Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfs sehlooho 23
  • Jehova o Nthusitse ho Holisa Bana ba ka ba Bahlano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Nthusitse ho Holisa Bana ba ka ba Bahlano
  • Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenyalo le ho Hanyetsoa
  • Ho Koetlisa Bana ba ka
  • Re ne re Batla ho ba Bopula-maliboho
  • Mathata a Boima
  • Ke Tatetse ho ba Bolella Hore “Kaofela re Teng!”
    Tsoha!—2010
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
  • Mehlala ea Katleho—Karolo ea Pele
    Tsoha!—2009
  • Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
lfs sehlooho 23
Carol Appleby.

CAROL APPLEBY | PALE EA BOPHELO

Jehova o Nthusitse ho Holisa Bana ba ka ba Bahlano

Ke phetse North Yorkshire e Engelane haufi le toropo ea Malton bophelo bohle ba ka. Ke sebaka se setle se nang le lithaba, meru, masimo, litsela tse tsoelipaneng, matlo a majoe le metse eo u ka thabelang ho lula ho eona. E ne e le sebaka se setle bakeng sa ho holisa bana ba ka ba bahIano. Leha ho le joalo, e ne e se kamehla ho leng bonolo ho ba holisa. E re ke le bolelle hore na hobane’ng.

Ke holetse polasing e nyenyane ke lula le ’mè oa ka, ntate, abuti, ausi le bana beso ba babeli. Polasi ea rona e ne e re thusa ho ba le lintho tseo re neng re li hloka bakeng sa ho phela. Re ne re e-na le likhoho, likolobe le likhomo. Le hoja mosebetsi oa polasi o ne o le boima, re ne re thabile.

Carol o lutse pel’a letata.

Ha ke polasing ke le lilemo li 14

Re ne re kena kereke ea Wesele. Kaha ntate o ne a bina hamonate, e ne e le karolo ea sehlopha sa batho ba binang ’me o ne a tloaetse ho etela likereke tse ling a il’o bina. Ke ne ke atisa ho tsamaea le eena. Likereke tseo, e ne e le mehaho e meholo ea lejoe ’me li bata haholo mariha. Ha ntate a ne a ema kapele ho kereke a bina, ke ne ke thabela ho mo mamela ke lutse litulong tse morao kaha litulo tse kapele e ne e le tsa batho ba bohlokoa.

’Mè oa ntate oa ka e leng nkhono oa ka, o ne a re etela Sontaha se seng le se seng le ha ka masoabi a ile a hlokahala ha ke le lilemo li 16. Ke ne ke utloile bohloko haholo, ke ne ke batla ho tseba hore na o hokae le hore na ke sa tla boela ke mo bona hape. E le hore ke fumane likarabo, ka makhetlo ke ile ka etela ’mè ea neng a re o bua le bafu. Ha hae ho ne ho le litšila, ho se na bophelo ho bile ho tšosa. Ntho feela eo ke neng ke batla ho e tseba, e ne e le hore na nkhono oa ka o hokae empa ’mè eo ha ka a mpha likarabo.

Lilemo hamorao, ntate e mong ea neng a amana le ntate oa ka eo e neng e le Paki ea Jehova, o ile a ’memela libokeng. Ke ile ka ea le hoja ke ne ke ile ka utloa hore bolumeli ba Lipaki ke bolumeli bo makatsang. Ha ke le libokeng, ’mè e mong ea mosa o ile a mpotsa hore na ebe nka thabela ho ithuta Bibele le eena. Ke kamoo ke ileng ka qala ho tseba Jehova. Qalong, ke ne ke sebelisa Bibele ea ka ea King James hobane ’mè oa ka o ne a ile a mpolella hore Lipaki li sebelisa phetolelo e fosahetseng. Ha ho a nka nako e kae pele ke hlokomela hore seo e ne e se ’nete.

Ke ile ka thabela lintho tseo ke neng ke ithuta tsona ka Bibeleng haholo. Ke ile ka thabela haholo-holo ho utloa hore nkhono oa ka o ne a robetse lebitleng le hore ke tla boela ke mo bone hape nakong ea tsoho.a Ha ke ntse ke ithuta, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke sa tsebe letho ka Molimo kapa ka Bibele. Ke ile ka boela ka hlokomela hore ntate le eena kamor’a lilemo tse ngata tseo a keneng kereke, o ne a sa tsebe letho ka Molimo. Re ne re tloaetse ho bina sefela se buang ka Jehova empa re ne re sa tsebe hore na ke mang.

Lenyalo le ho Hanyetsoa

Mohlankana oa ka Ian, o ile a thabela seo ke neng ke ithuta sona ’me le eena a qalella ho ithuta Bibele. O ile a qala ho sebelisa seo a neng a ithuta sona a ba a khaotsa ho tsuba. Re ile ra nyalana ka September 1971. Nakoana kamor’a moo, re ile ra kopana le teko ha ’mè oa Ian a hlokahala ka tšohanyetso. Litho tsa lelapa le metsoalle e haufi e ile ea re memela liphathing nakoana kamor’a lefu. Liphathing tseo, ba ne ba tsuba ba bile ba tahoa e leng se ileng sa bakela Ian khatello ea ho khutlela mekhoeng ea hae ea khale.

Ka masoabi, o ile a etsa joalo ’me a qala ho thatafalloa ho sebelisa lintho tseo a neng a ntse a ithuta tsona. O ile a khaotsa ho ithuta le ho ea libokeng. Ha e le ’na, ke ne ke rata thuto ea ka ea Bibele le ho ea tšimong. Ke ile ka kolobetsoa ka la 9 March 1972 ’me Ian o ne a le teng ho tla bona ha ke kolobetsoa. Ha nako e ntse e e-ea o ile a qalella ho nkhanyetsa. O ne a se a sa batle le ho bona lingoliloeng tsa rona a bile a se a sa batle le ha ke ea tšimong. Qetellong, o ile a nkhatella hore ke ee le eena bareng ha ho ketekoa keresemese le matsatsi a tsoalo. Ka linako tse ling ke ne ke ea le eena ho bontša hore ke hlompha bohlooho ba hae empa ke ne ke etsa sohle hore ke se ke ka kenella ho etseng lintho tse sa thabiseng Jehova.b Khafetsa ke ne ke ea ntloaneng ke il’o rapela Jehova hore a nthuse hore ke mo tšepahalle le hore ke lule ke e-na le letsoalo le hloekileng. Ha ho le ka mohla Jehova a ileng a ntahla.

Re ile ra ba le bara ba bararo le Ian e leng Philip, Nigel le Andrew. Hangata har’a beke, monna oa ka o ne a e-ba sieo hobane o ne a e-ea libakeng tse hole ka teraka. Ke ne ke etsa sohle hore ke be mosali ea molemo ha ka lehlakoreng le leng ke ne ke etsa sohle seo nka se khonang hore ke sebeletse Jehova. Ke ne ke sebelisa nako ena ea ha a le sieo hamolemo ka hore ke ee tšimong e le hore mafelo a beke ha a le teng ke qete nako le eena. Ke ne ke leka ka thata hore ke se ke ka bua hampe ka eena ho bana ba rona.

Ke ile ka etsa metsoalle e mengata ka phuthehong ’me ha ke ne ke chakela batsoali ba ka, ke ne ke tsamaea le e meng ea eona. Batsoali ba ka ba ile ba qetella ba se ba rata metsoalle ena ea ka e mecha. Ha mor’abo rona e mong eo re neng re le phuthehong le eena a hlokahala, ’mè oa ka o ile a tla lefung Holong ea ’Muso. Qetellong, batsoali ba ka, abuti oa ka Stanley le mosali oa hae Averil ba ile ba qala ho ithuta Bibele ba ba ba kolobetsoa.

Stanley le Averil ba ne ba e-na le ngoana moshanyana le oa ngoanana. ’Na le Averil re ne re thabela ho sebetsa tšimo le bana ba rona. Kaha ka bobeli re ne re se na likoloi, re ne re tsamaea nako e telele tšimong, re khanna bana ba rona ka likoloeana tsa bona empa re khotsofetse. Re ne re beha Andrew ka hare, Nigel a lula ka holimo ebe Philip o tsamaea lehlakoreng la koloeana ena a itšoarelelitse ho eona.

Carol o na le ntate oa hae le bara ba hae ba babeli ba eme pel’a litente.

’Na le Philip, Nigel le ntate oa ka re ne re robala litenteng ha re le kopanong

Ho Koetlisa Bana ba ka

’Na le Ian re ile ra ba le bana ba bang ba babeli e leng Caroline le Debbie. Ke ne ke ikemiselitse ho thusa bana ba ka hore ba tsebe Jehova le ho mo sebeletsa. Ke ne ke batla ho etsa sohle se matleng a ka ho sebelisa keletso ea Bibele e bakeng sa batsoali. Kaha ke ne ke inehetse ho Jehova, ke ne ke batla ho bontša bana ba ka hore ke hlompha boinehelo boo ka ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e batlang.

Le leng la Mangolo a pele leo ke ileng ka a tšoara ka hlooho ke la 1 Bakorinthe 15:33 (bi12) e reng: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” Ha re le kopanong, morali oa bo rona e mong o ne a re eena o khothaletsa bana ba hae hore ba se ke ba qeta nako le bana ba kenang sekolo le bona ha feela ba se sekolong. Ke ne ke batla ho sebelisa leano lena empa ho ne ho se bonolo hobane ka linako tse ling bashanyana ba ne ba ikutsoa hore ba il’o bapala bolo le bana ba bang ba motseng. Boholo ba metsoalle ea bona ea sekolong, e ne e le bana ba hantle empa lipuo le liketso tsa bona li ne li bontša hore ha ba sebeletse Jehova.

Ka lekhetlo le leng, ke ile ka bolella bara ba ka hore haeba ba batla ho bapala bolo ha ba tsoa sekolong ke tla bapala le bona. Taba eo ha e ea ka ea sebetsa hobane ke ne ke sa tsebe ho bapala bolo. Empa ha kea ka ka tela ho leka ho ba thusa hore ba bone bohlokoa ba ho khetha metsoalle ka bohlale. Qetellong, ba ile ba fumana litsela tsa ho ithabisa ntle ho metsoalle e sa thabiseng Jehova.

Lengolo le leng leo ke neng ke lula ke nahana ka lona ke 1 Johanne 2:17 le reng: “Lefatše le lintho tsohle tse ho lona tseo batho ba li lakatsang li tla fela empa ea etsang thato ea Molimo o tla phela ka ho sa feleng.” Haesale ke tseba hore lefatše la Satane le tl’o felisoa ke ka hona ke neng ke ikemiselitse ho thusa bana ba ka hore ba matlafatse kamano ea bona le Jehova e le hore ba ka mo thabisa ka ho sa feleng. Kamehla ha re ne re e-ba le mathata ho sa tsotellehe a manyane hakae, ke ne ke rapella tataiso ea Jehova ebe o nkaraba a sebelisa Mangolo. Ha ke ne ke bontša bana ba ka seo Bibele e se buang, ba ne ba bona hore seo ke se buang ha se tsoe ho ’na empa se tsoa ho Jehova. Ke ne ke leka ka hohle ho ba behela mohlala ka seo ke se buang le seo ke se etsang ’me ba ile ba latela mohlala oo oa ka. Ka mohlala, ho tloha ba sa le banyenyane, e mong le e mong o ne a khona ho khutlela ho batho bao a buileng le bona tšimong e leng ntho e neng e ba thabisa ebile e ba khothatsa.

Ke ne ke tseba hore ho ea libokeng ho bohlokoa haholo. Ka linako tse ling, ke ne ke hlokomela hore bana baa khathala libokeng tsa har’a beke, kahoo ke ne ke ba lata sekolong, ke ba ngoathela ebe rea khaleha ka nakoana. E ne e ba eona tharollo ea mathata a rona. Re ne re fosoa ke liboka ha feela ho e-na le ea kulang ’me re sa khone ho ea Holong ea ’Muso. Ha re ne re sa khona ho ea, re ne re itšoarela tsona hae ebe re tla shebella TV ha feela re qetile. Ka linako tse ling Ian o ne a fihla re sa mo lebella ebe kapele re pata libuka tsa rona re bulela TV.

Re ne re boetse re etsa bonnete ba hore re tšoara borapeli ba lelapa kamehla. Ka linako tse ling ha re ne re qoqa ka Bethele, ke ne ke tloaetse ho botsa bana ba ka hore na ke mafapha afe a Bethele ao ba neng ba ka thabela ho sebetsa ho ona.

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Bana ba ka e leng Philip, Caroline, Debbie, Andrew, le Nigel

Re ne re Batla ho ba Bopula-maliboho

Ha mora oa ka e moholo Philip a le lilemo li 16, o ile a ba le menyetla e ’meli ea mesebetsi, oa ho lokisa likoloi le oa ho hlatsoa lifenstere oo a neng a ka o etsa ka matsatsi. Philip o ne a sa batle mosebetsi oa ho hlatsoa lifenstere hobane o ne a re ha a ka nka oa ho lokisa likoloi kaha e ne e le oa nako eohle o ne a tla khona ho thusa ka litlhoko tsa lelapa. Ke ile ka mo hlokomelisa hore e ne e se boikarabelo ba hae ho hlokomela lelapa ka chelete empa e ne e le ba ntate oa hae. Ka mo hopotsa hore haesale re e-na le lintho tseo re li hlokang hore re phele. Ke ile ka mo bontša hore ha a ne a ka nka mosebetsi oa ho hlatsoa lifensetere, o ne a tla khona ho nkela bopula-maliboho hang ha a qeta sekolo.

Philip e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla hang ha a qeta sekolo eaba ’na ke ba e thusang. Ha mora oa ka oa bobeli Nigel e e-ba pula-maliboho ea kamehla ha a qeta sekolo le ’na ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Ke ile ka hlokomela hore le ha nka ba pula-maliboho ka selemo feela, ke ne ke tla khona ho tšehetsa bashanyana ba ka tšimong le ho ea sekolong sa bo-pula-maliboho. Ke ile ka qetella ke ile sekolong hong le Nigel.

Ho tloha qalong, haesale ke rata bopula-maliboho ’me ke tseba hore ho sebeletsa Jehova ka tsela ena ho tla behela bana ba ka mohlala o motle. Ke leboha Jehova hore haesale a nthusa hore ke be pula-maliboho ka lilemo tse 35 tse fetileng. Ian a ka be a ile a nthibela ho ba pula-maliboho haeba a ne a tsebile hore ke eona. Ke ne ke etsa hore ke ee tšimong ha a le sieo a le mosebetsing e le hore nka qeta nako le eena ha a le teng hae.

Ha nako e ntse e e-ea, Nigel o ile a amoheloa Bethele moo a ileng a thabela koetliso le ho ba le metsoalle ea sebele e ileng ea mo thusa hore a be matla moeeng. Philip le Andrew ba ile ba ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsic moo ba ileng e le bashanyana ba khutla e le banna. (1 Petrose 5:10) Jehova o fana ka koetliso e ikhethang. Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae ka koetliso eo bashanyana ba ka ba e fumaneng.

Carol o bososetse ha a ntse a tsamaea ka thoko ho tsela.

O tseleng e eang tšebeletsong ea tšimo

Mathata a Boima

Bophelong, ke kopane le mathata a boima empa bo ileng ba e-ba boima ka ho fetisisa ke ba ho se tšepahale ha monna oa ka. Kamor’a lilemo tse 33, o ile a ntšiea a il’o lula le motho e mong. Bothata bo bong e ile ea e-ba ho bona batsoali ba ka ba tsofala ’me ka masoabi ntate oa ka o ile a hlokahala ka March 1997. ’Mè o ile a sala a le mong a saretsoe a sa tsebe le ho khanna. Ke ne ke tloaetse ho mo letsetsa ke re: “Na u ka thabela hore ke tl’o u lata u ee lipoelong le ’na?” Kamor’a lilemo tse seng kae, ’mè le eena e ile ea e-ba pula-maliboho. Qeto eo, e ile ea mo thusa hore a be le morero bophelong. O ile a thabela mosebetsi ona ka lilemo tse leshome, a tsoela pele a tšepahala ho fihlela a hlokahala.

Ha ke hetla morao, ho ne ho se bonolo ho holisetsa bana ba bahlano ’neteng. Haesale ke tseba hore bana ba ka ba ne ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa Jehova kapa che. Ke ne ke sa tl’o laola tsela eo ba neng ba etsa lintho ka eona empa ke ne nka laola tsela eo ’na ke etsang lintho ka eona. Ke ile ka latela tataiso ea Molimo ’me ka etsa sohle seo nka se khonang ho ruta bana ba ka ka lipuo le ka liketso. Ke motlotlo hore bana ba ka ba khethile ho sebeletsa Molimo.d Kannete Jehova o nthusitse ho ba holisa.

Carol o nka senepe a thabile le bana ba hae ba bahlano.

’Na le bana ba ka kajeno

a Shebella video e reng Bafu ba Hokae?

b Sheba tlhaloso ea 5 e reng “Matsatsi a Phomolo le Mekete” bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

c Sekolo sena se nketsoe sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso.

d Kajeno, Philip ke morupeli likolong tsa mokhatlo Ireland. Nigel o sebeletsa Holong ea Kopano England. Andrew ke moholo ’me e se e bile pula-maliboho ka lilemo tse 30. Caroline e bile pula-maliboho ka lilemo tse hlano ha Debbie a lula lapeng ho tšehetsa Carol tšimong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela