Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 5/8 maq. 24-27
  • Hobane’ng Baruti ba Itšuntse Lipolotiking?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng Baruti ba Itšuntse Lipolotiking?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo, Phaello, le Lipolotiki
  • Ho Tloha Jeremane ea Bonazi ho Fihlela Kajeno
  • Litokelo le Toka ea Sechaba
  • Ke’ng Seo Thuto ea Bolumeli ea Tokoloho e se Etsang?
  • Na Molimo oa ho Lumela?
  • Na Kereke ea Hao e Lokela ho Kena Lipolotiking?
    Tsoha!—1989
  • Li Re Potolohile Kahohle!
    Tsoha!—1987
  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho—Na o Tla Thusa Bahloki?
    Tsoha!—1987
  • Na Baruti ba Lokela ho Buella Lipolotiki?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 5/8 maq. 24-27

Hobane’ng Baruti ba Itšuntse Lipolotiking?

EREKAHA u ameha, u na le lebaka le letle la ho botsa, “Hobane’ng?”

Ka ho utloahalang, ha ho lebaka le le leng le sebetsang ho baprista kaofela, baruti, le baetapele ba bang ba bolumeli ba itšuntseng lipolotiking. Ba bang ba na le mabaka ao batho ba bangata ba neng ba tla a nyatsa. Ba bang ba ka ba le mabaka a utloahalang, joaloka ho ameha ka mafutsana.

Ha u hlahloba mabaka a bona ho tla u beha leseling ho hlokomela pono ea Molimo ka taba ena le ho ananela seo o se bolelang ka bokamoso.

Boemo, Phaello, le Lipolotiki

Ho utloisisa lebaka le leng le etsang hore baruti ba itšunye lipolotiking, a re hlokomeleng baetapele ba bang ba bolumeli ba lekholo la pele la lilemo. Banna bana, baprista ba baholo le litho tsa Bafarisi le Basadusi, ba ne ba etsa lekhotla le phahameng la Bajode. Ba halefisitsoe ke ha Jesu a tsositse Lazaro, ba nahana: “Ekare ha re . . . lesela [Jesu] joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me Ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna.”—Johanne 11:48.

“Motse oa rōna le sechaba sa rōna.” E, ba ne ba tšoenyehile ka boemo ba bona, tšusumetso, le matla, lithahasello leha e le life tsa bochaba e ne e se tsa bohlokoa. (Mattheu 23:2-8) Ka ho iphumanela botumo ho boralipolotiki, baruti ba bang ba fumane boemo bo phahameng. Ho ba bangata, sena ebile tsela e lebisang bophelong ba boiketlo. Buka ea ho qetela ea Bibele e bua ka “mosali” ea bitsoang “Babilona e Moholo,” ea tsebisahalang “ka boholo ba menono ea hae.” Bibele le histori li bontša hore o emela bolumeli ba bohata ba lefatše lohle.—Tšenolo 17:1-5; 18:3.

Joale hlokomela bopaki bo bontšang hore lena ke lona lebaka le etsang hore baruti ba bang ba itšunye lipolotiking. Buka Religion and Revolution e’a re bolella: “Mahareng a 1774 le 1790, babishopo ba Fora ba 173 ho ba 192 ba ne ba lutse litulong tse phahameng. Hoo ekabang halofo ea babishopo ba ne ba lula Paris moo ba neng ba thabela mabotho-botho a motse-moholo oa Fora. Mok’hadinale Polignac o shoele ka 1741 a e-s’o ka a etela sebaka sa babishopo seo a neng a khethetsoe sona lilemo tse leshome le metso e mehlano pelenyana. Moea o hōlang oa ho se tsotelle oa hlasela esita le libaka tsa baitlami tseo boholo ba tsona li neng li ruile haholo.” Baruti ba phahameng ba ne ba phela boiketlong, ha baprista ba bangata ba kereke ba ne ba futsanehile.

Mexico e fana ka mohlala o mong hape. Ka 1810 moprista oa motse Miguel Hidalgo a etella pele ntoeng ea tokoloho ea Spain. Moprofesara Guenter Lewy oa hlalosa: “Mopapa oa Roma le sehlopha sa babishopo ba nyatsitse barati bao ba naha [ba Mexico]. Boiketlo ba boikaketsi ba baruti ba phahameng ba neng ba fetohile batšehetsi ba matla ba tokoloho ea puso . . . ba totobala ’me ba senola kereke e le sehlopha se ke ke sa tšeptjoa. . . . Kereke e ne e ruile ka litša le meaho, e lekanyetsoang ke ba bang hore e kopanyeletsa karolo e fetang halofo ea thepa ea sebele ea sechaba.”

Maprotestanta, Mak’hatholike, Bajode, kapa tumelo leha e le efe—na re ke ke ra lumela hore baruti ha ba lokela ho itšunya lipolotiking ho sireletsa litulo tse phahameng? Leha ho le joalo, hangata seo ke sona se hlileng se etsahalang.

Ho Tloha Jeremane ea Bonazi ho Fihlela Kajeno

Nako ea Bonazi e fana ka kutloisiso e eketsehileng ea ho itšunya ha bolumeli lipolotiking. Batho ba bangata ba nahanang ba ’nile ba makala, ‘Ho tlile joang hore baruti ba K’hatholike le Luthere ba sebelisane le Hitler le mabotho a hae a Bonazi a sehlōhō?’

Ebile ka tšehetso kapa bonyane ka ho phelisana ka khotso. Bolumeli bo ile ba etsa boipelaetso bo fokolang. Moprofesara T. A. Gill o ngola ka mokhelo o le mong. “[Seithuti sa bolumeli Dietrich] Bonhoeffer qetellong se fumane seo ntat’ae le baena ba sona ba ’nileng ba se bolella sona haesale ho tloha se le lilemo tse leshome le metso e mehlano: kereke e ne e felletsoe ke bohlokoa ba eona litabeng tsa bohlokoahali hore se ka neela bophelo ba sona ho eona.” Bonhoeffer a tennoe ke ho tšehetsa ha kereke Hitler kapa ho hloka cheseho ea eona, a kopanela leanong la ho bolaea Hitler. Empa Bonhoeffer e ne e le mokhelo.

Buka History of Christianity ea Paul Johnson, e hlalosa boemo bo tloaelehileng. “Ka bobeli likereke tse khōlō li fane ka tšehetso e matla.... Har’a baruti ba Boevangeli ba 17 000, ho ne ho se ba fetang mashome a mahlano ba ileng ba tšoaroa le ho ahloleloa nako e telele chankaneng [ka ho se tšehetse puso ea Nazi]. Har’a Mak’hatholike, mobishopo a le mong o ile a lelekoa setulong sa hae, ’me e mong a koalloa nakoana bakeng sa melato ea lichelete.” Ha e le ka ba ileng ba khomarela melao-metheo ea bona, Johnson o tsoela pele: “Ba neng ba le sebete ka ho fetisisa e ne e le Lipaki tsa Jehova, ba boletseng sefahla-mahlo ho tloha qalong ka ho se nke lehlakore ha bona ka lebaka la bolumeli ba bona ’me ba hlokofatsoa ka baka leo. Li hanne ho sebelisana le ’muso oa Bonazi ka tsela leha e le efe.”

Ho tloha nakong eo, baruti ba bang ba sebelisana le mebuso e sehlōhō ho boloka litulo tsa bona tse phahameng, matla, le leruo. Moqolotsi ho National Catholic Reporter o itse: “Pale ea ho hlōleha ha kereke ea K’hatholike Argentina ke e ’ngoe ea tse khutsitseng le e tšehetsang puso e sehlōhō ea sesole, e ’ngoe ea tse mpehali historing ea morao tjena.... Babishopo ba kereke ba ne ba le boemong bo molemo ba ho bua ka sebete le ho bontša phapano, mohlomong esita le ho amoha ’muso tokelo ea ’ona ea bolumeli. Leha ho le joalo, ha ho motho ea tsoileng molomo har’a bona. Ba bang, ho kopanyeletsa le baruti ba apareng liaparo tsa sesole, ba tšehelitse litlhokofatso le lipolao.”—La 12 ’Mesa, 1985.

Litokelo le Toka ea Sechaba

Joalokaha ho boletsoe pelenyana, baruti ba bang ba bolumeli ba babatsoa haholo ka karolo ea bona e mahlahahlaha lipolotiking ka mabaka a mang.

Mohlala o tsoang United States ke oa moruti oa Baptist Martin Luther King, e Monyenyane, moetapele oa litokelo tsa sechaba, ea neng a loantša khethollo ea moloko ka nako e telele. Baruti ba bang ba bile ka sehloohong bakeng sa ho loanela litokelo tsa basali esita le tsa ba se nang lentsoe ’musong kahobane ba fokola ka palo. Baprista le baruti ba ile ba matahana le lipolotiki ka ho tšehetsa litokelo tsa ho khetha, meputso le menyetla e lekanang ho ba etsang mosebetsi o lekanang. Haufinyana tjena, “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho” o hlonngoe ka sepheo sa ho thusa mafutsana.

U ikutloa joang ka baetapele ba bolumeli ba itšuntseng lipolotiking ho fana ka thuso ho ba hlokang? Baruti ba bang ha baa khotsofala ka seo ba se bonang se etsahala. Keith Gephart, moruti ea khomaretseng melao-metheo ea bolumeli, o hlalositse: “Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka utloa ho thoe likereke ha lia lokela ho itšunya lipolotiking. Joale ho bonahala e se sebe ho itšunya lipolotiking.” Mongoli oa koranta litabeng tsa bolumeli o hlokometse: “Ho qala ka bo-1970, Bakreste ba khomaretseng melao-metheo ea bolumeli ba lumetse butle-butle hore liketso tse hatellang le boipelaetso ba lipolotiki ke mosebetsi o loketseng.”

Le hoja lisosa li bonahala li loketse, hlokomela kamoo mehato eo e lebisitseng baruti bao hōle kateng, ’me u bone haeba u lumellana le hoo.

Ke’ng Seo Thuto ea Bolumeli ea Tokoloho e se Etsang?

Gustavo Gutièrrez, moprista oa K’hatholike Peru, o thooletsoa kahohle ka ho tšehetsa “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho” karabelong ea sello sa mafutsana. Tšekamelo eo e tletse hohle har’a baruti ba Latin Amerika le libakeng tse ngata. Manchester Guardian Weekly ea Engelane e tlalehile hore Mobishopo oa Durham o ile a hlasela philosofi ea lipolotiki ea ’muso ’me a khothalletsa “ho ntšetsa pele morero oa ‘mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho.’”

Na thuto eo ea bolumeli e amehile feela ka mafutsana joalokaha ho khothaletsa Bibele? Che. Mobishopo Durham o lumela hore “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho Brithani o tla akarelletsa likarolo tse ling tsa thuto ea Marx.” Sena se kopanyeletsa ho hlalosa ntoa ea ho lokolla mafutsana khatellong ho sebelisoa thuto ea Marx.” Ka liphello life?

National Catholic Reporter (la 4 Phupu, 1986) e ne e-na le sehlooho “Ho Loanela ha Brazil naha ho Entse hore Kereke le ’Muso li Loantšane.” Lebaka la khohlano ena ke hobane ke feela palo e nyenyane ea baahi “e laolang mobu oa naha o etsang karolo ea 83 lekholong.” Lihlopha tse eteletsoeng pele ke baruti le mekoloko ea baipelaetsi ke karolo ea “ho loanela naha.” ’Me poleloana “ho loanela” naha ke e tšoanelang hantle. Sehlooho se boletse hore “batho ba 218 ba bolailoe likhohlanong tsa ho loanela naha tse fetang 700 selemong se fetileng, ho kopanyeletsa le Father Josimo Tavares, moprista oa Brazil le moetapele oa tsosoloso ea naha, ea fenethiloeng ka la 11 Phupjane.”

Mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o-oa hōla. Moqolotsi oa The New York Times o lumetse hore molao oa Vatican ke hore baruti ha baa lokela ho itšunya lipolotiking tsa likhukhuni empa o boletse hore Vatican e “amohela molao-motheo oa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho: Boevangeli ba Bokreste bo lokafatsa ho loanela mafutsana bakeng sa tokoloho lipolotiking le litokelo tsa bophelo ba bona.”

Ka tsela e tšoanang Maryknoll, moromuoa oa Mok’hatholike, o “hasantse hohle thuto ea mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho le puso ea basebetsi.” Phuputso ea 1985, ea The Revolution Lobby e itse: “Maryknoll, o atlehile ho ruta likhopolo tsa Marx le Lenin tsa phetohelo ea ’muso ka likhoka ’me hona joale li amoheloa ke batho hobane li sebelisoa ke Roma e K’hatholike. Molaetsa oa likhopolo tseo ha o’a finyella feela motsamai oa kereke, empa le batho ba Amerika ba ka sehloohong ba etsang liqeto tsa molao.”

Na Molimo oa ho Lumela?

Ka ho hlakileng, kajeno ho potoloha lefatše bolumeli bo itšuntse lipolotiking, ’me ho na le mabaka a fapaneng a sena. Leha ho le joalo, Molimo o ikutloa joang ka see? Bibele e bontša hore haufinyana o tlil’o bontša boemo ba oona ka ho totobetseng. Uena le baratuoa ba hao le tla ameha joang? Seo se lokela ho ama boitšoaro le liketso tsa hao joang hona joale?

[Lebokose le leqepheng la 25]

“Kereke ea K’hatholike Jeremane e ne e le ea Majeremane ka botebo ho tšoana le kereke ea Protestanta e neng e tšehetsa ’muso le puso ea teng.”—The German Churches Under Hitler.

“Maobane Kereke ea Russia ea Orthodox e itihetse ka setotsoana litlhahisong tsa Mong. Gorbachev tsa ho bea lihlomo fatše . . . E [li] hlalositse e le tse ‘iphaphathang ka ho phethahetseng le Bokreste.’”—The Guardian (London), la 9 ’Mesa, 1986.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Martin Luther King, e Monyenyane, o ne a hlaheletse ka mahetla har’a baetapele ba bolumeli ba neng ba le khahlanong le khethollo ea moloko

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UPI/Bettmann Newsphotos

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bofuma le ho hloka toka li lebisitse ho hlongoeng ha mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

J. Viscarrs/WHO

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela