Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 25 leq. 118-leq. 121
  • O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Davida le Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Davida o Etsoa Morena
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lebaka le Etsang Hore Davida a Tlamehe ho Baleha
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Ile a Fetola Bophelo ba Hae
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 25 leq. 118-leq. 121

25 DAVIDA

O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

HO NA le nako eo ka eona Saule a neng a rata Davida haholo, a ba a mo etsa mojari oa lihlomo tsa hae. Ka mor’a moo, o ile a mo etsa molaoli oa sesole sa hae. Empa Saule o ne a se a batla ho bolaea Davida. Kahoo, o ile a baleha. Molimo o ne a tšepisitse Davida hore e tla ba morena empa Davida o ne a ipatile lefeelleng a leka ho itšireletsa le banna ba hae ba 600.

Saule e ne e se e le morena ea khopo. O ne a monela Davida. Kahoo, Saule o ile a mo halefela hoo a ileng a ba a leka ho mo bolaea. Ka letsatsi le leng, Davida o ile a fumana monyetla oa ho bolaea Saule empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hore Saule a ananele taba eo, o ile a ’na a leka ho mo bolaea. Banna ba motse oa Zife ba ile ba bolella Saule hore na Davida o ipatile hokae ’me lena e ne e le lekhetlo la bobeli ba etsa joalo. Ha banna bao ba qeta ho bolella Saule hore na Davida o ipatile hokae, o ile a mo lelekisa.

Ebe Davida o ne a tla etsa’ng? Ha a utloa hore Saule o lefeelleng, o ile a roma ba bang ba banna ba hae hore ba e’o netefatsa taba eo. Le hoja Saule a ne a e-na le masole a 3 000, Davida ha aa ka a tšoha. Ha e le hantle, ka eona nako eo o ile a ngola mantsoe a reng: “Molimo ke mothusi oa ka. Jehova o na le ba ntšehetsang.” (Ps 54:4; sehloohoana) Kahoo, Davida o ile a rera ho ea tenteng ea Saule bosiu eaba oa botsa hore na ke mang ea batlang ho mo felehetsa.

Abishai o ile a ithaopa. E ne e le mora ea sebete oa ngoan’abo Davida empa ka linako tse ling o ne a hloka mohau. Davida le Abishai ba ile ba kena tenteng ea Saule ba nanya. Ha ba se ba le ka hare, ba ile ba fumana batho bohle ba robetse. Jehova ke eena ea neng a entse hore ba be le boroko bo tebileng. Davida le Abishai ba ile ba fumana Morena Saule. Le eena o ne a khalehile. Ho ne ho se na motho ea mo katileng ’me lerumo la hae le ne le hlonngoe fatše pel’a hlooho ea hae.

Davida le Abishai ba kena ka tenteng ea Saule ba nanya bosiu ha a khalehile. Lerumo la Saule le ne le hlonngoe pel’a hlooho ea hae.

Ebe Davida o ne a tla etsa’ng? A ka be a mo bolaile habonolo feela ’me mohlomong o ne a ke ke a hlola a baleha Saule ebe qetellong e ba morena. Abishai o ne a ipotsa hore na ke hobaneng ha Davida a sa ka a bolaea Saule hang-hang. O ile a mo sebela, a re: “Kajeno Molimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao. Ke kopa u ntumelle hore ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela. Ho ke ke ha hlokahala hore ke mo phete.”

Davida o ile a hopola nakong e fetileng ha a ne a le boemong bo tšoanang. Ha a le lefeelleng la Ene-gedi, Saule o ile a kena ka lehaheng leo Davida a neng a ipatile ka ho lona. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a hlokomela hore Davida o ne a le teng kamoo. Ho ka be ho bile bobebe hore Davida a mo bolaee. Empa Davida ha aa ka a mo ntša kotsi. O ile a seha mophetho oa seaparo sa Saule se se nang matsoho. Leha ho le joalo, seo se ile sa etsa hore letsoalo la Davida le khathatsehe. Davida o ile a ikutloa a soabile ka ho hlompholla motlotsuoa oa Jehova.

E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Davida a thibele Abishai ho bolaea Saule bosiung boo. O ne a tseba hore Abishai le eena o ntse a baleha Saule. Banna ba Davida kaofela ba ne ba batla hore Saule a tlohele ho ba hlorisa. Empa Davida o ne a sa batle ho ntša Saule kotsi. O ile a khalemela Abishai, a mo kopa hore a be le mamello. Davida o ile a re ho Abishai: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore Jehova ka boeena o tla mo bolaea [Saule] kapa hore ka le leng o tla shoa joaloka batho ba bang bohle kapa o tla ea ntoeng ’me a bolaoe.” O ile a boela a re: “Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke ntše motlotsuoa oa Jehova kotsi.”

Davida o ne a tla etsa’ng ha a tobana le teko ea ho bolaea sera se matla?

Davida o ne a tseba hore Jehova o tla fa Saule kotlo ka nako e loketseng. Pesalemeng eo re buileng ka eona lirapeng tse fetileng, Davida o ile a ngola mantsoe ana ka Jehova: “O tla putsa ba ntlhoileng ka bobe ba bona.” (Ps. 54:5) Davida le Abishai ba ile ba tsoa ka tenteng eo Saule a neng a le ka ho eona, eaba ba nyolohela holimo haufi le moo e neng e hlonngoe teng. Davida o ile a hoeletsa Saule le masole a hae. O ile a botsa masole a Saule hore na ke hobane’ng ha a sa lebela morena. Hape o ile a re Saule a tlohele ho mo lelekisa hobane ha se sera sa hae. Saule o ile a soaba haholo. O ile a amohela hore o entse phoso, eaba o re: “Kannete ke entse booatla ebile ke entse phoso e kholo.”

Na Saule o ne a tla fetoha? E ka ’na eaba Davida o ne a tseba hore Saule a ke ke a fetoha. Empa Davida o ne a sa tl’o ikoahlaela seo a se entseng hobane o ne a bontšitse sebete ka ho mamela letsoalo la hae. Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a hlohonolofatsa mohlanka enoa oa hae ea tšepahalang le ea sebete ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng.

Bala litemana tsena:

  • 1 Samuele 16:21; 18:​5-14; 23:19; 24:​3-7; 26:​1-25

U ka re’ng?

Davida o ile a bontša joang hore o sebete nakong eo a neng a baleha Saule?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Le hoja ka linako tse ling Abishai a ne a etsa lintho ka ho hloka mohau le ka lepotlapotla, ke joang a ileng a sireletsa batho ba Jehova ka sebete le ho tšehetsa Davida? (it “Abishai” ¶3-5-wcgr)

  2. 2. Ke hobane’ng ha Davida a ile a itšoantša le “nonyana ea naheng lithabeng”? (1 Sam. 26:20; it “Nonyana ea Naheng” ¶4-wcgr) A

    Nonyana ea naheng e lutse holim’a lejoe thabeng.

    Ekaterina Kolomeets/stock.adobe.com

    Setšoantšo A

  3. 3. Ke hobane’ng ha Davida a ne a hloka ho ba le mamello? (w17.08 6 ¶14-15)

  4. 4. Davida o ile a bontša joang hore o ntse a hlompha bolaoli ba Jehova lilemo tse ngata hamorao? (w21.09 10 ¶8) B

    Morena Davida o bontša Solomone thepa e ngata eo a e batlileng bakeng sa ho haha tempele.

    Setšoantšo B

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Le hoja Saule a ne a etsa liphoso tse ngata, Davida o ne a ntse a hlompha bolaoli ba hae. Rona re ka etsa seo joang ha re sebetsana le . . .

    • batsoali ba rona? C

      Ngoanana le motsoalle oa hae ba tsoa ka tlung ba nkile bolo. Ha ba re baa tsamaea, ’mè oa ngoanana eo o ba supisa lijana tse tletseng sinki ka kichineng.

      Setšoantšo C

    • baeta-pele ba ’muso? D

      Mor’abo rona, mosali oa hae le morali oa bona ba tsamaea har’a pula e nang ka sefefo. Ba mametse lepolesa le ba bolellang hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fihle sebakeng se sireletsehileng.

      Setšoantšo D

    • baholo ka phuthehong? E

      Mor’abo rona ea holileng oa moholo o mametse ka hloko ha moholo e mong ea ntseng a le mocha a mo hlalosetsa hore na a behe literoli joang.

      Setšoantšo E

  • Davida o ile a ba sebete ’me a mamela letsoalo la hae. Ke maemong afe moo re ka hlokang hore re be le sebete sa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

  • U ka etsisa sebete seo Davida a ileng a se bontša joang tlalehong ee?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Davida eng ka karolo ee ea bophelo ba hae ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Bona lintho tse ileng tsa etsahala tlalehong ena ea Davida.

Hopola Kamoo Lerato le Leng Kateng—Le Mamella Lintho Tsohle (1:29)

Bana ba ka ithuta’ng ho Saule ea ileng a qala a ikokobelitse empa a qetella e le motho ea ikhohomosang?

“Morena Saule” (Karete ea Bibele e Inthaneteng)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela