Na Kereke ea Hao e Lokela ho Kena Lipolotiking?
Ka mongolli oa Tsoha! Brazil
O MOLELELE ebile o mosesane. Ho hlakile hore e se e le nako e telele a sa hlape. O batla bao a ka ba hlakolelang lieta kaha ke mosebetsi oa hae. Tlung ea ho emela lipalangoang motho e mong o mo neha kuku e bakiloeng hae. O e phamola ka matsoho a litšila. A ntse a thotse o lula fatše ’me o qalella ho e ja. Ho fihla bana ba bang, ’me e mong le e mong o fumana sekotoana. Ka potlako kuku e felile.
Lipono tse joalo tse utloisang bohloko li tloaelehile metseng e meholo lefatšeng ka bophara. Moo, batho ba se nang palo ba hlokang matlo ba phelang le ho shoela literateng letsatsi le letsatsi. Mekhukhung le mekhorong, bo-’mè baa sotleha, esita le ho shoa, molemong oa bana ba bona ba banyenyane. Empa, joalokaha mopresidente oa pele oa U.S. Lyndon B. Johnson a kile a re: “Boemo ba lipolotiki ba kajeno bo etsa hore ho be thata haholo ho hlokomela mafutsana hobane ke sehlopha se senyenyane se hatelletsoeng.”
Ka nako e tšoanang, ho bona bana ba lapileng ho susumetsa motho ho ipotsa: ‘Ho tla etsahala joang ka bana bohle ba lahluoeng feela? Na batho ba futsanehileng ba tla ke ba fumane thuso?’
Na ke Karolo ea Kereke?
Ntle ho pelaelo u amehile ka lintho tse kang bofutsana, matlo, le bophelo bo botle. Kahoo, na u kile ua ipotsa: ‘Na kereke ea ka e lokela ho ba mafolofolo linchafatsong tsa sechaba?’
Mohlomong u tloaetse ho araba: ‘Ho hana eng? Kereke e tlameha ho sebelisa tšusumetso ea eona ho etsa lefatše sebaka se molemo.’ Ka lehlakoreng le leng, na u ikutloa joaloka letona la toka la Brazil, Paulo Brossard, le kileng la re: “Litaba tsa lefatše li rarolloa ke ’muso, ’me litaba tsa moea li rarolloa ke kereke”?
Brazil, moo ho nang le Mak’hatholike a mangata ho feta naheng leha e le efe, matsatsing ana Babishopo ba bua ka mathata a sechaba ka bolokolohi. Ka mohlala, Latin America Daily Post e ea hlokomela: “Kereke ea Brazil ka ho eketsehileng e fetohile ’muelli e moholo oa litaba tsa khaello ea bolulo, ho fetoheng ha histori ea kereke e neng e tšehetsa [sehlopha se busang].”
Thuto e Ncha ea Bolumeli
Phetoho har’a baruti ba bangata ba K’hatholike e felletse ka thuto e ncha ea bolumeli. Ho ea ka koranta ea Brazil, “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ke mokha o tletsenghohle har’a baprista ba Brazil o buellang tšehetso ea kereke bakeng sa lihlopha tse reretsoeng ho tlisa liphetoho kahisanong le moruong ho loantša bofutsana le khatello.”
Thuto ena ea bolumeli e bolela hore Jesu e ne e le molopolli. E holisa ‘tumelo ea hore mosebetsi o moholo oa Bokreste o akarelletsa ho lokolla mafutsana ka tšebeliso ea lipolotiki.’ Kahoo mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o lokafatsa tsela ea bophelo lefatšeng moo ka mehla mafutsana a ’nileng a khothalletsoa ho thola feela.
’Muelli oa mokhatlo ona Francis O’Gorman oa hlalosa: “Ho tlameha ho be le phetoho. Ho na le ho hong ho fosahetseng sechabeng ha karolo ea bobeli borarong ea baahi e sotloa ke bofutsana hobane e haneloa litokelo tsa eona. Re na le chelete ea ho fepa motho e mong le e mong. Re bona barui ba ntse ba rua ha mafutsana a ntse a tsoela pele ho futsaneha.”
O Arola Kereke
Ka potlako mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o arola Kereke e K’hatholike. Ka mohlala, Mopapa John Paul II, o sa tsoa nyatsa ho itšunya ha baprista mokhatlong ona. O itse: “Ho nahana ka Kreste e le motho oa lipolotiki, ea batlang liphetoho, kapa motho oa Nazaretha ea tsoang ’muso ka tlaase, ha ho lumellane le katisemane ea kereke.” Ha e le hantle, mopapa o ne a leka ho thibela liketso tsa bahanyetsi, ka ho tšaba hore kereke ea Latin America e itlohella hore e ferekanngoe ke mabotho a bohanyetsi.
Haufinyane, mopapa o ile a nyatsa moruti oa Brazil Leonardo Boff ka hobane a buella mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho. Ka ho thahasellisang, babishopo ba K’hatholike, joaloka mopapa, ha ba nyatse batšehetsi ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho hobane ba itšunya lipolotiking, kaha kereke e na le histori ea nako e telele ea ho itšunya ho joalo lipolotiking. Che, ba nyatsa ho tšoana ha mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho le thuto ea bokomonisi.
Mok’halinale Vicente Scherer oa Brazil o boletse hore makomonisi “a na le mokhoa o fapaneng ho o neng o sebelisoa nakong e fetileng oa ho kena naheng le ho e busa. Ho ena le ho sebelisa mekhoa e sehlōhō . . . a leka ho hulela lihlopha tse ling tsa Kereke tseleng ea ’ona, ’me ka bomalimabe a ile a atleha ho etsa hore lihlopha tsena li amehe ho ntšetseng mesebetsi ea bokomonisi pele.”
Boaventura Kloppenburg, mobishopo oa K’hatholike oa Salvador, Brazil, o itse ka babuelli ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho: “Ba batla ho etsa hore ho baloa hape ha Molaetsa, ho hlalosoa hape ha thuto ea bolumeli le histori, ho fetohe karolo e ratehang haholo ea borapeli, le ho lokolloa ha letsoalo la boitšoaro ka kutloisiso ea hore batho ba ka etsa mesebetsi ea bofetoheli ntle ho mathata.”
Ha ho makatse ha Mak’hatholike a tšepahalang a fumana ho le thata ho latela baeta-pele ba kereke ba ikhanyetsang ka bobona.
Na Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho o Tla Atleha?
Le hoja babuelli ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ba ka ’na ba ba le boikutlo bo botle, linchafatso tse hlokahalang ha li tle habonolo. Ho rarahana ha mokhatlo oa batho le boithati ba tlhaho li bontša hore esita le haeba phetoho e ka finyelloa, mathata a ke ke a rarolloa. Joalokaha Lord Halifax a ngotse: “Ha batho ba loanela tokoloho ea bona, hangata tlhōlo ea bona e ba bea tlas’a babusi ba bacha.”
Ha batho ba loanela tokoloho ea bona, hangata tlhōlo ea bona e ba beha tlas’a babusi ba bacha”
Ipotse: Na batho ba lumelang mekhatlong e kang ea bolumeli ea tokoloho ba tseba moo ba lebisoang teng? Jesu o lemositse ka ho tsamaea bofofung, o itse: “Sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.”—Mattheu 15:14.
Kahoo, na u kholisehile hore u na le pono e nepahetseng ka bothata ba mafutsana linaheng tse futsanehileng le kamoo bo ka rarolloang kateng? Na Molimo o bona mathata a mafutsana le khatello, ’me na o tla etsa ho hong ka ’ona?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Ha batho ba loanela tokoloho ea bona, hangata tlhōlo ea bona e ba bea tlas’a babusi ba bacha”