Na Motho a Kene Sekolo ho ea Pele Kapa Che?
HO HLOKAHALA thuto e kae hore motho a iphelise? Karabo e fapana ho ea ka linaha. Ho bonahala linaheng tse ngata tekanyo ea thuto e hlokahalang hore motho a iphelise e phahame ho feta kamoo e neng e le kateng lilemo tse seng kae tse fetileng. Mabakeng a mang thuto e hlokoang ka molao ha e ea lekana.
Ha ho pelaelo ke lona lebaka leo ba bangata ba qetileng sekolo ba boelang sekolong ho e-na le ho ea mosebetsing. Ka sebele, meputso e bonahala e rateha. The New York Times e qotsa tlaleho ea Economic Policy Institute e ileng ea fumana hore “banna ba sebetsang ba nang le mangolo a sekolo se phahameng feela ba ile ba latsoa ho fokotseha ha karolo ea 7,4 lekholong ea meputso ea bona ho tloha ka 1979 ho ea ho 1987, ha meputso ea banna ba tsoang kolecheng e ile ea phahama ka karolo ea 7 lekholong.”
Ba tsoang kolecheng ba fumana mangolo a degree a ba bulelang menyetla ea mesebetsi. William B. Johnston, ’matlisisi ea ka sehloohong Hudson Institute, o re: “Lengolo la degree la kolecheng, kapa esita le bopaki ba hore o kile oa ba kolecheng, li fetohile mokhoa oa sechaba oa sehlooho oa ho lekanyetsa ho tšoanelehela mosebetsi.”
Ka lehlakoreng le leng, ho tlameha ho amoheloa hore ba bangata ba tsoang kolecheng ba thatafalloa ho fumana mosebetsi, ’me ha baa sireletseha ka ho feletseng ho lelekoeng mosebetsing. Karl ea lilemo li 22 o re: “Boholo ba metsoalle ea ka e ileng ea qeta sekolo le ’na ha bo sebetse.” Jim, ea lilemo li 55, o ile a pasa ka linaleli univesithing e hlaheletseng empa o ile a lelekoa mosebetsing ka February 1992. Lengolo la hae la diploma ha lea ka la mo sireletsa, ebile ha lea ka la mo thusa ho fumana mosebetsi o tsitsitseng. O re: “Motheo oa hao o fetoha lehlabathe.”
Joaloka Jim, ba bangata ba tsoang likolecheng ba iphumane ba le ho seo U.S.News & World Report e se bitsang “pelekatori ea ba sebetsang liofising”—ba leng bacha haholo hore ba ka phomola, ba hōlileng haholo hore ba ka hiroa ke k’hamphani e ’ngoe.
Ka lebaka leo, le hoja koleche e ka ba le menyetla, ka ho hlakileng hase makhona-tsohle. Ebile hase eona feela khetho. Herbert Kohl oa ngola ho The Question Is College: “Ho na le batho ba bangata ba atlehileng ba sa kang ba ea kolecheng le mesebetsi e mengata e khotsofatsang e sa hlokeng mangolo a degree a koleche.” Ka mohlala, koporasi e ’ngoe e hira batho ba sa eang kolecheng bakeng sa mesebetsi eo hangata e etsoang ke batho ba tsoang kolecheng. Ho e-na le ho batla mangolo a degree, k’hamphani eo e batla batho ba bonahatsang matla a ho atleha. ’Muelli e mong o re: “Ha re fumana motho, re nka hore re ka [mo] ruta tsebo e itseng ea mosebetsi.”
E, ba bangata ba iphelisitse le ho phelisa malapa a bona hantle ka ntle le ho ba le lengolo la degree la koleche. Ba bang ba bona ba ithutile likolong tsa mesebetsi ea boipheliso, likolong tsa mesebetsi ea matsoho, kapa likolecheng tsa sechaba, ba sa sebelise chelete le nako e ngata.a Ba bang ba ntlafalitse mosebetsi kapa tšebeletso e itseng ka ntle le mofuta o itseng o khethehileng oa thupelo ho hang. Ka ho ba le tlaleho ea ho tšepahala, ba khonne ho ba le mesebetsi e tsitsitseng.
Pono e Leka-lekaneng
Ka ho hlakileng, ha ho mofuta oa thuto—ho akarelletsa thuto ea koleche kapa leha e le efe ea tlatsetso—e fanang ka tiiso ea katleho. Ho feta moo, Bibele ka ho nepahetseng e hlokomela hore “mokhoa oa lefatše lena oa fela.” (1 Ba-Korinthe 7:31) Se batloang kajeno e ka ba seo e seng sa bohlokoa ka moso.
Kahoo, motho ea nahanang ka thuto ea tlatsetso a ka etsa hantle ho lekanya melemo le mathata. ‘Na nka kopa tšenyehelo? Ke tla ba ke pepesehela tikoloho e joang le batho ba mofuta ofe? Na lithuto li tla mpha tsebo e sebetsang e tla etsa hore ke khone ho iphelisa? Na e ka nthusa ho phelisa lelapa haeba ke qetella ke nyetse?’ Batsoali ba tšehetsang ba ka khona ho fana ka keletso ea bohlokoa tumellanong le boikarabelo boo Bibele e ba jarisang bona. (Deuteronoma 4:10; 6:4-9; 11:18-21; Liproverbia 4:1, 2) Haeba u nahana ka chelete e lefshoang bakeng sa thuto ea tlatsetso kapa karolo e ’ngoe ea eona, mantsoe a Jesu ke a loketseng: “Ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?”—Luka 14:28.
Ka sebele, hore na motho a phehelle thuto ea tlatsetso kapa che ke qeto e lokelang ho lekanngoa ka hloko. Ka linako tsohle Mokreste o hopola mantsoe a Jesu a ho Mattheu 6:33: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona [Ntate oa lōna oa leholimo] pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” Har’a Bakreste ba ’nete, ba se nang thuto e eketsehileng ha ba halaloe kapa ho nkoa e le ba tlaase, leha e le hore ba nang le thuto e eketsehileng ba khetholloa kapa ho hlokomolohuoa ka hore baa iphahamisa. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Na u mang, ha u ahlola mofo oa e mong? Leha a ka ema, leha a ka oa, ho na le monghali oa hae; athe o tla ema, hobane Molimo o na le matla a ho mo emisa.”—Ba-Roma 14:4.
Jesu o ne a bonahatsa pono ena e leka-lekaneng. O ne a sa nyelise ‘ba sa rutehang bao e leng batho feela,’ ebile ha aa ka a ithiba ho khetha Pauluse ea rutehileng ho phetha mosebetsi o matla oa boboleli. (Liketso 4:13; 9:10-16) Boemong leha e le bofe thuto e lokela ho bolokoa sebakeng se e loketseng, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mananeo a thuto ea tlatsetso a fapana ho ea ka libaka. Likolo, lilaebrari, le litšebeletso tsa mesebetsi tsa ’muso ke mehloli ea bohlokoa ea ho fumana se fumanehang sebakeng sa heno.