Khaolo 23
Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
MOSEBETSI o etsoang ka cheseho ke baromuoa ba ikemiselitseng ho sebeletsa leha e le kae moo ba hlokahalang teng e bile tšusumetso ea bohlokoa boboleling ba lefatše lohle ba ’Muso oa Molimo.
Nako e telele pele Watch Tower Bible and Tract Society e theha sekolo ka morero oo, baromuoa ba ne ba ntse ba romeloa linaheng tse ling. Mopresidente oa pele oa Mokhatlo, C. T. Russell, o ile a bona ho hlokahala hore batho ba tšoanelehang ba qalise ’me ba etelle pele boboleling ba litaba tse molemo masimong asele. O ile a romela banna ka morero oo—Adolf Weber a romeloa Europe, E. J. Coward a romeloa sebakeng sa Caribbean, Robert Hollister a romeloa linaheng tsa Bochabela, ’me Joseph Booth a romeloa Afrika e ka boroa. Ka masoabi, Booth o ile a ipaka a thahasella haholo merero ea hae ea bolotsana; kahoo, ka 1910, ho tsoa Scotland William Johnston o ile a romeloa Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi) moo tšusumetso ea Booth e mpe e neng e bile matla ka ho khethehileng. Ka mor’a moo, Moena Johnston o ile a abeloa ho theha ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Durban, Afrika Boroa, ’me hamorao o ile a sebeletsa e le molebeli oa lekala Australia.
Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, J. F. Rutherford o ile a romela baromuoa ba eketsehileng—ka mohlala, Thomas Walder le George Phillips ba ile ba romeloa Afrika Boroa ba tsoa Brithani, W. R. Brown a romeloa Afrika Bophirimela a tsoa kabelong eo a neng a le ho eona Trinidad, George Young a romeloa Amerika Boroa le Europe a tsoa Canada, Juan Muñiz qalong o ile a romeloa Spain eaba o romeloa Argentina, George Wright le Edwin Skinner ba romeloa India, ba lateloa ke Claude Goodman, Ron Tippin le ba eketsehileng. E ne e le bo-pula-maliboho ba ’nete, ba etsa boiteko ba ho fihla libakeng tseo ho tsona ho neng ho entsoe boboleli bo fokolang ba litaba tse molemo kapa bo sa etsoa ho hang ’me ba rala motheo o tiileng bakeng sa khōlo ea nakong e tlang ea mokhatlo o hlophisitsoeng.
Ho ne ho boetse ho e-na le ba bang, bao moea oa boromuoa o ileng oa ba susumelletsa ho etsa boboleli linaheng tseo eseng tsa habo bona. Har’a bona e bile Kate Goas le morali oa hae Marion, ba ileng ba nehela lilemo tsa tšebeletso e chesehang Colombia le Venezuela. E mong e bile Joseph Dos Santos, ea ileng a tloha Hawaii a le leetong la boboleli le ileng la lebisa lilemong tse 15 a le tšebeletsong Philippines. Hape ho bile le Frank Rice, ea ileng a tsamaea ka sekepe se laelang thepa ho tloha Australia ho ea qalisa mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo sehleke-hlekeng sa Java (seo hona joale se leng Indonesia).
Leha ho le joalo, ka 1942 ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa sekolo se fanang ka thupelo e entsoeng ka ho khetheha bakeng sa ho koetlisa banna le basali ba neng ba ikemiselitse ho etsa tšebeletso e joalo ea boromuoa kae kapa kae moo ba neng ba hlokahala tšimong ea lefatše lohle.
Sekolo sa Gileade
Ha ntoa ea lefatše e ntse e kupa, ho ne ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho ea ka pono ea botho ho etsa litokisetso bakeng sa katoloso ea mesebetsi ea boboleli ba ’Muso masimong asele. Leha ho le joalo, ka September 1942, ba itšetlehile ka Jehova, batsamaisi ba mekhatlo e ’meli e meholo ea molao e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ba ile ba amohela tšisinyo ea N. H. Knorr ea ho theha sekolo se etselitsoeng ho koetlisa baromuoa le ba bang bakeng sa tšebeletso e khethehileng. Se ne se tla bitsoa Koleche ea Bibele ea Watchtower ea Gileade. Hamorao lebitso leo le ile la fetoleloa ho Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Ho ne ho se litefiso tse etsoang, ’me liithuti li ne li tla fuoa bolulo le lijo ka litšenyehelo tsa Mokhatlo nakong ea koetliso ea tsona.
Ho ba ileng ba kōptjoa ho rala lenaneo la thuto e bile Albert D. Schroeder, ea neng a se a fumane phihlelo e ngata Lefapheng la Tšebeletso ntlo-khōlōng ea Mokhatlo Brooklyn hape e le molebeli oa lekala la Mokhatlo Brithani. Pono ea hae e kholisehileng, tsela eo a ileng a itela ka eona, le thahasello ea hae e mofuthu ho liithuti e ile ea etsa hore a ratehe ho bao a ileng a ba ruta lilemong tse 17 tseo a sebelelitseng ka tsona e le mongolisi le morupeli sekolong sena. Ka 1974 o ile a fetoha setho sa Sehlopha se Busang, ’me selemong se latelang o ile a abeloa ho sebeletsa Komiting ea sona e Rutang.
Moena Schroeder le barupeli-’moho le eena (Maxwell Friend, Eduardo Keller, le Victor Blackwell) ba ile ba hlophisa lenaneo la thuto la likhoeli tse hlano le neng le hatisa ho ithuta Bibele ka boeona le tlhophiso ea puso ea Molimo, hammoho le lithuto tsa Bibele, ho bua phatlalatsa, tšebeletso ea tšimo, tšebeletso ea boromuoa, histori ea bolumeli, molao oa Molimo, kamoo ba ka sebelisanang ka teng le liofisiri tsa ’muso, molao oa machaba, ho boloka litlaleho, le puo esele. Ho theosa le lilemo lenaneo la thuto le ’nile la ntlafatsoa, empa ho ithuta Bibele ka boeona le bohlokoa ba mosebetsi oa boevangeli li ’nile tsa etelletsoa pele. Sepheo sa lenaneo la thuto ke ho matlafatsa tumelo ea liithuti, ho li thusa ho hōlisa litšoaneleho tsa moea tse hlokahalang bakeng sa ho tobana ka katleho le liphephetso tsa tšebeletso ea boromuoa. Khatiso e ’nile ea behoa holim’a bohlokoa ba ho itšetleha ka ho felletseng ka Jehova le ho tšepahala ho eena. (Pes. 146:1-6; Liprov. 3:5, 6; Ba-Ef. 4:24) Liithuti ha li bolelloe likarabelo tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa li koetlisoa hore li etse lipatlisiso ’me li thusoa ho utloisisa lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li lumelang lintho tse itseng le lebaka leo ka lona li khomarelang mekhoa e itseng ea ho etsa lintho. Li ithuta ho hlokomela melao-motheo eo li ka e sebelisang. Ka hona ho raloa motheo bakeng sa khōlo e eketsehileng.
Ho ile ha romeloa limemo ka December 14, 1942 ho bao e tlang ho ba liithuti sehlopheng sa pele. E ne e le bohareng ba mariha ha liithuti tse 100 tse etsang sehlopha seo li ngolisa mehahong ea sekolo e karolong e ka thōko ea New York, South Lansing. Li ne li ikemiselitse, li cheseha, ’me li batla li tšohile. Le hoja li ne li amehile ka thupelo ea tsona, li ne li ntse li thahasella ho tseba hore na li tla romeloa tšimong efe ea lefatše ka mor’a ho qeta sekolong.
Puong e ileng ea fuoa sehlopha seo sa pele ka February 1, 1943, e leng letsatsi la pele la sekolo, Moena Knorr o ile a re: “Le fuoa koetliso e eketsehileng bakeng sa mosebetsi o tšoanang le oa moapostola Pauluse, Mareka, Timothea, le ba bang ba ileng ba tsamaea likarolong tsohle tsa ’Muso oa Roma ba bolela molaetsa oa ’Muso. Ho ile ha hlokahala hore ba matlafatsoe ka Lentsoe la Molimo. Ho ne ho hlokahala hore ba be le tsebo e hlakileng ea merero ea Hae. Libakeng tse ngata ba ne ba tlameha ho ema ba ’notši khahlanong le batho ba phahameng le ba matla ba lefatše lena. Le ka ’na la hlaheloa ke se tšoanang; ’me Molimo e tla ba matla a lōna maemong a joalo.
“Ho na le libaka tse ngata tseo ho tsona bopaki bo amang ’Muso bo e-s’o ka bo fanoa ka ho lekaneng. Batho ba lulang libakeng tsena ba lefifing, ba bolokiloe ho lona ke bolumeli. Ho tse ling tsa linaha tsena moo ho nang le Lipaki tse ’maloa ho hlokomeleha hore batho ba boithatelo bo botle ba ikemiselitse ho mamela ’me ba ka ikopanya le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Morena, haeba ba ka rutoa ka ho nepahetseng. Ho na le ba eketsehileng ba makholo le ba likete ba ka finyelloang haeba ho ka ba le basebetsi ba eketsehileng tšimong. Ka lereko la Morena, ho tla ba le ba eketsehileng.
“Morero oa koleche ena HASE ho le hlomella ho ba basebeletsi ba hlomamisitsoeng. Le se le ntse le le basebeletsi ’me le bile mafolo-folo tšebeletsong ka lilemo tse ngata. . . . Thuto kolecheng ena e fanoa ka morero o ikhethang feela oa ho le hlomella ho ba basebeletsi ba atlehang haholoanyane masimong ao le tla ea ho oona. . . .
“Mosebetsi oa lōna o moholo ke oa ho bolela kosepele ea ’Muso ka ntlo le ntlo joalokaha Jesu le baapostola ba entse. Haeba le fumana motho ea mamelang, lokisetsang leeto la ho boela, qalisang thuto ea lehae, ’me le hlophise hore ho be le lekhotla [phutheho] la batho ba joalo motseng kapa toropong. Hase feela hore le tla thabela ho hlophisa lekhotla, empa le tlameha ho ba thusa ho utloisisa Lentsoe, le ba matlafatse, le bue le bona nako le nako, le ba thuse libokeng tsa bona tsa tšebeletso le tlhophisong ea bona. Ha ba se ba le matla ’me ba ka ikemela ’me ba sebetsa tšimo, le ka fetela motseng o mong ho ea phatlalatsa ’Muso teng. Nako le nako ho ka ’na ha hlokahala hore le khutlele ho ea ba haha tumelong e halalelang ka ho fetisisa ’me le ba otlolle thutong; kahoo mosebetsi oa lōna e tla ba oa ho hlokomela ‘linku tse ling’ tsa Morena, eseng ho li lahla. (Joh. 10:16) Mosebetsi oa lōna oa sebele ke ho thusa batho ba boithatelo bo botle. Ho tla hlokahala hore le nke khato ea pele, empa le itšetlehile ka tataiso ea Molimo.”a
Likhoeli tse hlano hamorao litho tsa sehlopha seo sa pele li ile tsa qeta koetliso ea tsona e khethehileng. Li ile tsa fumaneloa li-visa, tsa etsetsoa litokisetso tsa ho tsamaea, ’me li ile tsa qala ho ea linaheng tse robong tsa Latin-America. Likhoeli tse tharo ka mor’a ho abeloa mangolo, baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba tloha United States ba ne ba le tseleng e eang Cuba. Ka 1992, ho ne ho se ho koetlisitsoe liithuti tse fetang 6 500 tse tsoang linaheng tse fetang 110 ’me li sebelelitse linaheng le lihlopheng tsa lihleke-hleke tse fetang 200.
Ho fihlela lefung la hae lilemong tse 34 ka mor’a ho thehoa ha Sekolo sa Gileade, Moena Knorr o ile a bontša thahasello e matla ea botho mosebetsing oa baromuoa. Nakong e ’ngoe le e ’ngoe ea sekolo, o ne a etela sehlopha seo ka makhetlo a ’maloa haeba ho khoneha, a fana ka lipuo ’me a tla le litho tse ling tsa ntlo-khōlō hore li bue le liithuti. Ka mor’a hore liithuti tsa Gileade li qale tšebeletso ea tsona linaheng lisele, o ne a etela lihlopha tsa baromuoa ka seqo, a li thusa ho rarolla mathata, ’me a li neha khothatso e hlokahalang. Ha palo ea lihlopha tsa baromuoa e ntse e eketseha, o ile a lokisetsa hore baena ba bang ba tšoanelehang le bona ba etse maeto a joalo, e le hore baromuoa bohle, ho sa tsotellehe hore na ba sebeletsa hokae, ba ka fumana tlhokomelo ea botho ea ka mehla.
Baromuoa Bana ba ne ba Fapane
Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba thehile lipetlele, libaka tsa baphaphathehi, le mahae a likhutsana bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa batho tsa nama. Kaha ba iketsa eka ba amehile ka batho ba futsanehileng, ba ile ba boela ba baka phetohelo ’me ba kenella lintoeng tsa lingangele. Ho fapana le sena, baromuoa ba abetsoeng mangolo Sekolong sa Gileade ba ruta batho Bibele. Ho e-na le ho haha likereke le ho lebella hore batho ba tle ho tsona, ba ea ka ntlo le ntlo ho batla le ho ruta batho ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho loka.
Kaha baromuoa ba Lipaki ba khomaretse Lentsoe la Molimo haufi-ufi, ba bontša batho lebaka leo ka lona tharollo ea ’nete le e tšoarellang mathateng a batho e leng ’Muso oa Molimo. (Matt. 24:14; Luka 4:43) Phapang pakeng tsa mosebetsi ona le oa baromuoa ba Bokreste-’mōtoana e ile ea hatisoa ho Peter Vanderhaegen ka 1951 ha a le tseleng e eang kabelong ea hae Indonesia. Moeti feela ea neng a le teng ka sekepeng seo se laelang thepa e ne e le moromuoa oa Baptist. Le hoja Moena Vanderhaegen a ile a leka ho bua le eena ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, Mobaptist enoa o ile a hlakisa hore thahasello ea hae e khōlō ke ho thusa Chiang Kai-shek Taiwan hore a khutlele pusong k’honthinenteng.
Leha ho le joalo, batho ba bang ba bangata ba utloisisa bohlokoa ba se boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Barranquilla, Colombia, ha Olaf Olson a pakela Antonio Carvajalino, eo e neng e le motšehetsi ea matla oa mokhatlo o itseng oa lipolotiki, Moena Olson ha a ka a nka lehlakore le eena, ’me ha a ka a buella khopolo e itseng ea lipolotiki. Ho e-na le hoo, o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le Antonio le likhaitseli tsa hae tse nyenyane ho eena ntle ho tefo. Ka mor’a nako e khutšoaane Antonio o ile a hlokomela hore ’Muso oa Molimo ke oona tšepo feela bakeng sa batho ba futsanehileng ba Colombia le lefatše ka kakaretso. (Pes. 72:1-4, 12-14; Dan. 2:44) Antonio le likhaitseli tsa hae ba ile ba fetoha bahlanka ba chesehang ba Molimo.
Taba ea hore baromuoa ba Lipaki ba arohile ’me ba ikhethile ho tsamaiso ea Bokreste-’mōtoana ea bolumeli e ile ea totobatsoa ka tsela e ’ngoe ketsahalong e etsahetseng Rhodesia (eo hona joale e leng Zimbabwe). Ha Donald Morrison a etela lelapeng la e mong oa baromuoa ba Bokreste-’mōtoana moo, moromuoa enoa o ile a belaela ka hore Lipaki ha li hlomphe meeli eo li e fuoeng. Meeli efe? Malumeli a Bokreste-’mōtoana a ne a arotse naha ka libaka tseo e mong le e mong a neng a tla sebetsa ho tsona a sa khathatsane le ba bang. Lipaki tsa Jehova li ne li sa iphaphathe le tokisetso e joalo. Jesu o ne a boletse hore molaetsa oa ’Muso o ne o tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. Ka sebele Bokreste-’mōtoana bo ne bo sa etse seo. Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ne ba ikemiselitse ho phetha sena ka ho felletseng, ba bontša kutlo ho Kreste.
Baromuoa bana ba ne ba rometsoe ho ea sebeletsa eseng ho sebeletsoa. Ho ne ho hlakile ka litsela tse ngata hore ka sebele sena ke sona seo ba neng ba leka ho se etsa. Ha ho phoso ho amohela lintho tse bonahalang tse fanoang ka ho rata (eseng ka baka la ho li qela) e le ho bontša kananelo bakeng sa thuso ea moea. Empa e le ho finyella lipelo tsa batho ba Alaska, John Errichetti le Hermon Woodard ba ile ba fumana hore ho molemo haholo hore bonyane ba be le nako e itseng eo ba e qetang ba itšebeletsa ka matsoho ho finyella litlhoko tsa bona tsa nama, joalokaha moapostola Pauluse a ne a entse. (1 Bak. 9:11, 12; 2 Ba-Thess. 3:7, 8) Mosebetsi oa bona o moholo e ne e le ho bolela litaba tse molemo. Empa ha ba ne ba amoheloa malapeng, ba ne ba boetse ba thusa ka mesebetsi eo ho neng ho hlokahala hore e etsoe—ka mohlala, ho lapa marulelo a ntlo ea monna e mong ka boka hobane ba hlokomela hore o hloka thuso. ’Me ha ba ne ba ea libakeng tse fapaneng ka seketsoana, ba ile ba thusa ho laolla thepa. Ka potlako batho ba ile ba hlokomela hore ho hang baromuoa bana ha ba tšoane le baruti ba Bokreste-’mōtoana.
Libakeng tse ling ho ne ho hlokahala hore baromuoa ba Lipaki ba etse mosebetsi oa boipheliso ka nakoana e le hore ba khone ho tsitsa hantle naheng eo ba leng ho eona e le hore ba ka ntšetsa pele tšebeletso ea bona moo. Ka hona, ha Jesse Cantwell a ea Colombia, o ile a ruta Senyesemane lefapheng la meriana la univesithi ho fihlela boemo ba lipolotiki bo fetoha ’me lithibelo tsa bolumeli li felisoa. Ka mor’a moo o ile a khona ho sebelisa phihlelo ea hae tšebeletsong ea nako e tletseng e le molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova.
Libakeng tse ngata, ho ne ho hlokahala hore baromuoa ba qale ka ho ba le li-visa tsa bahahlauli tse neng li ba lumella ho ba ka har’a naha khoeli kapa mohlomong likhoeli tse ’maloa. Joale ba ne ba tlameha ho tsamaea ’me ba kene hape. Empa ba ile ba tiisetsa, ba pheta sena joalo-joalo ho fihlela lipampiri tse hlokahalang tsa bolulo li fumaneha. Ba ne ba thahasella ka matla ho thusa batho ba leng linaheng tseo ba li abetsoeng.
Baromuoa bana ba ne ba sa inke ba phahametse batho ba sebaka seo ba leng ho sona. E le molebeli ea tsamaeang, John Cutforth, eo pele e neng e le tichere Canada, o ile a etela liphutheho haesita le Lipaki tse ka thōko Papua New Guinea. O ne a itulela fatše le bona, a e-ja le bona, ’me a amohela limemo tsa hore a robale fatše holim’a phate malapeng a bona. O ne a thabela botsoalle le bona ha ba tsamaea ’moho tšebeletsong ea tšimo. Empa batho bao e seng Lipaki ba neng ba hlokomela sena ba ne ba makala, hobane baruti ba Maeurope ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba tumme ka ho itšehla thajana ho batho ba sebaka seo ba leng ho sona, ba kopana feela le batho ba leng pharisheng ea bona ka nako e khutšoaane ha ba le ho tse ling tsa liboka tsa bona, empa ho se mohla ba jang le bona.
Batho bao Lipaki tsena li neng li sebeletsa ho bona ba ile ba utloa thahasello e lerato ea baromuoa le mokhatlo o hlophisitsoeng o ba rometseng. Karabelong ea lengolo le tsoang ho João Mancoca, eo e neng e le Moafrika ea ikokobelitseng ea teronkong Portuguese West Africa (eo hona joale e leng Angola), ho ile ha romeloa moromuoa oa Watch Tower ho fana ka thuso e hlokahalang ea moea. Ha a hopola ketelo eo, hamorao Mancoca o ile a re: “Ke ne ke se ke sa belaele hore ona e ne e le mokhatlo oa ’nete o hlophisitsoeng o tšehetsoang ke Molimo. Ho ne ho se mohla nkileng ka nahana kapa ka lumela hore ho na le mokhatlo leha e le ofe o mong oa bolumeli o ka etsang ntho e joalo: o romele moromuoa ea tsoang hōle, ntle ho tefo, hore a etele motho ea sa reng letho ka lebaka la hore feela a ile a ngola lengolo.”
Maemo le Mekhoa ea Bophelo
Hangata maemo a bophelo linaheng tseo baromuoa ba neng ba romeloa ho tsona a ne a sa tsoela pele linthong tse bonahalang joaloka libakeng tseo ba neng ba tsoa ho tsona. Ha Robert Kirk a fihla Burma (eo hona joale e leng Myanmar) mathoasong a 1947, ho ne ho ntse ho bonahala liphello tsa ntoa, ’me ke matlo a ’maloa a neng a e-na le mabone a motlakase. Linaheng tse ngata, baromuoa ba ile ba fumana hore liaparo li ne li hlatsuoa ka bonngoe holim’a lepolanka kapa holim’a majoe nōkeng ho e-na le ho sebelisa mochine oa motlakase o hlatsoang. Empa ba ne ba tletse ho ruta batho ’nete ea Bibele, kahoo ba ile ba fetohela maemong a sebakeng seo ’me ba tšoareha tšebeletsong.
Linakong tsa pele, hangata ho ne ho tloaelehile hore ho se be motho ea khahlametsang baromuoa. E ne e le bona ba tlamehang ho ipatlela moo ba tla lula teng. Ha Charles Eisenhower, hammoho le ba bang ba 11, ba fihla Cuba ka 1943, ba ile ba robala fatše bosiung ba pele. Letsatsing le hlahlamang ba ile ba reka libethe ’me ba iketsetsa sebaka seo ba tla beha liphahlo tsa bona ho sona ka mabokose a liapole. Ba sebelisa menehelo leha e le efe eo ba neng ba e fumana ka lingoliloeng tseo ba li tsamaisitseng, hammoho le chelete e nyenyane eo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o e fa bo-pula-maliboho ba khethehileng, sehlopha ka seng sa baromuoa se ne se itšetleha ka Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba sona hore se lefelle bolulo, se fumane lijo, ’me se finyelle le litlhoko tse ling tsa bohlokoa.
Ka linako tse ling ho lokisetsa lijo ho ne ho hloka hore motho a fetole mokhoa oa ho nahana. Moo ho neng ho se na lihatsetsi, ho ne ho hlokahala hore ho uoe ’marakeng letsatsi le letsatsi. Linaheng tse ngata ho ne ho phehoa ka mollo oa mashala kapa oa patsi ho e-na le ho pheha ka setofo sa khase kapa sa motlakase. George le Willa Mae Watkins, ba neng ba abetsoe ho ea Liberia, ba ile ba fumana hore setofo sa bona e ne e le majoe a mararo a sebelisetsoang ho tšehetsa ketlele ea tšepe.
Ho thoe’ng ka metsi? Ha a sheba lehae la hae le lecha India, Ruth McKay o ile a re: ‘Lena ke lehae leo ke qalang ho le bona. Kichine ha e na sinki, ke pompo feela e hukung ea lebota e hahetsoeng konkreite ho thibela metsi hore a se ke a tlala fatše. Metsi ha a tsoe ka linako tsohle, empa a tlameha ho bolokeloa linakong tsa ha a sa tsoe.’
Kaha baromuoa ba bang ba ne ba sa tloaela maemo a sebaka seo ba leng ho sona, ba ile ba kula likhoeling tse qalang tsa ha ba le kabelong ea bona. Russell Yeatts o ile a tšoaroa ke letšollo le sa khaotseng ha a fihla Curaçao ka 1946. Empa moena oa moo o ne a ile a leboha Jehova ka thapelo e tiileng bakeng sa baromuoa bana hoo ba neng ba ke ke ba nahana ho tloha sebakeng seo. Ha Brian le Elke Wise ba fihla Upper Volta (eo hona joale e leng Burkina Faso), ba ile ba iphumana ba le sebakeng seo ho sona maemo a leholimo a leng mabe hoo a bang le phello e kotsi bophelong ba motho. Ba ile ba tlameha ho ithuta ho phela tlas’a mocheso oa motšehare oa 43° C. Selemong sa bona sa pele, mocheso hammoho le malaria li ile tsa etsa hore Elke a kule ka libeke tse ngata nako le nako. Selemong se latelang, Brian o ile a robala ka likhoeli tse hlano a tšoeroe ke lefu la sebete. Empa ka potlako ba ile ba fumana hore ba ne ba na le lithuto tse ntle tsa Bibele tse ngata haholo hore ba ka li khanna—le tse ling hape. Lerato bakeng sa batho bao le ile la ba thusa ho tiisetsa; le taba ea hore ba ne ba nka kabelo ea bona e le tokelo le koetliso e ntle bakeng sa ntho leha e le efe eo Jehova a ba boloketseng eona nakong e tlang.
Ha lilemo li ntse li feta, baromuoa ba eketsehileng ba ile ba amoheloa likabelong tsa bona ke bao e bileng baromuoa pele ho bona kapa ke Lipaki tsa sebaka ka seng. Ba bang ba ile ba abeloa linaheng tseo metse-meholo ea tsona e neng e hlile e tsoetse pele. Ho tloha ka 1946, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa boela oa leka ho lokisetsa lehae le letle le thepa e hlokahalang ea ntlo bakeng sa sehlopha ka seng sa baromuoa haesita le chelete ea lijo, ka hona oa ba lokolla hore ba se amehe ka lintho tsena ’me oa ba nolofalletsa hore ba amehe haholoanyane ka mosebetsi oa boboleli.
Libakeng tse ngata, lipalangoang e ne e le phihlelo e neng e leka mamello ea bona. Ha pula e qeta ho na, bo-khaitseli ba bang ba baromuoa Papua New Guinea ba ne ba jara lintho mahetleng ebe ba tsamaea hlatheng tseleng e thellang e neng e le seretse hoo ka linako tse ling lieta tsa bona li neng li salla seretseng. Amerika Boroa, baromuoa ba bangata ba bile le liphihlelo tse tšosang tsa maeto a bese litseleng tse patisaneng holimo Lithabeng tsa Andes. Ke phihlelo eo u sa e lebaleng kapele ha bese eo u e palameng, ha e le ka nģane ho tsela, e fetana le koloi e ’ngoe e khōlō mothinyeng o sa sireletsoang ’me u utloe eka bese e tla phethoha ’me e oele selomong!
Libakeng tse ling ho ne ho bonahala eka liphetohelo tsa lipolotiki ke mokhoa o tloaelehileng oa bophelo, empa baromuoa ba Lipaki ba ile ba hopola polelo ea Jesu ea hore barutuoa ba hae e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše”; kahoo ba ne ba sa nke lehlakore likhohlanong tse joalo. (Joh. 15:19, NW) Ba ile ba ithuta ho hatella thahasello leha e le efe e neng e tla ba pepesetsa kotsing e sa hlokahaleng. Hangata, ntho e molemo e ne e le feela ho se tsamaee literateng ho fihlela boemo bo kokobela. Baromuoa ba robong Vietnam ba ne ba lula khubung ea Saigon (eo hona joale e leng Motse oa Ho Chi Minh) ha ntoa e pupetsa motse oo. Ba ne ba bona ha ho lihuoa libomo, ho tlōla mollo motseng oohle, ’me batho ba likete ba baleha ho pholosa bophelo ba bona. Empa kaha ba ne ba utloisisa hore Jehova o ba rometse ho fana ka tsebo e phelisang ho batho ba lapetseng ’nete, ba ile ba itšetleha ka eena bakeng sa tšireletso.
Esita leha ho ne ho e-na le khotso ka nakoana, ho ne ho le thata hore baromuoa ba ntšetse tšebeletso ea bona pele likarolong tse ling tsa metse ea Asia. Ho bona molata feela literateng tse patisaneng tsa karolo e futsanehileng ea Lahore, Pakistan, ho ne ho lekane ho hohela sehlopha sa bana ba litšila, ba matsetlela ba lilemo tsohle. Ba ntse ba hoeletsa ba bile ba sututsana, ba ne ba latela moromuoa ka ntlo le ntlo, hangata ba itahlela ka matlung ba setse mohoeletsi morao. Ka potlako seterata sohle se ile sa bolelloa theko ea limakasine le hore ho na le motho ea sa tsejoeng ea neng a ‘etsa Bakreste.’ Tlas’a maemo a joalo, hangata ho ne ho hlokahala hore baromuoa ba tlohe sebakeng seo. Hangata ba ne ba tsamaea har’a lerata la bana, ba opang liatla, ’me ka linako tse ling ba ba fethetsa ka majoe.
Hangata litloaelo tsa sebaka seo baromuoa ba leng ho sona li ne li ba hloka hore ba etse liphetoho. Japane ba ile ba ithuta ho siea lieta tsa bona monyako ha ba kena ka tlung. ’Me haeba ho khoneha, ba ne ba tlameha ho tloaela ho lula fatše ka pel’a tafole e khutšoaane ha ba le lithutong tsa Bibele. Likarolong tse ling tsa Afrika, ba ile ba ithuta hore ho sebelisa letsoho le letšehali ha ba neha motho e mong ntho e itseng ho ne ho nkoa e le tlhapa. ’Me ba ile ba fumana hore karolong eo ea lefatše, e ne e le mekhoa e mebe ho leka ho hlalosa lebaka leo ba tlileng ka lona pele ba ba le moqoqo oa botsoalle le beng ba ntlo—ba botsana bophelo le ho arabela lipotso tsa hore na ba tsoa hokae, ba na le bana ba bakae, joalo-joalo. Brazil baromuoa ba ile ba fumana hore ho e-na le ho kokota monyako, hangata ho ne ho hlokahala hore ba ope liatla hekeng ho bitsa mong’a ntlo.
Leha ho le joalo, Lebanone baromuoa ba ile ba tobana le mekhoa ea bophelo ea mofuta o sa tloaelehang. Baena ba ’maloa ba ne ba tlisa basali le barali ba bona libokeng. Hangata basali ba neng ba ba teng ba ne ba lula ka morao, ho se mohla ba lulang har’a banna. Kaha baromuoa ba ne ba sa hlokomele mokhoa ona oa bophelo, ba ile ba baka pherekano e khōlō ha ba ile libokeng ka lekhetlo la pele. Banyalani ba bang ba ile ba lula ho elella ka pele, ’me bo-khaitseli ba masoha ba baromuoa ba itulela hohle moo ho neng ho na le sebaka. Empa ka mor’a seboka puisano mabapi le melao-motheo ea Bokreste e ile ea felisa ho se utloisisane. (Bapisa le Deuteronoma 31:12; Ba-Galata 3:28.) Khethollano ena e ile ea fela. Basali le barali ba bangata ba ile ba qala ho tla libokeng. Ba ile ba boela ba ikopanya le bo-khaitseli ba baromuoa tšebeletsong ea ntlo le ntlo.
Phephetso ea Puo e Ncha
Sehlopha se senyenyane sa baromuoa se ileng sa fihla Martinique ka 1949 se ne se tseba Sefora se fokolang, empa se ne se tseba hore batho ba hloka molaetsa oa ’Muso. Ka tumelo e tiileng se ile sa qala ho ea ka ntlo le ntlo, se leka ho bala litemana tse ’maloa ho tsoa Bibeleng kapa likarolo tse qotsitsoeng khatisong eo ba nehelanang ka eona. Ka mamello Sefora sa bona se ile sa ntlafala butle-butle.
Le hoja takatso ea bona e ne e le ho thusa Lipaki tsa sebaka seo le batho ba thahasellang, hangata ke baromuoa ba neng ba hloka thuso pele—e leng thuso ea ho ithuta puo. Ba ileng ba romeloa Togo ba ile ba fumana hore sebōpeho sa puo ea Ewe, e leng puo ea sehlooho e buuoang sebakeng seo, se ne se fapane haholo le sa lipuo tsa Europe, le hore molumo oo lentsoe le bitsoang ka oona o ne o ka fetola moelelo oa lona. Ka hona, lentsoe le nang le litlhaku tse peli to, ha le bitsoa ka molumo o phahameng, le ka bolela tsebe, thaba, ntate-matsale, kapa moloko; ha le bitsoa ho tebisitsoe lentsoe, le bolela nare. Baromuoa ba ileng ba sebeletsa Vietnam ba ile ba tobana le puo e neng e sebelisa melumo e fapaneng e tšeletseng e sebetsang ho lentsoe leha e le lefe, molumo ka mong o bolela ntho e fapaneng.
Edna Waterfall, ea neng a abetsoe Peru, ho ile ha mo nka nako e telele hore a lebale ntlo ea pele eo a ileng a leka ho paka ho eona ka Sepanishe. A tšohile, o ile a peteketsa nehelano ea hae eo a e phetang ka hlooho, a nehelana ka makasine, ’me a lokisetsa hore a be le thuto ea Bibele le mosali-moholo e mong. Eaba mosali eo o re ka Senyesemane se phetseng: “Ho lokile, ke hantle haholo. Ke tla ithuta le uena ka Sepanishe e le ho u thusa hore u se tsebe.” A maketse, Edna o ile a araba: “Athe u tseba Senyesemane? Empa u ntlohella hore ke tsoele pele ka Sepanishe see sa ka se robehileng?” Mosali eo o ile a arabela: “Ho ne ho le molemong oa hao.” ’Me ka sebele ho ile ha fela ha ba molemo! Joalokaha Edna a ile a hlokomela ka potlako, ho bua puo ke karolo ea bohlokoa ea ho ithuta eona.
Italy, ha George Fredianelli a leka ho bua puo ea moo, o ile a fumana hore batho ba ne ba sa utloisise seo a neng a nahana hore ke mantsoe a Setaliana (empa ha e le hantle e le mantsoe a Senyesemane a entsoeng hore a utloahale eka ke Setaliana). E le ho sebetsana le bothata bona, o ile a etsa qeto ea hore a ngole lipuo tsa hae tsa phutheho ka botlalo ’me a li nehelane e le puo e ngotsoeng. Empa batho ba bangata har’a bamameli ba ne ba ithoballa. Kahoo, o ile a lahla puo e ngotsoeng, a bua a sa bale, ’me a kōpa bamameli hore ba mo thuse moo a neng a thatafalloa. Sena se ile sa etsa hore ba lule ba falimehile, ’me sa mo thusa hore a hatele pele.
E le ho thusa baromuoa ka puo ea bona e ncha, lenaneo la thuto la Gileade bakeng sa lihlopha tse qalang le ne le akarelletsa lipuo tse kang Sepanishe, Sefora, Setaliana, Sepotoketsi, Sejapane, Searabia, le Seurdu. Ho theosa le lilemo, ho ile ha rutoa lipuo tse fetang 30. Empa kaha e se liithuti tsohle tsa sehlopha se itseng se fumaneng mangolo tse neng li ea libakeng tseo ho neng ho buuoa puo eo li ithutileng eona, lihlopha tsena tsa puo hamorao li ile tsa nkeloa sebaka ke litokisetso tsa thuto e hlokometsoeng hantle le e tebileng ea puo ha li fihla likabelong tsa tsona. Khoeling ea pele, baromuoa ba sa tsoa fihla ba ne ba ikakhela ka setotsoana thutong ea puo ka lihora tse 11 ka letsatsi; ’me khoeling e latelang, halofo ea nako ea bona e ne e qetoa ba ithuta puo lapeng, ’me halofo e ’ngoe ba ne ba e qeta ba sebelisa tsebo eo tšebeletsong ea tšimo.
Leha ho le joalo, ho ile ha hlokomeleha hore ho sebelisa puo ka ho toba tšebeletsong ea tšimo e ne e le senotlolo sa sehlooho sa khatelo-pele; kahoo ho ile ha etsoa phetoho. Likhoeling tse tharo tse qalang kabelong ea bona, baromuoa ba bacha ba neng ba sa tsebe puo ea sebaka seo ba leng ho sona ba ne ba qeta lihora tse ’nè ka letsatsi le tichere e tšoanelehang, ’me ho tloha qalong feela, ka ho paka ho batho ba sebaka seo ka ’Muso oa Molimo, ba ne ba sebelisa seo ba ithutileng sona.
Lihlopha tse ngata tsa baromuoa li ile tsa iketsa khokanyana-phiri ho ntlafatsa tsebo ea tsona ea puo. Letsatsi ka leng li ne li buisana ka mantsoe a macha a seng makae, kapa a ka bang 20, lijong tsa hoseng ebe li leka ho a sebelisa tšebeletsong ea tšimo.
Ho ithuta puo ea sebaka ka seng e bile lebaka la bohlokoa la hore batho ba ba tšepe. Libakeng tse ling, ho na le ho se tšepe melata. Hugh le Carol Cormican ba sebelelitse linaheng tse hlano tsa Afrika e le masoha kapa ba se ba nyalane. Ba ne ba hlokomela ho se tšepane ho neng ho le teng pakeng tsa Maafrika le Maeurope. Empa ba re: “Ho bua puo ea sebaka seo ka potlako ho tlosa boikutlo bona. Ho feta moo, ba bang ba sa sekamelang ho mamela litaba tse molemo ho batho ba habo bona ka ntle ho tika-tiko baa mamela, ba nke lingoliloeng, ’me ba ithute, hobane re entse boiteko ba ho bua le bona ka puo ea bona.” E le hore ba etse seo, Moena Cormican o ile a ithuta lipuo tse hlano, ntle le Senyesemane, ’me Khaitseli Cormican a ithuta tse tšeletseng.
Ho hlakile hore ho ka ba le mathata ha motho a leka ho ithuta puo e ncha. Puerto Rico moena ea neng a ithaopela ho bapalla beng ba matlo molaetsa oa Bibele o hatisitsoeng o ne a koala kramafono ea hae ebe o ea ntlong e latelang ha motho a ne a mo araba ka ho re, “¡Como no!” Ho eena, sena se ne se utloahala joaloka “Che,” ’me ho ile ha mo nka nako e telele pele a tseba hore polelo eo e bolela “Hantle haholo!” Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling baromuoa ba ne ba sa utloisise ha mong’a ntlo a re ha a thahaselle, kahoo ba ne ba tsoela pele ho paka. Ka baka la sena beng ba matlo ba ’maloa ba nang le kutloelo-bohloko ba ile ba rua molemo.
Ho ne ho boetse ho ba le maemo a tšehisang. Leslie Franks, Singapore, o ile a ithuta ho hlokomela hore a se ke a bua ka coconut (kelapa) ha a bolela hlooho (kepala), le joang (rumput) ha a bolela moriri (rambut). Moromuoa e mong Samoa, ka baka la ho se bitse mantsoe hantle, o ile a botsa moahi oa sebaka seo, “Litelu tsa hao li phela joang?” (moahi enoa o ne a se na litelu), athe o ne a batla ho botsa ka boikokobetso ka mosali oa monna eo. Ecuador, ha mokhanni oa bese a e khofola, Zola Hoffman, ea neng a eme ka beseng, o ile a hloka botsitso ’me a oela holim’a monna e mong. A hlabiloe ke lihlong, o ile a leka ho kōpa tšoarelo. Empa o ile a re, “Con su permiso” (Ka tumello ea hao). Ha monna eo ka bosoasoi a re, “Mofumahali, haeba u batla, u lokolohile ho lula holim’a ka,” bapalami ba bang ba ile ba keketeha.
Leha ho le joalo, ho bile le liphello tse ntle ka baka la hore baromuoa ba ne ba leka. Lois Dyer, ea fihlileng Japane ka 1950, o hopola keletso e fanoeng ke Moena Knorr: “Leka ka hohle kamoo u ka khonang, ’me, esita le hoja u ka etsa liphoso, etsa ho hong!” O ile a etsa joalo, le ba bang ba bangata. Lilemong tse latelang tse 42, baromuoa ba neng ba rometsoe Japane ba ile ba bona bahoeletsi ba ’Muso ba ’maloa moo ba eketseha ho tloha ho sehlopha se senyenyane ho isa ho ba fetang 170 000, ’me khōlo e ’nile ea tsoela pele. E bile moputso o enneng hakaakang hobane, ka mor’a ho itšetleha ka Jehova bakeng sa tataiso, ba ne ba ikemiselitse ho leka!
Ho Bula Masimo a Macha, ho Hōlisa a Mang
Linaheng le lihlopheng tsa lihleke-hleke tse ngata, e bile baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba qala mosebetsi oa boboleli ba ’Muso kapa ba o matlafatsa ka ho hlokahalang ka mor’a hore ba bang ba etse bopaki bo fokolang. Kamoo ho bonahalang ka teng ke bona ba pele ba Lipaki tsa Jehova ho paka Somalia, Sudan, Laos, le lihlopheng tse ngata tsa lihleke-hleke ho pota lefatše.
Ho ne ho se ho ile ha etsoa boboleli libakeng tse kang Bolivia, Dominican Republic, Ecuador, El Salvador, Honduras, Nicaragua, Ethiopia, Gambia, Liberia, Cambodia, Hong Kong, Japane, le Vietnam. Empa ho ne ho se le ea mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a tlaleha mosebetsi linaheng tsena ha liithuti tse fumaneng mangolo Sekolong sa Gileade li fihla. Moo ho neng ho khoneha, baromuoa ba ne ba akaretsa naha eohle mohato ka mohato, ba lebisa tlhokomelo metseng e meholoanyane pele. Ba ne ba sa nehelane ka lingoliloeng feela ebe ba fetela pele, joalokaha barekisi ba libuka tsa bolumeli ba nakong e fetileng ba ne ba etsa joalo. Ka mamello ba ne ba khutlela ho batho ba thahasellang, ba khanna lithuto tsa Bibele le bona, ’me ba ba koetlisa tšebeletsong ea tšimo.
Linaha tse ling li ne li e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang leshome feela (’me maemong a mangata, ba ka tlaase ho moo) pele baromuoa ba fumaneng mangolo Sekolong sa Gileade ba fihla. Har’a linaha tsena ho ne ho e-na le Colombia, Guatemala, Haiti, Puerto Rico, Venezuela, Burundi, Ivory Coast (eo hona joale e leng Côte d’Ivoire), Kenya, Mauritius, Senegal, Afrika Boroa-bophirimela (eo hona joale e leng Namibia), Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka), Chaena, le Singapore, hammoho le lihlopha tse ngata tsa lihleke-hleke. Baromuoa ba ile ba beha mohlala o chesehang tšebeletsong, ba thusa Lipaki tsa sebaka ka seng ho ntlafatsa tsebo ea tsona, ba hlophisa liphutheho, ’me ba thusa baena hore ba tšoanelehele ho etella pele. Maemong a mangata ba ile ba qala mosebetsi oa boboleli libakeng tse neng li e-s’o ka li sebetsoa.
Ka thuso ena palo ea Lipaki e ile ea qala ho hōla. Linaheng tse ngata ho tsena, hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse likete. Ho tse ling tsa tsona, ho na le barorisi ba Jehova ba mashome a likete, kapa esita le ba fetang likete tse lekholo.
Batho ba Bang ba ne ba Chesehela ho Mamela
Libakeng tse ling baromuoa ba ile ba fumana batho ba bangata ba neng ba ikemiselitse ’me ba chesehela ho ithuta. Ha Ted le Doris Klein, ba fumaneng mangolo sehlopheng sa pele sa Gileade, ba fihla Virgin Islands ka 1947, ho ne ho e-na le batho ba bangata haholo ba neng ba batla ho ithuta Bibele hoo hangata ba neng ba qetella letsatsi la bona la tšebeletso bosiu ka khitla. Puong ea pele ea phatlalatsa eo Moena Klein a ileng a nehelana ka eona Market Square ea Charlotte Amalie, ho ne ho le teng ba sekete.
Joseph McGrath le Cyril Charles ba ile ba romeloa tšimong ea Amis e Taiwan ka 1949. Ba ile ba tlameha ho phela matlong a ruletsoeng ka joang le a litsoeng ka mobu fatše. Empa ba ne ba ile sebakeng seo ho ea thusa batho. Batho ba bang ba Amis ba ne ba e-na le lingoliloeng tsa Watch Tower, ba ne ba thabisitsoe ke seo ba se balileng, ’me ba ne ba abelane litaba tse molemo le ba bang. Joale baromuoa ba ne ba tlile moo ho tla ba thusa hore ba hōle moeeng. Ba ile ba bolelloa hore ho na le batho ba 600 ba thahasellang ’nete, empa kakaretso ea ba 1 600 e ile ea ba teng libokeng tseo baromuoa ba ileng ba li tšoara ha ba tloha motseng o mong ba ea ho o mong. Batho bana ba ikokobelitseng ba ne ba ikemiselitse ho ithuta, empa ba ne ba haelloa ke tsebo e nepahetseng linthong tse ngata. Ka mamello baena ba ile ba qala ho ba ruta, ba ba ruta sehlooho se le seng ka nako, hangata ba qeta lihora tse robeli kapa ho feta puisanong ea lipotso le likarabo e thehiloeng sehloohong se itseng motseng ka mong. Ho ile ha boela ha fanoa ka koetliso ho batho ba 140 ba ileng ba bontša takatso ea ho kopanela bopaking ba ntlo le ntlo. E bile phihlelo e thabisang hakaakang ho baromuoa! Empa ho ne ho ntse ho hlokahala hore ho etsoe ho eketsehileng e le hore ho ka ba le khōlo e tiileng ea moea.
Hoo e ka bang lilemo tse 12 hamorao, Harvey le Kathleen Logan, e leng baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba neng ba sebeletsa Japane, ba ile ba abeloa hore ba fane ka thuso e eketsehileng ho baena ba Amis. Moena Logan o ile a qeta nako e ngata a ba thusa hore ba utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele le melao-motheo haesita le litaba tse amang tlhophiso. Khaitseli Logan o ile a sebetsa le bo-khaitseli ba Amis tšimong letsatsi le leng le le leng, ka mor’a moo o ne a leka ho ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele le bona. Joale ka 1963, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokisetsa hore ho be le baemeli ba tsoang linaheng tse 28 hore ba kopane le Lipaki tsa sebaka seo motseng oa Shou Feng, mabapi le kopano ea lefatše lohle. Sena sohle se ile sa qala ho rala motheo o tiileng bakeng sa khōlo e eketsehileng.
Ka 1948, baromuoa ba babeli, Harry Arnott le Ian Fergusson, ba ile ba fihla Rhodesia e ka Leboea (eo hona joale e leng Zambia). Ho ne ho se ho ntse ho e-na le liphutheho tse 252 tsa baahi ba moo ba Lipaki tsa Maafrika ka nako eo, empa joale tlhokomelo e ile ea lebisoa le ho Maeurope a neng a falletse moo ka lebaka la merafo ea koporo. Batho ba ile ba arabela ka tsela e thabisang. Ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata; ba neng ba khanneloa lithuto tsa Bibele ba ile ba hatela pele ka potlako. Selemong seo ho bile le keketseho ea 61 lekholong palong ea Lipaki tse mafolo-folo tšebeletsong ea tšimo.
Libakeng tse ngata ho ne ho tloaelehile hore baromuoa ba be le manane a batho ba emeng ba batlang lithuto tsa Bibele. Ka linako tse ling ba leloko, baahisani, le metsoalle e meng ba ne ba ba teng ha ho khannoa lithuto tsena. Esita le pele batho ba ka khanneloa thuto ea Bibele, e ne e ka ’na eaba ba se ba ntse ba kopanela ka mehla libokeng Holong ea ’Muso.
Leha ho le joalo, linaheng tse ling, le hoja baromuoa ba etsa boiteko bo boholo, kotulo e ne e fokola haholo. Hoo e ka bang mathoasong a 1953, baromuoa ba Watch Tower ba ile ba romeloa Pakistan Bochabela (eo hona joale e leng Bangladesh), moo palo ea baahi, eo hona joale e fetang 115 000 000, haholo-holo e leng Mamosleme le Mahindu. Ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ho thusa batho. Leha ho le joalo, ka 1992, ho ne ho e-na le barapeli ba Jehova ba 42 feela naheng eo. Leha ho le joalo, ho baromuoa ba sebeletsang libakeng tse joalo, e mong le e mong ea amohelang borapeli ba ’nete ke oa bohlokoa ka ho khethehileng—hobane ha se ba bangata ba etsang joalo.
Thuso e Lerato ho Lipaki-’moho
Mosebetsi oa sehlooho oa baromuoa ke ho bolela evangeli, ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Empa ha ba ntse ba kopanela mosebetsing ona, ba ’nile ba boela ba khona ho fana ka thuso e khōlō ho Lipaki tsa sebaka ka seng. Baromuoa ba ’nile ba li mema hore li ee le bona tšebeletsong ea tšimo ’me ba arolelana le tsona litlhahiso tsa kamoo li ka sebetsanang le maemo a thata. Ka ho sheba baromuoa, Lipaki tsa sebaka ka seng hangata li ’nile tsa ithuta mokhoa oa ho ntšetsa pele tšebeletso ea tsona ka tsela e hlophisehileng haholoanyane le kamoo e ka bang matichere a atlehang haholoanyane. Ka lehlakoreng le leng, baromuoa ba ile ba thusoa ke Lipaki tsa sebaka ka seng hore ba fetohele mekhoeng ea bophelo ea sebaka seo.
Ha John Cooke a fihla Portugal ka 1948, o ile a nka mehato ea ho hlophisa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Le hoja li ne li ikemiselitse, Lipaki tse ngata tsa moo li ne li hloka koetliso. Hamorao o ile a re: “Nke ke ka lebala ha ke ne ke qala ho ea tšebeletsong le bo-khaitseli ba Almada. Ba tšeletseng ba bona ba ile ba ea ntlong e le ’ngoe kaofela. U ka inahanela sehlopha sa basali ba tšeletseng se eme monyako ha a le mong oa bona a etsa nehelano! Empa butle-butle lintho li ile tsa loka ’me ha ba le khatelo-pele.”
Mohlala o sebete oa baromuoa o ile oa thusa Lipaki Leeward Islands hore li be sebete, li se tšosoe ke bahanyetsi ba lekang ho sitisa mosebetsi. Tumelo e bontšitsoeng ke moromuoa e ile ea thusa baena Spain hore ba qalise tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ho sa tsotellehe puso ea bohatelli ea Bofascista ba Bok’hatholike eo ba neng ba phela tlas’a eona nakong eo. Baromuoa ba neng ba sebeletsa Japane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše ba ile ba beha mohlala o motle oa masene—ba sa pheta-phete taba ea ho hlōleha ha bolumeli ba sechaba, ka mor’a hore moemphera oa Japane a bolele hore hase Molimo, empa ba ile ba fana ka bopaki bo kholisang ba ho lumela ho ’Mōpi.
Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa shebisisa baromuoa ’me hangata li ne li angoa ka ho teba ke litsela tseo mohlomong baromuoa ba sa kang ba li hlokomela ka nako eo. Trinidad, liketsahalo tse ileng tsa bontša boikokobetso ba baromuoa, boikemisetso ba bona ba ho mamella maemo a thata, le mosebetsi oa bona o boima tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe mocheso ho ntse ho buuoa ka tsona esita le lilemong tse ngata ka mor’a moo. Lipaki Korea li ile tsa khahloa ka ho teba ke moea oa boitelo oa baromuoa bao ka lilemo tse leshome ba sa kang ba tloha naheng eo ho etela malapa a habo bona hobane ’muso o ne o ke ke oa fana ka tumello ea ho boela ba kena ka har’a naha ntle le maemong a tšohanyetso “a mosa.”
Ha ba ntse ba le sekolong sa Gileade le ka mor’a moo, baromuoa ba bangata ba ile ba khona ho bonela haufi tšebetso e etsoang ntlo-khōlōng ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o bonahalang. Hangata ba ne ba ba le monyetla o eketsehileng oa ho tloaelana le litho tsa Sehlopha se Busang. Hamorao, ha ba le likabelong tsa bona tsa boromuoa, ba ne ba khona ho fetisetsa ho Lipaki tse sebakeng seo le batho ba sa tsoa thahasella litlaleho tsa liketsahalo tseo ba li boneng ka mahlo mabapi le tsela eo mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang ka eona haesita le kananelo eo ba bileng le eona bakeng sa oona. Hangata botebo ba kananelo eo ba e kentseng ka ho ba bang mabapi le tsela eo mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang ka eona ho latela puso ea Molimo e ne e le lebaka la khōlō e neng e ba teng.
Libakeng tse ngata tseo baromuoa ba neng ba romeloa ho tsona, ho ne ho se na liboka tsa phutheho ha ba fihla. Kahoo ba ile ba etsa litokisetso tse hlokahalang, ba tšoara liboka, ’me ba phetha likarolo tse ngata libokeng ho fihlela ba bang ba tšoaneleha hore ba ka kopanela litokelong tsena. Nako le nako ba ne ba koetlisa baena ba bang e le hore ba tšoanelehe ho jara boikarabelo. (2 Tim. 2:2) Qalong sebaka sa pele seo liboka li neng li tšoareloa ho sona e ne e le lehae la baromuoa. Hamorao, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa Liholo tsa ’Muso.
Moo ho neng ho se ho ntse ho e-na le liphutheho, baromuoa ba ne ba tlatsetsa hore liboka tsena e be tse thahasellisang le tse rutang haholoanyane. Likarabo tsa bona tse lokiselitsoeng hantle li ne li ananeloa ’me ka nako e khutšoaane feela ea ba mohlala oo ba bang ba ileng ba leka ho o etsisa. Baena ba sebelisa koetliso ea bona ea Gileade, ba ile ba beha mohlala o motle ho bueng le ho ruteng phatlalatsa, ’me ka thabo ba ile ba qeta nako le baena ba sebaka ka seng ho ba thusa hore ba ithute tsebo ea ho etsa seo. Linaheng tseo ho tsona ka tloaelo batho ba neng ba iketsetsa lintho ba iketlile ebile ba sa boloke nako, ka mamello baromuoa ba ile ba ba thusa hore ba utloisise bohlokoa ba ho qala liboka ka nako ’me ba khothalletsa e mong le e mong ho ba teng ka nako.
Maemo ao ba ileng ba a fumana libakeng tse ling a ile a bontša hore ho ne ho hlokahala thuso e le hore ho ka hahoa kananelo bakeng sa bohlokoa ba ho khomarela litekanyetsong tsa Jehova tse lokileng. Ka mohlala, Botswana, ba ile ba fumana hore bo-khaitseli ba bang ba ntse ba roesa bana mehala le lifaha tse ba sireletsang kotsing, ba sa utloisise ka ho felletseng hore tloaelo ena e ne e thehiloe tumela-khoeleng le boloing. Portugal ba ile ba fumana maemo a neng a baka karohano. Ka mamello, thuso e lerato, le ho tiea ha ho hlokahala, ho ile ha bonahala boemo bo ntlafetseng ba bophelo bo botle ba moea.
Baromuoa ba abetsoeng maemong a bolebeli Finland ba ile ba qeta nako e ngata ’me ba etsa boiteko ba ho koetlisa baena ba sebaka seo ho rarolla mathata ba sebelisa litekanyetso tsa Bibele e le hore ba ka etsa qeto e tumellanong le monahano oa Molimo. Argentina ba ile ba thusa baena hore ba bone bohlokoa ba ho ba le kemiso, kamoo ba ka bolokang litlaleho, bohlokoa ba ho boloka lifaele. Jeremane ba ile ba thusa baena ba tšepahalang bao maemong a mang ba neng ba sa tenyetsehe ponong ea bona, ka baka la ntoa ea bona ea ho pholoha likampong tsa mahloriso, hore ba etsise ka ho felletseng haholoanyane litsela tsa botho bo bonolo tsa Jesu Kreste ha ba alosa mohlape oa Molimo.—Matt. 11:28-30, NW; Lik. 20:28.
Mosebetsi oa baromuoa ba bang o ne o akarelletsa ho sebelisana le ba boholong pusong, ho arabela lipotso tsa bona, le ho etsa likōpo bakeng sa hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o lumelloe ka molao. Ka mohlala, hoo e ka bang ka lilemo tse ’nè, Moena Joly, ea neng a abetsoe Cameroon le mosali oa hae, ba ile ba etsa boiteko bo iphetang ba ho fumana tumello ea molao. Hangata o ne a bua le batho ba boholong ba Mafora le ba Maafrika. Qetellong, ka mor’a hore puso e fetohe, ho ile ha fanoa ka tumello ea molao. Nakong ena Lipaki li ne li bile mafolo-folo Cameroon ka lilemo tse 27 ’me li ne li se li feta 6 000.
Ho Tobana le Phephetso ea Tšebeletso ea ho Tsamaea
Baromuoa ba bang ba ’nile ba abeloa ho sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang. Ho ne ho e-na le tlhokahalo e khethehileng Australia, moo baena ba neng ba hlokomolohile lithahasello tsa ’Muso ’me ba hahamalla lintho tsa lefatše ka Ntoa ea II ea Lefatše. Ha nako e ntse e feta, sena se ile sa lokisoa, ’me ketelong ea Moena Knorr ka 1947, ho ile ha hatisoa bohlokoa ba ho etelletsa pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Ka mor’a moo, cheseho, mohlala o motle, le mekhoa ea ho ruta ea liithuti tsa Gileade tse neng li sebeletsa e le balebeli ba potoloho le ba setereke li ile tsa thusa ka ho eketsehileng ho hlaolela tikoloho ea sebele ea moea har’a Lipaki tsa moo.
Ho kopanela tšebeletsong e joalo ea ho tsamaea hangata ho ne ho hloka boikemisetso ba ho etsa boiteko bo boholo le ho tobana le maemo a kotsi. Wallace Liverance o ile a fumana hore tsela feela ea ho fihla lelapeng la bahoeletsi ba ka thōko ba leng Volcán, Bolivia, e ne e le ho tsamaea lik’hilomithara tse 90 ho ea le ho khutla sebakeng se tletseng majoe, se ommeng letsatsing le bataolang bophahamong ba limithara tse ka bang 3 400, a nkile mokotla oa hae o qhoaeloang oo ho robaloang ka har’a oona, lijo, le metsi, haesita le lingoliloeng. E le hore a ka sebeletsa liphutheho tse Philippines, hangata Neal Callaway o ne a palama libese tsa mahaeng tse tletseng batho tse neng li palangoa ke batho le liphoofolo le thepa. Richard Cotterill o ile a qala mosebetsi oa hae e le molebeli ea tsamaeang India nakong ea ha batho ba likete ba ne ba bolaoa ka baka la lehloeo la bolumeli. Ha a ne a tlameha ho sebeletsa baena ba leng sebakeng sa merusu, mosebeletsi eo ho ngolisoang ho eena bakeng sa terene o ile a leka ho mo thibela. E ile ea ba leeto le tšosang haholo ho baeti ba bang, empa Moena Cotterill o ne a rata baena ba hae ka ho tebileng, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba lula hokae kapa hore na ba bua puo efe. O ile a bua tjena a bontša ho tšepa Jehova: “Haeba e le thato ea Jehova, ke tla leka ho ea teng.”—Jak. 4:15.
Ho Khothalletsa ba Bang ho Kopanela Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ka baka la moea o chesehang o bontšitsoeng ke baromuoa, batho ba bangata bao ba ba rutileng ba ile ba etsisa mohlala oa bona ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Japane, moo ho sebelelitseng baromuoa ba 168, ka 1992 ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 75 956; karolo e fetang 40 lekholong ea bahoeletsi Japane e ne e le karolong e itseng ea tšebeletso ea nako e tletseng. Rephabliking ea Korea, karolelano e ne e tšoana.
Linaheng tseo ho tsona karolelano ea Lipaki ho baahi e leng ntle, basebeletsi ba bangata ba nako e tletseng ba ’nile ba mengoa hore ba fuoe koetliso Sekolong sa Gileade ebe ba romeloa ho sebeletsa libakeng tse ling. Baromuoa ba bangata ba tsoa United States le Canada; ba ka bang 400 ba tsoa Brithani; ba fetang 240 ba tsoa Jeremane; ba fetang 150 ba tsoa Australia; ba fetang 100 ba tsoa Sweden; ho phaella palong e khōlō e tsoang Denmark, Finland, Hawaii, Netherlands, New Zealand, le linaheng tse ling. Linaha tse ling tse ileng tsa thusoa ke baromuoa hamorao li ile tsa hlahisa ba mocheng oa ho ba baromuoa ba ka sebeletsang linaheng tse ling.
Ho Finyella Tlhokahalo ka Har’a Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Hōlang
Ha mokhatlo o hlophisitsoeng o ntse o hōla, baromuoa ba bile le boikarabelo bo eketsehileng. Ba bangata ba bona ba ile ba sebeletsa e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang liphuthehong tseo ba ileng ba li thusa hore li hōle. Linaheng tse ngata e bile bona balebeli ba pele ba potoloho le ba setereke. Kaha khōlo e eketsehileng e entse hore ho be molemo hore Mokhatlo o thehe liofisi tse ncha tsa makala, baromuoa ba bangata ba fuoe boikarabelo mabapi le tšebetso ea makala. Maemong a mang baromuoa ba seng ba tseba puo hantle ba ile ba kōptjoa hore ba thuse ho fetolela le ho ntša liphoso ho lingoliloeng tsa Bibele.
Leha ho le joalo, ba ’nile ba ikutloa ba putsitsoe ka ho khethehileng ha batho bao ba ileng ba ithuta Lentsoe la Molimo le bona, kapa baena bao ba ileng ba ba thusa ho hōla moeeng, ba tšoaneleha ho nka boikarabelo bo joalo. Ka hona banyalani ba bang Peru ba ile ba thabela ho bona batho ba bang bao ba ileng ba ithuta le bona ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba thusa ho matlafatsa liphutheho tse ncha le ho bula masimo a macha. Thutong e neng e khannoa ke moromuoa le lelapa le leng Sri Lanka ho ile ha tsoa e mong oa litho tsa Komiti ea Lekala naheng eo. Baromuoa ba bang ba bangata ba bile le thabo e tšoanang.
Hape ba ’nile ba tobana le khanyetso.
Ha ho Tobanoe le Khanyetso
Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba ne ba tla hlorisoa, joalokaha a ile a hlorisoa. (Joh. 15:20) Kaha hangata baromuoa ba ne ba tsoa linaheng lisele, hangata ha ho ne ho ba le mahloriso a matla naheng e itseng, sena se ne se bolela hore ba ne ba lelekoa ka har’a naha.
Ka 1967, Sona Haidostian le batsoali ba hae ba ile ba tšoaroa Aleppo, Syria. Ba ile ba kenngoa teronkong ka likhoeli tse hlano eaba ba lelekoa naheng eo ba siile thepa ea bona. Margarita Königer, ea tsoang Jeremane, o ile a abeloa Madagascar; empa ho lelekoa ka makhetlo-khetlo ho ile ha etsa hore a ee likabelong tse ncha, Kenya, Dahomey (Benin), le Upper Volta (Burkina Faso). Domenick Piccone le mosali oa hae, Elsa, ba ile ba lelekoa Spain ka 1957 ka baka la boboleli ba bona, eaba ba lelekoa Portugal ka 1962, le Morocco ka 1969. Leha ho le joalo, naheng ka ’ngoe ha ba leka ho balehela ho lelekoa, ba ile ba finyella se molemo. Bopaki bo ile ba fanoa ho ba boholong. Ka mohlala, Morocco, ba ile ba fumana monyetla oa ho pakela ba boholong Sécurité Nationale, moahloli oa Lekhotla le Phahameng, mookameli oa sepolesa oa Tangier, le ho baemeli ba U.S. Tangier le Rabat.
Ho lelekoa ha baromuoa ha hoa felisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, joalokaha batho ba bang ba boholong ba ne ba lebelletse. Peō ea ’nete e neng e se e ntse e jetsoe hangata e ne e tsoela pele ho hōla. Ka mohlala, baromuoa ba bane ba ile ba ntšetsa pele tšebeletso ea bona ka likhoeli tse ’maloa feela Burundi pele ’muso o ba qobella hore ba tsamaee ka 1964. Empa e mong oa bona o ile a ’na a ngollana le motho ea thahasellang, ea ileng a ngola hore o ithuta Bibele le batho ba 26. Paki ea Tanzania e neng e sa tsoa fallela Burundi le eona e ile ea tšoareha ka boboleli. Qetellong palo ea bona e ile ea hōla ho fihlela ha ba makholo ba kopanela molaetsa oa ’Muso le ba bang hape.
Libakeng tse ling, pele ba boholong ba laela hore baromuoa ba tsoe ka har’a naha, ba ne ba sebelisa likhoka ho leka ho etsa hore e mong le e mong a ikokobeletse seo ba se batlang. Ka 1963, Gbarnga, Liberia, masole a ile a pota-pota banna, basali, le bana ba 400 ba neng ba tlile kopanong ea Bokreste moo. Masole a ile a ba isa kampong ea sesole, a ba tšosa, a ba otla, ’me a laela hore e mong le e mong—ho sa tsotellehe bochaba kapa tumelo ea hae—a lumelise folaga ea Liberia. Milton Henschel ea tsoang United States o ne a le har’a sehlopha sena. Ho ne ho boetse ho e-na le baromuoa ba bang, ho kopanyelletsa John Charuk ea tsoang Canada. E mong oa liithuti tsa Gileade o ile a sekisetsa, joalokaha a ne a entse ketsahalong ea pejana ho moo (le hoja a ne a sa bolela hore o sekiselitse), ’me ntle ho pelaelo sena se ile sa tlatsetsa ho sekisetseng ho ileng ha etsoa ke ba bang kopanong eo. Ho ile ha hlaka hore na ke bo-mang ba neng ba tšaba Molimo e le kannete le ba neng ba tšoasitsoe ke ho tšaba batho. (Liprov. 29:25) Ka mor’a sena, ’muso o ile oa laela hore baromuoa bohle ba Lipaki ba tsoang linaheng lisele ba tsoe ka har’a naha, le hoja hamorao selemong seo taelo e tsoang ho mopresidente e ile ea ba lumella hore ba khutle.
Hangata, khato e neng e nkoa khahlanong le baromuoa ke ba boholong ’musong e ne e bakoa ke khatello ea baruti. Ka linako tse ling, khatello eo e ne e etsoa ka sekhukhu. Ka linako tse ling bohle ba ne ba tseba hore na ke mang ea neng a hlohlelletsa khanyetso ka boomo. George Koivisto a ke ke a lebala hoseng ha letsatsi la hae la pele tšebeletsong ea tšimo Medellín, Colombia. Ka tšohanyetso sehlopha se hoeletsang sa mahoo-hoo sa bana ba sekolo se ile sa hlaha, se mo fethetsa ka majoe le ka likhoabi tsa letsopa. Mong’a ntlo ea neng a qala ho ’mona, o ile a mo kenya ka tlung a ba a koala ka mekoallo ea lepolanka, a ntse a kōpa tšoarelo bakeng sa boitšoaro ba sehlopha sa mahoo-hoo se leng ka ntle. Ha mapolesa a fihla, ba bang ba ile ba beha tichere molato hore ebe e tlohetse liithuti. Empa lentsoe le leng le ile la hooa: “Ha ho joalo! Ke moruti! O ile a phatlalatsa ka libuela-hōle hore bana ba tsoe ba ‘fethetse Maprostanta ka majoe.’”
Ho ne ho hlokahala sebete sa bomolimo le lerato bakeng sa linku. Elfriede Löhr le Ilse Unterdörfer ba ile ba abeloa ho ea sebeletsa phuleng ea Gastein Austria. Ka nako e khutšoaane, ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele bathong ba neng ba lapetse lijo tsa moea. Empa baruti ba ile ba nka khato. Ba ile ba susumelletsa bana ba sekolo hore ba hoeletse baromuoa seterateng le hore ba ba rake ho lemosa beng ba matlo hore ba se ke ba mamela. Batho ba ile ba tšoha. Empa ka mamello e lerato, ba ile ba qalisa lithuto tse ’maloa tse ntle. Ha ho lokisetsoa puo ea Bibele ea phatlalatsa, moruti o ile a pashalla hantle ka pel’a sebaka seo seboka se neng se tšoaretsoe ho sona. Empa ha baromuoa ba tsoela ka ntle ho ea amohela batho, moruti o ile a nyamela. O ile a bitsa lepolesa ’me a khutla, ka sepheo sa ho qhala seboka. Empa boiteko ba hae bo ile ba hlōleha. Ka mor’a nako, ho ile ha thehoa phutheho e ntle moo.
Litoropong tse haufi le Ibarra, Ecuador, Unn Raunholm le Julia Parsons khafetsa ba ne ba talimana le sehlopha sa mahoo-hoo se hlohlellelitsoeng ke baruti. Kaha nako e ’ngoe le e ’ngoe ha baromuoa ba ne ba ea San Antonio moruti o ne a tsosa mofere-fere, bo-khaitseli ba ile ba etsa qeto ea hore ba sebetse toropong e ’ngoe, e bitsoang Atuntaqui. Empa ka letsatsi le leng ramotse oa moo ka bohale o ile a bolella Khaitseli Raunholm hore a tlohe toropong eo ka potlako. O ile a re: “Moruti o hlophisa mokoloko oa boipelaetso khahlanong le lōna, ’me ha ke na banna ba lekaneng ho le sireletsa.” Khaitseli o sa hopola ka ho hlakileng: “Letšoele le ne le re setse morao! Folaga ea Vatican ea ’mala o mosoeu le o mosehla e ne e tsokoa ka pel’a sehlopha ha moruti a ntse a hoeletsa mapetjo a kang ‘Kereke e K’hatholike e be Teng ka ho sa Feleng!’ ‘Ha re Batle Maprostanta!’ ‘Boroetsana ba Moroetsana bo be teng ka ho sa feleng!’ ‘Ho ipolela libe ho be teng ka ho sa feleng!’ Nako le nako letšoele le ne le pheta mapetjo lentsoe ka lentsoe ka mor’a moruti.” Ka eona nako eo banna ba ’maloa ba ile ba kōpa Lipaki hore li balehele Ntlong ea Basebetsi ea moo. Ha ba le moo baromuoa ba ile ba paka ka mafolo-folo ho batho ba neng ba thahasella ho tseba se etsahalang ba neng ba tlil’o etsa lipatlisiso. Ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona.
Mananeo a Thuto a Etselitsoeng ho Finyella Litlhoko tse Khethehileng
Lilemong tsa ho tloha ha baromuoa ba pele ba romeloa ho tsoa Sekolong sa Gileade, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o bile le khōlo ka tekanyo e makatsang. Ka 1943, ha sekolo se buloa, ho ne ho e-na le Lipaki tse 129 070 feela linaheng tse 54 (empa ke linaha tse 103 ho latela tsela eo ’mapa o ileng oa aroloa ka eona mathoasong a bo-1990). Ka 1992, ho ne ho e-na le Lipaki tse 4 472 787 linaheng tse 229 le lihlopha tsa lihleke-hleke lefatšeng ka bophara. Ha khōlo ena e ntse e ba teng, litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng li ’nile tsa fetoha. Liofisi tsa makala tseo ka nako e ’ngoe li kileng tsa hlokomela Lipaki tse ka tlaase ho lekholo tse kopantsoeng liphuthehong tse ’maloa hona joale li hlokomela mosebetsi oa Lipaki tse mashome a likete, ’me makala a mangata ho ana a fumane ho hlokahala hore a ikhatisetse lingoliloeng e le ho hlomella ba kopanelang mosebetsing oa boevangeli.
E le ho tobana le litlhoko tse ntseng li fetoha, lilemo tse 18 ka mor’a ho bula Sekolo sa Gileade, ho ile ha fanoa ka lenaneo la koetliso ea likhoeli tse leshome ntlo-khōlōng ea Mokhatlo ea lefatše lohle e neng e entsoe ka ho khetheha molemong oa baena ba neng ba hlokomela mejaro e boima ea boikarabelo liofising tsa makala a Mokhatlo oa Watch Tower. Ba bang ba bona pele ba ne ba bile teng lenaneong la likhoeli tse hlano Gileade; ba bang ba ne ba sa ea. Kaofela ha bona ba ne ba tla rua molemo koetlisong e khethehileng ea mosebetsi oa bona. Puisano ea kamoo ho ka sebetsanoang ka teng le maemo a sa tšoaneng le ho finyella litlhoko tsa mokhatlo tumellanong le melao-motheo ea Bibele e bile le phello e kopanyang. Lenaneo la bona le ne le kopanyelletsa ho ithuta Bibele eohle ka tlhahlobisiso ea temana ka temana. Hape le ile la tšohla histori ea bolumeli; koetliso makolopetsong a amehang bakeng sa ho tsamaisa ofisi ea lekala, Lehae la Bethele, le sebaka sa khatiso; le litaelo tsa ho hlokomela tšebeletso ea tšimo, ho hlophisa liphutheho tse ncha, le ho bula masimo a macha. Mananeo ana a thuto (ho kopanyelletsa la ho qetela le ileng la fokoletsoa ho likhoeli tse robeli) a ile a khanneloa ntlo-khōlōng ea lefatše, Brooklyn, New York, ho tloha ka 1961 ho ea ho 1965. Liithuti tse ngata li ile tsa khutlisetsoa linaheng tseo li neng li ile tsa sebeletsa ho tsona pele; tse ling li ile tsa abeloa linaheng tse ling moo li neng li tla fana ka tlatsetso ea bohlokoa mosebetsing.
Ho tloha ka February 1, 1976, ho ile ha qaloa tokisetso e ncha liofising tsa makala a Mokhatlo e le ho itlhomella bakeng sa keketseho e eketsehileng e neng e lebelletsoe tumellanong le boprofeta ba Bibele. (Esa. 60:8, 22) Ho e-na le ho ba le molebeli a le mong feela oa lekala, hammoho le motlatsi oa hae, bakeng sa ho hlokomela lekala ka leng, Sehlopha se Busang se ile sa khetha baena ba bararo kapa ho feta ba tšoanelehang hore ba sebeletse Komiting ka ’ngoe ea Lekala. Makala a maholoanyane a ka ’na a ba le ba supileng komiting. E le ho koetlisa baena bana bohle, ho ile ha lokisetsoa lenaneo la thuto e khethehileng ea libeke tse hlano Gileade Brooklyn, New York. Lihlopha tse 14 tse entsoeng ka litho tsa Likomiti tsa Lekala likarolong tsohle tsa lefatše li ile tsa fuoa koetliso ena e khethehileng ntlo-khōlōng ea lefatše ho tloha bofelong ba 1977 ho ea ho 1980. E bile monyetla o babatsehang oa ho momahanya le ho ntlafatsa tsamaiso.
Sekolo sa Gileade se ile sa tsoela pele ho koetlisa ba neng ba na le phihlelo ea lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ba ikemiselitse ba bile ba ka khona ho romeloa linaheng lisele, empa ho ne ho ka sebelisoa ba eketsehileng. E le ho potlakisa koetliso, ho ile ha thehoa likolo linaheng tse ling e le katoloso ea Gileade e le hore liithuti li se ke tsa hloka ho ithuta Senyesemane pele li tšoaneleha ho ea sekolong. Ka 1980-81, Sekolo sa Gileade sa Setso sa Mexico se ile sa koetlisa liithuti tse buang Sepanishe tse ileng tsa thusa ho finyella tlhoko e potlakileng ea basebetsi ba tšoanelehang Amerika Bohareng le Boroa. Ka 1981-82, 1984, le ka 1992, ho boetse ha ba le lihlopha tsa Sekolo sa Katoloso ea Gileade Jeremane. Ho tloha moo liithuti li ile tsa romeloa Afrika, Europe Bochabela, Amerika Boroa, le lichabeng tsa lihleke-hleke tse fapa-fapaneng. Lihlopha tse eketsehileng li ile tsa tšoaroa India ka 1983.
Lipaki tse chesehang tsa sebaka ka seng li ikopanya le baromuoa ho atolosa bopaki ba ’Muso, palo ea Lipaki tsa Jehova e eketsehile ka potlako, ’me sena se entse hore ho thehoe liphutheho tse ncha. Pakeng tsa 1980 le 1987, palo ea liphutheho lefatšeng ka bophara e ile ea eketseha ka karolo ea 27 lekholong, ho ea kakaretsong ea 54 911. Le hoja libakeng tse ling batho ba bangata ba ne ba ba teng libokeng ’me ba kopanela tšebeletsong ea tšimo, baena ba bangata ba ne ba le bacha linneteng. Ho ne ho e-na le tlhokahalo e potlakileng ea hore banna ba Bakreste ba nang le phihlelo ba sebeletse e le balisa le matichere a moea, haesita le ho etella pele mosebetsing oa boevangeli. E le ho thusa ho finyella tlhoko ena, ka 1987 Sehlopha se Busang se ile sa qalisa Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi e le karolo ea lenaneo la thuto ea Bibele la Sekolo sa Gileade. Lenaneo lena la thuto la libeke tse robeli le kopanyelletsa thuto e matla ea Bibele haesita le ho fana ka tlhokomelo ea botho khōlong ea seithuti ka seng ea moea. Ho tšohloa litaba tsa tlhophiso le tsa boahloli, hammoho le boikarabelo ba baholo le bahlanka ba sebeletsang, ’me ho fanoa ka koetliso e khethehileng tabeng ea ho bua phatlalatsa. Ho sa sitisoe lihlopha tse tloaelehileng tsa koetliso ea baromuoa, sekolo sena se ’nile sa sebelisa meaho e meng, bakeng sa ho kopana linaheng tse fapa-fapaneng. Hona joale liithuti li finyella litlhoko tsa bohlokoa linaheng tse ngata.
Ka hona koetliso e pharalletseng e fanoeng ke Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade e ’nile ea boloka mohato le litlhoko tse ntseng li fetoha tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa machaba o hōlang ka potlako.
“Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”
Moea o bontšitsoeng ke baromuoa o tšoana le oa moprofeta Esaia. Ha Jehova a ’molella ka monyetla oa tšebeletso e khethehileng, o ile a arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na!” (Esa. 6:8) Moea ona oa ho ikemisetsa o susumelitse banna le basali ba bangata ba bacha hore ba siee tikoloho eo ba e tloaetseng le beng ka bona hore ba e’o sebeletsa ho ntšetsa pele thato ea Molimo hohle moo ba hlokoang teng.
Maemo a lelapa a tlisitse liphetoho bophelong ba baromuoa ba bangata. Ba bangata ba ileng ba ba le bana ka mor’a hore e be baromuoa ba ile ba khona ho lula naheng eo ba neng ba abetsoe ho eona, ba etsa mosebetsi o hlokahalang oa boipheliso ’me ba sebetsa le liphutheho. Ba bang, ka mor’a lilemo tse ngata ba le tšebeletsong, ba ile ba tlameha ho khutlela naheng ea habo bona ho ea hlokomela batsoali ba hōlileng, kapa ka mabaka a mang. Empa ba ile ba ho nka e le tokelo ho kopanela tšebeletsong ea boromuoa ka nako e telele kamoo ba neng ba ka khona.
Ba bang ba ile ba khona ho etsa tšebeletso ea boromuoa mosebetsi oa bona oa bophelo bohle. E le hore ba etse sena, ba ile ba tlameha ho tobana le maemo a phephetsang. Olaf Olson, ea thabetseng ho ba mosebetsing oa boromuoa ka nako e telele Colombia, o ile a lumela: “Selemo sa pele e bile se boima ka ho fetisisa.” Haholo sena se bakiloe ke ho se khone ho itlhalosa ka ho lekaneng ka puo e ncha. O ile a eketsa: “Haeba ke ne ke ile ka nahana ka naha eo ke e siileng, ke ne nke ke ka thaba, empa ke ile ka etsa qeto ea hore ke phele Colombia ka nama le ka kelello, ke etse setsoalle le baena le bo-khaitseli ba leng ’neteng moo, ke boloke bophelo ba ka bo tletse ka tšebeletso, ’me ka potlako kabelo ea ka e ile ea fetoha lehae la ka.”
Ho mamella ha bona likabelong tsa bona ho ne ho sa bakoe ke hore ba fumane boemo ba sebaka bo le botle. Norman Barber, ea ileng a sebeletsa Burma (eo hona joale e leng Myanmar) le India, ho tloha ka 1947 ho fihlela a e-shoa ka 1986, o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Haeba motho a thabela ho sebelisoa ke Jehova, sebaka se seng se ba setle ho tšoana le tse ling. . . . Ha re toba taba, ha ke rate ho phela boemong bo chesang ba leholimo. Le tsela eo batho ba sebakeng seo ba phelang ka eona hase eo nka ratang ho phela ka eona. Empa ho na le lintho tse ling tsa bohlokoa tse ka nahaneloang ho feta litaba tse fokolang hakaalo. Ho khona ho thusa batho ba hlileng ba futsanehileng moeeng ke tokelo e fetang eo matla a motho a ka khonang ho e hlalosa.”
Ba bangata ba eketsehileng ba na le maikutlo ao, ’me moea ona oa ho itela o tlatselitse haholo phethahatsong ea boprofeta ba Jesu ba hore litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle, pele bofelo bo tla.—Matt. 24:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane), February 15, 1943, maq. 60-4.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 523]
Khatiso holim’a bohlokoa ba ho itšetleha ka ho felletseng ka Jehova le ho tšepahala ho eena
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 534]
Lintho tse tšehisang li ile tsa thusa!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 539]
Mamello, thuso e lerato, le ho tiea ha ho hlokahala
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 546]
“Ho thusa batho ba hlileng ba futsanehileng moeeng ke tokelo e fetang eo matla a motho a ka khonang ho e hlalosa”
[Lebokose le leqepheng la 533]
Lihlopha tsa Gileade
1943-60: Sekolo se South Lansing, New York. Lihlopheng tse 35, liithuti tse 3 639 tse tsoang linaheng tse 95 li ile tsa fumana mangolo, ba bangata ho tsona ba abeloa tšebeletsong ea boromuoa. Balebeli ba potoloho le ba setereke ba sebeletsang United States le bona ba ile ba kopanyelletsoa lihlopheng.
1961-65: Sekolo Brooklyn, New York. Lihlopheng tse 5, liithuti tse 514 li ile tsa fumana mangolo ’me tsa romeloa linaheng tseo ho tsona Mokhatlo oa Watch Tower o nang le liofisi tsa makala; ba bangata ho liithuti tse amohetseng mangolo ba ile ba fuoa likabelo tse amang tsamaiso. Tse ’nè ho lihlopha tsena li bile le lenaneo la thuto ea likhoeli tse leshome; se le seng, lenaneo la thuto ea likhoeli tse robeli.
1965-88: Sekolo Brooklyn, New York. Lihlopheng tse 45, ka seng se na le lenaneo la thuto ea libeke tse 20, ho ile ha koetlisoa liithuti tse ling tse 2 198, boholo ba tsona bakeng sa tšebeletso ea boromuoa.
1977-80: Sekolo Brooklyn, New York. Lenaneo la thuto ea libeke tse hlano Gileade bakeng sa litho tsa Likomiti tsa Lekala. Ho ile ha tšoaroa lihlopha tse 14.
1980-81: Sekolo sa Gileade sa Setso Mexico; lenaneo la thuto ea libeke tse leshome; lihlopha tse tharo; liithuti tse 72 tse amohetseng mangolo tse buang Sepanishe li ile tsa hlomelloa bakeng sa tšebeletso Latin America.
1981-82, 1984, 1992: Sekolo sa Katoloso ea Gileade se Jeremane; lenaneo la thuto ea libeke tse leshome; lihlopha tse ’nè; liithuti tse 98 tse buang Sejeremane tse tsoang linaheng tsa Europe.
1983: Lihlopha India; lenaneo la thuto ea libeke tse leshome, le khannoang ka Senyesemane; lihlopha tse tharo; liithuti tse 70.
1987- : Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi, lenaneo la thuto ea libeke tse robeli, le neng le tšoaretsoe libakeng tse hlahelletseng likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše. Ka 1992, liithuti tse amohetseng mangolo li ne li se li ntse li sebeletsa linaheng tse fetang 35 ka ntle ho linaha tsa habo tsona.
1988- : Sekolo se Wallkill, New York. Lenaneo la thuto ea libeke tse 20 ho lokisetsoa tšebeletso ea boromuoa le tsoela pele moo. Ho reriloe hore sekolo se fallisetsoe Setsing sa Watchtower sa Thuto se Patterson, New York, ha se phethiloe.
[Lebokose le leqepheng la 538]
Sehlopha sa Machaba sa Liithuti
Liithuti tse bileng Sekolong sa Gileade li emetse lichaba tse ngata ’me li tlile sekolong ho tsoa linaheng tse fetang 110.
Sehlopha sa pele sa machaba ke sehlopha sa botšelela, ka 1945-46.
Ho ile ha etsoa kōpo ’musong oa U.S. bakeng sa hore liithuti tsa melata li fuoe litumello tsa bolulo tsa liithuti ho sa hlokahale hore e be bajaki. Ha e arabela, Ofisi ea U.S. ea Thuto e ile ea nka Sekolo sa Gileade se fana ka thuto e tšoanang le e fanoang likolecheng le litsing tsa thuto. Ka hona, ho tloha ka 1953, baemeli ba U.S. lefatšeng lohle ba ’nile ba ba le Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade mananeng a bona e le litsi tse amoheloang tsa thuto. Ho tloha ka April 30, 1954, sekolo sena se hlahile khatisong ea “Educational Institutions Approved by the Attorney General.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 522]
Liithuti tsa sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 524]
Albert Schroeder ha a bua ka litšobotsi tsa tabernakele le liithuti tsa Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 525]
Maxwell Friend ha a ruta holong ea Sekolo sa Gileade
[Litšoantšo tse leqepheng la 526]
Ho fanoa ha mangolo ho liithuti tsa Gileade e ne e le liketsahalo tse ikhethang tsa moea
. . . ba bang ba leng likopanong tse khōlō (New York, 1950)
. . . ba bang tikolohong ea sekolo (moo N. H. Knorr a bontšitsoeng a bua ka pel’a laebrari ea sekolo, ka 1956)
[Litšoantšo tse leqepheng la 527]
Tikoloho ea Sekolo sa Gileade South Lansing, New York, kamoo e neng e le ka teng lilemong tsa bo-1950
[Setšoantšo se leqepheng la 528]
Hermon Woodard (ka ho le letšehali) le John Errichetti (ka ho le letona) ba sebeletsang Alaska
[Setšoantšo se leqepheng la 529]
John Cutforth a sebelisa lithuso tse ka bonoang ha a ruta Papua New Guinea
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Baromuoa Ireland, hammoho le molebeli oa setereke, ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Liithuti tseleng e eang likabelong tsa boromuoa Bochabela ka 1947
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Baromuoa ba bang le basebetsi-’moho Japane ka 1969
[Litšoantšo tse leqepheng la 530]
Baromuoa Brazil ka 1956
. . . Uruguay ka 1954
. . . Italy ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Baromuoa ba pele ba bane ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba romeloa Jamaica
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Lehae la pele la baromuoa Salisbury (eo hona joale e leng Harare, Zimbabwe), ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Malcolm Vigo (Gileade, 1956-57) hammoho le mosali oa hae Linda Louise; ba sebelelitse hammoho Malawi, Kenya, le Nigeria
[Setšoantšo se leqepheng la 530]
Robert Tracy (ka ho le letšehali) le Jesse Cantwell (ka ho le letona) hammoho le basali ba bona—baromuoa mosebetsing oa ho tsamaea Colombia ka 1960
[Setšoantšo se leqepheng la 532]
Sehlopha sa ho ithuta puo lehaeng la baromuoa Côte d’Ivoire
[Setšoantšo se leqepheng la 535]
Ted le Doris Klein, ba ileng ba fumana batho ba bangata ba neng ba thahasella ho utloa linnete tsa Bibele U.S. Virgin Islands ka 1947
[Setšoantšo se leqepheng la 536]
Harvey Logan (ka pele bohareng) le Lipaki tsa Amis ka pel’a Holo ea ’Muso, ka bo-1960
[Setšoantšo se leqepheng la 540]
Victor White, molebeli oa setereke ea koetlisitsoeng Gileade, a bua Philippines ka 1949
[Setšoantšo se leqepheng la 542]
Margarita Königer, ha a le Burkina Faso, a khanna thuto ea lehae ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 543]
Unn Raunholm, moromuoa ho tloha ka 1958, o ile a tlameha ho tobana le sehlopha sa mahoo-hoo se etelletsoeng pele ke moruti Ecuador
[Litšoantšo tse leqepheng la 545]
Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi
Sehlopha sa pele, Coraopolis, Pa., U.S.A., ka 1987 (ka holimo)
Sehlopha sa boraro Brithani, Manchester, ka 1991 (ka ho le letona)