Belize
NAHA e ntle e ratoang ke lipula ea Belize e Hloahloeng ea Yucatán ’me e moeling oa Mexico le Guatemala, hape e sika le Leoatle la Caribbean. Naheng ena e nyenyane eo pele e neng e bitsoa British Honduras ho lula batho ba litso tse sa tšoaneng, lipuo, mekhoa, ba jang lijo tse sa tšoaneng le ba malumeli a sa tšoaneng.
Belize e na le baahi ba ka bang 300 000, ’me baa fokola ha ba bapisoa le ba linaha tse ling tsa Amerika Bohareng. Merung ea teng e teteaneng e ratoang ke pula, ho na le linonyana tse mebala-bala, esita le liphoofolo tse khahlehang, tse akhang mofuta o mong oa lengau o lulang o ipatile. Naheng ena u tla boela u fumane lithako tse ngata tsa Bamaya ba mehleng ea boholo-holo le lithaba tsa litonanahali tse khabileng ka lifate tse telele tsa palema le liphororo tsa metsi a phallang hamonate. Ntho e tsotehang naheng ena ke mahaha a mangata a maholohali ao a mang a ’ona a kenellang linōkeng tse tsoelipanang tse nang le metsi a hloekileng. Mopopotlong oa Likorale Tsa Leoatle oa Belize, o iphaphathileng le lebōpo lohle, ho na le likorale tse ngata tse mebala-bala esita le lihlekehleke tse nyenyane tse qalikaneng tse lehlabathe le lesoeu, tse nang le lifate tsa lipalema.
PALE EA BELIZE
Baahi ba pele ba Belize ke Maarawak le Macarib, a ileng a fallela moo a tsoa Amerika Boroa. Ho lumeloa hore lilemo tse makholo pele Maeurope a lula ho se bitsoang New World, haesale Belize e le motse-moholo oa Bamaya, o nang le libaka tse khōlō tseo mekete ea bolumeli e neng e tšoareloa ho tsona le litempele tse majabajaba.
Ha ho na lingoloa tse bontšang hantle hore na ho tlile joang hore Maeurope a etse Belize kolone. Seo re se tsebang feela ke hore Spain ha e-ea ka ea atleha ho hapa Bamaya. Ka 1638, masholu a maoatleng a Mabrithani a ile a haha lebōpong la Belize. Ho elella bohareng ba lilemo tsa bo-1600, ho ne ho se ho hahiloe lifeme tsa lehong la logwood (leo ho lona ho neng ho ntšoa dae e kenyang chelete e ngata).
Mabrithani a ne a tlisa makhoba naheng ena a a nka limmarakeng tsa Jamaica le United States, ’me a lata a mang ka ho toba Afrika, e le hore a tl’o rema lehong la logwood le la mahogany. Le hoja ho ne ho sa tloaeleha hore makhoba a sebetsang khoebong ea lehong a khannoe ka sephali joalokaha ho ne ho etsoa linaheng tse ling tsa Amerika, a ne a phela maemong a sisimosang ’me a atisa ho tšoaroa hampe. Makhoba a mangata a ile a tsohela beng ba ’ona matla, a ipolaea ’me a mang a baleha eaba a ikahela metse Belize moo a neng a phela ka bolokolohi. Ka 1862, Belize e ile ea etsoa kolone ea Brithani, ’me ea fumana boipuso ka 1981.a
PEŌ EA ’NETE EA MELA
James Gordon ea ileng a kolobetsoa Jamaica ka 1918, ke Paki ea pele e ileng ea fihla Belize. Mehleng eo Lipaki li ne li bitsoa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba. Ka 1923 mohlankana enoa e mosesaane ea lentsoe le bonolo o ile a fallela Belize a tloha Jamaica. O ile a lula motseng oa mahaeng oa Bamaya o bitsoang Bomba, moo a ileng a nyala ’me a ba le bana. Le hoja a ne a le hōle le barab’abo ba Bakreste, o ile a bolella metsoalle le baahelani ba hae litaba tse molemo.
Ho tlile joang hore litaba tse molemo tsa ’Muso li fihle likarolong tse ling tsa kolone ee ea Brithani? Ka 1931 mosali e mong oa United States ea neng a se na ’mele, ea habileng lilemo tse 60 ea bitsoang Freida Johnson, o ile a qala ho bolela litaba tse molemo libakeng tse ling tsa Amerika Bohareng. O ne a bolela litaba tse molemo a le mong litoropong, metseng le libakeng tseo ho lulang batho ba sebetsang masimong a libanana Lebōpong la Caribbean, ’me ka linako tse ling a palama pere.
Ha Freida a fihla Belize City ka 1933, o ile a hira kamore e nyenyane ha Mofumahali Beeks. O ne a utloa ha Freida a bala Bibele a bile a bina sefela pele a tsamaea hoseng ho hong le ho hong. Batho ba bangata ba ile ba bona hore ka sebele Freida oa cheseha. Ka mohlala, o ne a sa phomole thapama joaloka batho ba bang ba Linaheng Tse Chesang. Likhoeling tse tšeletseng tseo a li qetileng naheng ena o ile a thusa Mojamaica ea nang le lebaka ea bitsoang Thaddius Hodgeson hore a thahaselle litaba tse molemo. Le hoja Belize City e ne e le sona sebaka seo Freida a neng a bolela litaba tse molemo ho sona, o ne a li bolela le metseng e meng ea mahaeng ’me ha a fihla motseng oa Bomba a kopana le James Gordon. Mosebetsi oa Freida o tsoileng matsoho o ile oa thusa batho ba amohetseng ’nete hore ba tsebane ba be ba qale ho ea libokeng.
BA BANGATA BA RUTOA ’NETE
Le hoja mehleng eo ho ne ho le thata hore batho ba buisane, James le Thaddius ba ile ba ’na ba behana leseling hore na mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ea joang libakeng tse sa tšoaneng tseo ba neng ba sebetsa ho tsona. Khale koana ka 1934, Thaddius o ile a ngolla ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn a kōpa keramafono le lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng.
Mantsiboeeng a Moqebelo, Thaddius o ne a letsa lipuo tse rekotiloeng ka pel’a mohaho oa Lekhotla le Phahameng, a le serapeng se senyenyane se neng se sebelisoa e le moo masole a ikoetlisetsang teng. Serapa sena se neng se tsebahala e le “Lebala la Ntoa,” e ile ea hla ea e-ba lebala la ntoa. Ka lehlakoreng lena Thaddius o ne a letsa lipuo tse rekotiloeng tsa Mor’abo rōna Rutherford, athe ka lehlakoreng lane sehlopha sa Salvation Army se letsa libente, se nkile moropa o moholo o neng o tilinngoa ke Beaumont Boman. Leha ho le joalo, ha hoa ka ha feta nako e telele pele Beaumont a amohela molaetsa oa ’Muso ’me a thusetsa Thaddius lebaleng la ntoa. Beaumont o re: “Ke leboha Molimo oa ka, Jehova ea ileng a nthusa hore ke khaohane le meropa!”
Ka pel’a ’maraka ho ne ho boetse ho e-na le sebaka se senyenyane se setle sa ho bolela litaba tse molemo. Se ne se tsejoa e le Mule Park, moo ho neng ho pakoa likariki tsa limmoulo tse neng li tsamaisa thepa toropong. Ke teng moo batho ba neng ba atisa ho utloa lentsoe la Thaddius, eo e neng e le koete e telele, e letlalo le lesootho, ebile e le sebui se ntsoe le phefa. Le hoja likereke tseo ho thoeng ke tsa Bokreste li ne li sa ntse li laola batho ba bangata ba ratang Bibele ba Belize, ho na le ba bangata ba lipelo li ntle ba ileng ba amohela litaba tse molemo ba akhang James Hyatt le Arthur Randall, ba neng ba hlaha Jamaica.
Karolong e ka leboea ea Belize City, Thaddius o ile a qala ho tšoara liboka lebakeng la hae, ’me o ne a chechisa tafole eo a rekisetsang ho eona ebe o beha mapolanka holim’a litulo o etsa libenche ka ’ona. Karolong e ka boroa ea motse, liboka li ne li tšoareloa ha Cora Brown. Ho feta moo, Nora Fayad o hopola hore ha a sa le monyenyane, Lipaki tse ’maloa li ne li atisa ho kopana pel’a habo, lebaleng ha Arthur Randall.
LITHOLOANA TSA HO ITHUKHUBETSA BOBOLELING
Boholo ba Lipaki tseo tsa pele bo ne bo tsebahala ka ho ithukhubetsa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Ka mohlala, le hoja James (Jimsie) Jenkins a ne a foufetse, o ne a tsamaea Belize City eohle ka maoto a tšoere molangoana oa hae. Molly Tillet o re o ne a mo utloa ha a bolela litaba tse molemo, leha a le seterateng sa bobeli ho tloha moo a leng teng! Batho ba ne ba boetse ba hopola kamoo James a neng a hloaea tsebe kateng ha a le libokeng moo a neng a lula setulong a ikhitlile ka molamu selelung e le hore a utloe hantle. O ne a tšoara litemana tse ngata tsa Bibele ka hlooho, ’me a li sebelisa ha a bolela litaba tse molemo.
Nakong eona eo, James Gordon o ne a tumme metseng e pel’a Bomba ka ho bolella e mong le e mong eo a kopanang le eena litaba tse molemo, ka nģ’ena a tšoere sutuk’heise e nyenyane ea lepolanka e tšetseng libuka ’me ka nģ’ane a tšoere keramafono. Sontaha se seng le se seng ka malungoalungoana, o ne a nyoloha nōka ka seketsoana sa hae sa lehong ebe o qeta letsatsi lohle a le tšimong. Ha shoalane e tšoara batho ba ne ba mo bona a nyoloha tseleng e hlahang ka nōkeng. Ka mor’a lijo tsa mantsiboea, o ne a khannela bana ba hae ba tšeletseng thuto ea Bibele ho fihlela a khathetse hoo a sitoang ho tšoara buka.
Ka nako eo, mofumahali oa Mor’abo rōna Gordon e ne e e-s’o be Paki. Ka letsatsi le leng ha mora enoa oabo rōna a le sieo, mofumahali oa hae o ile a chesa boholo ba lingoliloeng tsa hae tsa Bibele. Ha a khutla ’me a bona seo mofumahali oa hae a se entseng, ha aa ka a mo halefela. O ile a mpa a bua ka lentsoe le tebileng, a re, “U se ke ua hlola u pheta!” Bana ba hae ba ile ba tsota kamoo a ileng a ithiba kateng hobane ba ne ba tseba hore ’mè oa bona o mo senyelitse lintho tseo a li ratang haholo.
BA HULOA KE MOEA OA JEHOVA
Hoseng ho hong ka Sontaha, James o ile a bolella Derrine Lightburn litaba tse molemo. Derrine e ne e le Mochache oa popota ea neng a amohetse buka ea The Harp of God. O ne a sa utloe James hantle hobane a ne a le lentsoe le bonolo, leha ho le joalo, o ne a labalabela ho tseba hore na o re’ng. Hamorao ha a etetse ausi oa ’mè oa hae, ea bitsoang Alphonsena Robateau ea neng a lula Belize City, monna e mong o ile a ema hekeng, ’me a kōpa ho kena ka jareteng.
Derrine o ile a re ho Alphonsena: “O tšoana hantle le monna ea mphileng buka eane e monate eo ke neng ke ntse ke bua ka eona.”
Monna eo e ne e se James Gordon, empa e ne e le James Hyatt. O ile a letsetsa basali bao ba babeli keramafono a ba a siela Alphonsena buka ea The Harp of God. Le hoja Alphonsena le ngoan’abo ea bitsoang Octabelle Flowers ba ne ba rata lipolotiki, ba ne ba ntse ba batla ’nete. Seo Alphonsena a ileng a se utloa letsatsing leo, se ile sa mo susumelletsa hore a re ho Octabelle: “Monna e mong o tlile mona a bua ka ’Muso oa Molimo. Ke bona eka ke sona seo re ntseng re se batla!” Octabelle o ile a etsa bonnete ba hore o ba teng ha mora eo oabo rōna a khutla. Basali bana ba bararo—Alphonsena, Octabelle le Derrine—ba ile ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa ka 1941.
’Mè oa Alphonsena le Octabelle o ne a sa tsoa hlokahala, ’me ngoan’abo bona e leng Amybelle Allen, o ile a rapela Molimo a kōpa ho shoa e le hore a ee leholimong a e’o ba le ’mè oa hae. Octabelle o ile a kōpa Amybelle hore a e’o mamela puo e reng, “Bafu ba Hokae?” Amybelle o ile a ea ’me ho tloha mohlang oo ha aa ka a khaotsa ho ba teng libokeng.
Morali oa Derrine ea bitsoang Olga Knight, o re: “Batho bao ba ile ba huleloa ho Jehova ke moea oa hae ka mor’a hore feela ba bale lingoliloeng ba be ba ee libokeng. Ba ne ba rata ’nete hoo hang-hang ba ileng ba qala ho bolella ba bang seo ba ithutileng sona.”
Ka mohlala, ntate oa Olga e leng Herman Lightburn, o ile a amohela ’nete ha a qeta ho bala buka ea Children ha a ntse a le sepetlele. O ne a rata seo a se balang hoo a neng a hira teraka Labohlano le leng le le leng ebe o palamisa sehlotšoana sa bahoeletsi ba il’o bolela litaba tse molemo metseng e haufi. O ile a boela a bolela litaba tse molemo haholo sebakeng sa mahaeng sa Black Creek, moo a neng a e-na le polasi.
Olga o re: “Batsoali ba ka ba ne ba bolela litaba tse molemo haufi le Nōka ea Belize, ’me ka shoalane batho ba e-tla ka mabone ho tla ba mamela. Ha re ile polasing ho ea phomola, hoseng ho hong le ho hong ’na, batsoali ba ka, Nkhono Amybelle le morali oa hae Molly Tillet—re ne re palama lipere tsa Ntate re tsamaea re kolokile re be re e’o fihla motseng oa Crooked Tree. Ha re fihla moo, re ne re tlohella lipere hore li fule ebe re ithuta Bibele le batho ba thahasellang. Sena se ile sa etsa hore malapa a mang a amohele ’nete.”
Ka 1941 sehlopha sa pele sa bahoeletsi ba bacha se ile sa kolobetsoa Leoatleng la Caribbean, Belize City. Ba ne ba akha George Longsworth, ea ileng a bula-maliboho ho tloha selemong seo ho fihlela ka 1967 ha a hlokahala a le lilemo li 87. O ne a bolela litaba tse molemo haholo-holo libakeng tse hare-hare ho naha, moo a ileng a sebetsa masimo a macha, a tsamaea nako e telele ka pere litoropong le metseng e menyenyane. Tsela eo George a neng a chesehela tšebeletso ka eona a bile a e-ba teng kamehla libokeng e ile ea khothatsa haholo-holo batho ba sa tsoa qala ho kopanela. Jehova o ne a hlile a sebelisa bahlanka bana ba chesehang ba bileng ba tšepahalang hore a hulele batho ba lipelo li ntle ka mokhatlong oa hae.
BAROMUOA BA PELE BA FIHLA BELIZE
Ka la 5 October, 1945, ho ile ha fihla Elmer Ihrig le Charles Heyen, ba neng ba tsoa sehlopheng sa pele sa Gileade. Leha ho le joalo, ka la maobane leholiotsoana le ne le ile la puputla sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 160 ka boroa ho Belize City. Ho tloha boema-fofane ho ea motseng ke lik’hilomithara tse 16, ’me ’mila oo o ne o koahetsoe ke metsi, kahoo baromuoa bao ba babeli ba ile ba palama teraka e khōlō ea masole. Thaddius Hodgeson o ile a nka lejoe le leholo la samente le mabokose a lepolanka, a a beha ka pel’a ntlo ea hae e le hore ha bara bao babo rōna ba babeli ba fihla, ba se ke ba qhafutsa ka har’a metsi ha ba kena ka tlung.
Barab’abo rōna ba Belize ba ne ba letetse baromuoa bao ba pele ka tjantjello. James Gordon, León Requeña le Rafael Medina ba ne ba ikemiselitse ho nka leeto le lelelele ba tloha karolong e ka leboea ea naha ba ea Belize City e le hore ba teane le baromuoa bana ba bacha—’me mehleng eo leeto leo le ne le hlile le le boima! Setloholo sa Rafael se bitsoang Ismael Medina, se re: “Ho ne ho se na ’mila o motle o tlohang karolong e ka leboea ea naha o eang Belize City. Ho ne ho mpa ho e-na le litsela tse likoti-koti tse bitsoang picados tseo likariki tsa limmoulo li neng li tsamaea ho tsona. Tseleng ho ne ho se na metse, kahoo, ba ne ba robaletsa kae kapa kae moo ba phirimelloang teng le hoja ho e-na le linoha. Ha ba se ba kopane le baromuoa ’me ba ba file litaelo le libuka, bara bana babo rōna ba bararo ba ile ba nka leeto le leng hape, joale ba se ba khutlela hae. Leeto leo le ile la nka matsatsi-tsatsi!”
James Hyatt o ile a tsebisa sechaba baromuoa bana ka tsela e sa tloaelehang Mule Park. O ile a qala ka puo e bohale e seollang baruti ka lebaka la lithuto tsa bona tsa bohata, e leng se ileng sa etsa hore batho ba bang ba shebeletseng ba qale ho hlapaola barab’abo rōna. Ha puo ea hae e se e il’o fela, ka tšohanyetso o ile a supa baromuoa bao ba babeli eaba o re, “Batho bana ba se ba tla bua le lōna!” Sechaba se ile sa tsebisoa baromuoa ka eona tsela eo!
Ha ho potang hore barab’abo rōna ba mehleng eo ba ne ba rata Jehova le ’nete ea Bibele ka lipelo tsohle tsa bona, ebile ba hloile lithuto tsa bohata tsa bolumeli ka ho feletseng. Ho feta moo, ho ile ha hlaka hore ho na le lintho tsa bohlokoa tseo baromuoa bana ba ka li rutang bahoeletsi bao ba chesehang e le ho ba thusa hore e hle e be baboleli ba atlehang.
Baromuoa bana ba babeli ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo Belize City, eo ka nako eo e neng e e-na le baahi ba ka bang 26 700. E ne e hahiloe holim’a ’moto-moto o bophahamo ba lisenthimithara tse 30 ka holim’a bophahamo ba leoatle, ’me e se na likotopo tse qhallang metsi ka ntle ho motse. Ho phaella moo, ho ne ho chesa ho bile ho le mongobo. Metsi a motse a ne a sa fihle malapeng, empa hoo e batlang e le jareteng e ’ngoe le e ’ngoe, ho ne ho e-na le tanka e khōlō ea lepolanka e khakeletsang metsi nakong ea lipula. Leha ho le joalo, ka linako tse ling pula e ne e na joalokaha eka e lefella linako tseo e neng e sa ne ka tsona, joaloka selemong sa 1931 moo ho ileng ha e-ba le leholiotsoana le ileng la ruthutha motse hoo ho ileng ha shoa batho ba fetang 2 000.
MOSEBETSI O TSOELA PELE HAR’A LITŠITISO
Le hoja ho se mohla mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o kileng oa thibeloa Belize, ’muso o ile oa thibela lingoliloeng tsa rōna ka nako e itseng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Leha ho le joalo, nakoana pele baromuoa ba fihla, ’muso o ile oa re lumella ho tsamaisa lingoliloeng tsa rōna ka bolokolohi.
Empa ha Molula-Qhooa oa Senyesemane oa July 15, 1946, o bua ka mosebetsi oa baromuoa ba babeli ba Belize, o ile oa re: “Karolong e hare-hare ea naha, moprista oa Roma e K’hatholike o ntse a leka ho khothalletsa hore lingoliloeng tsa rōna tseo baena ba li fumanang ka poso li thibeloe. Baruti ba Roma e K’hatholike ha ba khotso hore ebe baromuoa bana ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba teng ka har’a naha; ’me moprista e mong oa Leaerishe la Leamerika . . . o ile a halefa haholo hore ebe ’Muso oa Brithani oa Bokolone o ba lumeletse hore ba kene ka har’a naha. . . . [Baromuoa] bao ba babeli ba ile ba hopotsa moprista eo hore o ipitsa Leamerika, eaba ba mo bontša lipalo-palo tsa batho ba literonkong tsa Amerika tse bontšang hore Kereke ea Roma e K’hatholike ha e hlile ha ea ruta batho ba United States boitšoaro bo botle, ’me a tsamaea a soabile.”
Tlaleho ea pele e nepahetseng ea bahoeletsi ba Belize e bile ka 1944 ha bahoeletsi ba supileng ba tlaleha mosebetsi oa bona. E le hore bahoeletsi ba pake ka tsela e atlehang, ba ile ba qala ho sebelisa likarete tse ngotsoeng molaetsa oa Bibele ha ba etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Selemo feela baromuoa ba fihlile, palo ea bahoeletsi e ile ea nyolohela ho 16.
Ka 1946, Nathan H. Knorr le Frederick W. Franz, ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše lohle, ba ile ba etela naha ena ’me ba theha ofisi ea lekala. Mor’abo rōna Knorr o ile a fana ka puo e mabapi le tsela eo lintho li lokelang ho hlophisoa ka eona ka phuthehong, a re ho hlokahala hore bahoeletsi ba tlalehe tšebeletso ea tšimo liforomong tseo mokhatlo o ba fileng tsona. Mor’abo rōna Franz o ile a khothalletsa litho tsa phutheho hore li bontše ba bang mohau ka hore li tsoele pele ho ba bolella molaetsa oa ’Muso. Mafelong a beke Mor’abo rōna Knorr o ile a hlalosetsa batho ba 102 ba neng ba mametse puo ea hae, ba neng ba akarelletsa batho ba bangata ba thahasellang molaetsa oa Bibele hore na ke hobane’ng ha batho ba thahasellang ba lokela ho thaba le batho ba Jehova. O ile a ba khothalletsa hore ba ithute Bibele kamehla le Lipaki.
Selemong sona seo, ho ile ha fihla Charles le Annie Ruth Parrish le Cordis le Mildred Sorrell. Ka 1948 ha latela Truman Brubaker le Charles le Florence Homolka. Ba ile ba amoheloa ka mofuthu kaha ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata.
MOSEBETSI O NE O LE MONGATA
Elmer Ihrig o ile a ngola a re: “Ka nako eo ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela e nyenyane, ’me ho se na liphutheho literekeng tse ka thōko. Ke ne ke tloaetse ho ea libakeng tsena, ’me ke qete libeke tse seng kae ke jala peō ka ho tsamaisa libuka, ho batla lipeeletso le ho fana ka lipuo.” Hona selemong seo, Charles Heyen o ile a leba Orange Walk ka teraka moo a ileng a sebetsa tšimo a ba a khothalletsa barab’abo rōna hore ba tšoare liboka kamehla.
Mokhoa feela oa ho fihla litoropong tse ka boroa e ne e le ho tsamaea ka sekepe. Kahoo Elmer le Charles ba ile ba palama sekepe sa Heron H ba ea toropong e pel’a leoatle ea Stann Creek (hona joale ke Dangriga) le ea Punta Gorda le metseng e ’meli ea Magarifuna ka sepheo sa ho qala mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo libakeng tseo. Mehleng eo, motho ea tsoang Belize City o ne a nka leeto la lihora tse 30 ka sekepe ha a ea Punta Gorda. Elmer o ile a kena leetong lena ’me a fana ka puo ea phatlalatsa e neng e mametsoe ke batho ba ka bang 20 moo ho amohelloang baeti teng hoteleng eo a neng a lula ho eona.
Olga Knight o sa hopola kamoo Elmer a neng a tsamaea le lelapa labo kateng ha ba e-ea motseng o ka thōko oa Crooked Tree, moo ntate oa hae a neng a tšoara liboka pel’a nōka eo mathōkong a eona ho neng ho e-na le lifate. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba ananela kamoo baromuoa ba neng ba sebetsa ka thata kateng ba bile ba ikokobelitse.
Ka 1948, ho bile le karolelano ea bahoeletsi ba 38, ’me ha thehoa liphutheho tse ncha tse ’nè metseng e ka ntle ho Belize City. Liphuthehong tsena tse nyenyane ho ne ho e-na le bahoeletsi ba seng bakae ba lulang libakeng tse ka thōko, ba akhang lelapa la ha Lightburn motseng oa Black Creek, le lelapa la ha Gordon motseng oa Bomba, le ba ha Humes le ba ha Aldana motseng oa Santana, le Mor’abo rōna Requeña le Mor’abo rōna Medina motseng oa Orange Walk. Baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba bolela litaba tse molemo haholo-holo Belize City, kaha ba ne ba khothalelitsoe ho etsa joalo. Jehova o ile a hlohonolofatsa boikitlaetso ba bona, ’me batho ba ratang ’nete ba eketsehileng e ne e e-ba bahlanka ba Jehova.
Mor’abo rōna Knorr o ile a boela a etela sebakeng sena ka December 1949, ’me o ile a fihla hantle e le hore a khothatse barab’abo rōna. Mantsiboeeng a mang ha a le lehaeng la baromuoa o ile a bontša hore na baromuoa ba kopana le mathata afe mosebetsing oa bona. Bahoeletsi ba bangata ba bacha ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova empa ba sa bone ho hlokahala hore ba inehele ho eena ba be ba bontše seo ka ho kolobetsoa. Mor’abo rōna Knorr o ile a hopotsa baromuoa hore ho hlokahala ba be le tiisetso le mamello ’me ba rate batho. O ile a boela a ba hopotsa hore ba se ba bile le litholoana tse ntle.
BAROMUOA BA HANELOA HO KENA KA HAR’A NAHA
Ka 1957 barab’abo rōna ba ile ba lemoha hore ’muso o behile mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tsa Belize leihlo le nchocho. Ka mohlala, ha barab’abo rōna ba tsoang lekaleng ba ntse ba bontša batho filimi ea Mokhatlo motseng oa Orange Walk, lepolesa le ile la ba botsa hore na ba fihlile neng motseng oo le hore na ba tl’o tsamaea neng. Le ile la ba bolella hore le ngola tlaleho e eang ho mookameli ea ka sehloohong oa sepolesa, la ba la ba bolella hore lefokisi le leng le neng le sa apara junifomo le ile la ea kopanong e neng e sa tsoa feta ’me le lona le ngotse tlaleho e tšoanang.
Pakeng tsa 1951 le 1957, baromuoa ba leshome ba ile ba lumelloa ho kena ka har’a naha. Ka tšohanyetso barab’abo rōna ba ile ba fumana lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea mapolesa le ea litaba tsa tjako ka June 1957, ’me le ne le re: “’Muso oa British Honduras [eo hona joale e leng Belize] o entse qeto ea hore ho tloha joale, ho ke ke ha hlola ho lumelloa Basebeletsi ba eketsehileng ba Mokhatlo oa lōna ba tsoang mose ho maoatle hore ba kene British Honduras.” Barab’abo rōna ba ile ba kōpa ho ea kopana le ’musisi e le hore ba utloe hore na qeto eo e entsoe ka mabaka afe, empa ba haneloa.
Le hoja malumeli a mang a ne a sa lumelloa hore a tlise baromuoa ba bacha ka har’a naha, a ne a lumeletsoe hore a ka tlisa baromuoa ba bang haeba ba bang ba tsamaea. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova tsona ha lia ka tsa fuoa monyetla oo le hoja ho ne ho e-na le baromuoa ba babeli ba neng ba tsamaile. Ka 1960, barab’abo rōna ba ile ba ngolla ba boholong Belize le London, ba bolela hore ha ba kōpe hore baromuoa ba bacha ba kene ka har’a naha empa ba kōpa hore ho tle ba bang sebakeng sa ba seng ba tsamaile.
’Muso o ile oa ba araba o sa qekise, oa re: “’Musisi o entse qeto ea hore ho hang ho se ke ha lumelloa baromuoa ba Watch Tower Bible and Tract Society hore ba kene British Honduras, ’me ha o cheche tabeng eo.”
Ha barab’abo rōna ba kōpa ho buisana le ba boholong, ba ile ba arajoa ka le reng: “Ka 1957, ’Musisi o ile a etsa qeto ea hore ho hang ho se ke ha lumelloa baromuoa leha e le bafe ba Mokhatlo oa lōna hore ba kene British Honduras; ka lebaka leo, Morena o bona ho se na thuso hore a buisane le lōna ka taba ena.” Ho ne ho bonahala eka barab’abo rōna ba suha lerapo la puleng.
Qetellong, ka mor’a lilemo tse ka bang hlano barab’abo rōna ba ntse ba kōpela baromuoa hore ba kene ka har’a naha, ka October 1961 lekala le ile la amohela lengolo le tsoang ’Musong oa Belize, le reng: “Ke le tsebisa hore ’Muso oa British Honduras o hlahlobile likōpo tsa lōna tsa morao tjena, ’me o fihletse qeto ea hore hajoale o tla lumella baromuoa ba eketsehileng ba tsoang linaheng tse ling hore ba kene ka har’a naha haeba ba seng ba ntse ba le teng ba tsamaea.” Ka lebaka leo, ka 1962, Martin le Alice Thompson ba tsoang Jamaica ba ile ba lumelloa hore ba kene ka har’a naha e le baromuoa.
MOSEBETSI O TSOELA PELE NTLE HO TŠITISO
Ho hlakile hore bahanyetsi ba bolumeli ba ne ba lekile ho sitisa mosebetsi oa rōna. Empa na ba ile ba atleha? Selemong sa tšebeletso sa 1957 ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 176 liphuthehong tse supileng. Ka nako eo, baahi ba Belize ba ne ba le 75 000, e leng se bontšang hore mohoeletsi a le mong o ne a lokela ho pakela batho ba 400. Tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 1961 e ile ea bontša hore ho na le bahoeletsi ba 236, e leng keketseho ea liphesente tse 34, kahoo mohoeletsi a le mong o ne a lokela ho pakela batho ba 383! Sena se ile sa etsa hore ho phethahale seo Jehova a se tšepisitseng batho ba hae ha a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.” (Esa. 54:17) Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ile oa tsoela pele ntle ho tšitiso.
Batho ba bangata ba neng ba ithuta Bibele ba ne ba lula le balekane bao ba sa nyalanang le bona ka molao, ’me ba bang ba tloha molekaneng e mong ba ea ho e mong. Empa hang ha ba ithuta melao ea Jehova e lokileng, ba bangata ba ile ba leka ka matla hore ba nyalane ka molao ’me ba lefa chelete e ngata. Ba bang ba ne ba se ba e-na le lilemo tse ka holimo ho 80!
HO HLOKAHALA HOLO EA ’MUSO
Ka December 1949, barab’abo rōna ba ile ba beheletsa Liberty Hall, Belize City ba ba ba e lefella e le hore e ka sebelisoa ka January 1950 ha ho fanoa ka lipuo tse ’nè tse khethehileng. Letsatsi pele ho puo ea ho qetela, ho ile ha etsoa tsebiso seea-le-moeeng ea hore tšebeletso ea lepato la mosali e mong ea tsebahalang e tla tšoareloa holong eo letsatsing le hlahlamang. Barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa ka makhetlo-khetlo ho beng ba holo eo, empa ha puo e khethehileng e ntse e tsoela pele, batho ba ile ba kena ka holong ba tlatsitse lerata ba lokisetsa lepato. Qetellong barab’abo rōna ba ile ba kōpa mapolesa hore a ba thuse. Ho hlakile hore barab’abo rōna ba ne ba hloka Holo ea bona ea ’Muso. Liholo tse teng li ne li sebelisoa e le li-club le moo ho tantšetsoang teng, ’me ho li hira ho ne ho bitsa chelete e ngata.
Donald Snider eo e neng e le molebeli oa lekala ka nako eo o re: “Sontaheng se fetileng ho ne ho e-na le batho ba 174 Thutong ea Molula-Qhooa. Holo eo ba kopanetseng ho eona e ne e le nyenyane hoo ba bangata ba ileng ba ema ka maoto. Kaha holo e ne e tletse, ho ne ho chesa haholo.” Ka makhetlo a mangata ofisi ea lekala le lehae la baromuoa li ile tsa ba mehahong e sa tšoaneng e hiriloeng.
Ka September 1958, ho ile ha thakholoa mosebetsi oa ho haha mohaho o mekato e ’meli. Mokatong oa pele ho ne ho tla ba le ofisi e nyenyane ea lekala le lehae la baromuoa, ’me holo e be mokatong oohle oa bobeli. Ka 1959 mohaho o ile oa phethoa, ’me Phutheho ea Belize City ea qetella e e-na le Holo ea ’Muso.
BAHOELETSI BA BUANG SEPANISHE BAA EKETSEHA
Tšimo e ’ngoe e ileng ea hla ea beha litholoana ka tsela e ikhethang har’a batho ba Jehova Belize, ke ea batho ba buang Sepanishe. Ka 1949 ho ne ho e-na le libaka tsa batho ba buang Sepanishe, empa ka nako eo ha ho moromuoa ea neng a tseba Sepanishe. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha romeloa baromuoa ba tsebang puo eo. E mong oa bona ke Leslie Pitcher, ea ileng a fihla ka 1955. O ile a abeloa ho ea sebetsa Benque Viejo, e leng toropo ea batho ba buang Sepanishe, e Belize bophirima haufi le leliboho la Guatemala. Ha a fihla moo, batho ba bang ba ne ba se ba ntse ba mo letetse. Ho tlile joang hore ba mo letele?
Hoo e ka bang selemo pele ho moo, Natalia Contreras ea neng a lula Guatemala, toropong ea San Benito e hōle ka bophirimela, o ile a ithuta ’nete a ba a kolobetsoa. O ile a leba Belize ho ea pakela beng ka eena ba lulang motseng oa Benque Viejo. E mong oa bona ea ileng a qetella a amohetse ’nete ke Serviliano Contreras, ea ileng a mamela ka hloko ha Natalia a bontša hore na Mangolo a re’ng ka ho rapela litšoantšo. E ile ea e-ba Paki e tšepahalang ho fihlela a hlokahala ka 1998 a le lilemo li 101. Bana ba hae ba bangata le litloholo tsa hae ke Lipaki. Mehleng eo, tšimo ea bahoeletsi ba ’maloa ba Benque Viejo e ne e namme hoo e neng e fetela ka nģ’ane ho leliboho la Guatemala ho ea fihla toropong ea Melchor de Mencos, moo ba neng ba tšoarela liboka teng. Qetellong ho ile ha thehoa phutheho motseng oa Melchor de Mencos, ’me le kajeno Phutheho ea Benque Viejo e sa ntse e tumme ka cheseho.
Khale koana ka bo-1956, lipuo tse ling tsa kopano ea setereke le ea potoloho li ne li fanoa ka Sepanishe. Empa kopano ea pele ea potoloho e ileng ea tšoaroa ka Sepanishe feela, e bile ka February 1968 Holong ea ’Muso e Orange Walk. Ho ne ho e-na le batho ba 85, ’me ha kolobetsoa ba bane.
Barab’abo rōna ba buang Sepanishe, e leng Marcelo Dominguez le Rafael Medina, hammoho le Lipaki tse ling tse buang Sepanishe tse akhang Dionisio le Catalina Tek, ba ne ba e-ea libokeng le likopanong tsa Senyesemane kamehla, le hoja ba ne ba sa utloisise Senyesemane hantle. Phutheho ea pele ea Sepanishe e ile ea thehoa ka October 1964, Orange Walk, e e-na le bahoeletsi ba 20, bao ho tla fihlela ka nako eo ba neng ba ntse ba kopanela phuthehong ea Senyesemane.
Lilemong tsa bo-1980 lintoa tsa lehae li ne li kupa linaheng tsa boahelani tsa El Salvador le Guatemala, kahoo, batho ba bangata ba ile ba balehela Belize. Har’a bona ho ne ho e-na le malapa a mangata a Lipaki a buang Sepanishe, a neng a akha baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Ba ile ba fihla ba etsa tsoho-la-monna tšimong ea batho ba buang Sepanishe, joaloka baromuoa ba bang ba buang lipuo tse peli ba neng ba tsoa linaheng tseo ho buuang Sepanishe ho tsona.
“BAKRESTE BA ’NETE BA BOLELA KA NTLO LE NTLO”
Ka letsatsi le leng basali ba babeli ba ile ba kokota ha Margarita Salazar motseng oa Orange Walk, ba re ho eena, “Na u tseba Paki ea Jehova e bitsoang Margarita Salazar?” E ne e le Teófila Mai ea lilemo li 23 le ’mè oa hae, ba neng ba tsoa motseng oa August Pine Ridge, o bohōle ba lik’hilomithara tse 34 ka boroa-bophirimela ho Orange Walk. Ke hobane’ng ha ba ne ba batla Margarita?
Teófila o re: “Hoo e ka bang selemo pele ho moo, mora oa ka ea likhoeli li robong o ne a kula haholo. Kahoo ke ile ka mo isa motseng oa Botes hore ke mo nehele ho mohalaleli oa moroetsana ea bitsoang Santa Clara. Ke ne ke lutse setulong se ka pele ka koloing, ’me mokhanni oa eona ea neng a lula sebakeng seo a qala ho mpakela. Ha a qeta ho mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke isa ngoana Botes, o ile a mpolella hore Bibele e hanela borapeli ba litšoantšo. Sena se ile sa etsa hore ke thahaselle seo a se buang haholo. Ha nako e ntse e feta, monna enoa o ile a mpolella linnete tse ngata tsa Mangolo tseo a neng a ithutile tsona ho Lipaki Tsa Jehova.
Teófila o tsoela pele o re: “Leetong le leng, mokhanni eo o ile a mpolella hore Bakreste ba ’nete ba bolela ka ntlo le ntlo. O ile a re ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li se etsang ebile li balla batho litemana tsa Bibele tse kang Sofonia 1:14 le 2:2, 3. Kahoo, ke ile ka qala ho ea ka ntlo le ntlo motseng oa August Pine Ridge, ke balla baahelani ba ka litemana tsena ke tšoere mora oa ka e monyenyane ka letsoho, ’me ke sikile lesea la ka. Hamorao monna eo o ile a nkeletsa hore haeba ke hlile ke batla ho tseba ’nete, ke lokela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. A mpolella ka ba ha Salazar le hore na nka ba fumana hokae motseng oa Orange Walk. Ke ne ke e-s’o ka ke ea motseng oo, kahoo ka tsamaea le ’Mè ho ea ba batla.”
Margarita o sa ntse a hopola hore ha Teófila le ’mè oa hae ba qala ho tla ho eena ba ile ba fihla hoseng. O re: “Ba ile ba botsa lipotso tse ngata tsa Bibele, ’me ra qoqa ka nako e telele. Ba ne ba batla ho tseba hore na ke ’nete hore Lipaki Tsa Jehova li thusa batho ho utloisisa Bibele ho sa tsotellehe hore na ba lula hōle hakae. Ke ile ka re ho joalo eaba ke ba tšepisa hore re tla ea motseng oa habo bona ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli e le hore re ithute Bibele le bona.”
Ha Margarita le monna oa hae, Ramón, ba fihla August Pine Ridge, Teófila o ne a bitsitse beng ka eena ba tšeletseng ba neng ba tlil’o ithuta Bibele. Ka mor’a moo, bo-pula-maliboho ba bang ba tsoang Orange Walk ba ne ba tsamaea le ba ha Salazar kamehla sebaka sa lik’hilomithara tse 34, tseleng e tšesaane e sa katoang, e matsutla-tsutla ba il’o bolela litaba tse molemo hona motseng oo ha Teófila le lelapa labo ba ntse ba khanneloa thuto ea Bibele. Hangata Amybelle Allen o ne a robaletsa e le hore a khanne lithuto tsa Bibele. Teófila o ile a kolobetsoa ka 1972, ka mor’a likhoeli tse hlano a qalile ho ithuta Bibele. Ka 1980 ho ile ha thehoa phutheho August Pine Ridge, ’me ho tloha ka nako eo beng ka Teófila ba 37 ba amohetse ’nete.
HO BOLELA LITABA TSE MOLEMO MAHAENG HOA ATLEHA
Le hoja tšimo ea Belize City le ea litoropong tse khōlō tsa Belize e ne e sebetsoa hantle, tšimo ea mahaeng eona e ne e sa sebetsoe kamehla. Baromuoa ba bang ba fihlileng pele ba ne ba tsamaea ka sekepe ha ba ea litoropong tse ka boroa, empa hamorao ho ile ha hahoa ’mila o tlohang literekeng tse ka boroa tsa Stann Creek le Toledo o e-ea likarolong tse ling tsa naha. Mathoasong a 1971, lekala le ile la hlophisa matšolo a ho ea bolela litaba tse molemo metseng ea mahaeng hang ka selemo, e le hore molaetsa oa ’Muso o ka fihla metseng ea Bamaya ba Bamopan le ba Bakekchi, e leng metse ea mahaeng e morung o teteaneng oa Belize.
Bara le barali babo rōna ba ne ba hira likoloi le liketsoana ’me ba tsamaea ka tsona ho ea sebetsa tšimo metseng le litoropong ba qala Dangriga ho ea fihla Punta Gorda ba be ba e’o fihla hōle ka boroa motseng oa Barranco, o pel’a leliboho la Guatemala. Ka linako tse ling sehlopha se ne se tsamaea ka vene ’me ba bang ba babeli kapa ba bane ba tsamaea ka lithuthuthu. Letsatsi ka leng shoalane e ne e tšoara ba se ba le motseng o mong, ebe motšehare ha sehlopha se seholo se sebetsa motseng, ba tsamaeang ka lithuthuthu ba ea lipolasing tse ka thōko ho ea bolela litaba tse molemo ba tsamaea ka bobeli.
Ha barab’abo rōna ba fihla motseng oa Punta Gorda, ba ne ba jara mekotla ebe ba leba metseng ka ho fapa-fapana. Hangata ba ne ba lokela ho ea lekhotleng, moo banna ba hōlileng ba motse ba kopanang teng, ba il’o kōpa tumello ea ’maseterata pele ba ka buisana le baahi.
Moromuoa e mong ea bitsoang Reiner Thompson o re: “Motseng o mong, eitse ha barab’abo rōna ba fihla lekhotleng, ba fumana banna ba ntse ba buisana ka hore na poone e tla kotuloa joang. Ha lekhotla le qhalana, banna bao ba ile ba kōpa barab’abo rōna hore ba ba binele pina ea ’Muso. Barab’abo rōna ba ne ba khathetse ba bile ba lapile, ba se na le buka ea lipina.” Mor’abo rōna Thompson o tsoela pele o re, “Ba ile ba bina ka lipelo tsa bona tsohle, ’me banna ba motse ba nyakalla haholo.” Ha nako e ntse e feta, ho ile ha thehoa liphutheho Mango Creek ’me hamorao ha thehoa tse ling San Antonio, e leng o mong oa metse e meholo ka ho fetisisa ea Bamaya.
Santiago Sosa o re: “Ka linako tse ling re ne re tloha motseng o mong re e-ea ho o mong bosiu e le hore re se ke ra siuoa ke nako. Re ile ra ithuta ho tsamaea re kolokile bohareng ba ’mila, eseng ka mathōko, hobane joang kapa joang linoha li ne li ipata lihlahleng tse ka thōko ho ’mila. Re ile ra boela ra ithuta hore ha re nyoriloe re monye metsi limeleng tse itseng.”
Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba arohana ’me ba babeli kapa ba bane ba bolela litaba tse molemo likarolong tse fapa-fapaneng tsa motse. Ebe mantsiboea ba boela baa kopana. Ba babeli ba ne ba sala ba pheha. Eitse ha Santiago a hopola taba ena eaba o tšeha hanyenyane ’me o re: “Ke moo ho neng ho hlaha mathata hobane ba bang ba ne ba sa tsebe ho pheha. Ke hopola ka lekhetlo le leng ke sheba lijo tse ling ’me ke re, ‘Ke’ng ee?’ Motho ea neng a apehile o ile a re, ‘Ha ke tsebe, empa ke lijo.’ Eitse ha re bona hore motho ea li apehileng ha a tsebe hore na ke eng, ra bona ho le molemo hore pele re ke re li fe ntja e ’ngoe e otileng e neng e ntse e rabaraba, re tle re bone hore na e tla li ja. Esita le ntja eo e lapileng e ile ea li nyemotsa feela!”
BAKEKCHI BA AMOHELA ’NETE
Rodolfo Cocom le mofumahali oa hae, Ofelia ba ile ba falla motseng oa Corozal ba ea motseng o ka boroa oa mahaeng oa Bakekchi o bitsoang Crique Sarco. Ofelia o hōletse motseng ona, oo Lipaki li neng li o etela feela nakong ea matšolo a selemo le selemo a ho bolela litaba tse molemo mahaeng. Ha Ofelia a le lilemo tse ka bang 14, o ile a thola buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ka tlas’a sefate sa lilamunu ’me a qala ho e bala. O ne a batla ho ba le tsebo e eketsehileng, empa o bile le monyetla oo ka mor’a hore a nyaloe ’me a lule motseng oa Corozal moo eena le monna oa hae, Rodolfo, ba ileng ba ithuta Bibele le bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng, e leng Marcial le Manuela Kay.
Ha ba ha Cocom ba fallela Crique Sarco ka 1981, ba ne ba batla ho kopana le Lipaki Tsa Jehova hape, kahoo Rodolfo o ile a nka leeto la lihora tse ka bang tšelela ho ea li batla Punta Gorda, a tsamaea ka maoto le ka sekepe nōkeng le leoatleng. Ha a fihla Punta Gorda, o ile a kopana le pula-maliboho ea bitsoang Donald Niebrugge, ea ileng a lokisetsa hore a ithute le bona ka ngollano. Empa bothata e ne e le hore ho ne ho se na poso motseng oa Crique Sarco.
Donald o re: “Ke ile ka ea posong ea Punta Gorda, ’me ka botsa hore na nka romela mangolo a eang Crique Sarco joang, eaba ke bolelloa hore ho na le moruti ea eang moo hang ka beke.” Kahoo, moruti eo o ile a qeta likhoeli tse ka bang tšelela a ntse a tsamaisa mangolo a thuto ea Bibele a sa elelloe hore o tsamaisa mangolo a Lipaki Tsa Jehova.
Donald o tsoela pele o re: “Ha moruti a hlokomela hore o tsamaisa mangolo a Lipaki Tsa Jehova, o ile a halefa haholo eaba o re ho hang ha a sa tla tsamaisa mangolo a rōna.”
Nakong eo, Donald o ne a ntse a ea Crique Sarco ho ea ithuta le ba ha Cocom. Ha ho fihla nako ea letšolo le latelang la ho bolela litaba tse molemo mahaeng, Rodolfo o ile a ea tšimong ka lekhetlo la pele. Donald o re: “Re ile ra qeta matsatsi a mane re ntse re tsamaea le eena re bolela litaba tse molemo metseng e mengata. Ho ba ’moho le barab’abo rōna ho ile ha mo thusa hore a hatele pele.”
Rodolfo o re: “Ke ne ke tsamaea le Ofelia re le babeli feela re bolella batho motseng oa heso litaba tse molemo, re ba ruta seo re ithutileng sona. Batho bao ke neng ke ithuta le bona ba ile ba hanyetsoa ho re feta. Ba bang ba ile ba haneloa ka liphallelo tse neng li fuoe motse oa habo rōna tse kang meriana, lijo le liaparo. Mohoehali oa ka le eena o ne a hlile a sa rate seo re se etsang. Re ile ra hlokomela hore re ke ke ra hatela pele hafeela re ntse re le motseng oa Crique Sarco. Ho ne ho hlokahala hore re ee libokeng. Kahoo re ile ra fallela Punta Gorda e le hore re tsoele pele ho ithuta. Ha re le moo re ile ra hatela pele, ’me ra kolobetsoa ka 1985.” Kajeno ba ha Cocom ba Phuthehong ea Ladyville ’me Rodolfo ke mohlanka ea sebeletsang.
BATHO BA TŠIMONG E PEL’A LEOATLE BA TSEBA ’NETE
Selemo le selemo ho ne ho hlophisoa maeto a ho bolella batho ba lulang lihlekehlekeng le metseng e pel’a leoatle litaba tse molemo. Mehleng eo ho ne ho se bonolo hore motho a ee metseng e kang Hopkins, Seine Bight, Placencia le Punta Negra, haesita le Toropong ea Monkey River a tsamaea ka maoto. Nakong ea ha ho sa tšoasoe litlhapi, Polito Bevens o ne a khanna sekepe sa hae sa ho tšoasa litlhapi ebe o tsamaea le bo-pula-maliboho ba babeli le baromuoa ba babeli ka libeke tse peli ba tloha leboea ebe ba leba boroa, ’me ba emisa motseng o mong le o mong.
Donald Niebrugge, ea neng a atisa ho ba teng matšolong a ho bolela litaba tse molemo mahaeng le libakeng tse pel’a leoatle, o tlala thabo ha a hopola nakong ea ha ba alimile sekepe sa Ambroncio Hernandez ba ea ho le leng la matšolo ao. Sena se ile sa etsa hore Ambroncio, eo ha a reneketsoa ho neng ho thoe ke Bocho, a qale ho ithuta Bibele.
Donald o re: “Selemong se latelang re ile ra lokisetsa ho ea sebetsa tšimo e pel’a leoatle re le bane ka libeke tse peli, empa Bocho o ne a se a rekisitse sekepe sa hae. O ile a re bolella hore ho na le motšoasi e mong oa litlhapi ea ikemiselitseng ho tsamaea le rōna, ’me re ile ra tsamaea le eena le motho ea sebetsang le eena hammoho le Bocho. Re ne re le bo-pula-maliboho ba bane ba khethehileng le batšoasi ba litlhapi ba bararo. Leetong leo Bocho o ne a qala ho ea tšimong. Ha re fihla boema-kepeng ba Placencia, re ile ra fumana liketsoana tse ngata tse emisitseng moo eaba re bolela litaba tse molemo ho tloha seketsoaneng se seng ho ea ho se seng. Batšoasi bao ba babeli ba litlhapi ba neng ba sa bolele litaba tse molemo le rōna ba ile ba re thusa haholo ka libeke tseo tse peli. Ka letsatsi le leng re ne re sebelitse tšimo ho fihlela letsatsi le likela, eaba re fumana ba rekile khoho ’me ba re phehetse lijo ka setofo se senyenyane sa parafine.” Bocho o ne a se a kolobelitsoe ha ba nka leeto le leng la ho bolela litaba tse molemo tšimong e pel’a leoatle selemong se latelang. O se a qetile lilemo tse 18 e le moholo Belize City.
HO BA LE LITHOLOANA TSE NTLE TŠIMONG E SA ABUOANG
Setereke sa Toledo se ka boroa ho Belize, ke sebaka se nang le maralla le meru e teteaneng, seo ho nang le metse e mengata ea Bamaya ba Bamopan le ba Bakekchi, ’me ba haha matlo a joang a litsoeng fatše. Boholo ba baahi ba moo ke batho ba sebetsang ka thata masimong ’me ba hlaola ka mehoma. Ha ho e-na le komello, ba kha metsi e le hore ba e’o nosetsa poone, linaoa le cacao. Bo-’mè ba bangata ba khabisa masela ka mekhabiso ea Sekekchi ebile ba etsa libaskete tse rekisoang mabenkeleng a mangata a lintho tse ratoang ke bahahlauli. Bacha ba bangata ba tloha mahaeng ba ea likolong kapa mesebetsing metseng e meholo ka har’a naha.
Ka 1995, Frank le Alice Cardoza ba ile ba romeloa Seterekeng sa Toledo e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana khoeling ea April le May, ’me ba ne ba lokela ho aba pampitšana ea Kingdom News No. 34, e nang le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?” Frank o re: “Ke ne ke ile ka tla mona nakong ea matšolo a etsoang selemo le selemo a ho paka mahaeng, ’me ka bona hore motho a ka thusa Bamaya hore ba utloe litaba tse molemo haeba a ka fallela sebakeng seo. Lekala le ile la nkhothalletsa hore ke hire ntlo eo nka lulang ho eona, ke thehe sehlopha se ithutang Bibele ke be ke fane ka puo e khethehileng San Antonio. Re ne re lokela ho aba pampitšana eo le metseng e meng e robeli.”
Beke e ’ngoe le e ’ngoe ba ha Cardoza ba ne ba tšoarela seboka sa thuto ea buka kamoreng eo ba neng ba e hirile e mokatong o ka tlaase, ’me libeke tse ’maloa hamorao, malapa a mararo ho isa ho a mane a ile a qala ho ba teng sebokeng seo. Batho bana ba thahasellang ba ne ba boetse ba tsamaea le ba ha Cardoza ha ba e-ea Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso Punta Gorda. Leo e ne e e-ba leeto le nkang hora kaofela ba tsamaea ka teraka ea khale ’mileng o likoti-koti oa kerabole. Khoeling ea pele ba le moo, Frank o ile a fana ka puo e khethehileng San Antonio. E mong oa batho ba neng ba le teng moo ka lekhetlo la pele e ne e le Jesús Ich, ea neng a hloaile tsebe. Kaha e ne e le setho sa Kereke ea Nazaretha, o ile a hla a hlolloa ha a ithuta hore thuto ea lihele e tsoa boheteneng, le hore ha Bibele e bua ka lihele, e bua ka lebitla. Ka mor’a seboka o ile a bitsetsa Frank ka thōko, a mo hloma lipotso ka taba ena. Ka mor’a moo, a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa ka mor’a selemo.
Ho elella bofelong ba khoeli ea bobeli ba ha Cardoza e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana, ba ile ba lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Frank o re: “Re ne re qalile lithuto tse ngata tsa Bibele ’me li le ngata hoo tse ling tsa tsona re sa khoneng ho li khanna hantle. Matsoalo a rōna a ne a sa re lumelle ho khutlela ntlong ea rōna e mabothobotho Ladyville. Haeba re ne re etsa qeto ea hore re lule San Antonio, re ne re ka ntlafatsa maemo a bophelo ka hore re hire kamore mokatong o ka holimo oa ntlo eo re neng re lula ho eona, ho e-na le ho lula mokatong o ka tlaase. Ntho eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho kenya sinki e nyenyane, lesenke le khakeletsang metsi le a qhallela ka tankeng, ’me ka mor’a nako e itseng mohlomong re kenye ntloana ea metsi haesita le motlakase. Re ile ra bua le Jehova ka taba ena, re kholisehile hore o tla re hlohonolofatsa hore re thehe phutheho sebakeng sena. Eaba re ngolla lekaleng re ba tsebisa hore re ikemiselitse ho lula San Antonio re le bo-pula-maliboho ba kamehla.”
Ha hoa ka ha feta nako e telele pele ho bonahala hore Jehova o hlohonolofalitse ba ha Cardoza. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ka November, ba ile ba qala ho tšoara Seboka sa pele sa Phatlalatsa ntlong eo ba neng ba e hirile. Eare selemong se hlahlamang, ka khoeli ea April, ba qala ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso San Antonio. Ho ile ha ba ha re nk’hu! ha sehlopha sena se senyenyane se se se sa tsamaee leeto la lik’hilomithara tse 64 beke le beke ho ea libokeng Punta Gorda le ho khutla.
“LITŠOKELO TSA HAE LI KE KE TSA ETSA HORE KE KHAOTSE”
Ho e-s’o ee kae liithuti tsa Bibele tse khothetseng tsa motse oa San Antonio li ile tsa qala ho hatela pele, ’me li ne li rata ’nete ka tsela e hlileng e amang maikutlo. Frank o re: “Basali ba metse ena ba lihlong haholo, ’me ho ea ka setso sa bona ba lokela ho ikokobelletsa bo-ntate ba bona le banna ba bona. Ha baa tloaela ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng. Ka lebaka leo, ho ne ho le thata haholo hore ba ee ka ntlo le ntlo.”
Priscilian Sho, ea neng a le lilemo li 20 ka nako eo e ne e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me ruri o ne a batla ho pakela baahelani ba hae. Ka nako e ’ngoe, Priscilian o ne a e-ea maetong a ho boela le molamo oa hae ea bitsoang Amalia Sho, eaba ka tšohanyetso ba kena khathatsong.
Ha Priscilian a hopola ketsahalo eo o re: “Ke ne ke sa bolella Ntate hore ke il’o bolela litaba tse molemo phatlalatsa hobane o ne a nkhanetse ’me ke mo tšaba. Hoseng ho hong ha Sontaha ha re ntse re bolela litaba tse molemo, ha re re mahlo tloha! ra be re se re mo bona ka pel’a kereke eo a neng a e kena ea Baptist. Qalong re ile ra ipata har’a joang e le hore a se ke a re bona. Empa ka re, ‘Ua tseba ke eng Amalia, Jehova o re shebile. Hase hantle hore re tšabe Ntate. Ke Jehova eo re lokelang ho mo tšaba.’”
Ntate oa Priscilian o ne a loloma ke bohale, empa tsena e ne e le linyane feela hobane o ne a le mabifi ha a hanela Priscilian ho ba Paki ea Jehova. Ka mor’a hore Priscilian a rapele Jehova ka taba ena ho fihlela letsatsi pele ho kopano eo a ileng a kolobetsoa ho eona, o ile a qetella a itetile sebete ’me a boleletse ntate oa hae.
O ile a re ho ntate oa hae: “Hosasane ke ea Belize City.”
Eaba ntate oa hae o re: “O il’o etsa’ng moo?”
Priscilian a re: “Ke il’o kolobetsoa. Ke il’o etsa seo Jehova a batlang hore ke se etse. Kea u rata, empa Jehova le eena ke lokela ho mo rata.”
Ntate oa hae a mo jajabetsa, a re: “Ekaba u nkutloa’ng?”
Priscilian a re: “Ha ke na boikhethelo Ntate. Liketso 5:29 e re ke lokela ho mamela Molimo ho e-na le motho.”
Ntate oa Priscilian o ile a tsoa a tuka ke bohale. Ha Priscilian a hopola taba eo o re: “Ho tloha ka nako eo, ke ne ke tšohile hore Ntate a ka ntematsa neng kapa neng, empa ha ba ha re nkhu! ha ke kena ka koloing e eang kopanong. Ke ne ke sa tsebe hore na o tla nketsa’ng ha ke khutla kopanong. Empa seo ke neng ke se tseba ke hore le haeba a ka mpolaea, ke tla be ke kolobelitsoe ’me ke entse se nepahetseng.”
Le hoja ntate oa Priscilian a sa ka a mo lematsa ha a khutlela hae, hamorao o ile a mo sokela ka hore o tla mo bolaea. Priscilian o re: “Empa o ile a bona hore litšokelo tsa hae li ke ke tsa etsa hore ke khaotse, ’me ho tloha ka nako eo ha aa ka a hlola a ntšoenya.”
MOHANYETSI O FETOHA MOHLANKA OA JEHOVA
Sehlopha se neng se sa tsoa thehoa sa bahoeletsi ba chesehang San Antonio se ne se hatela pele ha ka tšohanyetso ba ha Cardoza ba fumana lengolo le tsoang lekhotleng la motse le ba tsebisang hore ba lokela ho tsoa San Antonio. Pejana ho moo, ha Frank a lefella kōpo ea ho lula motseng oo, lekhotla le ile la mo lumella. Empa setho se seng sa lona se hlaheletseng se ne se ikemiselitse ho etsa sohle hore ba ha Cardoza ba lelekoe motseng oo. Sebokeng se seng sa lekhotla la motse Frank o ile a buelloa ke batho ba bararo bao a neng a ba khannela thuto ea Bibele. Motho eo Frank a hirileng ha hae o ile a bolella lekhotla hore haeba le leleka ba ha Cardoza, le tla lokela ho lefa rente eo ba mo lefang eona. Ka mor’a moo Frank o ile a le bontša lengolo le tsoang Lefapheng la Kabo ea Litša le bolelang hore motho ea hirileng ha motho e mong a ke ke a lelekoa. Qetellong le ile la lumella ba ha Cardoza hore ba lule motseng oo.
Monna eo ea neng a batla hore ba ha Cardoza ba lelekoe ke Basilio Ah, eo e kileng ea e-ba ’maseterata empa a ntse a hlaheletse lipolotiking. Basilio o ile a sebelisa boemo ba hae hore a hanyetse Lipaki Tsa Jehova tsa San Antonio ka hohle kamoo a ka khonang. Ha sehlopha seo se senyenyane se ne se batla setša sa Holo ea ’Muso, o ile a re, “Holo ea ’Muso le ke ke la e bona motseng ona!” Empa barab’abo rōna ba ile ba fumana setša ’me ba haha Holo ea ’Muso e ntle e hlomphehang. Ho makatsang ke hore Basilio ke e mong oa ba neng ba le teng ha Holo eo ea ’Muso e neheloa ka December 1998. Ho tlile joang hore a be moo?
Bara ba bang ba babeli ba Basilio ba ne ba e-na le mathata manyalong a bona. Basilio o ne a se a kōpile kereke ea hae ka makhetlo a mabeli hore e thuse bara bao ba hae, empa ha ea ka ea etsa letho. Hamorao bara bao ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. María, mofumahali oa Basilio o ile a hlokomela hore bara bao ba ntse ba lahla mekhoa e mebe le hore thabo e ba teng ka malapeng a bona. Kahoo María le eena o ile a kōpa Lipaki hore li mo rute Bibele.
María o re: “Ke ne ke hlile ke batla ho tseba Jehova Molimo, eaba ke bolella mohats’a ka hore re lokela ho ea Holong ea ’Muso e le hore re tle re tsebe Molimo.” Le hoja ho sa ka ha e-ba bonolo hore Basilio a tlohele ho hloea Lipaki Tsa Jehova le Frank Cardoza eo a neng a mo bitsa “molata eane,” o ile a thabisoa ke liphetoho tseo bara ba hae ba neng ba li etsa ha ba ntse ba latela melao ea Bibele bophelong ba bona. Basilio o ile a etsa qeto ea ho batlisisa hore na hantle-ntle Lipaki Tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe, ’me ka mor’a ho qoqa le tsona ka makhetlo a ’maloa, o ile a lumela hore li mo rute Bibele. Empa o ile a lumela ho rutoa Bibele ke mang? E ne e ka ba mang haese “molata eane” ea bitsoang Frank Cardoza!
Basilio o re: “Seo ke ileng ka se bala Bibeleng se ile sa etsa hore ke nahane ka tsela e ’ngoe. Ke ne ke qetile lilemo tse 60 ke le Mok’hatholike, ke hotetsa libano ka pel’a litšoantšo kerekeng. Joale seo ke neng ke ithuta sona ka Jehova se ne se hlaha bukeng ea hae, e leng Bibele. Kea soaba ha ke nahana kamoo ke ileng ka tšoara Frank Cardoza kateng, eo kajeno e seng e le mor’eso. Ha ke lihlong ho bolela hore ke ne ke fositse. Ke ne ke chesehela lintho tseo ke neng ke lumela hore li molemong oa motse oa heso le bolumeli ba ka. Empa ke ile ka khaotsa ho etsa meetlo ea Bamaya e tloaelehileng haeso e tsamaisanang le lingaka tsa setso. Ke ile ka ba ka tsoa mekhatlong ea lipolotiki ea Bamaya.” Kajeno Basilio le María Ah ba sebeletsa Jehova ka thabo e le bahoeletsi ba kolobelitsoeng.
Bahlanka ba Jehova ba tsebahala ka ho ba le lerato le thabo, le ka ho chesehela borapeli ba bona. Metseng e ka thōko ea Belize, bahoeletsi ba bangata ba tsamaea ka maoto lihora tse tharo kapa ho feta ba nyolosa ba theosa maralleng e le hore ba bolelle batho litaba tse molemo ebile ha ba rate ho lofa liboka. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang Andrea Ich e ne e lokela ho ba mong’a ntlo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Letsatsing leo o ile a tsamaea le bara ba hae lik’hilomithara tse tharo kapa tse hlano morung ba il’o kha li-avocado. O ile a longoa ke bobi ka makhetlo a 23. Leha ho le joalo, o ile a ea hae, a phehela ba lelapa la hae, a ea libokeng, ’me a phetha kabelo ea hae ea ho ba mong’a ntlo. Sefahleho sa hae se ne se ruruhile empa se khanya khotso. Ke ’nete hore ho ka ’na ha nka letsatsi lohle hore bara le barali babo rōna ba ratehang ba Bamaya ba fihle likopanong tse khōlō le tse nyenyane ba palame teraka kapa bese, empa kamehla hoa khothatsa ho hlokomela hore ba thabela ho rapela Molimo oa ’nete Jehova e le ngatana-’ngoe.
LEHOLIOTSOANA LE RUTHUTHA BELIZE
Lilemong tse 115 tse fetileng, ho bile le maholiotsoana le likhohola tse 51 Belize. Ho tloha ka 1930, ho bile le maholiotsoana a 12 a ileng a otla Belize ka ho toba kapa a otla haufi le eona hoo a ileng a baka tšenyo e khōlō ’me a bolaea batho. Le leng la maholiotsoana a mabe ka ho fetisisa e bile Leholiotsoana Hattie, le ileng la puputla mesong ea la 31 October, 1961. Sefefo sa lona se ne se matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 300 ka hora ’me sekhohola sa lona se le matla hoo se ileng sa bolaea batho ba bangata-ngata. Belize City, e phahametseng leoatle ka lisenthimithara tse 30 feela e ne e tetebetse seretseng se lisenthimithara li 30. Lekala le ile la romela tlaleho ena: “Le hoja sekhohola se sentse matlo a barab’abo rōna ba bangata [ba Belize City] ’me se hohotse a mang, ha ho na ea lemetseng hampe. Ba lahlehetsoe ke liaparo tsa bona ’me tse ling li sentsoe ke metsi.
“Likhofu li ntse li tlosa litšila literateng, ’me khabo ea mollo e qetela thepa e setseng ka matlung. Metsi a neng a kene mona lehaeng [la baromuoa] a ne a le bophahamo ba lisenthimithara tse 60, ’me a bakile tšenyo e khōlō. Ka ntle teng a ne a le bophahamo ba limithara tse tharo, . . . empa ntho e ntle ke hore lehae la baromuoa le hahiloe sebakeng se phahameng. . . . Ha ho na lijo mabenkeleng . . . , ’me ho sa ntse ho chekoa litopo tse koahetsoeng ke mahoholi.”
Ka mor’a matsatsi a leshome lekala le ile la ngola tlaleho ena: “Koana [Dangriga] maemo a mabe ho feta mona [Belize City]. Batho ba tlameha ho sebetsa lihora tse robeli ka letsatsi e le hore ba fumane tekete ea ho reka eng kapa eng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e laoloa ke sesole, ’me ha ho letho le rekoang ka chelete.” Bashanyana ba babeli ba ile ba hlokahala ha ntlo eabo bona e heleha ’me ntate oa bona a robeha maoto. Bashanyana bao e ne e le bahoeletsi ba mafolofolo, ’me ea lilemo li 12 o ne a tumme ka ho pakela matichere a hae sekolong.
Karolo e bohareng ea leholiotsoana e ile ea feta pakeng tsa Belize City le Dangriga, moo barab’abo rōna ba bangata ba ileng ba senyeheloa ke matlo le thepa e ’ngoe ea bona, empa ba bang bona ha baa ka ba salloa ke letho. Matsatsi a ’maloa ka mor’a leholiotsoana leo, ’musisi o ile a etsa lithibelo tse itseng, a phatlalatsa qomatsi a ba a kōpa lebotho la Mabrithani hore le tiise hore batho ha ba tlōle lithibelo tsena le hore le thunye masholu. Banna, basali le bana ba neng ba sa hlomphe nako ea qomatsi ba ne ba qeta bosiu ba koaletsoe.
Le hoja ho ne ho le hobe, barab’abo rōna ba ile ba qalella ho tšoara liboka tsa phutheho le ho ea tšebeletsong ea tšimo kapele kamoo ho ka khonehang. Ho ne ho le thata ho etsa joalo hobane ho e-na le batho ba bangata ba lulang mek’huk’hung, ’me majarete a mangata a sesa ka har’a metsi le seretse. Empa batho ba ne ba nyoretsoe molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso tse ka ba tšelisang ’me Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ho itela e le hore li ba bolelle molaetsa oo.
Bophelo bo ne bo le thata, empa Lipaki Tsa Jehova tsa linaheng tse ling li ile tsa bontša lerato tsa ba tsa bulela barab’abo rōna ba Belize liatla hoo ba ileng ba tsoha molota. Makala a mang a ile a romela mabokose a 25 a liaparo haesita le lintho tse ling tse ileng tsa abeloa Lipaki esita le baahelani ba bangata bao e seng Lipaki. Mehaho e seng mekae e sa kang ea tsukutloa ke leholiotsoana leo le matla e ne e akha ofisi ea lekala le Holo ea ’Muso. Ka lebaka leo, ba boholong ba ile ba kōpa ho sebelisa Holo ea ’Muso e le sebaka seo batho ba ka balehelang ho sona ka mor’a leholiotsoana, ’me barab’abo rōna ba lumela ntle ho tšenyo ea nako.b
“MOFUMAHALI PRATT, RE KŌPA U RE RAPELLE”
Ho nkile matsatsi a mararo ka October 2000, baahi ba San Pedro Sehlekehlekeng sa Ambergris ba hlasetsoe ke Leholiotsoana Keith leo sefefo sa lona se neng se matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 205 ka hora se bile se e-na le likhohola. Ho ile ha feta matsatsi a mararo motse oa Ladyville, o bohōle ba lik’hilomithara tse 16 ka leboea ho Belize City, o qoetse ka har’a metsi a botebo ba lisenthimithara tse 80. Barab’abo rōna ba 42 ba ile ba tšabela Holong ea Kopano ea Ladyville. Hoo e ka bang matlo ’ohle a Sehlekehlekeng sa Caulker a ne a senyehile. Bahoeletsi ba bang ho ba 57 ba Sehlekehlekeng sa Ambergris le sa Caulker ba ile ba senyeheloa ke thepa eohle ea bona ha ba bang ba senyehetsoe ke boholo ba thepa ea bona ’me ho ile ha feta libeke tse ’maloa ho se na motlakase le metsi lihlekehlekeng tseo, ’me lithelefono li sa sebetse. Tona-khōlō o ile a phatlalatsa hore Setereke sa Belize, sa Orange Walk le sa Corozal hammoho le Sehlekehleke sa Ambergris le sa Caulker ke libaka tseo ho bileng le tšenyo e khōlō ho tsona. Ho ile ha phatlalatsoa qomatsi libakeng tsohle tseo ho bileng le tšenyo e khōlō e le hore ho thibeloe bosholu.
Cecilia Pratt, e leng pula-maliboho ea khethehileng Sehlekehlekeng sa Caulker, o ile a utloa ha ho ne ho lemosoa batho ka leholiotsoana lena ’me a tšela lintho tse itseng ka mokotleng oo a neng a tla baleha ka oona ha a tšabela sebakeng se seng haeba leholiotsoana le fihla. Letsatsing leo, o ne a sa tsoa bokella litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa baralib’abo rōna ba 12 ’me a rerile ho palama seketsoana se eang motseng thapameng eo e le hore a li ise lekaleng. Cecilia o ile a phuthela litlaleho tsena ka polasetiki ’me a li kenya ka mokotleng oo oa hae. Joalokaha ba ne ba lebeletse, bosiung bona boo Cecilia le baralib’abo rōna ba bang ba ile ba tlameha ho balehela sekolong se hahiloeng ka konkreite ha ba bang ba balehela holong ea motse.
Cecilia o re: “Moea o ile oa fefola masenke a ruletseng tlelase ea pele eo re neng re le ho eona. Re ile ra tlameha ho nka lintho tsa rōna ’me ra mathela tlelaseng e ’ngoe. Re ne re utloa eka moea o sisinya mohaho oohle le hoja o hahiloe ka konkreite. Ha re nyarela ka ntle, e ne eka re ka har’a leoatle—ho se moo re ka hatang teng. ’Na le barali bana babo rōna re ile ra khobokana ’me ra rapela ka matla. Ho ne ho e-na le batho ba bang ba 40 ka tlelaseng eo, ba malumeli a sa tšoaneng ba neng ba tšohile haholo. Ba bang ba ne ba re, ‘Ke mesebetsi ea Molimo.’ ’Moleli e mong oa Mok’hatholike o ile a tla ho ’na ’me a re, ‘Mofumahali Pratt, re kōpa u re rapelle.’ Eaba ke re, ‘Nke ke ka le rapella. Ke mosali, ebile ha kea roala.’ A re, ‘Nka katiba ea ka ke ena.’ Ke ne ke sa tsebe hore na ho nepahetse hore ke rapelle batho bao, empa ke ne ke batla hore ba tsebe hore leholiotsoana leo ha lea tlisoa ke Jehova. Kahoo ke ile ka phahamisa lentsoe ha ke rapela le sehlopha sa baralib’abo rōna e le hore bohle ba utloe. Hang ha ke qeta ho rapela ’me e mong le e mong a re ‘Amen,’ sefefo se ile sa khutsa! Motsotsong ona ho ne ho feta karolo e bohareng ea leholiotsoana. Eaba ’moleli enoa oa Mok’hatholike o re: ‘U entse thapelo e monate. Molimo oa hao ke Molimo oa ’nete.’ Ka mor’a moo, ba ne ba sa batle hore sehlopha sa rōna sa Lipaki tse hlano se arohane le bona, ’me matsatsing a mararo a latelang ba ile ba re fa lijo le kofi.
“Leha ho le joalo, ke ne ke tšoenyehile ka bahoeletsi ba bang. Hoseng ha le latelang ha sefefo se khutsa, ke ile ka tloha tlelaseng eo ka ea ba batla. Hohle ho ne ho tletse lifate tse oeleng ’me ho senyehile ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Matlo a mang a ne a ritsitse ka limithara tse 10 kapa tse 15. Ke ile ka ea ba sheba holong ea motse ’me ka fumana baralib’abo rōna ba babeli le bana ba bona. Ntlo ea morali e mong oabo rōna e ne e hohotsoe ke metsi, empa o ne a ntse a phela.”
Ka mor’a leholiotsoana, ha hoa ka ha e-ba bonolo hore lekala le fumane litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa liphutheho tse leng libakeng tse hlasetsoeng ke sefefo. Empa litlaleho tse tsoang Sehlekehlekeng sa Caulker li ile tsa fihla pele. Cecilia o ne a li bolokile mokotleng oane oa hae ’me o ile a li fa barab’abo rōna ba tsoang lekaleng ba neng ba tlil’o ba hlola.
Libekeng tse latelang, barab’abo rōna ba lihlekehlekeng tse ruthuthiloeng ke leholiotsoana ba ile ba fumana liphallelo ’me baithaopi ba ba thusa ho hloekisa le ho lokisa mahae a bona le Holo ea ’Muso e Sehlekehlekeng sa Ambergris.
Merle Richert, ea neng a le sehlopheng sa basebetsi Sehlekehlekeng sa Caulker, o re: “Re ile ra qala ka ho haha libaka tsa bolulo eaba re lokisetsa hore liphallelo li abuoe. Letsatsing le latelang re ile ra qala ho lokisa matlo a bahoeletsi. Ka Sontaha hoseng, kaofela ha rōna re ile ra ea tšimong. Eaba re lokisa sebaka sa ho tšoara liboka jareteng ea morali’abo rōna, ra etsa libenche tseo bamameli ba tla lula ho tsona le sethala ka kutu ea sefate sa khale sa kokonate. Re ile ra fetola nako ea liboka e le hore re boloke molao oa hore ka hora ea borobeli mantsiboea batho ba be ba feletse ka matlung, ’me ra ba 43 puong ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa.”
HO RUTOA KE JEHOVA LIKOPANONG
Bofelong ba bo-1960, likopano li ne li tšoareloa litenteng libakeng tse fapa-fapaneng ka har’a naha. Bonneteng ho hloma tente e khōlō ke mosebetsi o boima o nkang matsatsi a mangata. Santiago Sosa o re: “Re ne re qala ho sebetsa maqalong a beke, re hloma tente, re kenya libenche tse tsoang Holong ea ’Muso re bile re alima litulo. Mehleng eo ho ne ho phehoa likopanong, kahoo re ne re alima lipitsa, ’me hangata re qeta bosiu re pheha re bile re qetela mosebetsi. Ka linako tse ling e ne e re ha lintho tsohle li lokile, bosiu moea o matla o fihle o pheule ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka le hlahlamang re ne re lokela ho qala fatše, empa re ntse re thabile.”
Jeanne Thompson o sa hopola kopano e neng e tšoaretsoe motseng oa mahaeng o pakeng tsa Belize City le Orange Walk. Pele barab’abo rōna ba hloma tente ’me ba kenya litulo, ba ile ba lokela ho tlosa lihlahla tse haufi le Holo ea ’Muso. Jeanne o re: “Pula e ile ea na kopanong eo eohle ea setereke, ’me tente ea tlala metsi. Kahoo, re ile ra lula re behile maoto holim’a libenche tse ka pel’a rōna. Re ne re sa tsebe hore sebaka seo se tletse linoha. Ka lebaka la pula, re ile ra tlameha ho lula ka tenteng le ho ba haufi le Holo ea ’Muso. Ho ne ho tla ba kotsi haeba re ka kenella morung.”
Bird’s Isle, ke sehlekehleke se senyenyane se limithara tse ka bang 120 ho tloha hloahloeng e ka boroa-bochabela Belize City, ’me lilemong tsa bo-1970, likopano li ne li tšoareloa ho sona. Mong’a sebaka seo likopano li neng li tšoareloa ho sona o ne a hahile holo e ruletsoeng ka joang eo batho ba ka ithabisetsang ho eona, e nang le motlakase le matloana. Barab’abo rōna ba ile ba haha borokho ba mapolanka bo tlohang motseng, ’me batho ba ne ba tšela ho bona ha ba e-ea sebakeng se khutsitseng seo likopano tse ngata li neng li tšoareloa ho sona.
Ka March 1983, ’muso o ile oa hirisetsa barab’abo rōna setša sa Holo ea Kopano Ladyville. Qalong barab’abo rōna ba ile ba haha mohaho oa nakoana bakeng sa likopano tsa potoloho, liketsahalo tse khethehileng le likopano tsa setereke. Eaba ka 1988 ba reka mohaho o entsoeng ka tšepe Guatemala, ba o isa setšeng se Ladyville moo o ileng oa sebelisoa e le Holo ea Kopano.
TŠIMO EA SECHAENA E BEHA LITHOLOANA TSE NTLE
Ho tloha ka bo-1920, Machaena a ’nile a fallela Belize, ’me boholo ba bona ba thabela ho bala libuka tsa puo ea hahabo bona. Ka mohlala, Roberta Gonzalez o re: “Ke ne ke batla ho bolella mosali e mong oa Motaiwane ea nang le lebaka litaba tse molemo, empa ke ne ke tseba hore ha a thahaselle bolumeli ebile o lula a le maphathaphathe. Hape ke ne ke tseba hore o na le bana ba babeli ba lilemong tsa bocha, ka hona, ka letsatsi le leng ha ke ile lebakeng la hae ke ile ka mo fa buka ea Bacha Baa Botsa ka Sechaena ka ba ka mo bolella hore nka rata ho tseba hore na o ikutloa joang ka eona. Ho ile ha feta matsatsi a ’maloa, eare ha ke feta lebakeng la hae a mphahamisetsa letsoho a bontša hore ke emise koloi kapele. Ha ke ema, o ne a nyakaletse ha a mpolella hore haesale a nkemela ho tloha ha ke siea buka eo. O ile a re bacha ba bangata ba Mataiwane ba bile le mathata haesale malapa abo bona a fallela Belize. O ne a lumela hore kaofela ha bona ba lokela ho bala buka ea Bacha Baa Botsa. Ka lebaka leo, a re mora oa hae a bale malapa a Mataiwane a lulang toropong a nang le bacha. Joale o ne a kōpa libuka tse 16 hobane a batla ho ba fa tsona e le limpho.”
Ka October 2000, lekala le ile la lokisetsa hore bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ikemiselitseng ho sebetsa tšimo ea Sechaena ba ithute Semandarine ka likhoeli tse tharo. Litholoana tsa seo e bile life? Ho ile ha thehoa sehlopha sa Sechaena se nang le bo-pula-maliboho ba bangata, seo qetellong e ileng ea e-ba phutheho. Le hoja ba bang ba ile ba hanyetsoa haholo, ba ile ba mamela litaba tse molemo ’me ba ananela lerato leo phutheho e ileng ea ba bontša lona.
Ka mohlala, Monje Chen o ile a lumela ho ithuta Bibele ka 2006. Qalong lelapa labo le ne le sa mo hanyetse, empa ha hoa ka ha feta nako e telele pele le mo soma le ho mo hanyetsa. Ba lelapa labo ba ile ba rekisa thepa eohle ea lelapa ka tšohanyetso hammoho le lebenkele leo Monje a neng a rekisetsa ho lona, ’me ba mo bolella hore a etse qeto ea ho lahla bolumeli bona ba hae bo bocha pele hora e fela, ’me ka mor’a moo ba fallele naheng e ’ngoe. O ile a hana ho hlanohela tumelo ea hae e ncha, kahoo, lelapa le ile la falla, la mo siea a se na letho. Monje o ile a ea lula ha mor’abo rōna e mong ’me a tsoela pele ho ithuta Bibele le ho ba teng kamehla libokeng. O re: “Ke ile ka matlafatsa kamano ea ka le Jehova, ’me a ntlhokomela. Ke thusitsoe ke ho ithuta Bibele le ho thuisa ka Mangolo, haesita le ho khothatsoa ke barab’eso.”
Monje o ile a kolobetsoa ka November 2008, ’me lelapa labo ha le sa mo tšoara hampe ka mor’a ho bona hore boitšoaro ba hae le lipuo tsa hae li fetohile. Monje o ile a phaella ka ho re: “Ho mamela Jehova ha hoa nketsa mofutsana, empa ka sebele ho mphile thabo e khaphatsehang. Jehova ha aa ka a ntahla empa o ile a mpha monyetla oa hore ke be ka mokhatlong oa bara ba motho o lerato le o momahaneng.”
LEKALA LA MEXICO LE TSAMAISA MOSEBETSI OA BELIZE
Ka mor’a hore Sehlopha se Busang se buisane le Komiti ea Lekala ea Belize le ea Mexico ka se hlokahalang e le hore mosebetsi oa ’Muso o etsoe, se ile sa etsa qeto ea hore mosebetsi oa Belize o tsamaisoe ke lekala la Mexico. Sena se ile sa etsahala ho tloha ka la 1 January, 2001. Ho ile ha e-ba le melemo e mengata ’me barab’abo rōna ba sebakeng sena ba thaba.
Ho tloha ka nako eo, lekala la Mexico le ’nile la tsamaisa kaho ea Liholo Tsa ’Muso tse ’maloa Belize. Ka la 16 March, 2002, ho ile ha neheloa Liholo Tsa ’Muso tse peli tse hahiloeng setšeng se le seng Belize City. Letsatsing le latelang, ho ile ha neheloa lehae la baromuoa le lecha le letle le Holo ea Kopano e nchafalitsoeng Ladyville. Batho ba bangata ba ’nileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 50 kapa 60 ba ne ba le har’a ba neng ba mametse puo ea nehelo ea Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang. Ho ’nile ha e-ba le khatelo-pele haesale ho thehoa Sehlopha sa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso, se thusitseng hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse 20 naheng eohle.
Ka 2007, bo-pula-maliboho ba 325 ba tsoang Mexico ba ile ba fihla Belize ba tlil’o thusa ho sebetsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla. Sena se ile sa khothatsa bahoeletsi ba Belize haholo hore ba chesehele ho bolela litaba tse molemo. Ka lebaka leo, palo ea bo-pula-maliboho e ile ea eketseha ka tsela e tsotehang.
Lipaki Tsa Jehova ha li tšoane le baeta-pele ba likereke ba rapelang selemo se seng le se seng hore Belize e sireletsehe ha maholiotsoana a fihla, kaha pele ho nako ea maholiotsoana a 2007, tsona li ile tsa fuoa litaelo tsa hore na li etse joang ha leholiotsoana le fihla ka tšohanyetso. Li ile tsa ananela litaelo tsena haholo ka August ha ho fihla leholiotsoana le matla ka ho fetisisa le bitsoang Leholiotsoana Dean. Barab’abo rōna bohle ba neng ba le sebakeng se kotsi ba ile ba bolelloa hore ba tlohe ’me ba lule le barab’abo rōna ba libakeng tse sireletsehileng. Ha leholiotsoana le se le fetile, Lipaki tse tsoang hohle ka har’a naha li ile tsa thusa ho lokisa matlo le Liholo Tsa ’Muso, ’me sena sa susumetsa seea-le-moea hore se rorise Lipaki Tsa Jehova se re ke mohlala o lokelang ho etsisoa.
BATHO BA LICHABA TSOHLE BAA MOMAHANA
Jehova o ile a hlohonolofatsa barab’abo rōna hoo hona joale ho nang le bahoeletsi ba fetang 1 800 Belize—e leng se bolelang hore mohoeletsi a le mong o lokela ho pakela batho ba 149. Kaha ho baahi ba 39 ba Belize a le mong o ile a ba teng Sehopotsong ka 2009, ho bonahala hore keketseho e tla ba khōlō!
Mosebetsi oa ho etsa barutuoa Belize lilemong tse fetileng tse 80 o entse hore ho be le batho ba batle, ba ratang Molimo, ba momahantsoeng ke ho bua ‘puo e hloekileng,’ kapa ho tseba ’nete ka Molimo le ka merero ea hae. Lipaki Tsa Jehova tsa Belize li sebetsa ‘mahetla a bapile’ hammoho le bara le barali babo rōna lefatšeng ka bophara ’me li bua puo e hloekileng ha li paka phatlalatsa, e leng se tlotlisang Jehova, Molimo oa rōna ea lerato.—Sof. 3:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja naha ena e ile ea bitsoa British Honduras ho fihlela ka 1973, re tla e bitsa Belize ntle le haeba ho hlokahala hore re e bitse British Honduras ho latela taba eo ho buuoang ka eona.
b Leholiotsoana lena le ile la etsa hore Belize City e se hlole e e-ba motse-moholo oa Belize, empa Belmopan e bohareng ba naha e be oona motse-moholo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 224]
Mokhanni eo o ile a mpolella hore Bakreste ba ’nete ba bolela ka ntlo le ntlo”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 234]
“Hase hantle hore re tšabe Ntate. Ke Jehova eo re lokelang ho mo tšaba”
[Lebokose le leqepheng la 208]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea Belize
Naha
Thota e pel’a leoatle ea lopalla e be e e’o fihla Lithabeng Tsa Maya tse ka boroa. Merung ea teng ho na le mangau, litau tse bitsoang li-puma, litšoene, likolobe tse hlaha, li-iguana tse tala le likoena, hammoho le mefuta e 60 ea linoha tse akhang marabe ea chefo haholo. Ho na le mefuta e ka bang 600 ea linonyana tse akarelletsang lipapakhaie tse khōlō tse ’mala o sekareleta tse seng li le ’maloa haholo hammoho le nonyana e ntle e bitsoang toucan e molomo o moholo. Libōpuoa tse fapa-fapaneng tse phelang leoatleng li akha likorale, likokoanyana tse se nang masapo, parrot fish le li-manatee, li-barracuda le lishaka tsa maruarua.
Batho
Baahi ba Belize ba akarelletsa Bamaya (Bakekchi, Bamopan le Bayucatec), Macreole (e leng bana ba Maafrika a nyalaneng le Maeurope), Bamestizo (e leng bana ba Masepanishe a nyalaneng le Bamaya), Magarinagu (e leng bana ba Maafrika a nyalaneng le Macarib), batho ba tsoang East Indies, ba Lebanone, Machaena le Maeurope a akhang Majeremane le Mamennone a Madache.
Puo
Puo e sebelisoang litabeng tsa molao ke Senyesemane, empa ho boetse ho buuoa Secreole sa Belize, Sepanishe, Segarifuna, Sekekchi, Semaya, Sejeremane le Semandarine.
Mokhoa oa Boipheliso
Baahi ba bangata ba hiriloe masimong a ’moba le lirapeng tsa litholoana tse melang linaheng tse chesang ’me ba li romela ka ntle ho naha. Bohahlauli le ho tšoasa litlhapi ke tsela e ’ngoe eo ba bangata ba iphumanelang chelete ka eona.
Lijo
Ho jeoa lijo tse fapa-fapaneng tse monate hobane baahi ba mona ba na le litso tse sa tšoaneng. Lijo tse ratoang ka ho fetisisa ke raese e kopaneng le linaoa e phehiloeng ka lebese la kokonate, ’me hangata e jelelloa ka nama e halikiloeng kapa e phehiloeng ea khōhō, ea khomo kapa tlhapi le banana e halikiloeng. Ho na le matletsetletse a limenyemenye tse etsoang ka lintho tse phelang leoatleng ’me li ratoa ke batho ba bangata.
Boemo ba Mohatsela le Mocheso
Belize e lebōpong la Leoatle la Caribbean, Amerika Bohareng, ’me hoa chesa ho bile ho mongobo sebakeng sena se ratoang ke lipula, se atisang ho hlaseloa ke maholiotsoana.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 215]
Magarinagu a Amohela ’Nete
BEVERLY ANN FLORES
O HLAHILE KA 1961
O KOLOBELITSOE KA 1993
PALE EA BOPHELA BA HAE Ke Mogarifuna ea ileng a amohela ’nete ’me hona joale o thusa batho ba habo hore ba tsebe Jehova.
◼ MOGARIFUNA ka bongateng ke Magarinagu. Sechaba sena se hlahile mathoasong a lilemo tsa bo-1600, ha makhoba a nyalana le Macarib a sebakeng sena. Segarifuna ke puo ea Searawak e kopantseng Sefora le Seswahili.
Bolumeli ba Magarinagu bo kopantse meetlo ea Maafrika le ea Maamerika a India, ’me bo tletse Bok’hatholike haholo. Ka mohlala, dugu ke mokete o moholo oa balimo. Beverly o re: “Mè o ne a sa lumele moketeng oa dugu. O ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka lumella hore ho senngoe lijo tse ngata hakaalo ka hore li epeloe. O ne a tloaetse ho re, ‘Lijo li jeoa ke batho! Haeba bafu baa re rata, ho tla joang hore ebe baa khutla ’me ba re utloisa bohloko?’”
Beverly o tsoela pele ho hlalosa se ileng sa etsahala ha a ithuta ’nete. O re: “Kaha ke Mogarifuna ke ile ka ikutloa ke batla ho ea Dangriga ho ea bolella batho ba heso litaba tse molemo. Ke ne ke tseba hore Magarinagu a mangata a tla li thabela haeba a li bolelloa ke Mogarifuna oa habo bona. Ba bangata baa mamela ha ke bua Segarifuna, ’me ba ’maloa ba se ba qalile ho ea libokeng. Ba hlokometse hore leha ba ka tlohela meetlo e sa lumellaneng le Bibele, meea e mebe e ke ke ea ba bolaea.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 218]
“Le ka Mohla, Jehova ha aa ka a re Lahla”
LILLY MILLER
O HLAHILE KA 1928
O KOLOBELITSOE KA 1960
PALE EA BOPHELO BA HAE O hōlisitse bana ba tšeletseng a le mong ’me a ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 47.
◼ LILLY o ile a bua ka lentsoe la bonolo a re: “Ka 1959, Amybelle Allen o ile a buisana le ’na ka Bibele. Kerekeng re ne re lemositsoe hore ho na le ‘baprofeta ba bohata’ ba tsamaeang ba kena ntlo le ntlo. Ke ile ka lumela ho ithuta ke sebelisa Bibele feela, ka amohela ’nete ’me ka kolobetsoa selemong se latelang.
“Qalong ho ne ho le boima hore ke bolele litaba tse molemo. Matsoho a ka a ne a thothomela hoo ke neng ke sitoa ho tšoara Bibele. Empa ke ile ka tšoana le Jeremia ’me takatso ea ka ea ho bolella ba bang seo ke ithutang sona ea e-ba ‘joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka.’ Ke ile ka tlameha ho bua ho sa tsotellehe hore na batho baa mamela kapa che.”—Jer. 20:9.
Lilly o ile a khona joang ho hōlisa bana ba tšeletseng a le mong ebile e le pula-maliboho? O re: “Ke ile ka rapela Jehova ’me a nthusa. Hararo ka beke ke ne ke tsoha ka 3:30 hoseng ke etsa libiskiti. ’Na le barali ba ka, re ne re li baka setofong sa patsi ’me batho ba fola hore ba li reke li sa chesa. Ha li se li rekiloe kaofela, bana ba ne ba e-ea sekolong ebe ’na ke ea tšimong. Le ka mohla, Jehova ha aa ka a re lahla.”
Lilly o ’nile a bula maliboho Corozal ho tloha ka 1969. Mora oa hae oa letsibolo le barali ba hae ba babeli ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me o thusitse batho ba 69 hore ba kolobetsoe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 227, 228]
Matšolo a ho Bolela Litaba Tse Molemo Mahaeng—Morung o Teteaneng
Martha Simons o re: “Ka March 1991, bara le barali babo rōna ba 23 ba neng ba tsoa ka makhalo ’ohle a naha ba ile ba kopana Punta Gorda e le hore ba ka nka leeto la matsatsi a leshome la ho ea bolela litaba tse molemo metseng e hare-hare morung o teteaneng. Re ne re nkile liphahlo, likobo le mealo e fanyehoang, hammoho le libuka tsa Senyesemane, Sepanishe le Sekekchi. Re ne re boetse re nkile mofaho o akarelletsang libiskiti tse 200.
“Hoseng ha le hlahlamang re ile ra palama seketsoana se entsoeng ka lehong la k’hothone, eaba re haola leoatle le befileng. Ha re fihla motseng oa Crique Sarco, re ile ra laolla thepa ea rōna ’me ra lokisa moo re tla robala teng. Ha barab’abo rōna ba ntse ba fanyeha mealo, baralib’abo rōna ba ile ba pheha mohatla oa kolobe—e leng sechu seo re se ratang haholo se entsoeng ka cassava, li-yam, banana e phehoang, kokonate, mahe a phehiloeng haesita le oona mohatla oa kolobe. Baahi ba motse oo oa Bakekchi ba ile ba utloela hore re se re fihlile ’me ho e-s’o ee kae, ba tla ka bongata ho tla re lumelisa. Ka lebaka leo, ka lihora tse peli feela re ile ra khona ho bolella baahi bohle ba motse oo litaba tse molemo. Bosiung boo barab’abo rōna ba ile ba robala mealong tlas’a mohaho oa sepolesa o hahiloeng holim’a lipalo, ’me baralib’abo rōna ba robala ntlong ea joang eo banna ba baholo ba motse ba neng ba kopana ho eona.
“Ka le hlahlamang re ile ra boela ra laela sekepe, ’me ra nyolosa le nōka, moo libakeng tse ling metso ea sefate sa mangrove e neng e hōlile haholo hoo ho neng ho le lefifi ’me ho thōtse ka tsela e tšosang. Ka mor’a metsotso e ka bang mashome a mararo, re ile ra laolla sekepe ’me ra nka leeto le leng la hora le metsotso e mashome a mararo re tsamaea morung re leba motseng oa Sundaywood. Batho ba moo ba ne ba le bakhutšoanyane, ba le basootho ’me moriri oa bona o le motšo o bile o otlolohile. Boholo ba bona ba ne ba sa roala lieta, ’me basali bona ba tenne mese ea sehahabo bona ba bile ba ikhabisitse ka lifaha. Matlo a teng ke a joang a litsoeng fatše, a se nang likamore le thepa ea ka tlung, haese mealo feela. Motšeo ho na le leifo leo ho pheheloang ho lona.
“Batho ba teng ba ne ba hlile ba rata batho ’me re ile ra fumana ba bangata ba thahasellang. Ba ile ba hlolloa haholo ha ba bona hore re na le libuka tsa Sekekchi le ha re ba balla mangolo Libibeleng tsa rōna tsa Sekekchi.
“Hoseng ha le hlahlamang re ile ra tsosoa ke mekoko, linonyana haesita le litšoene. Ka mor’a lijo tsa hoseng tse hlabosang, re ile ra boela ho batho bohle ba thahasellang bao re kopaneng le bona ka la maobane. Ra qala lithuto tsa Bibele tse ngatanyana ’me ra khothalletsa e mong le e mong hore a tsoele pele ho ithuta a le mong ho fihlela re tlil’o ithuta le bona hape selemong se latelang. Re ile ra ’na ra etsa sena ka matsatsi a latelang ha re ntse re kenella hare morung re ea metseng ea mahaeng.
“Ka mor’a ho qeta matsatsi a leshome re le morung oo, re ile ra nahana ka leeto le lelelele leo re le tsamaileng, metse e mengata eo re fetileng ho eona, esita le batho bohle bao re kopaneng le bona. Re ile ra rapela Jehova hore a mpe a hlokomele peō ea molaetsa oa ’nete eo re e jetseng ho fihlela re khutla selemong se latelang. Maoto a rōna a ne a opa, ’mele e khathetse; empa lipelo tsa rōna li tletse teboho hobane Jehova a re lumeletse hore re thabele ho kena letšolong la selemo sena la ho bolela litaba tse molemo mahaeng.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 235, 236]
Bamaya ba Ratang Jehova
JORGE LE NICOLAS SHO (LE KHAITSELI EA BONA PRISCILIAN)
BA HLAHILE KA 1969 le ka 1971
BA KOLOBETSOA KA 1997
SEHAHABO BONA Ka Semaya, ngoana o lokela ho hlompha batsoali ba hae a be a ba mamele ka ho feletseng leha a se a le lenyalong.
◼ HA Nicolas le Jorge ba ithuta ka Jehova ba bile ba qala ho mo rata, ntate oa bona o ne a lomahantse meno ha a ba thibela ho etsa mesebetsi ea Bokreste.
Nicolas o re: “Ke ile ka hlalosetsa Ntate hore ke ithuta litaba tsa bohlokoa, empa kaha e ne e le setho sa Kereke ea Baptist, ha ho le moo ho ileng ha re teke! ho eena. Ke ile ka khaotsa ho ithuta Bibele ka makhetlo a ’maloa hobane ke sa batle ho mo utloisa bohloko. Empa ke ne ke tseba hore ke behela bana ba ka mohlala o mobe ha ke ntse ke tahoa le Ntate. Mohats’a ka le bana ba ka ba ne ba sa thaba hoo ho neng ho se mohla ba bososelang.
“Hang ha ke qala ho ithuta Bibele ’me ke e-ea libokeng tsa Bokreste kamehla, ’nete e ile ea nthusa hore ke tlohele mekhoa e mebe. Ke ile ka qala ho sebeletsa lelapa la ka ka thata, ’me chelete e ne e se e ea lapeng kaofela. Hona joale, lelapa la ka le maphathaphathe tšebeletsong ea Jehova, ’me u tla fumana lapeng ho tšehoa ho bile ho le monate.”
Lelapa la Jorge le ne le le boemong bo tšoanang le boo hantle. Le ne le e-na le mathata hobane e ne e le letahoa le tala ka hanong, ’me u ne u ke ke ua mo fumana lapeng ha e le mafelo-beke. Empa o ile a fetola mekhoa ea hae haholo ha a se a ithuta Bibele.
Jorge o re: “Ha ke ntse ke hatela pele, Ntate o ile a nkhanyetsa le ho feta. O ne a re re baprofeta ba bohata. Ka makhetlo a ’maloa o ile a re sokela ka hore o tla re hlaba ka thipa ea hae e khōlō. Ke ne ke rutoa Bibele ke Mor’abo rōna Cardoza, ’me o ile a leka ho re fa malebela. O ile a re: ‘Le tla etsa joang haeba ntate oa lōna a ka le leleka lapeng?’ Ke ile ka re: ‘Ntate oa nthata, ’me a ke ke a etsa ntho ea mofuta oo.’ Empa ka masoabi ke sona seo a ileng a se etsa.
Jorge o re: “Leha ho le joalo, ke ne ke rata seo ke ithutang sona ’me bophelo ba ka bo ntse bo fetoha. Lelapa la ka le ile la rua molemo hobane ke ne ke apara botho bo bocha kaha ke le Mokreste. Re ne re hlomphana re bile re thabile. Kajeno mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o nthabisa haholo, ’me Jehova o nthusitse hore ke be pula-maliboho oa kamehla.”
[Setšoantšo]
Frank Cardoza o ile a pakela Jorge
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 238, 239]
Ho Sebeletsa Jehova ka Thabo Moo ho Hlokahalang Bahoeletsi ba Eketsehileng
Le hoja ho se bonolo hore motho a fallele naheng e ’ngoe moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba eketsehileng, hore a hle a lule moo ho ka ba thata le ho feta ’me ho hloka hore a ikitlaetse a be a itele. Bara le barali babo rōna ba bangata ba mamella mathata ana ka sebete le ka thabo e khōlō.
Ka mohlala, ka 1989, Arthur le Roberta Gonzalez ba United States ba ile ba fallela Belize le mora oa bona ea lilemo li tharo ea bitsoang Dalton e le hore ba il’o etsa tsoho la monna mosebetsing oa ’Muso. Roberta o re: “Ntho e ileng ea ba boima ka ho fetisisa ke ho tlohela mosebetsi o tsitsitseng o lefang hantle ’me re ea naheng eo ho eona batho ba bangata ba sa sebetseng.”
Arthur o lumellana le eena o re: “Ka sebele motho o lokela ho tšepa Jehova. Ha ke bala Bibeleng moo ho buuang ka Abrahama, ke hlolloa ke kamoo a ileng a tloha ha hae, ho ba habo ’me a siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a hōtseng ka eona. Empa Jehova o ile a mo hlokomela. Bothata bo bong boo re ileng ra tobana le bona e ne e le ho utloisisa Secreole sa Belize. Empa re ile ra tšepa Jehova, ’me a re hlokomela.”
Ka 1991 Frank le Alice Cardoza ba California ba ile ba fallela Belize e le bo-pula-maliboho. Frank o re: “Ha ke bala buka ea Liketso, ke ile ka utloa ke rata ho ba moromuoa. Empa ke ne ke tseba hore nke ke ka tšoaneleha hore ke ee Sekolong sa Gileade kaha re na le bana ba bane. Kahoo, ha morali oa ka oa ho fela a qeta sekolong, re ile ra bona ho le molemo hore re fallele naheng e ’ngoe. Ha re bala Molula-Qhooa o buang ka Belize, re ile ra ipolella hore joale rea tsamaea.”
Alice o re: “Ke ile ka re ke tla bona hore na ka mor’a lilemo tse tharo ho ea joang, etsoe metsi a lekoa ka lere. Empa e se e le lilemo tse 18 re le mona, ’me thabo ea ka ea khaphatseha!”
Frank o tsoela pele o re: “Re rata batho, re rata mosebetsi oa rōna, kahoo ho bonolo ho ba metsoalle ea ba ratang Jehova. Lithuto li ngata hoo li re tlalang matsoho ’me ha re bona batho ba amohela ’nete, re thabela bophelo haholo lilemong tsena tseo re bileng mona ka tsona. Leha ho ka ha thoe re fuoa chelete e ngata hore re tlohele mosebetsi ona oa bohlokoa, re ke ke ra o tlohela.”
Ka 1988, Carl le Martha Simons ba Texas ba ile ba fallela Belize. Martha o re: “Re ne re e-na le bana ba babeli ha re falla. E mong o ne a le lilemo li leshome ha e mong a le lilemo li robeli. Ha re fihla Belize, re ne re qeta letsatsi lohle re tsamaea le phutheho re bolela litaba tse molemo metsaneng ea mahaeng. Re ne re boetse re sebetsa hammoho kahong ea Holo ea Kopano, ’me kamehla ha kopano e le teng, ntlo ea rōna e ne e tlala bara le barali babo rōna. Re motlotlo hore ebe re hōliselitse bana ba rōna mona, hobane ba ile ba tloaelana le bo-pula-maliboho ba khethehileng le baromuoa. Ke ’nete hore ho ne ho e-na le linako tseo re neng re utloa eka re ka palama sefofane ra tsamaea—haholo ha ho ne ho se na motlakase, metsi, libeteri ’me lithelefono li sa sebetse. Empa ha ho ka thoe re qale qalong, re ke ke ra chechela morao esita le har’a mathata le manolo. Bophelo ba rōna bo tletse thabo ka lebaka la ho sebeletsa Jehova moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng.”
[Litšoantšo]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Dalton, Roberta, Arthur, le ’mè oa hae, Martha Gonzalez
Alice le Frank Cardoza
Carl le Martha Simons
[Lebokose le leqepheng la 250]
“Motho ea re Khathallang!”
ALEJANDRO LE REBECCA (BECKY) LACAYO
BA HLAHILE KA 1950 le ka 1949
BA KOLOBELITSOE KA 1966 le ka 1959
PALE EA BOPHELO BA BONA Ha ba tsoa sekolong sa Gileade ka 1972, ba ile ba ea sebeletsa El Salvador, Belize, Nicaragua, Mexico le Honduras e le baromuoa. Hona joale ba mosebetsing oa potoloho United States, ’me ha ba e-s’o ka ba lebala ha ba kenya letsoho mosebetsing oa ho aba liphallelo Belize.
◼ KA Mantaha oa la 2 October, 2000, Becky o ile a ngola lengolo le reng: “Leholiotsoana Keith le sa ntse le ruthutha! Ho se ho fetile matsatsi a mabeli le halofo pula e na mocha-o-chele.”
Letsatsing le hlahlamang ha moea le lipula li kokobela, Alejandro le pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Donald Niebrugge ba ile ba khona ho isa liphallelo Sehlekehlekeng sa Ambergris. Ba ile ba tsamaea le baholo ba babeli ba sehlekehlekeng seo ba ea hlola bahoeletsi bohle ba liphuthehong tsa moo tse peli.
Becky o re: “Ka Laboraro, barab’abo rōna ba tsoang likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha ba ile ba fihla lekaleng ba tliselitse barab’abo rōna ba lihlekehlekeng lijo, metsi haesita le liaparo. Soko-soko ke ha liphallelo li tletse tsoete! moo ho amohelloang baeti teng le laebraring.”
Ho sa le joalo, Alejandro le bara bao babo rōna ba bararo ba ile ba isetsa sehlopha se Sehlekehlekeng sa Caulker liphallelo ’me ba se khothatsa ba ba ba rapela le sona, e leng se ileng sa tsosa sehlopha seo molota. Lipaki le batho bao e seng Lipaki ba ile ba hlolloa ha ba bona kamoo barab’abo rōna ba ba ratang kateng ’me ba bona hore ba amehile ka bona. Mosali e mong o ile a bua ka pelo e bohloko, a re: “Ke qetile lilemo-lemo tsena ke ntse ke ntša koleke kerekeng, empa ha ho le ea mong ea tsoang kerekeng ea heso ea tlileng ho tla mpotsa botsoho.”
Morali e mong oabo rōna o ile a bua a sekisitse meokho, a re: “Ak’u bone mehau!” A rialo a bua ka batho ba bang. Ha a qeta a re: “Empa rōna ho na le motho ea re khathallang!”
[Chate/Krafo e leqepheng la 244, 245]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Belize
1923 James Gordon o bolela litaba tse molemo Bomba.
1930
1933 Freida Johnson o bolela litaba tse molemo Belize City.
1934 Thaddius Hodgeson o tšoarela liboka lebakeng la hae.
1940
1941 Ho kolobetsoa bahoeletsi ka lekhetlo la pele Belize City.
1945 Ho fihla baromuoa ba pele.
1946 Ho thehoa ofisi ea lekala.
1950
1957 Baromuoa ha ba sa amoheloa ka har’a naha.
1959 Ho hahoa ofisi ea lekala, lehae la baromuoa le Holo ea ’Muso.
1960
1961 Baromuoa ba boetse baa amoheloa.
1961 Leholiotsoana Hattie le ruthutha Belize.
1971 Ho tšoaroa likopano ka lekhetlo la pele Bird’s Isle.
1980
1988 Ho hahoa Holo ea Kopano Ladyville.
1990
2000
2000 Leholiotsoana Keith le hlasela Belize.
2001 Lekala la Mexico le abeloa ho tsamaisa mosebetsi Belize.
2002 Ho neheloa Liholo Tsa ’Muso tse peli tse hahiloeng setšeng se le seng (ka ho le letšehali), lehae la baromuoa le Holo ea Kopano e nchafalitsoeng.
2010
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
1,800
1,200
400
1930 1940 1950 1960 1980 1990 2000 2010
[Setšoantšo]
Barab’abo rōna ba ea kopanong ka sekepe
[Limmapa tse leqepheng la 209]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEXICO
GUATEMALA
Melchor de Mencos
LEOATLE LA CARIBBEAN
BELIZE
Sehlekehleke sa Ambergris
San Pedro
Sehlekehleke sa Caulker
SETEREKE SA COROZAL
Corozal
SETEREKE SA ORANGE WALK
Orange Walk
August Pine Ridge
SETEREKE SA BELIZE
Bomba
Santana
Crooked Tree
Black Creek
Ladyville
Belize City
SETEREKE SA CAYO
BELMOPAN
Benque Viejo
SETEREKE SA STANN CREEK
Khohlo ea Stann Creek
Dangriga
Hopkins
Seine Bight
SETEREKE SA TOLEDO
Mango Creek
Placencia
Toropo ea Monkey River
Punta Negra
San Antonio
Punta Gorda
Sundaywood
Barranco
Crique Sarco
Nōka ea Belize
LITHABA TSA MAYA
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 200]
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Alphonsena Robateau le Amybelle Allen le barab’abo rōna ba bararo ba bo-pula-maliboho ba khethehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 207]
Herman le Derrine Lightburn le mora oa bona Stephen
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Sehlopha sa Lipaki le koloeana e nang le sebuela-hōle, Belize City, ka bo-1940; (1) Thaddius Hodgeson, (2) George Longsworth
[Setšoantšo se leqepheng la 213]
Elmer Ihrig o ile a sebetsa haholo tšimong literekeng tse ka thōko
[Setšoantšo se leqepheng la 214]
Charles Heyen o ile a khothalletsa barab’abo rōna hore ba tšoare liboka kamehla
[Setšoantšo se leqepheng la 221]
Ofisi ea lekala, lehae la baromuoa le Holo ea ’Muso Belize City
[Setšoantšo se leqepheng la 223]
Kopano ea pele ea potoloho e neng e tšoeroe ka Sepanishe feela, Holong ea ’Muso ea Orange Walk, ka 1968
[Setšoantšo se leqepheng la 229]
Bo-pula-maliboho ba khethehileng, Marcial le Manuela Kay
[Setšoantšo se leqepheng la 230]
Motse oa Bamaya, Seterekeng sa Toledo
[Setšoantšo se leqepheng la 240]
María le Basilio Ah
[Setšoantšo se leqepheng la 246]
Cecilia Pratt
[Setšoantšo se leqepheng la 249]
Ba lutse ka tenteng kopanong ea potoloho, Punta Gorda, ka bo-1960
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Becky le Alejandro Lacayo
[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
Mohaho o entsoeng ka tšepe o ka tlaase mona oo hona joale e leng Holo ea Kopano (ka ho le letona)
[Setšoantšo se leqepheng la 253]
Holo ea Kopano e nchafalitsoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 254]
Bara le barali babo rōna ba setšeng seo ho ileng ha hahoa Liholo Tsa ’Muso tse peli, Belize City