Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 135
  • Ho Tla ba le Khotso Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tla ba le Khotso Lefatšeng Lohle
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Jesu a tl’o se etsa
  • Seo Jesu a ileng a se ruta
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Khotso ea Molimo bakeng sa ba Rutoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 135
Jesu o ruta letšoele la banna le basali.

ITHUTE HO JESU

Ho Tla ba le Khotso Lefatšeng Lohle

Batho bohle ba batla ho phela lefatšeng le nang le khotso. Ho theosa le lilemo, haesale babusi ba lefatše ba leka ho etsa hore ho be le khotso lefatšeng empa e lula e e-ba ha nakoana hobane kamor’a nako e seng kae batho ba qalella ho loana. Na ho tla ke ho be le khotso lefatšeng? Kannete! Ho bona hore na ke joang sena se ka etsahalang, nahana ka seo Jesu a ileng a se ruta le seo a tl’o se etsa.

Seo Jesu a tl’o se etsa

Bibele e re ruta hore na ke eng eo Jesu a tl’o e etsa haufinyane ho tlisa khotso lefatšeng.

  • “[Jesu] o tla bitsoa . . . Khosana ea Khotso. Puso ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng.” (Esaia 9:6, 7) Joaloka Morena oa Puso ea Molimo, Jesu o tla tlisa khotso e ke keng ea fela le ka mohla lefatšeng lohle.

  • “O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso . . . le mang kapa mang ea se nang mothusi.” (Pesaleme ea 72:12-14) Jesu o tla sebelisa matla a hae ho felisa ho hloka toka, a felise lintoa, mabifi le ho sotleha.

  • “Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Ha Jesu a busa lefatše, batho bohle ba tla ithuta ho bopa khotso ho e-na le ho ithuta ntoa.

Ho ithuta hore na ke joang Jesu a tla tlisa bokamoso bo nang le khotso le hore na seo se ka bolela’ng ho uena, shebella video ea ’Muso oa Molimo ke Eng?

Seo Jesu a ileng a se ruta

Le kajeno, lithuto tsa Jesu li thusa batho ba limillione ho phela ka khotso. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a ruta melao-motheo e thusang batho ho phelisana ka khotso bophelong ba letsatsi le letsatsi. Nahana ka mehlala ena.

  • “Ho thaba ba bopang khotso.” (Matheu 5:9) Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba se ke ba qoba ho se utloisisane feela empa ba bope le khotso.

  • “U bope khotso le ngoan’eno pele ebe ha u khutlile u nyehela mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) Jesu o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba tatele ho rarolla liqabang. O ile a ba a ba ruta hore ho bohlokoa ho bopa khotso le batho ba bang hore re be le kamano e ntle le Molimo.

  • “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.” (Matheu 7:1) Jesu o ile a re re se ke ra ahlola batho batho ba bang kapa ho lebella hore ba etse lintho tseo rona re ke keng ra li etsa hobane lintho tsena li ka baka liqabang. Ho e-na le ho tšoaea batho ba bang liphoso Jesu o ile a re balateli ba hae ba “tšoarele”.—Luka 6:37.

Batho lefatšeng ba sebelisa lithuto tsa Jesu le libakeng tseo batho ba leng mabifi ebile ho tletse likarohano. Ba ithuta ho rarolla liqabang ntle le ho halefa, baa tšoarela ebile ba bontša batho ba bang lerato le ha ba sa ba tšoare ka mosa.

Ho bona kamoo lithuto tsa Jesu li thusitseng batho ba bang ho ba le khotso, bala sehlooho se reng “Ho ba le Khotso ho sa Tsotellehe Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela