la mohoe oa mor’eso, ke ile ka kopana le mor’abo rōna e mong ea tsoang Tiranë. Ke ile ka mo botsa hore na Matheu khaolo ea 24 e bolela’ng ha e bua ka pontšo ea “matsatsi a ho qetela.” O ile a ntlhalosetsa hore na e bolela’ng, eaba hang-hang ke bolella motho e mong le e mong seo ke neng ke ithuta sona.
Ka 1959, ke ile ka ea sebokeng seo barab’abo rōna ba neng ba se tšoara ka lenyele ha Leonidha Pope. Ke ne ke ile ka bala buka ea Tšenolo kahoo ka botsa hore na sebata le Babylona e Moholo ke eng. Ha barab’abo rōna ba ntlhalosetsa, ke ile ka elelloa hore seo ke ’nete! Eaba ke kolobetsoa ka mor’a selemo.
Ke ne ke chesehela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, ka lebaka leo, ke ile ka lelekoa mosebetsing. Ke ile ka fumana sekosekara sa khale sa mapolanka eaba ke tsamaisetsa batho thepa ka sona motseng oa Tiranë. Le hoja ho ne ho se bonolo hore ke kopane le barab’abo rōna, ke bile ke se na lingoliloeng, ke ile ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo.
Mathoasong a bo-1960, pele Leonidha Pope a isoa internim, o ile a khona ho fumana lingoliloeng tse ’maloa tsa Segerike tse neng li kentsoe Albania ka sekhukhu. O ne a li fetolela ka lentsoe le phahameng, ’me ’na ke ngola seo a se buang bukeng. Joale o ile a ntaela hore ke etse likopi ’me ke li romele ho barab’abo rōna ba seng bakae ba Berat, Fier le Vlorë.
Ka sebele lintho li fetohile ka tsela e hlollang ho tloha ka bo-1990! Thabo ea ka ea khaphatseha ha ke bona lingoliloeng tse ngata tseo Jehova a re fileng tsona. Ho tloha ka 1992 ho fihlela kajeno, re tsamaisitse limakasine tsa Sealbania tse fetang limilione tse 17! Lingoliloeng tse ncha li fetoleloa ka Sealbania, ’me re na le Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha! Ha ke nahana ka lilemo tse ngata tse fetileng ha re ne re se na lingoliloeng, meokho ea thabo ea keleketla. Hore ebe re bile leqemeng ka nako e telele hakana, ho entse hore re ananele limpho tsena haholo!
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 163, 164]
Ke Ile ka Fumana Mosebetsi oa Bohlokoa ha ke Khutlela Hae
ARDIAN TUTRA
O HLAHILE KA 1969
O KOLOBELITSOE KA 1992
PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete a le Italy eaba o khutlela Albania. Ke setho sa Komiti ea Lekala ea Albania.
◼ KE NE ke le lilemo li 21 ka 1991 ha ke tloha Albania le baphaphathehi ba bang ba bangata. Re ile ra koetela sekepe se neng se leba Italy. Albania e ne e aparetsoe ke bofuma, kahoo, ke thabetse ho tsoa mathateng ao. E ne eka kea lora.
Matsatsi a mabeli ka mor’a hore re fihle Brindisi, Italy, ke ile ka nyenyelepa eaba ke tsoa kampong ea baphaphathehi ka ea batla mosebetsi. Monna e mong o ile a mpha molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele o ngotsoeng ka Sealbania o fotiloeng ka mochine eaba o ’memela sebokeng se neng se tl’o tšoaroa mantsiboeeng ao. Ke ile ka re ka pelong: ‘E-re ke mpe ke ee. Ho tseba mang, mohlomong ho na le motho ea tla mpha mosebetsi!’
Ke ne ke sa lebella hore nka amoheloa ka mofuthu hakaalo. Ha seboka seo se neng se tšoaretsoe Holong ea ’Muso se tsoa, ke ile ka bona motho e mong le e mong a tla ho ’na a nthabetse. Lelapa le leng le ile la re ke fapohele lijong tsa mantsiboea. Ba ile ba ntšoara ka tsela e lerato ba bile ba ntšiela seriti le hoja ke ne ke le Moalbania oa mophaphathehi ea litšila, ea bileng a sa kenang ka har’a naha ka molao!
Sebokeng se latelang, Vito Mastrorosa o ile a kōpa ho ithuta Bibele le ’na. Ke ile ka lumela ’me ho e-s’o ee kae ka elelloa hore ke fumane ’nete. Ka August 1992, ke ile ka kolobelletsoa Italy.
Qetellong litokomane tsa ka tsa ho lula Italy li ile tsa loka. Ke ne ke sebetsa mosebetsi o motle ’me ke romella lelapa leso le Albania chelete. Leha ho le joalo, ke ile ka tleloa ke monahano o reng: ‘Kaha joale mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o lumeletsoe ka molao Albania, ho hlokahala baboleli ba eketsehileng. Ebe nka khutla ka ea thusa? Lelapa leso lona le tla re’ng? Ba hloka chelete eo ke ba romellang eona. Batho bona ba tla re’ng?’
Ofisi ea Tiranë e ile ea ntetsetsa hobane ka November ho ne ho tla fihla sehlopha sa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Mataliana, ’me barab’abo rōna ba ne ba botsa hore na nke ke ka thabela ho tla ba ruta Sealbania. Mohlala oa bona o ile oa etsa hore ke je masapo a hlooho. Ba ne ba il’o sebetsa tšimo ea heso. Le hoja ba ne ba sa tsebe Sealbania, ba ne ba rata ho fallela moo. ’Na ke Moalbania ea hōletseng Albania. Joale ke batla’ng moo Italy?
Ke ile ka etsa qeto ’me ha bo-pula-maliboho bao ba khethehileng ba kena sekepeng ka tsamaea le bona. Hang ha ke fihla ke ile ka sebeletsa lehaeng le lenyenyane la Bethele. Ke ne ke ba ruta Sealbania hoseng ebe thapama kea fetolela. Qalong ba lelapa leso ba ne ba sa thaba. Empa ha ba utloisisa hore na hobane’ng ha ke khutletse Albania, ba ile ba qala ho mamela litaba tse molemo. Nakoana ka mor’a moo, batsoali ba ka, likhaitseli tsa ka tse peli le moholoane oa ka, ba ile ba kolobetsoa.
Ho hang ha ke llele metsotso ha ke tlohetse mosebetsi le chelete Italy! Ke etsa mosebetsi oa bohlokoa mona Albania. Ke nka hore mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa le o fang motho thabo ea sebele, ke ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle!
[Setšoantšo]
Ardian le mofumahali oa hae, Noadia
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 173, 174]
Liboka Tse Tšoaroang ka Lekunutu Lia Fela
ADRIANA MAHMUTAJ
O HLAHILE KA 1971
O KOLOBELITSOE KA 1993
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a memeloa sebokeng se tšoaroang ka lekunutu ’me ka mor’a moo lintho li ile tsa fetoha haholo. Hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng.
◼ HA MOTSOALA a hlokahala ka 1991, ke ile ka utloa ha mosali e mong ea bitsoang Barie a tšelisa Rakhali ka Bibele. Ha kea ka ka senya nako eaba ke mo botsa lipotso, ’me a re ke e’o kopana le motsoalle oa hae, Rajmonda moo a sebetsang teng. Lelapa la Rajmonda le ne le e-ba teng “tlelaseng.” Rajmonda o ile a mpolella hore ke lokela ho ithuta Bibele ka nako e itseng, hobane ho nka nako pele ba bacha ba lumelloa ho kena tlelaseng. Ke ne ke thabela seo ke ithutang sona, ’me ka mor’a nako e seng kae ka lumelloa ho ea tlelaseng.
Tlelase eo e ne e le ea batho ba sa kolobetsoang bao ha ba qala ho ea libokeng ba neng ba kopanela le Sotir Papa le Sulo Hasani. Lilemo pele ho moo, litho tsa Sigurimi li ne li ile tsa kena li ikhakantse litlelaseng eaba li tšoarisa barab’abo rōna. Kahoo bohle ba ne ba le hlokolosi hore na ba memela bo-mang libokeng!
Sebokeng sa pele seo ke bileng ho sona, ke ile ka hlokomela hore re lokela ho ngola lethathamo la metsoalle ea rōna ebe re e bolella seo re ithutang sona. Ha kea ka ka senya nako, eaba ke bua le Ilma Tani. Ka mor’a nakoana o ile a lumelloa ho kena tlelaseng. Batho ba tlang tlelaseng ea rōna e nyenyane ea batho ba 15 ba ile ba eketseha ka potlako.
Ka April 1992, Michael le Linda DiGregorio ba ile ba etela motseng oa Berat. Re ile ra khothalletsoa hore re meme motho e mong le e mong hore a tl’o mamela puo ea hae. Ka lebaka leo, batho ba 54 ba ile ba e-ba teng. Kaofela ha rōna re ne re sa kolobetsoa. Ka mor’a seboka seo, re ile ra nka nako e telele re botsa Michael le Linda lipotso tse ngata. Qetellong re ile ra ithuta hore na re lokela ho tšoara liboka joang le ho bolela litaba tse molemo.
Ha hoa ka ha feta nako e telele pele Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao. Ke ile ka tsamaea le Ilma le barab’abo rōna ba babeli ha re ea Tiranë ho ea ithuta hore na mosebetsi oa ntlo le ntlo o etsoa joang. Re ile ra kōptjoa hore ha re fihla Berat re rute ba bang seo re ithutileng sona. Eaba re etsa sohle seo re ka se khonang. Ha bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Mataliana ba romeloa Berat ka March 1993, phutheho ena e ne e se e hatetse pele haholo, ho tšoaroa liboka tse peli ka beke moo ho ka tlang mang le mang.
Khoeling eo ea March, ’na le Ilma re ile ra kolobetsoa kopanong ea pele e khethehileng ea letsatsi e neng e tšoaretsoe Tiranë. Ho ne ho e-na le batho ba 585 kopanong eo. Re ile ra ba bo-pula-maliboho ba kamehla ’me ho e-s’o ee kae ra khethoa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba pele ba Maalbania. Lintho li ne li se li sa etsoe ka lekunutu. Re ile ra romeloa Korçë.
Hamorao Ilma o ile a nyaloa ke Arben Lubonja, ea neng a se a qetile likhoeli tse ’maloa a bolela litaba tse molemo a le mong Korçë. Ba ile ba qetella ba le mosebetsing oa potoloho ’me hona joale ba sebeletsa Bethele. Ke thabile hore ebe ke ile ka memela Ilma tlelaseng eo!
Morao tjena ha ke ne ke le kopanong ea setereke eo ho eona ho neng ho e-na le batho ba fetang 5 500, ke ile ka hopola tlelase eo e neng e tšoaroa ka lekunutu. Jehova o entse liphetoho tse kaakang! Hona joale liboka le likopano li tšoareloa pontšeng. Le hoja barab’abo rōna ba bangata ba se ba tlohile Berat ka lebaka la boemo ba moruo, tlelase ea rōna e nyenyane e se e le liphutheho tse hlaho tse hōlang ka potlako!
[Setšoantšo]
Ilma (Tani) le Arben Lubonja
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 183]
“Ho Lokile, a re Tsamaee!”
ALTIN HOXHA LE ADRIAN SHKËMBI
BA HLAHILE KA 1973
BA KOLOBELITSOE KA 1993
PALE EA BOPHELO BA BONA Ba ile ba tsoa univesithi ba ea bula maliboho, ’me hona joale ke baholo.
◼ MATHOASONG a 1993, e ne e le liithuti univesithing ea Tiranë. Motsoalle e mong oa bona o ile a buisana le bona ka nako e telele a ba phetela seo Lipaki Tsa Jehova li neng li mo ruta sona. Sohle seo a neng a se bua se ne se tsoa ka Bibeleng. Hamorao ba ile ba ithuta ka ho eketsehileng, ’me ba sebelisa seo ba ithutileng sona eaba ba kolobetsoa hona selemong seo. Lehlabuleng leo ba ile ba ea bolela litaba tse molemo motseng oa Kuçovë, moo ho neng ho se na bahoeletsi.
Ha ba khutlela Tiranë, Adrian o ile a re ho Altin: “Sekolo se tla re thusa ka’ng? Mosebetsi o re emetse koana Kuçovë!”
Eaba Altin o re, “Ho lokile, a re tsamaee!” Ka mor’a likhoeli tse supileng ba kolobelitsoe, ba ile ba khutlela Kuçovë.
Jehova o ile a ba hlohonolofatsa haholo. Kajeno ho na le bahoeletsi ba mafolofolo ba fetang 90 Kuçovë. Lipaki tse ka bang 25 tsa Kuçovë ke bo-pula-maliboho libakeng tse ling ’me tse ling li Bethele. Boholo ba tsona bo khannetsoe thuto ke Adrian le Altin.
Ha Altin a hopola univesithing oa bobotheha ’me o re: “Moapostola Pauluse o ile a etsa qeto ea ho se ntlafatse thuto ea hae, le ’na ka 1993, ke ile ka etsa qeto eona eo. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela hore ebe ke ile ka re, ‘Ho lokile, a re tsamaee!’”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 191, 192]
Tichere e Neng e Ruta Hore Molimo ha a eo Joale e Ruta Bibele
ANASTAS RUVINA
O HLAHILE KA 1942
O KOLOBELITSOE KA 1997
PALE EA BOPHELO BA HAE Pele bana ba hae ba mo ruta ’nete, o ne a ruta batho bao a ba okametseng sesoleng hore Molimo ha a eo. Kajeno ke moholo ebile ke pula-maliboho ea khethehileng.
◼ KA MOR’A ho koetlisoa sesoleng ka 1971, ke ile ka ba mokomishinara oa mokha oa lipolotiki. Ho ne ho sebelisoa tlotla eo hobane ka 1966 ’muso o ne o ile oa felisa maemo sesoleng. Boikarabelo ba ka bo ne bo akarelletsa ho ruta batho bao ke ba okametseng thuto ea hore Molimo ha a eo. Ke ne ke hlalosa thuto ea hore bolumeli bo taea batho.
Ke na le mosali le bana ba bararo. Ka 1992, mora oa ka ea bitsoang Artan, o ile a qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, Tiranë. Eaba o tsamaea le khaitseli ea hae e bitsoang Anila. Ke ne ke nka hore ba itšenyetsa nako ebile ba etsa ntho e se nang kelello. Ka lebaka leo, re ne re lula re pheha khang lapeng.
Ka letsatsi le leng ke ile ka qetoa ke bohelehele eaba ke bala Molula-Qhooa. Le hoja ke ne ke lebeletse ho fumana masaoana, litaba tsa oona li ne li utloahala. Ke ’nete hore Artan le Anila ba ile ba ’na ba nkhothalletsa ho ithuta Bibele, empa ke ne ke sa batle. Ke ne ke re nke ke ka ithuta Bibele ke sa lumele ho Molimo. Ka 1995, ho ile ha lokolloa buka ea Sealbania ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Artan le Anila ba ile ba mpha eona. Ke eona e ileng ea nkholisa hore Molimo o teng! Ke ne ke se ke se na lebaka leo nka itšoarellang ka lona, eaba ke ithuta Bibele. Nakoana ka mor’a moo, mohats’a ka Lirie, le eena o ile a ithuta Bibele eaba rea kholiseha hore seo re ithutang sona ke ’nete.
Ha ke ipuela ’nete, ho nkile nako hore ke hatele pele. Ke ne ke le lilemo li 53, ’me ho se bonolo hore ke tlohele ho nahana joaloka ralipolotiki le lesole. Ka sebele, e bile ka thuso ea ’Mōpi oa rōna, Jehova, ke ileng ka hatela pele.
Ke ne ke sa batle ho ba mohoeletsi hobane ke tšoenyehile hore ke tla bolella batho bao ke neng ke ba ruta hore Molimo ha a eo litaba tse molemo. Ba ne ba tla nkuka joang? Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke ithuta, Vito Mastrorosa o ile a mpalla litaba tsa Saule oa Tarsase. Li ile tsa nkotla botsekeng! Saule o ile a hlorisa Bakreste, a ithuta ’nete, ka mor’a moo a bolela litaba tse molemo. Ke ne ke kholisehile hore le ’na Jehova a ka nthusa joalokaha a ile a thusa Saule.
Le kajeno ke sa ntse ke qaboha ha ke bona kamoo Jehova a ntseng a nthusa kateng hore ke se ke ka lomahanya meno haholo ha ke sebelisana le batho, empa hore ke utloele batho ba bang ho e-na le ho iketsa molaoli oa sesole. Hanyane ka hanyane ho sa tla be ho loke.
Hona joale ha ke sa pheha khang le bana ba ka ka Bibele. Empa ke ikotla sefuba ka bona. Artan ke pula-maliboho ea khethehileng ebile ke moholo. Barali ba ka, e leng Anila le Eliona ba sebeletsa Bethele, Tiranë.
’Na le Lirie re bo-pula-maliboho ba khethehileng. Re nka e le tlotla e khōlō hore ebe re ruta batho ba bang ’nete e mabapi le ’Mōpi oa rōna e Moholo ebe re bona ha ba fetola bophelo ba bona. Ka sebele hoa thabisa ho khothatsa batho ba bang ka litšepiso tsa Molimo a le mong feela ea phelang le oa ’nete, Jehova!
[Setšoantšo]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ho le letona: Artan, Anila, Lirie, Anastas, Eliona le monna oa hae, Rinaldo Galli
[Chate/Krafo e leqepheng la 176, 177]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Albania
1920-1922 Maalbania a ithuta ’nete United States.
1922 Thanas Idrizi o khutlela Gjirokastër a se a tseba ’nete.
1925 Ho tšoaroa lihlopha tse tharo tse nyenyane tsa ho ithuta Bibele Albania.
1928 Ho bontšoa filimi ea “Photo-Drama of Creation” metseng e mengata.
1930
1935-1936 Ho kenoa letšolong le pharaletseng la ho bolela litaba tse molemo.
1939 Lipaki Tsa Jehova lia thibeloa.
1940
1940 Barab’abo rōna ba robong ba kenngoa teronkong ka lebaka la ho se jele paate.
1946 Ho thehoa ’muso oa Makomonisi.
1950
1960
1960 Komiti ea Naha e qala ho tsamaisa mosebetsi Albania.
1962 Litho tsa Komiti ea Naha li isoa likampong tsa mosebetsi o boima.
1967 Ka molao Albania e fetoha naha e sa lumeleng ho Molimo.
1980
1990
1992 Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao.
1996 Milton Henschel o ba teng ha ho neheloa Bethele ea pele.
1997 Trazira ea qala.
2000
2005 Ho lokolloa Bibele e feletseng ea Sealbania ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
2006 Ho neheloa ofisi ea lekala Mëzez, Tiranë.
2010
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
4 000
3 000
2 000
1 000
1930 1940 1950 1960 1980 1990 2000 2010
[Limmapa tse leqepheng la 133]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MONTENEGRO
KOSOVO
MACEDONIA
GREECE
Ioannina
Letša la Scutari
Letša la Ohrid
Letša la Prespa
LEOATLE LA ADRIATIC
ALBANIA
TIRANË
Shkodër
Kukës
Burrel
Mëzez
Durrës
Kavajë
Gramsh
Kuçovë
Fier
Berat
Korçë
Vlorë
Tepelenë
Këlcyrë
Barmash
Përmet
Gjirokastër
Sarandë
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 126]
[Setšoantšo se leqepheng la 128]
Ka mor’a hore Thanas Idrizi a ithute ’nete New England, U.S.A., o ile a isa litaba tse molemo Gjirokastër, Albania
[Setšoantšo se leqepheng la 129]
Sokrat Duli o ile a ruta moen’ae ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 137]
Nicholas Christo o ile a bolella bahlomphehi ba Albania litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 142]
Lengolo le maqephe a mabeli leo barab’abo rōna ba Maalbania ba Boston ba ileng ba le ngolla Enver Hoxha
[Setšoantšo se leqepheng la 145]
Leonidha Pope
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
“Ke Jehova ea nthutileng hore ke se ke ka saenela mantsoe ao ke sa a buang.”—Sotir Ceqi
[Setšoantšo se leqepheng la 149]
Helen le John Marks pele John a khutlela Albania
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
Spiro Vruho e ne e le molebeli ea tsamaeang
[Setšoantšo se leqepheng la 157]
Llopi Bllani
[Setšoantšo se leqepheng la 158]
Le hoja Kulla Gjidhari a ne a le mong, o ile a ’na a tšoara Sehopotso
[Setšoantšo se leqepheng la 167]
Michael le Linda DiGregorio
[Setšoantšo se leqepheng la 172]
Tokomane e thehiloeng Molaong oa 100 ea ho ngolisoa ha Lipaki Tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 175]
Seboka sa phutheho se tšoaretsoeng Holong ea ’Muso ea pele ka 1992, Tiranë
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Areti Pina o ile a bolela litaba tse molemo ka botšepehi a le mong
[Litšoantšo tse leqepheng la 184]
Mohaho oa khale o ileng oa etsoa liofisi tse ntle
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
“Leha le ka kena teronkong, le se ke la tšoenyeha.”—Nasho Dori
[Litšoantšo tse leqepheng la 194]
David Splane o lokolla Bibele e feletseng ea “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” ka Sealbania
[Setšoantšo se leqepheng la 197]
Baromuoa bao hona joale ba sebeletsang Albania
[Setšoantšo se leqepheng la 199]
Lekala la Albania
Komiti ea Lekala: Artan Duka, Ardian Tutra, Michael DiGregorio, Davide Appignanesi, Stefano Anatrelli