Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 143
  • “’Muso oa ka ha se oa Lefatše Lena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Muso oa ka ha se oa Lefatše Lena”
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Jesu a ileng a se bua
  • Seo Jesu a ileng a se etsa
  • Na ho na le ’Muso o Tsitsitseng o ka Busang Lefatše?—Bibele e Re’ng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a sa ka a Kenella Lipolotiking?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Baprofeta ba Bohata Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 143
Jesu o hloa thaba a le mong. Sehlopha sa batho se bokane tla’sa thaba.

ITHUTE HO JESU

“’Muso oa ka ha se oa Lefatše Lena”

’Muso oo Jesu a buang ka oona, o tla felisa mathata ’ohle ao batho ba tobanang le ’ona kajeno. Ha ho na ’muso oa batho o ka khonang ho etsa sena. Ke joang Jesu a ileng a bontša seo ka mantsoe le ka liketso?

Seo Jesu a ileng a se bua

  • “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Johanne 18:36) Jesu o ile a hlakisa hore matla a hae a ho busa ha a tsoe ho batho kapa lipolotiking. Ho e-na le hoo, a tsoa ho Molimo.

  • “Ntate oa rona ea maholimong, . . . ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Thapelong ea Morena, Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba tšepe hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a teng lefatšeng, eseng mebuso ea batho. Qetellong ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka ebe o tlisa khotso ka ho sa feleng lefatšeng.—Daniele 2:44.

Ho ithuta se eketsehileng ka ’Muso oo le seo o tla se finyella, shebella video e khutšoanyane ea ’Muso oa Molimo ke Eng?

Seo Jesu a ileng a se etsa

  • “Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.” (Johanne 6:15) Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ne a sa kenelle lipolotiking. Ha batho ba ne ba batla ho mo etsa morena, ha aa ka a lumela.

Mohlala oa Jesu o ka thusa Bakreste hore ba talime lipolotiki joang? Ho fumana lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng: “Na Bolumeli bo Lokela ho Kenella Lipolotiking?”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela