Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 131
  • Thuso Bakeng sa ba Foufetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso Bakeng sa ba Foufetseng
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Molimo a ikutloang kateng ka batho ba foufetseng
  • Kamoo Lipaki Tsa Jehova li fanang ka thuso kateng
  • Ke lithulusi life tsa Bibele tseo re li sebelisang bakeng sa ho ruta batho?
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Braille e Thusa Batho ba sa Boneng
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Ruta Batho ba Nang le Bokooa ba Pono ka Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2020
  • Ho Phela le Bokooa ba Pono
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 131
Ntate ea foufetseng o lutse setulong se ka ntle, o mametse sengoloa ho “JW Library”.

Thuso Bakeng sa ba Foufetseng

Litsebi li hakanya hore lefatšeng ka bophara ho na le batho ba ka bang limilione tse 43 ba foufetseng hape ho na le ba limilione tse 295 ba sa boneng hantle.a Ka masoabi, boholo ba batho bana ba tšoaroa hampe le ka ho hloka toka.

Molimo o ikutloa joang ka batho ba sa boneng? Bibele e re’ng ka bona? Lipaki Tsa Jehova li etsa’ng ho ba thusa kajeno?

Kamoo Molimo a ikutloang kateng ka batho ba foufetseng

Bibele e bontša hore Jehovab o tsotella batho ba sa boneng haholo. O batla hore ba tšoaroe hantle ba be ba rue molemo thutong eo a fanang ka eona. Hape o ba fa tšepo e hlollang ka bokamoso.

Lengolo: “Ho rohakoe motho ea etsang hore ea foufetseng a lahleheloe ke tsela.”—Deuteronoma 27:18.

Tlhaloso: Mehleng ea pele, Molimo o ile a fa batho ba hae Molao o neng o sireletsa batho ba sa boneng.

Lengolo: “Molimo ha a leeme.”—Liketso 10:34.

Tlhaloso: Molimo o rata batho ba sa boneng le ba bonang ka tsela e tšoanang.

Lengolo: Jesu “a etsa hore ba sa boneng ba boele ba bone.”—Luka 7:21.

Tlhaloso: Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba foufetseng, sena se ne se bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla finyella eng nakong e tlang.

Lengolo: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha.”—Esaia 35:5.

Tlhaloso: Jehova o tšepisa hore haufinyane ha ’Muso oa hae o se o busa lefatšeng, batho ba foufetseng ba tla boela ba bone.

Kamoo Lipaki Tsa Jehova li fanang ka thuso kateng

Re le Lipaki Tsa Jehova re fana ka molaetsa oa tšepo ho batho ba foufetseng lefatšeng lohle. Re etsa see joang?

  • Re hatisa Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng le livideo bakeng sa batho ba foufetseng le ba sa boneng hantle ka braille, mongolo o moholo le mantsoe.

  • Re tšoara liboka tsa Bokreste beke le beke, ’me bohle ba amohelehile ho tsona ho akarelletsa le ba foufetseng.

  • Re fana ka monyetla oa hore motho e mong le e mong a fumane thuto ea Bibele.c

Lintho tsena kaofela re khona ho fana ka tsona mahala. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a laela a re: “Le fuoe mahala, le lona fanang mahala.”—Matheu 10:8.

Lipaki Tsa Jehova li tsotella batho ba foufetseng. Bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo le rona ba tla fumana metsoalle e molemo. Hlokomela tse ling tsa liphihlelo tsa batho ba foufetseng bao e leng Lipaki Tsa Jehova.

Talita Alnashi oa Sweden, o hlahile a sa bone hantle. Ithute kamoo batsoali ba hae ba ileng ba mo ruta Bibele le kamoo metsoalle e ileng ea mo tšehetsa le ba lelapa labo.

James Ryan oa Amerika, o hlahile a sa utloe litsebeng ’me hamorao a lahleloa ke pono. Bona kamoo a thabileng le ho khotsofala kateng bophelong.

Cynthia Pablo.

Cynthia Pablo oa Philippines, ha a utloe ebile ha a bone. Ke joang Bakreste-’moho ba ileng ba mo thusa nakong ea seoa sa COVID-19? Fumana karabo sehloohong se reng “Phutheho e Thusa Morali oa bo Rona ea sa Utloeng Ebile a sa Bone Nakong ea Seoa.”

Ke lithulusi life tsa Bibele tseo re li sebelisang bakeng sa ho ruta batho?

Ntate ea foufetseng o sebelisa notetaker ea braille.

Lingoloa tsa braille. Re hatisa Bibele ka braille, e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fapaneng. (Bakeng sa lethathamo la lipuo tsena, bona lebokose le reng “Bibele ea New World Translation ka Braille.”) Re boetse re hatisa lingoloa tse ling tse thehiloeng Bibeleng ka braille. Bakeng sa batho ba batlang ho ithuta braille, ho hatisitsoe bukana e nang le sehlooho se reng Learn to Read Braille. E etselitsoe ho thusa motho ea sa boneng hore a ithute ho bala braille ka thuso ea motho ea bonang.

  • U ka fumana lingoloa tse hatisitsoeng ka braille ka ho bua le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kapa oa kopa ho eteloa.

Lingoloa le boitsebiso bo fumanoang inthaneteng ka mongolo o moholo. Batho ba sa boneng hantle ba ka fumana lingoloa tse hatisitsoeng ka mongolo o moholo. Websaete ea rona e entsoe ka tsela e u lumellang hore u ka holisa mongolo. Ho JW Library app u ka khona ho holisa kapa ho fokotsa mongolo oa sengoloa.

  • U ka fumana lingoloa tse hatisitsoeng ka mongolo o moholo ka ho bua le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kapa oa kopa ho eteloa.

  • U ka daonlouda lingoloa ka mongolo o moholo ho jw.org.

Lingoloa tse mameloang. Re hatisa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse fetang 200. Re boetse re hatisa lingoloa tse mameloang tse thehiloeng Bibeleng. Lingoloa tsena tse mameloang li boetse li na le tlhaloso ea litšoantšo.

  • Mamela kapa u daonloude lingoloa tse mameloang jw.org le ho JW Library app.

  • U ka daonlouda lingoloa tse mameloang ho jw.org, ’me oa li mamela u sebelisa lenaneo la k’homphieutha le ballang batho ba sa boneng.d

Letšoao le hlahisitseng motho ea buang.

Livideo tse nang le litlhaloso tse mameloang.e Lipaki Tsa Jehova li hatisa livideo tse thehiloeng Bibeleng tse nang le litlhaloso tse mameloang ka puo tse ka holimo ho 100. Livideo tsena li thusa batho ho utloisisa le ho sebelisa likeletso tse hlahang ka Bibeleng.

Mamela mehlala ea livideo tse tsamaisanang le litlhaloso tsa teng tlas’a lihloohoana tse latelang:

  • Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe

  • Bibele e Fetola Batho

  • Video ea Lipopae

Liboka le likopano. Ho na le liphutheho lefatšeng lohle ’me re kopana beke e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho ithuta le ho rapela. Re ba le likopano tse kholo moo re ithutang Bibele selemo le selemo. Likopanong tseo ho ba le livideo. Hape re leka ho thusa batho ba hlokang livideo tse tsamaisanang le litlhaloso ho li fumana. Ha re le libokeng kapa likopanong ha ho khoneha, re leka ho thusa batho ba sa boneng ebile ba sa utloe, ka hore re ba tolokele ka har’a matsoho a bona re bua puo ea matsoho. Re amohela motho e mong le e mong, ha re khetholle mang kapa mang.

  • U ka fumana moo liboka li tšoareloang teng.

  • U ka ithuta ka likopano tsa rona tsa selemo le selemo.

  • U ka tla Sehopotso ea rona ea bohlokoa e etsahalang hanngoe ka selemo, moo re ikhopotsang lefu la Jesu Kreste.

José Luis Ayala ea lulang Mexico. O hlahile a sa utloe eaba oa foufala ha a le lilemo li 29. Ithute kamoo liboka tsa rona li bapetseng karolo ea bohlokoa kateng bophelong ba hae le kamoo a ileng a thusoa hore ebe tichere e hloahloa ea Bibele.

Bibele ea New World Translation ka braille

Ho tloha ka li 1 tsa May 2025 Bibele ea Braille e balehang ha bonolo e fumaneha ka lipuo tse latelang.

Sechichewa

Sedache

Senyesemane

Sefora

Segeorgia

Sejeremane

Segerike

Sehungary

Setaliana

Sejapane

Sekorea

Sepotoketsi sa Brazil

Serussia

Sepanishe

Seukraine

a “Ho se bone hantle” ho bolela hore motho o bonela haufi haholo hoo a ka sitisehang ho etsa lintho tse etsoang letsatsi le letsatsi. Sehloohong sena, “ho foufala” ho bolela ho se bone hantle kapa ho se bone ka ho feletseng.

b Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

c U ka kopa ho bona hore na thuto ena ea mahala ea Bibele e tšoaroa joang.

d Lenaneo la k’homphieutha le balla batho ba sa boneng (Screen readers and digital talking book players) le sebelisa lentsoe la k’homphieutha kapa mantsoe a hatisitsoeng esale pele. Le thusa motho ea le sebelisang ho fumana likarolo tse fapaneng tsa lingoloa.

e Litlhaloso tsena tsa livideo li hlalosetsa motho ea sa boneng hore na ho etsahalang videong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela