PETER HAMADEJ | PALE EA BOPHELO
Jehova o Ile a re Thusa ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
Ke hlahile ka 1952 toropong ea Karlovy Vary,a e karolong e ka bophirimela ea naha eo pele e neng e bitsoa Czechoslovakia, haufi le leliboho la Jeremane. Ka 1966, lelapa leso le ile la fallela Frankfurt e Jeremane hobane ’na le abuti oa ka Milan, re ne re hlorisoa sekolong ka lebaka la hore re ne re le Majeremane.
Le hoja batsoali ba ka e ne e le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba tlosoa ka phuthehong ke sa le monyenyane ’me ka masoabi, ka hola ke se na lipakane tsa moea.
Ha nako e ntse e ea, batsoali ba ka ba ile ba khutlela ho Jehova ’me abuti oa ka Milan, o ile a chesehela ’nete a ba a kolobetsoa kopanong e neng e le Hannover. Le ’na ke ile ka kolobetsoa ka letsatsi le tšoanang! Ke ne ke le lilemo li 15. Nakoana ka mor’a ho kolobetsoa, ke ile ka kopa batsoali ba ka ho ea Berlin ho il’o ithutela ho taka.
Ha ke ntse ke ithuta ho taka, ke ile ka ba le nako ea ho nahanisisa ka lipotso tse peli tseo esale li ntšoenya: Na ho na le ’Mopi? Na Bibele e feela e le lentsoe la Molimo? Ha ke ntse ke le lihlopheng, ke ile ka hlokomela hore ho rarahana le botle ba litšoantšo tse takiloeng, e ne e se letho ha bo bapisoa le botle ba lintho tsa tlhaho. Ke ile ka elelloa hore ho be le setšoantšo se takiloeng ho lokela ho ba le motho ea se etsang, ka tsela e tšoanang le lintho tsa tlhaho li na le ’Mopi!
Ke ile ka fumana karabo ea potso ea ka ea bobeli ka ho etsa lipatlisiso ka histori ea khale e lumellanang le boprofeta ba Bibele. Hanyane ka hanyane, ka ikholisa hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo.—1 Bathesalonika 2:13.
Se seng sa litšoantšo tseo ke li takileng ka 1980
Ntle le ho etsa lipatlisiso, ke ile ka qoqa haholo le moholo e mong eo ke neng ke mo tloaetse. Hanyane ka hanyane, tumelo ea ka ho Jehova e ile ea matlafala eaba ho taka ha e sa le hona ho tlang pele bophelong ba ka. Ka 1972, ka etsa e ’ngoe ea liqeto tse bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka, ka ba pula-maliboho ke ntse ke le Berlin. Qalong sepheo sa ka e ne e le ho ba pula-maliboho ka likhoeli tse tharo feela.
Ho Sebeletsa Jehova Libakeng Tse Ling
Ho ne ho se bonolo ho ba pula-maliboho Berlin. Litaba tse monate li ne li ile tsa boleloa ka lilemo tse ka bang lekholo toropong ena, empa ho sa bonahale eka litholoana li e-ba teng. E ne eka kea lora ha ke fumana motho ea thahasellang a bile a lumela ho ithuta Bibele! Ke ile ka kholiseha hore ka thuso ea Jehova nka paka kae kapa kae, kahoo ke ile ka tsoela pele ke le pula-maliboho.
Hoo e ka bang ka mor’a selemo, ofisi ea lekala e ile ea nkopa ho ithuta puo ea Serbo-Croatianb e le ho pakela Mayugoslavia a sebetsang Jeremane. Ke ile ka amohela kopo eo ’me ka abeloa ho ea sebeletsa Frankfurt. Ha ke le moo, ka ithuta puo ea Serbo-Croatian le Hans le Sonja Smode, ba neng ba sa tsoa fumana mangolo Sekolong sa Gileade. Ka mor’a ho sebetsa le bona ka likhoeli tse tharo, ka abeloa ho ea sebeletsa Stuttgart, ke le pula-maliboho ea khethehileng. Ho tloha ka 1973 ho ea ho 1975, ke ile ka fallela libakeng tse ’maloa ka sebetsa le bara ba bo rona ba bahlano ba fapaneng.
Ha morao, ke ile ka abeloa ho sebeletsa le sehlopha se buang puo ea Serbo-Croatian, Karlsruhe. Ha ke le moo, ka kopana le moratuoa oa ka Lenka eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng ea sebetsang ka thata. Ho e-s’o ee kae re ile ratana ra ba ra nyalana. Nakoana ka mor’a moo, ka 1978, re ile ra fumana memo ea ho potoloha tšimong ea Mayugoslavia.
’Na le Lenka
Ho Etsa Qeto e Boima
Re ile ra etela liphutheho le lihlopha tse Europe hoo e ka bang ka lilemo tse leshome. Le hoja re ne re thabetse kabelo ena, re ile ra khathala haholo. Nakong eo, Lenka o ile a sebetsa ka thata le ho feta. Ena e ne e se tsela e bohlale, empa re ne re sa tsebe hore na re ka etsa’ng. Re ile ra kopa Jehova ka thapelo hore a re thuse.
Mosebetsing oa potoloho
Thapelo ea rona e ile ea arajoa ha re le ngakeng. Ka mosa, ngaka e ile ea re thusa ho hlokomela hore ho na le moo matla a rona a fellang teng. (Mikea 6:8) Re ile ra hlokomela hore re tlamehile ho tlohella mosebetsi oa potoloho, empa ho ne ho se bonolo ho amohela taba eo. Re ile ra batla keletso ho bara ba bo rona ba nang le boiphihlelo Bethele. Ra makala ha ba re khothalletsa hore re tsoele pele ka tšebeletso ea nako e tletseng, empa re se re le bafetoleli ba puo ea Serbo-Croatian lekaleng la Austria. Phetoho ena e ile ea thusa Lenka hore a khatholohe. Jehova o ile a sebelisa bara ba bo rona ho re thusa ho etsa qeto e bohlale.—Liproverbia 15:22.
Ho Etsa Liqeto Tse Boima Nakong ea Ntoa
Ka mor’a ho sebeletsa Vienna ka lilemo tse peli, re ile ra fallela lekaleng la Zagreb, Croatia. Ka nako eo Croatia e ne e le eona e hlophisang mosebetsi o neng o etsoa Yugoslavia ea mehleng. Mayugoslavia e ne e le batho ba merabe le malumeli a fapaneng empa ba ne ba phela ka khotso ho fihlela ka 1991 ha ntoa ea lehae e qala. Likhoeli tse ’maloa pele ntoa e qala, Komiti ea Naha e ne e ntse e lokisetsa kopano ea machaba e neng e tla kopanya Lipaki ho tsoa likarolong tse fapaneng tsa Yugoslavia.
Lenka o etsa mosebetsi oa phetolelo lekaleng la Vienna le Austria
Ka mor’a ho rapela le ho buisana ka boemo, re ile ra etsa qeto ea ho tsoela pele ka litokisetso tsa kopano. Ra boela ra sebetsa haufi le ba boholong ho etsa bonnete ba hore bara le barali ba bo rona ba tsoang linaheng tse ling ba tla sireletseha. Re ile ra thabela ho amohela bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba bahlano. Kannete kopano ena e ne e tlile ka nako e nepahetseng.
Hoo e ka bang selemo ntoa e qalile, Komiti ea Naha e ile ea fumana litlaleho tsa hore bana ba bo rona ba Sarajevo le likarolong tse ling tsa Bosnia ba ne ba se na lijo, patsi le meriana. Mabotho a Serbia a ne a pota-potile toropo, ’me ho se na batho ba khonang ho kena ho tla fana ka thuso e hlokahalang. Re ile ra rapela Jehova ra mo kopa hore a re tataise.
Tlas’a lekala la Austria, ho ile ha lokisetsoa hore ho fanoe ka thuso ho sa tsotellehe maemo a kotsi. Ka la 26 October 1993, literaka li ile tsa tloha Vienna li nkile thepa ea lithane tse 16 bakeng sa ho thusa bara ba bo rona ba Bosnia.c
Nakong eo re isang liphallelo ho Lipaki tse Sarajevo
Ha re feta sebakeng seo ho neng ho loaneloa ho sona, re ile ra hlokomela hore letsoho la Jehova “ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa.” (Esaia 59:1) Re ke ke ra lebala leeto le kotsi leo re ileng ra le nka ho tloha Zenica ho ea Sarajevo. Ha re saletsoe ke lik’hilomithara tse ka bang 40 ho fihla Sarajevo, re ile ra lokela ho nka tsela e ’ngoe e bolelele ba lik’hilomithara tse 140 e tsamaeang ka morung.
Ha re atamela Sarajevo, ke ile ka kopa ho bua le e mong oa liofisiri, eo ke ileng ka utloela hore ke molaoli oa masole. O ne a sa kholoe hore re tla atleha ho thusa metsoalle ea rona. Empa ha a utloa hore re Lipaki Tsa Jehova, o ile a re botsa hore na re tseba Mor’abo rona Hajrudin. Ke ile ka mo araba ka hore ke motsoalle oa rona. Ofisiri e ile ea re: “Le ’na ke motsoalle oa ka. Ke ne ke kena sekolo le eena ’me haesale e-ba Paki, ke mo rata le ho feta.”
Ka mor’a ho re botsa lipotso ka seo re se lumelang, ofisiri ea boemo bo phahameng e ile ea re lumella ho sebelisa kotopo e patehileng e le hore re ka fetisa lintho tseo bara ba bo rona ba neng ba li hloka Sarajevo. E ile ea boela ea laela hore masole a itseng a tlohelle ho fetisa thepa ea sesole ’me ka masiu a mabeli a re thuse ho fetisa thepa e eang ho bara ba bo rona kotopong e nyenyane. Masole a ne a sebetsa ka thata, a jere lintho tse boima tse ka etsang lik’hilograma tse 27. Re ne re ke ke ra khona ho thusa bara ba bo rona ka ntle ho thuso ea masole ao.
Lilemo tse seng kae ka mor’a ntoa e neng e le Bosnia, ’na le Halim Curi eo e leng moholo Sarajevo re ile ra etela kotopo e patehileng
Ka nģ’ane ho kotopo, masole a ile a thusa bara ba bo rona ka ho isa thepa sebakeng se sireletsehileng, a boela a thusa ho fetisetsa lijo ho bara ba bo rona le baahelani ba bona. Ba bang ba batho bao eseng Lipaki ba ile ba angoa ke ketsahalo ena hoo ba ileng ba khumama le bara ba bo rona, ’me ba leboha Jehova ka thapelo.—2 Bakorinthe 9:13.
Ho se nke lehlakore ho ile ha re sireletsa maemong a kotsi. E ne e se feela taba ea ho kenya beche e bontšang hore re Lipaki Tsa Jehova, ho e-na le hoo re ne re lokela ho sebetsa ka thata hore re se ke ra nka lehlakore ka tsela eo re nahanang le ho ikutloa ka eona. Litaba li ne li tlaleha lintho tse tšosang tse etsahalang mahlakoreng ka bobeli, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho fokotsa nako eo re e qetang re mametse litaba hobane re ne re sa batle ho nka lehlakore.
Ho tloha lilemong tsa bo 1990, ke ile ka sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala, lekaleng la Croatia ’me ha mor’ao lekaleng la Czech-Slovak. Liphihlelo tseo ke bileng le tsona likabelong tse fapaneng, li nthutile eng ka ho etsa liqeto tse nepahetseng? Ntlha ea pele, Jehova a ka sebelisa mang kapa mang ho akarelletsa le molaoli oa sesole ho rarolla bothata bo itseng. Ke boetse ke ithutile hore ke se ke ka itšepa, empa ke itšetlehe ka tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae.
Ho Sebetsana le Maemo a Bophelo a sa Lebelloang
Ha ke ne ke ile ngakeng ka 2023, ngaka e ile ea mpolella hore ke na le lefu le kotsi la kankere. Ka lebaka la hore haesale ke le motho ea phetseng hantle ’meleng, re ne re tšoenyehile haholo le Lenka. Kahoo, re ile ra rapela Jehova ka makhetlo re mo kopa hore a re thuse ho etsa liqeto tse nepahetseng ’me re ile ra etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa rona. Ra etsa lipatlisiso, ra ba ra bua le lingaka. Ka mor’a ho etsa qeto ea hore na ke phekolo efe eo ke tl’o e fumana, re ile ra ba le khotso.
Re ile ra boela ra etsa qeto ea hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka hore na ho tla etsahala eng hosane. (Matheu 6:34) Re na le mabaka a mangata a ho thaba! Ka mohlala, ha re ne re lokela ho ea Jeremane bakeng sa phekolo, re ile ra ngolla bana ba bo rona ba Bethele ea Bratislava e Slovakia lengolo, re ba hlalosetsa maemo a rona a macha. Re ile ra fumana melaetsa e tsoang ho metsoalle ea rona e ratehang, e ileng ea re rapella le ho re kholisa hore ea re rata. Jehova a ka re matlafatsa le ho re fa khotso “eo batho ba ke keng ba e utloisisa” a sebelisa balumeli-’moho le rona.—Bafilipi 4:7.
’Nete ke hore kaofela ha rona ha re tsebe hore na re tl’o kula neng kapa hona ho shoa neng. (Moeklesia 9:11; Jakobo 4:14) Kahoo, ke ananela hore Jehova o ile a nthusa ho tloha bocheng ba ka ho etsa liqeto tse bohlale le ho etsa sohle se matleng a ka ho mo sebeletsa. Ha ho na ntho e neng e tla etsa hore bophelo ba ka bo be le morero ntle le ho sebeletsa Jehova!d
a Karlovy Vary e boetse e tsebahala ka lebitso la Sejeremane e leng Karlsbad.
b Puo ea Serbo-Croatian e ne e le puo e buuoang Yugoslavia ea mehleng.
c E le ho tseba ho eketsehileng ka thuso e ileng ea fanoa, sheba sehlooho se reng “Ho Thusa Lelapa Labo Rona la Balumeli Bosnia,” se ileng sa hatisoa Molula-Qhooeng oa November 1, 1994, leq. 23-27.
d Mor’abo rona Hamadej o ile a hlokahala ka la 28 January 2025, nakong eo ho neng ho ngoloa sehlooho sena.