ITHUTE HO JESU
“Le Tla Utloela ka Lintoa”
John Simpson oa BBC world affairs o hatisa ka ho re: “Ho tloha ha ke qala ho ba moqolotsi oa litaba lilemo tse 60 tse fetileng, ke se ke tlalehile lintoa tse ka holimo ho 40 tse etsahetseng lefatšeng lohle. Ke bone ha ho qhoma ntoa e mahlo mafubelu pakeng tsa Amerika le Soviet Union ho fihlela e fella moeeng. Leha ho le joalo ha hona lintoa tse kileng tsa ntšoenya joaloka tsa 2025. Lebaka ke hore ho na le lintoa tse ’maloa tse matla tse etsahalang, hape tse ling tsa lintoa tsena li ka ba le liphello tse mpe lipolotiking ho feta liphello tsohle tse kileng tsa bakoa ke lintoa.”
Batho ba tšoenyehile ke lintoa tse etsahalang lefatšeng. Ba bangata ba bona baa ipotsa hore na li tla ke li fele. Jesu o ile a re’ng?
Seo Jesu a ileng a se ruta
Jesu o ile a bolela esale pele lintho tse neng li tla etsahala mehleng ena. O ile a lemosa balateli ba hae a re: “Le tla utloela ka lintoa le litlaleho tsa lintoa.”—Matheu 24:6.
Le hoja lintho tse kang lintoa le mabifi li re utloisa bohloko kajeno, re na le mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a ruta hore lintoa tse amang batho ba bangata, maemo le boitšoaro li ne li tla bontša “hore lefatše lea fela.” (Matheu 24:3; Luka 21:7) Sena se bolela hore ho na le nako eo ka eona Jesu a tla etsa lintoa pale ea maobane. Joang?
Seo Jesu a tla se etsa
Haufinyane, Jesu Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka khotso eo re tla ba le eona lefatšeng le hore na bophelo bo tla ba joang nakong e tlang, bala sehlooho se reng “Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang.”