JOSETTE GARCIA | PALE EA BOPHELO
Ho Paka ka Lilemo Tse Mashome ho e ’Ngoe ea Linaha Tse Chesang ka ho Fetisisa Lefatšeng
Ke ne ke qala ho palama sefofane ha ke ne ke tloha hae Paris e Fora, ke ea Bamako e Mali moo ho neng ho e-na le bahoeletsi ba leshome feela. Ke ne ke le lesoha ’me ke tsamaea ke le mong ho ea naheng e kholo haholo ha e bapisoa le Fora. Ke hobane’ng ha ke ile ka etsa qeto ea ho ea Mali?
Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke e-na le lipotso ka bolumeli. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ke ile ka botsa moruti hore na ke hobane’ng ha Mak’hatholike le Maprostanta a lumela lintho tse sa tšoaneng ka Maria Mofereko. O ile a re e le hore ke fumane karabo, ke lokela ho bala Bibele. Ke ile ka qalella ho e bala ka eona nako eo.
Nakoana ka mor’a moo, bo-’mѐ ba babeli ba ile ba etela lapeng ba ntse ba fana ka libuka tse buang ka Bibele. ’Mѐ oa ka o ile a re ha a na thahasello eaba o koala lemati. Empa ha ba qeta ho tsamaea ke ile ka mo joetsa hore ’na ke batla ho ba mamela. Kahoo, o ile a re ba khutle eaba re amohela libuka tseo ba neng ba fana ka tsona.
Bo-’mѐ bao ba babeli e ne e le Lipaki Tsa Jehova ’me ba ile ba tsoela pele ho etela ’mѐ oa ka. O ile a qala ho ithuta Bibele eaba ka 1962 oa kolobetsoa ’me e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Nkhono oa ka le eena o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa ka 1964. Ka nako eo, ke ne ke sa batle ho ithuta le Lipaki hobane li ne li buuoa hampe Millau e Fora, e leng toropo eo ke neng ke lula ho eona.
Ho Khothatsa le ho Thusa ba Bang
Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke rata ho bala libuka tse buang ka lingaka, baoki le mesebetsi e meng e etsoang sepetlele. Ha ke ntse ke bala, lerato la ka la ho sebetsa sepetlele le ile la hola le ho feta. Haesale ke rata ho thusa batho. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho ithutela ho ba mooki.
Ha ke le sekolong sa ho koetlisetsoa ho ba mooki
Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka tloha Millau ka ea sekolong se fanang ka thupelo ea ho ba mooki se Paris. Selemong sa ka sa pele, ke ile ka ithuta thuto ea motheo ea booki. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka ithuta ho khothatsa batho ba hlokang kalafo ea nako e telele le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.
Ka mor’a koetliso eo, ke ile ka qeta lilemo tse hlano le halofo ke thusa bakuli ba neng ba le haufi le ho tsoa sepetlele. Ha ba se ba le hae, ke ne ke tsoela pele ho thusa ba hlokang kalafo ea nako e telele. Ke ne ke thabela ho thusa batho haholo ’me mosebetsi ona o ne o etsa hore ke bone hore ke etsa ntho ea bohlokoa.
Nakoana ka mor’a hore ke fallele Paris, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a nketela. Kaha ke ne ke le sieo lapeng, o ile a ntšiela molaetsa monyako, a ’memela ho ea libokeng. Ke ile ka ea ’me ka amoheloa ka mofuthu. Ke ile ka kopana le morali oa bo rona ea neng a ntšietse molaetsa eaba ke lumela ho ithuta Bibele le eena. Ke ne ke batla ho utloisisa Bibele. Kaha ke ne ke se ke lula sebakeng se seng, ke ne ke tla khona ho ithuta ka bolokolohi le Lipaki ho se na motho ea nkahlolang.
Lintho tseo ke neng ke ithuta tsona ka Bibeleng li ile tsa nkama haholo. Ke ile ka ithuta hore Jesu o nka Ntate oa hae Jehova e le eena feela Molimo oa ’nete. Kahoo, ke ile ka hlokomela hore ha rea lokela ho rapela Maria empa re lokela ho rapela Jehova feela. (Matheu 4:10; Johanne 17:3) Ke ile ka hlokomela hore Jehova o nkhuletse ho eena le Mora oa hae, ka boela ka angoa ke hore ke se ke tseba ’nete eo batho ba bangata ba sa e tsebeng. (Johanne 6:44) Ke ne ke se ke kholisehile hore ba rapelang Jehova ba lokela ho mo “rapela ba tataisoa ke moea le ’nete.” (Johanne 4:24) Kahoo, ke ne ke ikemiselitse ho rapela Jehova ka tsela eo a e batlang. Ke ile ka kolobetsoa ka 1965 kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Charleroi e Belgium.
Ho Thusa Batho ho Tseba ka Molimo
Ke ne ke rata ’nete ebile ke batla ho etsa sohle se matleng a ka ho thusa batho ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ha konteraka ea ka ea mosebetsi e fela, ke ile ka qalella ho sebetsa ke le pula-maliboho ea nakoana (eo hona joale e bitsoang pula-maliboho e thusang). Eaba ka la 1 April 1974, ke abeloa ho sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng.
Nakoana ka mor’a moo, motsoalle oa ka ea haufi le monna oa hae ba ile ba ea Mali ho e’o sheba hore na ba ka sebeletsa moo. Ha ba se ba le moo, ho e-na le ho khutlela Fora, ba ile ba etsa qeto ea ho lula Mali.
Hamorao, motsoalle eo oa ka o ile a ’ngolla lengolo a mpolella hore ho hlokahala bo-pula-maliboho ba khethehileng naheng eo. Ke ile ka mo botsa ka re: “Na u bona eka ke tla khona?” O ile a re: “E, u tla khona!” Eaba ke etsa qeto ea ho leka metsi ka lere. Leha ho le joalo, ho ne ho se na motho ea batlang ho tsamaea le ’na. Kahoo motsoalle oa ka o ile a re: “U ka tl’o lula le rona.”
Ka mor’a hore a cho joalo, ke ile ka ngolla lekala la Senegal le hlokomelang mosebetsi oa boboleli o etsoang Mali. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ke ile ka fumana karabo ea hore nka qalella ho sebeletsa Mali ka April 1975.
Mathata ao ke Ileng ka Tobana le ’Ona Mali
Ke fihlile Mali ka la 26 March 1975, nakong eo ho chesang haholo selemong. Ha ke theoha sefofane e ne e eka ke kena ka ontong. Ho ne ho chesa hoo ho neng ho le thata ho mamella. Ke ile ka ithuta hore karolo e kholo ea Mali ke Lehoatata la Sahara ’me ke ile ka hlokomela hore ho tloha ka March ho ea ho May, mocheso o phahama hoo o ka fetang 40°C!
Ke na le baromuoa ba bang Mali
Ntle le mocheso, ho ne ho e-na le lintho tse ling tse ngata tseo ke neng ke lokela ho li tloaela. Ka mohlala, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba futsanehileng. Ba bang ba ne ba kula ha ba bang ba e-na le bokooa ’me ho le thata hore ba fumane pheko eo ba e hlokang. Hape ke ne ke sa tloaela lijo tsa moo. Ke fihlile nakong eo ho neng ho jeoa limango ’me ke ne ke sa tsebe letho ka tsona. Ke ile ka qetella ke li rata le hoja qalong ho ne ho bonahala eka ha ho na lijo tse ling ntle le mango le raese feela.
Ka lebaka la mathata ao ke ileng ka tobana le ’ona kabelong ea ka e ncha, ke ile ka tšoenyeha ka ba ka nyahama. Ke ne ke sa khone ho ja le ho robala hantle. Ke ne ke lula ke kopa Jehova hore a nthuse, ke bile ke etsa sohle seo nka se khonang ho tloaela maemo ao ke phelang ho ’ona.
Ka mor’a ho qeta selemo ke sebeletsa Mali, ke ile ka khutlela Fora ’me ka lula libeke tse tšeletseng. Ha ke le moo, ngaka e ile ea ntlhahloba ’me ea mpha likeletso tse ileng tsa nthusa. Ka letsatsi le leng, mor’abo rona e mong o ile a mpotsa hore na ke ntse ke tl’o khutlela Mali. Ke ne ke sa lebella potso ea hae ’me ho bua ’nete feela, e ile ea ntena. Le hoja bophelo bo ne bo le thata Mali ebile ho le thata ho tloaela maemo a moo, ke ne ke ikemiselitse ho khutla. Ke ne ke se ke rata naha eo le batho ba moo.
Ho ea tšimong ka baesekele le sethuthuthu
Ho Phathahana ka Mosebetsi oa Boboleli
Ha ke khutlela Mali, ke ne ke se ke tseba seo ke tla se lebella. Ho tseba seo le ho rapella tšehetso ea Jehova, ho ile ha nthusa hore ke phathahane ka mosebetsi oa boboleli. Ka 1978, ofisi ea lekala e ile ea re nka tsoela pele ke sebeletsa Mali empa ke se ke le moromuoa.
Le hoja Mali e le e ’ngoe ea linaha tse chesang ka ho fetisisa lefatšeng, moo ke lulang ho ne ho se na air conditioner. Qalong, re ne re se na le fridge. Ke ile ka ithuta ho bara le barali ba bo rona ba sebakeng seo hore na nka sebetsana le mocheso joang. Ha ho ne ho chesa haholo motšehare, re ne re robala ebe mantsiboea re ea tšimong.
Mocheso o ne o etsa hore ho be thata ho robala bosiu. Ha ke ntse ke le lehaeng la baromuoa, ka linako tse ling ha ho ne ho chesa haholo, ke ne ke nka leterase ebe ke robala ka holim’a ntlo kaha ho ne ho pholile. Hamorao ha ke se ke lula lehaeng le leng, ke ne ke robala ka kamoreng e nyenyane ’me ke ikoahela ka nete ea monoang. Ha ho ne ho chesa haholo, ke ne ke tsoha ke hlapa ebe ke robala hape. Ke ne ke etsa sena ka makhetlo a ’maloa bosiu e le hore feela ke khone ho robala.
Ke isa leterase la ka ka holim’a ntlo moo ho pholileng
Hangata ke ne ke paka ke le mong hobane tšimo e ne e le kholo ’me bahoeletsi ba fokola. Batho ba moo ba ne ba le botsoalle ’me ba thabela ho ithuta litaba tse monate. Ka makhetlo a mangata, ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele ho fihlela e e-ba bosiu ’me re sebelisa lebone la parafine. Thahasello ea bona ke e ’ngoe ea lintho tse neng li nthusa hore ke tsoele pele ka mosebetsi oa ho paka.
E reng ke le bolelle ka ’mѐ e mong eo ke neng ke ithuta Bibele le eena. Lebitso la hae e ne e le Mariama. O ne a lula a thabile ’me a rata ho pheha le ho mema batho hore ba tl’o thabela lijo tseo a li phehileng. O ne a rata bolumeli ba hae haholo a bile a khothalletsa batho hore ba latele meetlo ea bolumeli boo.
Ha a ntse a ithuta Bibele, hanyane ka hanyane o ile a hlokomela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ’me a qala ho rata Jehova le Jesu. Ha nako e ntse e ea, monna oa hae o ile a hlokomela hore o thabela ho ithuta Bibele ’me a qala ho mo hanyetsa ka mabifi. Empa Jehova o ile a mo thusa ho sebetsana le bothata bona. Ka linako tse ling o ne a mo thusa ka tsela eo a sa e lebellang.
Ka mohlala, ka linako tse ling monna oa Mariam o ne a re a tle ba tl’o rapela hammoho hoseng. Empa ka nako eo, ngoana o ne a lla ebe monna oa hae o re a tsamaee a il’o jesa ngoana. Letsatsing leo a neng a tl’o kolobetsoa ka lona, monna oa hae o ile a belaela hore ho na le se etsahalang eaba o re ho eena: “Ha ke tl’o u lumella hore u tsoe ka tlung kajeno.” Ka eona nako eo, motsoalle oa hae oa khale eo a neng a se a e-na le lilemo tse 15 a sa mo bone, o ile a ba chakela. Ba ne ba thabelane haholo ha ba bonana. Moeti eo o ile a re ho Mariam: “U mo lebale kajeno. Ke tlameha ho tsamaea le eena.” Mariam o ile a lumela a thabile haholo. Ka lebaka leo, o ile a ea kopanong ’me a khona ho kolobetsoa. Ho fihlela lena le holimo, Mariam o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Ke khanna thuto ea Bibele
Bophelo bo Monate ba ho Bolela Afrika
Jehova o mpontšitse kamoo a nthatang kateng a ba a nthusa hore ke tsoele pele ho mo sebeletsa. Esale a ntataisa ho tloha ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele a ba a mpha monyetla oa ho mo sebeletsa Mali ka lilemo tse ngata. Ke boetse ke bone kamoo Jehova a sebelisang mokhatlo oa hae ho hlokomela batho ba hae. Ho hlakile hore Jehova o sebelisa Sehlopha se Busang ho re bontša kamoo a re ratang kateng. Lintho tsena kaofela li entse hore ke rate Jehova haholo ho feta kamoo ke neng ke mo rata kateng ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele ’me lerato leo le ntse le tsoela pele ho hola.
Batho ba bang ba na le ho mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa ka ka nyaloa. ’Nete ke hore ha kea ka ka etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ke le lesoha. Ha e le hantle, nka be ke ile ka thabela ho nyaloa ke mor’abo rona eo ke neng ke tla sebeletsa Jehova le eena tšebeletsong ea nako e tletseng. Empa ka masoabi ha kea ka ka kopana le mor’abo rona ea nang le lipakane tse tšoanang le tsa ka.
Ka 2022, ke ile ka koptjoa ho ea Senegal, moo ke tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ke le lesoha. Empa ho bua ’nete, ha ke e-s’o ka ke e-ba mong. Haesale Jehova a e-na le ’na. Ho ekelletsa moo, ke na le metsoalle e mengata le bara le barali ba bo rona ba nthatang. Kaha ke se ke holile, beke e ’ngoe le e ’ngoe ho na le morali oa bo rona ea nthusang ka ho hloekisa ntlo le ho nkela mabenkeleng. Ka mor’a liboka ha ho se ho le lefifi, barab’abo rona ba bacha baa mphelehetsa ha ke ea hae. Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho sebelisa matla a ka ho thusa batho ba ikokobelitseng hore ba be le tsebo e nepahetseng ka Molimo.
a Lebitso le fetotsoe.