Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 21 leq. 98-leq. 101
  • Moshanyana ea Ileng a Fetisa Molaetsa oa Jehova ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moshanyana ea Ileng a Fetisa Molaetsa oa Jehova ka Sebete
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Samuele o Ile a Khomarela se Nepahetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Samuele o Ile a Lula a Etsa Lintho Tse Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 21 leq. 98-leq. 101

21 SAMUELE

Moshanyana ea Ileng a Fetisa Molaetsa oa Jehova ka Sebete

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

SAMUELE o ne a tšoana le morali oa Jafeta le Samsone ka tsela e itseng. Ba le joalo kaofela, liketso tsa batsoali ba bona li ile tsa ama maphelo a bona ka tsela e khethehileng. Joaloka morali oa Jafeta, Samuele o ile a qeta bophelo ba hae a sebeletsa Jehova ka tsela e ikhethang. (1 Sam. 2:11) Joaloka Samsone, Samuele e ne e le Monazari bophelo bohle ba hae. (Baahl. 13:7) Samuele le eena o ne a hloka ho ba sebete joaloka morali oa Jafeta le Samsone.

Ha Samuele a tlohelisoa letsoele, mohlomong a le lilemo li tharo kapa ka holimonyana ho moo, ’mè oa hae Anna o ile a mo isa tabernakeleng e Shilo hore a e’o sebeletsa Jehova. O ile a etsa seo hobane a ne a tšepisitse Jehova. Empa selemo se seng le se seng o ne a chakela mora oa hae ’me ha a tla o ne a lula a mo tlela seaparo se secha. Samuele o ile a holela moo a hlokomeloa ke moprista ea phahameng Eli, ea neng a se a holile. Ho ka etsahala hore ebe basali ba bang tabernakeleng ba ne ba thusa ho mo hlokomela.

Leha ho le joalo, batho ba ne ba etsa lintho tse mpe haholo tabernakeleng ’me Eli ha aa ka a ema ka maoto ho lokisa boemo. Bara ba hae ba babeli e leng Hofni le Finease ba ne ba le khopo. Ba ne ba etsa boitšoaro bo bobe le ba bang ba basali ba neng ba sebeletsa moo tabernakeleng ea Jehova e halalelang. Hape ba ne ba sa hlomphe mahlabelo a etsetsoang Jehova. Ba ile ba laela basebeletsi ba tempele hore ha batho ba tlisitse linyehelo tempeleng, ba ba nkele likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a bona pele a ka nyeheloa ho Jehova. Eli o ne a tseba lintho tsena tseo bara ba hae ba neng ba li etsa. Leha ho le joalo ha aa ka a ba khalemela ka thata, kahoo ba ile ba iphapanyetsa eena. Ho sa tsotellehe lintho tse mpe tse neng li pota-potile Samuele, o ile a lula a e-na le kamano e ntle le Molimo ’me ha a ntse a hola le batho ba ile ba mo rata. Ha nako ea hore Jehova a nke khato ka lintho tse neng li etsoa Shilo e fihla, o ile a khetha Samuele hore e be eena ’muelli oa hae.

Bosiung bo bong Samuele o ile a tsosoa ke lentsoe la motho ea buang le eena. Jehova o ne a mo bitsa. Empa Samuele o ne a nahana hore ke Eli, kahoo a matha ho ea utloa hore na o ne a re’ng. Eli ea neng a se a tsofetse a bile a sa bone o ile a re a khutle a e’o robala hobane o ne a sa mo bitsa. Ntho ena e ile ea etsahala ka makhetlo a mang a mabeli. Qetellong Eli o ile a hlokomela hore na ho ne ho etsahala’ng, kahoo a bolella Samuele hore a tsamaee a e’o robala hape. Eli o ile a mo bolella hore ha Jehova a ka mo bitsa hape a tle a re: “Bua Jehova hobane mohlanka oa hao o mametse.” Samuele o ile a etsa feela joalokaha a boleletsoe.

Lekhetlo la bone Jehova a bua hape a re: “Samuele, Samuele!” Samuele a araba a re: “Bua hobane mohlanka oa hao o mametse.” Eaba Jehova o bua le eena. O ile a re o tl’o lokisa mathata a neng a le Shilo le hore o tl’o fana ka kotlo ho Eli ka lebaka la ho hloleha ho khalemela bara ba hae. Jehova o ne a tl’o fana ka kotlo ho Eli, lelapa la hae ho akareletsa le bara ba hae. Samuele o ne a lokela ho bolella Eli lintho tsena kaofela.

Samuele o ile a robala hape empa Bibele ha e bontše hore na o ile a khona ho khaleha. O ile a tsoha mesong eaba o bula menyako ea ntlo ea Jehova. Ke ntho e utloahalang hore ebe Samuele “o ne a tšaba ho bolella Eli ka pono eo a e boneng.” Eli o ile a bitsa Samuele eaba o re a mo bolelle hore na Molimo o itse’ng ho eena. Ho ka etsahala hore ebe Eli o ile a hlokomela hore Samuele o ne a tšohile, kahoo o ile a re: “Ke kopa u se ke oa mpatela oona.”

Samuele o ile a tlameha ho bolella Moprista ea Phahameng Eli molaetsa oa kahlolo o tsoang ho Jehova le hoja e ne e sa ntse e le moshanyana

Ntle ho potang eo e bile nako e boima ho Samuele. Ho ka etsahala hore ebe Samuele o ne a nka Eli joalokaha eka ke ntate-moholo oa hae. Hape Eli e ne e le moprista ea phahameng ebile a etella pele sechaba borapeling. Empa Samuele o ile a bua le eena. Ha e le hantle, ‘Samuele o ile a mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’ Eli o ile a hlokomela hore haufinyane o tla oeloa ke tlokotsi. Na o ile a qetella a khalemetse bara ba hae ba khopo? Ha ho na bopaki ba hore o ile a etsa joalo.

Samuele o eme pel’a monyako oa lebala la tabernakele, o ntse a bua le Moprista ea Phahameng Eli.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Samuele haholo ka lebaka la sebete seo a ileng a se bontša. Bibele e re: “Jehova o ne a e-na le eena.” Ka nako eo e ile ea e-ba moprofeta oa Jehova ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e profeta e ne e phethahala. Lintho tsohle tseo a ileng a li bua ka Eli le bara ba hae li ile tsa phethahala. Lilemo tse ngata hamorao, Jehova o ile a sebelisa Samuele ho tataisa sechaba sa Iseraele. Samuele o ile a qeta lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka botšepehi e le moprofeta le moahloli. O ile a ithuta ho ba sebete ho tloha a sa le monyenyane eaba o tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka sebete bophelo bohle ba hae.

Bala litemana tsena:

  • 1 Samuele 1:​9-11, 24-28; 2:​12-36; 3:​1-21; 25:1

  • Baheberu 11:32

U ka re’ng?

Samuele o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Hlalosa hore na Shilo, e leng moo tabernakele e neng e le hona teng, e ne e le sebakeng se joang. (w92 11/1 8-9) A

    Todd Bolen/BiblePlaces.com

    Setšoantšo A: Sebaka seo Shilo e neng e le ho sona mehleng ea boholo-holo

  2. 2. Bophelo ba Samuele bo ne bo le joang tabernakeleng? (ia 61-62 ¶9-13) B

    Samuele o bula menyako ea ntlo ea Jehova.

    Setšoantšo B

  3. 3. Ke hobane’ng ha Bibele e re ha Samuele a ntse a le monyenyane “o ne a e-s’o tsebe Jehova”? (1 Sam. 3:7; w02 12/15 8 ¶5-6)

  4. 4. Boprofeta bo buang ka lelapa la Eli bo ile ba phethahala joang? (it “Eli, I” ¶5-7-wcgr)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Haeba u motho ea mocha, u ka ithuta’ng mohlaleng oa Samuele ka bohlokoa ba . . .

    • ho mamela? (1 Sam. 3:5)

    • ho bua hantle le batho le ho ba hlompha? (1 Sam. 3:​6-10)

    • ho ba motho ea ka tšeptjoang? (1 Sam. 3:15) C

      Mor’abo rona e mocha o ntse a sheba hore na ke lintho life tse hlokang ho eketsoa linthong tse hloekisang Holo ea ’Muso. Mor’abo rona e mong o libukeng o ntse a eketsa limakasine, ha morali oa bo rona a ntse a hloekisa pel’a hae.

      Setšoantšo C

  • Ke maemong afe moo mocha a ka hlokang sebete sa ho bua? Mohlala oa Samuele o ka mo thusa joang?

  • U ka etsisa sebete seo Samuele a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Samuele eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Ke maemong afe moo bacha le batho ba baholo ba ka hlokang sebete sa ho etsa ntho e nepahetseng?

Re Ithuta’ng Mohlaleng oa Bona?—Samuele (4:53)

Le hoja batho bao Samuele a neng a phela le bona ba ne ba sa hlomphe Molimo, o ile a khetha ho etsa lintho tse nepahetseng.

“Samuele o Khetha ho Sebeletsa Jehova” (ijwis sehlooho sa 15-wcgr)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela