Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 23 leq. 110-leq. 113
  • O lle a Loana le Senatlahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O lle a Loana le Senatlahali
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Davida le Goliathe
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Davida o ne a sa Tšabe Letho
    Ruta Bana ba Hao
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 23 leq. 110-leq. 113

23 DAVIDA

O lle a Loana le Senatlahali

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

DAVIDA o ne a shebile monna ea neng a eme ka nģane ho khohlo ea Ela. Lebitso la monna eo e ne e le Goliathe. Goliathe e ne e le senatlahali! Ka bolelele o ne a ka ba limithara tse ka bang tharo a bile a le matla haholo. Mojari oa lihlomo tsa hae o ne a shebahala a le monyenyane haholo ha a eme pel’a hae. Batho ba bangata ba ne ba tšoha ha ba bona senatla sena. Davida o ne a sa tšabe Goliathe hobane ho ne ho e-na le ntho eo a neng a e tšepile.

Nakoana pele ho ntoa, moprofeta Samuele o ile a tlotsa Davida eaba o re Davida e tl’o ba eena morena ea latelang oa Iseraele. Moea oa Jehova o ile oa tataisa moshanyana enoa ka litsela tse hlollang ka mor’a hore a tlotsoe. Davida o ne a tsebahala e le “monna ea sebete le ea matla,” le hoja a ne a le monyenyane hore a ka kenela sesole. Leha ho le joalo, letsatsing leo o ne a ile ntoeng hobane a ronngoe ke ntate oa hae Jese hore a e’o bona hore na bo-abuti ba hae bao e neng e le masole a Iseraele ba ntse ba ea joang. Ho ka etsahala hore ebe Davida o ne a e-s’o be lilemo li 20 ka nako eo.

Ha a fihla Khohlong ea Ela, o ile a fumana hore e se e le libeke joale masole a Baiseraele le a Bafilista a le moo empa a sa loantšane. Lebotho la Baiseraele le ne le le ka nģena ho khohlo, la Bafilista le le ka nģane ho khohlo. Davida a utloa Goliathe a hoelelitse a ntse a rohaka Baiseraele. Davida o ne a sa kholoe seo a se utloang! Ha e le hantle mohetene enoa o ne a rohaka Jehova, eseng Baiseraele. Davida o ile a botsa masole hore na ha e le hantle Goliathe enoa ke mang, a ba a kopa hore a mo bolelle hore na Morena Saule o ne a tla putsa motho ea tla hlola Goliathe joang. Abuti oa hae Eliabe o ne a nahana hore o mpa a tletse ho tla shebella ntoa, eaba oa mo halefela. Empa Davida o ile a tsoela pele ho khothatsa masole a Iseraele.

Morena Saule o ile a bolelloa hore na Davida o itse’ng eaba oa mo bitsa. Davida o ile a leka ho khothatsa morena ka ho mo bolella hore ba se ke ba tšoha ka lebaka la Goliathe. O ile a ithaopela ho ‘ea loantša Mofilista eo.’ Empa Saule o ne a sa batle hobane o ne a nahana hore Goliathe o tla ranthanya Davida. Leha ho le joalo, Davida o ile a mo bolella hore Jehova o kile a mo thusa ho bolaea tau le bere ha li ne li leka ho hlasela mohlape oa ntate oa hae. Kahoo, Saule o ile a qetella a lumetse eaba o mo fa liaparo tsa hae tsa ntoa le sabole. Empa lintho tsena li ne li le kholo haholo ho Davida ebile li mo imela, kahoo, o ile a li tlohela eaba o khetha ho nka molamu oa hae le letjeketjane.

Ha Davida a ea ho Goliathe lehlakoreng le leng la khohlo, o ile a pota nokaneng, a fihla a nka majoe a mahlano a boreleli. Ka mor’a moo, a ea a tobile senatlahali seo. Ha Goliathe a bona Davida a tla ho eena, o ile a mo tšeha a re o tla ho eena “ka lithupa,” mohlomong e ne e le hobane a nkile molamu oo a lisang ka oona. Ho ka etsahala hore ebe Goliathe o ne a sa bone letjeketjane leo Davida a neng a le tšoere, leo a neng a ka le sebelisa e le sebetsa se kotsi. Goliathe o ile a “rohaka Davida ka melimo ea hae.” A ba a re: “Ke tl’o fepa linonyana le liphoofolo tse hlaha nama ea hao.”

Ha Davida e sa ntse e le mocha, o ile a loantša senatlahali se neng se rohaka Jehova

Davida o ile a re ho Goliathe: “U tla ho ’na ka sabole, lerumo le ka lerumo le betsoang empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa mabotho a Iseraele, eo u mo rohakileng.” Mantsoe ao a ile a bontša hore na ke hobane’ng ha Davida a ne a le sebete hakaalo. Lebaka ke hobane o ne a sa ipapise le Goliathe empa o ne a bapisa Goliathe le Molimo. Kahoo, Davida o ne a kholisehile hore a ka bolaea Goliathe le hore Bafilista ba ne ba tla hloloa.

Davida a mathela Goliathe. A kenya letsoho ka mokotleng oa hae, a nka lejoe eaba o le kenya letjeketjaneng ’me o betsa Goliathe ka lona. Haeba e ne e le hona Goliathe a hlokomelang hore Davida o tšoere letjeketjane, o ne a siiloe ke nako. Lejoe le ile la tsoa letjeketjaneng eaba le kenella phatleng ea Goliathe. Senatla seo se ile sa “oela fatše ka sefahleho.” Davida a matha, a ea ho Goliathe eaba o nka sabole ea hae o mo khaola hlooho. Ka mor’a moo, masole a Baiseraele a ile a ba sebete. A hoeletsa eaba a hlasela Bafilista. Letsatsing leo, batho ba Molimo ba ile ba hlola Bafilista. Mohlala oa Davida o ile oa thusa Baiseraele ho ba sebete ’me o ntse o tsoela pele ho thusa le rona kajeno.

Davida o mathela ho Goliathe, o mo betsa ka letjeketjane. Mojari oa lihlomo tsa Goliathe o eme pel’a Goliathe ea ntseng a atamela Davida a bile a mo rohaka.

Bala litemana tsena:

  • 1 Samuele 16:​13, 18, 19; 17:​1-54

U ka re’ng?

Davida o ile a bontša joang hore o sebete ha e sa le mocha?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Lelokong la habo Davida, ke bo-mang ba neng ba le sebete? (Mat. 1:​5, 6; Luka 3:​31-38; w12 10/1 24 ¶2)

  2. 2. Ke’ng e bontšang hore tlaleho ee ha se tšomo feela? (wp16.5 13) A

    Collection the Israel Antiquities Authority. Photo © The Israel Museum, by Meidad Suchowolski

    Setšoantšo A: Lejoe le ka bang lilemo li 2 800 le nang le mongolo o buang ka “Lelapa la Davida”

  3. 3. Hlalosa hore na Davida o ne a phela joang ha e sa ntse e le molisana. (w11 9/1 27 ¶1–28 ¶1) B

    Molisana o fulisa mohlape oa hae oa linku thabeng.

    Todd Bolen/BiblePlaces.com

    Setšoantšo B

  4. 4. Re tseba joang hore batho ba bang ba ne ba khella Davida fatše? (w21.03 3 ¶6; it “Eliabe” No. 4 ¶1-wcgr)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Ho nahana ka mohlala oa Davida ho ka u thusa joang . . .

    • ha u tšohile? C

      Mocha e mong o mametse tichere ea hae ka tlhompho ha e bua le eena e supile lehata leo e le tšoereng ka letsohong. Ka morao ho na le setšoantšo se bontšang ho iphetola ha lintho.

      Setšoantšo C

    • ho hlola takatso ea ho etsa lintho tse mpe?

  • Ha batho ba bang ba bona hore u sebete, ntho eo e ka ba thusa joang? (1 Sam. 17:​50-53)

  • U ka etsisa sebete seo Davida a ileng a se bontša tlalehong ee ka litsela life tse ling?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Davida eng ka karolo ee ea bophelo ba hae ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Pineng ena ea bana, ithute hore na ke ’ng e ileng ea thusa Davida hore a be sebete.

Davida o Behetse Bacha Mohlala (2:35)

Bara ba bo rona ba ka etsa’ng e le hore batho ba bang ba ba hlomphe joaloka Davida?

“Barab’abo Rona ba Bacha, le ka Etsaʼng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?” (w21.03 2-5 ¶1-11)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela