Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 146
  • Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Lentsoe “Mesia” le bolela’ng?
  • Na boprofeta bo buang ka Mesia bo ne bo ka phethahatsoa ke batho ba bangata?
  • Na re ka lebella hore Mesia o ntse a tla tla?
  • Boprofeta bo buang ka Mesia bo hlaha ka makhetlo a makae ka Bibeleng?
  • Bo bong ba boprofeta bo buang ka Mesia boo Jesu a bo phethahalitseng
  • Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mesia
    Tsoha!—2015
  • Ba Ile ba Fumana Mesia!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 146
Jesu fuoa tlotla ha a kena Jerusalema a palame esele

Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?

Karabo ea Bibele

E, ho joalo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a phethahatsa boprofeta bo bongata bo buang ka “Mesia Moeta-pele,” le eo e neng e tla ba “Mopholosi oa lefatše.” (Daniele 9:25; 1 Johanne 4:14) Esita le ka mora lefu la hae, Jesu o ile a tsoela pele ho phethahatsa boprofeta bo buang ka Mesia.—Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:34-36.

  • Lentsoe “Mesia” le bolela’ng?

  • Na boprofeta bo buang ka Mesia bo ne bo ka phethahatsoa ke batho ba bangata?

  • Na re ka lebella hore Mesia o ntse a tla tla?

  • Boprofeta bo buang ka Mesia bo hlaha ka makhetlo a makae ka Bibeleng?

  • Bo bong ba boprofeta bo buang ka Mesia boo Jesu a bo phethahalitseng

Lentsoe “Mesia” le bolela’ng?

Lentsoe la Seheberu Ma·shiʹach (Mesia) le la Segerike Khri·stos (Kreste) ka bobeli a bolela “Motlotsuoa.” Kahoo, “Jesu Kreste” e bolela “Jesu Motlotsuoa,” kapa “Jesu Mesia.”

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, motho o ne a tlotsoa hlooho ka oli ha a ne a khetheloa mosebetsi o itseng oa bolaoli. (Levitike 8:12; 1 Samuele 16:13) Molimo o ile a khetha Jesu hore e be Mesia. Sena se bolela hore o fuoe matla a maholo. (Liketso 2:36) Jesu ha aa ka a tlotsoa ka oli empa Molimo o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang.—Matheu 3:16.

Na boprofeta bo buang ka Mesia bo ne bo ka phethahatsoa ke batho ba bangata?

Che. Joalokaha khatiso ea monoana oa motho e mong le e mong e ikhethile, le boprofeta ba Bibele bo buang ka Mesia kapa Kreste, bo phethahetse ho motho a le mong. Empa Bibele e ile ea lemosa hore ho tla hlaha “bo Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata ’me ba tla etsa lipontšo le limakatso tse kholo e le hore ba khelose esita le bakhethoa, haeba ho khoneha.”—Matheu 24:24.

Na re ka lebella hore Mesia o ntse a tla tla?

Che. Bibele e ile ea bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tsoa lelokong la Morena Davida oa Iseraele. (Pesaleme ea 89:3, 4) Leha ho le joalo, litlaleho tsa maloko tsa Bajuda, tse neng li ka paka hore motho ke setloholo sa Davida, li ile tsa lahleha. E ka ’na eaba sena se etsahetse ha Baroma ba ne ba timetsa Jerusalema ka selemo sa 70.a Ho tloha ka nako eo, ho ne ke ke ha khoneha hore motho a pake hore o tsoa lelokong la borena la Davida. Empa ha Jesu a ntse a le lefatšeng, litlaleho tseo li ne li ntse li le teng ’me lira tsa hae li ne li sitoa ho hanyetsa hore o tsa lelokong la Davida.—Matheu 22:41-46.

Boprofeta bo buang ka Mesia bo hlaha ka makhetlo a makae ka Bibeleng?

Re ke ke ra bolela ka ho toba hore na ho profetiloe ka Mesia ka makhetlo a makae. Ka mohlala, batho ba ka bala boprofeta ka mekhoa e fapaneng, le litemaneng tseo ho hlakileng hore li bua ka Mesia. Lengolong la Esaia 53:2-7, ho buuoe ka lintlha tse ’maloa tse buang ka boprofeta ba Mesia. Batho ba bang ba nka litemana tsena e le boprofeta bo le bong, ha ba bang bona ba ka khetha ho qolla ntlha ka ’ngoe e le boprofeta bo ikemetseng.

Bo bong ba boprofeta bo buang ka Mesia boo Jesu a bo phethahalitseng

Boprofeta

Bo hlaha ho

Bo phethahala ho

E ne e tla ba setloholo sa Abrahama

Genese 22:17, 18

Matheu 1:1

E ne e tla ba setloholo sa Isaka mora oa Abrahama

Genese 17:19

Matheu 1:2

O ne a tla hlaha lelokong la Juda la Iseraele

Genese 49:10

Matheu 1:1, 3

O ne a tla hlaha lelokong la borena la Morena Davida

Esaia 9:7

Matheu 1:1

O ne a tla tsoaloa ke moroetsana

Esaia 7:14

Matheu 1:18, 22, 23

O ne a tla hlahela Bethlehema

Mikea 5:2

Matheu 2:1, 5, 6

O ne a tla bitsoa Emanueleb

Esaia 7:14

Matheu 1:21-23

O ne a tla hlahela lelapeng le futsanehileng

Esaia 53:2

Luka 2:7

Masea a ne a tla bolaoa ka mor’a hore Mesia a tsoaloe

Jeremia 31:15

Matheu 2:16-18

O ne a tla bitsoa a le Egepeta

Hosea 11:1

Matheu 2:13-15

O ne a tla bitsoa Monazarethac

Esaia 11:1

Matheu 2:23

O ne a tla etelloa pele ke lenqosa

Malakia 3:1

Matheu 11:7-10

O ne a tla tlotsoa hore e be Mesia ka selemo sa 29d

Daniele 9:25

Matheu 3:13-17

Molimo o ne a tla phatlalatsa hore ke Mora oa hae

Pesaleme ea 2:7

Liketso 13:33, 34

O ne a tla chesehela ntlo ea Molimo

Pesaleme ea 69:9

Johanne 2:13-17

O ne a tla bolela litaba tse monate

Esaia 61:1

Luka 4:16-21

Mosebetsi oo a neng a tla o etsa Galilea o ne o tla khantša leseli

Esaia 9:1, 2

Matheu 4:13-16

O ne a tla etsa mehlolo joaloka Moshe

Deuteronoma 18:15

Liketso 2:22

O ne a tla bua menahano ea Molimo joaloka Moshe

Deuteronoma 18:18, 19

Johanne 12:49

O ne a tla phekolo ba bangata

Esaia 53:4

Matheu 8:16, 17

O ne a ke ke a ipitsetsa mahlo a batho

Esaia 42:2

Matheu 12:17, 19

O ne a tla ba le kutloelo-bohloko ho batho ba nang le mathata

Esaia 42:3

Matheu 12:9-20; Mareka 6:34

O ne a tla bontša hore Molimo o na le toka

Esaia 42:1, 4

Matheu 12:17-20

E ne e tla ba moeletsi ea tsotehang

Esaia 9:6, 7

Johanne 6:68

O ne a tla tsebisa batho lebitso la Jehova

Pesaleme ea 22:22

Johanne 17:6

O ne a tla ruta ka lipapiso

Pesaleme ea 78:2

Matheu 13:34, 35

E ne e tla ba moeta-pele

Daniele 9:25

Matheu 23:10

Ba bangata ba ne ba ke ke ba lumela ho eena

Esaia 53:1

Johanne 12:37, 38

E ne e tla ba lejoe le khopang

Esaia 8:14, 15

Matheu 21:42-44

Batho ba ne ba ke ke ba mo amohela

Pesaleme ea 118:22, 23

Liketso 4:10, 11

O ne a tla hlouoa ntle ho le lebaka

Pesaleme ea 69:4

Johanne 15:24, 25

O ne a tla rorisoa ha a kena Jerusalema a palame esele

Zakaria 9:9

Matheu 21:4-9

O ne a tla rorisoa ke bana

Pesaleme ea 8:2

Matheu 21:15, 16

O ne a tla tla ka lebitso la Jehova

Pesaleme ea 118:26

Johanne 12:12, 13

O ne a tla ekoa ke motsoalle oa hae

Pesaleme ea 41:9

Johanne 13:18

Ea neng a tla mo eka o ne a tla fuoa likotoana tse 30 tsa sileverae

Zakaria 11:12, 13

Matheu 26:14-16; 27:3-10

Metsoalle ea hae e ne e tla mo lahla kherehloa

Zakaria 13:7

Matheu 26:31, 56

Lipaki tsa bohata li ne li tla fana ka bopaki khahlanong le eena

Pesaleme ea 35:11

Matheu 26:59-61

O ne a tla thola ha a qosoa

Esaia 53:7

Matheu 27:12-14

O ne a tla tšoeloa ka mathe

Esaia 50:6

Matheu 26:67; 27:27, 30

O ne a tla otloa hloohong

Mikea 5:1

Mareka 15:19

Ba ne ba tla mo shapa

Esaia 50:6

Johanne 19:1

O ne a ke ke a itoanela ha a otloa

Esaia 50:6

Johanne 18:22, 23

Baeta-pele ba ’muso ba ne ba tla mo rerela bolotsana

Pesaleme ea 2:2

Luka 23:10-12

O ne a tla kokoteloa maoto le matsoho palong

Pesaleme ea 22:16

Matheu 27:35; Johanne 20:25

Batho ba ne ba tla lahla lotho (becha) bakeng sa liaparo tsa hae

Pesaleme ea 22:18

Johanne 19:23, 24

O ne a tla balelloa har’a baetsalibe

Esaia 53:12

Matheu 27:38

O ne a tla songoa a be a rohakoe

Pesaleme ea 22:7, 8

Matheu 27:39-43

O ne a tla utloa bohloko molemong oa baetsalibe

Esaia 53:5, 6

1 Petrose 2:23-25

Ho ne ho tla bonahala eka Molimo o mo lahlile

Pesaleme ea 22:1

Mareka 15:34

O ne a tla fuoa asene le nyooko hore a li noe

Pesaleme ea 69:21

Matheu 27:34

O ne a tla nyoroa pele a shoa

Pesaleme ea 22:15

Johanne 19:28, 29

O ne a tla beha bophelo ba hae ho Molimo

Pesaleme ea 31:5

Luka 23:46

O ne a tla tela bophelo ba hae

Esaia 53:12

Mareka 15:37

O ne a tla fana ka sehlabelo e le hore sebe se ka fela

Esaia 53:12

Matheu 20:28

Masapo a hae a ne a ke ke a rojoa

Pesaleme ea 34:20

Johanne 19:31-33, 36

O ne a tla hlajoa

Zakaria 12:10

Johanne 19:33-35, 37

O ne a tla patoa le barui

Esaia 53:9

Matheu 27:57-60

O ne a tla tsosoa bafung

Pesaleme ea 16:10

Liketso 2:29-31

Moeki oa hae o ne a tla nkeloa sebaka ke motho e mong

Pesaleme ea 109:8

Liketso 1:15-20

O ne a tla lula ka letsohong le letona la Molimo

Pesaleme ea 110:1

Liketso 2:34-36

a Buka ea McClintock and Strong’s Cyclopedia e re: “Ha ho pelaelo hore litlaleho tsa maloko a Bajuda li ile tsa senyeha ha Jerusalema e timetsoa, eseng pele ho moo.”

b Lebitso lena la Seheberu Emanuele, le bolela “Molimo o na le Rona,” le hlalosa hantle mosebetsi oo Jesu a o etsang e le Mesia. Taba ea hore o ile a tla lefatšeng le mesebetsi ea hae li bontša hantle hore Molimo o na le bahlanka ba hae.—Luka 2:27-32; 7:12-16.

c Ho bonahala lentsoe “Monazaretha” le tsoa lentsoeng la Seheberu neʹtser, le bolela’ng “lehlomela.”

d E le ho bona bopaki ba Bibele ba hore Mesia o fihlile ka selemo sa 29, sheba sehlooho se re’ng, “Kamoo Boprofeta ba Daniele bo Bolela’ng ho Fihla ha Mesia Esale Pele Kateng.”

e Boprofeta bona bo hlaha lengolong la Zakaria empa Matheu o re ho ile “ha phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Jeremia.” (Matheu 27:9) Ho bonahala eka ka linako tse ling buka ea Jeremia e ne e hlaha qalong karolong ea Mangolo a bitsoang libuka tsa ‘Baprofeta.’ (Luka 24:44) Ho bonahala ha Matheu a ne a bua ka “Jeremia” o ne a bolela libuka tsohle tsa baprofeta, ho akarelletsa le buka ea Zakaria.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela