Maria Magdalena e ne e le Mang?
Karabo e tsoang ka Bibeleng
Maria Magdalena e ne e le molateli ea tšepahalang oa Jesu Kreste. Lebitso la hae e leng Magdalena ho ka etsahala hore le bolela toropo ea Magdala (eo ho ka etsahalang hore ke Magadan), e neng e le Leoatleng la Galilea. E ka ’na eaba Maria o ne a kile a lula moo.
Maria Magdalena ke e mong oa batho ba neng ba tsamaea le Jesu le barutuoa ba hae ’me ba ne ba ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Luka 8:1-3) O ile a bona ha Jesu a bolaoa ’me e ne e le e mong oa batho ba pele ba ileng ba ’mona ka mor’a hore a tsosoe.—Mareka 15:40; Johanne 20:11-18.
Na Maria Magdalena e ne e le letekatse?
Ha hona moo Bibele e reng Maria Magdalena e ne e le letekatse, empa e re bolella hore Jesu o ile a ntša bademona ba supileng ho eena.—Luka 8:2.
Joale taba ea hore e ne e le letekatse pele e ba molateli oa Jesu e tsoa hokae? Lilemo tse makholo ka mor’a hore Maria Magdalena a hlokahale, batho ba bang ba ile ba re ke eena mosali eo Bibele e sa bueng ka lebitso la hae (eo e neng e le letekatse) ea ileng a hlatsoa maoto a Jesu ka likeleli tsa hae ’me a a phumola ka moriri oa hae. (Luka 7:36-38) Leha ho le joalo, ha hona moo Bibele e re fang lebaka la hore re lumele taba ena.
Na Maria Magdalena e ne e le “moapostola ho baapostola”?
NChe. Kereke ea K’hatholike e bitsa Maria “St. Mary Magdalene” le “moapostola ho baapostola” hobane o ne a le har’a batho ba pele ba ileng ba bolella baapostola hore Jesu o tsositsoe bafung. (Johanne 20:18) Empa sena ha se bolele hore e ne e le moapostola. Ebile le Bibele ha e re e ne e le moapostola.—Luka 6:12-16.
E ka ’na eaba Bibele e qetile ho ngoloa selemong sa 98. Lilemo tse makholo tse fetileng baeta-pele ba likereke ba ile ba etsa qeto ea ho fa Maria Magdalena boemo bo khethehileng le bo phahameng. Hona le libuka tse ling tse ileng tsa ngoloa lilemong tsa bo 100-300 tse hlalosang hore ba bang ba barutuoa ba Jesu ba ile ba monela Maria Magdalena. Empa libuka tsena ha se karolo ea Bibele. Lipale tsena ke tseo batho ba iketselitseng tsona ’me ha se karolo ea Mangolo a bululetsoeng.
Na Maria Magdalena e ne e le mosali oa Jesu Kreste?
Che. Ha e le hantle Bibele e hlakisa taba ea hore Jesu o ne a sa nyala.a
a Sheba sehlooho se reng “Na Jesu o ne a Nyetse? Na Jesu o ne a na le Bana babo?”