Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 30 leq. 138-leq. 141
  • O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Mohlolohali oa Sarepta o Ile a Putsoa ka Lebaka la Tumelo ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Mora oa Mohlolohali o Tsosoa Bafung
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Molimo oa ka ke Jehova”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 30 leq. 138-leq. 141

30 MOHLOLOHALI OA SAREPTA

O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

HO NE ho e-na le mohlolohali e mong ea neng a lula motseng oa Sarepta le mora oa hae e monyenyane. Ho ne ho bile le komello ka nako e telele motseng oo, kahoo ho ne ho se na lijo. Ka mosa, Molimo oa Baiseraele o ne a fane ka melao e neng e etsa bonnete ba hore bahlolohali le bana ba se nang bo-ntate ba fumana lintho tseo ba li hlokang. Empa mohlolohali eo e ne e se Moiseraele. Motseng oa Sarepta toropong ea Sidone oo a neng a lula ho oona, ho ne ho busa Morena Ethebaale ea neng a rapela molimotsana Ashtorethe. Ho bonahala eka e ne e boetse e le moprista oa molimotsana eo. Batho ba neng ba rapela Ashtorethe ba ne ba etsa lintho tse khopo le boitšoaro bo nyonyehang e le ho mo khahlisa. Re ka inahanela feela hore na ho ne ho le thata hakae ho mohlolohali enoa hore a phele le batho bao linakong tseo tse thata. Mohlomong o ne a ipotsa a re: “Ebe ho tla etsahala’ng ka ’na le ngoana’a ka? Na ho na le motho ea bonang hore ke hloka thuso? Na ho na le motho ea ntsotellang?”

O ne a sehla ka thata ho fumanela eena le mora oa hae lijo hore ba se ke ba bolaoa ke tlala. Empa boemo bo ne bo ntse bo mpefala, ba ne ba se ba nkhella lefu haufinyane.

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho e neng e ikhetha ka mohlolohali enoa. Lilemo tse ka bang 1 000 hamorao, Jesu Kreste o ile a re Jehova o ile a hlokomela hore mosali enoa o ne a e-na le tumelo e matla ho feta batho ba Iseraele. Ka tsela e itseng, ho bonahala eka mohlolohali enoa o ne a ile a ithuta ka Jehova, Molimo oa Iseraele, eaba o khahloa ke tsela eo a tšoarang batho ba hae ka eona. Le hoja a ne a lula naheng ea batho ba neng ba rapela melimo ea bohata, eena o ne a lumela ho Jehova, a nka hore ke eena feela Molimo oa ’nete. Joale ebe ke’ng eo Jehova a neng a ka e etsetsa mosali eo ea neng a lula naheng ea bahetene?

Jehova o ile a mo tlisetsa motho ea tla mo thusa. Jehova o ile a laela moprofeta Elia hore a ee ho mohlolohali eo ’me a lule le eena nakong eo ea komello. Ha moprofeta a fihla motseng oa Sarepta, o ile a fumana mosali ea neng a ntse a roalla patsi. O ile a bua le eena ka mosa a re: “Ke kopa u ntlisetse metsi a manyenyane e le hore ke noe.” Mohlolohali eo o ne a qala ho bona Elia. Leha ho le joalo, o ile a ea a e’o mo tlela le metsi. Mohlomong o ile a hlokomela hore monna enoa ke mohlanka oa Jehova hobane o ne a ikokobelitse, a bua le eena ka mosa a bile a apere joaloka baprofeta ba Jehova. Na mosali eo ke eena eo Jehova a neng a romme Elia ho eena? Elia o ile a boela a mo kopa bohobe e le hore a netefatse hore ehlile ke eena.

Moprofeta Elia o atamela mohlolohali oa Sarepta ea ntseng a roalla patsi ka ntle ho motse. Naha e omeletse haholo le lifate ha li na makhasi.

Mohlolohali enoa o ile a hlalosetsa moprofeta boemo ba hae. A qala ka hore: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa hao ea phelang.” Mantsoe ana a ne a bontša hore o lumela hore Jehova ke Molimo oa ’nete, e leng “Molimo ea phelang.” (Jer. 10:10) O ile a bolella Elia hore ha a na bohobe, o na le phofo e ka tlalang seatla feela e ka nkhong e kholo le oli e nyenyane e ka nkhong e nyenyane. O ne a tl’o besa mollo ’me a phehele eena le mora oa hae lijo tsa ho qetela. O ile a bolella Elia seo a neng a lebeletse hore se tl’o etsahala. O ile a re: “Re tla ja ka lekhetlo la ho qetela ebe rea shoa.”

Eena le mora oa hae, ba ne ba tl’o bolaoa ke tlala, empa moprofeta oa Jehova o ile a mo kopa hore a mo fe lijo tsa hae tsa ho qetela

E tlameha ebe mosali eo o ile a makala ha a utloa mantsoe a latelang a Elia, ha a re: “U se ke oa tšoha.” Ke hobane’ng ha Elia a ile a bua mantsoe ao a ntse a bona hore mosali eo le mora oa hae ba tl’o bolaoa ke tlala e se khale? Mosali eo o ile a mo mamela le hoja a ne a sa mo utloisise. Elia o ile a mo bolella seo Jehova a neng a tl’o mo etsetsa sona. Haeba a ne a ka etsetsa moprofeta bohobe bo bonyenyane pele, Jehova o ne a tla mo putsa. O ne a tl’o etsa bonnete ba hore phofo e ka nkhong ea hae e kholo le oli e ka nkhong e nyenyane li se ke tsa fela, ho fihlela a nesa pula.

Ntho eo Elia a ileng a re mohlolohali enoa a e etse e ile ea leka tumelo ea hae. Na o ne a tla fa moprofeta oa Jehova lijo tsa hae tsa ho qetela? Ho ka etsahala hore ebe o ne a tseba hore Jehova o kile a etsetsa batho ba hae lintho tse hlollang. Kahoo, o ne a ke ke a hloloa ke ho fepa eena le mora oa hae. Joale na mohlolohali eo o ne a tla ba le sebete ’me a mamele Elia? Bibele e re: “A tsamaea ’me a etsa feela joalokaha Elia a buile.”

Jehova o ile a putsa mohlolohali eo haholo ’me a phethahatsa tšepiso ea hae. Ka mohlolo, Jehova o ile a etsa hore phofo e ka nkhong e kholo le oli e ka nkhong e nyenyane li se ke tsa fela e le hore mohlolohali enoa le mora oa hae, hammoho le Elia ba lule ba e-na le lijo ho fihlela komello e fela. Jehova o ile a boela a mo etsetsa ntho e ’ngoe e hlollang. Ngoana oa mohlolohali eo o ile a kula ka tšohanyetso a ba a hlokahala. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sebelisa Elia ho tsosa moshanyana eo, ’me eo e ile ea e-ba tsoho ea pele e ileng ea tlalehoa ka Bibeleng. E tlameha ebe mohlolo ona o ile oa matlafatsa tumelo ea mohlolohali enoa le ho feta. Ho tloha ka nako eo, mohlala oa hae o khothalitse batho ba bangata hore le bona ba be le tumelo e tšoanang le ea hae.

Bala litemana tsena:

  • 1 Marena 17:​8-24

  • Luka 4:​25, 26

U ka re’ng?

Mohlolohali oa Sarepta o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Batho ba Sidone ba ne ba rapela mang, hona ba ne ba e etsa eng e le karolo ea borapeli ba bona? Bolumeli boo bo ile ba e-ba le tšusumetso efe ho Baiseraele? (it “Sidone” ¶6-wcgr) A

    Penta Springs Limited/Alamy Stock Photo

    Setšoantšo A: Setšoantšo sa Ashtorethe, sa lilemong tsa bo-1500 pele ho mehla ea Jesu

  2. 2. Ethebaale le Morena Akabe oa Iseraele ba ne ba amana joang? (it “Ethebaale”-wcgr)

  3. 3. Batho ba Foenisia ba ne ba rapela molimotsana Ashtorethe (Astarte). Ke mekete efe e tsamaisanang le bolumeli boo e ntseng e ketekoa le kajeno? (g93 12/8 20-22)

  4. 4. Ha mora oa mohlolohali a hlokahala, e ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ile a botsa Elia a re: “Na u tletse ho tla nkhopotsa phoso ea ka le ho bolaea mora oa ka?” (1 Mar. 17:18; w14 2/15 15 ¶4-5) B

    Mohlolohali oa Sarepta, o tšoere setopo sa mora oa hae matsohong ’me o kopa thuso.

    Setšoantšo B

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Jehova o ile a ela hloko mohlolohali oa Sarepta, le hoja a ne a lula motseng o tletseng batho ba rapelang Baale. Ntho eo e u ruta’ng ka Jehova le ka tsela eo re lokelang ho sheba batho ba tšimong ea rona ka eona? (Lik. 10:35)

  • Ke’ng seo Bakreste ba sokolang ba bile ba sena chelete ba ka ithutang sona ka tumelo le sebete seo mohlolohali oa Sarepta a se bontšitseng? C

    Litšoantšo: Mor’abo rona ea mocha o nahana ka lipakane tsa bokamoso ba hae. Litšoantšo tse tharo tse latelang li tl’o bontša liketsahalo tsena li arohane. Mor’abo rona o bua le tichere ea hae sekolong. Tichere e mo bontša bukana e tsoang univesithi. Mor’abo rona o bua le batsoali ba hae lapeng ka bukana eo a e filoeng. Ba mo bontša mabaka ba sebelisa Mangolo. Ka mor’a nako, mor’abo rona o sebeletsa Bethele ’me o amohela baeti.

    Setšoantšo C

  • U ka etsisa sebete seo mohlolohali oa Sarepta a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa mohlolohali oa Sarepta eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Joaloka mohlolohali oa Sarepta, re ka bontša joang hore re nka kamano ea rona le Jehova e le ea bohlokoa ho feta maruo?

“Ho Fumana Kamohelo ea Molimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng” (w11 2/15 13-17)

Bona bopaki bo bontšang hore Jehova o thahasella lintho tsohle tseo re li etsang ho bontša hore re na le tumelo, esita le lintho tse nyenyane.

“Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?” (w03 5/1 28-31)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela