18 GIDEONE
O ne a le Sebete a Bile a le Hlokolosi
MOTHO ea sebete o lokela ho ba hlokolosi. Haeba a le hlokolosi, a ke ke a itšepa ho tlola, kapa a beha bophelo ba hae kotsing ho sa hlokahale. Gideone o ne a le sebete a bile a le hlokolosi. O phetse nakong eo Baiseraele ba neng ba boetse ba furaletse Jehova ’me ba rapela litšoantšo. Kahoo, Jehova o ile a tlohella Bamidiane hore ba kene naheng ea Baiseraele. Ba ile ba sotla Baiseraele hoo ba neng ba se ba tšaba le ho ea kotula masimong a bona. Leha ho le joalo, Gideone o ile a ba sebete ’me a tsoela pele a sebetsa e le hore a thuse batho ba bang ka lijo. Empa o ne a le hlokolosi. O ne a polela koro ka har’a sehatelo sa veine, seo ho ka etsahalang hore se ne se cheketsoe fatše hore Bamidiane ba se ke ba mo bona.
Bophelo bo ile ba e-ba thata hoo Baiseraele qetellong ba ileng ba kopa Jehova hore a ba thuse. Kahoo, o ile a romela moprofeta hore a ba hopotse hore na ke hobane’ng ha a ba lahlile. Hamorao Jehova o ile a romela lengeloi ho Gideone hore le tl’o mo bolella hore ke eena ea khethiloeng ho lopolla batho ba Molimo. Gideone o ile a kopa hore lengeloi leo le etse ntho e ikhethang ho mo tiisetsa hore le ronngoe ke Jehova. Lengeloi le ile la lumela eaba ka mohlolo le chesa sehlabelo seo Gideone a neng a se entse. Ka mor’a moo, lengeloi leo le ile la nyamela. Bosiung bona boo, Jehova o ile a bolella Gideone hore a lihe aletare le lipalo tse halalelang tsa Baale. Ka mor’a moo a mo hahele aletare a be a mo etsetse le mahlabelo. Gideone o ile a mamela Jehova. Empa kaha o ne a tšaba ntate oa hae le banna ba motseng oa habo, o ile a etsa lintho tsena bosiu e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea mo bonang.
Ka mor’a hore Gideone a lihe aletare le lipalo tse halalelang tsa Baale ka sebete, Bamidiane, lebotho le leholo la Baamaleke le batho ba Bochabela ba ile ba tla khohlong ea Jezriele ho tla loantša Baiseraele ’me ba ne ba le bangata haholo. Moea oa Jehova o ile oa susumeletsa Gideone ho romela baromuoa ho a mang a maloko a Baiseraele ho a kopa hore a tle a tl’o mo thusa ho loana. Le lekhetlong lena, Gideone o ne a le hlokolosi. O ile a kopa Jehova hore a mo etsetse mehlolo e meng e ’meli ho tiisa hore o ne a e-na le eena. Jehova ha aa ka a mo fella pelo empa o ile a etsa seo a mo kopang sona. Bosiung boo Gideone o ile a ala boea ba nku seotlong eaba Jehova o etsa hore bo oeloe ke phoka ’me bo be metsi le hoja ka thoko ho bona ho ne ho omme ngo! Bosiung bo latelang, Jehova o ile a etsa hore boea ba nku bo ome ngo! ha sebaka seo bo neng bo behiloe ho sona se ne se le metsi ke phoka.
Palo ea masole a Gideone e ne e le nyenyane haholo ha e bapisoa le ea lira tsa bona, ho ntse ho le joalo Jehova o ile a re a e fokotse le ho feta
Mehlolo eo e ’meli eo Jehova a ileng a e etsa, e ile ea etsa hore Gideone a be sebete ’me a nke banna ba ka bang 32 000 ho ea loantša masole a ka bang 135 000. Ha Baiseraele ba fihla Selibeng sa Harode, Jehova o ile a bolella Gideone hore masole a hae a mangata haholo. O ile a laela Gideone hore a bolelle masole ’ohle a tšohileng hore a khutlele hae. Ho ile ha sala banna ba 10 000 feela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re ba ntse ba le bangata haholo. E le hore Jehova a ka khetha banna ba neng ba tla sala le Gideone, o ile a re Gideone a ee selibeng le banna ba hae ’me a shebe hore na ba noa metsi joang. Banna bohle ba ileng ba noa metsi ba khumame ebile ba inamisitse lihlooho, ho ile ha thoe ba ee hae. Leha ho le joalo, banna ba bang bona ba ne ba le hlokolosi. Ha ba noa metsi ba ile ba kotsama, ’me ba kha metsi ka matsoho ho a tlisa melomong ea bona hore ba ’ne ba bone se ntseng se etsahala. Banna bana ba hlokolosi ke bona ba ileng ba khethoa ho ea ntoeng. Qetellong, Gideone o ile a sala ka banna ba 300 feela.
Le hoja Gideone a ne a setse ka lebotho le fokolang, o ile a ba sebete ’me a itokisetsa ho hlasela. Jehova o ile a mo fa bopaki bo bong ba hore o na le eena. O ile a re Gideone a nyonyobe bosiu, a ee litenteng tsa lira tsa bona. Ha Gideone a fihla moo, o ile a utloa lesole le ntse le qoqela la habo lona ka toro eo le bileng le eona. Lesole le neng le mametse le ile la re toro eo e bolela hore Baiseraele ke bona ba tl’o hlola. Ha Gideone a utloa seo, o ile a ba sebete eaba o khutlela ho banna ba hae ’me o ba fa litaelo tsa hore na ba ka hlola lira tsa bona joang. O ile a re ho bona: “Le nchebe ’me le nketsise.” Gideone le banna ba hae ba ile ba lika-liketsa lira tsa bona bosiu. Ba ne ba tšoere linkho tse kholo, mabone le manaka. Ha Gideone a ba bontša hore ke nako ea ho hlasela, ba ile ba letsa manaka, ba pshatla linkho ’me ba hoeletsa ba re: “Sabole ea Jehova le Gideone!” Lerata leo le leholo le khanya li ile tsa etsa hore lira tsa bona li nahane hore li lika-likelitsoe ebile li hlaseloa ke lebotho le leholo. Kaha li ne li tšohile haholo ebile li ferekane, Jehova o ile a etsa hore li bolaeane ka botsona. Ke ba 15 000 feela ba ileng ba pholoha ’me ba baleha.
Gideone le banna ba hae ba ile ba ba lelekisa. Qetellong ba ile ba hlola lira tsa bona le ho bolaea marena a tsona. O ile a boela a fana ka kotlo ho batho ba ileng ba hana ho fa banna ba hae lijo ha ba ntse ba loantša lira tsa Jehova. Ka mor’a moo, sechaba se ile sa batla ho etsa Gideone morena. Ka boikokobetso o ile a hana, a re: “Jehova ke eena ea tla le busa.” Molimo o ile a putsa monna eo ea sebete le ea hlokolosi. Nakong eo Gideone e neng e le moahloli Iseraele, ha hoa ka ha e-ba le lintoa ho hang ho fihlela ha a hlokahala a se a tsofetse. Ha moapostola Pauluse a bua ka banna le basali ba nang le tumelo e matla, o ile a kenyelletsa le Gideone.—Baheb. 11:32.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Gideone o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ho na le lesole le ileng la lora le bona “bohobe ba harese bo selika-likoe.” Ke hobane’ng ha bohobe boo bo ne bo tšoantšetsa lebotho la Gideone hantle? (Baahl. 7:13; it “Harese” ¶7-wcgr)
2. Ke hobane’ng ha lerata la manaka a 300 le ileng la etsoa ke banna ba Gideone le ile la ferekanya le ho tšosa Bamidiane? (it “Lenaka” ¶3-wcgr) A
Setšoantšo A: Baiseraele ba ne ba sebelisa manaka a liramo ho fana ka temoso
3. Gideone le masole a hae ba ne ba lokela ho etsa’ng ho hlola Bamidiane? (w04 10/15 16 ¶9-10) B
Setšoantšo B: Gideone o ile a lelekisa Bamidiane sebaka se bolele ba lik’hilomithara tse ka bang 80 ho ea Jogbeha (ha re tsebe hore na hantle-ntle ba tsamaile ka tsela efe)
4. Ke lintlha life tse hlahang ka Bibeleng tse netefatsang hore tlaleho ee ke ’nete? (w05 4/15 32)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Gideone o ile a thusa sechaba sa Molimo hore se hlole. Leha ho le joalo, o ne a ikokobelitse a bile a bopa khotso le batho ba bang ka hore a bue le bona hantle. (Baahl. 8:1-3) Lihlooho tsa malapa le baholo ba ka etsisa Gideone joang haeba ho e-na le motho ea utloisitsoeng bohloko ke lintho tseo ba li etsang?
Ke maemong afe moo re ka lokelang ho ba sebete le ho ba hlokolosi? C
Setšoantšo C
U ka etsisa sebete seo Gideone a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Gideone eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
U ka etsisa Gideone joang haeba u fuoa kabelo ka mokhatlong oa Jehova?
Sebelisa pale ena ea Bibele e tsamaisanang le litšoantšo ho thusa bana ba hao ho tšepa Molimo.
“Jehova o Thusa Gideone Hore a be Sebete” (ijwis sehlooho sa 13-wcgr)