Lebaka Leo Selekane se Neng se Hlokahala ka Lona
NTOA ea I ea Lefatše e ile ea ba tlokotsi ea lilemo tse ’nè ea lefu le tšenyo, e leng liketsahalo tseo ho neng ho se mohla li kileng tsa bonoa pele. Mebuso eohle e meholo ea lefatše, hammoho le e meng, e ile ea ikarola ka mahlakore a mabeli a loantšanang, eaba e leba ntoeng, lehlakore ka leng le kholisehile hore le tla hlōla, le khothalitsoe ke ho thoholetsoa ke lichaba tse neng li nahana hore ntoa ke ketsahalo e khanyang.
Empa nakong ea likhoeli li se kae feela, lefatše le ile la ithuta habohloko tahlehelo e tšabehang e bakoang ke ntoa. Ha ntoa e lala, polao e sehlōhō e bakileng tšollo ea mali le tšenyo ea bophelo le thepa, e ile ea siea lefatše le qoetse ka har’a molato o moholohali oa chelete o bakiloeng ke ntoa. Ho lokela ho etsoa ho hong ho thibela ntoa e joalo hore e se qhome hape. Ke hobane’ng ha ho sa etsoe tokisetso eo lichaba li ka e sebelisang ho rarolla liqabang tsa tsona ka khotso ho e-na le ka ntoa? Na ke khopolo e ncha? Che, ha ho hlile ha ho joalo.
Lebaka Leo ka Lona Boiteko ba Pele bo Ileng ba Hlōleha
Pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, ho ne ho hlomamisitsoe lekhotla la linyeoe la lefatše ho rarolla liqabang ka khotso. E ne e le Lekhotla la ka Mehla la Boahloli le neng le le The Hague, Netherlands. Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, batho ba bangata ba ne ba tšepile hore mohlomong lekhotla lena le ka ’na la fetoha setsi sa lipuisano se neng se tla nka sebaka sa ntoa. Empa ho ne ho etsahetse eng Libokeng tsa Khotso tsa Hague ka 1899 le 1907 e ileng ea lebisa ho hlongoeng ha lekhotla lee leo ka tloaelo le bitsoang Lekhotla la Hague?
Libokeng tsena ka bobeli lichaba tse neng li emetsoe ha lia ka tsa lumela ho ikokobeletsa boahloli bo tlamang ba lekhotla lena kapa hona ho lekanyetsa kapa ho fokotsa pokello ea tsona ea lihlomo. Ha e le hantle, li ile tsa hana tlhahiso leha e le efe ea ho beha lihlomo fatše esita le ho sitisa morero leha e le ofe o neng o tla li qobella ho lokisa liphapang tsa tsona ka lipuisano.
Kahoo, qetellong ha Lekhotla la Hague le qala ho sebetsa, lichaba li ile tsa etsa bonnete ba hore ha le lekanyetse boipuso ba tsona bo felletseng. Joang? Ka keletso ena e bonolo: Hore ho tlisoa ha nyeoe lekhotleng ka pel’a baahloli e se be ntho e tlamang. Linaha tse neng li isa liqabang tsa tsona lekhotleng lena li ne li sa qobelloe ho amohela liqeto leha e le life tse fanoeng ka ntle ho khanyetso.
Leha ho le joalo, boitšireletso bona bo bohlale ba puso ea lichaba bo ne bo beha khotso le tšireletseho tsa lefatše kotsing. Kahoo phehisano ea pokello ena ea libetsa e ile ea tsoela pele e sa thibjoe hoo qetellong e ileng ea kenya moloko oa batho letotong la liqhoebeshano tse ileng tsa senya khotso ea lefatše lehlabuleng la 1914.
Ke ho makatsang hore ha metsotsoana ea ho qetela ea khotso e feta, Serbia, karabelong ea eona qetong ea Austria, e ile ea bolela boikemisetso ba eona ba ho “amohela tumellano ea khotso, ka ho lebisa potso ena . . . qetong ea Lekhotla la Machaba la Hague.” Empa kaha tšebetso ea Lekhotla la Hague e ne e se e tlamang, Austria ha ea ka ea ikutloa e tlamehile ho amohela sena seo e neng e ka ba “tumellano ea khotso.” Kahoo ho ile ha phatlalatsoa ntoa ho boloka khotso—’me baahi le masole a fetang limillione tse 20 a ile a lefella sena ka bophelo ba ’ona!
Baruti ba Batla Selekane
Ka May 1919, mobishopo oa Episcopal, Chauncey M. Brewster o ile a phatlalatsa sebokeng sa babishopo United States hore “tšepo ea lefatše bakeng sa khotso ea ka ho sa feleng le toka li itšetlehile ka ho lokisoa ha molao oa lichaba ka matla a macha. . . . Molao oa machaba o lokela ho nehoa matla a eketsehileng a tlamang ho feta liqeto tsa Seboka sa Hague [e leng sona se ileng sa hlomamisa Lekhotla la Hague]. Kahoo, tšebelisano-’moho ea lichaba e lokela ho ba mokhatlong o itseng o nang le litšobotsi tse itseng tsa selekane.”
Mok’hadinale oa Roma e K’hatholike Mercier oa Belgium le eena o ne a e-na le khopolo e tšoanang. Ha ho ne ho buisanoa le eena ka March 1919, o ile a re: “Ho ’na ho bonahala eka mosebetsi o moholo oa Mebuso mabapi le meloko e tlang ke ho thibela tsosoloso ea litlōlo tseo lefatše le sa ntseng le utloa bohloko ka baka la tsona.” O ile a bitsa babuelli ba tumellano ea khotso ea Versailles “liahi tsa lefatše le lecha” ’me a khothalletsa ho theoa ha selekane sa lichaba bakeng sa ho finyella pakane ena. O ne a tšepile hore selekane sena se ne se tla fetoha mosireletsi ea phethahetseng oa khotso.
Leqephe le ka ntle la The New York Times ea January 2, 1919, le ne le e-na le sehlooho se latelang: “Mopapa o na le Tšepo ea Hore ho Tla Theoa Selekane sa Lichaba.” Serapa sa pele sa koranta ena se ile sa tsebisa: “Molaetseng oa Selemo se Secha o lebisitsoeng ho Amerika, . . . Mopapa Benedict o boletse hore o na le tšepo ea hore Seboka sa Khotso se ka ’na sa hlahisa taolo ea lefatše le lecha hammoho le Selekane sa Lichaba.” Mopapa ha aa ka a hla a sebelisa poleloana “taolo ea lefatše le lecha” molaetseng oa hae. Leha ho le joalo, tšepo eo a neng a bolela hore o na le eona ea hore ho tla theoa Selekane e ne e le khōlō hoo Mokhatlo o Kopaneng oa Khatiso kapa Ofisi ea Khatiso ea Vatican ka ho hlakileng e neng e nahana hore poleloana ena ke e loketseng.
Ak’u nahane ka tšepo ena ho latela maemo a neng a le teng nakong eo. Moloko oa batho o neng o tšoenyehile o ile oa etsa boipiletso ba hore ntoa e lale. Lintoa tse ngata haholo makholong a mangata a lilemo li ne li se li bakile tahlehelo e khōlō ka ho fetisisa le tšenyo. ’Me qetellong ntoa e khōlō ka ho fetisisa e ne e fetile. Ha a bua le lefatše le hlileng le laba-labelang khotso, mopapa o ile a bua mantsoe ana: “A ho ke ho be le Selekane sa Lichaba seo ka ho hlakola molao o tlamang batho ho kena sesoleng, se tla fokotsa libetsa; seo ka ho thea makhotla a linyeoe a machaba, se tla felisa kapa se rarolle liqabang, seo ka hore se behe khotso motheong o tsitsitseng, se tla fana ka tiisetso ea hore motho e mong le e mong o fumana tokoloho le litokelo tse lekanang.” Haeba Selekane sa Lichaba se ne se ka tseba ho finyella lintho tseo kaofela, ka sebele se ne se tla tlisa “taolo ea lefatše le lecha.”
Lebaka Leo se Hlōlehileng ka Lona
Ho latela kamoo li neng li hlalosoa ka teng lipakane tsena le mekhoa e neng e tla sebelisoa ke Selekane sa Lichaba li ne li utloahala li le ntle, e le tse hlileng li sebetsang. Tumellano ea Selekane sa Lichaba e ile ea bolela hore morero oa sona e ne e le ho “ntšetsa pele tšebelisano-’moho ea machaba le ho finyella khotso ea machaba le tšireletseho.” Ho finyelloa ha khotso le tšireletseho ho ne ho itšetlehile ka tšebelisano-’moho ea lichaba le “ho amohela ha tsona tlamo ea hore li se hlōle li retelehela ntoeng.”
Kahoo, haeba ho ne ho ka hlaha qabang e khōlō, lichaba tse amehang tseo e leng litho, kaha li ne li itlamme ka hore li tla boloka khotso, li ne li lokela ho tlisa nyeoe ea tsona “hore e tl’o ahloloa kapa e rarolloe kapa e batlisisoe ke Lekhotla” la Selekane seo. Ho phaella moo, Selekane sa Lichaba se ile sa kopanyelletsa Lekhotla la ka Mehla la Boahloli, le neng le le The Hague, tsamaisong ea sona ea ho boloka khotso. Ka sebele ho ne ho nahanoa hore sena sohle se tla felisa kotsi ea ntoa e ’ngoe e khōlō. Empa ha hoa ka ha ba joalo.
Ho latela bo-rahistori ba bang, lebaka le leng leo ka lona Selekane sa Lichaba se sa kang sa atleha ho ba ’moloki oa khotso e bile ho hlōleha ha litho tsa sona tse ngata “ho hopola tefo e neng e lokela ho ntšoa bakeng sa khotso.” Ho lekanyetsa libetsa e ne e le karolo e khōlō ea tefo ena. Empa lichaba li ne li ke ke tsa lefa seo. Kahoo histori e ile ea ipheta—ka tsela e bohloko haholo ho feta pele. Lichaba li ile tsa boela tsa qala tlhōlisano ea pokello ea libetsa. Selekane sa Lichaba se ile sa hlōleha ho kholisa lichaba hore li lokela ho sebelisana hammoho ho thibela pokello ena ea libetsa. Boipiletso bohle le liphehisano ha lia ka tsa mameloa. Lichaba li ile tsa lebala thuto e khōlō ea 1914: Pokello e khōlō ea libetsa e baka boikutlo ba ho ikhantša ka matla a maholo a sesole.
Ho utloisisa bohlokoa ba “tšireletseho e akaretsang” e ne e le karolo e ’ngoe e khōlō ea tefo e neng e lokela ho ntšoa bakeng sa khotso. Tlhaselo e entsoeng sechabeng se le seng e ne e tlameha ho talingoa e le tlhaselo lichabeng tsohle. Empa ha e le hantle ke eng se neng se hlile se etsahala ha sechaba se seng har’a tsona se ne se retelehela ntoeng ho e-na le lipuisanong? Ho fapana le ho sebetsa hammoho ka bonngoe ho thibela ntoa, lichaba li ile tsa ikarola ka mahlakore a fapaneng, tsa leka ho sireletsana. Oo e ne e le oona mohopolo o fosahetseng o ileng oa hulela lichaba pherekanong ea 1914!
Selekane sa Lichaba se ile sa boela sa fokolisoa ke ho hana ha United States ho kena Selekaneng. Batho ba bangata ba nahana hore e ne e le oona “’muso o mong o moholo o neng o e-na le matla a ho etsa hore se atlehe” le hore mohlomong boteng ba Amerika Selekaneng bo ka be bo ile ba etsa hore se be le tšusumetso e itseng e akaretsang lefatšeng ka bophara e neng e hlokahala hore se atlehe.
Empa ho ne ho boetse ho e-na le mabaka a mang ao Selekane sa Lichaba se ileng sa hlōleha ka ’ona. Ak’u nahane ka poleloana ena e fanang ka maikutlo a mabe e hlahang selelekeleng sa Tumellano ea sona: “Setho leha e le sefe sa Selekane, ka mor’a lilemo tse peli tsa ho fana ka tsebiso ea boikemisetso ba ho etsa joalo, se ka ’na sa ikhula hore e se hlole e-ba setho sa Selekane.” (Karolo 1(3)) Ho sa tsotellehe hore na monyetla oa ho etsa khetho ena o ne o fanoe ka morero o motle hakae, ha oa ka oa fa Selekane sa Lichaba boikutlo ba botsitso, ’me sena se ile sa felisa boikemisetso ba lichaba ba ho se khomarela ka botšepehi.
Tokoloho ena ea ho ikhula e ile ea beha bophelo ba Selekane mohaung oa litho tsa sona tse neng li ka ikhula neng kapa neng ha li rata. Lichaba ka bomong tseo e neng e le litho li ile tsa fetoha tsa bohlokoa ho feta Selekane sa Lichaba ka bosona. Kahoo, ho ea bofelong ba May 1941, lichaba tse 17 li ne li se li ikhutse Selekaneng. Lithunya tsa merathatha tsa Ntoa ea II ea Lefatše li ne li se li qalile ho senya tšepo ea “taolo ea lefatše lecha” le ho felisa Selekane.
Ho ne ho lokela hore ho be le tsela e molemo!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Selekane sa Lichaba se ile sa hlōleha ho thibela Ntoa ea II ea Lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Cassino, Italy, ha e ne e phatloloa ke libomo ka la 15 March, 1944
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Army