Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 1 leq. 16-leq. 19
  • O Ile a Tsamaea le Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Tsamaea le Molimo
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • ‘O Ile a Khahlisa Molimo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Lefatšeng la Batho ba sa Tšabeng Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Enoke—O Bile Sebete ho sa Tsotellehe Mathata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 1 leq. 16-leq. 19

1 ENOKE

O Ile a Tsamaea le Molimo

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

ENOKE o ne a utloisisa hantle hore na ho joang ho ba mokhelo. O ne a fapane hole le batho ba mehleng ea hae. Bibele e ile ea re ka eena: “Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Ke eena feela eo Bibele e ileng ea bua joalo ka eena mehleng eo. O ile a khona joang ho etsa joalo le hoja e ne e le motho ea sa phethahalang? Rona mehleng ee, re ka ithuta’ng ho Enoke ka ho bontša sebete?

Re tl’o bua ka litsela tse peli tseo Enoke a ileng a tsamaea le Molimo oa ’nete ka tsona. Tsela ea pele ke ka hore a qobe ka hohle-hohle ho tšoana le batho ba mehleng ea hae ba neng ba sa batle ho khahlisa Molimo. Enoke o lelokong la bosupa ho tloha ho Adama le Eva. Adama o ne a ntse a phela empa a se a tsofetse haholo. (Sheba sehlooho se reng “Ho Tloha Mehleng ea Enoke ho ea ho ea Baahloli.”) Ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, boholo ba batho bo ile ba latela mohlala oa bona. Ngoana oa bona Kaine o ile a bolaea ngoan’abo Abele, e leng motho oa pele ea ileng a bontša tumelo. Tse ling tsa litloholo tsa Kaine li ne li le bohale ebile li rata ntoa joaloka eena, mohlomong le ho mo feta. (Gen. 4:​23, 24) Enoke o ile a ba sebete ’me ha aa ka a itumella hore a susumetsoe ke mekhoa ea batho ba mehleng ea hae. O ile a lula a e-na le khotso ’me ntho eo e ile ea khahla Molimo.

Lilemo tse ngata pele Enoke a hlaha, ‘batho ba ile ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.’ (Gen. 4:26) E ka ’na eaba ba ne ba sebelisa lebitso la Jehova ka tsela e mo nyefolang le e sa mo hlompheng ka hore ba le sebelise borapeling ba bona ba bohata. Enoke ha aa ka a ba etsisa. O ne a rata lebitso le halalelang la Jehova a bile a le hlompha haholo ’me ntho eo e ile ea etsa hore a fapane hole le batho ba bang ba mehleng eo.

Jehova o ile a sireletsa Enoke ha batho ba neng ba sa rate molaetsa oa hae ba batla ho mo bolaea

Tsela ea bobeli eo Enoke a ileng a tsamaea le Molimo ka eona, ke ka hore a etse seo Jehova a neng a mo kopa hore a se etse ’me seo se ne se hloka hore a be sebete le ho feta. Molimo o ile a fa Enoke mosebetsi o khethehileng oa hore e be moprofeta. O ne a lokela ho bolella batho ba khopo, bao a neng a phela le bona molaetsa o tsoang ho Molimo. Molaetsa oo o ne o re: “Jehova o ile a tla ka mangeloi a hae a halalelang a likete-kete ho liha kahlolo khahlanong le batho bohle, ho fumana bohle ba sa hlompheng Molimo ba le molato oa liketso tsohle tsa bona tse khopo. Molimo o tla etsa joalo hobane ba entse liketso tse khopo ’me ha ba mo hlomphe ba bile ba bua lintho tse tšosang ka eena.”

Enoke o phatlalatsa molaetsa oa Molimo oa kahlolo seterateng se phetheselang. Batho ba bang ba halefile ebile ba tenehile, athe ba bang bona ba tšoere libetsa.

Hlokomela hore ha Enoke a bua ka boprofeta boo bo neng bo bua ka kahlolo ea Molimo, o ile a bua ka bona joalokaha eka bo se bo phethahetse. Taba ena e ne e bontša hore taba eo Enoke a neng a e buile e ne e tla feela e phethahale. Kahlolo eo ea Jehova e ne e bontša hore na o ne a halefetse batho bao ba khopo hakae. Enoke o ile a hatisa taba ea hore batho bao ‘ba ne ba sa hlomphe Molimo’ ba bile ba etsa “liketso tse khopo.” E tlameha ebe batho bana ba ile ba hlabeha ha ba utloa molaetsa ona oa Enoke. Leha ho le joalo, ha aa ka a tšaba ho ba bolella molaetsa ona oo Jehova a neng a batla hore ba o utloe.

Batho bao ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Enoke? Bibele ha e re bolelle empa e bontša hore e ka ’na eaba ho na le nako eo ka eona Enoke a neng a le kotsing. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Bibele e re: “Empa o ile a nyamela hobane Molimo o ile a mo nka.” Ho ile ha etsahala’ng? Batho bao ba khopo ba ne ba hloile Enoke ’me e ka ’na eaba ba ne ba mo hlorisa. Kaha Jehova o ne a rata Enoke, ha aa ka a lumella batho bao hore ba mo lematse kapa ba mo bolaee, ho e-na le hoo, o ile a mo nka kapa a etsa hore a ithoballe lefung. Ka tsela eo, Enoke o ne a tla lula a sireletsehile mohopolong oa Jehova.

Leha ho le joalo, Jehova o ile a fa Enoke mpho e ikhethang pele a mo fallisa. Bibele e re: “Pele [Enoke] a fallisoa o ile a fuoa bopaki ba hore o thabisitse Molimo.” E ka ’na eaba Jehova o ile a bontša Enoke pono e bontšang hore o ne a tla phela ka khotso lefatšeng la paradeise. Pele Enoke a shoa, o ne a kholisehile hore Jehova oa mo rata le hore o ne a mo hlohonolofalitse hobane a ile a bontša hore o sebete le tumelo e matla.

Bala litemana tsena:

  • Genese 5:​21-24

  • Baheberu 11:5

  • Juda 14, 15

U ka re’ng?

Enoke o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. E ka ’na eaba Bibele e bolela’ng ha e re batho ba ile “ba qala ho bitsa lebitso la Jehova”? (Gen. 4:26; w01 9/15 29 ¶3)

  2. 2. Enoke ke motho oa pele oa ho etsa mosebetsi ofe o khethehileng? Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a khone ho phetha mosebetsi oo? (w01 9/15 31 ¶5)

  3. 3. E ka ’na eaba Enoke o ne a se a ntse a tseba hore o tla lokela ho ba sebete le pele a qala ho profeta. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? (w06 10/1 19 ¶13-14) A

    Litšoantšo: Enoke o nahana ka liketso tsa baholo-holo ba hae le ka liphello tsa tsona. 1. Serapa sa Edene se lebetsoe ke likerubime tse peli le sabole e tukang. 2. Adama le Eva ha ba se ba tsofetse. 3. Kaine o eme o shebile setopo sa ngoan’abo Abele eo a mo bolaileng.

    Setšoantšo A

  4. 4. U ka hlalosa joang hore Enoke ha aa ka a isoa leholimong joalokaha batho ba bang ba nahana? (Joh. 3:13; Baheb. 11:​5, 13)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Ke maemong afe ao re ka ’nang ra utloa re hloka ho ba sebete e le hore re bue le batho ka molaetsa oa Bibele? Ho latela mohlala oa Enoke, re ka thusoa ke’ng ha re tšohile? B

    Mor’abo rona ea sebetsang moo ho lokisoang likoloi o atamela mosebetsi-’moho le eena ea seng ka mahlong e le hore a mo memele libokeng. Batho ba bang ba sebetsang le mor’abo rona baa mo tšeha.

    Setšoantšo B

  • Jehova o ikutloa joang ha re mo sebeletsa ka sebete? (Liprov. 27:11; Baheb. 11:5)

  • U ka etsisa sebete seo Enoke a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Enoke eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Mohlala oa Enoke o ka u thusa joang ha u sebetsana le batho ba ratang ho loana?

Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona—Enoke, Eseng Lameke (2:53)

Ke’ng e ileng ea thusa Enoke hore a be le tumelo?

“Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere” (w05 9/1 13-17)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela