OSCAR CISANO | PALE EA BOPHELO
Ke Bone “Botle ba Jehova”
Ka le leng, ’na le motsoalle oa ka Alejandro re ile ra fihla ho se ho le lefifi toropong haufi le moo re lulang. Re ile ra sheba linaleli ’me ra hlokomela kamoo re leng banyenyane kateng mahlong a Jehova. Ke ne ke le lilemo tse supileng, empa ka nako eo ke ne ke se ke e-na le mathata a mahlo. Leha ho le joalo, ke ile ka khona ho bona kamoo leholimo le leng letle, le kamoo le leng leholo kateng. Seo ke se boneng se ile sa etsa hore ke rate Jehova, ke be ke batle ho mo sebeletsa. Ntle le botle ba leholimo boo ke ileng ka bo bona bosiung boo, ke se ke bone lintho tse molemo tse ngata tseo Jehova a li entseng. E re ke le bolelle ka lintho tsena.
Ke hlahile ka 1966 ke e-na le bothata bo sa tloaelehang ba mahlo. Ke na le lera ka mahlong le ntšitisang hore ke bone hantle. Leihlo le leng ha le bone ho hang, ha le leng le bona hanyenyane. Ka leihlo lena le bonang hanyenyane, ke khona ho bona leholimo le ho bala buka ha ke e atamelitse sefahlehong sa ka. Empa ho na le lintho tse ’maloa tse tloaelehileng tseo ke sa khoneng ho li etsa, joaloka ho khanna kapa ho bapala lipapali. Leha ho le joalo, ha kea ka ka lumella boemo bona hore bo ntšitise ho ba motsoalle oa Jehova.
Ke Ithutile ho Rata Jehova ho Tloha ke sa le Monyenyane
Ke holetse Rafaela, e leng toropo e nyenyane e lik’hilomithara tse ka bang 500 leboea-bophirima ho Buenos Aires, Argentina. ’Mè oa ka le nkhono oa ka e ne e le Lipaki Tsa Jehova, ha ntate oa ka eena a ne a sa lumele ho Molimo. Ntate oa ka o ne a le mosa ’me a sa hanyetse tumelo ea ’mè oa ka, le hore ebe o ne a nkholisetsa linneteng.
’Mè oa ka o ne a rata ho bua ka Jehova ’me ke ne ke thabela ho mo mamela. Ho tloha ha ke le lilemo li peli, o ne a mpalla buka ea Ho Tloha Paradeiseng e Lahlehileng ho ea Paradeiseng e Fumanehileng Hape.a O ne a qala ka ho bala potso ebe o bala serapa. Ka mor’a moo, a bale potso hape. Kaha ke ne ke sa le monyenyane, qalong ke ne ke sa utloisise lithuto tse neng li hlalosoa bukeng eo. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane thuto eo ke neng ke ba le eona le ’mè oa ka e ile ea nthusa hore ke atamele haufi le Molimo ’me ke mo nke e le motho oa sebele.
Ha ke ne ke le lilemo li hlano
Ha ke se ke tseba ho bala, ke ne ke thabela ho bala sengoloa se seng le se seng sa Bibele seo ke neng ke se fumana. Ka lebaka la bothata ba ka ba mahlo, ke ne ke lokela ho atametsa buka haufi le sefahleho sa ka, empa seo ha sea ka sa ’nyahamisa. ’Mè oa ka o ile a nthusa hore ke rate ho bala ’me le kajeno ke ntse ke thabela ho bala.
Libuka tseo ke neng ke thabela ho li bala ka ho fetisisa e ne e le Libuka Tsa Selemo Tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha ke ntse ke bala ka liphihlelo tsa bara le barali ba bo rona ba linaheng tse ling le mathata ao ba neng ba tobana le ’ona, ke ne ke batla ho ba moromuoa le ho sebeletsa moo ho nang le tlhoko ea bahoeletsi. Empa ho ne ho e-na le lintho tseo ke lokelang ho li etsa pele nka finyella pakane eo. Ke ne ke lokela ho etsa’ng?
Ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. E ne e le hona selemong sona seo ’na le Alejandro re neng re shebile linaleli, re bile re buisana ka lipakane tsa rona. Ke ne ke thabile haholo hore ebe ke khonne ho finyella pakane ea ka ea pele. Ke ne ke etsa sohle seo nka se khonang ho pakela bana ba lekanang le ’na, ’me seo se ile sa mpulela monyetla oa hore ke khannele ba bang ba bona lithuto tsa Bibele.
Empa ke ne ke tseba hore ho na le lintho tse ling tseo ke tlamehang ho li etsa ho thabisa Jehova Molimo. (1 Timothea 4:15) Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka bolella batsoali ba ka hore ke batla ho kolobetsoa. Ha ke ba hlalosetsa mabaka a ka, ntate oa ka o ile a lumela. Ke kolobelitsoe ke le lilemo li robong, ka letsatsi le le leng le motsoalle oa ka Alejandro.
Ho Lekoa ha Lerato la ka ho Jehova
Le pele ke qeta selemo ke kolobelitsoe, ka 1976 ’muso oa Argentina o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova naheng eo. Ho pholletsa le naha, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba makholo ba ile ba tebeloa likolong hobane ba ne ba hana ho bina pina ea sechaba. Matichere a mang a ile a mpolella hore ke tla hlaheloa ke se tšoanang haeba ke sa batle ho bina pina ea sechaba.
Maemo a ile a e-ba thata le ho feta ha ntate oa ka a mpolella hore o tšoenyehile ka bokamoso ba ka. O ile a re: “Ha ke na bothata ha u ea libokeng le tšimong empa nke ke ka u shebella feela hore u tebeloe sekolong, ke sa etse letho. U hloka ho ea sekolong hobane u na le bothata ba mahlo. Ha u sa ee sekolong, u tla itlhokomela joang ha u se u holile?”
Ke ne ke batla ho thabisa ntate oa ka empa ke ne ke tseba hore ke lokela ho tšepahalla Jehova. Kahoo, ke ile ka rapela ka makhetlo hore Jehova a nthuse a be a ntataise. Ka mor’a ho bala le ho nahanisisa ka mantsoe a hlahang ho Liketso 5:29, ke ile ka ema ke tiile qetong ea ka ea ho se bine pina ea sechaba. Jehova ha aa ka a ntahla. Ho e-na le hoo, o ile a ’matlafatsa ’me a nthusa hore ke khone ho mamella teko eo. (1 Bakorinthe 10:13) Ke ile ka makala ha matichere a ka a khaotsa ho mpolella hore ke tla tebeloa sekolong. Eaba ka 1979, Lekhotla le Phahameng la Argentina le fana ka taelo ea hore bana ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba khutlisetsoe sekolong. Makhotla a mang a manyenyane a ile a fana ka taelo e tšoanang ea hore bana ba khutlisetsoe likolong. Ke iponetse ka mahlo kamoo Jehova a ileng a re sireletsa kateng. Seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse le ho feta ho sebeletsa Molimo eo ke mo ratang.
’Na le Alejandro sekolong. Ke ’na ea emeng
Ke Ile ka ’na ka Leka ho Finyella Lipakane Tsa ka
Ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka tsoela pele ho nahana ka lipakane tsa ka. Pakane ea ka e ’ngoe e ne e le ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade e le hore nka ba moromuoa.b Ke ne ke se ke bile ke ipolelletse hore ha nka botsoa hore na ke batla ho sebeletsa naheng efe, ke tla re Equatorial Guinea. Ke ne ke ile ka hlokomela ha ke ntse ke bala Libuka Tsa Selemo hore ho ne ho e-na le tlhoko ea bahoeletsi naheng eo le hore ho ne ho buuoa puo ea Sepanishe.
’Mè oa ka o ile a etsa sohle se matleng a hae ho nthusa hore ke finyelle lipakane tsa ka. Ka mohlala, o ne a lula a mema molebeli oa potoloho le mosali oa hae lapeng leso. Tumelo le cheseho ea bona li ile tsa ntšusumetsa hore ke batle ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ile ka ba ka qalella ho hlahlobisisa temana e ’ngoe le e ’ngoe ka Bibeleng, hobane ke ne ke nahana hore ke seo baithuti ba Gileade ba se etsang.
Habohlokoa le ho feta, ke ile ka lula ke phathahane mosebetsing oa boboleli, ke ithuta Bibele le batho ba bangata, ’me ba bang ba bona ba ile ba inehela ho Jehova. E mong oa bona e ne e le ’mè ea neng a se a holile, e leng Antonia. E ne e le Mok’hatholike a bile a rata lipolotiki. Ke kopane le eena ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli ka ntlo le ntlo. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka khutlela ho eena le nkhono oa ka ’me ra qalisa thuto ea Bibele. Antonia o ile a re ho ’na: “Ke ne ke maketse ha ke kopana le mocha ea ratang ho bua ka Bibele. Ke kahoo ke ileng ka lumela ho ithuta Bibele le uena.” Antonia o ile a tsoela pele ho ithuta, a ba le kamano e matla le Jehova, a etsa liphetoho tse ngata ’me qetellong a kolobetsoa a le lilemo li 73.
Ke Ile ka Mamella ho sa Tsotellehe Maemo a Nyahamisang
Ha ke le lilemo li ka bang 18, ke ile ka botsa baholo hore na ke lokela ho etsa’ng e le hore ke be moromuoa. Ke ile ka makala ha ba mpolella hore bahoeletsi ba Argentina ba ne ba sa lumelloa ho kenya kopo ea ho ea Sekolong sa Gileade.c Ke ne ke nyahame haholo. Empa litaba tsena ha lia ka tsa etsa hore ke khaotse ho batla ho ba pula-maliboho ea kamehla le ho etsa sohle se matleng a ka ho sebeletsa Jehova.
’Na le Alejandro kopanong ea setereke. Hamorao Alejandro o ile a sebeletsa e le pula-maliboho e khethehileng
Ka 1991, ke ile ka khethoa hore ke be moholo. Lilemo tse peli hamorao, ha ke le lilemo li 26, ke ile ka ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (MTS), seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Ha sekolo se fela, ke ile ka khutlela phuthehong eo ke neng ke kopanela ho eona e Rafaela.
Ha ke le sekolong sa MTS. Ke ka pele ’me ke ’na oa pele ho tloha ka lehlakoreng le letšehali
Ka lebaka la bothata ba ka ba mahlo, ho ne ho se bonolo ho phetha likabelo tsa ka phuthehong. Joaloka moholo, ke ne ke abeloa ho khanna likarolo tsa lipotso le likarabo libokeng. Ho ne ho le thata ho bona lifahleho tsa batho ba lutseng ka pele, joale u se u ka inahanela hore na ho ne ho le thata hakae ho bona hore na ke mang ea phahamisitseng letsoho. Pele, ke ne ke leka ho hopola hore na mang u lutse ho kae. Empa haeba motho a ne a ka tloha moo a lutseng teng, hangata ke ne ke bitsa lebitso le fosahetseng. Hona joale, ke se ke kopa hore ho be le mor’abo rona ea nthusang ho khetha batho ba phahamisitseng matsoho.
Ka 1998, ke ile ka nyalana le Vanina, eo e neng e le pula-maliboho ea chesehang ebile a e-na le lipakane tse tšoanang le tsa ka. Re ile ra etsa sohle se matleng a rona ho sebeletsa Jehova likabelong tse fapaneng. Empa ho ne ho e-na le lipakane tse ling tseo re neng re sa khone ho li finyella ka lebaka la bothata ba ka ba mahlo. Ho ntse ho le joalo, re ile ra tsoela pele ho sebetsa ka thata.
Lechatong la rona
’Na le Vanina re ile ra nahana ka ho e’o sebeletsa moo ho nang le tlhoko ea bahoeletsi Bolivia re le bo-pula-maliboho ba kamehla. Kahoo, re ile ra qala ho etsa litlhophiso tsa ho fallela moo. Leha ho le joalo, libeke tse tharo pele re falla, re ile ra makala ha re memeloa ho ea sebeletsa lekaleng la Argentina. Ke ne ke ntse ke thusa Lefapha la Molao ka lilemo tse ’maloa. Kahoo, re ne re thabile haholo hore ebe re tl’o sebeletsa Jehova re le Bethele ka nako e tletseng.
Ke Ile ka Ithuta ho Ikokobetsa
’Na le Vanina re sebelelitse lekaleng la Argentina ho tloha ka 2001, moo re ileng ra fumana litlhohonolofatso tse ngata. Leha ho le joalo, ka 2014, leihlo la ka le neng le ntse le bona le ile la e-ba le bothata ’me seo se ne se ka ’na sa etsa hore ke foufale ka ho felletseng. Ke ile ka nyahama hona hoo. Ke ne ke tseba hore nakong ena e thata ea bofelo, Jehova o khona ho thusa batho ba hae e le hore ba lule ba e-na le kamano e matla le eena. Empa lekhetlong lena ke ne ke amehile haholo ka hore a nthuse ka bothata ba ka ba mahlo, ke sa hlokomele hore ke se ke nahana haholo ka ’na, ho e-na le ho ameha ka kamano ea ka le Jehova. Empa Jehova o ile a nthusa hore ke lokise tsela eo ke neng ke nahana ka eona. O ile a nthusa joang?
Ke ile ka qalella ho mamela buka ea Jobo Bibeleng e rekotiloeng. Mohlala oa hae o ile oa nthusa ho bona hore ke ne ke se ke nahana haholo ka mathata a ka. (Jobo 30:20, 26) Ke ’nete hore ho ne ho ka etsahala hore ke foufale, empa eo e ne e se eona ntho ea bohlokoa. Ke ne ke lokela ho nahana ka hore na ke eng ea bohlokoa bophelong ba ka. (Jobo 35:9, 10) Ke’ng e ileng ea nthusa ho ba le pono e nepahetseng ka bophelo ba ka?
Mor’abo rona e mong ea foufetseng o ile a ’mema hore ke tsamaee le eena ha a il’o khanna thuto ea Bibele. Ha ke ntse ke mo shebelletse ha a qhoba thuto, ke ile ka hlokomela hore le haeba nka foufala ka ho felletseng, ke tla ’ne ke khone ho sebeletsa Jehova. Eo e ne e le eona ntho ea bohlokoa ho ’na. Matsatsi a seng makae hamorao, molebeli oa potoloho o ile a bua le ’na ’me a mpalla Pesaleme ea 112:7, 8. O ile a nthusa ho bona hore haeba ke tšepa Jehova ka ho felletseng, a ke ke a ntahla le ha nka foufala.
Ke ile ka ba le opereishene ea leihlo ’me lintho li ile tsa tsamaea hantle. Nakoana ka mor’a opereishene, ke ile ka khutlela mosebetsing lekaleng ’me selemo hamorao ke ile ka qala ho sebetsa le Lefapha la Molao le ntlo-kholo ke ntse ke le lekaleng la Argentina. Ha ke ntse ke thusa makala a fapaneng lefatšeng ka bophara ka tsa molao, ke bone ka makhetlo hore Jehova o thusa batho ba hae.—Jobo 42:2.
Jehova o nthutile thuto ea bohlokoa mabapi le boikokobetso, ea hore mathata a ka ha se ’ona a bohlokoa bophelong ba ka. Ke boetse ke ithutile hore le ka mohla Jehova ha a lahle metsoalle ea hae.—Pesaleme ea 9:10.
Ke Bone Hore Jehova o Molemo
Haesale Jehova e le eena motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka ho tloha ke sa le monyenyane. Ke ananela kamoo ’mè oa ka a nthusitseng kateng hore ke rate Jehova haholo le ho ipehela lipakane tsa moea ho tloha ke sa le monyenyane. Ha ke ne ke hlokomela hore ha ke tl’o khona ho finyella tse ling tsa lipakane tseo ke ipehetseng tsona, Jehova o ile a nthusa hore ke tsoele pele ke mo sebelletsa ka hohle kamoo nka khonang. O ile a nthusa hore ke lule ke sa nke lehlakore ha ke le sekolong, a ba a nthusa hore ke be le pono e nepahetseng ha ke ne ke amehile haholo ka bophelo ba ka.
Ho se ho fetile lilemo tse 50 ho tloha letsatsing leo ’na le Alejandro re neng re shebile holimo re bua ka lipakane tsa rona. Bosiung boo, ke ne ke hlolletsoe ke botle ba linaleli. Empa ho tloha ka nako eo, ke bone lintho tse ling tse ngata tse hlollang. Le hoja ke sa bone hantle, nka cho hore ke bone “botle ba Jehova” Molimo oa ka eo ke mo ratang.—Pesaleme ea 27:4.
Ke na le Vanina lekaleng la Argentina
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa fumaneha.
b Nakong e fetileng, baromuoa ba ne ba khethoa har’a batho ba ileng Sekolong sa Bibele sa Gileade. Empa hona joale, ba se ba koetlisoa Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso.
c Ka lilemo tse ngata, boholo ba batho ba neng ba memeloa ho fumana koetliso Sekolong sa Gileade e ne e le bo-pula-maliboho ba tsoang libakeng tseo Lipaki li neng li le ngata ho feta batho ba libakeng tsa habo bona.