LULANG LE FALIMEHILE!
Na Lintoa Tse Bakoang ke Lehloeo li Tla ke li Fele?—Bibele e Re’ng?
Ka masoabi, lintoa tse mabifi tse bakoang ke lehloeo li ntse li eketseha ka sekhahla. Batho ba hlaseloa ka lebaka morabe, bolumeli, setso, hobane e le ba bong bo fapaneng kapa ka mabaka a mang. Lintho tse kang tsena li etsa hore batho ba lule ba tšohile, ba e-na le maqeba a sa foleng ’meleng le maikutlong ’me ka linako tse ling ba be ba lahleheloe ke bophelo.
Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea rona ho tla ba le batho ba ‘bohale bo tšosang, ba hloileng lintho tse ntle,’ le “ba se nang lerato.” (2 Timothea 3:1-5) Joale, na lintoa tse bakoang ke lehloeo li tla ke li fele? Bibele e re’ng?
Lintoa tse bakoang ke lehloeo li tla fela joang?
Bibele e re kholisa hore Molimo a ka khona ho felisa bokhopo, ’me o tla hle a bo felise.
“Ba etsang lintho tse mpe ba tla felisoa . . . Leha ho le joalo, lefatše e tla ba lefa la ba bonolo, ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena khotso.” (Pesaleme ea 37:9-11) Molimo a ke ke a lumella hore batho ba mabifi ba.’ne ba utloise batho ba bang bohloko.
“[Molimo] O tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Molimo o tla felisa bohloko boo batho ba ileng ba bo utloa ’meleng, kelellong, le maikutlong.
“Molimo o tla tsosa batho.” (Liketso 24:15) Molimo o tla tsosa batho ba limilione, ho akarelletsa le batho ba bolailoeng ke lintoa.
U ka sebetsana le lehloeo joang mehleng ee?
Bibele ha e fane ka tšepo feela, e boetse e re thusa ho sebetsana le lehloeo le atileng mehleng ena. Re u khothalletsa ho batla likarabo tsa lipotso tsena tsa bohlokoa:
Re ka etsa’ng hona joale ho hlola lehloeo le bakang lintoa? Hlokomela seo Bibele e se rutang ho Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng “Re ka Khona ho Hlola Lehloeo.”
Ke hobane’ng ha Molimo a ntse a lumella hore batho ba hlaheloe ke lintho tse bohloko? Fumana tlhaloso e hlakileng e tsoang Bibeleng, videong ea Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?