Liphello Tse Bolaeang Tsa Tšilafalo
HA SEBINI sa sesoasi sa bamameli Tom Lehrer se bina ka tšilafalo hamorao lilemong tsa bo-1960 se ile sa lemosa baeti ba fihlang United States hore ba se noe metsi a teng kapa ho hema moea oa teng, nakong eo se ne se mpa se soasoa.
Mehleng ena ha ho sa le motho ea tšehang. Tšilafalo hase taba e tšehisang. Moea oa rōna o silafalitsoe ke mosi oa lifeme, lienjine, mahlaseli a ligase a kotsi, metsi a rōna a silafalitsoe ke lik’hemikale le oli tse tšolleloang metsing, ’me mobu oa rōna o silafalitsoe ke pula ea asiti le lik’hemikale tse chefu. Ho bile le nako eo ka eona batho ba neng ba ka makala ha ba utloa mabitso a kang Chernobyl, Love Canal, Amoco Cadiz, le Bhopal. Mokhatlo oa batho o khelohile, ’me o fanyehile bophelo ba batho ba limillione kotsing ka mafu a belaetsang kapa lefu la tšohanyetso.
Tšilafalo e nyarosa ka ho khethehileng hobane hangata ha e bonoe ka mahlo a nama. Moea o ka bonahala o hloekile empa o tletse mahlaseli a kotsi a lik’hemikale; lijo le metsi li ka bonahala li lokile empa li tletse lichefu tsa lik’hemikale! Ke ’nete, hangata tšilafalo ke ’molai ea sa bonahaleng.
Liphello tse Bonahalang tsa Tšilafalo
Le hoja tšilafalo e ka ’na ea se bonahale mahlong, liphello tsa eona tse bolaeang lia bonahala. U ka li bona hohle moo u talimang: batho ba bolaoang ke kankere le mafu a matšoafo; matlo le liemahale tse helehang; bophelo ba liphoofolo le limela bo felisoang ka bongata, lihlapi tse shoang linokeng; meru e shoeleng le e shoang.
Ho boetse ho na le kotsi e ’ngoe e hlahellang, e nang le letšoao la tšilafalo. Bahlalefi ba fumane lesoba lesireng la moea o hloekileng, moea o leng sebakeng o re sireletsang mahlaseling a kotsi. Lesoba lena le ntse le hōla. Ba bang ba ikutloa hore tšilafalo ea motsoako oa chlorofluorocarbon ke oona o phunyang lesoba lena ka baka la tšebeliso e fetelletseng ea linyanyatsi tse tebelang lephoka la ’mele. Na ho senngoa ha lesira lena la moea o hloekileng, o re sireletsang mahlaseling a kotsi, ho tla hōlisa kankere ea letlalo? Kapa mohlomong ho tla baka kotsi e khōloanyane?
Tšilafalo e eketsehile ka mokhoa o kotsi hoo ho tlamehang ho etsoa ho hong—ka potlako—haeba koluoa ea lefatše lohle e ka qojoa. Ka baka la ho elelloa ha bothata bona bo tebileng ho theiloe lihlopha tsa litsebi tse sireletsang tikoloho le ho thusa ho kenya lihlopha tsena tse ncha mekheng e busang ea lipolotiki. Ka mohlala, Rephaboliking e Kopaneng ea Jeremane, sehlopha sa litsebi tse sireletsang tikoloho seo ka ho loketseng se bitsoang Greens se fumane likhetho tse etsang karolo ea 8,3 lekholong likhethong tse neng li tšoeroe ka Pherekhong 1987.
Na re ka tšepa hore kameho ea motho e tla atleha ho thibela tšilafalo, ’molai ea sa bonahaleng? Na re ka itšireletsa kotsing e bolaeang ea tšilafalo?
[Lebokose se leqepheng la 4]
Lefatše la Rona le Silafalitsoeng
Brazil: “Batho ba lulang [Cubatão] ba e bitsa ‘Molatsoana oa Lefu.’ . . . Lifate le mobu li shoele ’me manane a eketsehang a bana a belehoa a shoele kapa a shoa. Se phelang ke tšilafalo.”—Latin America Daily Post.
Chaena: “Boholo ba metse ea leboea-bochabela Chaena e [bolaoa] ke tšilafalo ea moea e jeleng setsi hoo mantsiboea ho tsamaeang feela batho ba seng ba tloaetse tšilafalo hoo ba sa thibaneng matšoafo kapa ho lla mahlo.”—Time.
Denmark: “Ke feela lehlabula le batang, le nang le moea le lifefo tsa leboea-bophirimela le ka lopollang lebōpo la Denmark tlokotsing ea tikoloho. . . . [Sebakeng se seng, ka lebaka la] khaello ea moea o hloekileng, lihlapi le liphoofolo tsa leoatle li ke ke tsa phela.”—Basler Zeitung.
Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane: “Motsoako o chefu o tšolleloang nōkeng ea Rhine [ho tsoa sebakeng sa lik’hemikale haufi le Basel, Switzerland], o senya mohloli oa Rhine oa lilemo tse 15 [le lihlapi tse boima ba litone tse ngata]. . . . Kotsi ea Sandoz e bakile kotsi e tebileng ea tikoloho sebakeng sa lik’hilomithara tse 280 tsa Rhine.”—Der Spiegel.
Soviet Union: “Kotsi ea ho lutla ha gase Chernobyl . . . ebile ketsahalo e khōlō historing mehleng ena. ’Me ebile koluoa e tla re ama haholo ka makholo a lilemo. .. . Hore batho ba Europa ba limillione tse 570, ka tekanyo e sa tšoaneng, ba ile ba pepesetsoa mahlaseling a kotsi ka lilemo tse 300 le hore ba tla ’ne ba tsoele pele ho pepesetsoa ho ona ke liphello tse ke keng tsa profetoa.”—Psychologie Heute.
United States: “Bahlalefi .. . [ba] sibollotse kameho e ncha ka hore pula ea asiti, ho phaella ho bolaeeng matša, e khinne ho hōla ha meru ’me e sokela bophelo ba batho ka ho silafatsa metsi a nooang.”—Maclean’s.