ITHUTE HO JESU
Iphe Nako ea ho Ithuta ka Molimo
Bophelo ba hao bo tla ntlafala haeba u ipha nako ea ho ithuta ka Molimo. Ha u etsa joalo, u tla khotsofatsa tlhoko ea hao ea hore u hloka Molimo. Hlokomela seo Jesu a ileng a se ruta ka taba ena.
Seo Jesu a se buileng
“Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Molimo.”—Matheu 5:3.
Kaofela re batla ho tseba likarabo tsa lipotso tsena: Re phelela’ng? Ke hobane’ng ha batho ba e-na le mathata a mangata hakaale? Ho etsahala’ng ka rona ha re e-shoa? Rea thaba ha re fumana likarabo tsa lipotso tsena.
“Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.”a—Matheu 4:4.
Feela joalokaha re hloka lijo, re boetse re hloka ho fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse re thusang ho atamela haufi le Molimo. Jesu o ile a hlakisa hore kamehla re lokela ho itšetleha ka Molimo e le hore re ka khotsofatsa tlhoko ea hore rea mo hloka.
“Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.
Jesu o ile a re tsela ea mantlha eo Molimo a re thusang ho khotsofatsa tlhoko ea hore rea mo hloka, ke ka Lentsoe la Hae, Bibele.
E le hore u fumane thabo e sa feleng, re u khothalletsa hore u iphe nako ea ho ithuta ka Molimo le hore u khotsofatse tlhoko ea hao ea hore oa mo hloka. Tse ling tsa lintho tse ka u thusang ke tsena:
Bala Bibele mahala.
Kopa hore ho be le motho ea ithutang Bibele le uena mahala.
a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”