Ho Etsahala’ng ka Machaba a Kopaneng?
HO NA le ho hong ho etsahalang ka Machaba a Kopaneng. Ho etsahala liketsahalo tse tšosang tse tlang ho ama bokamoso ba hao. Baeta-pele ba lefatše ba hlile ba na le tšepo ka liketsahalo tsena. Nahana ka mantsoe a bona:
“Lilemo tse 45 ka mor’a ho hlaha ha ’ona, ka mor’a hore a hloke matla ka nako e telele, [Machaba a Kopaneng] a boetse a hōla re ntse re a shebile, ’me hona joale a hlahella e le moahloli oa ’nete, ea etsang molao ea ikitlaetsang ho bona hore oa phethahatsoa.”—Mopresidente François Mitterrand oa Fora Sebokeng sa Kakaretso sa bo45 sa Machaba a Kopaneng ka September 24, 1990.
Hona sebokeng seo, eo e kileng ea e-ba Letona la Soviet la Litaba tsa ka Ntle ho Naha Eduard Shevardnadze o ile a hlokomela hore “motho a ke ke a qoba ho khotsofalla bonngoe bo bocha ba Lekhotla la Tšireletso la [Machaba a Kopaneng] . . . Boemo bo nkiloeng ke litho tsa Mokhatlo [oa Machaba a Kopaneng] bo neha Lekhotla la Tšireletso matla a ho hatela pele ho isa moo lithahasello tsa khotso ea lefatše li tlang ho hloka hore le hatele pele ho fihlela teng.”
Matsatsi a ’maloa hamorao Mopresidente George Bush oa United States o ile a fana ka puo Sebokeng sa Kakaretso sa Machaba a Kopaneng. Liphetoho tseo a ileng a li bona li ile tsa mo susumelletsa hore a re: “Haesale ho tloha ka 1945 re ne re sa bone monyetla oa sebele oa ho sebelisa Machaba a Kopaneng ho latela seo a neng a se reretsoe—joaloka setsi sa tšireletseho e akaretsang ea machaba.” O buile joalo hobane “Machaba a Kopaneng a arabetse ka bonngoe bo qalang ho bonoa historing le boikemisetso” ba ho rarolla qaka ea Koung ea Persia. “Ka lekhetlo la pele, Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng le qalile ho sebetsa kamoo le neng le reretsoe ho sebetsa ka teng.” O boetse a re: “Machaba a Kopaneng a ka thusa ho tlisa nako e ncha” haeba litho tsa ’ona ‘li ka lahla libetsa tsa tsona tse sehlōhō.’ Ka ho etsa joalo, li ka qetella “tsoelo-pele e ikhethang historing mabapi le taolo ea lefatše le lecha le nako e telele ea khotso.”
Monghali Guido de Marco, Mopresidente oa Seboka sa Kakaretso sa Machaba a Kopaneng, le eena o ne a e-na le pono ena e ntle. O ile a re ka cheseho le ka thabo: “Ho simolla ha mehla ea tsamaiso e ncha e theiloeng holim’a botsoalle le tšebelisano-’moho mahareng a linaha tse matla tsa lefatše ho atametse. . . . Liphetoho tsena li file Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng matla a macha.” O boletse hore “karolo e phethoang ke Seboka sa Kakaretso joaloka setsi sa bohlokoa sa lipuisano tsa machaba le tokoloho, e tiisitsoe ka mokhoa o babatsehang.” Ka baka la sena, o ile a boela a tsoela pele ho re: “Lefatše ha le sa phela tlokotsing ea Armageddone e ka bakoang ke ho phehisana ka likhopolo tse inahaneloang.”
“Liphetoho tsena” tseo kapele-pele li ileng tsa tlisa Machaba a Kopaneng boemong bona bo ’nileng ba laba-labeloa ka nako e telele ba botumo le tšusumetso ke life? Ke eng se faneng ka lebaka la tšepo e joalo e ileng ea susumelletsa baeta-pele ba lefatše ho bua ka tsela e tletseng tšepo ka “taolo ea lefatše le lecha le nako e telele ea khotso” eo ho eona ho seng kotsi ea Armageddone ea nuclear?
Ke Eng se Tlisitseng Phetoho?
Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Pérez de Cuéllar tlalehong ea hae ea mosebetsi oa Machaba a Kopaneng ka 1990 o ile a arabela: “Ke ho fela ha ntoa ea mantsoe [Europe].” Ka mashome a lilemo boemo bo tsitsipanyang “bo bakile lipelaelo tse sa feleng le tšabo le lihlotšoana tse loantšanang lefatšeng.” O hlokometse hore “khopolo ea tšireletseho [e] sa tsoa qala ho hlahella ka sebele ke khopolo eo Machaba a Kopaneng a ’nileng a e sireletsa ho theosa le lilemo.”
E, ho ea kamoo mongoli-kakaretso a boletseng ka teng, ho ne ho bonahala hore qetellong lichaba li ne li ithuta hore ho ameha ho tlōlisang ka tšireletso ea sesole ho fella ka phehisano e sa khaotseng ea ho ipokellela libetsa, . . . e sitisang lipuisano tsa lipolotiki, . . . le e mpefatsang boemo ba ho hloka tšireletseho lichabeng tsohle.” Boikutlo bona bo bocha bo bile le phello efe?
Moea o motle oa tšebelisano-’moho le ho tšepana o ile oa qala ho hōla sebokeng sa lihlooho tsa mebuso ea linaha tse matla tsa lefatše. Ha moea ona o ntse o hōla, li ile tsa ikutloa hore ha ho sa hlokahala masole a mangata bakeng sa ho thibela ntoa litsing tse khōlō tsa sesole Europe. Lerako la Berlin le ile la heletsoa. Jeremane e ile ea kopanngoa. Linaha tse ngata tsa Europe Bochabela joale li hlomamisitse mebuso e mecha, ’me li nehile baahi ba tsona tokoloho eo ho seng mohla ba kileng ba e thabela. Maliboho a neng a koetsoe a ile a buloa bakeng sa bohahlauli, ho arolelana tsebo le khoebo. ’Me se hlahelletseng ka ho fetisisa, Soviet Union le United States li qalile ho rorisa Machaba a Kopaneng le ho bolela bohlokoa ba ho a sebelisa e le tšusumetso e sebetsang bakeng sa ho batla khotso ea lefatše le tšireletseho.
Ho Boloka Pono ea Sebele
Na u ile ua makatsoa ke liphetoho tsee tsa tšohanyetso? Na bonyane u ile ua qala ho nahana hore qetellong khotso le tšireletseho li atametse, le hore Machaba a Kopaneng a tla phethahatsa karolo ea bohlokoa ho finyella lipheo tse joalo? Ka lebaka la se sa tsoa etsahala, boikutlo ba ho ba le tšepo ke taba e utloahalang. Leha ho le joalo, bohlale le histori li bolela ka ho tobileng hore re lokela ho boloka pono ea sebele ka monyetla oa hore seo se ka etsahala.
Hlokomela seo Monghali Pérez de Cuéllar a se boletseng tlalehong ea hae: “Ka makhetlo a mabeli lekholong lena la lilemo, ka mor’a lintoa tse peli tse bakileng tšenyo, menyetla ea ho tsosolosa taolo ea lefatše lohle ea khotso ha ea ka ea phethahatsoa ka ho felletseng.” Mopresidente Bush le eena o batlile a sebelisa mantsoe a tšoanang ha a ne a fana ka puo Sebokeng se kopanetsoeng sa matona a U.S. ka la 6 March, 1991. “Ka makhetlo a mabeli nakong e fetileng lekholong lena la lilemo, ntoa e ile ea harasoanya lefatše lohle. Ka makhetlo a mabeli lekholong lena la lilemo, ho ile ha hlaha tšepo ea khotso ea nako e telele har’a litšoso tsa ntoa. Ka makhetlo a mabeli nakong e fetileng, tšepo eo e ile ea ipaka e le toro e ke keng ea phethahala, eo motho a ke keng a e finyella.”
Mongoli oa ’Muso oa U.S. James Baker o ile a toba taba haholoanyane ha a fana ka puo Lekhotleng la Tšireletso la Machaba a Kopaneng. Ha a ne a kōpa Machaba a Kopaneng hore a etse qeto ea ho sebelisa sesole Koung ea Persia, o ile a hopotsa litho hammoho le eena hore ka 1936 boipiletso ba Ethiopia “ho Selekane sa Lichaba ha boa ka ba mameloa. Boiteko ba Selekane ba ho felisa sesosa sa ntoa bo ile ba hlōleha ’me ho ile ha hlaha ho hloka taolo ha machaba le ntoa.” Joale Monghali Baker o ile a etsa boipiletso bona: “Ha rea lokela ho lumella Machaba a Kopaneng ho latela tsela ea Selekane sa Lichaba.”
Selekane sa Lichaba e ne e le eng? Ke hobane’ng ha se ile sa hlophisoa? Ke hobane’ng ha se ile sa hlōleha? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re nolofalletsa ho utloisisa liphetoho tse etsahalang Machabeng a Kopaneng.