Molao o Reng “Leihlo Bakeng sa Leihlo” o Bolela’ng?
Karabo e tsoang ka Bibeleng
Molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” e ne e le karolo ea Molao oo Molimo a neng a o file Iseraele ea boholo-holo a sebelisa Moshe, ’me Jesu o ile a o qotsa Thutong ea hae ea Thabeng. (Matheu 5:38, King James Version; Exoda 21:24, 25; Deuteronoma 19:21) Molao ona o ne o bolela hore batloli ba molao ba ne ba lokela ho fuoa kotlo e lekanang le phoso eo ba e entseng.a
Molao ona o ne o sebetsa ho batho ba neng ba ntša ba bang kotsi ka boomo. Ha Molao oa Moshe o ne o bua ka ba neng ba tlola molao ka boomo, o ne o re: “Ho robeha bakeng sa ho robeha, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino. Motho eo a ntšoe kotsi e tšoanang le eo a e ntšitseng motho e mong.”—Levitike 24:20.
Na molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” oa sebetsa ho Bakreste?
Maikutlo a fosahetseng ka molao oa “leihlo bakeng sa leihlo”
Morero oa molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” e ne e le ofe?
Molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” o ne o sa fane ka tumello ea hore batho ba inkele molao matsohong. Ho e-na le hoo, o ne o thusa baahloli ba khethiloeng hore ba fane ka likotlo tse loketseng, eseng tse boima haholo kapa tse bobebe haholo.
Molao ona o ne o thibela batho ba batlang ho ntša ba bang kotsi ka boomo kapa bao ka bolotsana ba neng ba rera ho etsa joalo. “Ba setseng [ba ileng ba bona ha toka ea Molimo e phethahatsoa] ba tla utloa ’me ba tšohe ’me le ka mohla ha ba sa tla hlola ba etsa ntho leha e le efe e mpe joaloka ena har’a [bona].”—Deuteronoma 19:20.
Na molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” oa sebetsa ho Bakreste?
Che, molao ona ha o tlame Bakreste. E ne e le karolo ea Molao oa Moshe, oo Jesu a o felisitseng ka lefu la hae la sehlabelo.—Baroma 10:4.
Leha ho le joalo, molao ona o re thusa ho utloisisa tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ka mohlala, o bontša hore Molimo o nka toka e le ea bohlokoa. (Pesaleme ea 89:14) O boetse o senola hore Jehova o ahlola ka toka ka hore bafosi ba khalemeloe “ka tekanyo e loketseng.”—Jeremia 30:11, nal.
Maikutlo a fosahetseng ka molao oa “leihlo bakeng sa leihlo”
Boikutlo bo fosahetseng: Molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” o ne o le boima ka ho feteletseng.
’Nete: Molao ona o ne o sa lumelle hore toka e phethahatsoe ka sehloho kapa ka bokhopo. Ho e-na le hoo, ha molao ona o ne o sebelisoa hantle, ho ne ho bolela hore baahloli ba ne ba tla fana ka kotlo feela ka mor’a hore ba hlahlobe lintlha tsohle tse potolohileng nyeoe le hore na phoso e ne e entsoe ka boomo kapa che. (Exoda 21:28-30; Numere 35:22-25) Kahoo, molao ona oa “leihlo bakeng sa leihlo” o ne o thusa hore ho se ke ha fanoa ka likotlo tse feteletseng.
Boikutlo bo fosahetseng: Molao oa “leihlo bakeng sa leihlo” o ne o lumella batho hore ba lule ba iphetetsa.
’Nete: Molao oa Moshe ka booona o ne o re: “U se ke oa iphetetsa kapa oa tšoara batho ba bang ka pelo.” (Levitike 19:18) Molao o ne o sa khothaletse ho iphetetsa, ho e-na le hoo, o ne o khothaletsa batho hore ba tšepe Molimo le tokisetso ea molao eo a e lumeletseng.—Deuteronoma 32:35.
a Molao ona oo ka linako tse ling o neng o bitsoa lex talionis ka Selatine, o ne o boetse o fumanoa litokomaneng tsa molao tsa lichaba tse ling tsa boholo-holo.