Matsatsi a Phomolo
Tlhaloso: Matsatsi ao ka tloaelo a tšoauoang ka ho phomola mosebetsing oa lefatše le sekolong bakeng sa ho ikhopotsa ketsahalo eitseng. Matsatsi a joalo hape ekaba linako tsa mesebetsi ea boithabiso bakeng sa malapa kapa sechaba. Ba kopanelang ho oona ba ka ’na ba a talima e le a bolumeli kapa haholo-holo e le litaba tsa botsoalle kapa tsa lefatše.
Na Keresemese ke mokete o theiloeng Bibeleng?
Letsatsi la mokete
Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e re: “Ho bolokoa hoa Keresemese ha hoa khethoa ke Molimo, leha e le hona hore ho simolohile T[estamenteng e] N[cha]. Letsatsi la ho tsoaloa hoa Kreste le ke ke la fumanoa ka T[estamenteng e] N[cha], kapa, ka sebele, mohloling ofe kapa ofe o mong.”—(New York, 1871), Moq. II, leq. 276.
Luka 2:8-11 e bontša hore balisa ba ne ba le masimong bosiu nakong ea ho tsoaloa hoa Jesu. Buka Daily Life in the Time of Jesus e re: “Mehlape . . . e ne e qeta mariha e sirelelitsoe; ’me ho sena feela ho ka bonoa hore letsatsi la neano la Keresemese, mariha [karolong e ka leboea ea lefatše], ha ho bonahale le nepahetse, kaha Molaetsa o bolela hore balisa ba ne ba le masimong.”—(New York, 1962), Henri Daniel-Rops, leq. 228.
The Encyclopedia Americana e-ea re tsebisa: “Lebaka la ho tiisa la 25 Tšitoe e le Keresemese le batla le sa hlaka, empa hangata ho nkoa hore letsatsi le ile la khethoa hore le lumellane le mekete ea bahetene e neng e ketekoa hoo e ka bang nakong ea ha letsatsi le tsoa tlung mariha [karolong e ka leboea ea lefatše], ha letšehare le qala ho lelefala, ho keteka ‘ho tsoaloa hape hoa letsatsi.’ . . . Saturnalia ea Baroma (mokete o neng o etsetsoa Saturn, molimo oa temo, le letsatsi le tsohileng molota), le eona e ne e ketekoa ka nako ena, ’me meetlo e meng ea Keresemese ho nahanoa hore e metse moketeng ona oa boholo-holo oa bahetene.”—(1977), Moq. 6, leq. 666.
New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Letsatsi leo Kreste a tsoetsoeng ka lona ha le tsejoe. Melaetsa ha e bontše letsatsi leha e le eona khoeli . . . Ka khopolo-taba e hlahisitsoeng ke H. Usener . . . le e amohetsoeng ke liithuti tse ngata kajeno, tsoalo ea Kreste e ile ea abeloa letsatsi la ho tsoa tlung hoa letsatsi mariha [karolong e ka leboea ea lefatše] (la 25 Tšitoe almanakeng ea Juliuse, la 6 Pherekhong ho ea Baegepeta), hobane ka letsatsi lena, ha letsatsi le qala ho khutlela karolong e ka leboea ea lefatše, barapeli ba bahetene ba Mithra ba ne ba keteka dies natalis Solis Invicti (letsatsi la ho tsoaloa la letsatsi le sa hlōloeng). Ka la 25 Tšitoe, 274, Aurelian o ne a phatlalalitse hore molimo oa letsatsi ke mosireletsi e moholo oa ’muso ’me a nehela tempele ho eena Mabaleng a Martius. Keresemese e simolohile nakong ea ha borapeli ba letsatsi bo ne bo hlile bo le matla haholo Roma.”—(1967), Moq. III, leq. 656.
Banna ba bohlale, ba etelletsoeng pele ke naleli
Bao ba bohlale e ne e hlile e le balepi ba linaleli ba tsoang bochabela. (Matt. 2:1, 2, NW, NE) Le hoja bolepi bo rateha har’a batho ba bangata kajeno, mokhoa ona o nyatsuoa ka matla ka Bibeleng. (Bona leqephe 361, tlas’a sehlooho se seholo “Phello e sa Qojoeng.”) Na Molimo o ne o ka isa batho bao o neng o nyatsa mekhoa ea bona ho Jesu ea sa tsoa tsoaloa?
Mattheu 2:1-16 e bontša hore naleli e isitse balepi ho Morena Heroda pele eaba hona e ba isang ho Jesu, le hore Heroda joale o ile a batla Jesu hore a bolaoe. Ha ho moo ho boleloang hore mang kapa mang ho fapana le balepi o ile a bona “naleli.” Hoba ba tlohe, lengeloi la Jehova la lemosa Josefa hore a balehele Egepeta ho sireletsa ngoana. Na “naleli” eo e ne e le pontšo e tsoang ho Molimo kapa na e ne e tsoa ho e mong ea neng a batla ha ho timetsoa Mora oa Molimo?
Hlokomela hore tlaleho ea Bibele ha e re ba ile ba fumana lesea Jesu ka sejelong, joalokaha ka tloaelo ho tšoantšetsoa litšoantšong tsa Keresemese. Ha balepi ba fihla, Jesu le batsoali ba hae ba ne ba lula ka tlung. Hore na Jesu o ne a le moholo hakae ka nako eo, hopola hore, motheong oa seo Heroda a neng a ithutile sona ho balepi, o ile a laela hore ho bolaoe bashemane bohle ba lilemo li peli le ka tlaase seterekeng sa Bethlehema.—Matt. 2:1, 11, 16.
Phano ea limpho e le karolo ea mokete; lipale tse buang ka Santa Claus, Father Christmas, jj.
Tloaelo ea ho fana ka limpho ka Keresemese ha e-ea theoa ho se entsoeng ke ba bohlale. Joalokaha ho bontšitsoe kaholimo, ha baa ka ba fihla ho tsoaloeng hoa Jesu. Ho feta moo, ha baa ka ba fanana limpho e le bona, empa ba li fa ngoana Jesu, tumellanong le se neng se tloaelehile ka nako eo ha ho eteloa batho ba bohlokoa.
The Encyclopedia Americana e re: “Nakong ea Saturnalia . . . ho ne ho busa ho keteka, ’me ho fapanyetsanoa limpho.” (1977, Moq. 24, leq. 299) Mabakeng a mangata, hoo ho emela moea oa ho fana hoa Keresemese—ho fapanyetsana limpho. Moea o bontšoang ho faneng ka limpho ho joalo ha o tlise thabo ea sebele, hobane ho tlōla metheo ea Bokreste e kang e fumanoang ho Mattheu 6:3, 4 le 2 Ba-Korinthe 9:7. Ka sebele Mokreste a ka fa ba bang limpho e le pontšo ea lerato ka linako tse ling har’a selemo, a etsa joalo hangata kamoo a batlang.
Ho itšetlehile ka hore na ba phela hokae, bana ba bolelloa hore limpho li tlisoa ke Santa Claus, Mohalaleli Nicholas, Father Christmas, Père Noël, Knecht Ruprecht, Magi, motho oa tšōmong Jultomten (kapa Julenissen), kapa moloi ea tsejoang e le La Befana. (The World Book Encyclopedia, 1984, Moq. 3, leq. 414) Haele hantle, ha ho le e ’ngoe lipaleng tsena eo e leng ea ’nete. Na ho bolela lipale tse joalo ho haha ka ho bana ho hlompha ’nete, hona na mokhoa o joalo o hlompha Jesu Kreste, ea rutileng hore Molimo o tlameha ho rapeloa ka ’nete?—Joh. 4:23, 24.
Na ho na le khanyetso ea ho kopanela meketeng e ka ’nang eaba e qalehile boheteneng hafeela e sa etsoe ka mabaka a bolumeli?
Ba-Ef. 5:10, 11: “Le qamake se ka khahlisang Morena; ’me le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ea lefifi, le mpe le e nyatse.”
2 Ba-Kor. 6:14-18: “Kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila, ’me ’na ke tla le amohela, . . . le be bara ba ka le barali ba ka, ho thualo ke Morena ea matla ’ohle.” (Lerato la ’nete bakeng sa Jehova le takatso e matla ea ho mo khahlisa, li tla thusa motho ho lokoloha mekhoeng eo e seng ea Bokreste eo e ka ’nang eaba e ne e ipiletsa maikutlong. Motho ea hlileng a tsebang, a bile a rata Jehova ha a ikutloe hore ka ho qoba mekhoa e hlomphang melimo ea bohata kapa e ntšetsang pele bohata o amohiloe thabo ka tsela leha e le efe. Lerato la ’nete ha le mo thabise ka bobe, empa le mo thabisa ka ’nete. Bona 1 Ba-Korinthe 13:6.)
Bapisa Exoda 32:4-10. Hlokomela hore Baiseraele ba ile ba inkela mokhoa oa bolumeli oa Baegepeta empa ba o rea lebitso le lecha, “mokete oa Jehova.” Empa Jehova a ba otlela sena ka matla. Kajeno re bona mekhoa ea lekholong la lilemo la bo20 feela e amanang le matsatsi a phomolo. E meng e ka ’na ea bonahala e se na molato. Empa Jehova o bone hantle mekhoa ea bohetene ea bolumeli eo ena e simolohileng ho eona. Na pono ea hae hase eona e lokelang hore ebe ea bohlokoa ho rōna?
Papiso: A re re bongata bo tla lapeng ha mohlomphehi e mong bo bolela hore bo moo ho tla keteka letsatsi la hae la tsoalo. Ha a rate mokete oa matsatsi a tsoalo. Ha a rate ho bona batho ba e-ja botlofane kapa ba tahoa kapa ba kopanela boitšoarong bo bobe. Empa ba bang ho bona ba etsa lintho tseo kaofela, ’me ba tlela e mong le e mong ea teng mpho ntle ho mong a teng! Ka holim’a seo sohle, ba khetha letsatsi la tsoalo la e mong oa lira tsa monna eo e le lona la mokete. Monna eo o ne a tla ikutloa joang? Na u ne u tla rata ho ba karolo ea see? Ke sona hantle se etsoang meketeng ea Keresemese.
Tšimoloho ea Easter le mekhoa e amanang le eona ke efe?
The Encyclopædia Britannica e-ea hlalosa: “Ha ho moo ho bontšoang ho bolokoa hoa mokete oa Easter ka Testamenteng e Ncha, kapa mangolong a bo-Ntate ba baapostola. Ho halaletsoa hoa linako tse khethehileng e ne e le maikutlo a sieo likelellong tsa Bakreste ba pele.”—(1910), Moq. VIII, leq. 828.
The Catholic Encyclopedia e-ea re bolella: “Mekhoa e mengata haholo ea bahetene, ho keteka ho khutla hoa selemo, ea huleloa ho Easter. Lehe ke tšoantšetso ea ho hlaha hoa bophelo mathoasong a selemo [karolong e ka leboea ea lefatše] . . . ’Mutlanyana ke letšoao la bohetene ’me kamehla o ’nile oa tšoantšetsa kemolo.”—(1913), Moq. V, leq. 227.
Bukeng The Two Babylons ea Alexander Hislop, rea bala: “Lentsoe Easter ka bolona le bolela eng? Hase lebitso la Bokreste. Le jere tšimoloho ea lona ea Kaldea phatleng ea lona. Easter hase eng kapa eng ha e se Astarte, e ’ngoe ea litlotla tsa Beltis, mofumahali oa leholimo, eo lebitso la hae . . . joalokaha le fumanoe ke Layard seemahaleng sa Baassyria, e leng Ishtar. . . . E joalo histori ea Easter. Litšebeletso tse sa ntsaneng li tsamaea le nako ea ho ketekoa hoa eona li tiisa ka matla bopaki ba histori ka tšobotsi ea eona ea Babylona. Libanse tse chesang tse nang le sefapano tsa Labohlano le Halalelang, le mahe a fetotsoeng ’mala a Pasch kapa Sontaha sa Easter, li ne li hlahelletse litšebeletsong tsa Bakalde joalokaha li etsa hona joale.”—(New York, 1943), maq. 103, 107, 108; bapisa Jeremia 7:18.
Na mekete ea Selemo se Secha e-ea haneloa bakeng sa Bakreste?
Ho latela The World Book Encyclopedia: “’Musi oa Roma Juliuse Sesare o ile a tiisa la 1 Pherekhong e le Letsatsi la Selemo se Secha ka 46 B.C. Baroma ba nehela letsatsi lena ho Janus, molimo oa likhoro, menyako le qaleho. Khoeli ea Pherekhong [January] ea rehelloa ka Janus, ea neng a e-na le lifahleho tse peli—se seng se shebile pele ’me se seng se furaletse.”—(1984), Moq. 14, leq. 237.
Letsatsi le mekhoa tse amanang le mekete ea Selemo se Secha li fapana ka linaha. Libakeng tse ngata lerata le botahoa, ke karolo ea mekete. Leha ho le joalo, Ba-Roma 13:13 e-ea eletsa: “Re tsamaeeng ka mokhoa o tšoanelang, joale ka batho ba tsamaeang motšehare o moholo, e seng ka meharo, le botahoa, le bootsoa, le likhang, le mōna.” (Bona le 1 Petrose 4:3, 4; Ba-Galata 5:19-21.)
Ke eng e tšehelitseng matsatsi a phomolo a hopotsang ka “meea ea bafu”?
Khatiso ea 1910 ea The Encyclopædia Britannica e re: “Letsatsi la Meea Eohle, . . . letsatsi le khethiloeng Kerekeng ea Roma e K’hatholike bakeng sa ho hopola ba khabane ba ileng. Mokete o theiloe thutong ea hore meea ea ba khabane e neng e sa hloekisoa libe tse tšoareloang lefung, kapa e neng e sa etsetsoa pheko bakeng sa litlōlo tsa nakong e fetileng, e ke ke ea fumana ho tseba Molimo leholimong, le hore e ka thusoa ho etsa joalo ka thapelo le ka mahlabelo a ’misa. . . . Litumelo tse ling tse ratehang tse amanang le Letsatsi la Meea Eohle li simolohile boheteneng le mekhoeng e seng e lebetsoe ea batho ba boholo-holo. Ke kahoo batho ba maemo a tlaase ba linaha tse ngata tsa K’hatholike ba lumelang hore bafu ba khutlela mahaeng a bona a pele mohla bosiu ba Meea Eohle ’me ba ja lijo tsa ba phelang.”—Moq. I, leq. 709.
The Encyclopedia Americana e re: “Metsoako ea mekhoa e amanang le Halloween e ka saloa morao ho fihlela tšebeletsong ea Madruid mehleng ea pele ho Bokreste. Macelt a ne a e-na le mekete bakeng sa melimo e ’meli e meholo—molimo oa letsatsi le molimo oa bafu (o neng o bitsoa Samhain), oo mokete oa oona o neng o tšoaroa ka la 1 Pulungoana, qalehong ea Selemo se Secha sa Macelt. Mokete oa bafu oa hapelloa butle-butle ka tšebeletsong ea Bokreste.”—(1977), Moq. 13, leq. 725.
Buka The Worship of the Dead e supa tšimoloho ena: “Litšōmo tsa lichaba tsohle tsa boholo-holo li lohellane le liketsahalo tsa Moroallo . . . Matla a khang ena a bontšoa ke ’nete ea ho bolokoa hoa mokete o moholo oa bafu boikhopotsong ba ketsahalo ena, ho sa etsoeng ke lichaba tse atamelaneng feela, empa ke tse ling tse arohaneng haholo ka leoatle le ka makholo a lilemo. Ho feta mona, mokete ona o tšoaroa ke bohle ka lona letsatsi leo kapa ka hoo e ka bang ka letsatsi leo, ho ea ka tlaleho ea Moshe, Moroallo o ileng oa etsahala, e leng, letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli ea bobeli—khoeli e batlang e lumellana le Pulungoana ea rōna.” (London, 1904, Mohlomphehi J. Garnier, leq. 4) Ka hona mekete ena e hlile e qalile ka ho hlompha batho bao Molimo o neng o ba timelitse ka lebaka la bobe ba bona mehleng ea Noe.—Gen. 6:5-7; 7:11.
Matsatsi a joalo a phomolo a hlomphang “meea ea bafu” joalokaha eka baa phela sebakeng se seng, a hanana le tlhaloso ea Bibele ea lefu e le boemo ba ho se ikutloe ho feletseng.—Moek. 9:5, 10; Pes. 146:4.
Mabapi le tšimoloho ea tumelo ho se shoeng hoa moea oa motho, bona maqephe 220, 221 tlas’a sehlooho se seholo “Lefu” le maqephe 316, 317 tlas’a “Moea (Soul).”
Letsatsi la Valentine le simolohile hokae?
The World Book Encyclopedia e-ea re tsebisa: “Letsatsi la Valentine le tla ka letsatsi la mokete la bashoela-tumelo ba babeli ba sa tšoaneng ba Bakreste ba neng ba bitsoa Valentine. Empa mekhoa e amanang le letsatsi . . . mohlomong e tsoa moketeng oa boholo-holo oa Roma o neng o bitsoa Lupercalia, o neng o tsoela pele ka la 15 Tlhakola. Mokete o ne o hlompha Juno, molimo oa mosali oa Baroma oa basali le lenyalo, le Pan, molimo oa tlhaho.”—(1973), Moq. 20, leq. 204.
Tloaelo ea ho beela letsatsi ka thōko ho hlompha bo-’mè e simolohile hokae?
Encyclopædia Britannica e re: “Mokete o simolohile mokhoeng oa borapeli ba ’mè Greece ea boholo-holo. Mokhoa oa borapeli ba ’mè, ka mokete oa Cybele, kapa Rhea, ’Mè e Moholo oa Melimo, o ne o etsoa ka la 15 Tlhakubele Asia Minor eohle.”—(1959), Moq. 15, leq. 849.
Ke metheo efe ea Bibele e hlalosang pono ea Bakreste mabapi le mekete e hopotsang ka liketsahalo historing ea sechaba ea lipolotiki?
Joh. 18:36: “Jesu a araba [’musisi oa Roma], a re: ’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.”
Joh. 15:19: “Hojane le [balateli ba Jesu] le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.”
1 Joh. 5:19: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (Bapisa Johanne 14:30; Tšenolo 13:1, 2; Daniele 2:44.)
Matsatsi a mang a phomolo a sebaka ka seng le a bochaba
A mangata. Ho ke ke hoa buisanoa ka oona kaofela mona. Empa boitsebiso ba histori bo fanoeng ka holimo bo bontša hore na ho ka shejoa eng mabapi le letsatsi lefe kapa lefe la phomolo, ’me metheo ea Bibele eo ho seng ho buisanoe ka eona e fana ka tataiso e ngata bakeng sa bao takatso ea bona e khōlō e leng ho etsa se khahlisang Jehova Molimo.