PINA EA 84
A re Eeng
E Hatisitsoeng
1. Jehova o re ratile.
O re file lintho tsohle.
O re thusa ho atleha
Hore re mo sebeletse.
(K’HORASE)
A re eeng, re rute
Lichabeng tsohle.
A re thuseng bohle, ba tsebe
Ka ’Muso oa Jah.
2. Naheng tsohle tsa lefatše,
Mosebetsi o mongata.
Re boleleng taba tsena
Tse monate, tse pholosang.
(K’HORASE)
A re eeng, re rute
Lichabeng tsohle.
A re thuseng bohle, ba tsebe
Ka ’Muso oa Jah.
3. Le linaheng tsa bo rona,
Re tla thusa batho bohle.
Re ithute puo tse ling.
Re ba rute ka Jehova.
(K’HORASE)
A re eeng, re rute
Lichabeng tsohle.
A re thuseng bohle, ba tsebe
Ka ’Muso oa Jah.
(Sheba le Joh. 4:35; Lik. 2:8; Bar. 10:14.)